Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dilemo Tse 100 Tse Fetileng 1918

Dilemo Tse 100 Tse Fetileng 1918

Tora ya ho Lebela ya January 1, 1918 e ile ya qala ka mantswe a reng: “Ebe selemo sa 1918 se re tshwaretseng?” Ke nnete hore Ntwa ya Pele ya Lefatshe e ne e ntse e kupa Europe. Empa diketsahalo tse ileng tsa ba teng maqalong a selemo seo, di ile tsa bontsha hore maemo a tla ba beterenyana bakeng sa Baithuti ba Bibele le batho ka kakaretso.

MEBUSO E LWANELA KGOTSO

Ka la 8 January 1918, Mopresidente Woodrow Wilson o ile a fana ka puo e neng e tobisitswe ho Lekgotla la ketsamolao la United States. Puong ya hae, o ile a bua ka dintlha tse 14 tseo ho tsona a neng a fana ka maikutlo a hore ho be le “toka le kgotso.” O ile a ba a sisinya le hore ditjhaba di dule fatshe di buisane mme di be ntswe leng, di fokotse dibetsa. Hape o ne a batla hore di thehe mokgatlo o itseng o neng o tla sireletsa le ho tswela “dinaha tse nyane le tse kgolo” molemo. Ha morao dintlha tsena tsa hae tse 14, di ne di tla sebediswa ho theha Selekane sa Ditjhaba le ditherisano tsa Tumellano ya Versailles, e neng e tla fedisa Ntwa ya Pele ya Lefatshe.

MERERONYANA YA BATHO BA RE HANYETSANG E A HLOLEHA

Ho sa tsotellehe merusu e ileng ya ba teng selemong se tlileng pele ho seo, * ho ne ho bonahala Baithuti ba Bibele ba bona kgotso e sa tla le mane. Bopaki ba sena bo ile ba totobala hantle ka se ileng sa etsahala sebokeng sa kgwebo sa Watch Tower Bible and Tract Society.

Banna ba mmalwa ba hlahelletseng ka mahetla ba neng ba lelekilwe Bethele, ba ile ba ba teng sebokeng sona seo sa la 5 January 1918 mme ba ne ba batla ho laola mokgatlo. Morabo rona Richard H. Barber eo e neng e le molebedi ya tsamayang, o ile a bula seboka ka thapelo. Ka mora hore ho fanwe ka tlaleho ya mosebetsi ya selemo se fetileng, nako ya dikgetho tsa selemo le selemo tsa batsamaisi ba mokgatlo e ile ya fihla. Morabo rona Barber a kgetha Morabo rona Joseph Rutherford le bara ba bang babo rona ba 6. Yaba mmuelli wa molao ya neng a tshehetsa bahanyetsi, o kgetha banna ba 7 ho akarelletsa le ba neng ba lelekilwe Bethele. Le ha ho le jwalo, ba ile ba tea kalala. Bongata bo ile ba kgetha Morabo rona Rutherford le bane ba 6 hore e be bona batsamaisi ba mokgatlo.

Ka lebaka leo, barababo rona ba bangata ba neng ba tlile sebokeng sena, ba ile ba re “ena e bile kopano e hlohonolofaditsweng ka ho fetisisa” eo ba kileng ba ba ho yona. Empa thabo ya bona e ne e le mothating wa ho fetoha maswabi.

BUKA YA THE FINISHED MYSTERY E ILE YA SUSUMETSA BA BANGATA

Baithuti ba Bibele ba ne ba se ba fane ka buka ya The Finished Mystery ka dikgwedi tse mmalwa. Batho ba ileng ba e thabela, ba ile ba amohela nnete ya Bibele eo ba e fumaneng ho yona.

E. F. Crist, e leng molebedi e mong ya tsamayang ya sebeletsang kwana Canada, o ile a re ho banyalani ba bang ba ileng ba amohela nnete ka dibeke tse 5 feela ba badile buka ya The Finished Mystery. O re: “Banyalani bao ka bobedi ba inehetse ka ho felletseng ho Modimo ebile ba bontsha tswelopele.”

Monna e mong ya ileng a fumana buka ena o ile a qoqela metswalle ya hae ka yona hanghang. Molaetsa wa yona o ile wa mo otla hantle botsekeng mona. O di beha tjena: “Ke ne ke ntse ke itsamaela seterateng sa Third Avenue, yaba ke utlwa ntho e nkotlang lehetleng mona, ka nahana hore mohlomong ke setene. Empa kgele! e ne e le ‘The Finished Mystery.’ Ke ile ka ya le yona hae mme ka e bala kaofela. . . . Ha morao ka utlwela hore e ne e le moruti . . . ya ileng a lahlela buka eo ka fenstere a halefile haholo . . . Ke dumela hore ntho ena eo a e entseng ya hore a lahlele buka ena ka fenstere, e pholositse batho ba bangata ho feta ntho le ha e le efe eo jwalo ka moruti a neng a leka ho e etsa a re o pholosa batho. . . . Jwale re bahlanka ba Modimo ka lebaka la seo moruti ka ho halefa a ileng a se etsa.”

Ha se moruti enwa feela ya neng a hloile buka ena. Babusi ba Canada ba ile ba thibela buka ena ka la 12 February 1918. Ba ile ba supa hore e susumetsa batho hore ebe mahanapuso le hore e na le mantswe a kgahlanong le ntwa. Nakwana ka mora moo, ba ka pusong United States ba ile ba hlahlela qoso lekgotleng la molao. Bahlanka ba Mmuso ba ile ba phahla Lehae la Bethele le diofisi tse New York, Pennsylvania, haesitana le California, ba batla bopaki bo kgahlanong le barababo rona ba etellang pele mokgatlong. Jwale ka la 14 March 1918, Lefapha la Toka le United States le ile la thibela buka ya The Finished Mystery ka le reng e kgahlanong le ntwa le Molao wa Bompimpi.

BARABABO RONA BA ETELLANG PELE BA A TSHWARWA

Ka la 7 May 1918, Lefapha la Toka le ile la ntsha mangolo a ho ya tshwara Giovanni DeCecca, George Fisher, Alexander Macmillan, Robert Martin, Frederick Robison, Joseph Rutherford, William Van Amburgh le Clayton Woodworth. Ba ne ba qosetswa hore ba ile ba “tlola le ho tella molao ka boomo, ba hana ho tshepahalla le ho etsa mesebetsi e itseng sesoleng esita le ho tshehetsa lebotho la lewatleng la United States.” Ba ne ba lokela ho hlahella ka pela lekgotla la dinyewe ka la 3 June 1918. Empa ho ne ho na le dipelaelonyana tsa hore ba tla fumanwa ba le molato. Hobaneng?

Mmuelli ya ka sehloohong wa molao wa United States o ile a re ba ne ba tshwaretswe ho roba Molao wa Bompimpi. Molao ona o ne o sebediswa ho thibela hore ho se ke ha haswa mashano ka hara naha. Ka la 16 May 1918, Lekgotla la ketsamolao le ne le ile la hana tshisinyo ya hore ho ntlafatswe Molao wa Bompimpi, o neng o tla sirelletsa batho ba hatisang dingolwa tse buang “nnete ka sepheo se setle le ka mabaka a utlwahalang.” Sehlooho sa ditaba ngangisanong ya bona, e ne e le buka ya The Finished Mystery. Ha tlaleho ya Lekgotla la ketsamolao le United States e bua ka buka ena, e ile ya re: “Buka ya ‘The Finished Mystery’ ke e nngwe ya dibetsa tse kotsi ka ho fetisisa tse hasang mashano . . . Morero o ka sehloohong wa yona ke ho nyahamisa masole a re tshehetsang . . . le ho sitisa tsamaiso ya sesole.”

Athe ka la 20 June 1918, lekgotla la baahlodi le ile la fumana barababo rona bane ba 8 ba le molato diqosong tsohle. Yaba tsatsi le hlahlamang moahlodi o diha kahlolo. O ile a re: “Leshano la bodumedi leo baqusuwa bana ba le emelang le ho le jala ka mafolofolo hakaana, . . . le kotsi le ho feta lebotho la Sesole sa Germany ka bosona. . . . Ba lokela ho fuwa kotlo e boima.” Dibeke tse pedi ha morao, bara bana babo rona ba ile ba lahlelwa teronkong eo ho kwallwang ditlokotsebe tsena tse haesale ho yona. E ne e le Atlanta, Georgia mme ba ahlolelwa ho hlola dilemo tse pakeng tsa tse 10 ho ya ho tse 20.

MOSEBETSI WA BOBOLEDI O TSWELA PELE

Ka lehlakoreng le leng Baithuti ba Bibele ba ne ba ntse ba hanyetswa ka matla. Mafokisi a FBI a ile a batlisisa ka tshebeletso ya bona mme a ngola ditokomane tse dikete. Ditokomane tseo di ile tsa bontsha hore barababo rona ba ne ba ikemiseditse ho tswela pele ka mosebetsi wa bona.

Raposo e mong wa Orlando, Florida kwana o ile a ngolla FBI lengolo mme a re: “[Baithuti ba Bibele] ba etsa mosebetsi wa bona wa ka ntlo le ntlo toropong mona haholo bosiu. . . . Ho bonahala eka ba qala noha mokoting wa yona jwale.”

Mokoronele ya neng a sebetsa Lefapheng la Ntwa o ile a ngolla FBI lengolo mabapi le Frederick W. Franz eo ha morao e ileng ya ba setho sa Sehlopha se Busang. Mokoronele o ile a re: “F. W. Franz . . . ke enwa o ikeme ka ho rekisa dibuka, o se a bile a rekisitse tse ngata bona bo haesale tsa ‘Finished Mystery’.”

Charles Fekel eo le yena ha morao e ileng ya ba setho sa Sehlopha se Busang o ile a hanyetswa hampempe. Ba ka bolaoding ba ile ba mo tshwarela taba ya hore o ntse a fana ka bukana ya The Finished Mystery ba ba ba kenakenana le mangolo a hae a botho. O ile a ahlolelwa ho hlola kgwedi kaofela teronkong e Baltimore, Maryland mme ba re ke “sera sa mojaki sa Austria.” Ha ka sebete a ntse a bolela molaetsa wa Bibele ho ba ntseng ba mo hloma hloma dipotso, o ile a hopola mantswe a Pauluse a ho 1 Bakorinthe 9:16, a reng: “Ho madimabe nna haeba ke sa ka ka bolela ditaba tse molemo!” *

Ho phaella mosebetsing wa bona wa ho bolela, Baithuti ba Bibele ba ne ba bile ba tsamaisa le lengolo la boipiletso la hore barababo bona ba lokollwe teronkong ya Atlanta. Anna K. Gardner o re: “Ha barababo rona ba le teronkong, ka nqena re ne re etsa ho hong ho leka ho ba lokolla. Re ne re ya ka ntlo le ntlo. Ebe re kopa hore batho ba saene lengolo la rona la boipiletso. Re ne re bolella batho sefahlamahlo hore banna bana ba tshwerweng, ke Bakreste ba nnete le hore ba tshwerwe ka phoso.”

DIKOPANO TSE KGOLO

Dinakong tsena tse thata, re ne re ba le dikopano tse kgolo kgafetsa e le ho matlafatsa barababo rona. Tora ya ho Lebela e ile ya re: “Re bile le dikopano . . . tse fetang tse 40 selemong . . . Re fumane ditlaleho tse monate mabapi le dikopano tsena. Nakong e fetileng re ne re ba le dikopano ho elella mafelong a selemo. Empa hona jwale kgwedi le kgwedi re ne re se re ba le tse ngata.”

Batho ba thabelang ditaba tse molemo ba ne ba ntse ba nka kgato. Kopanong e nngwe e neng e le Cleveland, Ohio, ba ka bang 1 200 ba ile ba ba teng mme ha kolobetswa ba 42 ho akarelletsa le moshanyana e mong e monyenyane. Ka sebele batho ba ne ba ka itshwabela ha ba bona ngwana a mokana a inehetse a bile a rata Modimo.

BA NE BA SA TSEBE SE TLA TLOHA SE ETSAHALA

Ho elella mafelong a bo 1918, Baithuti ba Bibele ba ne ba ipotsa hore na ho tla tloha ho etsahalang. Ho ile ha rekiswa mehaho e meng e Brooklyn mme le ntlokgolo ya iswa Pittsburgh, Pennsylvania. Ha ba etellang pele ba ntse ba kwalletswe kwana teronkong, seboka sa selemo le selemo se ile sa hlophiswa hore se tla ba teng hape ka la 4 January 1919. Ebe ho ne ho tla etsahalang?

Barababo rona ba ne ba ntse ba kentse mohoma temeng. Ba ne ba kgodisehile hore dintho di tla ba tsamaela hantle. Ke ka hoo ba ileng ba kgetha temana ya selemo sa 1919 hore e re: “Sebetsa le ha e le sefe se tla etswa kgahlanong le wena se ke ke sa atleha.” (Esa. 54:17) Sebae se ne se se se hlekehile bakeng sa diphetoho tse neng di tla matlafatsa tumelo ya bona bakeng sa mosebetsi o moholo o neng o larile ka pele.

^ par. 6 Sheba sehlooho se reng “Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng 1917” Bukeng ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova ya 2017, leq. 172-176.

^ par. 22 Sheba pale ya bophelo ya Charles Fekel “Joys Through Perseverance in Good Work,”e hlahang ho Tora ya ho Lebela ya Sekgowa ya March 1, 1969.