Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 41

Dula o Tshepahala Nakong ya “Matshwenyeho a Maholo”

Dula o Tshepahala Nakong ya “Matshwenyeho a Maholo”

“Ratang Jehova, lona bohle ba tshepahalang ba hae. Jehova o sireletsa ba tshepahalang.”​—PES. 31:23.

PINA YA 129 Re Tla Mamella

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. (a) Ditjhaba di tla etsa tsebiso efe haufinyane? (b) Re tla araba dipotso dife?

A KO nahane ha baetapele ba lefatshe ba etsa tsebiso eo e sa le re e emetse ya “Kgotso le tshireletseho.” Ba ka nna ba ithorisa ka hore ha ho eso ka ho eba le kgotso le tshireletseho e jwalo ka eo lefatsheng. Ba ka boela ba batla hore re nahane hore ba ka kgona ho fedisa mathata a teng lefatsheng. Empa ha e le hantle ha ho na seo ba ka se etsang ho thibela se tla etsahala. Hobaneng? Hobane ho ya ka boprofeta ba Bibele, “timetso ya tshohanyetso e tla ba hodima bona, . . . mme ho hang ba ke ke ba phonyoha.”​—1 Bathes. 5:3.

2 Ho na le dipotso tsa bohlokwa tseo re lokelang ho di araba: Ho tla etsahalang nakong ya “matshwenyeho a maholo”? Jehova o tla lebella hore re etseng? Hona ke jwang re ka itokiselletsang hore re dule re tshepahala nakong ya matshwenyeho a maholo?​—Mat. 24:21.

HO TLA ETSAHALANG NAKONG YA “MATSHWENYEHO A MAHOLO”?

3. Ho ya ka Tšenolo 17:​5, 15-18, Modimo o tla fedisa “Babylona e Moholo” jwang?

3 Bala Tšenolo 17:​5, 15-18. “Babylona e Moholo” e tla fediswa. Jwalo ka ha ho boletswe qalong, ha hona seo ditjhaba di ka se etsang ho thibela se tla etsahala nakong ena. Hobaneng? Hobane “Modimo o ho kentse ka dipelong tsa tsona ho phetha monahano wa hae.” Monahano wa hae ke ofe? Ke ho fedisa bodumedi ba bohata, ho akaralletsa le batho ba reng ke balatedi ba Kreste empa ba sa rapele Jehova ho ya ka tsela eo a batlang hore ba mo rapele ka yona. Ka hoo, Modimo o tla kenya monahano wa hae ka dipelong tsa “dinaka tse leshome” tsa “sebata se mmala o sekareleta.” Dinaka tse leshome di emela mekgatlo yohle ya dipolotiki e tshehetsang “sebata” se emelang Matjhaba a Kopaneng. (Tšen. 17:​3, 11-13; 18:8) Ha mekgatlo ya dipolotiki e hlasela bodumedi ba bohata, ena e tla be e le pontsho ya hore matshwenyeho a moholo a a qala. Ka lebaka leo, e tla ba ketsahalo e tla tla ka tshohanyetso le e tla tshosa batho, ka ha e tla ama batho bohle lefatsheng.

4. (a) Ditjhaba di tla re ke hobaneng ha di hlasela bodumedi ba bohata? (b) Batho bao e neng e le ditho tsa madumedi ao ba tla etsang?

4 Ha re tsebe mabaka ao ditjhaba di tla fana ka ona ho hlalosa ho re na ke hobaneng ha di hlasela Babylona e Moholo. Mohlomong di ka nna tsa re bodumedi bo etsa hore di se ke tsa ba le kgotso le hore bo dula bo kenelletse dipolotiking. Hape di ka boela tsa re bo ipokelleditse ka maruo le dintho tse ding tse ngata. (Tšen. 18:​3, 7) Ha ditjhaba di hlasela bodumedi ba bohata, mohlomong di ke ke tsa fedisa e mong le e mong eo e neng e le karolo ya bona. Ho ena le hoo, ho bonahala di tla fedisa bodumedi. Ka hoo, ha bodumedi bo se bo fedisitswe, ditho tsa bona di tla hlokomela hore baetapele ba bona ba hlolehile ho phethahatsa ditshepiso tsa bona. Ka lebaka leo, ditho tsa bodumedi di tla leka ho ikarola ho bona.

5. Jehova o tshepisitse eng ka matshwenyeho a maholo, hona hobaneng?

5 Bibele ha e re bolelle hore na ho fediswa ha Babylona e Moholo ho tla nka nako e kae, empa re a tseba hore ha ho na nka nako e telele. (Tšen. 18:​10, 21) Ka hoo, Jehova o tshepisa hore o tla “khutsufatsa matsatsi” a matshwenyeho e le hore “bakgethwa” ba hae le bodumedi ba nnete bo pholohe. (Mar. 13:​19, 20) Empa keng seo Jehova a tla lebella hore re se etse ha matshwenyeho a maholo a qala le ntweng ya Armagedone?

HO TSWELAPELE RE TSHEHETSA BODUMEDI BA NNETE BA JEHOVA

6. Keng hape seo re lokelang ho se etsa ntle le ho se be karolo ya bodumedi ba bohata?

6 Jwalo ka ha re se re bone sehloohong se fetileng, Jehova o lebelletse hore barapedi ba hae ba kgaotse ho ba karolo ya Babylona e Moholo. Ho ena le hoo, ho hlokahala ho fetang feela ho kgaotsa ho ba karolo ya bodumedi ba bohata. Re lokela ho ikemisetsa ho sebeletsa Jehova. A re hlahlobeng ditsela tse pedi tsa ka moo re ka etsang sena ka teng.  

A re se keng ra tlohela ho bokana ha mmoho le dinakong tse thata (Sheba serapa sa 7) *

7. (a) Ke jwang re ka dulang re mamela melao ya Jehova ya boitshwaro? (b) Ke hobaneng ha Baheberu 10:​24, 25 e re re lokela ho bokana ha mmoho, hona ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho etsa jwalo hona jwale?

7 Ya pele, re lokela ho dula re mamela melao ya Jehova ya boitshwaro. Ha re a lokela ho itshwara ka tsela eo lefatshe le itshwereng ka yona. Ka mohlala, ha re a lokela ho amohela mokgwa le ha e le ofe wa boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano, o akarelletsang lenyalo la batho ba bong bo tshwanang. (Mat. 19:​4, 5; Bar. 1:​26, 27) Ya bobedi, re lokela ho tswelapele re rapela le badumedimmoho. Re etsa sena hohle moo re ka kgonang teng, e ka ba Diholong tsa Mmuso empa ha re sa kgone, e ka ba matlong a bara le baradibabo rona kapa dibakeng tse ding moo re sa bonweng. Ho sa tsotellehe hore na ho etsahalang, ha re a lokela ho kgaotsa ho ya dibokeng. Ha e le hantle re lokela ho bokana ha mmoho, “haholo ka ha [re] bona letsatsi le ntse le atamela.”​—Bala Baheberu 10:​24, 25.

8. Ke jwang molaetsa oo re o bolellang batho o ka nnang wa fetoha nakong e tlang?

8 Nakong ya matshwenyeho a maholo, molaetsa oo re o bolellang batho o ka nna wa fetoha. Hona jwale re bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso le ho etsa barutuwa. Empa nakong e tlang re ka nna ra bolela molaetsa o tobileng oo Bibele e o bapisang le sefako se seholo. (Tšen. 16:​21) Ho ka etsahala hore re bolele hore haufinyane lefatshe la Satane le tlo fediswa. Ha nako e ntse e ya, re tla tsebiswa hore na molaetsa wa rona o tla reng le hore na re lokela ho o bolela jwang. Na re tla sebedisa mokgwa oo re o sebedisitseng ka dilemo tse ngata tse fetileng ho bolela le ho ruta? Kapa re tla sebedisa mekgwa e meng? Re se re tla emela nako eo, re bone hore na ho tla etsahalang. Ho sa tsotellehe hore na re bolela jwang, ho bonahala eka re tla ba le boikarabelo ba ho bolela molaetsa wa kahlolo ya Jehova ka sebete.​—Ezek. 2:​3-5.

9. Ditjhaba di ka nna tsa ikutlwa jwang ka molaetsa wa rona, hona re ka kgodiseha kang?

9 Ho ka etsahala hore ditjhaba di tla leka ho re qobella hore re kgaotse ho bolela molaetsa wa rona. Empa jwalo ka ha hona jwale re itshetlehile ka Jehova hore a re tshehetse mosebetsing wa boboledi, re tla hloka tshehetso ya hae le nakong eo. Ka hoo, re ka kgodiseha hore Modimo o tla re fa matla ao re a hlokang e le hore re mo sebeletse.​—Mik. 3:8.

ITOKISETSE TLHASELO YA BATHO BA MODIMO

10. Luka 21:​25-28, e re batho ba tla ikutlwa jwang ka dintho tse tla etsahala nakong ya matshwenyeho a maholo?

10 Bala Luka 21:​25-28. Nakong ya matshwenyeho a maholo, batho ba tla tshoha ha ba bona dintho tsohle tseo ba neng ba di tshepile di se di sena molemo. Ba tla utlwa “bohloko bo boholo” le ho tshwenyeha hore ba ka nna ba bolawa nakong ena e thata historing ya batho. (Sof. 1:​14, 15) Ka nako eo, bophelo bo ka nna ba ba thata le ho bahlanka ba Jehova. Ka ha re dula re se karolo ya lefatshe, re ka nna ra hlahelwa ke mathata a itseng kapa ra se be le dintho tse ding tseo re di hlokang.

11. (a) Ka mora hore bodumedi ba bohata bo fediswe, ke hobaneng ha batho le baetapele ba lefatshe ba tla shebana le Dipaki Tsa Jehova? (b) Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshaba matshwenyeho a maholo?

11 Ka mora nako e itseng, batho bao bodumedi ba bona bo fedisitsweng ba ka nna ba kwatiswa ke hore na ke hobaneng ha bodumedi ba Dipaki Tsa Jehova bo sa fediswa. Sena se tla ba kwatisa haholo hoo ba tla bolellang batho ka moo ba ikutlwang ka teng esita le Inthaneteng. Ka hoo ditjhaba le mmusi wa tsona e leng Satane, ba tla re hloya hobane bodumedi ba rona e le bona feela bo sa fediswang. Ka ha ba tla be ba sa finyella morero wa bona wa ho fedisa madumedi ohle lefatsheng, sena se tla etsa hore ba shebane le rona. Boemong bona, ke hona moo ditjhaba e tla bang Gogo wa Magogo. * Ba tla ikopanya mme ba hlasele bahlanka ba Jehova ka matla a bona kaofela. (Ezek. 38:​2, 14-16) Ka ha ha re na dintlha tse felletseng, re ka nna ra ipotsa hore na ho tla etsahalang nakong ya matshwenyeho a maholo. Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho tshoha matshwenyeho a maholo hobane Jehova o tla re bolella ho re na re etseng e le hore re pholohe. (Pes. 34:​19) Ka hoo re tla ‘ema tswee! mme re phahamise dihlooho’ hobane re tla be re tseba hore ‘topollo ya rona ya atamela.’ *

12. Ke jwang “lekgoba le tshepahalang le le masene” le re thusang ho itokisetsa se tla etsahala nakong e tlang?

12 Haesale “lekgoba le tshepahalang le le masene” le re thusa ho itokisetsa ho dula re tshepahala nakong ya matshwenyeho a maholo. (Mat. 24:​45) Le entse sena ka ditsela tse ngata, e nngwe ya tsona ke ka mananeo a kopano a 2016-2018. Mananeong ao, re ile ra kgothalletswa ho matlafatsa makgabane ao re tla a hloka ha letsatsi la Jehova le ntse le atamela. A re tshohleng makgabane ao.

DULA O TSHEPAHALA, O MAMELLA EBILE O LE SEBETE

Itokisetse ho pholoha “matshwenyeho a maholo” hona jwale (Sheba serapa sa 13-16) *

13. Ke jwang re ka dulang re tshepahala ho Jehova, hona ke hobaneng ha re lokela ho etsa seo hona jwale?

13 Botshepehi: Sehlooho sa kopano ya 2016, se ne se re “Tshepahalang ho Jehova!” Lenaneo lena le ile la re ruta ho re haeba re ena le kamano e matla le Jehova, re tla mo tshepahalla. Re ile ra hopotswa hore re ka atamela haufi le Jehova haeba re rapela ho tswa pelong le ha re kgothalla ho bala Lentswe la hae. Ka ho etsa sena re tla ba le matla a ho hlola mathata a re hlahelang. Ha matshwenyeho a maholo a ntse a atamela, re ka lebella hore botshepehi ba rona ho Modimo le ho Mmuso wa hae bo lekwe ka matla. Batho ba ka nna ba tswelapele ho re soma. (2 Pet. 3:​3, 4) Sena se ka nna sa etsahala hobane re sa tshehetse lefatshe la Satane. Ka hoo re lokela ho dula re tshepahala hona jwale, e le hore re kgone ho tshepahala nakong matshwenyeho a maholo.

14. (a) Ho tla etsahalang ka barababo rona ba etellang pele mona lefatsheng? (b) Ke hobaneng ha re hloka ho tshepahala ka nako eo?

14 Ho tla ba le phetoho ka barababo rona ba etellang pele mona lefatsheng nakong ya matshwenyeho a maholo. Ka mora nako e itseng, batlotsuwa bohle ba ntseng ba le lefatsheng ba tla nkelwa lehodimong, e le hore ba ilo nka karolo ntweng ya Armagedone. (Mat. 24:​31; Tšen. 2:​26, 27) Sena se bolela hore Sehlopha se Busang se ke ke sa hlola se eba le rona lefatsheng. Le ha ho le jwalo, bongata bo boholo bo tla dula bo hlophisehile. Barababo rona ba tshwanelehang ba dinku tse ding, e tla ba bona ba etellang pele. Re tla be re bontsha hore re a tshepahala haeba re ba tshehetsa le ho mamela ditaelo tseo Jehova a reng ba re fe tsona. Ka hoo, re tlameha ho mamela ditaelo tsa bona haeba re batla ho pholoha.

15. Ke jwang re ka dulang re mamella, hona ke hobaneng ha re lokela ho etsa seo hona jwale?

15 Mamello: Sehlooho sa kopano ya 2017, se ne se re “O se ke wa Tela!” Lenaneo lena le re thusitse ho bona hore na ke jwang re ka dulang re mamelletse diteko. Mamello ya rona ha e ya itshetleha ka hore na maemo a rona a tla ntlafala kapa tjhe empa ka botshepehi ba rona ho Jehova. (Bar. 12:​12) Ka hoo ha re a lokela ho lebala hore Jesu o ile a re tshepisa a re: “Empa ya mameletseng ho isa bofelong ke yena ya tla pholoha.” (Mat. 24:​13) Tshepiso ena e bolela hore re tlameha ho dula re tshepahala ho sa tsotellehe diteko tseo re kopanang le tsona. Haeba re mamella diteko hona jwale, re tla ba le tumelo e matla pele matshwenyeho a maholo a qala.

16. Keng e etsang hore re be sebete, hona ke jwang re ka dulang re le sebete hona jwale?

16 Sebete: Sehlooho sa kopano ya 2018, se ne se re “Eba Sebete!” Dipuo tse neng di fanwa kopanong ena, di ile tsa re hopotsa hore bokgoni ba rona ha se bona bo etsang ho re re be sebete. Empa feela jwalo ka ha re hloka ho itshetleha ka Jehova e le hore re be le mamello, re tlameha ho itshetleha ka Jehova e le hore re be sebete. Ke jwang re ka itshetlehang ka Jehova haholwanyane. Re ka etsa sena ka ho bala Lentswe la hae letsatsi le letsatsi le ho nahanisisa ka moo a ileng a pholosa bahlanka ba hae ka teng nako e fetileng. (Pes. 68:​20; 2 Pet. 2:9) Ha ditjhaba di re hlasela nakong ya matshwenyeho a maholo, re tla hloka ho ba sebete le ho tshepa Jehova ho feta le ha e le neng pele. (Pes. 112:​7, 8; Baheb. 13:6) Haeba re tshepa Jehova hona jwale, re tla ba le sebete seo re se hlokang e le hore re tobane le tlhaselo ya Gogo. *

DULA O LEBELLETSE POLOKO YA HAO

Haufinyane Jesu le lebotho la hae la lehodimo ba tla ya ntweng ya Armagedone ho fedisa dira tsa Modimo (Sheba serapa sa  17)

17. Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshoswa ke Armagedone? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

17 Jwalo ka ha re se re ithutile sehloohong se fetileng, kaofela ha rona re phela matsatsing a ho qetela. Empa re boetse re na le tshepo ya ho pholoha matshwenyeho a maholo. Ntwa ya Armagedone ke yona e tla fedisa lefatshe lena la Satane. Le ha ho le jwalo ha re a lokela ho tshoha letho. Hobaneng? Hobane ena e tla ba ntwa ya Modimo eseng ya rona. (Liprov. 1:​33; Ezek. 38:​18-20; Zak. 14:3) Ha Jehova a fana ka taelo, Jesu Kreste o tla etella lebotho la Modimo pele ho ya ntweng. O tla be a ena le batlotsuwa ba tla beng ba tsositswe le dimiriade tsa mangeloi. Ka hoo kaofela ba tla lwantsha Satane, bademona ba hae le mabotho a hae a lefatshe.​—Dan. 12:1; Tšen. 6:2; 17:14.

18. (a) Keng seo Jehova a se tshepisitseng? (b) Ke hobaneng ha Tšenolo 7:​9, 13-17 e o thusa hore o kgodisehe ka bokamoso?

18 Jehova o ile a re tshepisa a re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etswa kgahlanong le wena se ke ke sa atleha.” (Esa. 54:​17) “Bongata bo boholo” ba barapedi ba tshepahalang ba Jehova, bo tla ‘tswa matshwenyehong a maholo’ bo ntse bo phela. Barapedi bana ba Jehova, ba tla tswelapele ba mo sebeletsa. (Bala Tšenolo 7:​9, 13-17.) Bibele e re fa mabaka a eketsehileng a hore re kgodisehe hore re tla pholoha nakong e tlang. Re a tseba hore “Jehova o sireletsa ba tshepahalang.” (Pes. 31:​23) Batho bohle ba ratang Jehova le ba mo rorisang, ba tla thabela ho bona ha a halaletsa lebitso la hae.​—Ezek. 38:23.

19. Haufinyane re tla ba le bokamoso bo jwang?

19 Nahana hore na 2 Timothea 3:​2-5 e ne e tla reng ha e ne e hlalosa batho ba tlabe ba phela lefatsheng le letjha, ba se nang tshusumetso ya Satane. (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “ Tsela eo Batho ba tla Bang ka Yona.”) Morabo rona George Gangas * eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang, O ile a hlalosa sena ka tsela ena: “Lefatshe e tla ba sebaka se thabisang e le ka nnete ha batho bohle e se e le barapedi ba Jehova. Haufinyane re tla ba le monyetla wa ho phela lefatsheng le letjha. Re tla phela nako e telele jwalo ka Jehova mme re phele ka ho sa feleng.” Ena ke tshepo e thabisang e le ka nnete.

PINA YA 122 Ebang Sebete Mme le Tiye!

^ par. 5 Re a tseba hore haufinyana ho tla ba le “matshwenyeho a maholo” a tla tlela batho bohle. Ho tla etsahalang ka bahlanka ba Jehova ka nako eo? Jehova o tla lebella hore re etseng? E le hore re dule re tshepahala nakong ya matshwenyeho a maholo, ke makgabane afe ao hona jwale re lokelang ho a matlafatsa? Sehlooho sena se tla araba dipotso tsena.

^ par. 11 TLHALOSO YA LENTSWE: Lentswe Gogo wa Magogo (ka bokgutshwane ke Gogo) e bolela ditjhaba tse ikopantseng e le hore di hlasele barapedi ba Jehova nakong ya matshwenyeho a maholo.

^ par. 11 Ho fumana tlhahisoleseding e eketsehileng ka hore na ho tla etsahalang pele ho ntwa ya Armagedone, sheba buka ya Mmuso wa Modimo o a Busa! kgaolong ya 21. Hape, ho fumana dintlha tse eketsehileng ka tlhaselo ya Gogo wa Magogo le ka moo Jehova a tla sireletsa bahlanka ba hae ka teng nakong ya Armagedone, sheba Molula-Qhooa wa w13 7/15, maqephe 3-8 le w15 7/15, maqephe 14-19

^ par. 16 Lenaneo la kopano ya 2019 le nang le sehlooho se reng “Lerato ha le Fele le ka Mohla” le re kgodisa ho re re ka dula re bolokehile tlasa tshireletso e lerato ya Jehova.​—1 Bakor. 13:8.

^ par. 19 Sheba sehlooho se reng ‘Mesebetsi ya Hae ya mo Latela’ ho Molula-Qhooa wa December 1, 1994.

^ par. 64 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Nakong ya Matshwenyeho a maholo sehlopha se senyane sa Dipaki se kopanela morung ho tshwarela diboka teng.

^ par. 66 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Bongata bo boholo ba barapedi ba tshepahala ba Jehova bo tla tswa matshwenyehong a maholo bo ntse bo phela ebile bo thabile.