Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 47

Le se ke la Dumella Letho ho le Arohanya le Jehova

Le se ke la Dumella Letho ho le Arohanya le Jehova

“Ke tshepile wena, Jehova.”​—PES. 31:14.

PINA YA 122 Ebang Sebete Mme le Tiye!

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Re tseba jwang hore Jehova o batla ho ba haufi le rona?

 JEHOVA o re kopa hore re be haufi le yena. (Jak. 4:8) O batla ho ba Modimo wa rona, Ntate wa rona le motswalle wa rona. O araba dithapelo tsa rona hape o a re thusa ha re ena le mathata. O boetse o sebedisa mokgatlo wa hae ho re ruta le ho re sireletsa. Re lokela ho etsang e le hore re atamele ho Jehova?

2. Re ka etsang e le hore re atamele ho Jehova?

2 Re ka atamela ho Jehova ka ho mo rapela, ho bala Lentswe la hae le ho nahana ka lona. Ha re etsa jwalo, re tla mo rata re be re mo nke a le bohlokwa ho rona. Hape re tla susumeletseha ho mo fa tlhompho le thoriso tse mo loketseng. (Tshen. 4:11) Re tla tshepa Jehova le mokgatlo oo a re fileng wona bakeng sa ho re thusa ha re ntse re ithuta ka yena haholwanyane.

3. Diabolose o etsang ho leka ho re arola ho Jehova, hona re ka thuswa ke eng hore re se ke ra furalla Modimo wa rona le mokgatlo wa hae? (Pesaleme ya 31:13, 14)

3 Diabolose o leka ho re arohanya le Jehova, haholoholo nakong eo re nang le mathata. O etsa jwalo jwang? O leka ho etsa hore butlebutle re kgaotse ho tshepa Jehova le mokgatlo wa hae. Empa re ka hlola maqiti a hae. Haeba tumelo ya rona e le matla ebile re tshepa Jehova ka ho feletseng, re ke ke ra furalla Modimo wa rona le mokgatlo wa hae.​—Bala Pesaleme ya 31:13, 14.

4. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

4 Sehloohong sena re tlo bua ka mathata a mararo ao re ka a bakelwang ke batho bao e seng Dipaki Tsa Jehova. Mathata ana a ka etsa hore re se ke ra tshepa Jehova le mokgatlo wa hae. Mathata aa a ka re arohanya le Jehova jwang? Re ka etsang e le hore re hlole maqiti a Satane?

HA RE EBA LE MATHATA

5. Ke jwang mathata a ka etsang hore re se ke ra tshepa Jehova le mokgatlo wa hae?

5 Ka dinako tse ding re ba le mathata a kang ho hanyetswa ke ba lelapa kapa ho fellwa ke mosebetsi. Ke jwang mathata ao a ka etsang hore re se ke ra tshepa mokgatlo wa Jehova le ho re arohanya le yena? Ha re hlahelwa ke mathata nako e telele, re ka ikutlwa re nyahame re bile re se na tshepo. Nakong eo, Satane o nka monyetla ebe o etsa hore re utlwe eka Jehova ha a re rate. Diabolose o batla hore re nahane hore re bakelwa mathata ke Jehova le mokgatlo wa hae. Baiseraele ba ile ba etsahallwa ke ntho e kang ena ha ba le Egepeta. Qalong ba ne ba dumela hore Jehova o kgethile Moshe le Arone ho ba lopolla bokgobeng. (Ex. 4:29-31) Empa eitse ha Faro a ba tshwara ka thata, ba beha Moshe le Arone molato bakeng sa mathata a bona mme ba re: “Le entse hore Faro le bahlanka ba hae ba re hloye mme le behile sabole matsohong a bona hore ba re bolaye.” (Ex. 5:19-21) Ke ntho e utlwisang bohloko hakaakang hore ebe ba ile ba beha bahlanka ba tshepahalang ba Modimo molato bakeng sa mathata a bona! Haeba o mameletse mathata nako e telele, o ka etsang e le hore o dule o tshepa Jehova le mokgatlo wa hae ka ho feletseng?

6. Re ka ithutang ho moprofeta Habakuke tabeng ya ho mamella mathata? (Habakuke 3:17-19)

6 Rapela Jehova o mo phetlele sefuba mme o itshetlehe ka yena. Moprofeta Habakuke o ile a ba le mathata a mangata. Ka nako e nngwe o ile a belaela hore na ebe Jehova o a mo tsotella ka hoo, o ile a rapela yaba o bolella Jehova ka moo a ikutlwang ka teng. O ile a re: “Ao hle Jehova! Ke tla kopa thuso ho fihlela neng empa o sa nkutlwe? . . . Ke hobaneng ha o dumella batho ho hatella ba bang?” (Hab. 1:2, 3) Jehova o ile a araba thapelo e tswang pelong ya mohlanka enwa wa hae ya tshepahalang. (Hab. 2:2, 3) Habakuke o ile a thaba hape ka mora hore a nahanisise ka tsela eo Jehova a ileng a pholosa batho ba hae ka yona. O ile a kgodiseha hore Jehova o a mo tsotella le hore o tla mo thusa ho mamella mathata le ha e le afe. (Bala Habakuke 3:17-19.) Re ka ithutang tabeng ee? Ha o eba le mathata, rapela Jehova mme o mo bolelle ka moo o ikutlwang ka teng. Ka mora moo, o itshetlehe ka yena. Ha o etsa jwalo o tla kgodiseha hore Jehova o tla o fa matla ao o a hlokang hore o mamelle. Ha o bona hore Jehova o o tsheheditse, tumelo ya hao ho yena e tla ba matla.

7. Motho ya amanang le moradiwabo rona Shirley o ile a leka ho mo susumeletsa ho etsang, hona moradiwabo rona Shirley o ile a etsang hore a dule a tshepahalla Jehova?

7 O se ke wa kgaotsa ho etsa dintho tse tla o thusa hore o dule o le haufi le Jehova. Hlokomela hore na sena se ile sa thusa moradiwabo rona Shirley ya dulang Papua New Guinea jwang ha a ne a ena le mathata. b Lelapa la hae le ne le futsanehile hoo ka dinako tse ding ho neng ho le thata hore ba fumane dijo tse lekaneng. Motho e mong ya amanang le yena o ile a leka ho etsa hore a se ke a tshepa Jehova. O ile a re: “O re moya o halalelang wa Modimo o a o thusa empa o o thusitse kang lelapa la hao le ntse le futsanehile tjee? O itshenyetsa nako ka ho nna o bua le batho ka Bibele.” Moradiwabo rona Shirley o re: “Ke ile ka ipotsa hore na ebe Modimo o a re tsotella kapa tjhe. Hanghang ke ile ka rapela Jehova yaba ke mo bolella ntho e nngwe le e nngwe eo ke neng ke e nahana. Ha ke a ka ka kgaotsa ho bala Bibele le dingolwa tsa rona, ho ya dibokeng le ho bolella batho ka molaetsa wa Bibele.” Ka mora moo, o ile a bona hore Jehova o ne a hlokomela lelapa la hae. Ha ba a ka ba hloka seo ba se jang ebile ba ne ba thabile. Moradiwabo rona Shirley o re: “Ke ile ka bona hore Jehova o arabela dithapelo tsa ka.” (1 Tim. 6:6-8) Haeba o tswela pele ho etsa dintho tse tla o thusa hore o dule o le haufi le Jehova, le wena o ke ke wa dumella mathata kapa dipelaelo hore di o arohanye le Jehova.

HA BARABABO RONA BA ETELLANG PELE BA TSHWARWA HAMPE

8. Ho ka nna ha etsahalang ka barababo rona ba etellang pele ka mokgatlong wa Jehova?

8 Dira tsa rona di ka sebedisa metjha ya diphatlalatso kapa ya dipuisano ho jala mashano le ditaba tse ka etsang hore re se ke ra tshepa barababo rona ba etellang pele ka hara mokgatlo wa Jehova. (Pes. 31:13) Bara ba bang babo rona ba ile ba tshwarwa ha thwe ke ditlokotsebe. Bakreste ba mehleng ya pele le bona ba ile ba tobana le boemo bo tshwanang nakong eo moapostola Pauluse a neng a qoswa ka bohata a bile a tshwarwa. Ba ile ba etsa jwang?

9. Bakreste ba bang ba ile ba etsang ha moapostola Pauluse a ne a tshwerwe?

9 Ha moapostola Pauluse a ne a tshwerwe Roma, Bakreste ba bang ba ile ba kgaotsa ho mo tshehetsa. (2 Tim. 1:8, 15) Ke hobaneng ha ba ile ba etsa jwalo? Mohlomong ba ne ba swabela moapostola Pauluse hobane batho ba ne ba re ke setlokotsebe. (2 Tim. 2:8, 9) Kapa mohlomong ba ne ba tshaba hore le bona ba tla hloriswa. Ho sa tsotellehe hore na mabaka a bona e ne e le afe, nahana feela hore na Pauluse o ile a ikutlwa jwang. O ile a mamella mathata a mangata a ba a beha bophelo ba hae kotsing molemong wa bona. (Dik. 20:18-21; 2 Bakor. 1:8) Le ka mohla ha re a lokela ho tshwana le Bakreste bao ba sa kang ba thusa Pauluse nakong eo a neng a ba hloka. Re lokela ho hopolang ha barababo rona ba etellang pele ba hloriswa?

10. Re lokela ho hopola eng ha barababo rona ba etellang pele ba hloriswa, hona hobaneng?

10 Hopola hore na ke hobaneng ha re hloriswa le hore na ke mang ya etsang hore re hloriswe. 2 Timothea 3:12 e re: “Barutuwa bohle ba Kreste Jesu ba batlang ho sebeletsa Modimo ka botshepehi ba tla hloriswa.” Ka lebaka leo, ha re a lokela ho makala ha Satane a hlasela ka ho kgetheha barababo rona ba etellang pele. O batla hore bara bana babo rona ba kgaotse ho tshepahalla Jehova ebile le rona o batla ho re tshosa.​—1 Pet. 5:8.

Le hoja Pauluse a ne a le teronkong, ka sebete Onesiforase o ile a mo tshehetsa. Mehleng ena bara le baradibabo rona ba tshehetsa Bakrestemmoho ba teronkong jwalo ka ha re bona setshwantshong (Sheba serapa sa 11 le 12)

11. Re ithutang mohlaleng wa Onesiforase? (2 Timothea 1:16-18)

11 Tswela pele ho tshehetsa Bakrestemmoho le ho ba tshepahalla. (Bala 2 Timothea 1:16-18.) Mokreste e mong ya bitswang Onesiforase yena o ile a etsa ntho e fapaneng le e ileng ya etswa ke Bakreste ba bang ha Pauluse a ne a tshwerwe. ‘Ha a ka a swabela [Pauluse] hobane e le motshwaruwa.’ Ho ena le hoo, o ile a batla Pauluse mme ha a mo fumana o ile mo thusa ka dintho tseo a di hlokang. Onesiforase o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka ho etsa jwalo. Ke eng seo re ka ithutang sona ho Onesiforase? Ha re a lokela ho tshaba batho hoo re ke keng ra tshehetsa Bakrestemmoho le rona ha ba hloriswa. Ho ena le hoo, re lokela ho etsa sohle hore re ba thuse. (Diprov. 17:17) Ba hloka hore re ba rate re be re ba tshehetse.

12. Re ithutang ho bara le baradibabo rona ba Russia?

12 Nahana ka moo bara le baradibabo rona ba Russia ba thusitseng Bakrestemmoho le bona ba kwaletsweng diteronkong. Ha ba bang ba iswa nyeweng, bara le baradibabo rona ba bangata ba ya kgotla ho ya ba tshehetsa. Re ithutang tabeng ee? Ha re a lokela ho tshoha ha barababo rona ba etellang pele ba etselletswa, ba tshwarwa kapa ba hloriswa. Ho ena le hoo, re lokela ho ba rapella, re thuse ba malapa a bona re be re batle ditsela tse ding tsa ho ba tshehetsa.​—Dik. 12:5; 2 Bakor. 1:10, 11.

HA RE SONGWA

13. Ho songwa ke batho ho ka etsa hore re se ke ra tshepa Jehova le mokgatlo wa hae jwang?

13 Batho bao re amanang le bona bao eseng Dipaki, basebetsimmoho le rona kapa bana bao re kenang sekolo le bona ba ka re soma hobane re bua ka molaetsa wa Bibele kapa hobane re phela ka melao ya Jehova. (1 Pet. 4:4) Ba ka nna ba re: “Wena ke a o rata empa bodumedi ba hao bo tshwara batho ka thata ebile bo siilwe ke nako.” Ba bang ba ka nna ba re soma ka lebaka la tsela eo re tshwarang batho ba kgaotsweng ka yona, ba re: “O kgona jwang ho re o lerato empa o tshwara batho tjee?” Dipuo tse kang tsena di ka etsa hore re ipotse hore na ebe melao ya Jehova e nepahetse. Re ka nna ra ipotsa: ‘Ebe Jehova o lebeletse hore ke etse dintho tseo nkekeng ka kgona ho di etsa? Na ebe mokgatlo wa hae ha o re tshware ka thata haholo?’ Haeba o ikutlwa jwalo, o ka etsang hore o dule o le haufi le Jehova le mokgatlo wa hae?

Jobo ha a ka a mamela mashano a batho ba neng ba ikentse eka ke metswalle ya hae empa o ne a ikemiseditse ho tshepahalla Jehova (Sheba serapa sa 14)

14. Re lokela ho etsang haeba batho ba bang ba re soma hobane re phela ka tsela eo Jehova a reng e nepahetse? (Pesaleme ya 119:50-52)

14 Ikemisetse ho etsa dintho tseo Jehova a reng di nepahetse. Jobo o ne a etsa dintho tseo Jehova a neng a re di nepahetse le ha batho ba bang ba ne ba mo soma hobane a etsa jwalo. Motho e mong ya neng a ikentse eka ke motswalle wa Jobo o ile a leka ho etsa hore Jobo a nahane hore Modimo ha a na taba hore na o etsa dintho tse nepahetseng kapa tjhe. (Jobo 4:17, 18; 22:3) Empa Jobo ha a ka a kgolwa leshano leo. O ne a tseba hore dintho tseo Jehova a reng re di etse di nepahetse ebile o ne a ikemiseditse ho di etsa. Ha a ka a dumella batho ba bang hore ba etse hore a se ke a tshepahala. (Jobo 27:5, 6) Re ithutang tabeng ee? O se ke wa dumella hore ho songwa ke batho ho etse hore o belaelle tsela eo Jehova a reng re phele ka yona. Nahana ka dintho tse etsahetseng bophelong ba hao. Mohlomong o hlokometse hore hangata dintho di o tsamaela hantle ha o etsa dintho tseo Jehova a reng di nepahetse. Ikemisetse ho tshehetsa mokgatlo o etsang dintho ka tsela eo Jehova a reng re di etse ka yona. Ha re etsa jwalo, re ke ke ra tlohela ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe hore na batho ba re soma hakae.​—Bala Pesaleme ya 119:50-52.

15. Ke hobaneng ha beng ka Brizit ba ne ba mo soma?

15 Nahana ka se ileng sa etsahalla moradiwabo rona Brizit ya dulang India. Lelapa labo le ile la mo soma hobane e le Paki ya Jehova. Nako e kgutshwane ka mora hore a kolobetswe ka 1997, monna wa hae eo eseng Paki ya Jehova o ile a fellwa ke mosebetsi. Monna wa moradiwabo rona Brizit o ile a etsa qeto ya hore lelapa lohle le yo dula le batswadi ba hae teropong e nngwe. Empa ntho eo e ile ya bakela Brizit mathata a mangata le ho feta. O ile a tlameha ho qeta nako e telele a sebetsa e le hore a hlokomele lelapa hobane monna wa hae o ne a feletswe ke mosebetsi. Hape phutheho eo a neng a se a kopanela ho yona e ne e le bohole ba dikhilomithara tse 350. Ka bomadimabe ba bohadi ba hae ba ne ba sa rate hore ebe ke Paki ya Jehova. Boemo bo ile ba eba bobe hoo Brizit le lelapa la hae ba ileng ba tlameha ho tswa moo ha bo monna wa hae. Ka mora moo, monna wa hae o ile a hlokahala ka tshohanyetso. Ha morao moradi wa hae ya dilemo di 12 o ile a bolawa ke kankere. Ntho e bohloko le ho feta ke hore beng ka Brizit ba ne ba re mathata ana a bakilwe ke yena. Ba ne ba re hoja ebe ha se Paki ya Jehova, dintho tsena kaofela di ka be di sa etsahala. Ho ntse ho le jwalo, ha a ka a tlohela ho tshepa Jehova ebile ha a ka a tlohela mokgatlo wa hae.

16. Brizit o ile a putswa jwang ka lebaka la ho dula a le haufi le Jehova le mokgatlo wa hae?

16 Ka ha Brizit o ne a dula hole haholo le phutheho, molebedi wa potoloho o ile a mo kgothaletsa hore a bue le batho ka molaetsa wa Bibele sebakeng seo a dulang ho sona le hore a tshwarele diboka ha hae. Qalong o ne a thatafallwa empa o ile a sebedisa keletso eo mopotolohi a neng a mo file yona. O ne a bua le batho ka Bibele, a tshwarela diboka ha hae a bile a ipha nako ya ho tshwara borapedi ba lelapa le baradi ba hae. Phello e ile ya eba efe? Brizit o ile a kgona ho kganna dithuto tsa Bibele tse ngata mme boholo ba batho bao a neng a ithuta Bibele le bona ba ile ba kolobetswa. Ka 2005 e ile ya eba pulamadiboho ya ka mehla. O ile a putswa hobane o ile a tshepa Jehova a ba a tshepahalla mokgatlo wa hae. Baradi ba hae ba sebeletsa Jehova ka botshepehi ebile ho se ho ena le diphutheho tse pedi moo a dulang teng. Brizit o kgodisehile hore Jehova o ile a mo fa matla a ho sebetsana le mathata a hae le ho mamella ho songwa ke beng ka yena.

DULA O TSHEPAHALLA JEHOVA LE MOKGATLO WA HAE

17. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

17 Satane o batla hore re dumele hore Jehova a ke ke a re thusa nakong eo re nang le mathata le hore ho dula re le ka mokgatlong wa Jehova ho tla re thatafaletsa bophelo. Satane o batla hore re tshohe ha barababo rona ba etellang pele ba senngwa lebitso, ba hloriswa kapa ba tshwarwa. O etsa hore batho ba re some hobane a batla hore re se ke ra tshepa mokgatlo wa Jehova le tsela eo a batlang hore re phele ka yona. Le ha ho le jwalo, re tseba maqiti ana a hae ebile a ke ke a re thetsa. (2 Bakor. 2:11) Ikemisetse ho dula o tshepahalla Jehova le mokgatlo wa hae mme o se ke wa kgolwa mashano a Satane. Hopola hore Jehova a ke ke a o lahla. (Pes. 28:7) Ka hoo, o se ke wa dumella letho ho o arohanya le Jehova.​—Bar. 8:35-39.

18. Re tlo bua kang sehloohong se latelang?

18 Sehloohong sena re buile ka mathata ao re ka a bakelwang ke batho bao eseng Dipaki Tsa Jehova. Empa botshepehi ba rona ho Jehova le mokgatlo wa hae bo ka boela ba lekwa ke dintho tse etsahalang ka hare ho phutheho. Re ka thuswa keng boemong boo? Re tla bua ka taba ena sehloohong se latelang.

PINA YA 118 Re fe Tumelo e Matla

a Re lokela ho dula re tshepa Jehova le mokgatlo wa hae e le hore re mamelle ka botshepehi matsatsing ana a ho qetela. Diabolose o sebedisa mathata ho leka ho etsa hore re se ke ra tshepa Jehova le mokgatlo wa hae. Sehloohong sena, re tla bua ka dintho tse tharo tseo a di sebedisang le hore na re ka etsang e le hore re dule re tshepahala.

b Mabitso a mang a fetotswe.