Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Jehova o Ile a re Matlafatsa Nakong ya Ntwa le ha ho Ena le Kgotso

Jehova o Ile a re Matlafatsa Nakong ya Ntwa le ha ho Ena le Kgotso

Paul: Re ne re thabile haholo. E ne e le ka November 1985, re le tseleng e yang kabelong ya rona ya pele re le baromuwa Liberia, e Afrika Bophirima. Sefofane se ile sa ema naheng ya Senegal. Anne o ile a re: “Ho setse hora feela pele re fihla Liberia!” Yaba re utlwa tsebiso e reng: “Batho ba yang Liberia ba tswe ka sefofaneng. Batho ba bang ba leka ho diha mmuso wa Liberia, ke ka hoo re ke keng ra kgona ho ya Liberia.” Re ile ra dula le baromuwa ba bang ba Senegal matsatsi a leshome, mme ra utlwa ditabeng hore batho ba bangata ba a bolawa le hore mmuso o ne o sa dumelle batho ho tsamaya bosiu, ho seng jwalo o ne o tla ba thunya o ba bolaye.

Anne: Re batho ba boi haholo. Haesale ke le boi ho tloha ha ke sa le ngwana mme batho ba ile ba mpha lebitso la Mmaboi hobane ke ne ke dula ke tshohile. Ke tshaba le ho tshela mmila. Empa re ne re ntse re ikemiseditse ho ya Liberia, le hoja ho ne ho ka ba kotsi.

Paul: Nna le Anne re holetse sebakeng se le seng Engelane bophirima. Batswadi ba ka le mme wa Anne ba ne ba dula ba re kgothaletsa ho ba bo pulamadiboho, ka hoo re ile ra ba bo pulamadiboho hanghang ha re qeta sekolo. Ba ne ba thabile haholo ha ba utlwa hore re batla ho dula re le tshebeletsong ya nako e tletseng. Ke ile Bethele ha ke le dilemo di 19, mme Anne o ile a tla Bethele ka mora hore re nyalane ka 1982.

Ha re ne re fuwa mangolo Sekolong sa Gileade, ka la 8 September 1985

Anne: Re ne re rata Bethele, empa haesale re batla ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi ba eketsehileng. Ho sebetsa le batho bao e kileng ya eba baromuwa Bethele ho ile ha matlafatsa takatso ya rona ya ho batla ho ba baromuwa. Bosiu bo bong le bo bong ka dilemo tse tharo, re ile ra rapela Jehova re mo bolella ka takatso ena, mme re ile ra thaba haholo ha re memelwa ho ya tlelaseng ya bo79 ya Gileade ka 1985. Re ile ra abelwa ho ya Liberia, e Afrika Bophirima.

LERATO LA BARA LE BARADI BA BO RONA LE ILE LA RE MATLAFATSA

Paul: Re ile ra palama sefofane sa pele se ileng sa dumellwa ho tloha Senegal ho kgutlela Liberia. Batho ba Liberia ba ne ba tshohile ba bile ba sa dumellwa ho tsamaya bosiu. Batho ba ne ba tshoha ba bile ba baleha ha ba utlwa koloi e etsa lerata. Re ne re bala Dipesaleme bosiu bo bong le bo bong, e le hore re ka dula re kgobile matshwafo. Ho sa tsotellehe maemo a neng a le teng ka hara naha, re ne re rata kabelo ya rona haholo. Anne o ne a ya tshimong letsatsi le leng le le leng, ha nna ke ne ke sebetsa Bethele le Morabo rona John Charuk. Ke ile ka ithuta dintho tse ngata ho yena hobane o phetse Liberia nako e telele mme o ne a tseba maemo a bara le baradi ba bo rona le mathata a ba hlahelang.

Anne: Ke hobaneng ha re ne re rata Liberia? Ke ka lebaka la bara le baradi ba bo rona hobane ba ile ba re bontsha lerato hape ba tshepahala. Re ile ra utlwana haholo mme ba eba jwalo ka lelapa la rona le letjha. Ba ile ba re fa dikeletso tse molemo ba ba ba re matlafatsa tumelong. Ho sebetsa tshimo moo ho ne ho le monate hoo e kang re a lora. Beng ba matlo ba ne ba sa batle ha re tsamaya kapele. Batho ba ne ba bua ka Bibele hohle. Ho ne ho le bonolo ho kenella moqoqong wa bona. Re ne re ena le dithuto tse ngata hoo ho neng ho le thata ho di kganna kaofela. Re ne re thabela tshebeletso haholo.

JEHOVA O ILE A RE MATLAFATSA HA RE NE RE TSHOHILE

Ha Bethele ya Liberia e ne e hlokometse Dipaki tse neng di baleha, ka 1990

Paul: Ka dilemo tse nne ho ne ho ena le kgotso Liberia, empa ka 1989 ho ile ha qala ntwa ya lehae mme ntho e nngwe le e nngwe e ile ya fetoha. Ka la 2 July 1990, batho ba neng ba batla ho diha mmuso ba ile ba hapa sebaka seo Bethele e neng e le ho sona. Ho ile ha feta dikgwedi tse tharo re sa kgone ho bua le batho ba ka ntle, ho akarelletsa le ba malapa a rona le ba ntlokgolo. Ho ne ho se na taolo, ho na le kgaello ya dijo le basadi ba betwa. Boemo bona bo ile ba nka dilemo tse 14 mme bo ile ba ama naha kaofela.

Anne: Batho ba merabe e meng ba ne ba lwantsha ba merabe e fapaneng le ya bona ba bile ba ba bolaya. Hohle diterateng ho ne ho tletse batho ba lwantshang mmuso ba tshwere dibetsa mme ba apere ka tsela e sa tlwaelehang. Ba ne ba kena ntlong e nngwe le e nngwe ba inkela ntho le ha e le efe eo ba neng ba e batla. Ba bang ba ne ba nka ho bolaya batho ho tshwana le ho bolaya dikgoho. Ba ne ba kwetse ditsela mme hangata ba bolaya batho ba neng ba batla ho feta. Ha ba qeta ho ba bolaya, ba ne ba etsa diqubu ka ditopo tsa bona. Sena se ile sa etsahala le haufi le Bethele. Ho ile ha bolawa Dipaki tse tshepahalang ho akarelletsa le baromuwa ba babedi.

Dipaki di ile tsa beha bophelo ba tsona kotsing, ha di ne di sireletsa Bakreste ba merabe e neng e bolawa. Baromuwa le ba sebeletsang Bethele ba ile ba etsa ntho e tshwanang. Dipaki tse ding tse neng di patilwe Bethele, di ne di robala mokatong o ka tlase ha tse ding di ne di robala dikamoreng tsa rona tse mokatong o ka hodimo. Rona re ne re dula le lelapa la batho ba supileng kamoreng ya rona.

Paul: Batho ba neng ba lwantsha mmuso ba ne ba leka ho kena Bethele letsatsi le leng le le leng, ba batla ho bona hore na ha ho na batho bao re ba patileng. Ha ba fihla, batho ba babedi ba ne ba ya keiting ya Bethele ba yo bua le bona, ha ba babedi ba ne ba sheba ba le fensetereng. Ha matsoho a batho ba babedi ba ileng keiting a le ka pela bona, seo se ne se bolela hore batho bao ha ba a halefa ebile ha ba tlo kena. Empa ha ba ne ba ka isa matsoho a bona ka morao, seo se ne se bolela hore ba halefile mme ba babedi ba emeng fensetereng ba ne ba potlakela ho pata bana ba bo rona.

Anne: Ka letsatsi le leng, bara ba bo rona ha ba a ka ba atleha ho thibela batho bao ho kena. Ke ile ka inotlella ka kamoreng ya ho hlapa le moradi wa bo rona e mong mme ho ne ho ena le sebaka se senyenyane sa ho ipata ka khaboteng. Moradi wa bo rona eo o ile a ipetetsa ka khaboteng eo e nyenyane. Ba ile ba tla ho rona mokatong o ka hodimo, ba tshwere dithunya. Ba ile ba otla lemati ba halefile. Paul o ile a leka ho ba thibela ho kena, a re: “Mohatsa ka o ka kamoreng ya ho hlapa.” Ha ke kwala khabote dishelefo di ile tsa wa mme tsa etsa lerata. Ho ile ha nka nako e telele ho di kgutlisetsa le ho beha dintho hantle sebakeng sa tsona hoo ba neng ba ka ipotsa hore na ke ntse ke etsang ke sa qete. Ke ne ke tshohile hoo ke neng ke thothomela. Ke ne ke ipotsa hore na ha ke bula monyako ha ba na ho bona hore ho na le ntho e belaetsang. Ke ile ka rapella ka pelong, ka kopa Jehova hore a nthuse. Ka mora moo, ke ile ka bula lemati yaba ke ba dumedisa ke kgobile matshwafo. E mong wa bona o ile a ntshutumetsa a toba khaboteng, a e bula, a tjhetjhisa dintho tse ka dishelefong. O ne a sa kgolwe hore ha ho ntho eo a e fumaneng. O ile a tsamaya le ba bang ho yo sheba dikamore tse ding le kamore e tlasa marulelo. Empa ha ba a ka fumana letho.

NNETE E ILE YA TSWELA PELE HO HLAKA

Paul: Re ile ra haellwa ke dijo ka dikgwedi tse mmalwa. Hangata re ne re se na dijo tseo re di jang hoseng. Empa borapedi ba hoseng ba Bethele e ne e le tsona dijo tsa rona tsa hoseng. Re ne re tseba hore ho bala Bibele le ho ithuta yona ho tla re fa matla ao re a hlokang e le hore re mamelle letsatsi le leng le le leng.

Re ne re tseba hore haeba re ka yo reka metsi le dijo, re ne re ke ke ra kgona ho sireletsa batho bao re neng re ba patile mme ba ne ba tla bolawa. Hangata Jehova o ne a re fa dintho tseo re di hlokang ka nako e nepahetseng le ka ditsela tse makatsang. Jehova o ile a re hlokomela a ba a re thusa hore re dule re kgobile matshwafo.

Maemo ka hara naha a ne a ntse a mpefala empa nnete e ile ya re matlafatsa. Bara le baradi ba bo rona ba bangata ba ile ba tlameha ho baleha ka makgetlo a mangata e le hore ba pholose bophelo ba bona. Le ha ho le jwalo, ba ile ba dula ba le matla tumelong ba bile ba kgobile matshwafo. Ba bang ba ile ba re ho mamella ho sa tsotellehe mathata ao ba kopanang le ona, ho ne ho ba lokisetsa “mahlomola a maholo.” Baholo le bara ba bo rona ba batjha, ka sebete ba ile ba etsa sohle seo ba ka se kgonang ho thusa bara le baradi ba bo rona. Bara le baradi ba bo rona ba ileng ba baleha ba ile ba thusana ba ba ba qalella ho bolela ditaba tse monate dibakeng tseo. Ba ile ba sebedisa ntho e nngwe le e nngwe eo ba neng ba ka e fumana ka morung ho iketsetsa Diholo Tsa Mmuso hore ba tshware diboka. Ka nako eo, ho ya dibokeng le ho bolela ditaba tse monate ho ile ha kgothatsa bara le baradi ba bo rona haholo le ho ba fa tshepo. Ha ho ne ho ajwa dijo, diphahlo le dintho tse ding, boholo ba bana ba bo rona ba ne ba kopa mekotla ya ho ya tshimong ho ena le diphahlo. Seo se ile sa re ama dipelo haholo. Batho ba bangata ba ileng ba bona dintho tse ngata tse bohloko tse ileng tsa etsahala, ba ne ba batla ho utlwa ditaba tse monate. Batho ba ne ba makatswa ke ho bona Dipaki di thabile di bile di ratana le tlasa maemo ao a thata. Di ne di kganya jwalo ka lesedi lefifing. (Mat. 5:​14-16) Ka lebaka la tjheseho eo bana ba bo rona ba neng ba ena le yona, batho ba bang ba kgopo ba neng ba lwantsha mmuso e ile ya eba Dipaki.

JEHOVA O ILE A TLAMISA MAQEBA A RONA

Paul: Ka makgetlo a mararo, re ile ra tlameha ho tsamaya Liberia ka nakwana mme ka makgetlo a mabedi ra tsamaya selemo kaofela. Moradi wa bo rona e mong wa moromuwa o ile a hlalosa hantle tsela eo re neng re ikutlwa ka yona, o ile a re: “Gileade, re rutwa ho rata bara le baradi ba bo rona ka dipelo tsohle dikabelong tsa rona, mme ke sona seo re ileng ra se etsa. Ka hoo, dipelo tsa rona di ile tsa robeha ha re ne re tlameha ho siya bara le baradi ba bo rona maemong ao a thata.” Empa re ne re thabile haholo hobane re ne re kgona ho thusa bara le baradi ba bo rona ba Liberia re ntse re le dinaheng tse haufi tseo re neng re dula ho tsona.

Re ne re thabetse ho kgutlela Liberia, ka 1997

Anne: Ka May 1996, re ile ra tsamaya re le bane ka koloi ya mokgatlo re nkile dipampiri tse nang le boitsebiso ba bohlokwa bo amanang le mosebetsi o etswang Liberia. Re ne re batla ho ya sebakeng se sireletsehileng toropong, se bohole ba dikhilomithara tse 16. Ha re re re a tloha, sebaka seo re neng re le ho sona se ile sa hlaselwa ke batho ba neng ba halefile ba bile ba thunyetsa hodimo. Ba ile ba re emisa yaba ba re nna le ba bang ba babedi re theohe empa ba kganna koloi ba tsamaya le Paul. Re ile ra sala re maketse. Eitse ha re re mahlo tloha, ra bona Paul a tla a re lebile a ntse a tswa madi phatleng. Qalong re ne re nahana hore o thuntswe empa ra hlokomela hore haeba ho ne ho le jwalo, a ka be a sa kgone ho tsamaya. Lesole le leng le ne le mo otlile ha le ne le mo sutumeletsa ka ntle ho koloi. Re ile ra leboha hobane e ne e le leqeba feela le lenyenyane.

Ho ne ho ena le koloi ya masole haufi le rona e neng e tletse batho ba tshohileng mme e ne e le haufi le ho tsamaya. Re ile ra itshwarella koloing eo hobane re ne re se na mokgwa wa ho kena ka hare. Mokganni o ile a tloha ka lebelo hoo re ileng ra batla re wela hobane re ne re sa kgone ho itshwarella hantle. Re ile ra mo kopa hore a eme empa ka ha o ne a tshaba ha a ka a ema. Ha re a ka ra wela empa ha koloi e fihla moo e yang, re ne re kgathetse hona hoo ka lebaka la ho itshwarella, re ne re tshohile re bile re thothomela.

Paul: Re ile ra shebana mme ra fumana hore diphahlo tsa rona di ditshila ebile di tabohile. Re ne re sa kgolwe hore re ntse re phela. Re ile ra robala haufi le helicopter e neng e tlo re isa Sierra Leone letsatsing le hlahlamang. Helicopter eo e ne e thuntswe ka makgetlo a mangata mme e ne e ka e tla tloha e swahlamana. Ka mora hore re fihle Sierra Leone, re ne re ananela taba ya hore re ntse re phela empa re ne re tshwenyehile haholo ka bara le baradi ba bo rona ba Liberia.

JEHOVA O ILE A RE FA MATLA A HO MAMELLA DITEKO TSE DING

Anne: Re fihlile re bolokehile Bethele e Freetown, Sierra Leone, mme bara le baradi ba bo rona ba ile ba re hlokomela. Empa ho ile ha etsahala ntho eo ke neng ke sa e lebella, ke ile ka qala ho hopola dintho tse bohloko tse neng di etsahala Liberia. Letsatsi le leng le le leng, ke ne ke dula ke nahana hore ho tlo etsahala ntho e mpe mme ke ne ke sa kgone ho nahana hantle. Ke ne ke sa kgolwe dintho tseo ke neng ke di bona. Hangata bosiu ke ne ke tsoha ke fufuletswe, ke thothomela ke bile ke tshohile hore ho na le ntho e mpe e tla etsahala. Ke ne ke hema ka thata. Paul o ne a mpeha sefubeng sa hae ebe o a rapela. Re ne re bina dipina tsa Mmuso ho fihlela ke se ke sa thothomele. Ke ne ke utlwa eka ke tlo hlanya le hore ke ne ke se ke sa tlo kgona ho ba moromuwa.

Nke ke ka lebala se ileng sa etsahala ka mora moo. Bekeng yona eo, re ile ra fumana dimakasine tse pedi. E nngwe e ne e le Tsoha! ya Senyesemane ya June 8, 1996. E ne e ena le sehlooho se reng “Coping With Panic Attacks.” Ke ile ka qala ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha ke ne ke dula ke thothomela ke bile ke tshoha hakana. Makasine wa bobedi e ne e le Molula-Qhooa wa May 15, 1996, o neng o ena le sehlooho se reng “Ba Fumana Matla a Bona Hokae?” Sehlooho seo se ne se ena le setshwantsho sa serurubele se lemetseng. Se hlalosa hore le hoja serurubele se na le mapheo a lemetseng, se ntse se tswela pele ho ja le ho fofa, le rona Jehova a ka tswela pele ho re fa moya wa hae e le hore re thuse batho ba bang le hoja re sithabetse maikutlong ka lebaka la dintho tse bohloko tse ileng tsa re etsahalla. Tsena e ne e le dijo tse matlafatsang ka nako e nepahetseng tse tswang ho Jehova. (Mat. 24:45) Ke ile ka thuswa ke ho etsa dipatlisiso le ho bokella dihlooho tse tshwanang tse buang ka bothata boo ke neng ke ena le bona. Ha nako e ntse e ya, ha ke a ka ka hlola ke tshwenyeha haholo ka dintho tsa nakong e fetileng.

JEHOVA O ILE A RE FA MATLA A HO TLWAELA KABELO E NTJHA

Paul: Re ne re thaba haholo nako le nako ha re kgutlela Liberia. Ka 2004, re ne re se re ena le dilemo tse ka bang 20 re le kabelong ya rona. Ho ne ho se ho se na ntwa. Ho ne ho lokisetswa mosebetsi wa kaho lekaleng. Empa ka tshohanyetso re ile ra fuwa kabelo e ntjha.

Ho ne ho le boima haholo hobane bara le baradi ba bo rona ba Liberia e ne e ka lelapa ho rona mme e ne e ka re ka se tsamaye. Empa re ile ra bona tsela eo Jehova a ileng a re hlohonolofatsa ka yona ha re ne re siya ba malapa a bo rona ha re ya Gileade. Ka hoo, re ile ra amohela kabelo eo e ntjha. Re ne re abetswe ho ya naheng e haufi e leng ya Ghana.

Anne: Re ile ra lla haholo ha re ne re tloha Liberia. Re ile ra makala ha Morabo rona Frank ya bohlale le ya hodileng, a re ho rona: “Le lebale ka rona.” Ha a tswela pele o ile a hlalosa a re: “Re a tseba hore le ke ke la re lebala empa le lokela ho rata bara le baradi ba bo lona kabelong e ntjha ka dipelo tsohle tsa lona. Kabelo ena e tswa ho Jehova, ka hoo ratang bara le baradi ba bo rona ba moo.” Mantswe a hae a ile a re thusa hore re itokisetse ho etsa metswalle e metjha naheng eo hobane re ne re sa tsebe batho ba bangata ebile ntho e nngwe le e nngwe e le ntjha.

Paul: Le ha ho le jwalo, kapele re ile ra qala ho rata bara le baradi ba bo rona ba Ghana. Ho ne ho ena le Dipaki tse ngata moo. Re ithutile dintho tse ngata ho bara le baradi ba bo rona hobane ba ne ba tshepahala ba bile ba ena le tumelo e matla. Ka mora dilemo tse 13 re sebeletsa Ghana, ho ile ha etsahala ntho e nngwe e makatsang. Re ile ra koptjwa ho ya sebeletsa lekaleng la Kenya e Afrika Botjhabela. Le hoja re ne re hlolohelwa bara le baradi ba bo rona ba Ghana le Liberia haholo, kapele re ile ra fumana metswalle e metjha Kenya. Jwalo ka Ghana le Liberia, ho na le mosebetsi o mongata wa boboledi oo re lokelang ho o etsa Kenya.

Re na le metswalle ya rona kabelong eo re leng ho yona hona jwale naheng ya Kenya, ka 2023

HA RE HETLA MORAO

Anne: Bophelong ba ka ke etsahalletswe ke dintho tse bohloko mme ka dinako tse ding ke ne ke tshoha haholo. Ha re phela maemong a kotsi le dinakong tse thata, hoo ho ka etsa hore re kule, re tshohe re be re ikutlwe re imetswe. Ha re a lokela ho lebella hore Jehova o tla re sireletsa dinthong tsena ka mohlolo. Le hona jwale ha ke utlwa modumo wa dithunya, ke sehwa ke letswalo le matsoho a ka a shwa bohatsu. Empa ke ithutile ho itshetleha ka thuso eo Jehova a re fang yona ho re matlafatsa, ho akareletsa le tshehetso ya bara le baradi ba bo rona. Hape ke bone hore ha re tswela pele re ithuta, re rapela, re ya dibokeng re bile re ya tshimong, Jehova a ka re thusa hore re tswele pele dikabelong tsa rona.

Paul: Ka dinako tse ding, batho ba a re botsa ba re, “Na le rata kabelo ya lona?” Ke nnete hore dinaha di ka ba ntle empa di ka boela tsa hloka botsitso mme tsa ba kotsi. Ka hoo, ke eng seo re se ratang ho feta naha? Ke lelapa la rona, e leng bara le baradi ba bo rona ba ratehang. Le hoja re tswa malapeng le dibakeng tse sa tshwaneng, re nahana le ho ikutlwa ka tsela e tshwanang ka Jehova. Re ne re nahana hore re fuwe kabelo ya ho matlafatsa bara le baradi ba bo rona empa ha e le hantle ke bona ba re matlafatsang.

Mokgatlo wa rona wa bara ba motho ke mohlolo o tswang ho Jehova. Hafeela re ntse re le karolo ya phutheho, re na le lelapa le lehae moo re ka ikutlwang re sireletsehile. Re kgodisehile hore haeba re tswela pele re itshetleha ka Jehova, o tla re fa matla ao re a hlokang hore re mamelle ho sa tsotellehe hore na re hlahelwa ke eng.—Bafil. 4:13.