Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 42

Jehova o Tla Etsa Hore o be Jwang?

Jehova o Tla Etsa Hore o be Jwang?

“Modimo . . . eo a sebetsang ho lona e le hore le rate le be le [matla a ho sebetsa.]”​—BAFIL. 2:13.

PINA YA 104 Moya o Halalelang ke Mpho ya Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Keng seo Jehova a ka se etsang ho phethahatsa merero ya hae?

JEHOVA a ka ba sohle seo ho hlokehang hore a be sona e le hore a phethahatse merero ya hae. Ka mohlala, Jehova e ka ba Mosuwe, Motshedisi le Moevangedi. Ana ke amang a makgabane ao a neng le ona. (Esa. 48:​17; 2 Bakor. 7:6; Bagal. 3:8) Ho ntse ho le jwalo, hangata o sebedisa batho ho phethahatsa morero wa hae. (Mat. 24:​14; 28:​19, 20; 2 Bakor. 1:​3, 4) Jehova o boetse o fa motho e mong le e mong bohlale le matla ao a a hlokang e le hore a phethahatse merero ya hae. Tsena ke tse ding tsa dintho tse hlalosang seo lebitso la hae le se bolelang, jwalo ka ha ditsebi di bolela.

2. (a) Ke hobaneng ha ka dinako tse ding re ka nna ra se kgodisehe hore Jehova o a re sebedisa? (b) Re tlo tshohlang sehloohong sena?

2 Kaofela ha rona re batla hore Jehova a re sebedise ho phethahatsa morero wa hae, empa batho ba bang ba ka nna ba se ke ba kgodiseha hore Jehova o a ba sebedisa. Hobaneng? Ba nahana hore ka lebaka la botsofadi, maemo le ho se be le bokgoni, Jehova a ka se ba sebedise. Ka lehlakoreng le leng, batho ba bang ba utlwa ba kgotsofalletse seo ba se etsang mme ba bona ho sa hlokahale hore ba eketse tshebeletso ya bona. Sehloohong sena, re tlo tshohla ka moo Jehova a ka fang e mong le e mong seo a se hlokang ho phethahatsa morero wa hae. Ebe re hlahloba ditlaleho tsa Bibele tse bontshang ka moo Jehova a ileng a thusa bahlanka ba hae ka teng, ba akarelletsang banna le basadi hore ba rate hape ba be le matla a ho sebetsa. Qetellong re tla boela re hlahlobe hore na ke jwang re ka dumellang hore Jehova a re sebedise.

KA MOO JEHOVA A RE FANG SEO RE SE HLOKANG

3. Bafilipi 2:​13 e re ke jwang Jehova a ka etsang hore re rate ho sebetsa?

3 Bala Bafilipi 2:​13. * Jehova o re thusa hore re rate ho sebetsa. A ka etsa seo jwang? Mohlomong re a hlokomela hore ho na le motho ya hlokang thuso kapa ho na le ntho e hlokang ho etswa ka phuthehong. Kapa baholo ba bala lengolo le tswang mokgatlong le bolelang hore ho na le tlhoko sebakeng se itseng. Sena se ka nna se etsa hore re ipotse: ‘Ebe nka thusa jwang?’ Kapa mohlomong re fuwe mosebetsi o thata mme re a ipotsa hore na re ka kgona ho o etsa hantle. Ka nako e nngwe, ka mora hore re bale tlaleho ya Bibele, re ka nna ra ipotsa: ‘Ebe nka sebedisa dintlha tsee jwang ho thusa batho ba bang?’ Jehova a ke ke a re qobella ho etsa ntho le ha e le efe. Empa ha a bona hore re nahana ho etsa ntho e itseng, a ka re thusa hore re e etse.

4. Ke jwang Jehova a ka re fang matla a ho sebetsa?

4 Jehova a ka boela a re fa matla a ho sebetsa. (Esa. 40:​29) Jwang? Ka ho re fa moya wa hae o halalelang, e le ho re thusa ho matlafatsa bokgoni boo re nang le bona. (Ex. 35:​30-35) A ka sebedisa mokgatlo wa hae ho re ruta ho etsa mesebetsi e itseng. Ka hoo, kopa thuso haeba o sa tsebe hantle hore na mosebetsi oo o nang le ona o etswa jwang. Hape o se ke wa tshaba ho kopa Ntate wa rona wa lehodimo “matla a fetang se tlwaelehileng.” (2 Bakor. 4:7; Luka 11:​13) Bibele e na le mehlala e mengata ya banna le basadi bao Jehova a ileng a etsa hore ba rate hape ba be le matla a ho sebetsa. Ha re ntse re hlahloba mehlala ena, nahana ka moo Jehova a ka o sebedisang hore o etse dintho tse tshwanang le tseo ba neng ba di etsa.

JEHOVA O ILE A THUSA BANNA HORE BA BE JWANG?

5. Jehova o ile a sebedisa Moshe neng hona jwang ho pholosa batho ba hae mme re ithutang ho see?

5 Jehova o ile a sebedisa Moshe hore a pholose Baiseraele. Empa o ile a mo sebedisa neng? Na e ne e le ka mora hore Moshe a ikutlwe a tshwaneleha, hobane a ile a “rupelwa ka bohlale bohle ba Baegepeta”? (Lik. 7:​22-25) Tjhe, Jehova o ile a sebedisa Moshe ka mora hore a mo thuse ho re ebe motho ya bonolo le ya ikokobeditseng. (Lik. 7:​30, 34-36) O ile a thusa Moshe hore a be le sebete sa ho bua le mmusi ya matla ka ho fetisisa Egepeta. (Ex. 9:​13-19) Jehova o ile a sebedisa Moshe neng hona jwang mme re ithutang ho see? Jehova o sebedisa ba lekang ho etsisa makgabane a hae le ba itshetlehang ka yena hore a ba fe matla.​—Bafil. 4:13.

6. Re ithutang tseleng eo Jehova a ileng a sebedisa Barzilai ka yona ho thusa Morena Davida?

6 Dilemo tse ngata ka mora moo, Jehova o ile a sebedisa Barzilai ho thusa Morena Davida. Ka nako eo, Davida le bahlanka ba hae ba ne ba “lapile mme ba kgathetse ebile ba nyorilwe,” ha ba ntse ba baleha mora wa hae Absalome. Barzilai o ne a se a tsofetse, le ha ho le jwalo o ile a beha bophelo ba hae le ba batho bao a neng a ena le bona kotsing. O ile a etsa sena ka hore a fe Davida le bahlanka ba hae dintho tseo ba neng ba di hloka. Barzilai ha a ka a nahana hore Jehova a ke ke a hlola a mo sebedisa hobane a se a tsofetse. Ho ena le hoo, o ile a bontsha hore ke motho ya fanang ka ho sebedisa sohle seo a neng a ena le sona, ho thusa bahlanka ba Modimo ba hlokang. (2 Sam. 17:​27-29) Keng seo re ithutang sona? Ho sa tsotellehe hore na re dilemo di kae, Jehova a ka re sebedisa ho thusa bara le baradibabo rona ba hlokang ba dulang haufi le rona kapa dinaheng tse ding. (Liprov. 3:​27, 28; 19:​17) Le hoja re ke ke ra kgona ho ba thusa ka ho toba, re ka fana ka monehelo wa mosebetsi wa lefatshe lohle, e le ho re ho be le tjhelete e tla thusa bara le baradibabo rona.​—2 Bakor. 8:​14, 15; 9:11.

7. Jehova o ile a sebedisa Simeone jwang, hona ke hobaneng ha see se re kgothatsa?

7 Simeone e ne e le monna ya hodileng le ya tshepahalang ya neng a dula Jerusalema mme Jehova o ile a mo tshepisa hore a ke ke a shwa pele a bona Mesia. E tlameha ebe tshepiso ena e ile ya kgothatsa Simeone haholo, ka ha o ne a emetse Mesia ka dilemo tse ngata. Ka hoo, Jehova o ile a putsa mamello le tumelo ya hae. Ka letsatsi le leng o ile a ya tempeleng “a laolwa ke moya.” Ha a fihla moo o ile a bona Jesu, eo ka nako eo e neng e le lesea. Jehova o ile a sebedisa Simeone hore a fane ka boprofeta bo buang ka ngwana enwa eo e neng e tla ba Kreste. (Luka 2:​25-35) Le hoja ho ka etsahala hore Simeone o ile a hlokahala pele a bona ha Jesu a qala tshebeletso ya hae, o ile a ananela hore ebe Jehova o ile a mo sebedisa ka tsela eo. Hape o tla boela a thabele ditlhohonolofatso tsa nakong e tlang. Lefatsheng le letjha, monna enwa ya tshepahalang o tla bona ka moo bobusi ba Jesu e tla bang tlhohonolofatso ka teng ho malapa ohle a lefatsheng. (Gen. 22:​18) Ka ho tshwanang, le rona re ananela tsela e nngwe le e nngwe eo Jehova a re sebedisang ka yona tshebeletsong ya hae.

8. Ke jwang Jehova a ka re sebedisang jwalo ka Barnabase?

8 Nakong e fetileng, monna ya neng a ena le seatla se bulehileng ya bitswang Josefa o ile a ikemisetsa ho sebediswa ke Jehova. (Lik. 4:​36, 37) Ka hobane Josefa o ne a ipabola ka ho tshedisa batho ba bang, baapostola ba ile ba mmitsa Barnabase e bolelang “Mora wa Matshediso.” Ka mohlala, ka mora hore Saule ebe Mokreste, barababo rona ba bangata ba ne ba tshaba ho mo atamela hobane a ne a ile a hlorisa ba dumelang ho Jesu. Empa Barnabase o ile a mo thusa le ho mo tshedisa mme e tlameha ebe Saule o ile a ananela sena haholo. (Lik. 9:​21, 26-28) Ka mora moo baholo ba Jerusalema, ba ne ba hloka ho kgothatsa barababo rona ba neng ba le kwana Antioke ya Syria. Ba ile ba romela mang? Barnabase. Ba ne ba entse kgetho e ntle. Bibele e re Barnabase o ile “a qala ho ba kgothaletsa kaofela hore ba tswelepele Moreneng ka morero o tswang pelong.” (Lik. 11:​22-24) Le kajeno, Jehova a ka re thusa hore re be ‘bara ba matshediso’ ho Bakrestemmoho. Ka mohlala, a ka re sebedisa hore re tshedise batho ba hlokahalletsweng. A ka etsa hore o kgothatse motho ya kulang kapa ya nyahameng ka ho mo etele kapa ho mo founela. Jwale, na o tla dumella Jehova hore a o sebedise jwalo ka Barnabase?​—1 Bathes. 5:14.

9. Re ithutang tseleng eo Jehova a ileng a e sebedisa ho thusa morabo rona ya bitswang Vasily hore ebe moholo ya molemo?

9 Jehova o ile a thusa morabo rona ya bitswang Vasily hore e be moholo ya molemo. Ha Vasily a le dilemo di 26, o ile kgethwa hore ebe moholo. Empa o ne a nahana hore ha a na bokgoni bo lekaneng ho thusa bara le baradibabo rona, haholoholo ba nang le mathata. Le ha ho le jwalo, o ile a fumana kwetliso ho baholo ba nang le tsebo le ka ho ya Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso. Ka hoo, Vasily o ile a sebetsa ka thata ho ntlafatsa. Ka mohlala, o ile a ngola dintho tseo a neng a batla ho di finyella. Ha a ntse a finyella e nngwe le e nngwe ya dintho tsena, o ile a bona hore a ka kgona ho thusa phutheho. Hona jwale o re: “Se neng se ntshosa ka nako eo, hona jwale se ntlisetsa thabo. Ha Jehova a nthusa ho fumana Lengolo le loketseng ho kgothatsa mora kapa moradiwabo rona ka phuthehong, sena se ntlisetsa thabo e kgolo.” Barababo rona, haeba le etsisa Vasily ka ho ikemisetsa ho dumella Jehova hore a le sebedise, o tla le fa bokgoni ba ho etsa mosebetsi o eketsehileng ka phuthehong.

JEHOVA O ILE A THUSA BASADI HORE BA BE JWANG?

10. Abigaile o ile a etsang, hona re ithutang mohlaleng wa hae?

10 Davida le bahlanka ba hae ba ne ba hloka thuso ka ha ba ne ba lelekiswa ke Morena Saule. Bahlanka ba Davida ba ile ba kopa dijo ho monna ya ruileng haholo wa Moiseraele ya bitswang Nabale. Ka ha ba ne ba hlokometse mohlape wa hae lefelleng, ba ile ba ikutlwa ba lokolohile ho mo kopa dijo. Empa Nabale ya neng a ikgohomosa, o ile a hana ho ba fa dijo. Sena se ile sa halefisa Davida haholo hoo a ileng a etsa qeto ya ho bolaya Nabale le banna bohle ba ntlo ya hae. (1 Sam. 25:​3-13, 22) Le ha ho le jwalo mosadi ya motle wa Nabale e leng Abigaile, o ne a ena le temohisiso. Ka sebete o ile a kgumama ka pele Davida mme a mo kopa ka tiyo hore a se ke a ba le molato wa madi ka hore a iphetetse. Ka mosa Abigaile o ile a kopa Davida hore a tlohele dintho matsohong a Jehova. Tsela eo Abigaile a ileng a etsa dintho ka yona e ile ya ama pelo ya Davida mme o ile a hlokomela hore Abigaile o rometswe ke Jehova. (1 Sam. 25:​23-28, 32-34) Abigaile o ile a ba le makgabane a ileng a etsa hore Jehova a mo sebedise. Ka ho tshwanang baradibabo rona ba nang le temoho, Jehova a ka ba sebedisa ho matlafatsa malapa a bona le ba bang ka phuthehong.​—Liprov. 24:3; Tite 2:​3-5.

11. Baradi ba Shalume ke bo mang, hona ba etsiswa ke bo mang kajeno?

11 Dilemo tse ngata ka mora moo, baradi ba Shalume ba ne ba le ha ra batho bao Jehova a neng a ba sebedisa ho lokisa marako a Jerusalema. (Neh. 2:​20; 3:​12) Le hoja Shalume e ne e le kgosana, baradi ba hae ba ne ba ikemiseditse ho etsa mosebetsi oo o thata le o kotsi. (Neh. 4:​15-18) Ha ba a ka ba tshwana le banna ba Batekooa ba sa kang ba theola boemo ba bona e le hore ba nke karolo mosebetsing. (Neh. 3:5) A ko nahane ka thabo eo baradi bana ba Shalume ba ileng ba ba le yona ha ba bona mosebetsi o fela ka mora matsatsi a 52. (Neh. 6:​15) Kajeno baradibabo rona ba ikemiseditseng, ba thabela ho etsetsa Jehova tshebeletso e kgethehileng ka hore ba thuse mesebetsing ya kaho le ho hlokomela meaho e nehetsweng ho Jehova. E le hore mosebetsi ona o kgone ho atleha, re hloka tsebo, mafolofolo le botshepehi ba baradi bana babo rona.

12. Jehova a ka re sebedisa jwang jwalo ka Tabitha?

12 Jehova o ile a kgothalletsa Tabitha hore a atelwe ke “diketso tse molemo le dimpho tsa mohau,” haholoholo ho bahlolohadi. (Lik. 9:​36) Ka lebaka la hobane e ne e le motho ya fanang le ya mosa, batho ba bangata ba ile ba lla ha a hlokahala. Empa ba ile ba thaba haholo nakong eo moapostola Petrose a neng a mo tsosa. (Lik. 9:​39-41) Keng seo re ithutang sona ho Tabitha? Ebang re batjha kapa re hodile, banna kapa basadi, kaofela ha rona re ka kgona ho etsa dintho tse ka thusang bara le baradibabo rona.​—Baheb. 13:16.

13. Jehova o ile a sebedisa moradiwabo rona ya dihlong Ruth jwang, hona Ruth o ile a reng?

13 Moradiwabo rona Ruth o ne a le dihlong le ha ho le jwalo, o ne a batla ho ba moromuwa. Ha a ne a le monyane o ne a thabela feela ho ya ka ntlo le ntlo ho fana ka dipampitshana. O re: “Ke ne ke thabela mosebetsi ona haholo.” Le ha ho le jwalo, ho ne ho le thata ho Ruth ho bua le beng ba matlo le ho bolella ba bang ka Mmuso wa Modimo. Ruth e ile ya ba pulamadiboho ha a le dilemo di 18, ho sa tsotellehe dihlong tseo a neng a ena le tsona. Ka 1946 o ile a ya Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower mme hamorao a ya sebeletsa Hawaii le Japan. Jehova o ile a mo sebedisa hore a etse mosebetsi wa boboledi ka mafolofolo dinaheng tseo. Ka mora dilemo tse ka bang 80 a le tshebeletsong, o ile a re: “Jehova o ile a mmatlafatsa. O nthusitse hore ke hlole ho ba dihlong. Ke na le tumelo ya hore Jehova a ka sebedisa e mong le e mong ya mo tshepileng.”

DUMELLA JEHOVA HORE A O SEBEDISE

14. Ho ya ka Bakolose 1:​29, keng eo re lokelang ho e etsa haeba re batla ho sebediswa ke Jehova?

14 Ho theosa le histori, Jehova o ile a sebedisa bahlanka ba hae ka ditsela tse ngata. Jehova o tla etsa hore o be jwang? Ho itshetlehile ka hore na o ikemiseditse hakae ho sebetsa ka thata. (Bala Bakolose 1:​29.) Ha o ikemiseditse ho sebediswa ke Jehova, a ka etsa hore o be moevangedi ya mafolofolo, mosuwe ya hlwahlwa, motshedise ya nang le bokgoni, mosebetsi ya nang le tsebo, motswalle wa sebele kapa o ka ba ntho e nngwe le e nngwe eo a e hlokang ho phethahatsa morero wa hae.

15. Ho ya ka 1 Timothea 4:​12, 15, barababo rona ba batjha ba lokela ho kopa Jehova hore a ba thuse ho etsang?

15 Ho thweng ka barababo rona ba batjha? Ho na le tlhoko ya banna ba matla ba ka sebeletsang jwalo ka bahlanka ba sebeletsang ho thusa phutheho. Diphutheho tse ngata di na le baholo ba bangata ho feta bahlanka ba sebeletsang. Na lona barababo rona ba batjha le ka ikemisetsa ho etsa ho eketsehileng ka phuthehong? Ka dinako tse ding, bara ba bang babo rona ba re: “Ke thabela ha ke le mohweletsi feela.” Haeba ke ka tsela eo o ikutlwang ka yona, kopa Jehova hore a o thuse ho re o tshwanelehe ho ba mohlanka ya sebeletsang le hore a o fe bokgoni ba ho etsa sohle seo o ka se kgonang ho mo sebeletsa. (Moek. 12:1) Re hloka thuso ya lona!​—Bala 1 Timothea 4:​12, 15.

16. Keng seo re lokelang ho se kopa ho Jehova hona hobaneng?

16 Jehova a ka etsa hore o be ntho e nngwe le e nngwe eo a e hlokang ho re a phethahatse morero wa hae. Ka hoo, mo kope hore a o thuse ho re o rate ho etsa mosebetsi wa hae mme a o fe matla ao o a hlokang. Ebang o motjha kapa o se o hodile, sebedisa nako, matla kapa dintho tseo o nang le tsona ho tlotlisa Jehova hona jwale. (Moek. 9:​10) Ka hoo, ha o fuwa monyetla wa ho etsa ho eketsehileng tshebeletsong ya Jehova, o se ke wa potlakela ho o hana hobane o nahana hore o ke ke wa kgona. Ka nnete ona ke monyetla o moholo wa ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho tlisetsa Ntate wa rona ya lerato thoriso.

PINA YA 127 Ke Tshwanetse ho ba Motho wa Mofuta Ofe?

^ par. 5 Na o utlwa e ka ha o sebeletse Jehova ka ho lekaneng? Na o kile wa ipotsa hore na Jehova o tla nne a o sebedise? Kapa o bona eka ha o hloke ho etsa ho eketsehileng ho sebeletsa Jehova ka moo a batlang ka teng? Sehloohong sena, re tla hlahloba ditsela tseo Jehova a di sebedisang ho o thusa hore o rate hape o be le matla a ho ba seo a lebelletseng hore o be sona, e le hore a phethahatse merero ya hae.

^ par. 3 Le hoja Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba mehleng ya hae lengolo lena, mantswe a lona a ntse a sebetsa ho bahlanka bohle ba Jehova kajeno.