Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Bua Nnete ka Dinako Tsohle?

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Bua Nnete ka Dinako Tsohle?

“Bolellanang nnete.”—ZAK. 8:16.

DIPINA: 56, 124

1, 2. Ke sebetsa sefe se bohale ka ho fetisisa se qetileng batho ba bangata, hona moqapi wa sona ke mang?

DINTHO tse kang founo, lebone la motlakase, koloi le foriji, ke tse ding tsa dintho tse qapuweng tse nolofaditseng bophelo. Le ha ho le jwalo, tse ding tsa dintho tsena tse qapuweng di kotsi. Di akarelletsa dithunya, diqhomane tsa fatshe, sikarete le bomo ya athomo, ha re bolela tse seng kae feela. Empa ho na le sebetsa se seng se qapuweng kgale le se kotsi ho di feta kaofela, ebile se qetile ba bangata. Ebe ke sefe? Ke leshano. Leshano ke ho bua ntho eo motho a tsebang hantle hore ha se nnete hore feela a kgelose motho e mong. Ha e le hantle ke mang ya qapileng leshano la pele? Jesu Kreste o hlalosa “Diabolose” e le “ntate wa leshano.” (Bala Johanne 8:44.) O buile leshano la hae la pele neng?

2 O le buile dilemo tse dikete tse fetileng kwana tshimong ya Edene. Banyalani ba pele e leng Adama le Eva, ba ne ba thabela bophelo serapeng sa Edene moo Mmopi a neng a ba behile teng. Yaba Diabolose o itshunyakaka ditabeng a sa mengwa le ho mengwa. O ne a tseba hantle hore Modimo o ne a laetse banyalani bao hore ba se ke ba ja ditholwana tsa “sefate sa tsebo ya botle le bobe,” esere ba shwa ka lebaka la ho se mamele. Ho ntse ho le jwalo, Satane o ile a sebedisa noha hore e re ho Eva: “Ka sebele le ke ke la shwa [lena ke lona leshano la pele] Etswe Modimo o a tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lona a tla tutuboloha mme le tla ba jwalo ka Modimo, le tsebe botle le bobe.”—Genese 2:15-17; 3:1-5.

3. Ke hobaneng ha re ka re Satane o bontshitse hore o lonya ka ho bua leshano, hona ditlamorao e bile dife?

3 Satane o ile a bontsha hore o lonya ka ho bua leshano lena, hobane o ne a tseba ka botlalo hore ha Eva a ka le dumela feela mme a ja tholwana ya sefate, o ne a tla qetella a shwele. Le jwale ke sona hantle se ileng sa etsahala. Adama le Eva ha ba a ka ba mamela taelo ya Jehova mme qetellong ba itjhwella. (Gen. 3:6; 5:5) Ho hobe le ho feta ke hore “lefu [le ile] la namela ho batho bohle” ka lebaka la sebe sena. Ha e le hantle re ka hla ra re “lefu le ile la busa e le morena . . . , esita le hodima ba neng ba sa etsa sebe ho latela tlolo e tshwanang le e entsweng ke Adama.” (Bar. 5:12, 14) Jwale, ho e na le hore hona jwale re thabele ho phela ka ho sa feleng re phethahetse jwalo ka ha Modimo a ne a rerile qalong, bophelo ba motho “ke dilemo tse 70, haeba e le ka lebaka la matla a kgethehileng e ba dilemo tse 80.” Ho phaella ho seo, hangata bophelo bo tletse mathata le maswabi. (Pes. 90:10) Tjhe ruri Satane o sehloho!

4. (a) Ke dipotso dife tseo re lokelang ho di araba? (b) Ho latela lengolo la Pesaleme ya 15:1, 2, ke mang feela eo e ka bang motswalle wa Jehova?

4 Ha Jesu a hlalosa diketso tsa Diabolose, o ile a re: “Ha a a ka a ema a tiile nneteng, hobane nnete ha e yo ho yena.” Le ho tla fihlela lena le hodimo, Satane o ntse a se na nnete, etswe ke mona o “kgelosa lefatshe lohle” ka mashano a hae. (Tšen. 12:9) Ha re batle hore Diabolose a re kgelose, na ha ho jwalo? Ka hona, a re ke re tshohleng dipotso tse tharo: (1) Ebe Satane o kgelosa batho jwang? (2) Ke hobaneng ha batho ba rata ho bua leshano hakaale? (3) E le hore re se ke ra etsisa Adama le Eva mme ra lahlehelwa ke setswalle sa rona le Jehova, re ka bontsha jwang hore re “bua nnete” ka dinako tsohle?—Bala Pesaleme ya 15:1, 2.

EBE SATANE O KGELOSA BATHO JWANG?

5. Ebe Satane o kgelosa batho jwang mehleng ena ya rona?

5 Moapostola Pauluse o ne a tseba hore re ka kgona ho qoba ho “qhekellwa ke Satane, ka ha re tseba merero ya hae.” (2 Bakor. 2:11) Re tseba hantle hore Diabolose o laola lefatshe lohle. E leng se bolelang hore o laola bodumedi ba bohata, boradipolotiki ba tletseng bobodu le borakgwebo ba meharo. (1 Joh. 5:19) Ka lebaka leo he, ha re makatswe ke taba ya hore Satane le mademona a hae, ba susumetsa batho ba nang le matla a bolaodi hore ba ‘bue mashano.’ (1 Tim. 4:1, 2) Ka mohlala, borakgwebo ba bang ba bua mashano ka ho bapatsa dihlahiswa tse kotsi le ho ja tjhelete tsa batho ka bolotsana.

6, 7. (a) Ke hobaneng ha baetapele ba bodumedi ba buang mashano ba le molato ka ho fetisisa? (b) Ke mashano afe ao o kileng wa utlwa baetapele ba bodumedi ba a bua?

6 Baetapele ba bodumedi ba buang mashano ba molato ka ho fetisisa hobane ba thibela batho ba dumelang mashano ao a bona hore ba se ke ba fumana monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. Ka mohlala, haeba motho a dumela thuto ya maka a bile a etsa seo Modimo a se hloileng, o tla lahlehelwa ke monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. (Hos. 4:9) Jesu o ne a tseba hore baetapele ba bodumedi ba mehleng ya hae ba ne ba le molato wa mashano a jwalo. Ke ka hona a ileng a ba bolella sefahla mahlo a re: “Ho madimabe lona, bangodi le Bafarisi, baikaketsi! hobane le haola lewatle le naha e omileng ho etsa mosokolohi a le mong, mme ha e ba yena le mo etsa mofo wa Gehena [ho fediswa ka ho sa feleng] ka makgetlo a mabedi ho feta ka moo le leng ka teng.” (Mat. 23:15) Jesu o ile a seolla baetapele bana ba bodumedi ba bohata ka mantswe ana a matla. Ka sebele ba ne ba hlile ba tswa ‘ho ntata bona Diabolose, mmolai.’—Joh. 8:44.

7 Baetapele ba bodumedi ba bohata ba ntse ba eketseha ka sekgahla se tshabehang. Ba bitswa le ka ditlotla tse ngata tse kang baruti, baprista, borabi le tse ding tse ngata. Jwalo ka Bafarisi ba mehleng ya Jesu, baetapele bana ba bodumedi, ha ba rute nnete ya Bibele. Ho e na le hoo, “ba fapanyetsa nnete ya Modimo ka leshano.” (Bar. 1:18, 25) Ba ruta mashano a kang hore, “ha o pholositswe, o pholositswe” le thuto ya hore ha motho a hlokahala moya wa hae o tswela pele o phela. Ba boetse hape ba re batho ba hlokahetseng ba ka tswalwa hape botjha mohlomong ba se ba bile ba fetohile. Thuto e nngwe hape ya bowatla ke ya hore Modimo o amohela di-gay le di-lesbian le hore o dumella batho ba bong bo tshwanang ba nyalane.

8. Ke leshano lefe leo haufinyane re lebelletseng ho utlwa boradipolotiki ba le bua, empa re lokela ho etsang ha re le utlwa?

8 Boradipolotiki le bona ba kgelositse batho ka mashano a bona. Ho na le leshano le leholo leo haufinyane re lebelletseng ho utlwa boradipolotiki ba le bua, e leng la hore ba fihlelletse “kgotso le tshireletseho.” Empa “jwale timetso ya tshohanyetso e tla ba hodima bona hanghang.” E se eka re ka sebetsa ka thata hore re se ke ra kgeloswa ke boradipolotiki, ba etsang eka lefatshe lena ke ntho eo re ka e tshepang. Etswe re “tseba hantle hore letsatsi la Jehova le tla hantle feela jwalo ka leshodu bosiu.”—1 Bathes. 5:1-4.

KE HOBANENG HA BATHO BA RATA HO BUA LESHANO HAKAALE?

9, 10. (a) Ke hobaneng ha batho ba rata ho bua leshano hakaale, hona ditlamorao tsa seo e ba dife? (b) Keng seo re lokelang ho se hopola ka Jehova?

9 Hangata ha ntho e ntjha e ileng ya sibollwa e se e tsebahala haholo, e qetella jwale e se e etswa ka batho ba bangata. Re ka bua se tshwanang le ka leshano. Ho tlwaelehile hore batho ba bue leshano mme ha se ba nang le tshusumetso feela ba kgelosang ba bang. Esita le sehloohong se seng se reng: “Ke Hobaneng ha Batho ba Bua Leshano,” mongodi e mong ya bitswang Y. Bhattacharjee, o kile a re: “Ho bonahala ho bua leshano ho se ho metse ka metso ho batho, hoo ho seng ho iketsahalla feela tjee.” Batho ba bangata ba se ba tshepetse tabeng ya ho bua leshano e le ho itshirelletsa kapa ho ipuella. Ba bua leshano tjena e le ha ba batla ho kwahela diphoso le melato ya bona kapa ho leka ho fumana maemo moruong kapa ho ipatlela menyetla. Sehlooho seo se ile sa boela hape sa re: “Ho bonolo hore batho ba bue leshano, ebang ke dinthong tse nyenyane kapa tse kgolo. Ba boetse hape ba ka bua mashano ho batho bao ba qalang ho ba bona, basebetsimmoho, metswalle le beng ka bona.”

10 Ebe ditlamorao tsa mashano ana kaofela ke dife? Mashano a etsa hore batho ba se ke ba hlola ba tshepana ba be ba qabane. O se o ka inahanela feela hore na monna a ka utlwa bohloko bo bokaakang haeba mosadi wa hae a mo tswa tlase ebe ka boikaketsi, o bua mashano ho leka ho kwahela boitshwaro bo bobe boo a ntseng a bo etsa. Kapa Monna ya kgopo, a hlorise mosadi le bana ba hae, ebe ho batho o itlhahisa e le monna ya ratang lelapa la hae. Le ha ho le jwalo, re lokela ho hopola hore baikaketsi ba jwalo ha ho na letho leo ba ka le patelang Jehova. Etswe “dintho tsohle di hlobotse mme di pepesitswe phatlalatsa mahlong” a hae.—Baheb. 4:13.

11. Mohlala o mobe wa Ananiase le Safira o re rutang? (Sheba setshwantsho se qalong.)

11 Bibele e bua ka mohlala wa banyalani ba bang ba mehleng ya baapostola, bao Satane a ileng a ba susumetsa hore ba bue leshano ho Modimo. Banyalani bana e leng Ananiase le Safira, ba ile ba loha leano la ho thetsa baapostola. Ba ile ba rekisa tshimo ya bona. Ho e na le hore ba fe baapostola tjhelete kaofela, ba ile ba ba fa karolo e itseng feela ya tjhelete eo ba e fumaneng. Sepheo sa banyalani bana e ne e le ho etsa mponeng ka phuthehong, jwalo ka ha eka bona ba seatla se bulehileng ho feta ba bang. Le ha ho le jwalo, sephiri se ne se ipatetse bona hobane Jehova o ne a ntse a bona seo ba neng ba se etsa mme a ba fa kotlo e ba tshwanetseng.—Lik. 5:1-10.

12. Ho tla etsahalang ka batho ba buang leshano ka boomo ebile ba sa bake, hona hobaneng?

12 Jehova o ikutlwa jwang ka batho ba buang leshano? Satane le batho bohle ba buang leshano ka boomo ba sa bake, ba tla akgelwa ka “letsheng la mollo.” (Tšen. 20:10; 21:8; Pes. 5:6) Empa hobaneng? Lebaka ke hobane Jehova o nka batho ba buang leshano, ba tshwanelwa ke moputso o tshwanang hantle le wa bohle ba etsang dintho tseo a di hloileng.—Tšen. 22:15.

13. Keng seo re se tsebang ka Jehova, hona tsebo eo e lokela ho re susumelletsa ho etsang?

13 Re a tseba hore Jehova Modimo “ha se motho hore a bue mashano.” Ha e le hantle, ho ke ke “ha kgoneha hore Modimo a bue leshano.” (Num. 23:19; Baheb. 6:18) Jehova o hloile “leleme la bohata.” (Liprov. 6:16, 17) Ka hona, re lokela ho bua nnete ka dinako tsohle e le hore a re amohele. Ke ka lebaka leo re sa ‘bolellaneng leshano.’—Bakol. 3:9.

RE ‘BOLELLANA NNETE’

14. (a) Keng e etsang hore Bakreste ba nnete ba fapane le badumedi ba bohata? (b) Hlalosa molaomotheo o lengolong la Luka 6:45.

14 Hantlentle keng e etsang hore Bakreste ba nnete ba fapane le badumedi ba bohata? Re ‘bolellana nnete.’ (Bala Zakaria 8:16, 17.) Pauluse o fana ka karabo: “Re ipuella ka tsela e nngwe le e nngwe hore re basebeletsi ba Modimo, . . . ka puo ya nnete.” (2 Bakor. 6:4, 7) Ha Jesu a bua ka motho, o re: “Molomo wa hae o bua se tletseng ka pelong.” (Luka 6:45) Sena se bolela hore motho ya hlileng a tshepahalang e le ka nnete, o tla bua nnete ka dinako tsohle. O tla bua nnete dinthong tsohle, ebang di kgolo kapa di nyane. O tla boela a bue nnete ho sa tsotellehe hore na o bua le batho bao a sa ba tsebeng, basebetsimmoho, metswalle kapa beng ka yena. A re ke re bueng ho se ho kae ka mohlala wa ka moo re ka bontshang ka teng hore re leka ho tshepahala dinthong tsohle.

Na o bona matshwepelele a moradi eo wabo rona? (Sheba serapa sa 15, 16)

15. (a) Ke hobaneng ha ho le kotsi hore motho a phele bophelo bo habedi? (b) Batjha ba ka thuswa keng hore ba hanele kgatello ya dithaka? (Sheba mongolo o botlaseng ba leqephe.)

15 Ho thweng haeba o motjha mme ha o batle ho ba mokgelo ho batjha ba bang? Etsa bonnete ba hore ha o etse seo ba bang ba nnileng ba se etsa, e leng ho phela bophelo bo habedi. Ba itlhahisa e le ba hlwekileng ha ba na le ba malapa le ditho tsa phutheho, ebe ba etsa se fapaneng ha ba na le batjha bao e seng Dipaki, le ha ba le metjheng ya phatlalatso. E ka nna yaba ba sebedisa puo e ditshila, ba ikaparela bohlaswa, ba mamela mmino o ditshila, ba a tawa kapa ba sebedisa dithethefatsi, ba bile ba ratana ka sekgukgu ebile e le ka tsela e sa lokelang, ba etsa le dintho tse ding tse fetelletseng. Ba phela boshano feela, ba leka ho thetsa batswadi, badumedimmoho le bona esita le Modimo. (Pes. 26:4, 5) Hopola hore re ke ke ra thetsa Jehova, o a bona ha ‘re mo hlompha ka melomo, empa dipelo tsa rona di suthetse hole le yena.’ (Mar. 7:6) Re tla be re etsa hantle ha re ela hloko maele ana a reng: “Pelo ya hao e se ke ya honohela baetsadibe, empa o tshabe Jehova letsatsi lohle.”—Liprov. 23:17. *

16. Botshepehi ke ba bohlokwa hakae haeba o batla ho kenela tshebeletso ya nako e tletseng e kgethehileng?

16 Mohlomong o utlwa o lakatsa ho ba pulamadiboho kapa ho kenela mofuta o itseng wa tshebeletso ya nako e tletseng e kgethehileng, jwalo ka ho ya Bethele. Jwale ha o ntse o tlatsa foromo eo, ke ha bohlokwa hore o tshepahale ha o araba dipotso tse moo, mabapi le bophelo ba hao, boithabiso boo o bo kgethang le boitshwaro ba hao. (Baheb. 13:18) Ho thweng haeba o se o kile wa etsa boitshwaro bo ditshila kapa bo belaetsang mme ha o so ka o tlalehela baholo ka taba eo? Ba kope thuso e le hore o sebeletse Jehova ka letswalo le kgutsitseng.—Bar. 9:1; Bagal. 6:1.

17. Re lokela ho etsang ha batho ba re hlorisang ba re hloma hloma dipotso ka barababo rona?

17 Ka mohlala, o lokela ho etsang haeba ba boholong pusong ba thibela mosebetsi wa Mmuso mme jwale ba o hloma hloma dipotso ka barababo rona? Na o tlameha ho ba bolella sohle seo o se tsebang ka bona? Jesu yena o ile a etsang ha mmusisi wa Moroma a ne a mo hloma dipotso? Ka dinako tse ding Jesu o ne a itholela, a re tu! hobane o ne a utlwisisa hantle molaomotheo o reng ho na le “nako ya ho kgutsa le nako ya ho bua.” (Moek. 3:1, 7; Mat. 27:11-14) Ka hona maemong a jwalo, e ka ba hantle hore re sebedise temohisiso, esere ra tloha ra kenya barababo rona tshotso dinaleng.—Liprov. 10:19; 11:12.

Ke neng moo o tlang ho etsa qeto ya hore o tla itholela feela kapa o tla bua? (Sheba serapa sa 17, 18)

18. Ke boikarabelo bofe boo re nang le bona ha baholo ba re botsa taba e itseng ka barababo rona?

18 Ho thweng haeba e mong ka phuthehong a entse sebe se tebileng mme jwale o tseba hore na ho etsahetseng? Ka ha baholo ba behilwe hore ba boloke phutheho e hlwekile boitshwarong, ba ka nna ba o botsa hore na keng seo o se tsebang ka taba ena. O ne o tla etsang, haholoholo haeba e ne e le motswalle kapa mong ka wena ya amehang? Hopola mantswe a reng: “Ya phatlalatsang botshepehi o tla bolela se lokileng.” (Liprov. 12:17; 21:28) Ka hoo, o na le boikarabelo ba ho bolella baholo dintlha kaofela mme o bue nnete feela. Lebaka ke hobane ke tokelo ya bona hore ba tsebe dintlha kaofela, e le hore ba fumane tsela e nepahetseng ya ho thusa mofosi hore a boele a be le kamano e ntle le Jehova.—Jak. 5:14, 15.

19. Re tlo ithutang sehloohong se latelang?

19 Mongodi e mong wa pesaleme ya bitswang Davida, o kile a re ha a rapela: “[Jehova] o kgahlilwe ke nnete dithong tse ka hare.” (Pes. 51:6) Davida o ne a tseba hantle hore e le hore motho a bue nnete, ho qala pelong. Ka lebaka leo he, Bakreste ba lokela ho ‘bolellana nnete’ dinthong tsohle. Tsela e nngwe eo re bontshang ka yona hore re feela re le bahlanka ba Modimo, ke ka hore re bolelle batho nnete tshebeletsong. Jwale ke sona seo re tlo ithuta sona sehloohong se latelang.

^ par. 15 Sheba potso ya 6 e reng: “Nka Hlola Kgatello ya Dithaka Jwang?” bukaneng ya “Dikarabo Tsa Dipotso Tse 10 Tseo Batjha ba di Botsang” le kgaolo ya 16 ya sehlooho se reng “Ke Mang ea Lokelang ho Tseba Hore ke Phela Bophelo bo Habeli?” Bukeng ya 2 ya Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang. (SU)