Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 48

Sebedisa Kelello ya Hao Hantle ha Botshepehi ba Hao bo Lekwa

Sebedisa Kelello ya Hao Hantle ha Botshepehi ba Hao bo Lekwa

O dule o sebedisa kelello hantle dinthong tsohle.”​—2 TIM. 4:5.

PINA YA 123 Ikokobelletse Taolo ya Modimo ka Botshepehi

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Ho sebedisa kelello hantle ho bolelang? (2 Timothea 4:5)

 HA HO etsahala ntho e itseng e re utlwisang bohloko, botshepehi ba rona ho Jehova le ho mokgatlo wa hae bo ka lekwa. Re ka thuswa keng ha re hlahelwa ke ntho e jwalo? Re lokela ho sebedisa dikelello tsa rona hantle, re eme re tiile tumelong. (Bala 2 Timothea 4:5.) Re sebedisa dikelello tsa rona hantle ha re dula re kgobile matshwafo, re nahana dintho hantle ebile re leka ho bona dintho ka moo Jehova a di bonang ka teng. Haeba re etsa jwalo re ke ke ra nkwa ke maikutlo.

2. Re tlo bua kang sehloohong see?

2 Sehloohong se fetileng, re buile ka mathata a mararo ao re ka a bakelwang ke batho bao eseng Dipaki Tsa Jehova. Sehloohong sena, re tla bua ka dintho tse tharo tse ka etsahalang ka phuthehong tse ka lekang botshepehi ba rona ho Jehova. Dintho tseo ke (1) ha Mokrestemmoho le rona a etsa ntho e re utlwisang bohloko, (2) ha re kgalemelwa le (3) ha re thatafallwa ho amohela diphetoho tse etswang ka mokgatlong. Re ka sebedisa dikelello tsa rona jwang mme ra tshepahalla Jehova le mokgatlo wa hae nakong eo re kopanang le mathata aa?

HA MOKRESTEMMOHO LE RONA A ETSA NTHO E RE UTLWISANG BOHLOKO

3. Re ka ikutlwa jwang ha Mokrestemmoho le rona a re utlwisitse bohloko?

3 Na o kile wa utlwiswa bohloko ke Mokrestemmoho, mohlomong ebile e le ya nang le boikarabelo ka phuthehong? E ka nna yaba o ne a sa rera ho o utlwisa bohloko. (Bar. 3:23; Jak. 3:2) Ho ntse ho le jwalo, ntho eo a e entseng e o utlwisitse bohloko. E ka nna yaba o ne o sa robale le bosiu o ntse o nahana ka taba ena. E ka nna yaba o ile wa ba wa ipotsa hore na haeba Paki e etsa ntho e tjena, na ehlile ona ke mokgatlo wa Modimo. Ke yona ntho eo Satane a batlang hore o e nahane. (2 Bakor. 2:11) Ho nahana jwalo ho ka etsa hore re kgaotse ho sebeletsa Jehova mme re tlohele le mokgatlo wa hae. Haeba Mokrestemmoho a re utlwisitse bohloko re ka sebedisa dikelello tsa rona hantle jwang mme ra qoba ho nahana ka tsela eo Satane a batlang hore re nahane ka yona?

4. Keng e ileng ya thusa Josefa ho sebedisa kelello hantle ha a ne a tshwarwa hampe, hona re ka ithutang mohlaleng wa hae? (Genese 50:19-21)

4 O se ke wa jara batho ka pelo. Ha Josefa a sa le motjha, bo abuti ba hae ba ile ba mo tshwara hampe. Ba ne ba mo hloile mme ba bang ba bona ba ne ba bile ba batla ho mo bolaya. (Gen. 37:4, 18-22) Ba ile ba qetella ba mo rekisitse hore e be lekgoba. Ka lebaka leo, Josefa o ile a kopana le diteko tse ngata ka dilemo tse ka bang 13. Josefa o ne a ka nna a nahana hore Jehova ha a mo rate. Hape a ka be a ile a nahana hore Jehova o mo lahlile nakong eo a neng a mo hloka haholo. Josefa ha a ka a kwetla lehloyo. Ho ena le hoo, o ile a kgoba matshwafo. Ha a ka a iphetetsa ho bo abuti ba hae le hoja a ne a ena le monyetla. Ho ena le hoo, o ile a ba tshwarela mme a ba bontsha hore o a ba rata. (Gen. 45:​4, 5) Josefa o thusitswe ke hore o ile a sebedisa kelello hantle. Ha a ka a nahana ka mathata a hae empa o ile a nahana ka hore na Jehova o batlang. (Bala Genese 50:19-21.) Re ithutang tabeng ee? Haeba o tshwarwa hampe, o se ke wa kwatela Jehova kapa wa nahana hore o o lahlile. Ho ena le hoo, nahana ka hore na o o thusa jwang hore o mamelle bothata boo. Ho feta moo, ha batho ba o tshwara hampe, o iphapanyetse diphoso tsa bona ka hore o ba rate.​—1 Pet. 4:8.

5. Miqueas o ile a sebedisa kelello ya hae hantle jwang ha a ne a bona eka ha a tshwarwa hantle?

5 Nahana ka mohlala wa moholo e mong ya tswang Amerika Borwa eo lebitso la hae e leng Miqueas. b Ha a bua ka nako eo a neng a utlwa eka bara ba bang babo rona ba nang le boikarabelo ka phuthehong ba ne ba mo tshwere hampe o re: “Ke ne ke qala ho imelwa hakaalo haesale e le nna. Ke ne ke tshwenyehile. Ke ne ke sa robale bosiu, ke lla, ke utlwa eka ha ho na ntho eo nka e etsang.” Ho ntse ho le jwalo, Miqueas o ile a nahana dintho hantle mme a sebetsa ka thata hore a kgone ho laola maikutlo a hae. O ne a rapela Jehova hangata mme a mo kopa hore a mo fe moya o halalelang le matla a hore a kgone ho mamella. O ile a boela a batla dingolwa tsa rona tse ka mo thusang. Re ithutang? Haeba o utlwa eka mora kapa moradiwabo rona o o tshwere hampe, kgoba matshwafo mme o leke ho tlosa maikutlo a mabe ao e ka nnang yaba o na le ona ka yena. E ka nna yaba ha o tsebe ntho e entseng hore motho eo a bue kapa a etse dintho ka tsela eo a di entseng ka yona. Rapela Jehova mme o mo kope hore a o thuse hore o bone dintho ka tsela eo motho eo a di bonang ka yona. Ho etsa jwalo ho tla o thusa hore o bone hore e ka nna yaba mora kapa moradiwabo rona o ne a sa ikemisetsa ho o utlwisa bohloko le hore o kgone ho mo tshwarela. (Diprov. 19:11) Hopola hore Jehova o tseba boemo ba hao hantle mme o tla o fa matla a hore o kgone ho mamella.​—2 Dikron. 16:9; Moek. 5:8.

HA RE KGALEMELWA

6. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho utlwisisa hore Jehova o re kgalemela hobane a re rata? (Baheberu 12:5, 6, 11)

6 Re ka utlwa bohloko ha re kgalemelwa. Haeba re dula re nahana ka bohloko boo re bo utlwileng, re ka qetella re nahana hore re kgalemetswe ka ho hloka toka le hore re ne re sa lokela ho kgalemelwa kapa ha re a kgalemelwa hantle. Sena se ka etsa hore re se ke ra bona ntho ya bohlokwa e leng hore Jehova o re kgalemela hobane a re rata. (Bala Baheberu 12:5, 6, 11.) Haeba re itumella hore re nkwe ke maikutlo, re fa Satane monyetla wa hore a re hlasele. O batla hore re se ke ra mamela ha re kgalemelwa mme ho hobe le ho feta ke hore o batla hore hanyane ka hanyane re tlohele ho sebeletsa Jehova le hore re furalle mokgatlo wa hae. O ka sebedisa kelello ya hao hantle jwang ha o kgalemelwa?

Jehova o ile a sebedisa Petrose hobane o ile a ikokobetsa mme a mamela ha a kgalemelwa (Sheba serapa sa 7)

7. (a) Jwalo ka ha ho bontshitswe setshwantshong, Jehova o ile a sebedisa Petrose jwang ka mora hore a amohele kgalemelo? (b) O ithutang mohlaleng wa Petrose?

7 Amohela kgalemelo mme o etse diphetoho moo ho hlokahalang. Ka makgetlo Jesu o ile a kgalemela Petrose ka pela baapostola ba bang. (Mar. 8:33; Luka 22:31-34) E ka nna yaba Petrose o ile a swaba haholo. Le ha ho le jwalo, o ile a dula a tshepahalla Jesu. O ile a amohela ha a kgalemelwa yaba o ithuta diphosong tsa hae. Qetellong, Jehova o ile a putsa Petrose hobane a ile a tshepahala mme a mo fa boikarabelo ba bohlokwa ka phuthehong. (Joh. 21:15-17; Dik. 10:24-33; 1 Pet. 1:1) Re ithutang mohlaleng wa Petrose? Re ka rua molemo haeba re sa dule re nahana ka hore na re ile ra tlotlolleha hakae ha re kgalemelwa empa re amohele kgalemelo mme re etse diphetoho moo ho hlokahalang teng. Ha re etsa jwalo, Jehova o tla re sebedisa ebile re tla thusa badumedimmoho le rona.

8, 9. Bernardo o ile a ikutlwa jwang ka mora hore a kgalemelwe, hona o ile a thuswa keng hore a lokise tsela eo a neng a nahana ka yona?

8 Nahana ka se ileng sa etsahalla morabo rona Bernardo wa Mozambique. O ile a tloswa hore e se ke ya hlola e eba moholo. Qalong Bernardo o ile a ikutlwa jwang? O re: “Ke ile ka kwata hobane ke ne ke sa rate hore ebe ke kgalemetswe.” O ne a tshwenyehile ka hore na batho ba bang ka phuthehong ba tla mo nka jwang. O re: “Ho nkile dikgwedi tse mmalwa hore ke nke kgalemelo ena ka tsela e nepahetseng le hore ke tshepe Jehova le mokgatlo wa hae hape.” Bernardo o ile a thuswa keng?

9 Bernardo o ile a lokisa tsela eo a nahanang ka yona. O re: “Ha ke ne ke le moholo, ke ne ke sebedisa lengolo la Baheberu 12:7 ho thusa batho ba bang hore ba be le pono e nepahetseng ha Jehova a ba kgalemela. Yaba ke a ipotsa, ‘Ke mang ya lokelang ho etsa seo lengolo lee le se buang?’ Ke bahlanka bohle ba Jehova ho akareletsa le nna.” Bernardo o ile a etsa dintho tse ding hape e le hore a boele a tshepe Jehova le mokgatlo wa hae. O ile a eketsa nako eo a e qetang a ntse a bala Bibele a bile a nahana ka dintho tseo a di badileng. Le hoja a ne a ntse a tshwenyehile ka hore na Bakrestemmoho le yena ba mo nka jwang, o ile a nna a sebetsa le bona tshimong a ba a nka karolo dibokeng. Ha nako e ntse e eya o ile a boela a kgethwa hore e be moholo. Haeba le wena o kgalemetswe, o se ke wa nahana haholo ka moo o swabileng ka teng empa amohela kgalemelo ebe o etsa diphetoho tse hlokahalang. c (Diprov. 8:33; 22:4) Haeba o etsa jwalo, Jehova o tla o putsa ka hore ebe o ile wa ba haufi le yena le phutheho ya hae ka botshepehi.

HA RE THATAFALLWA HO AMOHELA DIPHETOHO TSE ETSWANG KA MOKGATLONG

10. Ke phetoho efe e ileng ya ba teng eo e ka nnang yaba e ile ya leka botshepehi ba Baiseraele ba bang?

10 Botshepehi ba rona bo ka lekwa ha ho eba le diphetoho ka mokgatlong. Ha re sa hlokomele re ka ba ra qetella re suthetse hole le Jehova. Mohlala, nahana ka moo diphetoho tse ding di ileng tsa ama Baiseraele ka teng. Pele Jehova a fa Baiseraele Molao, dihlooho tsa malapa e ne e le tsona tse etsang mesebetsi e etswang ke baprista. Di ne di haha dialetare di bile di etsetsa Jehova mahlabelo bakeng sa malapa a tsona. (Gen. 8:20, 21; 12:7; 26:25; 35:1, 6, 7; Jobo 1:5) Empa ka mora hore ba fuwe Molao, dihlooho tsa malapa di ne di se di sa dumellwa ho etsa jwalo. Jehova o ile a kgetha baprista ho tswa lelokong la Arone hore e be bona ba etsang mahlabelo. Ka mora hore ba fuwe Molao oo, hlooho ya lelapa eo e neng e se karolo ya leloko la Arone e ne e lokela ho bolawa ha e ne e ka etsa mesebetsi ya baprista. d (Lev. 17:3-6, 8, 9) Na ebe ho ka etsahala hore ebe phetoho ee ke yona e ileng ya etsa hore Kora, Dathane, Abirame le dikgosana tse 250 di fetohele Moshe le Arone? (Num. 16:1-3) Ha re tsebe. Ntho eo re e tsebang ke hore Kora le banna ba neng ba ena le yena ha ba a ka ba tshepahalla Jehova. O ka etsang haeba ho eba le diphetoho tse lekang botshepehi ba hao ka mokgatlong?

Bakohathe ba ile ba amohela mesebetsi eo ba ileng ba e fuwa e leng ya ho ba dibini, balebedi ba dikeiti kapa ho sebetsa ditorong (Sheba serapa sa 11)

11. Re ithutang mohlaleng wa Bakohathe ba bang?

11 Tshehetsa diphetoho tse etswang ka mokgatlong. Ha Baiseraele ba ntse ba tsamaya lefeelleng, Bakohathe ba ne ba fuwe mosebetsi wa bohlokwa haholo. Ha Baiseraele ba ne ba tloha sebakeng se itseng, Bakohathe ba bang ba ne ba jara areka ya selekane. (Num. 3:29, 31; 10:33; Josh. 3:2-4) Oo e ne e le mosebetsi o ikgethang hakaakang! Empa dintho di ile tsa fetoha ha Baiseraele ba se ba le Naheng e Tshepisitsweng. Areka e ne e se e sa hloke ho tloswa sebakeng se seng e iswa ho se seng. Ha Solomone a busa, Bakohathe ba bang ba ne ba se ba kgethuwe hore e be dibini, ba bang e ne e le balebedi ba dikeiti mme ba bang bona ba ne ba sebetsa ditorong. (1 Dikron. 6:31-33; 26:1, 24) Ha ho na moo ho bontshwang hore Bakohathe ba ile ba belaella mesebetsi ya bona kapa hore ba ile ba batla mesebetsi e meng e hlahelletseng hobane ba ne ba ena le mosebetsi o kgethehileng pele. Re ithutang? Re lokela ho tshehetsa diphetoho tse etswang ka mokgatlong wa Jehova esita le haeba di ama mosebetsi oo re o fuweng ka phuthehong. Thabela mosebetsi ofe kapa ofe oo o o fuwang. O hopole hore Jehova o re rata hobane re mo mamela eseng ka lebaka la mesebetsi eo re e etsang ka phuthehong.​—1 Sam. 15:22.

12. Zaina o ile a ikutlwa jwang ha a tloswa Bethele mme ho thwe a ye tshimong?

12 Nahana ka mohlala wa moradiwabo rona Zaina ya dulang Botjhabela bo Hare, ya ileng a kopuwa ho tlohela mosebetsi oo a neng a o rata haholo. Ka mora hore a sebeletse Bethele ka dilemo tse fetang 23, o ile a kopuwa hore a ye tshimong. O re: “Ke ile ka makala haholo ha ho thwe ke ye tshimong. Ke ne ke ikutlwa ke se na thuso hape ke ne ke ipotsa hore na ho na le ntho e phoso eo ke e entseng.” Ka bomadimabe, ba bang ba bara le baradibabo rona ba phuthehong ba ne ba mo utlwisa bohloko le ho feta ka hore ba re mokgatlo o ka be o sa mo tlosa Bethele haeba a ne a etsa mosebetsi wa hae hantle. Ka nako e telele, Zaina o ne a ikutlwa a nyahame haholo mme seo se ne se mo utlwisa bohloko hoo a neng a lla bosiu bo bong le bo bong. O re: “Ha ke a ka ka itumella hore ke nahane hore mokgatlo wa Jehova kapa Jehova ha a nthate.” Ke eng e ileng ya thusa Zaina hore a sebedise kelello ya hae hantle?

13. Zaina o ile a etsang hore a tlohele ho nahana ka tsela eo a neng a nahana ka yona?

13 Zaina o ile a etsang hore a tlohele ho nahana ka tsela eo a neng a nahana ka yona? O ile a bala dingolwa tsa rona tse buang ka bothata ba hae. Sehlooho se hlahang Molula-Qhooeng wa February 1, 2001 se reng “O ka Hlola ho Nyahama!” se ile sa mo thusa haholo. Sehlooho seo se bua ka mongodi e mong wa Bibele e leng Mareka, eo ho ka etsahalang hore ebe o ile a ba le maikutlo a tshwanang ha a ne a fuwa mosebetsi o mong. Zaina o re: “Mohlala wa Mareka e ne e le yona ntho eo ke neng ke hlile ke e hloka e le hore nka hlola ho nyahama.” Zaina ha a ka a ikarola ho batho ba bang. O ne a qeta nako le metswalle ya hae ebile o ne a sa ikutlwele bohloko. O ile a hlokomela hore diqeto tseo mokgatlo o di etsang o di etsa o tataiswa ke moya o halalelang le hore barababo rona ba etellang pele ba ne ba mo tsotella haholo. O ile a boela a hlokomela hore ntho ya bohlokwa mokgatlong wa Jehova ke hore mosebetsi wa Jehova o tswele pele.

14. Ke phetoho efe eo morabo rona Vlado a ileng a thatafallwa ho e tshehetsa, hona o ile a thuswa keng?

14 Moholo e mong eo lebitso la hae e leng Vlado ya dilemo di 73 ya dulang Slovenia o ile a utlwa ho le thata hore a amohele qeto e neng e entswe ya hore phutheho ya habo e kopanngwe le e nngwe mme holo ya bona ya Mmuso e kwalwe. O re: “Ke ne ke sa utlwisise hore na ke hobaneng ha ho ne ho kwalwa holo e ntle hakaalo ya Mmuso. Ke ne ke utlwiswa bohloko ke hore re ne re sa tswa lokisa holo eo. Ka ha ke mmetli wa mapolanka, e nngwe ya thepa e neng e le ka holong eo e ne e entswe ke nna. Hape taba ya hore diphutheho di ne di tlo kopanngwa e ile ya hloka hore rona bahweletsi ba seng ba hodile re etse diphetoho tse ngata.” Ke eng e ileng ya thusa morabo rona Vlado ho tshehetsa qeto eo? O re: “Ho tshehetsa diqeto tse entsweng ke mokgatlo wa Jehova ho tlisa ditlhohonolofatso ka mehla. Diphetoho tseo di re lokisetsa diphetoho tse kgolo le ho feta tse tla etsahala nakong e tlang.” Na o utlwa ho le thata hore o amohele qeto ya hore diphutheho di kopanngwe kapa ya ho koptjwa hore o etse mosebetsi o fapaneng ka phuthehong? Kgodiseha hore Jehova o a utlwisisa hore na o ikutlwa jwang. Haeba o tshehetsa diqeto tse jwalo ebile o ba haufi le Jehova le mokgatlo oo a o sebedisang o tla hlohonolofatswa.​—Pes. 18:25.

SEBEDISA KELELLO YA HAO HANTLE DINTHONG TSOHLE

15. Re ka sebedisa kelello ya rona hantle jwang haeba re kopana le mathata ka phuthehong?

15 Ha lefatshe lena le ntse le eya bofelong, re ka lebella ho kopana le mathata ka phuthehong. Mathata ao a ka etsa hore re thatafallwe ho dula re tshepahalla Jehova. Ka hoo, re lokela ho sebedisa dikelello tsa rona hantle. Haeba o utlwa eka Mokrestemmoho le wena o o tshwere hampe, o se ke wa mo jara ka pelo. Haeba o kgalemelwa, o se ke wa nahana ka moo o tlotlolotsweng ka teng empa o amohele kgalemelo mme o etse diphetoho moo ho hlokahalang teng. Hape ha mokgatlo wa Jehova o etsa diphetoho tse o amang, di amohele mme o mamele tataiso e fanwang.

16. O ka dula o tshepa Jehova le mokgatlo wa hae jwang?

16 O ka dula o tshepa Jehova le mokgatlo wa hae le ha botshepehi ba hao bo lekwa. E le hore o etse jwalo o lokela ho sebedisa kelello ya hao hantle e leng se bolelang hore o kgobe matshwafo, o nahane hantle mme o shebe dintho ka moo Jehova a di shebang ka teng. Ithute ka mehlala ya batho bao ho buuwang ka bona ka Bibeleng ba ileng ba sebetsana le mathata a tshwanang le a hao ka katleho ebe o nahanisisa ka mehlala ya bona. Rapela Jehova e le hore a o thuse mme o se ke wa ikarola ho phutheho. Jwale ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahalang, Satane a ke ke a kgona ho o arola le Jehova kapa mokgatlo wa hae.​—Jak. 4:7.

PINA YA 126 Fadimehang, Emang le Tiile, Matlafalang

a Ka dinako tse ding ho ka ba thata ho tshepahalla Jehova le mokgatlo wa hae, haholoholo haeba ho ena le ntho e etsahalang ka phuthehong e re utlwisang bohloko. Sehloohong sena re tlo bua ka dintho tse tharo tse ka re utlwisang bohloko le hore na re ka etsang e le hore re dule re tshepahalla Jehova le mokgatlo wa hae.

b Mabitso a mang a fetotswe.

c O ka fumana dintlha tse ding tse ka o thusang sehloohong se reng “Na o Kile wa Sebeletsa? Na o ka Sebeletsa Hape?” se hlahang Molula-Qhooeng wa August 15, 2009, leqepheng la 30.

d Ho ya ka Molao, haeba hlooho ya lelapa e ne e batla ho hlaba phoofolo e le hore e tlo jewa, e ne e lokela ho e hlabela sehalalelong. Dihlooho tsa malapa tse neng di dula hole haholo le sehalalelo di ne di sa hloke ho latela molao ona.​—Deut. 12:21.