Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o ne o Tseba?

Na o ne o Tseba?

Na Mordekai o kile a ba teng?

BUKENG ya Bibele ya Esthere ho buuwa haholo ka Mojuda ya bitswang Mordekai. E ne e le motshwaruwa wa Mojuda ya neng a sebetsa phaleising ya borena ya Persia. O ne a sebetsa moo mehleng ya Morena Asueruse ya qadileng ho busa ka 496. (Mehleng ena batho ba bangata ba dumela hore morena eo ke Xerxes wa Pele.) Mordekai o ile a nyopisa morero wa ho bolaya morena. Morena o ile a ananela seo mme a etsa hore Mordekai a hlomphehe ka pela batho bohle. Ha morao ka mora lefu la Hamane ya neng a hloile Mordekai le Bajuda ba bang, morena o ile a etsa hore Mordekai a nyollelwe boemong ba ho ba tonakgolo. Ha e se e le tonakgolo, o ile a etsa molao o ileng wa pholosa Bajuda bohle ba Pusong ya Persia polaong e sehloho.​—Esthere 1:1; 2:5, 21-23; 8:1, 2; 9:16.

Borahistori ba bang ba mathwasong a dilemo tsa bo1900 ba re buka ya Esthere ke pale e iqapetsweng mme Mordekai ha se motho ya kileng a ba teng. Le ha ho le jwalo, ka 1941 baepolli ba dintho tsa kgale ba ile ba fumana bopaki bo tshehetsang tlaleho ya Bibele e buang ka Mordekai. Ba ile ba fumana eng?

Bafuputsi ba ile ba fumana mongolo wa kgale wa Persia o nang le lebitso Marduka (Ka Sesotho Mordekai). E ne e le molaodi, mohlomong motshwari wa matlotlo wa Shushane. Nakong eo ho neng ho fumanwa mongolo oo, Arthur Ungnad eo e neng e le setsebi sa histori ya sebaka seo o ile a ngola a re leo e ne e le “lekgetlo la pele Mordekai a hlaha dinthong tseo e seng karolo ya Bibele.”

Ka mora hore a ngole taba eo, ditsebi di ile tsa fetolela dingolwa tse ngata tsa Persia tsa mehleng ya kgale. Tse ding tsa dingolwa tsena ke maqhetswana a letsopa a Persepodis a ileng a fumanwa dithakong tsa motse wa Persepodis. Maqhetswana ana ke a mehleng ya ha ho ne ho busa Xerxes wa Pele. A ngotswe ka Seelame mme a na le mabitso a mmalwa a hlahang bukeng ya Esthere. a

Lebitso Mordekai (Marduka) dingolweng tsa Persia tsa mehleng ya kgale

Maqhetswaneng a mmalwa a Persepodis ho hlaha lebitso Marduka. E ne e le mongodi wa morena phaleising e Shushane nakong ya puso ya Morena Xerxes wa Pele. Leqhetswana le leng le re Marduka e ne e le mofetoledi. Taba ena e dumellana le tsela eo Bibele e hlalosang Mordekai ka yona. O ne a sebeletsa Morena Asueruse (Xerxes wa Pele) ebile o ne a bua dipuo tse pedi kapa ho feta. Hangata Mordekai o ne a dula keiting ya morena e phaleising e Shushane. (Esthere 2:19, 21; 3:3) Keiti ena e ne e le mohaho o moholo oo diofisiri tsa phaleising di neng di sebeletsa ho wona.

Marduka eo ho buuwang ka yena maqhetswaneng le Mordekai eo ho buuwang ka yena ka Bibeleng ba na le dintho tse ngata tseo ba tshwanang ka tsona. Ba phetse ka nako e le nngwe, sebakeng se le seng ba bile ba sebetsa mosebetsi o tshwanang nqa e le nngwe. Dintho tsena kaofela di a bontsha hore Marduka le Mordekai ke motho a le mong.

a Ka 1992 moprofesa e mong wa histori Edwin M. Yamauchi o ile a ngola ditaba tse nang le mabitso a leshome a hlahang dingolweng tsa Persepodis a bileng a hlahang le bukeng ya Esthere.