Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

“Ke ne ke Batla ho Sebeletsa Jehova”

“Ke ne ke Batla ho Sebeletsa Jehova”

Nna le mohatsaka, barababo rona ba babedi ba masoha ha mmoho le moradiwabo rona wa lesoha re ne re etetse sehlopha sa batho motseng o bitswang Granbori o neng o le harehare merung e metala e teteaneng ya Suriname. Ha re se re tsamaya, re ile ra ba sadisa hantle yaba re kena sekepeng se entsweng ka patsi, ra tsamaya ho theosa le Noka ya Tapanahoni. Ha morao ha re fihla moo metsi a noka a lwebehlanang, ntho e thusang sekepe hore se tsamaye e ile ya thula lejwe. Hanghang, karolo e ka pele ya sekepe e ile ya qala ho teba yaba re iphumana re se re kwahetswe ke metsi. Ke ile ka tshoha haholo. Le hoja ke ne ke se ke ena le dilemo tse ngata ke tsamaya ka sekepe mosebetsing wa ka wa potoloho, ke ne ke ntse ke sa tsebe ho sesa.

Pele ke le qoqela hore na ho etsahetseng ha morao, e re ke le bolelle hore na ho tlile jwang hore ke be tshebeletsong ya nako e tletseng.

Ke hlahetse sehlekehlekeng se setle sa Caribbean Curaçao ka 1942. Ntate wa ka o hlahetse Suriname yaba o fallela sehlekehlekeng seo hore a yo batla mosebetsi. Dilemo tse seng kae pele ke hlaha, ntate wa ka e ne e le e mong wa ba ileng ba kolobetswa wa Dipaki Tsa Jehova tsa pele tsa Curaçao. a Re ne re le bana ba bahlano lapeng mme Ntate o ne a ithuta Bibele le rona beke e nngwe le e nngwe le ha ka dinako tse ding re ne re sa batle ho ithuta. Ha ke le dilemo di 14, lelapa leso le ile la kgutlela Suriname e le hore Ntate a ka hlokomela mme wa hae ya neng a se a hodile dilemong.

HO BA LE METSWALLE E MOLEMO HO ILE HA NTHUSA

Ha ke le Suriname ke ile ka ba le metswalle ya batjha ka phuthehong ba neng ba tjhesehela ho sebeletsa Jehova. Ba ne ba le baholwanyane ho nna ebile e le bopulamadiboho ba ka mehla. Ha ba ne ba bua ka dintho tse ba etsahalletseng tshebeletsong ya tshimo, ke ne ke bona ka moo ba thabileng ka teng. Ka mora diboka, nna le metswalle ya ka re ne re buisana ka Bibele, ka dinako tse ding re bua ka yona re dutse ka ntle re shebile dinaledi. Metswalle ena ya ka e ile ya nthusa ho hlokomela hore na ke batla ho etsa eng ka bophelo ba ka, ke ne ke batla ho sebeletsa Jehova. Ka hoo, ke ile ka kolobetswa ha ke le dilemo di 16. Ha morao ha ke le dilemo di 18, ke ile ka ba pulamadiboho ya ka mehla.

KE ILE KA ITHUTA DITHUTO TSA BOHLOKWA

Ha ke ntse ke le pulamadiboho Paramaribo

Ke ithutile dintho tse ngata ha ke ne ke le pulamadiboho tse nthusitseng ha ke ntse ke le tshebeletsong ya nako e tletseng. Ka mohlala, e nngwe ya dintho tsa pele tseo ke ileng ka ithuta tsona ke bohlokwa ba ho kwetlisa batho ba bang. Ha ke qala ho ba pulamadiboho, moromuwa ya bitswang Willem van Seijl o ile a bontsha hore o a nthahasella. b O ile a nthuta hore na ke jwang nka phethang boikarabelo ba ka ka phuthehong. Ka nako eo, ke ne ke sa hlokomele hore ke hloka ho kwetliswa. Selemong se hlahlamang ke ile ka kgethwa hore ke be pulamadiboho e kgethehileng yaba ke qalella ho thusa dihlopha tse nyenyane tsa bara le baradibabo rona ba neng ba dula merung ya Suriname, hole le diphutheho tse ding. Ke ananela haholo kwetliso eo barababo rona ba ileng ba mpha yona ha ke ne ke e hloka. Esale ho tloha ka nako eo ke leka ho etsisa mohlala wa bona ka hore ke iphe nako ya ho kwetlisa batho ba bang.

Ntlha ya bobedi eo ke ileng ka ithuta yona ke melemo ya ho phela bophelo bo itekanetseng le bo hlophisehileng. Qalong ya kgwedi e nngwe le e nngwe, nna le morabo rona wa pulamadiboho e kgethehileng eo ke neng ke dula le yena re ne re sheba hore re tla hloka dijo kapa dintho dife kgweding eo. E mong wa rona o ne a lokela ho tsamaya leeto le le telele ho ya motsemoholo a yo reka dintho tseo re neng re tla di hloka. Re ne ra tlameha ho sebedisa tjhelete eo re neng re e fumana kgwedi le kgwedi le dintho tseo re di rekileng hantle e le hore di ka re nka kgwedi. Ho ne ho se na batho ba bangata ba ka re thusang haeba re ne re ka fellwa ke ntho e itseng re ntse re le ka morung. Ke nahana hore ho ithuta ho phela ke se na dintho tse ngata le ho hlophiseha ho nthusitse hore ke dule ke sebeletsa Jehova.

Ntho ya boraro eo ke ithutileng yona ke molemo wa ho ruta batho Bibele ka puo ya bona. Ke hotse ke bua puo ya Sedache, Senyesemane, Sepapiamento le Sranantongo (e boetse e tsebahala e le Sesranan) e leng yona puo e buuwang Suriname. Ke ile ka hlokomela hore batho ba ne ba mamela molaetsa wa Mmuso ha re ba ruta ka puo ya bona. Ke ne ke thatafallwa ke ho bua tse ding tsa dipuo tsena tse kang Sesaramacca se sebedisang mantswe a bitsetswang hodimo le tlase. Le hoja ke ne ke sebetsa ka thata ho ithuta dipuo tseo, ke a thaba hore ebe ke kgonne ho ithuta tsona. Ka dilemo tse ngata ke ile ka kgona ho ruta batho ba bangata Bibele hobane ke ne ke kgona ho bua puo ya bona.

Ho na le dintho tse ileng tsa etsahala tse ileng tsa etsa hore ke swabe. Ka mohlala, ho na le nako eo ke neng ke re ke botsa motho eo ke neng ke ithuta Bibele le yena ya buang Sesaramacca hore na o ikutlwa jwang ka ha o ne a tshwerwe ke mala. Empa ha e le hantle ke ile ka mo botsa hore na ebe o imme. Ho hlakile hore potso eo e ile ya etsa hore a swabe. Le hoja ke ne ke etsa diphoso tse kang tsena, ke ile ka dula ke leka ho bua dipuo tsa batho ba dulang sebakeng seo.

KE FUWA MOSEBETSI O MONG

Ka 1970 ke ile ka kgethwa hore ke be molebedi wa potoloho. Ka selemo seo ke ile ka bontsha dihlopha tse ngata tse dulang morung lenaneo la mokgatlo la di slide le nang le sehlooho se reng, “Ho Etela Ntlokgolo ya Lefatshe ya Dipaki Tsa Jehova.” Nna le barababo rona ba bang re ne re sebedisa sekepe se se telele se entsweng ka patsi ho ya ho bara le baradibabo rona. Re ne re tshwere jenereithara, sekupu sa peterole, mabone a peterole le dintho tse tla bapala di slide. Ha re fihla morung, re ne re lokela ho isa dintho tseo re tla di sebedisa moo re tla bapala lenaneo la di slide teng. Ntho eo ke e hopolang haholo ka maeto ao ke ka moo batho ba bangata ba neng ba rata mananeo ao ka teng. Ke ne ke thabela ho ruta batho ka Jehova le ka mokgatlo wa hae o lefatsheng. Ha ke bona hore ke sebeditse ka thata ho thusa batho ba bang hore e be metswalle ya Jehova, sena se ne se nthabisa haholo.

KE FUMANA MOLEKANE

Nna le Ethel re nyalane ka September 1971

Le hoja ho ba lesoha ho ne ho nthusa hore ke etse tshebeletso ya ka, ke ne ke ntse ke batla ho nyala. Ka hoo, ke ile ka rapella hore ke fumane mosadi ya neng a tla thabela ho sebetsa le nna tshebeletsong ya nako e tletseng, e neng e se bonolo ya ho sebetsa morung. Selemo ha morao, re ile ra ba leferehong le Ethel eo e neng e le pulamadiboho e kgethehileng, ya neng a ikemiseditse ho sebeletsa Jehova le ha ho se bonolo. Ethel o ne a rata moapostola Pauluse ho tloha a sa le monyenyane mme o ne a batla ho mo etsisa ka hore a etse sohle seo a ka se kgonang tshebeletsong. Re ile ra nyalana ka September 1971 mme ra tswela pele ka mosebetsi wa ho potoloha re se re le banyalani.

Ethel o holetse lelapeng le neng le se na dintho tse ngata mme ho ile ha eba bonolo hore a tlwaele mosebetsi wa ho potoloha morung. Ka mohlala, re ne re sa nke dintho tse ngata ha re ne re etela diphutheho tse harehare morung. Re ne re hlapela dinokeng le ho hlatswetsa diaparo tsa rona ho tsona mme re ja ntho e nngwe le e nngwe eo barababo rona ba re fang yona. Hape re ja diiguana, dipiranha kapa ntho e nngwe le e nngwe eo barababo rona ba e tsommeng kapa eo ba e fumaneng dinokeng. Ha re ne re se na dikotlolo, re ne re jella makgasing a dibanana. Ha re se na dikgaba, re ne re ja ka matsoho. Nna le Ethel re nka hore ho tela dintho tse itseng ha re ntse re sebeletsa Jehova mmoho ho entse hore kamano ya rona le yena e be matla. (Moek. 4:12) Re thabile haholo hore re ile sebeletsa Jehova ka tsela ena ebile ha re ikwahlaye.

Ka letsatsi le leng ha re ne re tswa ho etela bara le baradibabo rona ba morung, ho ile ha etsahala ntho eo ke le boleletseng yona qalong. Ha sekepe se fihla moo metsi a lwebehlanang, se ile sa ya ka tlasa metsi yaba se tswa kapele. Re lebohela hore ebe re ne re apere diaparo tse re sireletsang (life jackets) le hore ha re a ka ra wela ka metsing. Empa sekepe sa rona se ne se tletse metsi. Re ile ra ntshetsa dijo ka nokeng yaba re sebedisa dipitsa tse neng di tshetse dijo ho ntsha metsi a neng a le ka sekepeng.

Ka ha re ne re se na dijo, re ile ra qala ho tjheha ditlhapi re ntse re le nokeng empa re ne re sa di fumane. Ka hoo, re ile ra kopa Jehova hore a re fe dijo tseo re tla di ja letsatsing leo. Ka mora hore re rapele, morabo rona e mong o ile a fumana tlhapi e kgolo e ileng ya re lekana re le bahlano bosiung boo mme re ile ra kgotsofala.

KE BILE MONNA, NTATE LE MOLEBEDI WA POTOLOHO

Ka mora dilemo tse hlano re le mosebetsing wa potoloho, nna le Ethel re ile ra fumana tlhohonolofatso eo re neng re sa e lebella, re ne re tlo ba batswadi. Ke ne ke thabetse ho utlwa ditaba tsena le hoja ke ne ke sa tsebe hore na bophelo bo re tshwaretseng. Nna le Ethel re ne re batla ho dula re le tshebeletsong ya nako e tletseng haeba ho kgonahala. Ka 1976 mora wa rona Ethniël o ile a hlaha. Dilemo tse pedi le dikgwedi tse tsheletseng ha morao, mora wa rona wa bobedi Giovanni o ile a hlaha.

Ka 1983 ha ke ne ke shebelletse ha batho ba kolobetswa Nokeng ya Tapanahoni haufi le Godo Holo ka Botjhabela ba Suriname

Ofisi ya lekala e ile ya lokisetsa hore ke tswele pele ke le mopotolohi ka lebaka la tlhoko e neng e le teng Suriname ka nako eo le hoja re ne re ntse re hodisa bana. Ha bana ba rona ba ntse ba le banyenyane, ke ile ka kopuwa hore ke etele diphutheho tse mmalwa. Seo se ne se nthusa hore dibeke tse ding ke etele diphutheho ebe tse ding ke sebetsa ke le pulamadiboho phuthehong eo re neng re le ho yona. Ethel le bana ba rona ba ne ba tsamaya le nna ha re ne re etela diphutheho tse haufi le moo re neng re dula teng. Le ha ho le jwalo, ke ne ke tsamaya ke le mong ha ke ne ke ya diphuthehong le dikopanong tse morung.

Ha ke ne ke potoloha, ke ne ke tlwaetse ho etela diphutheho tse hole ka sekepe

Ke ne ke hlophisa dintho tsa ka hantle e le hore ke etse mesebetsi eo ke neng ke lokela ho e etsa. Ke ne ke etsa bonnete ba hore re tshwara thuto ya lelapa beke e nngwe le e nngwe. Ha ke ne ke etela diphutheho tse morung, Ethel o ne a tshwara thuto ya lelapa le bana ba rona. Ha ho kgonahala, re ne re dula re etsa dintho ha mmoho re le lelapa. Nna le Ethel re ne re ithabisa le bana ba rona, re bapala le bona kapa re etela dibakeng tseo re di ratang. Hangata ke ne ke robala bosiu haholo, ke lokisetsa mesebetsi eo ke neng ke lokela ho e etsa. Ethel e ne e le mosadi ya hlalositsweng ho Diproverbia 31:15. O ne a tsoha hoseng, a etsa bonnete ba hore re kgona ho bala temana ya letsatsi mmoho mme re thabela dijo le bana ba rona pele ba eya sekolong. Ke ananela haholo hore ebe ke na le mosadi ya dulang a itela mme a nthusa ho etsa mesebetsi yohle eo Jehova a mphileng yona.

Re sebeditse ka thata hore bana ba rona ba rate Jehova le tshebeletso. Re ne re batla hore ba kenele tshebeletso ya nako e tletseng hobane ba rata eseng re ba kgethele yona. Re ne re dula re ba bolella hore ba tla thaba ha ba kenela tshebeletso ya nako e tletseng. Le hoja re dumela hore re kopane le maemo a thata, re ne re bua ka moo Jehova a re thusitseng le ho re hlohonolofatsa ka teng. Re ne re etsa bonnete ba hore bana ba rona ba qeta nako e ngata le Dipaki tse behang Jehova pele bophelong ba tsona.

Jehova o re file dintho tsohle tseo re di hlokang ha re ne re hodisa bana. Ke ne ke etsa sohle seo nka se kgonang hore ke hlokomele lelapa la ka. Ho ba pulamadiboho e kgethehileng morung pele ke nyala ho nthutile hore ke boloke tjhelete bakeng sa dintho tseo re tla di hloka. Le hoja re ne re leka ho etsa sohle seo re ka se kgonang, ka dinako tse ding re ne re sa fumane dintho tsohle tseo re di hlokang. Ke dumela hore Jehova o ne a re thusa maemong ao. Ka mohlala, ka bo1980 ho ya ho 1990, ho ile ha eba le batho ba ipelaetsang Suriname. Dilemong tseo, ka nako tse ding ho ne ho eba thata ho fumana dintho tseo re di hlokang. Empa Jehova o ile a nna a re thusa.​—Mat. 6:32.

HA KE NAHANA KA BOPHELO BA KA

Ho tloha ka letsohong le letshehadi ho ya ka ho le letona: Ke na le mosadi wa ka Ethel

Mora wa rona e moholo Ethniël le mosadi wa hae Natalie

Mora wa rona Giovanni le mosadi wa hae Christal

Haesale Jehova a re hlokomela le ho re thusa hore re thabe le ho kgotsofala. Bana ba rona ba entse hore re thabe haholo ebile re ananela hore re kgonne ho ba hodisa hore ba sebeletse Jehova. Re thabiswa le ke hore ba kgethile ho kenela tshebeletso ya nako e tletseng. Ethniël le Giovanni ba ile ba ya dikolong tsa tshebeletso mme hona jwale ba sebeletsa ofising ya lekala e Suriname le basadi ba bona.

Nna le Ethel re se re hodile hona jwale empa re ntse re sebeletsa Jehova re le bopulamadiboho ba kgethehileng. Re phathahane hoo ke sa kgoneng ho fumana nako ya ho ithuta ho sesa empa ha ke ikwahlaye. Ha ke nahana ka bophelo ba ka, nka re ho etsa qeto ya ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng ke sa le motjha e bile qeto e molemohadi eo nkileng ka e etsa bophelong ba ka.

a Sheba Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2002, leq. 70.

b Pale ya bophelo ya Willem van Seijl e nang le sehlooho se reng Reality Has Exceeded My Expectations, e hlaha kgatisong ya October 8, 1999 ya Tsoha! ya Senyesemane.