Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DINTHO TSE KA O THUSANG HA O ITHUTA

Batla Sebaka se Loketseng Bakeng sa ho Ithuta

Batla Sebaka se Loketseng Bakeng sa ho Ithuta

E le hore o rue molemo ha o ithuta, o ka leka ho etsa dintho tsena tse latelang tse tla o thusa hore kelello ya hao e se ke ya lelera:

  • Kgetha sebaka se loketseng. Ha ho kgoneha, e be sebaka se hlwekileng le se nang le kganya e lekaneng. O ka balla tafoleng kapa wa kgetha sebaka se hantle ka ntle.

  • Kgetha sebaka seo o tla ba mong ho sona. Jesu o ile a kgetha ho rapela esale “ka meso . . . moo a leng mong.” (Mar. 1:35) Haeba ho ke ke ha kgoneha hore o be mong, o ka bolella ba lelapa leno kapa batho bao o dulang le bona hore na o tlo bala neng le ho ba kopa hore ba se ke ba o sitisa ka nako eo.

  • Qoba dintho tse ka o sitisang. Haeba o sebedisa fono kapa tablet ha o ithuta, o ka e setela hore e se ke ya lla ha melaetsa e kena kapa wa e beha ho airplane mode e le hore e se ke ya o sitisa. Haeba ha o ntse o ithuta o hopola hore ho na le ntho eo o lokelang ho e etsa, e ngole fatshe e le hore o tle o e etse ha morao. Haeba o utlwa kelello e lelera, nka kgefu o otlolle maoto kapa o ikotlolle.