Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 45

Tswelang Pele le Bontshana Mosa o Lerato

Tswelang Pele le Bontshana Mosa o Lerato

“Le etsetsane mosa o lerato le mehauhelo.”​—ZAK. 7:9.

PINA YA 107 Modimo o re Behela Mohlala wa Lerato

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Re na le mabaka afe a utlwahalang a etsang hore re bontshane mosa o lerato?

RE NA le mabaka a utlwahalang a hore re bontshane mosa o lerato. A mang a mabaka ao ke afe? Bona ka moo maele ana a ka Bibeleng a arabang potso ena ka teng, a re: “E se eka mosa o lerato le nnete di ke ke tsa o tlohela. . . . Ka hoo o fumane kamohelo le temohisiso e molemo mahlong a Modimo le a motho wa lefatshe.” “Motho ya nang le mosa o lerato o sebetsana ka mokgwa o putsang le moya wa hae.” “Ya phehellang ho loka le mosa o lerato o tla fumana bophelo.”​—Liprov. 3:​3, 4; 11:​17; 21:21.

2 Maele ana a bontsha mabaka a mararo ao ka ona re lokelang ho bontshana mosa o lerato. Lebaka la pele, ha re bontsha mosa o lerato re ba batho ba bohlokwa mahlong a Modimo. La bobedi, ha re bontshana mosa o lerato re itswela molemo. Ka mohlala, re ba le setswalle se tshwarellang le batho ba bang. La boraro, ha re bontshana mosa o lerato re tla fumana ditlhohonolofatso nakong e tlang ho akarelletsa le bophelo bo sa feleng. Ka nnete re na le mabaka a utlwahalang a hore re mamele Jehova ha a re: “Le etsetsane mosa o lerato le mehauhelo.”​—Zak. 7:9.

3. Re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

3 Sehloohong sena, re tlo araba dipotso tsena tse nne. Re lokela ho bontsha bomang mosa o lerato? Re ka ithutang lengolong la Ruthe mabapi le ho bontsha mosa o lerato? Re ka bontsha mosa o lerato jwang mehleng ee? Ha re bontsha mosa o lerato re tla fumana molemo ofe?

RE LOKELA HO BONTSHA BOMANG MOSA O LERATO?

4. Re ka etsisa Jehova jwang ka hore re bontshe mosa o lerato? (Mareka 10:​29, 30)

4 Jwalo ka ha re bone sehloohong se fetileng, Jehova o bontsha mosa o lerato ho batho ba mo ratang le ba mo sebeletsang feela. (Dan. 9:4) Re batla ho ba “baetsisi ba Modimo jwalo ka bana ba ratwang.” (Baef. 5:1) Ka hoo, re batla ho bontsha bara le baradibabo rona mosa o lerato.​—Bala Mareka 10:​29, 30.

5, 6. Hangata botshepehi bo hlaloswa jwang?

5 Re tla dumellana le taba ena hore haeba re utlwisisa haholwanyane hore na mosa o lerato o bolelang, re tla kgona ho o bontsha Bakrestemmoho le rona. E le hore re utlwisise hantle hore na mantswe a reng mosa o lerato a bolelang, a re boneng hore na a fapana jwang le lentswe botshepehi, e leng lentswe leo batho ba bangata ba le sebedisang. A re bueng ka mohlala ona.

 6 Re ka nna ra nka motho ya sebeleditseng khamphani e itseng ka dilemo tse ngata e le mohiruwa ya tshepahalang. Le hoja a sebeleditse khamphani eo ka dilemo tse ngata, e ka nna yaba ha a eso ka a kopana le beng ba yona ebile ha se ka mehla a dumellanang le melao ya khamphani. Ha a rate khamphani eo empa o sebetsa moo hobane a hloka tjhelete. Ho ntse ho le jwalo, o tla tlameha ho tswela pele a sebetsa moo ho fihlela a beha meja fatshe kapa a fumana mosebetsi o mong o betere sebakeng se seng.

7, 8. (a) Keng e susumetsang motho hore a bontshe mosa o lerato? (b) Ke hobaneng ha re tlo hlahloba ditemana tse ding tse lengolong la Ruthe?

7 Re bone  serapeng sa botshelela hore phapang e teng pakeng tsa botshepehi le mosa o lerato ke lebaka leo motho a bontshang makgabane ana ka lona. Mehleng ya Bibele, ke hobaneng ha bahlanka ba Modimo ba ne ba bontsha mosa o lerato? Batho ba neng ba bontsha mosa o lerato ba ne ba etsa jwalo hobane ba batla, eseng hobane ba tlamehile. A re bueng ka mohlala wa Davida. O ile a susumelletseha hore a bontshe motswalle wa hae wa hlooho ya kgomo Jonathane mosa o lerato le hoja ntate wa Jonathane a ne a batla ho mo bolaya. Dilemo ka mora hore Jonathane a hlokahale, Davida o ile a tswela pele a bontsha mora wa Jonathane e leng Mefiboshethe mosa o lerato.​—1 Sam. 20:​9, 14, 15; 2 Sam. 4:4; 8:​15; 9:​1, 6, 7.

8 Re ka ithuta ho hongata ka mosa o lerato ka hore re hlahlobe ditemana tse ding tse lengolong la Ruthe. Re ka ithutang ka mosa o lerato ho batho ba hlahang lengolong lee? Re ka sebedisa dintho tseo re ithutileng tsona lengolong lee jwang ka phuthehong? *

RE KA ITHUTANG LENGOLONG LA RUTHE KA HO BONTSHA MOSA O LERATO?

9. Ke hobaneng ha Naomi a ile a nahana hore Jehova o kgahlanong le yena?

9 Lengolong la Ruthe re bala ka pale ya Naomi, ngwetsi ya hae Ruthe le monna ya neng a tshaba Modimo Boaze, ya neng a amana le mohatsa wa Naomi. Ka lebaka la tlala e neng e le Iseraele, Naomi, monna wa hae le bara ba bona ba babedi ba ile ba fallela Moabe. Ha ba ntse ba le moo, monna wa Naomi o ile a hlokahala. Bara ba hae ba babedi ba ile ba nyala empa ka maswabi le bona ba ile ba hlokahala. (Ruthe 1:​3-5; 2:1) Maemo ana a utlwisang bohloko a ile a etsa hore Naomi a nyahame haholo. O ile a nyahama hoo a ileng a nahana hore Jehova o kgahlanong le yena. Utlwa hore na o ile a re o ikutlwa jwang ka Modimo, o ile a re: “Letsoho la Jehova le tswile kgahlanong le nna.” “Ya Matla Ohle o nkutlwisitse bohloko haholo.” O ile a boela a re: “[Ke] Jehova ya nkokobeditseng le Ya Matla Ohle ya mpaketseng tlokotsi.”​—Ruthe 1:​13, 20, 21.

10. Jehova o ile a etsang ha a utlwa mantswe a bohloko a Naomi?

10 Jehova o ile a etsang ha a utlwa mantswe a bohloko a Naomi? Ha a ka a tlohela ho thusa Naomi. Ho ena le hoo, o ile a mo utlwela bohloko. Jehova o a utlwisisa hore “kgatello feela e ka etsa hore ya bohlale a etse ka bohlanya.” (Moek. 7:7) Ho ntse ho le jwalo, Naomi o ne a hloka ho thuswa hore a bone hore Jehova o ntse a ena le yena. Modimo o ile a mo thusa jwang? (1 Sam. 2:8) O ile a susumelletsa Ruthe hore a bontshe Naomi mosa o lerato. Ruthe o ne a batla ho bontsha matsalae lerato mme ka mosa o ile a mo thusa hore a se ke a nyahama haholo le ho mo tsebisa hore Jehova o ntse a mo rata. Re ithutang mohlaleng wa Ruthe?

11. Ke hobaneng ha bara le baradibabo rona ba bangata ba mosa ba leka ho thusa ba nyahameng?

11 Mosa o lerato o re susumetsa hore re thuse ba nyahameng. Jwalo ka ha Ruthe a ile a dula a ena le Naomi, bara le baradibabo rona ba bangata ba mosa le bona ba dula ba ikemiseditse ho ba le Bakrestemmoho le bona ba utlwileng bohloko kapa ba nyahameng. Ba rata Bakrestemmoho le bona mme ba batla ho etsa ntho le ha e le efe ho ba thusa. (Liprov. 12:​25; 24:​10) Taba ena e tshwana le ntho eo moapostola Pauluse a ileng a re kgothalletsa yona ha a ne a re: “Le bue ka mokgwa o tshedisang le meya e tepeletseng maikutlo, le tshehetse ba fokolang, le be le tiisetso ho bohle.”​—1 Bathes. 5:14.

Re ka thusa mora kapa moradiwabo rona ya nyahameng ka hore re mo mamele (Sheba serapa sa 12)

12. Hangata tsela e atlehang eo re ka thusang mora kapa moradiwabo rona ya nyahameng ka yona ke efe?

12 Hangata tsela e atlehang eo o ka thusang mora kapa moradiwabo rona ya nyahameng ka yona ke ka hore o mo mamele le ho mo kgodisa hore o a mo rata. Jehova o ananela dintho tsohle tseo o di etsang ho thusa dinku tsa hae tse ratehang. (Pes. 41:1) Liproverbia 19:​17 e re: “Ya bontshang mohau ho ya tlaase o adima Jehova, mme O tla mo buseletsa tshwaro ya hae.”

Ruthe o ile a dula a kgomaretse matsalae Naomi ha Orpa yena a kgutlela ha habo Moabe. Ruthe o ile a re ho Naomi: “Ke tla ya moo o yang teng” (Sheba serapa sa 13)

13. Qeto ya Ruthe e ne e fapane le ya Orpa jwang, hona Ruthe o ile a bontsha mosa o lerato jwang? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

13 Re utlwisisa mosa o lerato le ho feta ha re nahana ka ntho e ileng ya etsahalla Naomi ka mora hore monna wa hae le bara ba hae ba babedi ba hlokahale. Ha Naomi a utlwela hore “Jehova o ne a lebisitse tlhokomelo ya hae ho setjhaba sa hae ka ho se fa bohobe,” o ile a etsa qeto ya ho kgutlela habo. (Ruthe 1:6) Dingwetsi tsa hae di le pedi di ile tsa kgutla le yena. Le ha ho le jwalo, ha ba ntse ba le tseleng, ka makgetlo a mararo Naomi o ile a kopa basadi bana hore ba kgutlele Moabe. Empa ho ile ha etsahalang? Bibele e re: “Orpa a aka mmae matsale. Ha e le Ruthe, a mo kgomarela.” (Ruthe 1:​7-14) Orpa o ile a mamela Naomi yaba o kgetha ho kgutlela Moabe. Empa Ruthe o ile a etsa ntho e fapaneng. Le yena o ne a lokolohile hore a ka tsamaya empa ka lebaka la mosa o lerato o ile a etsa qeto ya ho sala le Naomi. (Ruthe 1:​16, 17) Ruthe o ile a kgetha ho sala le Naomi hobane o ne a batla, eseng hobane a ne a tlamehile. Qeto ya Ruthe e ne e bontsha mosa o lerato. Re ithutang tlalehong ee?

14. (a) Bara le baradibabo rona ba bangata ba kgethile ho etsang? (b) Ho ya ka Baheberu 13:​16, re ka etsang hore re thabise Modimo?

14 Mosa o lerato o etsa hore motho a etse se fetang se lebelletsweng. Jwalo ka nakong e fetileng, bara le baradibabo rona ba bangata mehleng ena ba kgethile ho bontsha mosa o lerato ho Bakrestemmoho le bona esita le ho ba sa ba tsebeng. Ka mohlala, ha ba utlwa hore ho na le koduwa ya tlhaho, kapelepele ba batla ho tseba hore na ba ka thusa jwang. Ha motho e mong ka phuthehong a ena le mathata a ditjhelete, ha ba qeaqee ho leka ho mo thusa ka dintho tseo a di hlokang. Jwalo ka Bakreste ba mehleng ya pele ba Macedonia, ba etsa se fetang se lebelletsweng. Ba itella Bakrestemmoho le bona ka hore ba ba thuse ka dintho tseo ba di hlokang. (2 Bakor. 8:3) Ka nnete Jehova o thaba haholo ha a bona ba bontsha mosa o lerato.​—Bala Baheberu 13:16.

RE KA BONTSHA MOSA O LERATO JWANG MEHLENG EE?

15, 16. Ruthe o bontshitse jwang hore a ke ke a tela?

15 Re ka ithuta ho hongata ka ho hlahloba mohlala wa Ruthe le Naomi. A re ke re boneng hore na re ka ithutang.

16 O se ke wa tela. Ha Ruthe a ne a ithaopela ho ya Juda le matsalae, qalong Naomi o ile a hana. Empa Ruthe ha a ka a tela. Ebe ho ile ha etsahalang ka mora moo? “Ha a bona hore o phehella hore a tsamaye le yena, jwale a tlohela ho bua le yena.”​—Ruthe 1:​15-18.

17. Keng e tla re thusa hore re se ke ra tela ha bonolo?

17 Re ithutang? Ho re hloka mamello hore re thuse batho ba nyahameng empa ha re a lokela ho tela. Qalong moradiwabo rona ya hlokang thuso a ka nna a hana hore re mo thuse. * Ho ntse ho le jwalo, mosa o lerato o tla re susumelletsa hore re etse ka hohle hore re batle ho mo thusa. (Bagal. 6:2) Re na le tshepo ya hore ha nako e ntse e ya o tla dumela hore re mo thuse le ho mo kgothatsa.

18. E ka nna yaba keng e ileng ya utlwisa Ruthe bohloko?

18 O se ke wa kwata. Ha Naomi le Ruthe ba fihla Bethlehema, Naomi o ile a kopana le baahisani ba hae ba nakong e fetileng. O ile a re ho bona: “Ke ne ke tletse ha ke e ya, mme Jehova o entse hore ke kgutle ke sa nka letho.” (Ruthe 1:​21) Nahana feela hore na Ruthe o ile a ikutlwa jwang ha a utlwa Naomi a tjho jwalo. Ruthe o entse sohle seo a ka se kgonang ho thusa Naomi. O ile a lla le yena, a mo kgothatsa a ba a tsamaya le yena ka matsatsi a mangata. Ho sa tsotellehe dintho tsena tsohle, Naomi o ile a re: “Jehova o entse hore ke kgutle ke sa nka letho.” Mantswe ao Naomi a a buileng ha Ruthe a ntse a eme pela hae a ne a utlwahala eka ha a hlokomele thuso ya Ruthe. E ka nna yaba ntho ena e ile ya utlwisa Ruthe bohloko haholo. Ho ntse ho le jwalo o ile a dula a ena le Naomi.

19. Keng e tla re thusa hore re dule re ena le motho ya nyahameng?

19 Re ithutang? Moradiwabo rona ya nyahameng a ka nna a bua ntho e ka re utlwisang bohloko ho sa tsotellehe hore na re leka ho mo thusa hakae empa re leka hore re se ke ra mo kwatela. Ho ena le hoo, re dula re ena le yena mme re kopa Jehova hore a re thuse hore re fumane tsela ya ho mo kgothatsa.​—Liprov. 17:17.

Baholo ba ka etsisa Boaze jwang mehleng ee? (Sheba serapa sa 20 le 21)

20. Keng e ileng ya thusa Ruthe hore a be le matla ao a a hlokang hore a se ke a tela?

20 Fana ka kgothatso ka nako e nepahetseng. Ruthe o ile a bontsha Naomi mosa o lerato empa Ruthe le yena o ne a hloka ho kgothatswa. Ka hoo, Jehova o ile a susumetsa Boaze hore a mo kgothatse. Boaze o ile a re ho Ruthe: “E se eka Jehova a ka putsa tsela eo o sebetsang ka yona, mme e se eka ho ka ba le moputso o phethahetseng bakeng sa hao o tswang ho Jehova Modimo wa Iseraele, eo o tlilo batla setshabelo tlasa mapheo a hae.” Mantswe ana a monate a ile a ama Ruthe maikutlo haholo yaba o re ho Boaze: “O ntshedisitse . . . o buile ka mokgwa o kgothatsang ho lekgabunyane la hao.” (Ruthe 2:​12, 13) Boaze o buile mantswe ana ka nako e nepahetseng mme a ile a fa Ruthe matla ao a a hlokang hore a se ke a tela.

21. Jwalo ka ha ho bontshitswe ho Esaia 32:​1, 2, baholo ba tla etsang?

21 Re ithutang? Batho ba bontshang mosa o lerato ka dinako tse ding le bona ba hloka ho kgothatswa. Boaze o ile a babatsa Ruthe ha a bona ka moo a ileng a bontsha Naomi mosa ka teng. Baholo le bona ba babatsa bara le baradibabo rona ha ba bona ka moo ba thusang ba bang ka mosa ka teng. Ha bara le baradibabo rona ba babatswa ka nako e nepahetseng, ntho eo e ba fa matla ao ba a hlokang hore ba dule ba thusa ba bang.​—Bala Esaia 32:​1, 2.    

BA BONTSHANG MOSA O LERATO BA FUMANA MOLEMO OFE?

22, 23. Maikutlo a Naomi a ile a fetoha jwang, hona hobaneng? (Pesaleme ya 136:​23, 26)

22 Ka mora nako e itseng, Boaze o ile a fa Ruthe le Naomi dijo. (Ruthe 2:​14-18) Naomi o ile a etsang ka mora hore Boaze a ba fe dijo? O ile a re: “E se eka a ka hlohonolofatswa ke Jehova, ya sa tlohelang mosa wa hae o lerato ho ba phelang le ho bafu.” (Ruthe 2:​20a) Ntho eo Boaze a ileng a e etsa e ile ya fetola maikutlo a Naomi. Qalong o ne a utlwile bohloko yaba o re: ‘Jehova . . . o nkokobeditse’ empa hona jwale o bua a thabile mme o re: ‘Jehova . . . ha a tlohela mosa wa hae o lerato.’ Keng e ka nnang yaba e ile ya etsa hore Naomi a fetole tsela eo a ikutlwang ka yona?

23 Naomi o ile a qetella a bone hore Jehova ha a mo lahla. Jehova o sebedisitse Ruthe hore a mo fe tshehetso eo a neng a e hloka leetong la hae la ho ya Juda. (Ruthe 1:​16) Naomi o ile a boela a bona hore Jehova o sebedisitse Boaze e leng ‘morekolli wa bona’ hore a ba thuse. * (Ruthe 2:​19, 20b) E ka nna yaba o ile a re, ‘Hona jwale ke a utlwisisa hore Jehova ha a ka a ntlohela. Haesale a ntse a ena le nna nako ena kaofela.’ (Bala Pesaleme ya 136:​23, 26.) E tlameha ebe Naomi o ile a ananela hore ebe Ruthe le Boaze ha ba a ka ba mo tlohela. Kaofela ha bona ba ile ba thaba haholo hore ebe Naomi o ile a boela a thaba le ho ba le matla a hore a tswele pele a sebeletsa Jehova.

24. Ke hobaneng ha re lokela ho tswela pele re bontsha Bakrestemmoho le rona mosa o lerato?

24 Re ithutileng lengolong la Ruthe ka mosa o lerato? Mosa o lerato o etsa hore re se ke ra tlohela bara le baradibabo rona ba nyahameng. O boetse o re susumeletsa hore re itele e le hore re kgone ho ba thusa. Baholo ba lokela ho fana ka kgothatso ka nako e nepahetseng ho Bakrestemmoho ba bontshang ba bang mosa o lerato. Re thaba haholo ha re bona bara le baradibabo rona ba hlokang thuso ba boela ba thaba le ho ba le matla a hore ba tswele pele ba sebeletsa Jehova. (Lik. 20:​35) Le ha ho le jwalo, ke lebaka lefe la bohlokwa ka ho fetisisa leo ka lona re tswelang pele ho bontshana mosa o lerato? Hobane re batla ho thabisa le ho etsisa Jehova “ya tletseng mosa o lerato.”​—Ex. 34:6; Pes. 33:22.

PINA YA 130 Tshwarelanang

^ par. 5 Jehova o batla hore re bontshe bara le baradibabo rona mosa o lerato. Re ka utlwisisa haholwanyane hore na mosa o lerato keng ka hore re hlahlobisise hore na ba bang ba bahlanka ba Modimo ba nakong e fetileng ba ile ba o bontsha jwang. Sehloohong sena, re tlo bona hore na re ka ithutang mohlaleng wa Ruthe, Naomi, le Boaze.

^ par. 8 E le hore o utlwisise sehlooho sena haholwanyane, re o kgothalletsa hore o ipalle Ruthe kgaolo ya 1 le 2.

^ par. 17 Ka ha re ntse re hlahloba mohlala wa Naomi, ke ka hoo re buang ka baradibabo rona ba hlokang thuso. Empa dintlha tse sehloohong sena di ntse di ka thusa le barababo rona.

^ par. 23 Ho fumana dintlha tse eketsehileng hore na Boaze o ne a etsang jwalo ka morekolli, sheba sehlooho se reng, “Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona​—‘Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa’ ” ho Molula-Qhooa wa October 1, 2012 leq. 20.