Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 47

PINA YA 103 Modimo o re File Badisa

Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Baholo?

Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Baholo?

“Haeba monna a etsa boiteko ba ho ba molebedi, o lakatsa mosebetsi o motle.”1 TIM. 3:1.

NTLHAKGOLO

Sehloohong sena, re tlo bua ka ditshwaneleho tseo bara ba bo rona ba lokelang ho ba le tsona e le hore e ka ba baholo.

1, 2. “Mosebetsi o motle” oo moholo a o etsang o akarelletsa eng?

 HAEBA o se o ena le nako o le mohlanka ya sebeletsang, e ka nna yaba o sebeditse ka thata ho ba le ditshwaneleho tse hlokahalang hore o be moholo. Ka hoo, etsa boiteko ba ho etsa “mosebetsi o motle” oo baholo ba o etsang.—1 Tim. 3:1.

2 Mosebetsi wa moholo o akarelletsa eng? O akarelletsa ho bolela ditaba tse monate ka tjheseho le phutheho, ho etsa maeto a bodisa, ho ruta le ho sebetsa ka thata ho kgothatsa ba bang ka phuthehong ka seo a se buang le seo a se etsang. Ha ho makatse hore ebe Bibele e bitsa baholo bana ba sebetsang ka thata “dimpho e leng banna.”—Baef. 4:8.

3. Morabo rona a ka etsang hore a tshwanelehe ho ba moholo? (1 Timothea 3:​1-7; Tite 1:​5-9)

3 O ka etsang hore o tshwanelehe ho ba moholo? Dintho tse hlokahalang hore motho a tshwanelehe ho ba moholo di fapane hole le dintho tse hlokahalang ha motho a batla mosebetsi wa boiphediso. Hangata e le hore motho a fumane mosebetsi, ho hlokahala feela hore a tsebe ho etsa mosebetsi oo a o hiretsweng. Ho fapana le hoo, e le hore o kgethelwe ho ba moholo, ho hlokahala ho fetang feela ho ba le tsebo ya ho bolela le ya ho ruta. O boetse o hloka ho ba le ditshwaneleho tsa Mangolo tse hlahang ho 1 Timothea 3:​1-7 le Tite 1:​5-9. (E bale.) Sehlooho sena se tlo bua ka tse ding tsa ditshwaneleho tse hlahang ditemaneng tsena. Re tlo bua ka hore na morabo rona a ka etsang e le hore a be le botumo bo botle, ebe hlooho ya lelapa e molemo le hore a ikemisetse ho sebeletsa phutheho.

EBA LE BOTUMO BO BOTLE

4. Ho bolela eng ‘ho phela ka tsela eo ho seng motho ya ka o tshwayang phoso’?

4 E le hore o tshwanelehe ho ba moholo, o lokela ‘ho phela ka tsela eo ho seng motho ya ka o tshwayang phoso.’ Sena se bolela hore Bakrestemmoho ba a o hlompha hobane o itshwere hantle ebile ha ho letho leo ba ka o tshwayang phoso ka lona. Ho ekelletsa moo, o lokela “ho ba motho ya buuwang hantle ke batho bao e seng badumedi.” Ke nnete hore batho ba sa sebeletseng Jehova ba ka nna ba nyatsa dintho tseo re di dumelang, empa ha wa lokela ho ba fa lebaka la ho belaella botshepehi kapa boitshwaro ba hao. (Dan. 6:​4, 5) Ipotse, ‘Na ke na le botumo bo botle ka phuthehong le ho batho ba sa sebeletseng Jehova?’

5. O ka bontsha jwang hore o motho “ya ratang ho etsa dintho tse lokileng”?

5 Haeba o ‘rata ho etsa dintho tse lokileng,’ o tla sheba makgabane ho batho mme o ba babatse. O boetse o thabela ho etsetsa batho dintho tse molemo, le tseo ba neng ba sa di lebella. (1 Bathes. 2:8) Ke hobaneng ha e le habohlokwa hore moholo e be motho ya ratang ho etsa dintho tse lokileng? Hobane o tla thabela ho sebedisa nako ya hae e ngata a etsa maeto a bodisa le ho etsa mesebetsi e meng ka phuthehong. (1 Pet. 5:​1-3) Le hoja ho hloka boitelo ho etsa mesebetsi eo, thabo e tliswang ke ho sebeletsa ba bang, e feta hole dintho tseo re di tetseng.—Dik. 20:35.

6. Ho bolela eng ho ba “motho ya amohelang baeti”? (Baheberu 13:​2, 16; sheba setshwantsho.)

6 O ka bontsha hore o “motho ya amohelang baeti” ka hore o etsetse ba bang dintho tse molemo, ho akarelletsa le bao eseng metswalle ya hao. (1 Pet. 4:9) Buka e nngwe e hlalosang Bibele e re motho ya amohelang baeti, o mosa le ho batho bao a sa ba tsebeng mme o thabela ho ba memela ha hae. Ipotse, ‘Na ke tsebahala ke le motho ya amohelang baeti?’ (Bala Baheberu 13:​2, 16.) Morabo rona ya amohelang baeti, o bontsha mosa ho baeti bohle bao a ba memang, ho sa tsotellehe hore na ba futsanehile, ke ba tswang diphuthehong tse ka ntle ho tlo fana ka dipuo kapa ba sebetsang ka thata ho kgothatsa diphutheho jwalo ka balebedi ba potoloho.—Gen. 18:​2-8; Diprov. 3:27; Luka 14:​13, 14; Dik. 16:15; Bar. 12:13.

Banyalani ba ratang ho amohela baeti, ba amohela molebedi ya tsamayang le mosadi wa hae ha bona (Sheba serapa sa 6)


7. Ho bolela eng ho ba moholo ya sa ‘rateng tjhelete’?

7 “A se ke a rata tjhelete.” Sena se bolela hore ha o motho ya ratang tjhelete le maruo. O etsa hore ho sebeletsa Jehova ebe yona ntho e tlang pele bophelong ba hao, ho sa tsotellehe hore na o mofutsana kapa o morui. (Mat. 6:33) O sebedisa nako, matla le dintho tseo o nang le tsona ho sebeletsa Jehova, ho hlokomela lelapa la hao le ho thusa ba bang ka phuthehong. (Mat. 6:24; 1 Joh. 2:​15-17) Ipotse: ‘Ke nka tjhelete e le ya bohlokwa hakae ho nna? Na ke kgotsofalletse dintho tsa motheo tseo ke nang le tsona? Kapa na ke amehile ka ho ba le tjhelete e ngata le ho ba morui?’—1 Tim. 6:​6, 17-19.

8. O ka bontsha jwang hore o motho ya nang ‘le tekatekano dinthong tsohle tseo o di etsang’ ebile o motho “ya itshwarang”?

8 Haeba o motho ya nang ‘le tekatekano dinthong tsohle tseo o di etsang’ ebile o motho “ya itshwarang,” o ke ke wa etsa dintho ka tsela e feteletseng. Ka mohlala, ha o je kapa hona ho nwa haholo. O apara le ho itlhopha ka tsela e loketseng, ebile o kgetha boithabiso hantle. Ha o phele ka tsela e tshwanang le ya batho ba sa sebeletseng Jehova. (Luka 21:34; Jak. 4:4) O dula o kgobile matshwafo le ha batho ba bang ba o halefisa. Ha o “letahwa” hape ha o tsebahale o le motho ya nwang haholo. Ipotse, ‘Na tsela eo ke phelang ka yona e bontsha hore ke motho ya nang le tekatekano dinthong tsohle tseo ke di etsang ebile ke motho ya itshwarang?’

9. Ho bolela eng ho ba motho ya nang “le kelello” le ‘ya hlophisehileng’?

9 Haeba o na “le kelello” kapa o hlaphohetswe kelellong, o nahana ka melaomotheo ya Bibele ha o hlahloba maemo a fapaneng bophelong. O nahanisisa ka botebo ka molaomotheo wa Bibele o amang boemo boo o leng ho bona mme ka mora ho o utlwisisa o kgona ho etsa qeto e bohlale. Ha o potlakele ho etsa qeto o eso ka o eba le dintlha tse feletseng. Ho ena le hoo, o etsa bonnete ba hore o na le dintlha tse feletseng. (Diprov. 18:13) Seo se tla etsa hore o etse diqeto tse bohlale, tse dumellanang le tsela eo Jehova a nahanang ka yona. Haeba o le motho ‘ya hlophisehileng,’ o etsa dintho ka nako le ka tsela e laolehileng. O tsebahala o le motho ya ka tsheptjwang le ya latelang tataiso. Ditshwaneleho tsena di tla etsa hore o be motho ya nang le botumo bo botle. Hona jwale, a re bueng ka ditshwaneleho tsa Mangolo tse buang ka ho beha mohlala o motle jwalo ka hlooho ya lelapa.

BEHA MOHLALA O MOTLE JWALO KA HLOOHO YA LELAPA

10. Ho bolela eng ho ba monna ya laolang “lelapa la hae hantle”?

10 Haeba o hlooho ya lelapa mme o batla ho tshwaneleha ho ba moholo, botumo ba lelapa la hao bo ama ditshwaneleho tsa hao. Ka hoo, o lokela ho ba “motho ya laolang lelapa la [hao] hantle.” Sena se bolela hore o lokela ho tsebahala o le monna ya lerato le ya etsang diqeto tse nepahetseng bakeng sa lelapa la hae. Taba ena e boetse e bolela hore o tshwara borapedi ba lelapa ka mehla, o etsa bonnete ba hore lelapa la hao le ya dibokeng hape o le thusa hore le sebetse ka thata mosebetsing wa boboledi. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho etsa dintho tsee? Moapostola Pauluse o ile a re: “Motho a ka hlokomela phutheho ya Modimo jwang empa a sitwa ho laola lelapa la hae?”—1 Tim. 3:5.

11, 12. Ke hobaneng ha bana ba morabo rona ba lokela ho itshwara hantle haeba morabo rona a batla ho tshwaneleha ho ba moholo? (Sheba setshwantsho.)

11 Haeba o ntate ya nang le bana ba ka tlase ho dilemo tse 18 mme ba le tlasa tlhokomelo ya hao, e lokela ho ba “bana ba mamelang le ba itshwereng hantle.” O lokela ho ba ruta le ho ba kwetlisa ka lerato. Ho hlakile hore o batla ba thabe, ba tshehe mme ba bapale jwalo ka bana ba bang. Empa o lokela ho ba ruta hore ba o mamele, ba hlomphe batho ba bang le hore ba itshware hantle. O boetse o lokela ho sebetsa ka thata ho thusa bana ba hao hore ba be le kamano e ntle le Jehova, ba sebedise seo ba ithutang sona ka Bibeleng le hore ba qetelle ba kolobeditswe.

12 “Bana ba hae e be badumedi ba sa tsebahaleng ka ho ba hlaha kapa ho ba marabele.” Haeba ngwana eo e leng mohweletsi ya sa kolobetswang kapa ya kolobeditsweng ya ntseng a dula habo a etsa sebe se tebileng, ditshwaneleho tsa ntate wa hae di tlo ameha jwang? Haeba ntate a sa ka a ruta, a kgalemela kapa hona ho kwetlisa ngwana wa hae, ho ka nna ha etsahala hore a se ke a tshwaneleha ho ba moholo.—Sheba Tora ya ho Lebela ya October 15, 1996, leq. 21, dir. 6-7.

Bo ntate ba kwetlisa bana ba bona e le hore ba sebeletse Jehova le ho etsa mesebetsi e meng ka phuthehong (Sheba serapa sa 11)


HLOKOMELA PHUTHEHO

13. O ka bontsha jwang hore ha o “manganga” ebile ha o ‘tsitlelle thato ya hao’?

13 Bara ba bo rona ba nang le makgabane a Bokreste, ke ba bohlokwa ka phuthehong. Mora bo rona ‘ya seng manganga’ o sebetsa ka thata ho bopa kgotso le ho thusa ba bang hore ba be le kgotso. O boetse o mamela batho ba bang le ho leka ho utlwisisa hore na ba ikutlwa jwang. Haeba le le sebokeng sa baholo mme ho etswa qeto e sa hananeng le melaomotheo ya Bibele, na o tla e tshehetsa le haeba o ena le maikutlo a fapaneng? Ho ba ya ‘sa tsitlelleng thato ya hae’ ho bolela hore ha o hatelle ba bang hore ba dumellane le maikutlo a hao. O a tseba hore ho bohlokwa ho mamela maikutlo a batho ba bang. (Gen. 13:​8, 9; Diprov. 15:22) Ha o ‘rate ho pheha kgang’ kapa “ho halefa.” Sena se bolela hore o hlompha ba bang ebile ha o rate ho ngangisana le bona, ho ena le hoo o ba tshwara ka mosa. Jwalo ka motho ya nang le kgotso, o sebetsa ka thata ho bopa kgotso le batho ba bang le maemong a thata. (Jak. 3:​17, 18) Mantswe a hao a mosa a tla thusa ba bang hore ba kgobe matshwafo, ho akarelletsa le bahanyetsi ba rona.—Baahl. 8:​1-3; Diprov. 20:3; 25:15; Mat. 5:​23, 24.

14. Ho bolelang ho ‘se be motho eo e sa tswa ba Mokreste’ le “ya tshepahalang”?

14 Morabo rona ya tshwanelehang ho ba moholo ha ya lokela ho ba “motho eo e sa tswa ba Mokreste.” Ha ho hlokahale hore o be le dilemo tse ngata o kolobeditswe, empa o hloka nako e le hore o be Mokreste ya hodileng tsebong. Jwalo ka Jesu, o lokela ho ba motho ya ikokobeditseng le ya thabelang ho sebediswa ke Jehova ka tsela le ha e le efe. O tla ba le mamello mme o letele Jehova hore a o fe mesebetsi e eketsehileng ka phuthehong. (Mat. 20:23; Bafil. 2:​5-8) O bontsha hore ‘o a tshepahala’ ha o kgomarela Jehova ka hore o phele tumellanong le melao ya hae le ka hore o latele tataiso e tswang mokgatlong wa hae.—1 Tim. 4:15.

15. Na ke setlamo hore moholo e be sebui se hlwahlwa? Hlalosa.

15 Mangolo a bontsha ka ho hlaka hore molebedi o lokela hore “a kgone ho ruta.” Na see se bolela hore o lokela ho ba sebui se hlwahlwa? Tjhe. Ha se baholo bohle bao e leng dibui tse hlwahlwa. Le ha ho le jwalo, baholo ba lokela ho tseba ho sebedisa Bibele hantle ha ba ruta tshimong le ha ba kgothatsa bara le baradi ba bo rona maetong a bodisa. (Bapisa 1 Bakorinthe 12:​28, 29 le Baefese 4:11.) Ho ntse ho le jwalo, o lokela ho sebetsa ka thata ho ntlafatsa bokgoni ba hao ba ho ruta. O ka thuswa ke eng e le hore o atlehe ho ntlafatsa?

16. O ka etsang hore o be mosuwe ya atlehang? (Sheba setshwantsho.)

16 “Tsela eo a rutang ka yona e be tumellanong le lentswe le tshepahalang.” E le hore o be mosuwe ya atlehang, etsa bonnete ba hore ka dinako tsohle dintho tseo o di buang ha o ruta kapa o fa bara le baradi ba bo rona keletso, di tumellanong le Bibele. Ka hoo, hore o atlehe, o lokela ho ithuta Bibele le dingolwa tse thehilweng ho yona. (Diprov. 15:28; 16:23) Ha o ntse o ithuta, hlokomela ka moo dingolwa tsa Bibele di hlalosang ditemana ka teng, e le hore o ka di sebedisa ka tsela e nepahetseng. Hape ha o ntse o ruta, leka ka matla ho finyella dipelo tsa bamamedi. O ka ntlafatsa tsela eo o rutang ka yona ka hore o kope thuso ho baholo ba nang le phihlelo le ho sebedisa ditlhahiso tseo ba o fang tsona. (1 Tim. 5:17) Baholo e lokela ho ba batho ba kgonang “ho kgothatsa” bara le baradi ba bo rona. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding baholo ba lokela ho ba eletsa le ho ba “kgalemela.” Maemong ana ka bobedi, ba lokela ho ba mosa. Haeba o le lerato, o le mosa ebile o theha dintho tseo o di rutang Lentsweng la Modimo, o tla ba mosuwe ya atlehang hobane o tla be o etsisa Mosuwe e Moholo, e leng Jesu.—Mat. 11:​28-30; 2 Tim. 2:24.

Mohlanka ya sebeletsang o ithuta ho moholo ya nang le phihlelo hore na a ka ruta jwang a sebedisa Bibele. Mohlanka eo ya sebeletsang o boetse o ikwetlisetsa ho fana ka puo a eme ka pela seipone (Sheba serapa sa 16)


TSWELA PELE HO ETSA BOITEKO BA HO BA MOHOLO

17. (a) Ke eng e ka thusang bahlanka ba sebeletsang hore ba tswele pele ho etsa boiteko ba ho ba baholo? (b) Baholo ba lokela ho hopola eng ha ba ntse ba hlahloba hore na morabo rona wa tshwaneleha ho ba moholo kapa tjhe? (Sheba lebokose le reng “ Inyenyefatseng ha le Ntse le Hlahloba Hore na Bara ba bo Rona Ba a Tshwaneleha.”)

17 Ba bang ba bahlanka ba sebeletsang ba ka nna ba ikutlwa eka le ka mohla ba ke ke ba tshwaneleha ho ba baholo hobane ba utlwa eka ho na le ditshwaneleho tse ngata tseo ba lokelang ho ba le tsona e le hore e be baholo. Empa hopola hore Jehova le mokgatlo wa hae ha ba lebella hore o bontshe ditshwaneleho tsena ka tsela e phethahetseng. (1 Pet. 2:21) Hape Jehova o tla o thusa a sebedisa moya wa hae o matla e le hore o be le ditshwaneleho tsena. (Bafil. 2:13) Na ho na le moo o batlang ho ntlafatsa teng ka ho kgetheha? Haeba ho jwalo, rapela Jehova ka taba eo. Etsa dipatlisiso mme o kope moholo ya nang le boiphihlelo ho o fa ditlhahiso tsa hore na o ka ntlafatsa jwang.

18. Ke eng eo bahlanka ba sebeletsang kaofela ba kgothaletswang ho e etsa?

18 E se eka kaofela ha rona, ho akarelletsa le bao e seng e ntse e le baholo, re ka ikemisetsa ho tswela pele re hlaolela ditshwaneleho tseo ho builweng ka tsona sehloohong sena. (Bafil. 3:16) Na o mohlanka ya sebeletsang? Tswela pele o etsa boiteko. Kopa Jehova a o kwetlise e le hore o ka mo sebeletsa haholwanyane le ho sebeletsa phutheho. (Esa. 64:8) E se eka Jehova a ka o hlohonolofatsa haholo ha o ntse o etsa boiteko ba hore o be moholo.

PINA YA 101 Ho Sebetsa Mmoho