Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba hloka ho mamela temoso ya Modimo ha “sefefo” sa hae se ntse se atamela!

Dikahlolo Tsa Modimo​—Na o re Lemosa Nako e sa le Teng?

Dikahlolo Tsa Modimo​—Na o re Lemosa Nako e sa le Teng?

SETSEBI sa maemo a lehodimo se sebedisa radar ho sheba hore na maemo a lehodimo a tlaba jwang. Ha a bona sefefo se matla se atamela sebaka seo ho sona ho dulang batho ba bangata, ka ha o kgathalla batho o etsa sohle seo a ka se kgonang ho ba lemosa ka sefefo sena nako e sa le teng.

Ka tsela e tshwanang, hona jwale Jehova o ntse a lemosa batho ka “sefefo” se kotsi ka ho fetisisa seo le ka mohla, se eso ka se hlaha le tlalehong ya tsa bolepi. O etsa seo jwang? Hona re tseba jwang hore o fa batho nako e lekaneng e le ho re ba itokise? E le hore re fumane dikarabo tsa dipotso tsena, a re ke re hlahlobe ditemoso tseo Jehova a ileng a fana ka tsona nakong e fetileng.

MODIMO O FANA KA DITEMOSO NAKO E SA LE TENG

Mehleng ya Bibele Jehova o ile a lemosa batho ba sa mameleng melao ya hae hore o tla ba ahlola kapa a ba tlisetse “sefefo.” (Liprov. 10:​25; Jer. 30:​23) Boemong bo bong le bo bong, o ne a lemosa batho ba sa mo mameleng nako e sa le teng le ho ba bolella hore na keng eo ba lokelang ho e etsa e le hore ba mo mamele. (2 Mar. 17:​12-15; Neh. 9:​29, 30) E le hore a thuse batho ho etsa diphetoho bophelong ba bona, o ne a sebedisa bahlanka ba hae ba tshepahalang ho phatlalatsa dikahlolo tsa hae le ho ba thusa ho hlokomela hore ba lokela ho etsa diphetoho ka pele.​—Amose 3:7.

Noe e ne e le e mong wa bahlanka ba tshepahalang bao Jehova a neng a ba sebedisa. Ka dilemo tse ngata, o ile a bontsha sebete ka hore a lemose batho ba mehleng ya hae ka morwallo o tlang le hoja ba ne ba itshwere hampe ebile ba le mabifi. (Gen. 6:​9-13, 17) O ne a boetse a ba bolella seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba pholoho morwallo, hoo a ileng a bitswa “mmoledi wa ho loka.”​—2 Pet. 2:5.

Ho sa tsotellehe boiteko boo Noe a neng a bo etsa, batho ba mehleng ya hae ha ba a ka ba mamela molaetsa oo Modimo a neng a itse a ba fe ona. Sena se ile sa bontsha hore ha bana tumelo ho Modimo. Ka lebaka leo, ba ile ba shwa ha morwallo “o tla mme o ba hohola bohle.” (Mat. 24:​39; Baheb. 11:7) Ha morwallo o fihla, ba ne ba ke ke ba re Modimo ha a ba lemosa.

Ka dinako tse ding, Jehova o ne a lemosa motho ka bo mong nakwana pele “sefefo” sa dikahlolo tsa hae se fihla. Le ha ho le jwalo, o ne a etsa bo nnete ba hore batho ba tla ameha ba fumana nako e lekaneng e le ho re ba etse diphetoho. Ka mohlala, o ile a fana ka ditemoso e sa le ka nako mabapi le Dikotlo Tse Leshome tse neng di tla tlela Baegepeta. O ile a romela Moshe le Arone ho lemosa Faro le bahlanka ba hae ka kotlo ya bosupa, e leng sefako se neng se tla baka tshenyo e kgolo. Ka ha sefako sena se ne se tla ba teng letsatsi le latelang, na Modimo o ile a ba fa nako e lekaneng ya ho batla sebaka se sireletsehileng? Bibele e re: “Mang kapa mang ya tshabang lentswe la Jehova hara bahlanka ba Faro a balehisetsa bahlanka ba hae le diphoofolo tsa hae tse ruilweng ka matlung, empa mang kapa mang ya sa kang a beha pelo ya hae hore e ele hloko lentswe la Jehova a tlohela bahlanka ba hae le diphoofolo tsa hae tse ruilweng naheng.” (Ex. 9:​18-21) Ho hlakile hore Jehova o ile a ba lemosa ka makgetlo a mangata, e le hore ba mametseng ba se ke ba angwa ke dikotlo tseo.

Ka tsela e tshwanang, Faro le bahlanka ba hae ba ile ba lemoswa pele ho kotlo ya leshome. Le ha ho le jwalo, ka bowatla ha ba a ka ba mamela mme ba ile ba bona ha bara ba bona ba matsibolo ba e shwa. (Ex. 4:​22, 23) Eo e ile ya eba ntho e utlwisang bohloko haholo. (Ex. 11:​4-10; 12:​29) Na ba ka be ba ile ba mamela temoso eo e sa le ka nako? Ho jwalo. Hanghang Moshe o ile a lemosa Baiseraele ka kotlo ya leshome e tlang mme a ba bolella seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba pholose malapa a bona. (Ex. 12:​21-28) Ke batho ba bakae ba ileng ba mamela temoso ya Moshe? Ke batho ba ka bang dimilione tse tharo ba akarelletsang Baiseraele le “sehlopha se seholo se tswakaneng” sa Baegepeta le batho bao eseng Baiseraele.​—Ex. 12:38.

Jwalo ka ha re se re bone mehlaleng e fetileng, Jehova o dula a etsa bo nnete ba hore batho ba na le nako e lekaneng ya ho mamela ditemoso tsa hae. (Deut. 32:4) Ebe ke hobaneng ha Modimo a ne a etsa jwalo? Moapostola Petrose o ile a hlalosa hore Jehova “ha a lakatse hore le ha e le mang a timetswe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Ka nnete Modimo o kgathalla batho mme o batla hore ba bake, ba etse diphetoho pele kahlolo ya hae e fihla.​—Esa. 48:​17, 18; Bar. 2:4.

HO MAMELA TEMOSO YA MODIMO KAJENO

Le kajeno batho ba tlameha ho mamela temoso ya bohlokwa e fanwang lefatsheng lohle. Ha Jesu a ntse a le lefatsheng, o ile a lemosa hore tsamaiso ena ya dintho e tla fediswa nakong ya “matshwenyeho a maholo.” (Mat. 24:​21) Mabapi le nako eo, o ile a fana ka boprofeta bo hlakisetsang barutuwa ba hae hore na ba lebelle ho bonang le ho etsahallwa keng, ha nako e ntse e atamela. Jesu o ile a boela a bua ka diketsahalo tsa bohlokwa tseo re bonang di etsahala lefatsheng lohle kajeno.​—Mat. 24:​3-12; Luka 21:​10-13.

Tumellanong le boprofeta boo, Jehova o kgothalletsa bohle ho re ba mo mamele le ho mo sebeletsa. O rata ha batho ba mamelang ba thabela bophelo hona jwale le ditlhohonolofatso tsa nako e tlang, lefatsheng le letjha la ho loka. (2 Pet. 3:​13) E le ho kgothalletsa batho ho bontsha tumelo ditshepisong tsa hae, Jehova o fane ka molaetsa o tla thusa ho pholosa bophelo ba batho. Molaetsa ona ke “ditaba tse molemo tsa Mmuso,” tseo Jesu a boletseng hore di tla “bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona hore e be bopaki ho ditjhaba tsohle.” (Mat. 24:​14) Ka hoo, Modimo o hlophisitse barapedi ba hae ba nnete hore ba fane ka “bopaki” kapa ba bolele ka molaetsa wa hae dinaheng tse ka bang 240. O batla hore batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang, ba mamele temoso le ho baleha “sefefo” se tlang sa kahlolo ya hae e molemo.​—Sof. 1:​14, 15; 2:​2, 3.

Ntho ya bohlokwa ha se hore na Jehova o fa batho nako e kae pele a ba tlisetsa kotlo, ka ha bopaki bo bontsha hore o ba fa nako e lekaneng. Ho ena le hoo, taba ya bohlokwa ke hore na batho ba tla mamela temoso ya Modimo nako e sa le teng. Ka hoo, e se eka rona jwalo ka baboledi ba ditaba tse molemo re ka tswelapele re thusa batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang, e le ho re ba pholohe ha lefatshe lena le fediswa.