TORA YA HO LEBELA—E ITHUTWANG October 2019

Makasine ena e na le dihlooho tse tla ithutwa ho tloha ka la 2-29 December 2019.

1919​—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng

Ka 1919, Jehova o ile a fa batho ba hae matla a ho bolela ditaba tse molemo ho feta le ha e le neng pele. Empa pele sena se ka etsahala, ho ne ho ena le qeto ya bohlokwa eo Diithuti Tsa Bibele di neng di lokela ho e etsa.

Dikahlolo Tsa Modimo​—Na o re Lemosa Nako e sa le Teng?

Hona jwale Jehova o ntse a lemosa batho ka “sefefo” se kotsi ka ho fetisisa seo le ka mohla, se eso ka se hlaha le tlalehong ya tsa bolepi. O etsa seo jwang?

Tswelapele ho Sebeletsa Modimo Qetellong ya “Matsatsi a ho Qetela”

Ho tla etsahalang qetellong ya “matsatsi a ho qetela”? Hona Jehova o lebelletse hore re etseng ha re ntse re emetse hore dintho tseo di etsahale?

Dula o Tshepahala Nakong ya “Matshwenyeho a Maholo”

Jehova o tla lebella hore re etseng? Hona ke jwang re ka itokiselletsang hore re dule re tshepahala nakong ya matshwenyeho a maholo?

Jehova o Tla Etsa Hore o be Jwang?

Mehleng ya kgale, Jehova o ile a etsa hore bahlanka ba hae ba rate hape ba be le matla a ho sebetsa. Jehova o re thusa jwang kajeno hore re mo sebeletse?

Efa Jehova Boinehelo bo Kgethehileng

E le ho re re bone hore na re inehetse ho Jehova ka ho kgethehileng hakae, a re hlahlobeng dintho tse pedi tse amang bophelo ba rona.