Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

A re Tshepeng Moetapele wa Rona Kreste

A re Tshepeng Moetapele wa Rona Kreste

“Moeta pele wa lona o mong, Kreste.”—MAT. 23:10.

DIPINA: 16, 14

1, 2. Joshua o ile a tobana le diphephetso dife ka mora lefu la Moshe?

MANTSWE ana a latelang a Jehova a ne a ntse a duma ka kelellong ya Joshua. Jehova o ne a ile a re ho yena: “Mohlanka wa ka Moshe o shwele; jwale ema, o tshele Jordane ena, wena le setjhaba sena sohle, le kene naheng eo ke se fang yona.” (Josh. 1:1, 2) E tlameha ebe ena e bile phethoho e kgolo hakaakang ho Joshua, eo e neng e bile mohlanka wa Moshe ka dilemo tse ka bang 40.

2 Ka ha Moshe e bile moetapele wa Baiseraele ka dilemo tse ngata, e tlameha ebe Joshua o ne a ntse a ipotsa hore na Baiseraele ba ne ba tla mo mamela na. (Deut. 34:8, 10-12) Ha buka e nngwe ya ditshupiso e hlalosang Bibele e bua ka Joshua 1:1, 2, e re: “Ho tloha kgale le mehleng ya kajeno, hangata ho ntse ho bonahala hore nakong eo ho behwang balaodi ba bang pusong, naha ha e be le botsitso ebile le batho ba ikutlwa ba sa sireletseha.”

3, 4. Re tseba jwang hore Joshua o ne a sa etse phoso ka hore a tshepe Jehova, hona re ka ipotsa potso efe?

3 Ho a utlwahala hore ebe qalong Joshua o ile a tshoha empa ka mora matsatsi a mmalwa a nka kgato. (Josh. 1:9-11) O ne a sa etse phoso ka hore a tshepe Jehova. Tlaleho ya Bibele e bontsha hore Jehova o ile a sebedisa lengeloi la hae hore le etelle Joshua le Baiseraele pele. Ke ho utlwahalang ho fihlela qeto ya hore lengeloi lena e ne e le Lentswe, e leng Mora wa Modimo wa letsibolo.—Ex. 23:20-23; Joh. 1:1.

4 Eitse ha Jehova a kgetha Joshua hore e be moetapele, Baiseraele ba sebedisana le yena hantle jwalo ka ha ba ne ba etsa ho Moshe. Le rona re phela nakong eo ho etsahalang diphetoho tse ngata mokgatlong wa Jehova. Ka hoo, re ka nna ra ipotsa: ‘Na re na le mabaka a utlwahalang a ho tshepa Moetapele wa rona ya kgethilweng e leng Jesu Kreste?’ (Bala Matheu 23:10.) A re ke re hlahlobeng ka moo Jehova a ileng a fana ka baetapele ba tshepahalang ka teng nakong e fetileng.

HO ETELLA SETJHABA SA MODIMO PELE HA SE KENA KANANA

5. Joshua o ile a kopana le eng ha a ne a le haufi le ho fihla Jeriko? (Sheba setshwantsho se qalong.)

5 Nakwana ka mora hore Baiseraele ba tshele Jordane, Joshua o ile a bona ntho eo a neng a sa e lebella. Ha a le mothating wa ho kena Jeriko, o ile a kopana le monna ya neng a tshwere sabole. Ka ha Joshua o ne a maketse, a ipotsa hore na jwale enwa ke mang, o ile a re: “Na o ka lehlakoreng la rona kapa la bahanyetsi ba rona?” Joshua o ile a hlollwa ha monna enwa a itlhalosa hore na ke mang. Monna enwa e ne e le “kgosana ya lebotho la Jehova” mme o ne a se a itokiseditse ho sireletsa bahlanka ba Jehova. (Bala Joshua 5:13-15.) Le hoja mona le mane tlalehong ena ya Bibele ho bonahala eka Jehova o ne a bua le Joshua ka ho toba, ha ho pelaelo hore o ne a sebedisa le leng la mangeloi a hae, jwalo ka ha a nnile a etsa nakong e fetileng.—Ex. 3:2-4; Josh. 4:1, 15; 5:2, 9; Lik. 7:38; Bagal. 3:19.

6-8. (a) Ke hobaneng ha ho ya ka batho ho ne ho bonahala eka dintho tseo Jehova a neng a di laela di ne di sa utlwahale? (b) Ke hobaneng ha re ka re taelo eo Jehova a ileng a fana ka yona e ne e bontsha hore o bohlale ebile o fane ka yona ka nako e nepahetseng? (Sheba le mongolo o botlaseng ba leqephe.)

6 Lengeloi la Moetapele le ile la fa Joshua ditaelo tse hlakileng tsa ka moo a lokelang ho hapa Jeriko ka teng. Empa qalong ho ne ho bonahala eka ditaelo tsena tsa Jehova ha di utlwahale. Ka mohlala, Jehova o ile a laela hore banna bohle ba bolle, e leng se neng se tla etsa hore ba se ke ba kgona ho ya ntweng ka matsatsi a mmalwa. Na eo e ne e le nako e nepahetseng ya hore banna bao ba bolle?—Gen. 34:24, 25; Josh. 5:2, 8.

7 Eka nna yaba banna bana ba Baiseraele ba ne ba ipotsa hore na ba tla sireletsa malapa a bona jwang haeba ba direng ba ka ba futuhela. Empa ka tshohanyetso feela, ho ile ha ba le menyenyetsi ya hore “Jeriko e ne e kwetswe ka thata ka lebaka la bara ba Iseraele.” (Josh. 6:1) Na ebe dintho tsena tse neng di sa tswa etsahala di ne di sa lokela ho susumelletsa Baiseraele hore ba tshepe Modimo le ho feta?

8 Ho phaella moo, Jehova o ne a laetse Baiseraele hore ba se ke ba hlasela Jeriko. Empa o ne a ba laetse hore ba potolohe motse wa Jeriko ka matsatsi a tsheletseng hanngwe ka letsatsi mme ka la bosupa, ka makgetlo a supileng. Eka nna yaba ba bang ba banna bana ba ne ba bona eka ntho ena ke papadi feela. Le ha ho le jwalo, Moetapele wa Baiseraele Jesu, eo ba neng ba sa mo bone ka nako eo, o ne a tseba seo a se etsang. Leano lena ha le a ka la matlafatsa tumelo ya banna bana feela empa le ile la boela la ba sireletsa kgahlanong le lebotho le matla la Jeriko.—Josh. 6:2-5; Baheb. 11:30. *

9. Ke hobaneng ha re lokela ho latela tataiso eo re e fuwang ke mokgatlo wa Modimo? Fana ka mohlala.

9 Ha e le hantle re ithutang tlalehong ena? Ka dinako tse ding re ka nna ra se ke ra utlwisisa hore na ke hobaneng ha ho etswa diphetoho tse itseng mokgatlong. Nka ka mohlala, e ka nna yaba le rona re ne re nyatsa nyatsa taba ya ho sebedisa dithabolete le difounu dibokeng, tshimong le ha re ithuta re le bang. Empa jwale mohlomong re se re bona bohlokwa ba ho di sebedisa haeba re kgona. Le hoja ho bonahala eka qalong re ne re sa rate ho di sebedisa, ha re bona ka moo di re tswelang molemo ka teng, re a momahana ebile tumelo ya rona e a matlafala.

BOETAPELE BA KRESTE NAKONG YA BAAPOSTOLA

10. Ke mang ya neng a etella pele seboka sa sehlopha se busang se neng se le Jerusalema?

10 Dilemo tse ka bang 13 ka mora hore Korneliase a sokolohe, Bajuda ba bang ba ne ba ntse ba dumela tabeng ya ho bolla. (Lik. 15:1, 2) Eitse ha ho ba le qabang Antioke Pauluse a kupuwa hore a ise taba eo Jerusalema ho sehlopha se busang. Ha e la hantle ke mang ya neng a etella dintho pele? Pauluse o ile a re: “Ka nyoloha ka lebaka la tshenolo.” Mantswe ana a Pauluse, a bontsha ka ho hlaka hore Kreste ke yena ya neng a etella sehlopha se busang pele, e le hore se rarolle kgang ena.—Bagal. 2:1-3.

Haesale Kreste a tataisa bahlanka ba Modimo ho tloha mehleng ya baapostola (Sheba serapa sa 10, 11)

11. (a) Ke bothata bofe boo Bajuda ba neng ba na le bona bo ileng ba nna na tswela pele? (b) Boikemisetso ba Pauluse ba ho batla ho tshehetsa banna ba baholo ba Jerusalema bo ile ba lekwa jwang? (Sheba le mongolo o botlaseng ba leqephe.)

11 Kreste o ile a tataisa sehlopha se busang hore se hlakise taba ya hore ho ne ho se na ntho e tlamang Bakreste bao e seng Bajuda hore ba bolle. (Lik. 15:19, 20) Ho ntse ho le jwalo, dilemo ka mora hore ho etswe qeto ena, Bajuda ba bangata ba ne ba ntse ba tswela pele ho bolotsa bana ba bona. Jwale eitse ha baholo Jerusalema ba utlwela mabarebare a hore Pauluse ha a latele molao oo Modimo a neng a o file Moshe, ba mo fa ditaelo tseo a neng a sa di lebella. * (Lik. 21:20-26) Ba ile ba re a ye tempeleng le banna ba bane e le hore batho ba tle ba re o “boloka Molao.” Pauluse a ka be a ile a bolella banna ba baholo hore ha se yena ya nang le bothata, empa bothata bo ho Bakreste ba Bajuda ba neng ba sa utlwisise hore ha se setlamo ho bolla. Le ha ho le jwalo, ka ha Pauluse o ne a sa batle ho baka dikarohano ka phuthehong, o ile a ikokobelletsa qeto eo. Empa re ka nna ra ipotsa: ‘Ke hobaneng ha Jesu a sa ka a thiba kgang eo, etswe lefu la hae le ne le se le fedisitse Molao oo Modimo o neng a o file Baiseraele?’—Bakol. 2:13, 14.

12. Ebe ke hobaneng ha Kreste a ile a dumella hore ho fete nako e itseng pele a rarolla taba ya lebollo?

12 Batho ba bang ha ba utlwisise lesedi le letjha kapele. Ho hlakile hore le Bakreste ba Bajuda ba ne ba hloka nako e le hore ba utlwisise taba ena ya lebollo. (Joh. 16:12) Ba bang ba nkile nako ho utlwisisa hore ha se hore motho o lokela ho bolla e le hore a be le kamano e ntle le Modimo. (Gen. 17:9-12) Athe Bajuda ba bang bona, ba ne ba sa batle ho ba mekgelo hobane ba tshaba hore ba tla hloriswa. (Bagal. 6:12) Le ha ho le jwalo, nako e ile ya fihla eo ka yona Kreste a ileng a hlakisa taba ena ka mangolo ao Pauluse a ileng a a ngola.—Bar. 2:28, 29; Bagal. 3:23-25.

KRESTE O NTSE A ETELLA PHUTHEHO YA HAE PELE LE KAJENO

13. Keng e ka re thusang hore re ananele tsela eo Kreste a re etellang pele ka yona?

13 Haeba re sa utlwisise hore na ke hobaneng ha ho etswa diphetoho tse itseng mokgatlong, re tla thuswa ke hore re nahanisise ka tsela eo Kreste a ileng sebetsa ditaba ka yona nakong e fetileng. Haesale Kreste a tataisa bahlanka ba Modimo ho tloha mehleng ya Joshua le ya baapostola. O nnile a etsa sena e le ho ba sireletsa, ho matlafatsa tumelo ya bona le ho ba thusa hore ba be le bonngwe.—Baheb. 13:8.

14-16. Tataiso eo “lekgoba le tshepahalang le le masene” le re fang yona e bontsha jwang hore Kreste o batla re be le kamano e ntle le Modimo?

14 Ha “lekgoba le tshepahalang le le masene” le fana ka tataiso e nakong, ha e le hantle seo se bontsha hore Jesu o amehile ka hore re be le kamano e ntle le Modimo. (Mat. 24:45) Marc, e leng ntate ya nang le bana ba bane o re: “Satane o leka ho fokodisa diphutheho ka ho hlasela malapa. Ka hona, ka mora hore re kgothalletswe ho tshwara borapedi ba lelapa beke le beke, ke ile ka hlokomela hore Jehova o batla hore re sireletse malapa a rona jwalo ka dihlooho tsa malapa.”

15 Ha re lemoha hore Kreste ke yena ya re tataisang, re tla utlwisisa hore o fela a batla hore re be le tumelo e matla. Moholo e mong ya bitswang Patrick o re: “Qalong barababo rona ba ne ba nyahama ha ba kopana ba le mmalwa feela dihlopheng tsa bona tsa tshimo mafelobeke. Tokisetso ena e bontsha botho bo bong ba Jesu, hore o thahasella batho ba tlasana. Sena se ile sa thusa le batho ba bang hore le bona ba ikutlwe ba ratwa ebile e le ba bohlokwa mme ka lebaka leo, tumelo ya bona ya hola.”

16 Ho phaella tabeng ya hore re be le tumelo e matla, Kreste o re thusa hore re tsepamise mehopolo ya rona mosebetsing wa bohlokwa ka ho fetisisa, e leng wa ho bolela molaetsa wa Bibele. (Bala Mareka 13:10.) Moholo e mong ya sa tswa kgethwa e leng André, o dula a le malala a laotswe ho latela tataiso e ntjha. O re: “Ha re bona batho ba sebeletsang Bethele ba fokotswa, sena se ile sa re hopotsa hore re lokela ho tsepamisa maikutlo mosebetsing wa boboledi hobane metsotso e jele babedi.”

RE LATELE TATAISO YA KRESTE KA BOTSHEPEHI

17, 18. Ke hobaneng ha re lokela ho nahana ka melemo eo re e fumanang ha re tsamaisana le diphetoho tsa mokgatlo?

17 Morena wa rona Jesu Kreste o re tataisa a nahanne ka bokamoso. Ka lebaka leo, a re thabeleng melemo eo re e fumanang ha re latela diphetoho tse ntjha. Mohlomong borapeding ba lona ba lelapa, le ka buisana ka diphetoho tse bileng teng dibokeng tsa hara beke le tshebeletsong. Sena se tla le kgothatsa le ho feta, haholoholo ha le bona melemo ya tsona.

Na o thusa lelapa la hao le batho ba bang hore ba tsamaisane le mokgatlo wa Jehova? (Sheba serapa sa 17, 18)

18 Haeba re lemoha le ho bona melemo ya hore na ke hobaneng ha mokgatlo wa Jehova o fana ka ditaelo tse itseng, re tla nolofallwa ke ho di latela. Ka sebele re a utlwisisa hore ho fokotsa dingolwa tse printwang ho boloka tjhelete. Ka lehlakoreng le leng, ho sebedisa theknoloji ho re thusa hore re ntshetse mosebetsi wa Mmuso pele lefatsheng lohle. Ka lebaka leo haeba re kgona, re ka sebedisa divideo le dingolwa tse websaeteng ya rona. Ha re etsa jwalo, re tla be re bontsha hore re nahana jwalo ka Kreste ka ho sebedisa thepa ya mokgatlo hantle.

19. Ke hobaneng ha re lokela ho kgomarela tataiso ya Kreste?

19 Ha re kgomarela tataiso ya Kreste ka tiyo, re matlafatsa tumelo ya ba bang ebile re kgothalletsa hore ho be le bonngwe. Ha André eo re buileng ka yena pejana a fana ka boikutlo ba hae ka hore ebe ho ile ha fokotswa batho Bethele, o re: “Ke susumetswa ke boikutlo bo botle boo bara bana babo rona ba ileng ba bo bontsha ha ba tswa Bethele. Ba tsamaisana le koloi ya Jehova mme ba thabela kabelo e nngwe le e nngwe eo ba e fuwang.”

A RE TSHEPENG MOETAPELE WA RONA KA TUMELO E FELLETSENG

20, 21. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho tshepa Moetapele wa rona Kreste? (b) Re tlo tshohla dipotso dife sehloohong se latelang?

20 Haufinyane feela, Moetapele wa rona Jesu Kreste o tla ‘phetha tlholo ya hae’ mme a etse “dintho tse tshabehang.” (Tšen. 6:2; Pes. 45:4) Ha jwale, o re hlophisetsa nako ya tsoho ya bafu tsamaisong e ntjha, ha re tla be re etsa mosebetsi wa ho ruta le ho haha matlo.

21 Morena wa rona o tla re tataisetsa lefatsheng le letjha, ha feela re mo tshepa ka ho felletseng ho sa tsotellehe diphephetso. (Bala Pesaleme ya 46:1-3.) Ke nnete hore ka dinako tse ding re ka nna ra utlwa ho nyolosetsa hore re latele diphetoho, haholoholo tse tlang re sa di lebella. Jwale, ke jwang maemong a jwalo re ka tshepang Jehova ka ho felletseng? Re tla tshohla karabo ya potso ena sehloohong se latelang.

^ par. 8 Ditsebi tse epollang dintho tsa kgale di ile tsa fumana dijothollo tse ngata malwanlahleng a Jeriko, e leng se bontshang hore motse ona o ne o sa dikadiketswa ka nako e telele hoo jwale dijo di neng di se di fedile. Ka ha Baiseraele pejana ba ne ba laetswe hore ba se ke ba futuhela Jeriko, ena he, e ne e hlile e le nako e nepahetseng ya ho hlasela. Etswe e ne e bile e le nako ya kotulo mme dijo e le matletsetletse masimong kwana.—Josh. 5:10-12.

^ par. 11 Sheba le bokose le hlahang ho Tora ya ho Lebela ya March 15, 2003 leq. 24, le reng “Pauluse o Tobana le Teko ka Boikokobetso.