Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 45

Jehova o re Thusa Jwang Hore re Etse Mosebetsi wa Boboledi?

Jehova o re Thusa Jwang Hore re Etse Mosebetsi wa Boboledi?

“Ba tla tseba hore ka nnete moprofeta o ne a le teng hara bona.”​—EZEK. 2:5.

PINA YA 67 ‘Bolelang Lentswe’

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Re lokela ho lebellang, hona re ka kgodiseha kang?

 RE KA lebella hore batho ba bang ba tla re hanyetsa ha re ntse re etsa mosebetsi wa boboledi mme ba ka nna ba re hanyetsa le ho feta nakong e tlang. (Dan. 11:44; 2 Tim. 3:12; Tshen. 16:21) Empa re ka kgodiseha hore Jehova o tla re thusa. Hobaneng? Hobane haesale Jehova a thusa bahlanka ba hae ho etsa dintho tseo a neng a re ba di etse ho sa tsotellehe hore na di ne di le thata hakae. Ka mohlala, a re bueng ka dintho tse ileng tsa etsahalla moprofeta Ezekiele, ya ileng a bolela molaetsa ho Bajuda ba neng ba le botlamuweng Babilona.

2. Jehova o ile a re Ezekiele o ne a tla bolella batho ba jwang molaetsa, hona re tlo bua ka eng sehloohong see? (Ezekiele 2:3-6)

2 Ke batho ba jwang bao Ezekiele a neng a lokela ho ba bolella molaetsa? Jehova o ile a re batho bao “ba a tella,” “ba manganga” ebile “ke marabele.” Ba ne ba etsa dintho tse utlwisang batho ba bang bohloko jwalo ka dihlabahlabane hape ba le kotsi jwalo ka diphepheng. Ke ka hoo Jehova a ileng a bolella Ezekiele ka makgetlo a re: “O se ke wa tshaba.” (Bala Ezekiele 2:3-6.) Ezekiele o ile a kgona ho phetha mosebetsi wa hae wa ho bolela hobane o ne a (1) ronngwe ke Jehova, (2) moya o halalelang wa Modimo o ne o mo fa matla ao a a hlokang le (3) Lentswe la Modimo le ile la matlafatsa tumelo ya hae. Dintho tsena tse tharo di ile tsa thusa Ezekiele jwang, hona di re thusa jwang kajeno?

EZEKIELE O ILE A RONGWA KE JEHOVA

3. Ke mantswe afe ao e ka nnang yaba a ile a matlafatsa Ezekiele, hona Jehova o ile a mo kgodisa jwang hore o a mo tshehetsa?

3 Jehova o ile a re ho Ezekiele: ‘Ke a o roma.’ (Ezek. 2:3, 4) E tlameha ebe mantswe ao a ile a matlafatsa Ezekiele. Hobaneng? Hobane e ka nna yaba Ezekiele o ile a hopola hore ha Jehova a ne a kgetha Moshe le Esaia hore e be baprofeta ba hae, o ile a ba bolella mantswe a kang ao. (Ex. 3:10; Esa. 6:8) Ezekiele o ne a boetse a tseba ka moo Jehova a ileng a thusa baprofeta bana ba babedi hore ba phethe mesebetsi ya bona e thata. Ha Jehova a ne a re ho Ezekiele ka makgetlo a mabedi,‘Ke a o roma,’ moprofeta Ezekiele o ne a ena le lebaka le utlwahalang la ho tshepa hore Jehova o tla mo tshehetsa. Hape Ezekiele o ile a re ka makgetlo a mangata: “Jehova a re ho nna.” (Ezek. 3:16) O ile a boela a re: “Jehova a boela a bua le nna.” (Ezek. 6:1) Ka nnete Ezekiele o ne a kgodisehile hore o ne a ronngwe ke Jehova. Ntate wa Ezekiele e ne e le moprista, ka hoo ho ka etsahala hore o ile a ruta Ezekiele hore Jehova o ne a dula a thusa baprofeta ba hae. Ka mohlala, Jehova o ile a re ho Isaka, Jakobo le Jeremia: “Ke na le wena.”​—Gen. 26:24; 28:15; Jer. 1:8.

4. Keng e ileng ya matlafatsa Ezekiele?

4 Baiseraele ba bangata ba ne ba tla itshwara jwang ha Ezekiele a ba bolella molaetsa o tswang ho Modimo? Jehova o ile a re: “Baiseraele ba ke ke ba o mamela hobane le nna ha ba batle ho mmamela.” (Ezek. 3:7) Ha Baiseraele ba ne ba hana ho mamela Ezekiele, ho ne ho tshwana le ha ba hana ho mamela Jehova. Mantswe ao a ile a kgodisa Ezekiele hore le hoja batho ba ne ba sa batle ho mo mamela, seo se ne se sa bolele hore ha a ka a etsa mosebetsi wa hae hantle. Jehova o ile a kgodisa Ezekiele hore batho “ba tla tseba hore ka nnete moprofeta o ne a le teng hara bona” ha dikahlolo tseo a ba bolelletseng tsona di phethahala. (Ezek. 2:5; 33:33) Ha ho pelaelo hore mantswe ao a kgothatsang a ile a matlafatsa Ezekiele hore a tswele pele ka mosebetsi wa hae.

JEHOVA O A RE ROMA LE MEHLENG ENA

Batho ba ka nna ba re hanyetsa le ho se re mamele jwalo ka Ezekiele empa re a tseba hore Jehova o na le rona (Sheba serapa sa 5 le 6)

5. Esaia 44:8 e re keng e tla re fa sebete?

5 Re na le sebete sa ho ruta batho Bibele hobane re a tseba hore Jehova ke yena ya re rommeng. O a re tlotla ka hore ebe o re bitsa “dipaki” tsa hae. (Esa. 43:10) Ona ke monyetla o babatsehang. Jwalo ka ha Jehova a ile a re ho Ezekiele: “O se ke wa tshaba.” Le ho rona o re: “Le se ke la tshoha.” Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshaba bahanyetsi ba rona? Hobane jwalo ka Ezekiele re ronngwe ke Jehova hape o a re tshehetsa.​—Bala Esaia 44:8.

6. (a) Jehova o re kgodisa jwang hore o tla re tshehetsa? (b) Keng e re kgothatsang?

6 Jehova o a re kgodisa hore o tla re tshehetsa. Ka mohlala, pele Jehova a re: “Le dipaki tsa ka,” o ile a re: “Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena, le ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o hohola. Ha o tsamaya mollong, o ke ke wa tlaboha kapa hona hore lelakabe le o tlabole.” (Esa. 43:2) Ka dinako tse ding ha re etsa mosebetsi wa boboledi, re kopana le maemo a kang dikgohola le diteko tse kang mollo. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o tla re thusa ho tswela pele re ruta batho Bibele. (Esa. 41:13) Batho ba bangata kajeno ba ntse ba sa re mamele jwalo ka batho ba mehleng ya Ezekiele. Empa seo ha se bolele hore ha re etse mosebetsi wa rona hantle. Re kgothatswa ke ho tseba hore Jehova o thabiswa ke ha re ntse re tswela pele re bolela molaetsa wa hae ka botshepehi. Moapostola Pauluse o ile a re: “E mong le e mong o tla fumana moputso ho ya ka mosebetsi wa hae.” (1 Bakor. 3:8; 4:1, 2) Moradiwabo rona eo e leng kgale e le pulamadiboho o ile a re: “Ke thabiswa ke ho tseba hore Jehova o hlohonolofatsa boiteko boo re bo etsang.”

MOYA WA MODIMO O ILE WA FA EZEKIELE MATLA AO A NENG A A HLOKA

Ezekiele o bona pono ya koloi ya Jehova ya lehodimo mme e mo kgodisa hore Jehova o tla mo thusa hore a atlehe ho phetha tshebeletso ya hae (Sheba serapa sa 7)

7. Ezekiele o ne a ikutlwa jwang ha a ne a nahana ka pono eo a ileng a e bona? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

7 Ezekiele o ile a bona ka moo moya wa Modimo o leng matla ka teng. Seo Ezekiele a se boneng ponong se ile sa mo thusa ho hlokomela hore moya o halalelang o ne o thusa mangeloi a matla ebile o tsamaisa mabidi a maholo a koloi ya lehodimo. (Ezek. 1:20, 21) Ezekiele o ile a etsang? Ha a hlalosa hore na ho ile ha etsahalang, o ile a re: “Ha ke e bona ke ile ka kgumama.” O ne a hlolletswe haholo hoo a ileng a kgumama. (Ezek. 1:28) Ha morao ha Ezekiele a se a nahana ka pono eo e hlollang, e tlameha ebe e ile ya matlafatsa kgodiseho ya hae ya hore ka thuso ya moya wa Modimo a ka kgona ho etsa mosebetsi wa hae wa boboledi.

8, 9. (a) Ho ile ha etsahalang ka Ezekiele ha Jehova a mo laela hore a eme? (b) Jehova o ile a matlafatsa Ezekiele jwang hore a phethe mosebetsi wa hae o boima?

8 Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Mora motho, ema e le hore ke bue le wena.” Ha Jehova a bolella Ezekiele hore a eme, Ezekiele o ile a fumana matla a ileng a mo thusa ho ema. Ezekiele o ile a re: “Moya o halalelang wa etsa hore ke eme.” (Ezek. 2:1, 2) Ezekiele o ile a dula a tataiswa ke moya o halalelang wa Modimo ha a ntse a etsa mosebetsi wa boboledi. (Ezek. 3:22; 8:1; 33:22; 37:1; 40:1) Moya wa Modimo o ile wa fa Ezekiele matla a hore a bolelle batho ba “manganga” molaetsa. (Ezek. 3:7) Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Ke entse hore o tiye mme o be manganga jwalo ka bona. Ke entse hore phatla ya hao e be thata jwalo ka taemane, e be thata ho feta lejwe le thata. O se ke wa ba tshaba kapa wa tshoswa ke bona.” (Ezek. 3:8, 9) Ha e le hantle, e ne eka Jehova o re ho Ezekiele: ‘O se ke wa dumella hore batho bana ba manganga ba o nyahamise, ke tla o matlafatsa.’

9 Ka mora moo, moya wa Modimo o ile wa thusa Ezekiele ho etsa mosebetsi wa hae wa ho bolela. Ezekiele o ile a re: “Moya wa Jehova wa sebetsa ho nna ka matla.” Ho ile ha nka beke hore Ezekiele a ithute le ho utlwisisa molaetsa oo a neng a tlameha ho o bolella batho e le hore a fane ka wona ka sebete. (Ezek. 3:14, 15) Jehova o ile a laela Ezekiele hore a ye thoteng, moo ‘moya wa Modimo o ileng wa kena ho yena.’ (Ezek. 3:23, 24) Ezekiele o ne a se a loketse ho qala tshebeletso ya hae.

MEHLENG ENA MOYA WA MODIMO O RE FA MATLA AO RE A HLOKANG

Keng e ileng ya thusa Ezekiele ho etsa mosebetsi wa hae wa boboledi, hona ke eng e re thusang mehleng ee? (Sheba serapa sa 10)

10. Keng eo re e hlokang e le hore re etse mosebetsi wa boboledi, hona hobaneng?

10 Keng eo re e hlokang e le hore re etse mosebetsi wa boboledi? A re nahaneng ka se ileng sa etsahalla Ezekiele e le hore re fumane karabo ya potso eo. Moya wa Modimo o ile wa mo fa matla ao a a hlokang pele a etsa mosebetsi wa boboledi. Mehleng ena, jwalo ka Ezekiele ke ka thuso ya moya o halalelang wa Modimo feela re kgonang ho bolela molaetsa wa Mmuso. Hobaneng? Hobane Satane o leka ka hohle ho emisa mosebetsi wa rona wa boboledi. (Tshen. 12:17) Batho ba bangata ba nahana hore Satane o matla hoo re ke keng ra kgona ho mo hlola. Le ha ho le jwalo, re a mo hlola ha re ntse re tswela pele ho etsa mosebetsi wa boboledi. (Tshen. 12:9-11) Ka tsela efe? Ha re etsa mosebetsi wa boboledi re bontsha hore ha re mo tshabe. Ka hoo, taba ya hore re ntse re kgona ho etsa mosebetsi wa boboledi le ha re ntse re hanyetswa e re thusa jwang? E re thusa ho bona hore Jehova o re fa matla a sebedisa moya wa hae o halalelang ebile o thabiswa ke seo re se etsang.​—Mat. 5:10-12; 1 Pet. 4:14.

11. Moya wa Modimo o ka re thusa jwang, hona re lokela ho etsang e le hore re o fumane?

11 Keng hape eo re ithutang yona ha re hlokomela ka moo Jehova a ileng a fa Ezekiele matla ao a a hlokang ho bolela molaetsa? Moya wa Modimo o ka re fa matla ao re a hlokang ho hlola bothata boo re ka bang le bona ha re etsa mosebetsi wa boboledi. (2 Bakor. 4:7-9) Keng seo re ka se etsang hore re tswele pele ho fumana moya wa Modimo? Re lokela ho dula re o kopa, re kgodisehile hore Jehova o tla re utlwa. Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae: “Le nne le kope, . . . le nne le batle, . . . le nne le kokote.” Ha re etsa jwalo, Jehova o tla “fana ka moya o halalelang ho ba mo kopang.”​—Luka 11:9, 13; Dik. 1:14; 2:4.

EZEKIELE O ILE A MATLAFATSWA KE MANTSWE A TSWANG HO MODIMO

12. Ho latela Ezekiele 2:9–3:3, moqolo o ne o tswa hokae, hona o ne o ngotsweng?

12 Ezekiele ha a ka a thuswa feela ke moya wa Modimo empa o ile a boela a thuswa ke mantswe a tswang ho Modimo hore a be le matla a ho bolela. Ezekiele o ile a bona motho ya tshwereng moqolo ponong. (Bala Ezekiele 2:9–3:3.) Moqolo oo o ne o tswa hokae? Ho ne ho ngotswe eng ho wona? O ile wa matlafatsa Ezekiele jwang? A re ke re boneng. Moqolo oo o ne o tswa teroneng ya Modimo. E ka nna yaba Jehova o ile a sebedisa lengeloi le leng ho a mane ao Ezekiele a a boneng hore le mo fe moqolo oo. (Ezek. 1:8; 10:7, 20) Moqolo oo o ne o ngotswe mantswe a tswang ho Modimo e leng molaetsa wa kahlolo oo Ezekiele a neng a tlameha ho o bolella batho ba botlamuweng bao e neng e le marabele. (Ezek. 2:7) Molaetsa oo o ne o ngotswe ka pele le ka mora moqolo.

13. Jehova o ile a re Ezekiele a etseng ka moqolo, hona ke hobaneng ha o ne o le monate?

13 Jehova o ile a bolella Ezekiele hore a je moqolo mme a “tlatse mpa ya [hae] ka wona.” Ezekiele o ile a mamela mme a ja moqolo oo kaofela. Pono ena e ne e bolelang karolong ee? Ezekiele o ne a lokela ho utlwisisa ka ho feletseng molaetsa oo a neng a tlameha ho o bolella batho. O ne a tlameha ho utlwisisa molaetsa oo e le hore o ka mo susumeletsa ho bolela. Ka mora moo ho ile ha etsahala ntho e makatsang. Ezekiele o ile a hlokomela hore moqolo oo “o ne o le monate jwalo ka mahe a dinotshi.” (Ezek. 3:3) Hobaneng? Ezekiele o ne a nka ho emela Jehova e le ntho e thabisang kapa e monate. (Pes. 19:8-11) O ne a ananela hore Jehova o mo kgethile hore e be moprofeta wa hae.

14. Ezekiele o ile a thuswa keng hore a etse mosebetsi wa hae?

14 Ka mora moo, Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Mamela mantswe ohle ao ke o bolellang ona, o a mamele ka hloko.” (Ezek. 3:10) Jehova o ile a re Ezekiele a leke ho hopola mantswe a ngotsweng moqolong oo le ho nahanisisa ka ona. Ho etsa jwalo ho ile ha thusa Ezekiele hore tumelo ya hae e matlafale. Hape ho ile ha mo thusa hore a bolelle batho molaetsa o matla. (Ezek. 3:11) Ha Ezekiele a se a utlwisisa molaetsa wa Modimo, o ne a se a loketse ho bolela molaetsa le ho tswela pele ho o bolela ho fihlela a qeta mosebetsi wa hae.​—Bapisa le Pesaleme ya 19:14.

LENTSWE LA MODIMO LE MATLAFATSA TUMELO YA RONA MEHLENG ENA

15. Re lokela ho etsang e le hore re mamelle?

15 Re lokela ho dumella hore mantswe a tswang ho Modimo a matlafatse tumelo ya rona e le hore re mamelle tshebeletsong. Re lokela ho “mamela” ha Jehova a bua le rona. Mehleng ena Jehova o bua le rona a sebedisa Lentswe la hae Bibele. Re ka etsa jwang hore Lentswe la Modimo le susumetse maikutlo a rona, menahano ya rona le dintho tseo re di etsang?

16. Re lokela ho etsang ha re bala Lentswe la Modimo, hona re ka etsang e le hore re le utlwisise?

16 Ha re ithuta Lentswe la Modimo re bile re nahanisisa ka lona tumelo ya rona e a matlafala feela jwalo ka ha ho ja dijo ho re matlafatsa mmeleng. Re lokela ho dula re nahana ka seo moqolo o se rutang. Jehova o batla hore re ‘tlatse dimpa tsa rona’ ka Lentswe la hae e leng se bolelang hore re le utlwisise hantle. Re ka etsa seo ka ho rapela, ho bala le ho nahanisisa. Pele re bala Lentswe la Modimo, re lokela ho rapela mme re lokise dipelo tsa rona. Ka mora moo, re lokela ho bala karolo e itseng ka Bibeleng ebe re ema hanyane re nahanisisa ka seo re se badileng. Keng e tla etsahala ka mora moo? Ha re ntse re nahanisisa ka Lentswe la Modimo, re tla kgona ho le utlwisisa mme seo se tla matlafatsa tumelo ya rona.

17. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho nahanisisa ka seo re se badileng Bibeleng?

17 Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re bale Bibele mme re nahanisise ka yona? Ho etsa jwalo ho re fa matla ao re a hlokang hona jwale ho bolella batho molaetsa wa Mmuso. Ho boetse ho re thusa hore re itokisetse ho bolela molaetsa wa kahlolo oo re ka nnang ra fana ka wona nakong e tlang. Hape, ha re nahanisisa ka makgabane a Jehova re ba metswalle ya hae e haufiufi. Ho etsa jwalo ho tla re thusa hore re be le kgotso mme re kgotsofale.​—Pes. 119:103.

HO IKEMISETSA HO MAMELLA

18. Batho ba tla hlokomela eng, hona hobaneng?

18 Le hoja re se baprofeta jwalo ka Ezekiele, re ikemiseditse ho bolella batho molaetsa oo Jehova a o ngotseng Lentsweng la hae ho fihlela a re mosebetsi oo o emiswe. Ha nako ya kahlolo e fihla, batho ba ke ke ba re ha ba a ka ba fumana temoso kapa ba re Modimo o ne a se na taba le bona. (Ezek. 3:19; 18:23) Ho ena le hoo, ba tla lokela ho hlokomela hore molaetsa oo re neng re ba bolella wona o ne o tswa ho Modimo.

19. Keng e tla re thusa ho phetha mosebetsi wa rona wa boboledi?

19 Keng e tla re thusa ho phetha mosebetsi wa rona wa boboledi? Re ka thuswa ke dintho tse tharo tse ileng tsa matlafatsa Ezekiele. Re tswela pele ho etsa mosebetsi wa boboledi hobane re a tseba hore re ronngwe ke Jehova, re matlafatswa ke moya wa hae o halalelang le Lentswe la hae. Ka thuso ya Jehova, re ikemiseditse ho tswela pele re bolela le ho mamella “ho fihlela qetellong.”​—Mat. 24:13.

PINA YA 65 Hatelang Pele!

a Sehloohong sena re tlo bua ka dintho tse tharo tse ileng tsa thusa moprofeta Ezekiele ho tswela pele a etsa mosebetsi wa boboledi. Re tla bua ka hore na Jehova o ile a thusa moprofeta Ezekiele jwang mme sena se tla re kgodisa hore Jehova o tla re thusa hore re tswele pele ho etsa mosebetsi wa rona wa boboledi.