Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 44

Mosa o Lerato wa Jehova o o Tswela Molemo Jwang?

Mosa o Lerato wa Jehova o o Tswela Molemo Jwang?

“Mosa wa [Jehova] o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetswang.”​—PES. 136:1.

PINA YA 108 Lerato la Nnete la Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Jehova o re kgothalletsa hore re etseng?

JEHOVA o rata ho bontsha mosa o lerato haholo. (Hos. 6:6) O batla hore bahlanka ba hae ba etse ntho e tshwanang. Modimo a sebedisa moprofeta Mikea o re re rate ho bontsha mosa o lerato. (Mik. 6:8) Empa ho hlakile hore pele re ka etsa jwalo re lokela ho tseba hore na mosa o lerato keng.

2. Mosa o lerato ke eng?

2 Mosa o lerato ke eng? Ka Bibeleng ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ya senyesemane, mantswe “mosa o lerato” a hlaha ka makgetlo a 230. Ha e le hantle, a bolelang mantswe aa? A bolela hore haeba motho a ena le mosa o lerato o tla dula a rata motho e mong le ho mo tshepahalla ka dinako tsohle. Hangata ha ho buuwa ka lerato lena ho buuwa ka lerato leo Modimo a ratang batho ka lona empa hape ho boetse ho buuwa ka lerato leo batho ba le bontshanang. Jehova ke yena ya re behelang mohlala o motle wa ho bontsha mosa o lerato. Sehloohong sena, re tlo bua ka ka moo Jehova a bontshang batho mosa o lerato. Sehloohong se latelang, re tlo bua ka ka moo re ka etsisang Jehova ka hore re bontshane mosa o lerato.

JEHOVA KE MODIMO “YA TLETSENG MOSA O LERATO”

3. Jehova o ile a bolella Moshe eng ka yena?

3 Ka mora nako e seng kae Baiseraele ba tlohile Egepeta, Jehova o ile a bolella Moshe ka makgabane ao a nang le ona le ka lebitso la Hae. O ile a re: “Jehova, Jehova, Modimo ya mohau le ya mosa, ya diehang ho halefa le ya tletseng mosa o lerato le nnete, ya bolokelang ba dikete mosa o lerato, ya tshwarelang phoso le tlolo le sebe.” (Ex. 34:​6, 7) Ka mantswe ana a amang maikutlo, Jehova o ile a bolella Moshe ka ntho e ikgethang ka mosa o lerato oo a nang le wona. Ntho eo e ikgethang ke eng?

4, 5. (a) Jehova o ile a itlhalosa jwang? (b) Re tlo bua ka dipotso dife?

4 Jehova ha a itlhalose e le Modimo ya nang le mosa o lerato feela empa e le Modimo “ya tletseng mosa o lerato.” Tlhaloso ena e boetse e hlaha ka makgetlo a mang a tsheletseng ka Bibeleng. (Num. 14:​18; Neh. 9:​17; Pes. 86:​15; 103:8; Joele 2:​13; Jon. 4:2) Hohle moo tlhaloso ena e hlahang teng ho buuwa ka Jehova e seng batho. Na ha se ntho e babatsehang hore ebe Jehova o itlhalosa ka tsela ee? Ka hoo, re kgona ho bona hore ho bontsha mosa o lerato ke ha bohlokwa ho yena. * Ke ka hoo Morena Davida a ileng a re: “Jehova, mosa wa hao o lerato o mahodimong . . . Mosa wa hao o lerato ke wa bohlokwa hakaakang, Modimo! Bara ba batho ba tshabela moriting wa mapheo a hao.” (Pes. 36:​5, 7) Na mosa o lerato wa Modimo o bohlokwa ho rona jwalo ka ha o ne o le bohlokwa ho Davida?

5 E le hore re tle re utlwisise hantle hore ha ho buuwa ka mosa o lerato ho buuwa kang, a re ke re bueng ka dipotso tsena tse pedi: Jehova o bontsha bomang mosa o lerato? Hona re fumana molemo ofe ha Jehova a re bontsha mosa o lerato?

JEHOVA O BONTSHA BOMANG MOSA O LERATO?

6. Jehova o bontsha mosa o lerato ho bomang?

6 Jehova o bontsha bomang mosa o lerato? Bibele e bontsha hore re ka rata dintho tse ngata jwalo ka “temo,” “veine le oli,” “tayo,” “tsebo” le “bohlale” ha re bua ka tse mmalwa tsa tsona. (2 Likron. 26:​10; Liprov. 12:1; 21:​17; 29:3) Le ha ho le jwalo, mosa o lerato o bontshwa ho batho feela e seng ho dintho tse ding. Empa Jehova ha a bontshe lerato lena ho motho e mong le e mong. O le bontsha ho batho ba nang le kamano e kgethehileng le yena. Modimo wa rona o a tshepahala ho metswalle ya hae. O na le morero o motle ka yona mme a ke ke a tlohela ho e rata.

Jehova o fana ka dintho tse ngata tse ntle ho batho bohle ho akarelletsa le ba sa mo sebeletseng (Sheba serapa sa 7) *

7. Jehova o bontshitse batho bohle lerato jwang?

7 Jehova o bontshitse batho bohle lerato. Jesu o ile a bolella Nikodemase a re: “Modimo o ratile lefatshe [e leng batho] haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi, e le hore e mong le e mong ya bontshang tumelo ho yena a se ke a timetswa empa a be le bophelo bo sa feleng.”​—Joh. 3:​1, 16; Mat. 5:​44, 45.

Morena Davida le moprofeta Daniele ba ile ba re Jehova o bontsha mosa o lerato ho ba mo tsebang, ba mo tshabang, ba mo ratang le ba mamelang ditaelo tsa hae (Sheba serapa sa 8 le 9)

8, 9. (a) Ke hobaneng ha Jehova bontsha mosa o lerato ho bahlanka ba hae? (b) Re tlo bua kang?

8 Jwalo ka ha ho hlalositswe dirapeng tse fetileng, Jehova o bontsha mosa o lerato ho batho ba nang le kamano e haufi le yena e leng bahlanka ba hae. Taba ena e tiiswa ke ntho eo Morena Davida le moprofeta Daniele ba ileng ba e bua. Ka mohlala Davida o ile a re: “Ntshetsa pele mosa wa hao o lerato ho ba o tsebang.” “Mosa o lerato wa Jehova o teng ho tloha nakong e sa lekanyetswang esita le ho isa nakong e sa lekanyetswang ho ba mo tshabang.” Daniele yena o ile a re: “Oho! Jehova Modimo wa nnete, . . . [ya] mosa o lerato ho ba mo ratang le ba bolokang litaelo tsa hae.” (Pes. 36:​10; 103:​17; Dan. 9:4) Ho ya ka mantswe ana a buduletsweng, Jehova o bontsha mosa o lerato ho bahlanka ba hae hobane ba a mo tseba, ba a mo tshaba, ba a mo rata ebile ba mamela ditaelo tsa hae. Jehova o bontsha mosa o lerato ho bahlanka ba hae ba mo sebeletsang ka tsela e nepahetseng feela.

Pele re sebeletsa Jehova o ile a re bontsha lerato leo a le bontshang batho bohle. (Pes. 104:​14) Ka ha hona jwale re se re mo sebeletsa, re boetse re fumana le mosa o lerato. Jehova o tiisetsa bahlanka ba hae ka ho re: “Mosa wa ka o lerato o ke ke wa tloswa ho wena.” (Esa. 54:​10) Ho feela jwalo ka ha Davida a ile a hlalosa a re, “Jehova o tla kgetholla ya tshepahalang wa hae.” (Pes. 4:3) Taba ya hore Jehova o re hlokometse ka tsela ee e kgethehileng e lokela ho re susumetsa ho etsang? Mopesaleme o ile a re: “Ke mang ya bohlale? O tla hlokomela dintho tsena a ele hloko diketso tsa Jehova tsa mosa o lerato.” (Pes. 107:​43) Re nahanne ka keletso eo, a re ke re bue ka ditsela tse tharo tseo Jehova a bontshang mosa wa hae o lerato ho bahlanka ba hae, re be re bone hore na o ba thusa jwang.

MOSA O LERATO WA JEHOVA O KA RE TSWELA MOLEMO JWANG?

Jehova o etsetsa batho ba mo sebeletsang dintho tse ding tse molemo (Sheba serapa sa 10-16) *

10. Ho tseba hore mosa wa Modimo o lerato o teng ka ho sa feleng ho re thusa jwang? (Pesaleme ya 31:7)

10 Mosa o lerato wa Modimo o teng ka ho sa feleng. Taba ena e hlaha ka makgetlo a 26 lengolong la Pesaleme ya 136. Temana e qalang e re: “Lebohang Jehova, etswe o molemo: Etswe mosa wa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetswang.” (Pes. 136:1) Temaneng ya 2 ho ya ho 26, ho na le mantswe ana a reng, “etswe mosa wa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetswang.” Ha re ntse re bala lengolo lena la Pesaleme, re thaba haholo ha re bona ditsela tseo Jehova a ntseng a tswela pele a bontsha mosa o lerato ka tsona. Mantswe ana a hlahang hangata lengolong lena a reng “etswe mosa wa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetswang,” a re tiisetsa hore tsela eo Modimo a ratang bahlanka ba hae ka yona ha e fetohe. Ke ho kgothatsang ho tseba hore Jehova ha a potlakele ho kgaotsa ho rata bahlanka ba hae. Jehova ha a rata mohlanka wa hae ha a mo tlohele, haholo jwang ha a le mathateng. Re fumana molemo ofe? Ho tseba hore Jehova o dula a le ka lehlakoreng la rona ho etsa hore re thabe ebile ho re fa matla ao re a hlokang ho mamella mathata ao re nang le ona le ho tswela pele re mo sebeletsa.​—Bala Pesaleme ya 31:7.

11. Ho ya ka Pesaleme ya 86:​5, keng e etsang hore Jehova a tshwarele?

11 Mosa o lerato wa Modimo o mo susumelletsa hore a tshwarele. Ha Jehova a hlokomela hore moetsadibe o bakile, mosa wa hae o lerato o etsa hore a mo tshwarele. Mopesaleme Davida o ile a re ka Jehova: “Ha a re etsa ho ya ka dibe tsa rona; le ha e le hore o re tliseditse se re tshwanelang ho ya ka diphoso tsa rona.” (Pes. 103:​8-11) Davida o ne a tseba bohloko ba ho ba le letswalo le molato. Empa o ne a boetse a tseba hore Jehova o “itokiseditse ho tshwarela.” Keng e etsang hore Jehova a tshwarele? Karabo re e fumana ho Pesaleme ya 86:5. (E bale.) Davida o ile a bontsha thapelong ya hae hore Jehova o a tshwarela hobane o na le mosa o lerato ho bohle ba ipiletsang ho yena.

12, 13. Haeba re ikutlwa re le molato ka lebaka la diphoso tseo re ileng ra di etsa, keng e ka re thusang?

12 Ha re entse sebe, ke hantle hore re se swabele. Ho swabela dibe tseo re di entseng ho ka re thusa hore re bake re be re etse diphetoho tse hlokahalang hore re lokise diphoso tseo re di entseng. Le ha ho le jwalo, bahlanka ba bang ba Modimo ha ba kgone ho kgaotsa ho ikutlwa ba le molato ka lebaka la diphoso tseo ba ileng ba di etsa. Ba ntse ba nahana hore Jehova a ke ke a ba tshwarela le hoja ba kopile tshwarelo mme ba kgaoditse ho etsa dintho tse mpe tseo ba neng ba di etsa. Haeba o ikutlwa ka tsela ee, ho utlwisisa hore Modimo o batla ho o bontsha mosa wa hae o lerato ho tla o thusa hore o kgaotse ho ikutlwa ka tsela eo.

13 Re fumana molemo ofe? Le hoja re le batho ba sa phethahalang, re ka kgona ho sebeletsa Jehova re thabile ebile re sa ikutlwe re ena le molato hobane “madi a Mora wa hae Jesu a re hlwekisa sebeng sohle.” (1 Joh. 1:7) Haeba o nyahamiswa ke mefokolo e itseng eo o nang le yona hopola hore Jehova o ikemiseditse ho o tshwarela haeba o bakile. Hlokomela seo Davida a ileng a se bua ha a bua ka mosa o lerato le ho tshwarela. O ile a re: “Jwalo ka ha mahodimo a phahame ho feta lefatshe, mosa wa hae o lerato o phahame ho ba mo tshabang. Jwalo ka ha botjhabatsatsi bo le hole le bophirimatsatsi, ka ho tshwanang o suthiseditse ditlolo tsa rona hole le rona.” (Pes. 103:​11, 12) Ka nnete Jehova o ikemiseditse ho “tshwarela ka tsela e kgolo.”​—Esa. 55:7.

14. Davida o ile a re mosa wa Modimo o lerato o re sireletsa jwang?

14 Mosa o lerato wa Modimo o sireletsa kamano ya rona le yena. Davida ha a ne a rapela o ile a re ho Jehova: “O sebaka seo ke ipatang ho sona; o tla ntshireletsa mahlomoleng. O tla mpotapota ka mehoo ya thabo ya ho pholosa. . . . Ha e le ya tshepang Jehova, mosa o lerato o a mo dikadiketsa.” (Pes. 32:​7, 10) Feela jwalo ka ha mabota mehleng ya Bibele a ne a sireletsa batho kgahlanong le dira tsa bona, ka ho tshwanang mosa o lerato wa Jehova o a re sireletsa kgahlanong le ntho efe kapa efe e ka senyang kamano ya rona le yena. Ho ekeletsa moo, mosa wa Jehova o lerato o etsa hore a re hulele ho yena.​—Jer. 31:3.

15. Mosa wa Jehova o lerato o tshwana jwang le sebaka sa tshireletso?

15 Davida o ile a sebedisa tsela e nngwe ho hlalosa ka moo Modimo a sireletsang batho ba hae ka teng. O ile a re: “Modimo ke sebaka sa ka se phahameng sa tshireletso, Modimo wa mosa o lerato ho nna.” Davida o ile a boela a re ka Jehova: “Mosa wa ka o lerato le qhobosheane ya ka, sebaka sa ka se phahameng sa tshireletso le Mopholosi wa ka, thebe ya ka le Eo ke tshabetseng ho yena.” (Pes. 59:​17; 144:2) Ke hobaneng ha Davida a ile a bapisa mosa wa Jehova o lerato le qhobosheane le sebaka se phahameng sa tshireletso? Ho sa tsotellehe hore na re phela hokae, ha feela re le bahlanka ba hae Jehova o tla re fa dintho tsohle tseo re di hlokang ho sireletsa kamano ya rona le yena. Mantswe a hlahang ho Pesaleme ya 91 le ona a re fa kgodiseho e tshwanang. Mongodi wa pesaleme eo o ile a re: “Ke tla re ho Jehova: ‘O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka.’ ” (Pes. 91:​1-3, 9, 14) Moshe o ile a bua mantswe a tshwanang ha a ne a bua ka sebaka sa ho itshireletsa. (Pes. 90:1) Nakwana ka mora moo, Moshe o ile a boela a bua mantswe a mang a kgothatsang pele a hlokahala. O ile a re: “Modimo wa nakong ya boholoholo ke sebaka seo ho ipatwang ho sona, ka tlaase ke matsoho a hlolang ka nako e sa lekanyetswang.” (Deut. 33:​27) Mantswe a reng “ka tlaase ke matsoho a hlolang ka nako e sa lekanyetswang” a re bolellang ka Jehova?

16. Jehova o re thusa jwang? (Pesaleme ya 136:23)

16 Ha Jehova e le Setshabelo sa rona re ikutlwa re sireletsehile. Ho ntse ho le jwalo, ka matsatsi a mang re ka nna ra nyahama ha ba ha eba thata ho kgaotsa ho ikutlwa ka tsela eo. Jehova o tla re thusa jwang ha re ikutlwa ka tsela eo? (Bala Pesaleme ya 136:​23.) O tla re tshehetsa a be a re thuse hore re se ke ra hlola re ikutlwa ka tsela eo. (Pes. 28:9; 94:​18) Re fumana molemo ofe? Ho tseba hore Modimo o dula a re tshehetsa ho re thusa ka ditsela tse pedi. Ya pele, ho sa tsotellehe hore na re dula hokae re a tseba hore Jehova o tla dula a re sireletsa. Ya bobedi, Ntate wa rona ya lerato o re tsotella haholo.

RE KA KGODISEHA HORE MODIMO O TLA DULA A RE BONTSHA MOSA O LERATO

17. Ka lebaka la mosa wa Modimo o lerato re kgodisehile kang? (Pesaleme ya 33:​18-22)

17 Jwalo ka ha re ithutile, ha re ena le mathata re ka kgodiseha hore Jehova o tla re tshehetsa le ho re thusa hore re dule re tshepahala. (2 Bakor. 4:​7-9) Moprofeta Jeremia o ile a re: “Ke diketso tsa mosa o lerato wa Jehova hore ebe ha re a fela, hobane ka sebele mehauhelo ya hae e ke ke ya fela.” (Lillo 3:​22) Re ka kgodiseha hore Jehova o tla dula a re bontsha mosa wa hae o lerato jwalo ka ha mopesaleme a ile a re tiisetsa a re: “Leihlo la Jehova le ho ba mo tshabang, ho ba letetseng mosa wa hae o lerato.”​—Bala Pesaleme ya 33:​18-22.

18, 19. (a) Re batla ho dula re hopolang? (b) Re tlo bua kang sehloohong se latelang?

18 Re batla ho dula re hopolang? Pele re sebeletsa Jehova, o ne a re bontsha lerato leo a le bontshang batho bohle empa hang feela ha re eba bahlanka ba hae o ile a re bontsha le mosa o lerato. Ka ha Jehova o a re rata o a re sireletsa. O tla dula a re thusa hore re be metswalle ya hae e haufiufi mme o tla phethahatsa ditshepiso tseo a re tshepisitseng tsona. O batla hore re be metswalle ya hae ka ho sa feleng. (Pes. 46:​1, 2, 7) Ka hoo, ho sa tsotellehe hore na re ba le mathata afe, Jehova o tla re fa matla ao re a hlokang hore re dule re tshepahala.

19 Re se re bone ka moo Jehova a bontshang bahlanka ba hae mosa o lerato ka teng. Ka ho tshwanang, o lebelletse hore le rona re bontshane mosa o lerato. Re ka etsa jwalo jwang? Sehlooho se latelang se tla araba potso ena ya bohlokwa.

PINA YA 136 “Moputso o Phethahetseng” o Tswang ho Jehova

^ par. 5 Mosa o lerato ke eng? Jehova o bontsha bomang mosa o lerato, hona ba fumana molemo ofe ho wona? Sehlooho sena le se latelang di tlo bua ka mosa ona o lerato mme di tlo boela di arabe dipotso tsena tse pedi.

^ par. 4 Taba ya hore Modimo o tletse mosa o lerato ho boetse ho buuwa ka yona ditemaneng tse ding.​—Sheba Nehemia 13:​22; Pesaleme ya 69:​13; 106:7; le Lillo Tsa Jeremia 3:32.

^ par. 54 DITSHWANTSHO: Jehova o bontsha lerato ho batho bohle ho akarelletsa le ho bahlanka ba hae. Ditshwantsho tse ka hodima batho di bontsha ditsela tse ding tseo Modimo a bontshang batho lerato ka tsona. Tsela e nngwe ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore o ile a fana ka Mora wa hae Jesu e le sehlabelo sa thekollo.

^ par. 62 DITSHWANTSHO: Batho bao e bang bahlanka ba Jehova mme ba eba le tumelo sehlabelong sa thekollo, Jehova o ba tshwara ka tsela e kgethehileng. Bahlanka ba Modimo ha ba fumane feela lerato leo Modimo a le bontshang batho bohle empa ba boetse ba fumana mosa wa hae o lerato. Re bona mohlala wa lerato leo ditshwantshong tse ka hodimo.