Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 46

Ke Jwang Jehova a re Thusang Hore re Mamelle re Thabile?

Ke Jwang Jehova a re Thusang Hore re Mamelle re Thabile?

“Jehova o letile ka mamello hore a le hauhele mme o tla nka kgato, a le hauhele.”​—ESA. 30:18.

PINA YA 3 Matla, Tshepo le Kgodiseho ya Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1, 2. (a) Sehlooho see se tlo araba dipotso dife? (b) Keng e bontshang hore Jehova o ikemiseditse ho re thusa?

 JEHOVA a ka re thusa hore re mamelle mathata a rona le hore re mo sebeletse re thabile. A ka re thusa jwang? Tsela eo Jehova a re thusang ka yona e re tswela molemo jwang? Sehlooho sena se tla araba dipotso tsena. Pele re araba dipotso tsena a re ke re bueng ka potso e nngwe e batlileng e tshwana le tsena: Na ehlile Jehova o batla ho re thusa?

2 Lentswe leo moapostola Pauluse a ileng a le sebedisa lengolong leo a ileng a le ngolla Baheberu le ka re thusa hore re fumane karabo ya potso eo. Pauluse o ile a re: “Nke ke ka tshoha letho hobane Jehova ke mothusi wa ka. Motho a ka nketsang?” (Baheb. 13:6) Buka e nngwe e hlalosang Bibele e re temaneng ena lentswe “mothusi” le bolela motho ya potlakelang ho yo thusa motho e mong ya kopang thuso. A ko nahane Jehova a potlakela ho yo thusa motho e mong ya mathateng. Taba ena e a re kgodisa hore Jehova o ikemiseditse ho re thusa. Ha Jehova a re thusa re ka kgona ho mamella mathata re thabile.

3. Ke ditsela dife tse tharo tseo Jehova a re thusang ka tsona e le hore re mamelle mathata re thabile?

3 Tse ding tsa ditsela tseo Jehova a re thusang ka tsona hore re mamelle mathata re thabile ke dife? Ho fumana karabo ya potso ena, a re baleng lengolo la Esaia. Hobaneng? Hobane boholo ba dintho tseo Jehova a ileng a susumetsa Esaia hore a di profete di sebetsa le ho bahlanka ba Hae ba mehleng ena. Hangata ha Esaia a hlalosa Jehova o sebedisa mantswe ao ho leng bonolo ho a utlwisisa. Esaia kgaolo ya 30 e na le e meng ya mehlala ya sena. Kgaolong eo, Esaia o sebedisa mehlala e bonolo ho hlalosa hore na Jehova o thusa bahlanka ba hae jwang. O ile a re Jehova o re thusa ka hore (1) a mamele ka hloko ha re rapela le ho arabela dithapelo tsa rona, (2) a re fe dikeletso, le ka (3) ditlhohonolofatso tseo a re fang tsona hona jwale le tsa nakong e tlang. A re bueng ka ditsela tsena tse tharo tseo Jehova a re thusang ka tsona.

JEHOVA O A RE MAMELA

4. (a) Jehova o ile a re Bajuda ba mehleng ya Esaia e ne e le batho ba jwang, hona o ile a dumella hore ho etsahaleng? (b) Jehova o ile a tshepisa batho ba tshepahalang eng? (Esaia 30:18, 19)

4 Mantsweng a qalang a Esaia kgaolo ya 30, Jehova o bitsa Bajuda “bana ba manganga” ba ‘phaellang sebe ka sebe.’ O tswela pele ho re: “Ke setjhaba se sa mameleng, . . . [se] sa rateng ho utlwa molao wa Jehova.” (Esa. 30:1, 9) Jehova o ile a re Esaia a bolelle Baiseraele hore hobane ba hanne ho mo mamela, ba tla hlahelwa ke dintho tse bohloko. (Esa. 30:5, 17; Jer. 25:8-11) Sena se ile sa feela sa etsahala hobane ba ile ba ya botlamuweng Babilona. Ntle le moo, ho ne ho ntse ho ena le batho ba bang ba tshepahalang hara Bajuda bao Esaia a neng a ena le molaetsa o ba fang tshepo. O ile a ba bolella hore ka letsatsi le leng Jehova o tla ba dumella hore ba kgutlele Jerusalema hape. (Bala Esaia 30:18, 19.) Ke sona se ileng sa etsahala. Jehova o ile a ba lokolla Babilona. Le ha ho le jwalo, dilemo tse ngata di ile tsa feta pele Jehova a ba lokolla. Polelo e reng “Jehova o letile ka mamello hore a le hauhele,” e bontsha hore ho tla feta nako pele batho ba tshepahalang ba pholoswa. Ha e le hantle, Baiseraele ba qetile dilemo tse 70 ba le botlamuweng Babilona pele ba bang ba bona ba ka dumellwa ho kgutlela Jerusalema. (Esa. 10:21; Jer. 29:10) Ha Baiseraele ba le botlamuweng Babilona ba ne ba lla hobane ba utlwile bohloko empa ha ba kgutlela Jerusalema ba ile ba lla hobane ba thabile.

5. Esaia 30:19 e re tiisetsa eng?

5 Mehleng ena re kgothatswa ke mantswe a reng: “Ruri o tla le hauhela ha le lla le kopa thuso.” (Esa. 30:19) Esaia o a re kgodisa hore Jehova o tla mamela ha re mo kopa hore a re thuse hape o tla araba dithapelo tsa rona ka potlako. O boetse o re: “Hang ha a utlwa seboko sa lona, o tla le araba.” Mantswe ana a kgothatsang a re hopotsa hore Ntate wa rona o ikemiseditse ho re thusa. Ka hoo, ho tseba taba ena ho re thusa hore re mamelle re thabile.

6. Seo Esaia a se buileng se bontsha jwang hore Jehova o mamela thapelo ya mohlanka e mong le e mong wa hae?

6 Keng hape eo temana ee e re rutang yona mabapi le dithapelo tsa rona? Jehova o mamela ka hloko thapelo ya motho e mong le e mong. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Ho Esaia kgaolo ya 30 lentswe “le” le sebediswa ha ho buuwa ka batho ba bangata. Sena se bontsha hore Jehova o ne a bua le bahlanka ba hae e le sehlopha. Le ha ho le jwalo, Bibeleng ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang (bi12) temaneng ya 19 ho sebedisitswe lentswe “o” hobane ho buuwa le motho a le mong. Esaia o ile a re: “Ho hang o ke ke wa lla;” “o tla o bontsha mohau;” “o tla o araba.” Jehova ke Ntate wa rona ya re ratang, a ke ke a bolella mora kapa moradi wa hae ya nyahameng a re, “Ke hobaneng o sa be matla jwalo ka ngwaneno?” Ho ena le hoo, o tsotella e mong le e mong wa rona mme o mamela dithapelo tsa rona.​—Pes. 116:1; Esa. 57:15.

Esaia o ne a bolelang ha a ne a re: ‘Le se ke la kgaotsa ho rapela [Jehova]’? (Sheba serapa sa 7)

7. Esaia le Jesu ba ile ba bontsha jwang hore ke ha bohlokwa hore re dule re rapela?

7 Ha re rapela Jehova re mo bolella bothata boo re nang le bona, ntho ya pele eo a re fang yona ke matla a hore re mamelle bothata boo. Ho ka nna ha hlokahala hore re kope Jehova ka makgetlo hore a re fe matla a ho mamella haeba bothata ba rona bo sa fele ka pele ka moo re neng re nahanne ka teng. Jehova o re re mo kope. Sena ke seo Esaia a ileng a se bua ha a ne a re: ‘Le se ke la kgaotsa ho rapela [Jehova].’ (Esa. 62:7) Taba ee e bolelang? Re lokela ho dula re rapela Jehova jwalo ka ha eka ha re mo dumelle hore a phomole. Seo Esaia a se buileng se re hopotsa papiso ya Jesu ya thapelo e ho Luka 11:8-10, 13. Papisong eo, Jesu o re kgothalletsa hore re ‘phehelle’ ho rapela hape ‘re nne re kope’ moya o halalelang. Re ka boela ra kopa Jehova hore a re fe dikeletso tse tla re thusa hore re etse diqeto tse bohlale.

JEHOVA O A RE TATAISA

8. Mantswe a ho Esaia 30:20, 21 a ile a phethahala jwang mehleng ya hae?

8 Bala Esaia 30:20, 21. Ha masole a Babilona a ne a potolohile Jerusalema ka nako e ka etsang selemo le halofo, batho ba ne ba tshwenyehile hoo matshwenyeho ao a ileng a tlwaeleha jwalo ka dijo le metsi. Ho ya ka temana ya 20 le ya 21, Jehova o ile a tshepisa Bajuda hore haeba ba ne ba ka baka le ho fetola boitshwaro ba bona o ne a tla ba pholosa. Esaia o ile a re Jehova ke ‘Morupedi wa bona e Moholo’ mme a ba tshepisa hore Jehova o tla ba ruta hore na ke jwang ba ka mo sebeletsang ka tsela eo a e amohelang. Mantswe ao a ile a phethahala ha Bajuda ba ne ba lokollwa botlamuweng. Jehova o ile a bontsha hore ke Morupedi wa bona e Moholo. O ile a ba tataisa mme ba ile ba atleha ho tsosolosa borapedi ba nnete. Ka hoo, re thaba haholo hobane le mehleng ena Jehova ke Morupedi wa rona e Moholo.

9. Mehleng ee ke ka tsela efe e nngwe eo ka yona re fumanang ditaelo tsa Jehova?

9 Ditemaneng tsena Esaia o re re tshwana le baithuti ba ntseng ba rutwa ke Jehova ka ditsela tsena tse pedi. Ya pele, Esaia o ile a re: “Le tla bona Morupedi wa lona e Moholo.” Papisong ena Esaia o ile a re morupedi o eme ka pela baithuti ba hae. Ke tlotla hore re rutwa ke Modimo mehleng ena. Jehova o re ruta jwang? O re ruta a sebedisa mokgatlo wa hae mme re ananela ditaelo tseo re di fuwang. Re di fuwa ha re le dibokeng, dikopanong tse kgolo le tse nyenyane, dingolweng tsa rona, mananeong a broadcasting le dinthong tse ding. Ditaelo tsena di re thusa hore re mamelle maemo a boima re thabile.

10. Ke jwang re ‘utlwang lentswe ka mora rona’?

10 Esaia o buile ka tsela ya bobedi eo Jehova a re tataisang ka yona, o ile a re: “Le tla utlwa lentswe ka mora lona.” Moprofeta o ile a re Jehova o tshwana le morupedi ya ntseng a tsamaya ka mora baithuti ba hae a ba bolella hore na ba nke tsela efe. Mehleng ena re utlwa lentswe la Modimo ka mora rona. Ebe re le utlwa jwang? Mantswe a tswang ho Modimo a ile a ngolwa ka Bibeleng dilemo tse ngata tse fetileng, pele re eba teng. Ka hoo, ha re bala Bibele ho tshwana le ha eka re utlwa lentswe la Modimo le hlaha ka mora rona.​—Esa. 51:4.

11. Keng seo re lokelang ho se etsa e le hore re mamelle ka thabo, hona hobaneng?

11 Tataiso eo Jehova a re fang yona a sebedisa mokgatlo wa hae le Lentswe la hae, e ka re tswela molemo jwang? Hlokomela hore Esaia o ile a bua ka dintlha tse pedi. Ya pele, “tsela ke ena.” Ya bobedi, “tsamayang ho yona.” (Esa. 30:21) Ha ho a lekana ho tseba “tsela” feela empa re boetse re lokela ho ‘tsamaya ho yona.’ Lentswe la Jehova le dintho tseo mokgatlo wa Modimo o re hlalosetsang tsona di re ruta seo Jehova a se hlokang ho rona. Re boetse re ithuta ka moo re ka etsang seo re ithutang sona. Re lokela ho etsa dintho tsena tse pedi e le hore re kgone ho mamella ka thabo ha re ntse re sebeletsa Jehova. Re ka kgodiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa hafeela re etsa dintho tseo re ithutang tsona.

JEHOVA O A RE HLOHONOLOFATSA

12. Ho ya ka Esaia 30:23-26, ke jwang Jehova a ileng a hlohonolofatsa batho ba hae?

12 Bala Esaia 30:23-26. Boprofeta boo bo ile ba phethahala jwang ho Bajuda ha ba kgutlela naheng ya Iseraele ka mora hore ba lokollwe botlamuweng Babilona? Jehova o ile a ba fa dintho tse ngata tse ba thusitseng hore ba phele le ho tswela pele ba mo sebelletsa mme o ile a ba fa dijo tse ngata. Ha bohlokwa le ho feta o ile a ba fa dintho tseo ba di hlokang e le hore ba be le kamano e ntle le yena le ho qalella ho mo sebeletsa ka tsela e nepahetseng. Empa ka nako eo, Modimo o ne a eso ka a fa bahlanka ba hae dintho tse ngata. Temana ya 26 e bontsha hore Jehova o ile a ba thusa hore ba utlwisise Lentswe la hae. (Esa. 60:2) Dintho tseo Jehova a ileng a hlohonolofatsa bahlanka ba hae ka tsona, di ile tsa ba thusa hore ba dule ba mo sebeletsa ba thabile ba bile ba ena le matla “hobane dipelo tsa bona di thabile.”​—Esa. 65:14.

13. Boprofeta bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete bo phethahala jwang mehleng ee?

13 Na boprofeta bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete bo a sebetsa le mehleng ee? Ho jwalo. Ka tsela efe? Ho tloha ka 1919, batho ba bangata ha e sa le makgoba a Babilona e moholo, e leng madumedi ohle a bohata. Batho bana ba tataiseditswe naheng e ntle ho feta naha e neng e tshepisitswe Baiseraele. Ba sebakeng se sireletsehileng mme ba sebeletsa Jehova ba momahane. (Esa. 51:3; 66:8) Ho ba sebakeng se sireletsehileng le ho sebeletsa Jehova re momahane ho bolelang?

14. Ho sebeletsa Jehova re le sebakeng se sireletsehileng re bile re momahane ho bolelang, hona ke bomang ba bang sebakeng see?

14 Ho tloha ka 1919, batlotsuwa ba ile ba thabela ho sebeletsa Jehova ba le sebakeng se sireletsehileng ba bile ba momahane. Ha nako e ntse eya, batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng e leng “dinku tse ding,” le bona ba ile ba thabela ho ba sebakeng se tshwanang le seo batlotsuwa ba leng ho sona. Jehova o ba ruta ntho e ngwe le e ngwe eo ba lokelang ho e tseba e le hore ba mo sebeletse ntle le mashano a bodumedi ba bohata. Hape ba na le mosebetsi o mongata o ba kgotsofatsang wa ho bolella batho ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo. Ka hoo, kaofela ha rona re thabela ho ba metswalle ya Jehova hape re na le kgotso le bara le baradibabo rona ba re thusang hore re mamelle mathata re thabile. Re ba sebakeng sena ha re qalella ho sebeletsa Jehova ka tsela e nepahetseng mme re etsa sohle seo re ka se kgonang ho mo etsisa.​—Joh. 10:16; Esa. 25:6; 65:13.

15. Batho ba sebeletsa Jehova ba sireletsehile ebile ba momahane ba le sebakeng sefe?

15 Ke sebakeng se fe moo batho ba sebeletsang Jehova ba sireletsehile ba bile ba momahane mehleng ee? Bahlanka ba Jehova ba dula lefatsheng lohle. Ka hoo, ba sebeletsa Jehova ba momahane ebile ba sireletsehile lefatsheng lohle. Ho sa tsotellehe hore re dula hokae mehleng ena, re ka ba ha ra ba sebeletsang Jehova ba momahane ebile ba sireletsehile hafeela re tshehetsa bodumedi ba nnete.

Motho e mong le e mong a ka etsa jwang hore re thabele ho sebeletsa Jehova re momahane? (Sheba serapa sa 16 le 17)

16. Ke jwang re ka tswelang pele re thabela ho sebeletsa Jehova re momahane?

16 Re lokela ho tswela pele re ananela phutheho ya Bokreste ya lefatsheng lohle e le hore re dule re sebeletsa Jehova re momahane ebile re sireletsehile. Re ka e ananela jwang? Ka ho sheba dintho tse ntle tseo bara le baradibabo rona ba di etsang eseng diphoso tsa bona. (Joh. 17:20, 21) Ke hobaneng ha taba ee e le ya bohlokwa? Nahana ka papiso ena. Ha re le phakeng e ntle re ka nna ra lebella ho bona difate tse fapaneng. Ka tsela e tshwanang diphuthehong tsa habo rona mehleng ena ho na le bara le baradibabo rona ba fapaneng ba tshwantshwang le difate. (Esa. 44:4; 61:3) Re lokela ho etsa bonnete ba hore re sheba botle ba “moru” eseng diphoso tsa “difate” tse pela rona. Ha re a lokela ho dumella diphoso tsa rona le tsa ba bang ka phuthehong ho re sitisa ho bona ka moo bahlanka ba Modimo ba momahaneng ka teng phuthehong ya Bokreste ya lefatsheng lohle.

17. Motho e mong le e mong o lokela ho etsang e le hore phutheho e dule e momahane?

17 Motho e mong le e mong o lokela ho etsang e le hore phutheho e dule e momahane? Kaofela ha rona re lokela ho bopa kgotso le batho ba bang. (Mat. 5:9; Bar. 12:18) Ka mehla ha re etsa hore re be le kgotso le batho ba bang ka phuthehong, sena se etsa hore re momahane. Re lokela ho hopola hore Jehova o huletse motho e mong le e mong ya mo sebeletsang bodumeding ba nnete. (Joh. 6:44) A ko nahane ka moo Jehova a thabang ka teng ha a bona re sebetsa ka thata hore ho dule ho ena le kgotso re momahane ka ha re batho ba bohlokwa ho yena.​—Esa. 26:3; Hag. 2:7.

18. Re lokela ho dula re nahanisisa ka eng, hona hobaneng?

18 Jehova o fa bahlanka ba hae dintho tse ngata tse molemo. Ka hoo, re ka fumana molemo jwang ho tsona? Re ka nahanisisa ka dintho tseo re ithutileng tsona Lentsweng la Modimo le dingolweng tsa rona tse thehilweng Bibeleng. Ho ithuta le ho nahanisisa ho tla re thusa hore re be le makgabane a Bokreste a tla etsa hore re “ratane ka matla jwalo ka bana ba Modimo” ka phuthehong. (Bar. 12:10) Ha re nahanisisa ka dintho tseo Jehova a re hlohonolofaditseng ka tsona, sena se matlafatsa setswalle sa rona le yena. Ha re nahana ka dintho tse ntle tseo Jehova a tla re etsetsa tsona nakong e tlang, re tla dula re ena le tshepo ya ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. Dintho tsena kaofela di tla re thusa hore re tswele pele re sebeletsa Jehova re thabile hona jwale.

IKEMISETSE HO MAMELLA

19. (a) Ho ya ka Esaia 30:18, re ka kgodiseha kang? (b) Keng e tla re thusa ho mamella re thabile?

19 Jehova “o tla nka kgato” molemong wa rona ha a fedisa lefatshe lena le kgopo. (Esa. 30:18) Re kgodisehile hore Jehova “ke Modimo wa toka” mme a ke ke a dumella hore lefatshe le buswang ke Satane le be teng nako e telele ho sa hlokahale. (Esa. 25:⁠9) Jehova o letile ka mamello hore letsatsi leo la topollo le fihle mme le rona re le emetse. Ka hoo ha re ntse re letetse letsatsi leo, re ikemiseditse ho tswela pele re ananela monyetla wa ho rapela, ho ithuta Lentswe la Modimo, ho etsa seo re ithutileng sona le ho nahanisisa ka dintho tseo Jehova a re hlohonolofatsang ka tsona. Ha re etsa jwalo Jehova o tla re thusa ho mamella re thabile ha re ntse re mo sebeletsa.

PINA YA 142 Ho Tshwarella ka Tiyo Tshepong ya Rona

a Sehlooho sena se tlo bua ka dintho tse tharo tseo Jehova a di etsang ho thusa bahlanka ba hae hore ba mamelle mathata ao ba kopanang le ona ba thabile. Re tlo hlahloba Esaia kgaolo ya 30 e le hore re ithute haholwanyane ka dintho tsena. Ha re ntse re hlahloba kgaolo ena, re tla hopotswa ka bohlokwa ba ho rapela Jehova, ho ithuta Lentswe la hae le ho nahanisisa ka dintho tse molemo tseo a re etsetsang tsona hona jwale le tseo a tla re etsetsa tsona nakong e tlang.