Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moraborona Rutherford o fana ka puo kopanong e neng e tshwaretswe Cedar Point, Ohio ka selemo sa 1919

1919​—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng

1919​—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng

NTWA e Kgolo (eo hamorao e ileng ya tsejwa e le Ntwa ya Pele ya Lefatshe), e ile ya nka dilemo tse fetang tse nne mme ya fela ka selemo sa 1919. Selemo pele ho moo, ditjhaba di ile tsa kgaotsa ho lwana mme ka di 18 tsa January 1919, Seboka sa Paris Peace se ile sa qala. Tse ding tsa dintho tse ileng tsa finyellwa sebokeng sena, e ile ya eba tumellano ya Versailles e ileng ya fedisa ntwa pakeng tsa Germany le dinaha tse neng di e lwantsha. Tumellano ena e ile ya saenwa ka di 28 tsa June 1919.

Ka lebaka la tumellano ena, ho ile ha eba le mokgatlo o motjha o bitswang League of Nations. Morero wa mokgatlo ona e ne e le ho “kgothalletsa tshebedisano mmoho le dinaha tse ding le ho finyella kgotso le tshireletseho.” Ka hoo dikereke tse ngata tsa Bakreste ba bohata, di ile tsa tshehetsa mokgatlo oo. Mokgatlo wa Federal Council of the Churches of Christ o America, o ile wa re League of Nations ke “mokgatlo wa dipolotiki o emelang Mmuso wa Modimo lefatsheng.” Ka lebaka leo, o ile wa bontsha tshehetso ya ona ka hore o romele baemedi sebokeng sa Paris Peace. E mong wa baemedi bao o ile a re “seboka sena e ne e tla ba ketsahalo e ntjha lefatsheng lohle.”

Ho ile ha etsahala ntho e ntjha empa ha e ya ka ya etswa ke batho ba neng ba le sebokeng sa Paris Peace. Ntho e ileng ya etsahala ke hore ka 1919, Jehova o ile a fa batho ba hae matla a ho bolela ditaba tse molemo ho feta le ha e le neng pele. Empa pele sena se ka etsahala, ho ne ho ena le qeto ya bohlokwa eo Diithuti Tsa Bibele di neng di lokela ho e etsa.

QETO E BOIMA

Joseph F. Rutherford

Seboka sa selemo le selemo sa ho kgethwa ha batsamaisi ba Mokgatlo wa Watch Tower, se ne se lokela ho ba ka Moqebelo wa la 4 January 1919. Ka nako eo morabo rona Joseph F. Rutherford, eo e neng e le moetapele wa batho ba Jehova, o ne a kwalletswe teronkong Atlanta, Georgia, U.S.A. le bara ba bang babo rona ba 7. Ka hoo, potso e ene e le hore na barababo rona ba kwalletsweng bao e neng e le batsamaisi, ba tla boela ba kgethwa hape kapa ba tla nkelwa sebaka ke ba bang?

Evander J. Coward

Morabo rona Rutherford, o ne a tshwenyehile ka bokamoso ba mokgatlo ha a ntse a le teronkong. O ne a tseba hore bara ba bang babo rona, ba ne ba batla ho kgetha motho e mong hore e be mopresidente. Ka lebaka lena, o ile a ngola lengolo le buellang morabo rona Evander J. Coward hore ebe mopresidente. O ile a mo hlalosa e le motho ya “ikokobeditseng,” ya “bohlale” le ya “tshepahalang ho Morena.” Empa barababo rona ba bangata, ba ne ba batla hore dikgetho di tjhetjhisetswe morao ka dikgwedi tse 6. Diakgente tse neng di emetse barababo rona ba kwalletsweng, di ile tsa dumellana le sena. Le ha ho le jwalo, bara ba bang babo rona, ba ile ba kwata ha ba ntse ba buisana ka seo ba tla se etsa.

Richard H. Barber

Empa ho ile ha etsahala ntho eo morabo rona Richard H. Barber, a ileng a re ke ‘ho kgaola kgang.’ E mong wa barababo rona ya neng a le sebokeng seo, o ile a ema mme a re: “Ha ke setsibi ha ho tluwa ditabeng tsa molao empa ke a tseba ho re ho hlokahalang e le hore motho a tshepahale. Ntho eo Modimo a e batlang ho motho, ke hore a tshepahale. Tsela e molemo eo re ka bontshang botshepehi ba rona ho Modimo ka yona, ke ho ba le dikgetho mme re boele re kgethe morabo rona Rutherford e le mopresidente.”​—Pes. 18:25.

Alexander H. Macmillan

Morabo rona A. H. Macmillan o hopola ha morabo rona Rutherford a ne a kokota leboteng la sele ya hae mme a re ho yena, “Hlahisa letsoho la hao.” O ile a mo fa thelekramo mme morabo rona Macmillan a bona molaetsa o mokgutshwane, hang feela a tseba hore na o bolelang. Molaetsa oo o ne o re: “RUTHERFORD WISE VAN BARBER ANDERSON BULLY LE SPILL BATSAMAISI BA BARARO BA PELE BA DIOFISIRI LERATO HO BOHLE.” Sena se ne se bolela hore batsamaisi bohle ba ne ba kgethilwe hape le hore morabo rona Joseph Rutherford le William Van Amburgh, ba ne ba tla tswelapele e le diofisiri. Ka hoo, morabo rona Rutherford o ne a tla tswelapele e le mopresidente.

BA A LOKOLLWA

Ha barababo rona ba ntse ba le teronkong, Diithuti Tsa Bibele di ile tsa ngola lengolo le neng le etsa kopo e tiileng ho mmuso hore barababo rona ba lokollwe mme tsa kopa hore batho ba saene mabitso a bona moo. Bara le baradi bana babo rona ba sebete, ba ile ba kgona ho kopa batho ba ka hodimo ho 700 000 hore ba saene. Le ha ho le jwalo ka Laboraro la di 26 March 1919, morabo rona Rutherford le barababo rona, ba ile ba lokollwa le pele kopo ya bara le baradibabo rona e iswa mmusong.

Morabo rona Rutherford o ile a fana ka puo ho bara le baradibabo rona ba neng ba mo amohetse ha a tswa teronkong mme a re: “Ke kgodisehile hore dintho tse ileng tsa re etsahalla e ne e le ho re lokiselletsa maemo a thata a neng a tla re hlahela. . . . Ka hoo ho lokollwa ha barababo rona teronkong, e ne e se lona lebaka le ka sehloohong la ho lwana ha lona. . . . Empa e ne e le ho tlisa thoriso Lebitsong la Jehova mme ba ileng ba nka karolo ntweng ena, ba ile ba fumana ditlhohonolofatso.”

Tsela eo nyewe ya barababo rona e ile ya sebetswa ka yona, e ne e ka nna ya bontsha hore Jehova o a ba thusa. Ka la 14 May 1919, lekgotla la boipiletso le ile la re: “Nyeweng ena baqusuwa ha baa ka ba fumana . . . kahlolo e se nang leeme eo ba neng ba lokela ho e fumana, mme ka lebaka leo kahlolo ena ya fetolwa.” Barababo rona ba ne ba ahloletswe diphoso tse tebileng, dikahlolo tsena di ne di ka dula ditlalehong tsa bona haeba ba ne ba ile ba tshwarelwa kapa haeba nako eo ba tshwerweng ka yona e ne e ka fokotswa. Ka hoo, ha ba a ka ba qoswa ka dintho tse ding. Ho feta moo, Morabo rona Rutherford o ile a tswelapele e le Moahlodi le ho emela batho ba Jehova Lekgotleng le Phahameng la Dinyewe la United States.

BA NE BA IKEMISEDITSE HO BOLELA

Morabo rona Macmillan o re: “Re ne re ke ke ra dula feela re sa etse letho re emetse Morena hore a re nkele Lehodimong. Re ile ra hlokomela hore re lokela ho etsa ho hong ho re re tsebe hore na thato ya Morena ke efe.”

Bara le baradibabo rona ba Ntlokgolo, ba ne ba sa kgone ho tswelapele ka mosebetsi wa bona oo ba neng ba o etsa ka dilemo tse ngata. Lebaka ke hore ha ba ntse ba le teronkong, metjhine ya bona e printang dingolwa e ile ya senngwa. Sena se ile sa ba nyahamisa mme ba ile ba ipotsa hore na ebe mosebetsi wa boboledi o fedisitswe.

Na ho ne ho sa ntse ho ena le batho ba thabelang molaetsa o neng o bolelwa ke Diithuti Tsa Bibele? Morabo rona Rutherford o ile a etsa qeto ya ho memela batho bohle puong ya hae. Ka hoo Morabo rona Macmillan o ile a re: “Haeba ho sena motho ya tlang puong ena, sena se tla bolela hore mosebetsi wa boboledi o fedile.”

Koranta e phatlalatsang puo ya Morabo rona Rutherford e neng e tshwaretswe Los Angeles, California ka 1919, e nang le sehlooho se reng: “Tshepo Bakeng sa Batho ba Tsietsing”

Ka hoo ka Sontaha sa la 4 May 1919, Morabo rona Rutherford le hoja a ne a kula haholo o ile a fana ka puo Los Angeles, California e nang le sehlooho se reng: “Tshepo Bakeng sa Batho ba Tsietsing.” Batho ba ka bang 3 500 ba ile ba tla puong ena mme ba makgolo ba ile ba kgutla, ka ha ho ne ho tletse haholo. Ka letsatsi le latelang teng, ho ile ha boela ha tla batho ba 1 500. Ka hoo, barababo rona ba ile ba fumana karabo ya bona ya hore batho ba ntse ba thabela molaetsa wa bona.

Seo barababo rona ba ileng ba se etsa ka mora moo, se ile sa ama tsela eo Dipaki Tsa Jehova di etsang mosebetsi wa tsona ho fihlela kajeno.

BA LEBELLETSE KEKETSEHO

Tora ya ho Lebela ya senyesemane ya August 1, 1919, e ile ya etsa tsebiso ya hore ka September ho tla ba le kopano e tla tshwarelwa Cedar Point, Ohio. Morabo rona Clarence B. Beaty, e leng e mong wa sehlopha sa Diithuti Tsa Bibele ya tswang Missouri, o ile a re: “Motho e mong le e mong o ne a batla ho ya kopanong eo.” Bara le baradibabo rona ba fetang 6 000 ba ile ba ya kopanong, e leng palo e neng e sa lebellwa. Ntho e ileng ya thabisa batho le ho feta ke hore ho ile ha kolobetswa batho ba fetang 200 letsheng le haufi la Erie.

Lekoko la makasine ya pele ya The Golden Age, ya October 1, 1919

Ka di 5 tsa September 1919, e ne e le letsatsi la bohlano la kopano. Morabo rona Rutherford o ile a fana ka “Puo ho Basebetsimmoho” mme a lokolla makasine ya The Golden Age. * Makasine ena e ne “e tla bua ka ditaba tsa bohlokwa tsa moraorao, e fane ka tlhaloso ya Mangolo ya hore na ke hobaneng ha maemo a lefatshe a ne a le ka tsela eo a neng a le ka yona.”

Diithuti tsohle tsa Bibele di ile tsa kgothalletswa hore ka sebete di sebedise makasine ena e ntjha ho bolela ditaba tse molemo. Lengolo le neng le hlalosa ka moo mosebetsi o lokelang ho etswa ka teng le ile la re: “Motho e mong le e mong ya kolobeditsweng, o lokela ho hopola ho re mosebetsi ona ke wa bohlokwa ka ho fetisisa mme a etse sohle seo a ka se kgonang ho bolela ditaba tse molemo lefatsheng lohle.” Ka hoo, batho ba bangata ba ile ba bolela ditaba tse molemo. Ka December, baboledi ba tjhesehang ba Mmuso ba ile ba fumana monehelo o fetang 50 000 wa makasine eo.

Barababo rona ba Brooklyn, New York ba eme pela teraka e tletseng dimakasine tsa The Golden Age

Qetellong ya selemo sa 1919, batho ba Jehova ba ile ba hlophiswa le ho kgothatswa. Ho ekelletsa moo, boprofeta bo bong ba bohlokwa bo buang ka matsatsi a ho qetela, bo ile ba phethahala. Ka nako eo, ho hlahloba le ho hlwekiswa ha batho ba Modimo ho boletsweng ho Malakia 3:​1-4, ho ne ho phethehile. Ka tsela ya tshwantshetso, ba ne ba lokolotswe botlamuweng ba “Babylona e Moholo” mme Jesu o ne a se a kgethile “lekgoba le tshepahalang le le masene.” * (Tšen. 18:​2, 4; Mat. 24:​45) Jwale, Diithuti Tsa Bibele di ne di se di itokiselleditse mosebetsi oo Jehova a neng a batla hore di o etse.

^ par. 22 Makasine ya The Golden Age e ile ya bitswa Consolation ka 1937 mme ya boela ya bitswa Tsoha! ka 1946.

^ par. 24 Sheba Molula-Qhooa wa July 15, 2013, maq. 10-12, 21-23; March 2016, maq. 29-31.