Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Morabo rona Joseph F. Rutherford le barababo rona ba bang nakong eo ba neng ba etetse Europe

1920​—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng

1920​—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng

MAQALONG a selemo sa 1920 bahlanka ba Jehova ba ne ba etsa mosebetsi wa boboledi ka mafolofolo. Ka ha ka selemo sa 1920 temana ya selemo e ne e re “MORENA ke matla a rona le pina ya rona.”​—Pes. 118:14. King James Version.

Jehova o ile a matlafatsa bahweletsi bao. Selemong seo bopulamadiboho ba ile ba eketseha ho tloha ho 225 ho ya ho 350. Ka lekgetlo la pele bahweletsi ba fetang 8 000 ba ile ba tlaleha dihora tsa tshebeletso ntlokgolo. Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bona.

BA BA MAFOLOFOLO

Ka la 21 March 1920, morabo rona Joseph F. Rutherford ya neng a etella pele Diithuti Tsa Bibele ka nako eo o ile a bua ka sehlooho se neng se re “Ba Dimilione ba Phelang Hona Jwale ba ke ke ba Hlola ba Shwa .” Diithuti Tsa Bibele di ile tsa etsa sohle seo di ka se kgonang ho memela batho ketsahalong eo. Ba ile ba hira e nngwe ya diholo tse kgolo New York City mme ba fana ka dimemo tse ka bang 320 000.

Koranta e hlahisitseng puo e reng “Ba Dimilione ba Phelang Hona Jwale ba ke ke ba Hlola ba Shwa”

Ho ile ha tla batho ba bangata ho feta ka moo Diithuti Tsa Bibele di neng di lebelletse ka teng. Ka ha holo e ne e nka batho ba ka bang 5 000, batho ba ka bang 7 000 ha ba a ka ba kgona ho kena. Tora ya ho Lebela e ile ya re “sena ke seboka se seholo ho tse kileng tsa tshwarwa ke Diithuti Tsa Bibele tsa Matjhaba.”

Diithuti Tsa Bibele di ne di tsebahala ka ho bolella batho hore “ba dimilione ba phelang hona jwale ba ke ke ba hlola ba shwa.” Ka nako eo di ne di sa utlwisise hore molaetsa wa Mmuso o ne o lokela ho bolelwa ka ho eketsehileng. Le ha ho le jwalo ba ne ba ntse ba le mafolofolo. Moradiwabo rona Ida Olmstead ya ileng a qala ho ya dibokeng ka 1902, o re, “Re ne re tseba hore batho bohle batla fumana ditlhohonolofatso mme re ne re sa kgaotse ho ba bolella ditaba tsena tse molemo hohle moo re kopanang le bona tshebeletsong ya tshimo.”

RE HATISA DINGOLWA TSA RONA

Ho etsa bonnete ba hore dingolwa di a fumaneha, barababo rona ba Bethele ba ile ba qala ho hatisa tse ding tsa tsona. Ba ile ba reka disebediswa mme ba di beha moahong oo ba neng ba o hirile o 35 Myrtle Avenue, Brooklyn, New York o haufi le Bethele.

Morabo rona Leo Pelle le Walter Kessler ba ile ba amohelwa Bethele ka January 1920. Walter o re “Ha re fihla mookamedi wa ka moo ho hatiswang dingolwa o ile a re sheba mme a re: ‘Le ntse le ka kgona ho sebetsa ka ha le na le hora le metsotso e mashome a mararo pele ho dijo tsa motshehare.’ O ile a re kopa hore re late mabokose a dibuka a neng a le ka mokatong o ka fatshe.”

Leo o hopola se ileng sa etsahala letsatsing le latelang o re: “E ne e le mosebetsi wa rona ho hlatswa mabota a neng a le ka mokatong o ka fatshe. Mabota ao a ne a le ditshila haholo empa re ne re sebeletsa Jehova mme seo se ne se re thabisa.”

Motjhini wa flatbed o neng o sebedisetswa ho hatisa Tora ya ho Lebela

Ka dibeke tse mmalwa barababo rona ba ile ba hatisa Tora ya ho Lebela. Ka la 1 February 1920, ho ile ha hatiswa dikopi tse 60 000 tsa Tora ya ho Lebela ka mokatong wa bobedi. Barababo rona ba ile ba beha motjhini o bitswang Sekepe sa Ntwa ka mokatong o ka fatshe. Maqalong a la 14 April 1920, ho ile ha hatiswa makasine wa The Golden Age. Ho ne ho hlakile hore Jehova o ne a hlohonolofatsa boiteko boo ba neng ba bo etsa.

“E ne e le mosebetsi wa Morena mme o ne o re thabisa”

“HA RE BENG LE KGOTSO”

Bahlanka ba tshepahalang ba Jehova ba ile ba boela ba thabela ho bolela ditaba tse molemo ba le ha mmoho. Le ha ho le jwalo, tse ding tsa Diithuti Tsa Bibele di ile tsa tswa ka mokgatlong nakong eo ho neng ho e na le mathata ka 1917 ho ya ho 1919. Ho ne ho ka etswang ho ba thusa?

Wachtower ya 1 April 1920 (e leng Tora ya ho Lebela), e ne e na le sehlooho se reng “Ha re Beng le Kgotso.” E ile ya kgothalletsa batho ya re: “Re kgodisehile hore batho ba batlang ho mamela Jehova ba tla lebala diphoso tseo ba ileng ba di etsa nakong e fetileng mme ba boele ba sebeletse Jehova ba le ha mmoho.”

Ba bangata ba ile ba kgothatswa ke mantswe ao. Banyalani ba bang ba ile ba re: “Re kgotsofalletse hore e be Tora ya ho Lebela e re thusitse ho bona hore re ne re fositse ka hore e be re ne re sa bolele ditaba tse molemo ha ba bang bona ba ne di bolela. Re ikemiseditse ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho bolela ditaba tse molemo.” Bara bana babo rona ba ne ba na le mosebetsi o mongata oo ba neng ba lokela ho o etsa.

HO TSAMAISWA SENGOLWA SE BITSWANG “ZG”

Ka la 21 June 1920, Diithuti Tsa Bibele di ile tsa tsamaisa bukana ya The Finished Mystery e bitswang “ZG.” * Ho ne ho se ho hatisitswe dingolwa tse ngata tsa “ZG” nakong eo e neng e thibetswe ka selemo sa 1918.

Bahweletsi bohle le bo pulamadiboho ba ile ba memelwa ho etsa mosebetsi ona. Motho e mong le e mong ya kolobeditsweng a ka etsa sena. Barababo rona ba ile ba etsa lepetjo le reng: “Sena ke seo ke lokelang ho se etsa” e le ha ba kgothalletsa bahweletsi hore ba etse sohle seo ba ka se kgonang mosebetsing ona wa bohlokwa wa ho tsamaisa dibuka. Edmund Hooper o re lena e ne e le letsholo la pele ho ba bangata la ho bolela ka ntlo le ntlo. O tswela pele hore: “Re ile ra qala ho hlokomela hore na mosebetsi ona o ne o akarelletsa eng, o ile wa eketseha ho feta ka moo re neng re nahanne ka teng.”

HO HLOPHISA MOSEBETSI HAPE EUROPE

Morabo rona Rutherford o ne a batla ho kgothatsa Diithuti Tsa Bibele tseo di neng di sa kgone ho bolela ditaba tse molemo nakong ya Ntwa ya Pele ya Lefatshe. Ka la 12 August 1920, yena le barababo rona ba bane ba ile ba ya England le dinaheng tse ding.

Morabo rona Rutherford o Egepeta

Ha Morabo rona Rutherford a le Britain, Diithuti Tsa Bibele di ile tsa tshwara dikopano tse tharo le diboka tse 12 seterateng. Ho ile ha tla batho ba ka bang 50 000. Tora ya ho Lebela ha e bua ka ketelo eo e ile ya re: “Bara le baradibabo rona ba ne ba thabile ebile ba kgothetse. Ba ile ba sebetsa ha mmoho mme seo se ile sa etsa hore ba thabe.” Morabo rona Rutherford ha a le Paris o ile a boela a bua ka sehlooho se reng “Ba Dimilione ba Phelang Hona Jwale ba ke ke ba Hlola ba Shwa.” Ha puo e ne e qala holo e ne e tletse mme batho ba 300 ba ile ba batla ho tseba ho eketsehileng.

Phoustara e hlahisitseng puo e ileng ya fanwa London Royal Albert Hall

Dibekeng tse latelang, barababo rona ba ile ba etela Athene, Cairo, le Jerusalema. E le ho thusa batho ba thabelang ho ithuta Bibele ba ileng ba fumanwa sebakeng seo, Morabo rona Rutherford o ile a theha setsi sa polokelo ya dibuka toropong ya Ramallah haufi le Jerusalema. Morabo rona o ile a boela a kgutlela Europe mme a theha ofisi ya lekala Central Europe le ho lokisetsa hore dingolwa di hatisetswe moo.

HO HLOKA TOKA HO ILE HA BONAHALA

Ka September 1920, Diithuti Tsa Bibele di ile tsa lokolla makasine wa The Golden Age, No. 27, o ileng wa bua ka ho hloriswa ha Diithuti Tsa Bibele tse ileng tsa hloriswa ka selemo sa 1918. Sekepe sa Ntwa seo re buileng ka sona qalong, se ne se sebetsa bosiu le motshehare mme se hatisa di makasine tse ka hodimo ho 4 milione.

Senepe sa Emma Martin seo a se nkileng a le sepoleseng

Babadi ba makasine ona ba ile ba ithuta ka nyewe e neng e sa tlwaeleha ya moradibowabo rona Emma Martin. Moradiwabo rona Martin e ne e le mohweletsi sebakeng sa San Bernardino, California. Ka la 17 March 1918, moradiwabo rona le barababo rona ba bararo e leng, E. Hamm, J. Sonnenburg le E. A. Stevens, ba ile ba ya sebokeng se senyane sa Diithuti Tsa Bibele.

E mong wa banna ba neng ba le teng moo o ne a sa ya moo ho ilo ithuta Bibele. O re: “Ke ile sebokeng sena hobane baahlodi ba molao ba itse ke ye,” ha morao o re: “Ke ile moo ho ilo batla bopaki.” O ile a fumana “bopaki” boo a neng a ntse a bo batla e leng makasine wa The Finished Mystery. Matsatsi a mmalwa ha morao moradiwabo rona Martin le barababo rona ba bararo ba ile ba tshwarwa. Ba ile qoswa ka hore ba tsamaisa dibuka tse thibetsweng.

Emma le metswalle ya hae ba ile ba kwallwa dilemo tse tharo. Ka ha ba ne ba se ba kgathetse ke ho ipiletsa, ka la 17 May 1920 ba ile ba tshwarwa. Empa ha morao dintho di ile tsa loka.

Ka la 20 June 1920 Morabo rona Rutherford o ile a bua ka se ileng sa etsahalla moradiwabo rona Emma le metswalle ya hae kopanong ya San Francisco. Batho ba neng ba le teng moo ha ba a ka ba thabela se ileng sa etsahalla Bakreste bana mme ba ile ba dumella hore ho romelwe thelekramo ho mopresidente wa United States. Ba ile ba ngola ba re: “Re ngola mabapi le seo mmuso o se entseng ka ho sebedisa matla a ona hampe ka ho tjhehela moradiwabo rona Martin leraba e le ho leka hore ba kgone ho mo tshwara.”

Hanghang letsatsi le latelang Mopresidente Woodrow Wilson o ile a hlakola molato wa moradiwabo rona Martin le barababo rona e leng Hamm, Sonnenburg, le Stevens mme ba ile ba lokollwa.

Qetellong ya selemo sa 1920 Diithuti Tsa Bibele di ile tsa thabiswa ke dintho tse ngata tse neng di etsahetse. Mosebetsi o ile wa eketseha ntlokgolo mme Diithuti Tsa Bibele di ne di bolela molaetsa wa Mmuso e le ona tharollo bakeng sa mathata a batho. (Mat. 24:14) Selemo se latelang sa 1921, mosebetsi wa Mmuso o ile wa eketseha mme wa bolelwa le dibakeng tse ding.

^ par. 18 Buka ya The Finished Mystery e ne e le buka ya bosupa ho Studies on the Scriptures. Tora ya ho Lebela ya “ZG” e ile ya hatiswa ka la 1 March 1918. “Z” e emela Zion’s Watch Tower, mme “G,” ke alfabete ya bosupa e emelang buka ya bosupa.