Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 44

PINA YA 33 Lahlela Morwalo wa Hao ho Jehova

O ka Dula o Tshepahalla Jehova Jwang ha o Tshwarwa ka ho Hloka Toka?

O ka Dula o Tshepahalla Jehova Jwang ha o Tshwarwa ka ho Hloka Toka?

“O se ke wa itlohela hore o hlolwe ke bobe empa o nne o hlole bobe ka botle.”BAR. 12:21.

NTLHAKGOLO

Re tlo ithuta hore na re ka sebetsana le ho tshwarwa ka ho hloka toka jwang e le ho qoba ho etsa hore maemo a be mabe le ho feta.

1, 2. Re ka tshwarwa ka ho hloka toka jwang?

 JESU o ile a etsa papiso ya mohlolohadi ya neng a dula a kopa moahlodi hore a mo sebeletse ka toka. Barutuwa ba Jesu ba ne ba utlwisisa hore na mosadi eo o ikutlwa jwang hobane batho ba bangata mehleng eo, ba ne ba tshwarwa ka ho hloka toka. (Luka 18:​1-5) Le rona mehleng ena re ka utlwisisa hore na o ne a ikutlwa jwang hobane kaofela ha rona re kile ra tshwarwa ka ho hloka toka.

2 Batho ba bangata lefatsheng mehleng ena ba na le kgethollo, ha ba na mosa ebile ba hatella batho ba bang, ka hoo ha re makale ha re tshwarwa ka ho hloka toka. (Moek. 5:8) Le ha ho le jwalo, e ka nna yaba ha re a lebella ho tshwarwa ka ho hloka toka ke Bakrestemmoho le rona, le hoja e le ntho e ka nnang ya etsahala. Ke nnete hore Bakrestemmoho le rona ha ba batle ho re tshwara ka ho hloka toka jwalo ka bahanyetsi ba rona, empa feela ba sa phethahala. Re ka ithuta ho hoholo tseleng eo Jesu a ileng a itshwara ka yona ha a tshwarwa ka ho hloka toka ke bahanyetsi ba kgopo. Haeba re kgona ho mamella ha bahanyetsi ba rona ba re tshwara ka ho hloka toka, ho hlakile hore re lokela ho mamella Bakrestemmoho le rona ho feta. Jehova o ikutlwa jwang ha re tshwarwa ka ho hloka toka, ebang ke ka phuthehong kapa ke batho ba bang feela? Na o a tsotella hore na re tshwarwa jwang?

3. Re tseba jwang hore Jehova o tsotella tsela eo re tshwarwang ka yona?

3 Jehova o batla hore re tshwarwe hantle ebile o a bona ha ba bang ba re tshwara ka ho hloka toka. “Jehova o rata toka.” (Pes. 37:28) Jesu o ile a re kgodisa hore ka nako e loketseng, Jehova “o tla etsa bonnete ba hore toka e phethwa ka potlako.” (Luka 18:​7, 8) Haufinyane o tla fedisa dintho tsohle tse re utlwisang bohloko le mefuta yohle ya ho hloka toka.—Pes. 72:​1, 2.

4. Jehova o re thusa jwang ho sebetsana le ho hloka toka mehleng ee?

4 Ha re ntse re emetse nako eo ka yona toka e tla ba teng lefatsheng lohle, Jehova o re thusa hore re sebetsane le ho hloka toka. (2 Pet. 3:13) Ka mohlala, o re ruta hore na re itshware jwang ha re tshwarwa ka ho hloka toka, e le hore re se ke ra mpefatsa boemo le ho feta. Tsela e nngwe eo Jehova a re thusang ka yona, ke ka ho re fa mohlala wa Mora wa hae o hlahang ka Bibeleng wa hore na o ile a itshwara jwang ha a tshwarwa ka ho hloka toka. Jehova o boetse o re fa keletso e hlahang ka Bibeleng, ya hore na re ka etsang ha re tshwarwa ka ho hloka toka.

EBA HLOKOLOSI HORE NA O ITSHWARA JWANG HA O TSHWARWA KA HO HLOKA TOKA

5. Ke hobaneng ha re lokela ho ba hlokolosi ka hore na re itshwara jwang ha re tshwarwa ka ho hloka toka?

5 Re ka nna ra utlwa bohloko haholo le ho nyahama ha re tshwarwa ka ho hloka toka. (Moek. 7:7) Bahlanka ba Jehova ba tshepahalang, ba jwalo ka Jobo le Habakuke, ba ile ba ikutlwa ka tsela e tshwanang. (Jobo 6:​2, 3; Hab. 1:​1-3) Le hoja ho tlwaelehile ho ikutlwa ka tsela ena, re lokela ho ba hlokolosi hore na re itshwara jwang ha re tshwarwa ka ho hloka toka e le hore re se ke ra etsa ntho e fosahetseng.

6. Re ithutang mohlaleng wa Absalome? (Sheba setshwantsho.)

6 Ka dinako tse ding, re ka nna ra batla ho inkela molao matsohong haeba rona kapa batho bao re ba ratang ba tshwarwa ka ho hloka toka. Empa ho etsa dintho ka tsela eo, ho ka mpefatsa maemo le ho feta. Nahana ka mohlala wa Absalome, mora wa Morena Davida. O ile a halefa haholo ha Amnone eo e neng e le ngwanabo ka ntate, a ne a betile kgaitsedi ya hae, Tamare. Ho ya ka Molao wa Moshe, Amnone o ne a lokela ho bolawa ka lebaka la ketso eo. (Lev. 20:17) Le hoja Absalome a ne a ena le lebaka le utlwahalang la ho halefa, o ne a se na tokelo ya ho inkela molao matsohong.—2 Sam. 13:​20-23, 28, 29.

Absalome o ile a hloleha ho laola kgalefo ya hae ka mora hore kgaitsedi ya hae Tamare e betwe (Sheba serapa sa 6)


7. Qalong mopesaleme o ile a ikutlwa jwang ha a bona ho hloka toka?

7 Ha re bona batho ba tshwarang ba bang ka ho hloka toka ba sa fuwe kotlo, re ka nna ra bona ho se na molemo wa hore le rona re tswele pele ho etsa se nepahetseng. Nahana ka mohlala wa mopesaleme ya ileng a bona ha batho ba kgopo ba tshwara batho ba lokileng ka ho hloka toka, empa ho bonahala eka batho ba kgopo ba a atleha. O ile a re: “Bana ke ba kgopo, bao dintho di dulang di ba tsamaela hantle.” (Pes. 73:12) O ile a nyahama haholo ka lebaka la ho hloka toka ho neng ho le teng, hoo a ileng a ba a utlwa eka ho sebeletsa Jehova ke tshenyo ya nako. O ile a re: “Ha ke leka ho utlwisisa, ke ne ke tshwenyeha.” (Pes. 73:​14, 16) Ha e le hantle, o ile a ba a re: “Ha e le nna, maoto a ka a batlile a kgeloha. Maoto a ka a batlile a thella.” (Pes. 73:2) Morabo rona e mong eo re tla mo bitsa Alberto, o ile a etsahallwa ke ntho e tshwanang.

8. Ho tshwarwa ka ho hloka toka ho ile ha ama morabo rona e mong jwang?

8 Morabo rona Alberto o ile a qoswa ka molato oo a neng a sa o etsa wa ho utswa tjhelete ya phutheho. Ka lebaka leo, o ile a nkelwa ditokelo tsa ho sebeletsa e le moholo mme batho ba bangata ka phuthehong ba ile ba tseba ka taba eo yaba ha ba sa mo hlompha. O re: “Ke ile ka ikutlwa ke halefile ebile ke nyahame.” O ne a halefile hoo setswalle sa hae le Jehova se ileng sa fokola mme seo se ile sa etsa hore a kgaotse ho ya dibokeng ka dilemo tse hlano kaofela. Phihlelo ena e bontsha se ka re etsahallang haeba re sa laole kgalefo ya rona ha re tshwarwa ka ho hloka toka.

ETSISA TSELA EO JESU A ILENG A SEBETSANA LE HO HLOKA TOKA KA YONA

9. Jesu o ile a tshwarwa ka ho hloka toka jwang? (Sheba setshwantsho.)

9 Jesu o behile mohlala o motle ka ho fetisisa wa ho sebetsana le ho hloka toka. O ile a tshwarwa ka ho hloka toka ke batho ba bangata ho akareletsa le beng ka yena. Beng ka yena ba ile ba re ha a sa nka hantle, baetapele ba bodumedi ba re o sebedisana le bademona, mme masole a Roma a ile a mo soma, a mo otla mme qetellong a mo bolaya. (Mar. 3:​21, 22; 14:55; 15:​16-20, 35-37) Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a mamella ho tshwarwa ka ho hloka toka maemong ao kaofela ntle le hore a iphetetse. Re ka ithuta eng mohlaleng wa hae?

Jesu o re behetse mohlala o motle wa hore na re ka sebetsana le ho tshwarwa ka ho hloka toka jwang (Sheba serapa sa 9 le 10)


10. Jesu o ile a sebetsana jwang le ho hloka toka? (1 Petrose 2:​21-23)

10 Bala 1 Petrose 2:​21-23. a Jesu o re behetse mohlala o motle wa hore na re lokela ho etsa eng ha re tshwarwa ka ho hloka toka. O ne a tseba hore na o lokela ho thola neng le ho bua neng. (Mat. 26:​62-64) Ka dinako tse ding, o ne a kgetha ho itholela ha batho ba bua mashano ka yena. (Mat. 11:19) Ha a ne a bua, o ne a sa rohake batho ba neng ba mo hlorisa kapa ho ba tshosa. Ntho e ileng ya thusa Jesu hore a be le boitshwaro ke ho “tshepa moahlodi ya ahlolang ka ho loka.” Jesu o ne a tseba hore ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore Jehova o ntse a bona ho hloka toka ho mo hlahelang. O ne a kgodisehile hore Jehova o tla fedisa ho hloka toka hoo ka nako e loketseng.

11. Ke mekgwa efe e meng eo ka yona re ka laolang dintho tseo re di buang ? (Sheba ditshwantsho.)

11 Re ka etsisa Jesu ka ho laola hore na re reng haeba ba bang ba re tshwara ka ho hloka toka. Ka dinako tse ding, dintho tseo batho ba ka re etsang tsona ha di re letho mme re ka kgetha ho di tlodisa mahlo. Kapa re ka kgetha ho itholela feela e le ho qoba ho mpefatsa dintho le ho feta. (Moek. 3:7; Jak. 1:​19, 20) Ka dinako tse ding re ka nna ra lokela ho buella motho e mong ya tshwarwang ka ho hloka toka kapa ra lokela ho emela nnete ya seo re se dumelang. (Dik. 6:​1, 2) Haeba re lokela ho bua, re lokela ho leka ka matla ho bua re kgobile matshwafo le ka tlhompho.—1 Pet. 3:15. b

Ha re tshwarwa ka ho hloka toka, re ka etsisa mohlala wa Jesu wa hore na re bue neng le hore na re bue jwang (Sheba serapa sa 11 le 12)


12. Re ka tshepa “moahlodi ya ahlolang ka ho loka” jwang?

12 Re ka boela ra etsisa Jesu ka ho tshepa “moahlodi ya ahlolang ka ho loka.” Ha ba bang ba re ahlola kapa ba re tshwara hampe, re kgodisehile hore Jehova o tseba nnete. Ho tseba hore qetellong Jehova o tla lokisa dintho, ho tla re thusa hore re mamelle ho tshwarwa ka ho hloka toka. Ha re tlohela dintho matsohong a Jehova, re ke ke ra dula re halefile kapa ra hloya batho ba bang hobane maikutlo ao a tla etsa hore re etse dintho tse mpe, a re amohe thabo a be a senye kamano ya rona le Jehova.—Pes. 37:8.

13. Ke eng e ka re thusang ho mamella ho tshwarwa ka ho hloka toka?

13 Ke nnete hore re ke ke ra kgona ho etsisa Jesu ka ho feletseng. Maemong a mang, re ka bua kapa ra etsa dintho tseo ha morao re ikwahlaelang tsona. (Jak. 3:2) Ka dinako tse ding, ho hloka toka ho ka nna ha re siya re utlwile bohloko haholo re bile re ena le maqeba bophelo bohle ba rona. Haeba le wena o boemong boo, kgodiseha hore Jehova o a tseba hore na o ikutlwa jwang. Jesu o o utlwela bohloko hobane le yena o ile a tshwarwa ka ho hloka toka. (Baheb. 4:​15, 16) Ntle le ho re thusa ka mohlala wa Jesu, Jehova o boetse o re fa keletso e re thusang ho sebetsana le ho hloka toka. A re hlahlobeng ditemana tse pedi tse hlahang bukeng ya Baroma tse ka re thusang.

“LE DUMELLE MODIMO HORE A BONTSHE KGALEFO YA HAE”

14. Ho ‘dumella Modimo hore a bontshe kgalefo ya hae’ ho bolela eng? (Baroma 12:19)

14 Bala Baroma 12:19. Moapostola Pauluse o ile a kgothaletsa Bakreste hore ba “dumelle Modimo hore a bontshe kgalefo ya hae.” Re dumella Modimo hore a bontshe kgalefo ya hae ka hore re tlohele dintho matsohong a hae, e le hore a ka phethahatsa toka ka tsela le nako ya hae. Ka mora hore Morabo rona ya bitswang John a tshwarwe ka ho hloka toka, o ile a re: “Ke ile ka tlameha ho lwantsha boikutlo ba ho batla ho lokisa phoso ka tsela ya ka. Baroma 12:19 e ile ya nthusa hore ke be le mamello le ho tshepa Jehova.”

15. Ke hobaneng ha ho le molemo ho emela Jehova hore a lokise dintho?

15 Re rua molemo ha re emela Jehova hore a lokise dintho. Ha re etsa jwalo, re tla qoba ho ikimetsa le ho ferekana ho tliswang ke ho batla ho rarolla mathata ka borona. Jehova o ikemiseditse ho re thusa. Ho jwalo ka ha eka o re re tlohele dintho matsohong a hae, yena o tla sebetsana le tsona. Haeba re dumela ha Jehova a re “phetetso ke ya ka,” ho ke ke ha hlokahala hore re dule re halefile hobane re kgodisehile hore o tla etsa se nepahetseng. Ke sona se thusitseng Morabo rona John, eo re buileng ka yena pejana. O ile a re: “Haeba ke emela Jehova hore a rarolle mathata a ka, o tla sebetsa ditaba ka tsela e molemo ho feta ya ka.”

“O NNE O HLOLE BOBE KA BOTLE”

16, 17. Ho rapela ho tla re thusa jwang hore ‘re nne re hlole bobe ka botle’? (Baroma 12:21)

16 Bala Baroma 12:21. Pauluse o ile a kgothaletsa Bakreste hore ‘ba nne ba hlole bobe ka botle.’ Thutong ya Thabeng, Jesu o ile a re: “Le nne le rate dira tsa lona le ho rapella ba le hlorisang.” (Mat. 5:44) Ke sona seo a ileng a se etsa. Mohlomong o kile wa nahana ka bohloko boo Jesu a ileng a bo mamella ha a ne a kgokgothetswe palong ke masole a Roma. Le ha ho le jwalo, re ke ke ra utlwisisa ka botlalo bohloko boo a ileng a feta ho bona.

17 Jesu o ile a dula a rata Jehova le ho mo tshepahalla le hoja a ile a utlwa bohloko bo bokaalo. Ho ena le hore a lakaletse masole ao hore a fumane kotlo, o ile a a rapella a re: “Ntate, o ba tshwarele hobane ha ba tsebe hore na ba etsang.” (Luka 23:34) Haeba re rapella batho ba re tshwarang hampe, seo se tla re thusa hore re dule re kgobile matshwafo le hore re fokotse kgalefo ya rona. Ho ka boela ha fetola tsela eo re ikutlwang ka yona ka bona.

18. Ho rapela ho ile ha thusa Morabo rona Alberto le Morabo rona John jwang hore ba sebetsane le ho tshwarwa ka ho hloka toka?

18 Ho rapela ho ile ha thusa bara ba bo rona ba babedi bao ho builweng ka bona pejana sehloohong sena hore ba sebetsane le ho hloka toka hoo ba ileng ba tobana le hona. Morabo rona Alberto o re: “Ke ile ka rapella bara ba bo rona ba ileng ba ntshwara ka ho hloka toka. Ke ile ka kopa Jehova ka makgetlo hore a nthuse ke se ke ka dula ke halefile ka lebaka la seo ba ileng ba nketsa sona.” Ho a thabisa hore ebe Alberto o se a sebeletsa Jehova ka botshepehi hape. Morabo rona John o re: “Ka makgetlo, ke ile ka rapella morabo rona ya ileng a nkutlwisa bohloko. Ho rapela ho ile ha nthusa hore ke se hlole ke halefela morabo rona eo le ho kgaotsa ho mo ahlola. Dithapelo tseo di ile tsa etsa hore ke be le kgotso ya kelello.”

19. Ke eng eo re ka e etsang ha re ntse re emetse hore lefatshe lee le fele? (1 Petrose 3:​8, 9)

19 Re ka nna ra tshwarwa ka ho hloka toka pele lefatshe lena le fela. Ho sa tsotellehe hore na re tobana le eng, a re se keng ra kgaotsa ho rapela Jehova hore a re thuse. Ho ekeletsa moo, e se eka re ka etsisa tsela eo Jesu a ileng a sebetsana le ho tshwarwa ka ho hloka toka ka yona le ho tswela pele re sebedisa melaomotheo ya Bibele. Ha re etsa jwalo, re ka kgodiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa.—Bala 1 Petrose 3:​8, 9.

PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa

a Lengolong la Petrose wa pele Kgaolo ya bobedi le ya boraro, Petrose o hlalosa tsela eo Bakreste ba lekgolong la pele la dilemo ba neng ba sa tshwarwa ka toka ka yona ke benghadi ba bona kapa banna ba bona bao e neng e se badumedi.—1 Pet. 2:​18-20; 3:​1-6, 8, 9.

b Shebella video e nang le sehlooho se reng Lerato le re Thusa Hore re be le Kgotso ho jw.org/st-za.