Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 43

Efa Jehova Boinehelo bo Kgethehileng

Efa Jehova Boinehelo bo Kgethehileng

“Jehova ke Modimo ya batlang boinehelo bo kgethehileng.”​—NAH. 1:2.

PINA YA 51 Re Inehetse ho Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke hobaneng ha Jehova a tshwanelwa ke boinehelo ba rona bo kgethehileng?

JEHOVA o tshwanelwa ke boinehelo ba rona bo kgethehileng hobane ke yena ya re bopileng le ho re fa bophelo. (Tšen. 4:​11) Empa ho etsa jwalo ha ho bonolo. Le hoja re rata ebile re hlompha Jehova, dintho tse ding di ka ba bohlokwa bophelong ba rona hoo di re thibelang ho fa Jehova boinehelo bo kgethehileng, boo re lokelang ho mo fa bona. Ka hoo, re lokela ho utlwisisa hore na sena se ka etsahala jwang. Ntlha ya pele, re tla hlahloba hore na ho fa Jehova boinehelo bo kgethehileng ho bolelang.

2. Ho ya ka Exoda 20:​5, keng eo re tla e etsa ho bontsha hore re fa Jehova boinehelo bo kgethehileng?

2 Ha Bibele e bua ka ho fa Jehova boinehelo bo kgethehileng, e bolela ho mo rata haholo le ho rapela yena feela. Ka hoo, re ke ke ra rata motho kapa ntho le ha e le efe ho feta Jehova.​—Bala Exoda 20:5.

3. Ke hobaneng ha re ena le mabaka a utlwahalang a ho rata Jehova?

3 Ha re rate Jehova feela ntle ho mabaka. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hobane lerato la rona le itshetlehile dinthong tseo re ithutileng tsona ka yena. Re ile ra ithuta ka makgabane a hae hape re ikutlwa jwalo ka yena ka dintho tseo a di ratang le tseo a sa di rateng. Re boetse re utlwisisa le ho tshehetsa morero wa hae ka batho. Ka hoo, re ikutlwa re le motlotlo hore ebe Jehova o re file monyetla wa hore re be metswalle ya hae. (Pes. 25:​14) Ntho e nngwe le e nngwe eo re ithutang yona ka Mmopi wa rona e re atametsa haufi le yena.​—Jak. 4:8.

4. (a) Keng eo Diabolose a e etsang hore re se ke ra rata Jehova ka ho felletseng? (b) Re tla tshohlang sehloohong sena?

4 Diabolose ke yena ya laolang Lefatshe lena mme o le sebedisa ho etsa hore dintho tseo re di batlang ebe tsona tsa bohlokwa bophelong ba rona le ho etsa hore ho be thata ho hanela ditakatso tse fosahetseng. (Baef. 2:​1-3; 1 Joh. 5:​19) Seo a se batlang ke hore re se ke ra rata Jehova ka ho felletseng empa re rate le dintho tse ding. A re ke re tshohleng ditsela tse pedi tseo Diabolose a etsang sena ka tsona: Tsela ya pele, o leka ho etsa hore re rate tjhelete, ya bobedi o leka ho etsa hore re kgethe boithabiso bo sa lokang.

HLOKOMELA HORE O SE KE WA RATA TJHELETE

5. Ke hobaneng ha re sa lokela ho rata tjhelete?

5 Kaofela ha rona re batla ho ba le dijo tse lekaneng, diaparo tse hantle le ho dula sebakeng se setle. Le ha ho le jwalo, re lokela ho hlokomela hore re se ke ra rata tjhelete. Batho ba bangata kajeno ‘ba rata tjhelete’ le dintho tseo e ka di rekang. (2 Tim. 3:2) Jesu o ne a tseba hore balatedi ba hae ba ka nna ba ba le lerato lena. Ka hoo o ile a re: “Ha ho eo e ka bang lekgoba la benghadi ba babedi; ka ha o tla hloya e mong mme a rate e mong, kapa o tla kgomarela e mong mme a nyedise e mong. Le ke ke la ba makgoba a Modimo le a Maruo.” (Mat. 6:​24) Motho ya rapelang Jehova, ha ka lehlakoreng le leng a qeta nako e ngata a leka ho rua, o tla be a leka ho sebeletsa marena a mabedi. Ka hoo, o tla be a sa fe Jehova boinehelo bo kgethehileng.

Ka moo Balaodisia ba neng ba ipona ka teng . . . ka moo Jehova le Jesu ba neng ba ba bona ka teng (Sheba serapa sa 6)

6. Keng seo re ithutang sona mantsweng ao Jesu a ileng a a bua ho phutheho ya Laodisia?

Pele ho selemo sa bo 100 mehleng ya Jesu, ditho tsa phutheho ya Laodisia di ne di ithorisa di re: “Ke ruile mme ke fumane maruo mme ho hang ha ke hloke letho.” Empa ho Jehova le Jesu ba ne ba le ‘soto mme ba haula ebile e le bafutsana mme ba foufetse ebile ba hlobotse.’ Jesu ha a ka a ba fa keletso hobane e le barui empa hobane ba ne ba rata tjhelete hoo e ileng ya senya setswalle sa bona le Jehova. (Tšen. 3:​14-17) Haeba o hlokomela hore o se o qala ho rata tjhelete, o lokela ho potlakela ho lokisa monahano wa hao. (1 Tim. 6:​7, 8) Ho seng jwalo o tla qala ho rata dintho tse ding mme Jehova a ke ke a amohela borapedi ba hao, hobane o batla ‘boinehelo bo kgethehileng.’ (Deut. 4:​24) Jwale ke jwang tjhelete e ka bang ntho ya bohlokwa haholo bophelong ba rona?

7-9. Re ithutang ho se ileng sa etsahalla moholo e mong ya bitswang David?

7 A ko nahane ka mohlala wa moholo e mong ya dulang United States ya bitswang David. O re o ne a sebetsa ka thata mosebetsing wa hae. Ka hoo, o ile a nyollwa khamphaning eo a neng a sebetsa ho yona, hape e ne e le e mong wa batho ba neng ba tseba mosebetsi oo ka ho fetisisa naheng eo. David o re: “Ka nako eo, ke ne ke nahana hore ke atleha ka lebaka la ditlhohonolofatso tsa Jehova.” Empa na ka nnete e ne e le ditlhohonolofatso tsa Jehova?

8 David o ile a hlokomela hore hanyane hanyane mosebetsi wa hae o senya kamano ya hae le Jehova. O re: “Ha ke le dibokeng le tshimong, ke ne ke nahana ka moo nka rarollang mathata a mosebetsi ka teng. Le hoja ke ne ke patalwa tjhelete e ngata, ke ne ke dula ke ena le kgatello ya maikutlo mme nna le mosadi wa ka re ile ra qala ho ba le mathata a lenyalo.”

9 David o ne a hloka ho etsa qeto ya hore na keng e tlang pele bophelong ba hae. O re: “Ke ile ka etsa qeto e tiileng ya ho lokisa boemo ba ka.” David o ne a batla ho fetola nako eo a e qetang mosebetsing, ka hoo o ile a bolella mohiri wa hae seo a batlang ho se etsa. Ho ile ha etsahalang ka mora moo? O ile a lelekwa mosebetsing. Jwale keng seo David a ileng a se etsa? O re: “Letsatsi le latelang, ke ile ka nka bopulamadiboho bo thusang bo sa kgaotseng.” E le hore David le mosadi wa hae ba iphedise, ba ne ba etsa mosebetsi wa ho hlwekisa. Ka mora nako e itseng, David o ile a nka bopulamadiboho ba ka mehla mme ha morao mosadi wa hae ya eba pulamadiboho le yena. Banyalani bana ba ile ba kgetha mosebetsi wa boiphediso oo batho ba bangata ba sa batleng ho o etsa. Empa mofuta wa mosebetsi oo ba o etsang, ha se yona ntho ya bohlokwa ho bona. Le hoja tjhelete eo ba e fumanang e le nyane haholo ha e bapiswa le eo ba neng ba e tlwaetse, kgwedi e nngwe le e nngwe ba na le ho lekaneng bakeng sa ditlhoko tsa bona. Ba batla hore Jehova a tle pele bophelong ba bona mme ba ile ba bona hore o hlokomela batho ba batlang Mmuso pele.​—Mat. 6:​31-33.

10. Re ka sireletsa dipelo tsa rona jwang?

10 Ho sa tsotellehe hore na re na le tjhelete kapa ha re na yona, re hloka ho sireletsa dipelo tsa rona. Re ka etsa seo jwang? Ka hore re se ke ra rata maruo. Le hore re se ke ra dumella mosebetsi wa boiphediso hore ebe wona o tlang pele ho tshebeletso ya rona ho Jehova. Jwale o ka tseba jwang haeba sena se etsahala ho wena? Tse ding tsa dipotso tseo o ka ipotsang tsona ke tsena: ‘Na ke dula ke nahana ka mosebetsi wa ka wa boiphediso ha ke le dibokeng le tshimong? Na ke dula ke tshwenyehile ka hore na ebe ke tlaba le tjhelete e lekang nakong e tlang? Na tjhelete le dintho tseo e di rekang di baka mathata lenyalong la ka? Na ke ikemiseditse ho etsa mosebetsi wa boemo bo tlaase haeba o ntumella ho eketsa tshebeletso yaka ho Jehova?’ (1 Tim. 6:​9-12) Ha re ntse re nahana ka dipotso tsena, re tlameha ho hopola hore Jehova o a re rata mme o tshepisa batho ba inehetseng ho yena sena: “Ho hang nke ke ka o tlohela kapa ka o furalla.” Ke ka hoo moapostola Pauluse a ileng a ngola a re: “Mokgwa wa lona wa bophelo e ke e be o se nang lerato la tjhelete.”​—Baheb. 13:​5, 6.

KGETHA BOITHABISO KA BOHLALE

11. Boithabiso bo ka etsang ho motho?

11 Jehova o batla hore re thabele bophelo mme boithabiso bo ka re thusa ho etsa jwalo. Haele hantle, Lentswe la Modimo le re: “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je mme ka sebele a nwe le ho etsa hore moya wa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi wa hae o boima.” (Moek. 2:​24) Le ha ho le jwalo, boithabiso bo bongata ke bo sa lokang mme bo ka re ama. Ka ha bo etsa hore batho ba itshware hampe ebile bo ka etsa hore ba qale ho amohela kapa ho rata dintho tse sa dumellaneng le Lentswe la Modimo.

Ke mang ya o lokisetsang boithabiso? (Sheba serapa sa 11-14) *

12. Ho ya ka 1 Bakorinthe 10:​21, 22, ke hobaneng ha re lokela ho kgetha boithabiso ka bohlale?

12 Re batla ho fa Jehova boinehelo bo kgethehileng, ka hoo re ke ke ra ja “tafoleng ya Jehova” le “tafoleng ya bademona.” (Bala 1 Bakorinthe 10:​21, 22) Ho ja le motho ho bontsha hore le metswalle. Haeba re kgetha boithabiso bo nang le ntwa, bodemona, boitshwaro bo bobe kapa ntho le ha e le efe e sa dumellaneng le Lentswe la Modimo, re tla be re ja dijo tse entsweng ke dira tsa Modimo. Ka hoo ha re etsa jwalo, re tla be re itematsa ebile re senya le setswalle sa rona le Jehova.

13, 14. Ho ya ka Jakobo 1:​14, 15, ke hobaneng ha re lokela ho kgetha boithabiso ka bohlale? Fana ka mohlala.

13 Ke ka tsela efe re ka bapisang boithabiso le dijo? Pele re ja re kgetha dijo tseo re tla di ja. Empa ha re se re jele dijo tseo, re ke ke ra kgetha hore na mmele ya rona e di sebedise jwang. Ka hoo, dijo tse hantle di ka re matlafatsa mmele empa tse seng hantle di ka re kudisa. Nnete ke hore re ke ke ra bona ditlamorao tsa seo hona jwale empa di tla bonahala nakong e tlang.

14 Ka ho tshwanang, ha re kgetha boithabiso ho tshwana le ha re kgetha hore na re batla ho kenyang ka dikelellong tsa rona. Ka mora moo, boithabiso boo re bo kgethileng bo tla ama tsela eo re nahanang le ho ikutlwa ka yona. Ka hoo, boithabiso bo hantle bo ka re kgatholla empa bo seng hantle bo ka re ntsha kotsi. (Bala Jakobo 1:​14, 15.) Bonneteng, re ke ke ra bona ditlamorao tsa ho kgetha boithabiso bo seng hantle hona jwale empa re tla di bona ha nako e ntse e ya. Ke ka hoo Bibele e reng: “Le se ke la thetswa: Modimo a ke ke a songwa. Etswe le ha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule; hobane ya jalang ka sepheo sa ho jalla nama ya hae o tla kotula ho bola nameng ya hae.” (Bagal. 6:​7, 8) Ka lebaka leo, ke ha bohlokwa hore re qobe boithabiso bohle bo kgothalletsang dintho tseo Jehova a di hloileng.​—Pes. 97:10.

15. Ke mpho efe eo Jehova a re fileng yona e le hore re e thabele?

15 Bahlanka ba bangata ba Jehova, ba thabela ho shebella lenaneo la JW Broadcasting®. Moradiwabo rona ya bitswang Marilyn o re: “Lenaneo la JW Broadcasting le nthusa hore ke dule ke thabile mme ke shebella ntho e nngwe le e nngwe e hlahang ho lona hobane e ntswela molemo. Ha ke ikutlwa ke nyahame, ke shebella puo e kgothatsang kapa Lenaneo la Borapedi ba Hoseng la Bethele. Ka hoo, sena se etsa hore ke atamele haufi le Jehova le mokgatlo wa hae. Ka nnete lenaneo la JW Broadcasting le fetotse bophelo ba ka.” Na le wena o rua molemo mphong ena eo Jehova a re fileng yona? Lenaneo la JW Broadcasting le na le mananeo a matjha a kgwedi le kgwedi, ho boetse ho na le dikgatiso tse mamelwang, divideo le mmino o kgothatsang oo re ka o shebellang le ho o mamela nako e nngwe le e nngwe.

16, 17. Ke hobaneng ha re lokela ho laola nako eo re e qetang boithabisong, hona re ka etsa seo jwang?

16 Re lokela ho kgetha boithabiso le nako eo re e qetang re le ho bona ka bohlale. Haeba re sa etse jwalo, re ka qeta nako e ngata re ithabisa ho feta ho sebeletsa Jehova. Batho ba bangata ba fumane ho le thata ho laola nako eo ba e qetang ba le boithabisong. Moradiwabo rona Abigail ya dilemo di 18 o re: “Ka mora hore ke be le letsatsi le le telele, ho shebella thelevishene ho a nkgatholla. Empa haeba ke sa hlokomele, nka qeta nako e ngata ho yona.” Morabo rona ya motjha e leng Samuel o re: “Ka dinako tse ding ke shebella divideo tse ngata tse kgutshwane Inthaneteng. Ke qala pele ka ho shebella e le nngwe mme ke sa hlokomele, ke fumane hore ho se ho fetile dihora tse 3 ho ya ho tse 4 ke ntse ke le Inthaneteng.”

17 Ke jwang re ka laolang nako eo re e qetang re le boithabisong? Mohato wa pele ke hore re lokela ho tseba hore na re qeta nako e kae ho bona. Mohlomong o ka ngola fatshe hore na o qeta nako e kae o le boithabisong. Ngola khalendareng nako eo o e qetang o shebelletse thelevishene, o shebile dintho tse itseng Inthaneteng kapa o bapala dipapadi tsa elektronike founung ya hao. Haeba o hlokomela hore o qeta nako e ngata dinthong tsena, leka ho ngola hore na o ka e laola ha molemo jwang. Ipehele nako ya ho etsa dintho tsa bohlokwa pele mme boithabiso bo tla latela. Mohato wa bobedi ke hore o kope Jehova a o thuse ho etsa sena seo o se rerileng. Ha o etsa sena o tla ba le nako le matla ao o a hlokang ho re o etse borapedi ba lelapa, o ithute Bibele o le mong, o ye dibokeng hape o etse mosebetsi wa boboledi. Ha o qala ka dintho tsena pele, o ke ke wa ikutlwa o le molato ha o le boithabisong.

DULA O FA JEHOVA BOINEHELO BO KGETHEHILENG

18, 19. Re ka bontsha jwang hore re fa Jehova boinehelo bo kgethehileng?

18 Ka mora hore moapostola Petrose a ngole ka bofelo ba lefatshe la Satane le ho tla ha lefatshe le letjha, o ile a re: “Baratuwa, ka ha le letetse dintho tsena, le etse sohle se matleng a lona hore qetellong a le fumane le se na letheba ebile le se na sekodi mme le le kgotsong.” (2 Pet. 3:​14) Ka hoo, ha re mamela keletso ena mme re rapela Jehova ebile re etsa sohle seo re ka se kgonang ho phela ka tsela eo a e amohelang, re tla be re bontsha hore re mo fa boinehelo bo kgethehileng.

19 Satane le lefatshe la hae, ba tla dula ba leka ho etsa hore re nke dintho tse ding e le tsa bohlokwa bophelong ho feta Jehova. (Luka 4:​13) Empa ho sa tsotellehe hore na re kopana le mathata afe, re ke ke ra rata motho kapa ntho le ha e le efe ho feta Jehova. Ka hoo, re ikemiseditse ho fa Jehova se mo tshwanelang, e leng boinehelo ba rona bo kgethehileng.

PINA YA 30 Ntate wa ka, Modimo wa ka le Motswalle

^ par. 5 Re rata ho sebeletsa Jehova. Empa na re mo fa boinehelo bo kgethehileng? Diqeto tseo re di etsang ke tsona tse tla arabela potso eo. E le ho re re bone hore na re inehetse ho Jehova ka ho kgethehileng hakae, a re hlahlobeng diqeto tseo re di etsang mabapi le dintho tsena tse pedi e leng tjhelete le boithabiso.

^ par. 53 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Re ke ke ra batla ho ja dijo tse entsweng ka kitjhineng e ditshila. Ka hoo ke hobaneng ha re ka batla ho shebella boithabiso bo nang le ntwa, bodemona le boitshwaro bo bobe?