Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 46

Banyalani ba Batjha, Etelletsang Pele Tshebeletso ya Jehova

Banyalani ba Batjha, Etelletsang Pele Tshebeletso ya Jehova

“Jehova ke matla a ka . . . Pelo ya ka e mo tshepile.”​—PES. 28:7.

PINA YA 131 “Seo Modimo a se Kopantseng Hammoho”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. (a) Ke hobaneng ha banyalani ba batjha ba lokela ho tshepa Jehova? (Pesaleme ya 37:​3, 4) (b) Re tlo bua kang sehloohong see?

NA LE haufi le ho nyalana kapa le banyalani ba batjha? Haeba ho jwalo, ha ho pelaelo hore le ratana haholo ebile le batla ho ipona le phela ha mmoho. Ke nnete hore lenyalo le na le ho ba le mathata hape banyalani ba batjha ba lokela ho etsa diqeto tsa bohlokwa. Tsela eo le sebetsanang le mathata ao le bang le ona le diqeto tseo le di etsang e tla ama thabo ya lona ka nako e telele. Haeba le tshepa Jehova, le tla etsa diqeto tse bohlale mme lenyalo la lona le tla ba matla le be le thabe haholwanyane. Haeba le sa sebedise dikeletso tsa Modimo lenyalong la lona le ka nna la eba le mathata mme le ke ke la thaba.​—Bala Pesaleme ya 37:​3, 4.

2 Le hoja sehlooho sena se bua haholo le banyalani ba batjha, se tla boela se bue ka mathata ao banyalani bohle ba ka bang le ona. Se tla bua ka dintho tseo re ka ithutang tsona mehlaleng ya banna le basadi ba bang ba tshepahalang ba hlahang ka Bibeleng. Mehlala ya bona e re ruta dintho tseo re ka di sebedisang bophelong ba rona le manyalong a rona. Re tla boela re bone hore na re ka ithutang ho banyalani ba mehleng ena.

BANYALANI BA BATJHA BA KA BA LE MATHATA AFE?

Ke diqeto dife tse ka nnang tsa sitisa banyalani ba batjha hore ba eketse tshebeletso ya bona ho Jehova? (Sheba serapa sa 3 le 4)

3, 4. Banyalani ba batjha ba ka ba le mathata afe?

Batho ba bang ba ka nna ba kgothaletsa banyalani ba batjha hore ba phele bophelo bo tlwaelehileng. Ka mohlala, batswadi le ba bang ba lelapa ba ka nna ba hatella banyalani hore ba be le bana kapele ka moo ba ka kgonang. Kapa metswalle le ba lelapa ba ka nna ba kgothaletsa banyalani ba batjha hore ba reke ntlo mme ba e tlatse ka dintho tse ngata tse ntle.

4 Haeba banyalani ba se hlokolosi ba ka nna ba etsa diqeto tse tla ba kenya dikolotong tse tla ba imela. Ka hoo, monna le mosadi ba tla lokela ho sebetsa dihora tse ngata e le hore ba lefe dikoloto tseo. Mosebetsi o ka ba jella nako haholo hoo ba ka hlolehang ho bala Bibele ba le bang, ho etsa borapedi ba lelapa le ho ya tshimong. Ba ka nna ba foswa ke diboka hobane ba tlameha ho sebetsa dihora tse eketsehileng e le hore ba be le tjhelete e ngata kapa ho tiisa hore ha ba lahlehelwe ke mosebetsi wa bona. Ka hoo, ba tla lahlehelwa ke monyetla wa hore ba eketse tshebeletso ya bona ho Jehova.

5. O ithutang mohlaleng wa morabo rona Klaus le moradiwabo rona Marisa?

5 Mehlala ya batho ba bangata e a bontsha hore haeba re amehile haholo ka ho ba le dintho tse ngata re ke ke ra thaba. Nahana ka ntho eo banyalani ba bang ba ithutileng yona ntlheng ena e leng morabo rona Klaus le moradiwabo rona Marisa. * Ha ba qeta ho nyalana ba ne ba sebetsa ba le babedi e le hore ba ka ba le tjhelete le dintho tse ngata. Bonneteng ba ne ba sa kgotsofala. Morabo rona Klaus o re: “Re ne re ena le dintho tse ngata empa re ne re sa ikemisetsa ho eketsa tshebeletso ya rona. Ho bua nnete feela, bophelo ba rona bo ne bo rarahane ebile bo opisa hlooho.” Mohlomong le wena o hlokometse hore ho ameha haholo ka ho ba le dintho tse ngata ha ho tlisetse motho thabo. Haeba o boemong boo, o se ke wa nyahama. Ho nahanisisa ka mehlala e metle ya batho ba bang ho ka o thusa hore o etse diphetoho tse hlokahalang. A re qaleng ka ho bona hore na banna ba ka ithutang mohlaleng wa Morena Josafate.

TSHEPA JEHOVA JWALO KA MORENA JOSAFATE

6. Morena Josafate o ile a sebedisa keletso e ho Liproverbia 3:​5, 6 jwang ha lebotho le leholo le ne le batla ho mo lwantsha?

6 Barababo rona ba nyetseng, na ka dinako tse ding le ikutlwa le imetswe ke boikarabelo boo le nang le bona? Haeba ho jwalo, mohlala wa Morena Josafate o ka le thusa. Jwalo ka morena, Josafate o ne a ena le boikarabelo ba ho etsa bonnete ba hore setjhaba sohle se sireletsehile. O ile a etsang ho phethahatsa boikarabelo boo? Josafate o ile a etsa ka hohle hore a sireletse setjhaba. O ile a haha metse ya Juda e nang le diqhobosheane mme a ba le lebotho la masole a fetang 1 160 000. (2 Likron. 17:​12-19) Ka mora moo, Josafate o ile a ba le bothata bo boholo. Lebotho le leholo la Baammone, Bamoabe le banna ba sebaka se dithaba sa Seire le ne le batla ho lwantsha yena, lelapa la hae le batho ba hae. (2 Likron. 20:​1, 2) Josafate o ile a etsang? O ile a kopa Jehova hore a mo thuse le ho mo fa matla. O ile a etsa ntho e dumellanang le keletso e bohlale e fumanehang ho Liproverbia 3:​5, 6. (E bale.) Thapelo ya Josafate e ho 2 Likronike 20:​5-12, e bontsha ka moo a neng a tshepile Jehova ka teng. Jehova o ile a araba thapelo ya Josafate jwang?

7. Jehova o ile a araba thapelo ya Josafate jwang?

7 Jehova o ile a bua le Josafate a sebedisa Jahaziele wa Molevi a re: “Emang mme le bone poloko ya Jehova molemong wa lona.” (2 Likron. 20:​13-17) Ka nnete oo ha se mokgwa o tlwaelehileng wa ho lwana. Le ha ho le jwalo, ditaelo tseo di ne di tswa ho Jehova e seng motho. Josafate o ne a tshepile Modimo ka hoo o ile a etsa feela jwalo ka ha a ne a laetswe. Ha yena le setjhaba ba ne ba ilo kopana le dira tsa bona, ha a ka a beha masole a nang le bokgoni ka pele empa o ile a beha dibini tse neng di sa tshwara dibetsa. Jehova ha a ka a phoqa Josafate empa o ile a hlola lebotho leo jwalo ka ha a ne a tshepisitse.​—2 Likron. 20:​18-23.

Banyalani ba batjha ba ka etsa hore tshebeletso ya bona ho Jehova e tle pele bophelong ba bona ka hore ba mo rapele le ho bala Lentswe la hae (Sheba serapa sa 8 le 10)

8. Banna ba ka ithutang mohlaleng wa Josafate?

8 Banna, le ka ithuta mohlaleng wa Josafate. Le na le boikarabelo ba ho hlokomela malapa a lona, ka hoo le sebetsa ka thata ho a sireletsa le ho a fa dintho tseo a di hlokang. Ha o eba le mathata o ka nna wa nahana hore o ka kgona ho a rarolla o le mong. Le ha ho le jwalo, qoba ho itshepa. Ho ena le hoo, kopa Jehova hore a o thuse moo o leng mong. Hape rapela Jehova ka tiyo le mosadi wa hao. Batla tataiso ya Jehova ka ho bala Bibele le dingolwa tse tswang mokgatlong wa Modimo mme o sebedise keletso eo o e fumanang. Batho ba bang ba ka nna ba se dumellane le diqeto tseo o di etsang o susumetswa ke Bibele ebile ba ka nna ba o bolella hore o a lahleha. Ba ka nna ba re tjhelete le ho ba le dintho tse ding ke tsona tse ka sireletsang lelapa la hao. Empa hopola mohlala wa Josafate. O ile a tshepa Jehova mme a bontsha ka diketso. Jehova ha a ka a lahla monna eo ya tshepahalang mme le wena a ke ke a o lahla. (Pes. 37:​28; Baheb. 13:5) Banyalani ba ka etsang e le hore ba thabele bophelo?

ETSANG HORE TSHEBELETSO YA JEHOVA E TLE PELE BOPHELONG BA LONA JWALO KA MOPROFETA ESAIA LE MOSADI WA HAE

9. Re ka reng ka moprofeta Esaia le mosadi wa hae?

9 Moprofeta Esaia le mosadi wa hae ba ne ba nka ho sebeletsa Jehova e le ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Esaia e ne e le moprofeta mme ho ka etsahala hore mosadi wa hae o ne a etsa mesebetsi e itseng ya baprofeta ka ha Bibele e re ke “moprofeta wa mosadi.” (Esa. 8:​1-4) Esaia le mosadi wa hae ba ne ba etsa hore tshebeletso ya bona ho Jehova e tle pele bophelong ba bona. Ka nnete ba behetse banyalani ba mehleng ena mohlala o motle.

10. Ho ithuta boprofeta ba Bibele ho ka thusa banyalani jwang hore ba ikemisetse ho sebeletsa Jehova ka hohle ka moo ba ka kgonang?

10 Mehleng ena banyalani ba ka etsa ka hohle ka moo ba ka kgonang hore tshebeletso ya bona e tle pele bophelong ba bona. Ba ka matlafatsa tshepo ya bona ho Jehova ka ho ithuta boprofeta ba Bibele ha mmoho le ho bona hore na bo phethahala jwang. * (Tite 1:2) Ba ka nahana ka hore na ba ka kenya letsoho jwang ho phethahatsa boprofeta bo itseng ba Bibele. Ka mohlala, ba ka thusetsa ho phethahatsa boprofeta ba Jesu bo bontshang hore ditaba tse molemo di tla bolelwa lefatsheng lohle pele bofelo bo fihla. (Mat. 24:​14) Ha banyalani ba kgodisehile hore boprofeta ba Bibele bo a phethahala, ba tla ikemisetsa le ho feta ho sebeletsa Jehova ka hohle ka moo ba ka kgonang.

BEHA MMUSO PELE JWALO KA AKUILA LE PRISILLA

11. Akuila le Prisilla ba ile ba kgona ho etsang, hona hobaneng?

11 Banyalani ba batjha ba ka ithuta mohlaleng wa Akuila le Prisilla e leng banyalani ba Bajuda ba neng ba dula motseng wa Roma. Ba ile ba utlwa ditaba tse molemo tse mabapi le Jesu mme ya eba Bakreste. Ha ho pelaelo hore ba ne ba kgotsofetse bophelong. Le ha ho le jwalo, bophelo ba bona bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo ha Moemphera Claudiase a laela Bajuda bohle hore ba tsamaye Roma. A ko nahane hore na taba eo e ne e tla ama Akuila le Prisilla jwang. Ba ne ba tlameha ho tloha sebakeng seo ba se tlwaetseng, ba batle bodulo bo botjha mme ba qale kgwebo ya bona ya ho etsa ditente sebakeng se setjha. Na boemo ba bona bo botjha bo ile ba etsa hore ba kgaotse ho beha Mmuso pele? E ka nna yaba o tseba karabo ya potso eo. Ha Akuila le Prisilla ba se ba le lelapeng la bona le letjha Korinthe, ba ile ba qala ho thusa phutheho ya moo mme ba sebetsa le moapostola Pauluse ho matlafatsa Bakrestemmoho. Ha morao ba ile ba ya dibakeng tse ding moo ho neng ho ena le tlhokahalo ya baboledi. (Lik. 18:​18-21; Bar. 16:​3-5) Ba ne ba phathahane ebile ba thabela bophelo ha mmoho.

12. Ke hobaneng ha banyalani ba lokela ho ipehela dintho tseo ba batlang ho di etsa tshebeletsong ya Jehova?

12 Mehleng ena, banyalani ba ka etsisa Akuila le Prisilla ka ho beha Mmuso pele. Nako e loketseng ya hore ba buisane ka dintho tseo ba batlang ho di etsa bophelong ke pele ba nyalana. Ha banyalani ba etsa diqeto ha mmoho mme ba ipehela dintho tseo ba batlang ho di finyella tshebeletsong ya Jehova, ba tla ba le menyetla ya ho bona ha Jehova a ba thusa bophelong ba bona. (Moek. 4:​9, 12) A re bueng ka morabo rona Russell le moradiwabo rona Elizabeth. Morabo rona Russell o re, “Pele re nyalana re ile ra buisana ka dintho tseo re batlang ho di etsetsa Jehova.” Moradiwabo rona Elizabeth yena o re, “Re ile ra buisana ka dintho tseo e le hore ha morao ha re lokela ho etsa diqeto, di se ke tsa re sitisa ho finyella dintho tseo re batlang ho di etsetsa Jehova.” Maemo a morabo rona Russell le moradiwabo rona Elizabeth a ile a ba dumella hore ba ye Micronesia moo ho neng ho ena le tlhokahalo ya bahweletsi.

Banyalani ba batjha ba ka etsa hore tshebeletso ya bona ho Jehova e tle pele bophelong ba bona ka hore ba ipehele dintho tseo ba batlang ho di finyella tshebeletsong (Sheba serapa sa 13)

13. Ho ya ka Pesaleme ya 28:​7, ho tla etsahalang ha re tshepa Jehova?

13 Jwalo ka morabo rona Russell le moradiwabo rona Elizabeth, banyalani ba bangata ba entse qeto ya hore ba se ke ba itlama ka dintho tse ngata e le hore ba kgone ho qeta nako e ngata mosebetsing wa boboledi. Ha banyalani ba ipehela dintho tseo ba batlang ho di etsa tshebeletsong ya Jehova ebile ba sebedisana hore ba di finyelle ba tla fumana molemo. Ba tla bona ha Jehova a ba hlokomela, ba tla mo tshepa le ho feta ebile ba tla thaba e le ka nnete.​—Bala Pesaleme ya 28:7.

TSHEPA DITSHEPISO TSA JEHOVA JWALO KA MOAPOSTOLA PETROSE LE MOSADI WA HAE

14. Moapostola Petrose le mosadi wa hae ba ile ba bontsha jwang hore ba tshepa tshepiso e ho Matheu 6:​25, 31-34?

14 Banyalani ba ka boela ba ithuta mohlaleng wa moapostola Petrose le mosadi wa hae. Moapostola Petrose o ne a tlameha ho etsa qeto ya bohlokwa ka mora dikgwedi tse ka bang tse tsheletseng ho isa ho selemo a kopane le Jesu. Petrose o ne a iphedisa ka ho tjheha ditlhapi. Ka hoo, ha Jesu a ne a mema Petrose hore a mo latele bophelo bohle ba hae, Petrose o ne a lokela ho nahana ka mosadi wa hae pele a ka etsa qeto. (Luka 5:​1-11) Petrose o ile a kgetha ho tsamaya le Jesu ha a ilo bolela ditaba tse molemo. Ka nnete o ile a etsa qeto e bohlale. Hape re na le lebaka le utlwahalang la ho dumela hore mosadi wa Petrose o ile a tshehetsa qeto ya hae. Bibele e bontsha hore ka mora hore Jesu a tsoswe, ka dinako tse ding Petrose o ne a tsamaya le mosadi wa hae. (1 Bakor. 9:5) Ha ho pelaelo hore mosadi wa Petrose o ne a beha mohlala o motle, ke ka hoo Petrose a neng a ena le bolokolohi ba ho bua ha a ne a fana ka keletso ho banna le basadi ba Bakreste. (1 Pet. 3:​1-7) Re kgodisehile hore Petrose le mosadi wa hae ba ne ba tshepa tshepiso ya Jehova ya hore O tla ba hlokomela haeba ba beha Mmuso pele bophelong ba bona.​—Bala Matheu 6:​25, 31-34.

15. O ithutang mohlaleng wa morabo rona Tiago le moradiwabo rona Esther?

15 Haeba ho se ho fetile dilemo tse mmalwa le nyalane, le ka etsang hore le tswele pele le batla ho sebeletsa Jehova haholwanyane? Ntho e nngwe e ka le thusang ke ho ithuta mehlaleng ya banyalani ba bang. Ka mohlala, le ka bala dihlooho tse reng “Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata”. Dihlooho tsena di thusitse morabo rona Tiago le mosadi wa hae Esther ba tswang Brazil hore ba batle ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo. Morabo rona Tiago o re: “Ha re ne re bala ka moo Jehova a thusitseng bahlanka ba hae ba mehleng ena le rona re ne re batla ho tataiswa ke yena le ho bona ha a re hlokomela.” Qetellong ba ile ba ya Paraguay tshimong ya Sepotoketsi mme haesale ba sebeletsa moo ho tloha ka 2014. Moradiwabo rona Esther o re: “Lengolo le leng leo re le ratang haholo ke la Baefese 3:​20. Re bone mantswe a lengolo leo a phethahala ka makgetlo a mangata ha re ntse re sebeletsa Jehova.” Lengolong leo le yang ho Baefese, Pauluse o ile a tshepisa hore Jehova o tla re fa dintho tse fetang tseo re di kopang. Ka nnete mantswe ao ke nnete.

Banyalani ba batjha ba ka etsa hore tshebeletso ya bona ho Jehova e tle pele bophelong ba bona ka hore ba kope keletso ho banyalani ba nang le boiphihlelo (Sheba serapa sa 16)

16. Banyalani ba batjha ba ka kopa keletso ho bomang ha ba batla ho eketsa tshebeletso ya bona?

16 Banyalani ba batjha ba ka ithuta mehlaleng ya batho ba bang ba ileng ba tshepa Jehova. E ka nna yaba banyalani ba bang ba ile ba qeta dilemo tse ngata ba sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. O ka kopa hore ba o eletse haeba o nahana ho eketsa tshebeletso ya hao. Ena ke tsela e nngwe eo o tla beng o bontsha hore o tshepa Jehova. (Liprov. 22:​17, 19) Baholo le bona ba ka thusa banyalani ba batjha hore ba eketse tshebeletso ya bona.

17. Morabo rona Klaus le moradiwabo rona Marisa ba ile ba etsahallwa keng, hona re ka ithutang mohlaleng wa bona?

17 Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding re ka nna ra se sebeletse Jehova ka tsela eo re neng re lebelletse ka yona. Morabo rona Klaus le moradiwabo rona Marisa bao re buileng ka bona ba ile ba etsahallwa ke ntho e tshwanang. Ka mora dilemo tse tharo ba nyalane ba ile ba falla moo ba dulang teng yaba ba ithaopela ho etsa mosebetsi wa kaho lekaleng la Finland. Le ha ho le jwalo, ba ile ba bolellwa hore ba ke ke ba kgona ho dula moo dikgwedi tse fetang tse tsheletseng. Qalong ba ne ba utlwile bohloko. Empa nakwana ka mora moo, ba ile ba mengwa hore ba ilo ithuta Searabia mme hona jwale ba thabela ho sebeletsa tshimong ya Searabia naheng e nngwe. Ha moradiwabo rona Marisa a nahana ka ntho e ileng ya etsahala o re: “Ho a tshosa ho etsa ntho eo o eso ka o e etsa pele le ho tshepa Jehova ka ho felletseng. Empa ke hlokometse hore Jehova o dula a re thusa ka ditsela tseo re neng re sa di lebella. Ketsahalo ena e nthusitse hore ke tshepe Jehova le ho feta.” Jwalo ka ha mohlala wa banyalani bana o bontsha, le lona le ka kgodiseha hore Jehova o tla dula a le putsa haeba le mo tshepa ka ho felletseng.

18. Banyalani ba ka etsang e le hore ba dule ba tshepa Jehova?

18 Lenyalo ke mpho e tswang ho Jehova. (Mat. 19:​5, 6) O batla hore banyalani ba le thabele. (Liprov. 5:​18) Banyalani ba batjha, a ke le nahaneng hore na le etsang ka bophelo ba lona. Na le etsa sohle seo le ka se kgonang ho bontsha Jehova ka moo le ananelang dimpho tseo a le fileng tsona? Rapelang Jehova. Batlang melaomotheo ya Bibele e ka le thusang boemong ba lona ebe le sebedisa keletso eo Jehova a le fang yona. Haeba le etelletsa pele tshebeletso ya Jehova bophelong ba lona le ka kgodiseha hore le tla thaba bophelong ebile Jehova o tla le putsa.

PINA YA 132 Jwale re Nama e le Nngwe

^ par. 5 Diqeto tse ding tseo re di etsang di ka ama nako le matla ao re a qetang re sebeletsa Jehova. Ka ho kgetheha, banyalani ba batjha ba lokela ho etsa diqeto tse tla ba ama bophelo bohle ba bona. Sehlooho sena se tla ba thusa hore ba etse diqeto tse bohlale tse tla etsa hore ba dule ba thabile.

^ par. 5 Mabitso a mang a fetotswe.

^ par. 10 Ka mohlala, bala kgaolo ya 6, 7 le 19 bukeng ya Pure Worship of Jehovah​—Restored At Last!