Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 45

PINA YA 138 Botle ba ho ba Hlooho Putswa

Ithute Mantsweng a ho Qetela a Banna ba Tshepahalang

Ithute Mantsweng a ho Qetela a Banna ba Tshepahalang

“Na bohlale ha bo fumanwe bathong ba hodileng, mme na batho bao e leng kgale ba phela ha se bona ba nang le kutlwisiso?”JOBO 12:12.

NTLHAKGOLO

Jehova Modimo o re tshepisa hore haeba re mo mamela, o tla re hlohonolofatsa hona jwale mme a re fe bophelo bo sa feleng nakong e tlang.

1. Ke hobaneng ha re lokela ho ithuta ho batho ba hodileng?

 KAOFELA re hloka ho eletswa e le hore re etse diqeto tsa bohlokwa bophelong. Re ka fumana dikeletso tseo ho baholo le ho Bakrestemmoho ba hodileng tsebong. Haeba ba le baholo haholo ho rona, ha re a lokela hore ha di tloha feela re iphapanyetse keletso ya bona re re e siilwe ke nako. Jehova o batla hore re ithute ho batho ba hodileng. Ba phetse nako e telele ho re feta e leng se etsang hore ba be le boiphihlelo, kutlwisiso le bohlale.—Jobo 12:12.

2. Re tlo ithuta eng sehloohong see?

2 Mehleng ya Bibele, Jehova o ile a sebedisa batho ba hodileng ba tshepahalang ho kgothatsa le ho tataisa batho ba hae. Ka mohlala, nahana ka Moshe, Davida le moapostola Johanne. Ba phetse dinakong tse sa tshwaneng le maemong a fapaneng haholo. Ha ba se ba le haufi le ho shwa, ba ile ba eletsa batho ba batjha. E mong le e mong wa banna bana ba hodileng, ba tshepahalang o ile a hatisa bohlokwa ba ho mamela Modimo. Jehova o entse hore mantswe a bona a bohlale a ngolwe ka Bibeleng, e le hore re ka ithuta ho ona. Kaofela ha rona re ka rua molemo dikeletsong tsa bona, ho sa tsotellehe hore na re batjha kapa re hodile. (Bar. 15:4; 2 Tim. 3:16) Sehloohong sena, re tlo tshohla mantswe a ho qetela a banna bana ba bararo ba hodileng le seo re ka ithutang sona ho ona.

“LE TLA PHELA NAKO E TELELE”

3. Moshe o ile a sebeletsa Jehova e le eng?

3 Moshe o ne a inehetse ka ho feletseng ho Jehova. E ne e le moprofeta, moahlodi, molaodi le rahistori. Moshe o ne a ena le boiphihlelo. O ile a etella pele setjhaba sa Iseraele ho tswa bokgobeng Egepeta, a ba a bona ha Jehova a etsa mehlolo e mengata. Jehova o ile a mo sebedisa ho ngola dibuka tse hlano tse qalang tsa Bibele, Pesaleme ya 90 mohlomong le ya 91. Hape ho ka etsahala hore ebe ke yena ya ngotseng buka ya Jobo.

4. Ke bomang bao Moshe a ileng a ba kgothatsa, hona hobaneng?

4 Nakwana pele Moshe a shwa, ha a le dilemo di 120, o ile a bokella setjhaba sohle sa Baiseraele e le hore a se hopotse ka dintho tsohle tseo Jehova a se etseditseng tsona. Ba bang ba bamamedi ba hae ba ile ba bona dipontsho le mehlolo eo Jehova a ileng a e etsa ha ba sa le batjha le ka moo a ileng a fa Egepeta dikotlo ka teng. (Ex. 7:​3, 4) Ba ile ba tsamaya moo ho ommeng bohareng ba Lewatle le Lefubedu ba ba ba bona ha masole a Faro a timetswa. (Ex. 14:​29-31) Ha ba le lefeelleng, Jehova o ile a ba hlokomela a ba a ba sireletsa. (Deut. 8:​3, 4) Ha setjhaba se ne se le haufi le ho kena Naheng e Tshepisitsweng, Moshe o ile a sebedisa monyetla oo wa ho qetela ho se kgothatsa. a

5. Mantswe a ho qetela a Moshe a hlahang ho Deuteronoma 30:​19, 20 a ile a fa Baiseraele kgodiseho efe?

5 Moshe o ile a reng? (Bala Deuteronoma 30:​19, 20.) O ile a hopotsa setjhaba sa Iseraele hore se letetswe ke bokamoso bo thabisang. Jehova o ne a tla hlohonolofatsa Baiseraele ka hore ba phele nako e telele naheng eo a neng a ba tshepisitse yona. Naha eo e ne e le ntle, e beha ditholwana tse ngata. Ha Moshe a ba hlalosetsa ka naha eo, o ile a re: “Metse e meholo le e metle eo le sa kang la e haha, matlo a tletseng dintho tsa mefuta yohle tse ntle tseo le sa kang la di sebeletsa, didiba tseo le sa kang la di tjheka, dirapa tsa morara le difate tsa mohlwaare tseo le sa kang la di lema.”—Deut. 6:​10, 11.

6. Ke hobaneng ha Modimo a ile a dumella ditjhaba tse ding hore di hape Baiseraele?

6 Ntho e nngwe eo Moshe a ileng a e etsa ke ho lemosa Baiseraele. E le hore ba nne ba tswele pele ho phela naheng eo e ntle, ba ne ba lokela ho mamela melao ya Jehova. Moshe o ile a ba kgothaletsa hore ba “kgethe bophelo” ka hore ba mamele Jehova ba be ba “mo kgomarele.” Le ha ho le jwalo, Baiseraele ha ba a ka ba mamela Jehova. Ka hoo, ha nako e ntse e ya, Modimo o ile a dumella Baasiria ho ba hlola mme ha morao a dumella le Bababilona hore ba ba hape mme ba ba ise botlamuweng.—2 Mar. 17:​6-8, 13, 14; 2 Dikron. 36:​15-17, 20.

7. Re ka ithutang mantsweng a Moshe? (Sheba setshwantsho.)

7 Re ithutang? Ha re mamela Jehova, re tla phela ka ho sa feleng. Jwalo ka ha Baiseraele ba ne ba le haufi le ho kena Naheng e Tshepisitsweng, le rona re haufi haholo le ho kena lefatsheng le letjha leo Modimo a re tshepisitseng lona, moo re tla bona ha lefatshe le fetolwa paradeise. (Esa. 35:1; Luka 23:43) Diabolose le bademona ba hae ba tla be ba fedisitswe. (Tshen. 20:​2, 3) Madumedi a bohata a rutang mashano ka Jehova, le ona a tla be a fedisitswe. (Tshen. 17:16) Mebuso ya batho e hatellang batho, e ke ke ya hlola e eba teng. (Tshen. 19:​19, 20) Paradeiseng, batho ba kgopo ba ke ke ba eba teng. (Pes. 37:​10, 11) Batho bohle ba dulang paradeiseng ba tla mamela melao ya Jehova mme ho tla ba le kgotso. Ka hoo, batho bohle ba tla ratana le ho tshepana. (Esa. 11:9) Eo e tla ba nako e thabisang haholo. Hape ha re mamela Jehova, re tla tswela pele ho phela paradeiseng eseng ka dilemo tse makgolo feela empa ka ho sa feleng.—Pes. 37:29; Joh. 3:16.

Ha re mamela Jehova, re tla phela lefatsheng paradeiseng eseng ka dilemo tse makgolo feela empa ka ho sa feleng (Sheba serapa sa 7)


8. Tshepiso ya ho phela ka ho sa feleng e ile ya thusa morabo rona e mong wa moromuwa jwang? (Juda 20, 21)

8 Haeba re dula re nahana ka tshepiso ya bophelo bo sa feleng, re tla itshetleha ka Modimo ho sa tsotellehe diteko le ha e le dife tseo re ka kopanang le tsona. (Bala Juda 20, 21.) Tshepiso eo e tla boela e re fe matla a ho lwantshana le mefokolo ya rona. Morabo rona e mong eo e ileng ya eba moromuwa ka nako e telele Afrika, eo hangata a neng a lwantshana le dintho tse neng di mo leka hore a se ke a thabisa Jehova, o re: “Ke ile ka hlokomela hore nke ke ka phela ka ho sa feleng paradeiseng haeba ke sa mamele Jehova. Seo se ile sa nthusa hore ke tswele pele ho lwantshana le bothata boo le ho rapela Jehova haholwanyane hore a nthuse. Ka thuso ya hae, ke ile ka kgona ho hlola bothata boo mme ka tswela pele ho mo sebeletsa.”

“O TLA ATLEHA”

9. Ke diteko dife tseo Davida a ileng a kopana le tsona bophelong ba hae?

9 Davida e ne e le morena ya matla le ya tshepahalang. E ne e boetse e le sebini, seroki, mohlabani le moprofeta. O ile a tobana le diteko tse ngata. Ka dilemo tse ngata, o ile a phela e le mophaphathehi a baleha Morena Saule ya mona ya neng a batla ho mo bolaya. Le ka mora hore Davida e be morena, o ile a tlameha ho baleha mora wa hae Absalome ya neng a batla ho mo bolaya e le hore a mo nkele borena ka mahahapa. Ho sa tsotellehe mathata le mefokolo ya hae, Davida o ile a tshepahalla Modimo ho fihlela a shwa. Jehova o ile a mo hlalosa e le ‘monna ya mo kgahlisang.’ Ka nnete ke ha bohlokwa hore re mamele keletso e bohlale ya Davida.—Dik. 13:22; 1 Mar. 15:5.

10. Ke hobaneng ha Davida a ile a fa mora wa hae Solomone keletso pele e eba morena?

10 Ka mohlala, nahana ka keletso eo Davida a ileng a e fa mora wa hae Solomone, eo e neng e tlo ba morena ya latelang. Jehova o ile a kgetha Solomone hore a hahe tempele eo batho ba neng ba tla mo rapela ho yona. (1 Dikron. 22:5) Ho ne ho ena le mosebetsi o mongata oo Solomone a neng a lokela ho o etsa hape o ne a tla hloka thuso ya Jehova ho etella setjhaba pele. A re boneng hore na Davida o ne a tla reng ho yena.

11. Ho ya ka 1 Marena 2:​2, 3, ke keletso efe eo Davida a ileng a e fa Solomone, hona mantswe ao a ipakile e le nnete jwang? (Sheba setshwantsho.)

11 Davida o ile a reng? (Bala 1 Marena 2:​2, 3.) Davida o ile a bolella mora wa hae hore haeba a ne a ka mamela Jehova, e ne e tla ba morena ya molemo le ya atlehileng. Ka dilemolemo, Jehova o ile a fa Solomone dintho tse ngata tse ntle mme o ile a mo thusa ka ditsela tse ngata. (1 Dikron. 29:​23-25) O ile a haha tempele e ntle haholo, a ngola tse ding tsa dibuka tsa Bibele mme a mang a mantswe a hae a ngotswe dikarolong tse itseng tsa Bibele. O ile a tuma ka lebaka la bohlale le maruo a hae. (1 Mar. 4:34) Empa jwalo ka ha Davida a ile a bua, Solomone o ne a tla atleha hafeela a mamela Jehova Modimo. Ka maswabi, ha Solomone a se a hodile o ile a qala ho rapela medimo e meng. Jehova ha a ka a thabela seo, mme o ile a kgaotsa ho fa Solomone bohlale ba ho busa batho ba hae ka tsela e mosa le ka toka.—1 Mar. 11:​9, 10; 12:4.

Mantswe a ho qetela a Davida a yang ho mora wa hae Solomone a re thusa ho bona hore haeba re mamela Jehova, o tla re fa bohlale ba ho etsa diqeto tse nepahetseng (Sheba serapa sa 11 le 12) b


12. Re ka ithuta eng mantsweng a Davida?

12 Re ithutang? Ha re mamela Jehova, o tla re hlohonolofatsa le ho re thusa. (Pes. 1:​1-3) Ke nnete hore Jehova ha a re tshepisa maruo le botumo jwalo ka Solomone. Empa haeba re mamela Modimo wa rona, o tla re fa bohlale bo tla re thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng. (Diprov. 2:​6, 7; Jak. 1:5) Melaomotheo ya hae e ka re thusa hore re etse diqeto tse nepahetseng tabeng ya mosebetsi, thuto, boithabiso le tjhelete. Haeba re mamela keletso ya Modimo, re tla sireletsa kamano ya rona le yena mme re tla fumana bophelo bo sa feleng. (Diprov. 2:​10, 11) Re tla ba le metswalle ya nnete le malapa a rona a tla thaba.

13. Ke eng e thusitseng Moradi wa bo rona Carmen hore a ntlafatse bophelo ba hae?

13 Moradi wa bo rona Carmen ya dulang Mozambique, o ne a nahana hore thuto e phahameng e tla etsa hore a atlehe. O ile a ya univesithi mme a etsa dithuto tsa meralo ya kaho. O re: “Ke ne ke thabela seo ke ithutang sona empa thuto eo e ne e ntjella nako e ngata ebile e ntlhoka matla a mangata. Ke ne ke dula ke le sekolong ho tloha ka 7:30 hoseng ho fihlela ka 6:00 mantsiboya. Ho ne ho le thata hore ke ye dibokeng mme kamano ya ka le Jehova e ile ya fokola. Botebong ba pelo, ke ne ke tseba hore ha e le hantle ke ne ke leka ho sebeletsa benghadi ba babedi.” (Mat. 6:24) O ile a rapella boemo ba hae a ba a etsa dipatlisiso dingolweng tsa rona. O boetse o re: “Ka mora hore baholo ba mphe keletso le hore mme wa ka a bue le nna, ke ile ka etsa qeto ya hore ke tlohele univesithi mme ke sebeletse Jehova ka nako e tletseng. Ho etsa jwalo ho nthusitse hore ke etse diqeto tse nepahetseng bophelong ba ka mme ha ke ikwahlaye ho hang.”

14. Ke kgothaletso efe eo Moshe le Davida ba ileng ba fana ka yona?

14 Moshe le Davida ba ne ba rata Jehova haholo ebile ba ne ba tseba hore ho bohlokwa haholo hore ba mo mamele. Mantsweng a bona a ho qetela, ba ile ba kgothaletsa bamamedi ba bona hore ba latele mohlala wa bona ka hore ba kgomarele Jehova Modimo wa bona. Ka bobedi ba bona, ba ile ba lemosa batho hore haeba ba sa tshepahalle Jehova, e ke ke ya eba metswalle ya hae ebile ba ke ke ba fumana ditlhohonolofatso tsa hae. Le rona keletso ya bona e ntse e re tswela molemo kajeno. Dilemo tse makgolo ha morao, mohlanka e mong wa Jehova o ile a hlalosa hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho dula re tshepahalla Modimo.

‘HA HO NA NTHO E THABISANG HO FETA ENA’

15. Ke dintho dife tseo Johanne a boneng ha di etsahala?

15 Johanne e ne e le motswalle ya haufi wa Jesu Kreste ebile e le moapostola wa hae. (Mat. 10:2; Joh. 19:26) Johanne o ile a qeta nako e ngata a bolela ditaba tse monate le Jesu, a bona ha a etsa mehlolo, mme a dula a ena le yena le dinakong tse boima. O ile a bona ha Jesu a bolawa a ba a mo bona ka mora hore a tsoswe. O ile a boela a bona ha phutheho ya Bokreste e hola. Johanne o phetse nako e telele hoo a ileng a bona ha ‘ditaba tse monate di bolelwa lefatsheng lohle.’—Bakol. 1:23.

16. Ke bomang ba ruang molemo mangolong a ngotsweng ke Johanne?

16 Ha Johanne a le haufi le ho shwa, o ile a fuwa tokelo ya ho ngola karolo e itseng ya Lentswe la Modimo. O ile a ngola dintho tse hlollang “tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona” tse tlalehilweng bukeng ya Tshenolo. (Tshen. 1:1) Johanne o ile a ngola Kosepele e ileng ya bitswa ka lebitso la hae. O ile a boela a ngola mangolo a mararo, e leng Johanne wa pele, wa bobedi le wa boraro. Lengolo la boraro o ile a le ngolla Mokreste ya tshepahalang e leng Gaiase, eo a neng a mo nka jwalo ka ngwana wa hae ya ratehang ka lebaka la tumelo ya hae. (3 Joh. 1) Ka nako eo, e tlameha ebe ho ne ho ena le batho ba bangata bao Johanne a neng a ba nka jwalo ka bana ba hae ba ratehang ka lebaka la tumelo ya bona. Dintho tse ngotsweng ke monna enwa ya hodileng le ya tshepahalang, di kgothaditse balatedi bohle ba Jesu ho fihlela mehleng ena.

17. Ho ya ka 3 Johanne 4, ke eng e thabisang haholo?

17 Johanne o ile a reng? (Bala 3 Johanne 4.) Johanne o buile ka thabo e tliswang ke ho mamela Modimo. Ha Johanne a ne a ngola lengolo la boraro, batho ba bang ka phuthehong ba ne ba ruta mashano ba bile ba baka dikarohano. Le ha ho le jwalo, ba bang ba ile ba tswela pele ba “tsamaya tseleng ya nnete.” Ba ne ba mamela Jehova mme ba ntse ba tswele pele ho mamela ditaelo tsa hae. (2 Joh. 4, 6) Bakreste bana ba tshepahalang ha ba a ka ba thabisa Johanne feela empa ba ile ba boela ba thabisa le Jehova.—Diprov. 27:11.

18. Re ka ithuta eng mantsweng a Johanne?

18 Re ithutang? Ha re dula re tshepahalla Jehova, re tla thaba ebile re tla thabisa le ba bang. (1 Joh. 5:3) Ka mohlala, re thabiswa ke ho tseba hore re thabisa Jehova. O a thaba ha re qoba ho etsa dintho tse mpe re bile re mamela melao ya hae. (Diprov. 23:15) Mangeloi le ona a a thaba. (Luka 15:10) Le rona rea thaba ha re bona Bakrestemmoho le rona ba dula ba tshepahala, le hoja ba hloriswa kapa ba lekeha ho etsa dintho tse mpe. (2 Bathes. 1:4) Ha lefatshe lena le fediswa, re tla thabiswa ke ho tseba hore re ile ra tshepahalla Jehova le hoja re ne re phela lefatsheng le laolwang ke Satane.

19. Moradi wa bo rona Rachel o ile a reng ka ho ruta batho ba bang ka Jehova? (Sheba setshwantsho.)

19 Re thaba haholo ha re ruta batho ka Jehova. Moradi wa bo rona Rachel ya dulang Dominican Republic, o nka e le tokelo e kgolo ho ruta batho ka Modimo. O thusitse batho ba mmalwa hore ba sebeletse Jehova mme o re: “Ho thata ho hlalosa thabo eo ke e fumanang ha ke bona batho bao ke ithutang Bibele le bona ba qala ho rata Jehova, ba mo tshepa ka ho feletseng ba bile ba fetola bophelo ba bona e le hore ba mo thabise. Thabo eo e kgolo ho feta boiteko le ha e le bofe boo ke bo entseng ba ho ba ruta.”

Re a thaba ha re ruta ba bang hore ba rate Jehova le ho mo mamela (Sheba serapa sa 19)


MANTSWE A HO QETELA A BANNA BA TSHEPAHALANG A O TSWELA MOLEMO JWANG?

20. Ke dintho dife tseo re tshwanang ka tsona le Moshe, Davida le Johanne?

20 Moshe, Davida le Johanne ba phetse mehleng ya kgale mme tsela eo ba neng ba phela ka yona e fapane hole le tsela eo re phelang ka yona mehleng ena. Empa ho na le dintho tse ngata tseo re tshwanang le bona ka tsona. Ba ne ba sebeletsa Modimo wa nnete mme le rona re etsa sona seo. Jwalo ka bona re rapela Jehova, re itshetleha ka yena mme re latela tataiso eo a re fang yona. Hape jwalo ka banna bao, re kgodisehile hore Jehova o hlohonolofatsa ba mo mamelang.

21. Re tla fumana ditlhohonolofatso dife ha re mamela keletso ya banna ba hodileng le ba tshepahalang ba kang Moshe, Davida le Johanne?

21 A re ikemisetseng ho mamela mantswe a ho qetela a banna bana ba hodileng, ba neng ba mamela melao ya Jehova. Ha re etsa jwalo, re tla atleha e le ka nnete dinthong tsohle tseo re di etsang. Re tla “phela nako e telele” ebile e le ka ho sa feleng. (Deut. 30:20) Re tla thaba ka lebaka la ho thabisa Ntate wa rona ya lerato ya lehodimong, ya tla re hlohonolofatsa ho feta ka moo re ka nahanang ka teng.—Baef. 3:20.

PINA YA 129 Re Tla Mamella

a Baiseraele ba bangata ba ileng ba bona ha Jehova a etsa mehlolo Lewatleng le Lefubedu, ba ile ba hlokahala pele ba fihla Naheng e Tshepisitsweng. (Num. 14:​22, 23) Jehova o ile a re ba dilemo di 20 ho ya hodimo ba neng ba ngodisitswe, ba ne ba tla hlokahalla lefeelleng. (Num. 14:29) Le ha ho le jwalo, Joshua, Kalebe le ba bang ba bangata ba neng ba le batjha le leloko la Levi, ba ile ba phela mme ba bona ha Jehova a phethahatsa tshepiso ya hae ha Baiseraele ba tshela Noka ya Jordane mme ba kena Kanana.—Deut. 1:​24-40.

b TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Ka lehlakoreng le letshehadi: Davida o bua mantswe a bohlale a ho qetela le mora wa hae Solomone. Ka lehlakoreng le letona: Baithuti ba Sekolong sa Tshebeletso sa Bopulamadiboho mme ba rua molemo thutong e tswang ho Jehova.