Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dula O Thabile Esita le Ha Maemo a Hao a Fetoha

Dula O Thabile Esita le Ha Maemo a Hao a Fetoha

“Ke tshedisitse mme ke kgutsisitse moya wa ka.”—PES. 131:2.

DIPINA: 128, 129

1, 2. (a) Mokreste a ka ikutlwa jwang ha maemo a fetoha a sa lebella bophelong ba hae? (Sheba setshwantsho se qalong.) (b) Ho latela Pesaleme ya 131, ke boikutlo bofe bo ka re thusang hore re dule re na le kgotso?

HA BANYALANI ba bang e leng Lloyd le Alexandra ba utlwa hore ba fuwe kabelo e ntjha, ba ile ba utlwa bohloko. Etswe ba ne ba se ba sebeleditse Bethele ka dilemo tse fetang tse 25. Lloyd o re: “Ke ne ke utlwa eka ha ho na bophelo ka ntle ho Bethele le mosebetsi oo ke neng ke o etsa moo. Ke nnete hore ke ne ke utlwisisa hore na ke hobaneng ha ho ne ho thwe ke kgutlele tshimong. Empa ha dibeke le dikgwedi di ntse di palamana, ke ile ka utlwa eka ke tebetswe. Maikutlo a ka a ne a kopakopane. Ka nako tse ding ke ne ke ba le boikutlo bo botle ka qeto ena, athe ka nako tse ding teng, ke utlwa ke swetsehile.”

2 Ha ho ba le diphetoho tseo re sa di lebellang bophelong ba rona, seo se ka re bakela tshabo le kgatello ya maikutlo. (Liprov. 12:25) Re ka ba ra thatafallwa le ke ho amohela diphetoho tseo. Maemong a jwalo, ke jwang re ka tshedisang le ho kgotsisa meya ya rona? (Bala Pesaleme ya 131:1-3.) A re ke re boneng ka moo bahlanka ba Jehova ba mehleng e fetileng le ba hona jwale, ba ileng ba atleha ka teng ho dula ba na le kgotso le ha maemo a fetoha.

O ILE A BA LE “KGOTSO YA MODIMO”

3. Josefa o ile a iphumana a le boemong bofe?

3 Josefa o ne a ka ba dilemo di 17 feela ha banababo ba mo rekisa hore e be lekgoba ka lebaka la ho qetwa ke mona. Pele ho moo, Josefa e ne e le thatohatsi ya Ntate wa hae. (Gen. 37:2-4, 23-28) Dilemong tse 13 kaofela, o ile a mamella ho ba lekgoba le ho ba teronkong hole le Ntate wa hae Jakobo. Ke eng se ileng sa mo thusa hore a se ke a nyahama kapa hona ho nkuwa ke maikutlo?

4. (a) Keng seo Josefa a ileng a tsepamisa mohopolo wa hae ho sona ha a le teronkong? (b) Jehova o ile a arabela dithapelo tsa Josefa jwang?

4 E tlameha ebe Josefa o ile a tsepamisa mohopolo wa hae ditlhohonolofatsong tsa Jehova ha a ntse a le teronkong. (Gen. 39:21; Pes. 105:17-19) Ditoro tseo Josefa a ileng a di lora ha a sa le monyenyane, le tsona di ile tsa mo netefalletsa hore Jehova o ka lehlakoreng la hae. (Gen. 37:5-11) E ka nna yaba o ile a tshollela bohloko ba hae ho Jehova ka makgetlo ka lebaka la masisapelo ao a neng a le ho ona. (Pes. 145:18) Jehova o ile a arabela dithapelo tsa Josefa ka ho mo kgodisa hore o tla ba “le yena” ditekong tsohle tseo a kopanang le tsona.—Lik. 7:9, 10. *

5. Ho ba le “kgotso ya Modimo” ho ka re thusa jwang hore re fihlelle dintho tseo re di batlang tshebeletsong ya hae?

5 Le rona kajeno ha re tobana le maemo a nyahamisang, re ka bona ka moo kgotso eo Modimo a re fang yona e ka lebelang matla a rona a kelello ka teng. (Bala Bafilipi 4:6, 7.) Ha re le ka tlasa kgatello, re lokela ho kopa thuso ho Jehova. Ha re etsa jwalo, kgotso eo a re fang yona e tla re thusa hore re ikemisetse le ho feta ho finyella dintho tseo re di batlang tshebetsong ya hae. A re ke re hlahlobeng e meng ya mehlala ya bara le baradibabo rona mabapi le taba ena.

TADIMA HO JEHOVA HORE O FUMANE KGOTSO YA SEBELE

6, 7. Ho toba taba ha re rapela ho ka re thusa jwang hore re boele re be le kgotso? Fana ka mohlala.

6 Ryan le Juliette, ba ile ba utlwa bohloko ha ba tsebiswa hore ha ba sa tla sebeletsa e le bopulamadiboho ba kgethehileng ba nakwana. Ryan o re: “Re ile ra kopa thuso ho Jehova ka thapelo. Re ile ra lemoha hore phetoho ena, e re fa monyetla wa hore re bontshe hore re tshepa Jehova. Ka ha ba bangata ba ne ba sa tswa fihla ka phuthehong, re ile ra kopa hore Jehova a re thuse re ba behele mohlala ka ho ba le tumelo.”

7 Jehova o ile a arabela thapelo ya bona jwang? Ryan o re: “Ka mora hore re etse thapelo, maikutlo a fosahetseng le dipelaelo tseo re neng re na le tsona pele, di ile tsa fela. Kgotso eo Modimo a ileng a re fa yona e ile ya lebela dipelo le matla a rona a kelello. Re ile ra hlokomela hore Jehova a ka tswela pele ho re sebedisa haeba feela re dula re na le boikutlo bo nepahetseng.”

8-10. (a) Moya o halalelang o ka re thusa jwang hore re sebetsane le matshwenyeho? (b) Jehova a ka re hlohonolofatsa ka ditsela dife ha re etsa sohle seo re ka se kgonang hore re shebe dintho ka tsela e nepahetseng?

8 Moya o halalelang o tla re thusa hore re se ke ra tshwenyeha. Hape o ka ba wa re hopotsa le mangolo a tla re thusa hore kamano ya rona le Modimo e be matla. (Bala Johanne 14: 26, 27.) Ka mohlala, ako nahane ka Philip le Mary, e leng banyalani ba bang ba sebeleditseng Bethele ka dilemo tse ka bang 25. Ka mora dikgwedi tse nne feela, bobedi ba bona ba ile ba hlokahallwa ke Bomme ba bona ha mmoho le mong ka bona e mong. Yaba ba qala ho hlokomela Ntate wa Mary ya neng a na le bohloko ba kelello.

9 Philip o re: “Ke ne ke nahana hore ke ntse ke ya hantle, empa ho ne ho na le ntho e shotang. Ha ke ntse ke bala sehlooho se seng sa Tora ya ho Lebela, ke ile ka kopana le lengolo la Bakolose 1:11. Ke nnete hore ke ne ke mamelletse, empa e seng ka ho felletseng. Ke ne hloka ho ‘mamella ka botlalo le ho tiisetsa ka thabo.’ Temana ena e ile ya nkgopotsa taba ya hore thabo ya ka, ha e a itshitleha ka maemo ao ke leng ho ona. Empa e itshetlehile ka moya o halalelang oo Modimo a mphang ona bophelong.”

10 Jehova o ile a hlohonolofatsa Philip le Mary ka ditsela tse ngata hobane ba ile ba etsa boiteko bohle hore ba shebe dintho ka tsela e nepahetseng. Nakwana ka mora hore ba tswe Bethele, ba ile ba fumana batho ba neng ba batla ho ithuta Bibele habedi ka beke. Mary o re: “Ha re ne re bona ka moo ba tswellang hantle ka teng, re ne re thaba mme eo e ne e le tsela eo Jehova a re bontshang ka yona hore tsohle di tla loka.”

FA JEHOVA LEBAKA LA HORE A O HLOHONOLOFATSE

Re ka etsisa Josefa jwang ho sa tsotellehe maemo a rona? (Sheba serapa sa 11-13)

11, 12. (a) Josefa o ile a fa Jehova lebaka la hore a mo hlohonolofatse jwang? (b) Jehova o ile a putsa Josefa jwang ka lebaka la ho mamella?

11 Ha maemo a rona a fetoha ka tshohanyetso, re ka nna ra tshwenyeha ka bokamoso ba rona. Josefa le yena, a ka be a ile a tshwenyeha ka bokamoso. Empa ho e na le hoo, o ile a etsa qeto ya hore a ke ke a dumella maemo ana hore a mo nyahamise. Jwale ka ho etsa jwalo, o ne a fa Jehova lebaka le utlwahalang la hore a tle a mo hlohonolofatse. Ha Josefa a le teronkong, o ile a sebetsa ka thata ho etsa sohle seo molaodi ya ka sehloohong a neng a mo laela hore a se etse, feela jwalo ka ha a ne a etsa ho Potifaro.—Gen. 39:21-23.

12 Ka tsatsi le leng Josefa o ile a fuwa boikarabelo ba ho okamela banna ba bang ba babedi. Banna bana ba ne ba kile ba sebeletsa maemong a phahameng ntlong ya borena ya Faro. Ha banna bana ba hlokomela hore Josefa ke motho ya mosa, ba ile ba mo phetlela sefuba yaba ba mo bolella le ditoro tseo ba neng ba di lorile bosiung bo fetileng. (Gen. 40:5-8) Josefa o ne a sa hlokomele hore puisano ena e ne e tla etsa hore qetellong mathata a hae a rarollehe mme a thabe. Le hoja a ne a tla lokela ho mamella dilemo tse pedi teronkong, qetellong o ile a lokollwa mme ka lona letsatsi leo, a kgethwa hore e be wa bobedi mmusong wa Faro.—Gen. 41:1, 14-16, 39-41.

13. Re ka fa Jehova lebaka la hore a re hlohonolofatse jwang ho sa tsotellehe mathata ao re tobanang le ona?

13 Jwalo ka Josefa, le rona re ka iphumana re le ka tlasa maemo a ka hodima matla a rona. Le ha ho le jwalo, haeba re sebetsa ka thata ebile re mamella tlasa maemo ao re leng ho ona, re tla fa Jehova lebaka la hore a re hlohonolofatse. (Pes. 37:5) Ke nnete hore ka dinako tse ding re ka nna ra ikutlwa re “tsielehile.” Empa jwalo ka ha moapostola Pauluse a ile a bontsha, “hase hore ho hang ha re na tsela ya ho tswa.” (2 Bakor. 4:8) Re ka bona bonnete ba mantswe ana a Pauluse, ha feela re tsepamisitse maikutlo a rona tshebeletsong.

TSEPAMISA MAIKUTLO TSHEBELETSONG YA HAO

14-16. Moevangedi Filipi o ile a dula a tsepamisitse maikutlo tshebeletsong jwang le ha maemo a hae a fetoha?

14 Moevangedi Filipi o ile a beha mohlala o motle ka hore a dule a tsepamisitse maikutlo tshebeletsong le ha maemo a hae a fetoha. Ho ile ha tsoha mahloriso Jerusalema hoo Setefane a ileng a bolaelwa tumelo ya hae.  * Ka nako eo, Filipi o ne a le kabelong e ntjha. (Lik. 6:1-6) Empa ka ha balatedi ba Kreste ba ne ba qhalakane, Filipi o ne a ke ke a ema feela a phutha matsoho a sa etse letho. Ho e na le hoo, o ile a bolela molaetsa wa Bibele Samaria, e leng motse oo ho neng ho sa atiswe ho bolela ditaba tse molemo ho ona ka nako eo.—Mat. 10:5; Lik. 8:1, 5.

15 Filipi o ne a ikemiseditse ho dumella moya o halalelang hore o mo tataise. Ka lebaka leo, Jehova a mo sebedisa hore a bolele molaetsa wa Bibele esita le dibakeng tseo ho neng ho so ka ho fihlwa ho tsona. E tlameha ebe ha Basamaria ba bona hore Filipi ha a leeme, ba ile ba hlasimolloha haholo. Etswe Bajuda ba ne ba ba kgesa. Ke ka hoo letshwele le ileng la mo mamela ka hloko.—Lik. 8:6-8.

16 Moya o halalelang o ile wa tataisetsa Filipi Ashdode le Cesarea, e leng metse eo ho yona ho neng ho na le Baditjhaba ba bangata. (Lik. 8:39, 40) Ho bonahala eka maemo a Filipi a ile a fetoha hape dilemo tse ka bang 20 ka mora hore a bolele molaetsa wa Bibele Samaria. Ka ha jwale Filipi e ne e se e le Ntate wa lelapa, o ile a lokela ho dula Cesarea. Empa a nna a tswela pele ka mosebetsi wa boboledi moo. Ho sa tsotellehe phetoho ena, Filipi o ile a nna a tsepamisa maikutlo a hae tshebeletsong. Ka lebaka leo, Jehova a putsa yena le lelapa la hae.—Lik. 21:8, 9.

17, 18. Ho tsepamisa maikutlo a rona tshebeletsong ho ka re thusa jwang hore re be le boikutlo bo botle esita le ha maemo a rona a fetoha?

17 Ba leng tshebeletsong ya nako e tletseng, ba ka bua ba sa hlathe kwana le kwana hore ho tsepamisa maikutlo tshebeletsong, ho ba thusitse hore ba be le boikutlo bo botle ha maemo a bona a fetoha. Ha Osborne le Polite e leng banyalani ba bang ba South Africa ba tloha Bethele, ba ne ba sa nahane hore ho ka ba nka nako ho fumana mosebetsi wa nakwana le bodulo. Osborne o re: “Ka bomadimabe ha re a ka ra fumana mosebetsi ka nako eo re neng re e lebelletse.” Mosadi wa hae Polite yena o re: “Re ile ra qeta dikgwedi tse tharo re sa fumane mosebetsi, ene re ne re sa boloka le tjhelete. Ho ne ho nyolosetsa.”

18 Ebe ba ile ba thuswa keng hore ba sebetsane le boemo boo? Osborne o dibeha tjena: “Ho ya tshimong le ditho tsa phutheho, ho re thusitse haholo hore re tsepamise maikutlo le ho ba le boikutlo bo nepahetseng. Re ile ra etsa qeto ya hore re ikakgele ka setotswana tshebeletsong ya tshimo, e leng se ile sa re tlisetsa thabo ho e na le ho dulela ho ingamangama le ho tshwenyeha. Ka nqena re ne re ntse re ya hodimo le tlase re batlana le mosebetsi mme qetellong ra o fumana.”

LETELA JEHOVA KA MAMELLO

19-21. (a) Keng e tla re thusa hore re dule re na le kgotso? (b) Re tla fumana melemo efe ha re ba le maikutlo a matle ha maemo a rona a fetoha?

19 Jwalo ka ha mehlala e boletsweng mona e bontsha, haeba re etsa boiteko bohle ba ho ba le maikutlo a nepahetseng le ho letela Jehova ka kgodiseho, re tla dula re na le kgotso. (Bala Mikea 7:7.) Re ka ba ra lemoha hore ho na le melemo eo re ka e fumanang ka ho tenyetseha ha maemo a fetoha. Polite ya boletsweng pejana o re: “Ho fuwa kabelo e ntjha ho ile ha nthusa hore ke itshetlehe ka Jehova ha mathata a hlwa manolo hodimo. Jwale kamano ya ka le yena, e matla ho feta le ha e le neng pele.”

20 Mary eo re buileng ka yena pejana, o ntse a oka Ntate wa hae ha ka nqena e le pulamadiboho. O re: “Ke hlokometse hore ha ke tshwenyeha, ke lokela ho ema hanyane, ke rapele ebe ke kgoba matshwafo. Thuto ya bohlokwa eo ke ithutileng yona ke hore ke lokela ho tlohella dintho matsohong a Jehova, e leng sona seo re tla hloka ho se etsa nakong e tlang.”

21 Lloyd le Alexandra ba boletsweng qalong, ba re ha maemo a bona a fetoha, tumelo ya bona e ile ya lekwa ka tsela eo ba neng ba sa e lebella. Empa ba re: “Ha tumelo ya motho e lekwa, ke hona ha ho tla bonahala hore na e matla hakae le hore na e ka mo thusa hore a fete diteko ka katleho na. Qetellong tumelo ena, e re etsa Bakreste ba matla.”

Ha maemo a rona a fetoha re sa lebella, seo se ka tlisa ditlhohonolofatso tseo re sa di lebellang (Sheba serapa sa 19-21)

22. Re ka kgodiseha ka eng haeba re dula re na le boikutlo bo botle ka maemo a rona?

22 Haeba maemo a hao a fetoha ka ho panya ha leihlo ka lebaka la mathata a bophelo, boikarabelo bo eketsehileng ba lelapa kapa ho fuwa kabelo e ntjha, kgodiseha hore Jehova o a o kgathalla mme o tla o thusa ka nako e loketseng. (Baheb. 4:16; 1 Pet. 5:6, 7) Empa ha jwale, etsa sohle seo o ka se kgonang hore o dule o na le boikutlo bo botle ka maemo a hao. Atamela Ntate wa hao ya mahodimong ka thapelo mme o ithute ho tlohella dintho matsohong a hae. Ka tsela ena, le wena o tla dula o na le kgotso ho sa tsotellehe maemo a fetohang.

^ par. 4 Nakwana ka mora hore Josefa a lokollwe teronkong, o ile a bona ha Jehova a mo tshedisa ka ho mo fa mora. Ka hoo, o ile a reha mora wa hae wa letsibolo Manase mme a re: “Modimo o ntebaditse kgathatso yohle ya ka.”—Gen. 41:51.

^ par. 14 Sheba sehlooho se hlahang makasineng ena se reng “Na o ne o Tseba?