Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 44

Na Bana ba Hao ba Tla Tswela Pele ho Sebeletsa Modimo le ha ba se ba Hodile?

Na Bana ba Hao ba Tla Tswela Pele ho Sebeletsa Modimo le ha ba se ba Hodile?

“Jesu a nna a hatela pele bohlaleng le kgolong ya mmele mme a amoheleha ho Modimo le ho batho.”​—LUKA 2:52.

PINA YA 134 Bana ke Letlotlo le Tswang ho Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke qeto efe e molemo eo e mong le e mong a ka e etsang?

HANGATA diqeto tseo batswadi ba di etsang di ama bana ba bona nako e telele. Haeba batswadi ba ka etsa diqeto tse fosahetseng ba ka bakela bana ba bona mathata. Empa haeba ba etsa diqeto tse nepahetseng ba ka thusa bana ba bona hore ba thabele bophelo. Bana le bona ba lokela ho etsa diqeto tse nepahetseng. Qeto e molemo eo motho e mong le e mong a ka e etsang ke ho sebeletsa Ntate wa rona ya lerato e leng Jehova.​—Pes. 73:28.

2. Ke diqeto dife tse molemo tseo Jesu le batswadi ba hae ba ileng ba di etsa?

Josefa le Maria ba ne ba batla ho thusa bana ba bona ho sebeletsa Jehova mme diqeto tseo ba ileng ba di etsa di ile tsa bontsha hore ho sebeletsa Jehova ke ntho ya bohlokwa bophelong ba bona. (Luka 2:40, 41, 52) Jesu le yena o ile a etsa diqeto tse nepahetseng tse ileng tsa mo thusa ho etsa seo Jehova a neng a batla hore a se etse. (Mat. 4:1-10) Hape Jesu e ile ya ba monna ya sebete, ya mosa le ya tshepahalang. Batswadi bohle ba tshabang Jehova ba ka thabela ho ba le mora ya tshwanang le Jesu.

3. Re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tlo araba dipotso tse latelang: Ke diqeto dife tse molemo tseo Jehova a ileng a di etsa mabapi le Jesu? Batswadi ba Bakreste ba ka ithutang diqetong tseo batswadi ba Jesu e leng Josefa le Maria ba ileng ba di etsa? Hona batjha ba Bakreste ba ka ithutang diqetong tseo Jesu a ileng a di etsa?

ITHUTE HO JEHOVA

4. Ke qeto efe ya bohlokwa eo Jehova a ileng a e etsa mabapi le Mora wa hae?

4 Jehova o ile a kgethela Jesu batswadi ba nepahetseng. (Mat. 1:18-23; Luka 1:26-38) Ha re bala ka Bibeleng tsela eo Maria a ileng a rapela ka yona e bontsha ka moo a neng a rata Jehova le Lentswe la hae ka teng. (Luka 1:46-55) Tsela eo Josefa a ileng a mamela Jehova ka yona e bontsha ka moo a neng a mo rata ebile a batla ho mo thabisa.​—Mat. 1:24.

5, 6. Jehova ha a a ka a sireletsa Mora wa hae mathateng afe?

5 Jehova ha a a ka a kgethela Jesu batswadi ba ruileng. Sehlabelo seo Josefa le Maria ba ileng ba fana ka sona ka mora hore Jesu a hlahe, se bontsha hore e ne e le batho ba futsanehileng. (Luka 2:24) E ka nna yaba Josefa o ne a etsa mosebetsi wa hae wa mapolanka sebakeng se senyane pela moo a neng a dula teng Nazaretha. Ba ne ba se na tjhelete e lekaneng kapa dintho tse ngata, haholoholo hobane ba ne ba na le bana ba ka bang ba supileng kapa ho feta.​—Mat. 13:55, 56.

6 Jehova ha a a ka a sireletsa Mora wa hae mathateng ohle. (Mat. 2:13-15) Ka mohlala, lelokong labo Jesu ha se kaofela ba neng ba sebeletsa Jehova. Nahana hore na e ne e le ntho e utlwisang bohloko hakakaang ho Jesu ho ba le ditho tsa leloko tseo qalong di neng di sa dumele hore ke Mesia. (Mar. 3:21; Joh. 7:5) Hape e ka nna ya ba Josefa o ile a hlokahala Jesu a sa le monyane mme e tlameha ebe seo se ile sa utlwisa Jesu bohloko haholo. Ka ha Jesu e ne e le mora e moholo e ka nna yaba o ile a tlameha ho etsa mosebetsi oo ntate wa hae a neng a o etsa bakeng sa ho thusa lelapa labo. (Mar. 6:3) Ha Jesu a ntse a hola o ile a ithuta ho hlokomela lelapa labo. E ka nna ya ba o ne a sebetsa ka thata ho fumana tjhelete le dintho tseo ba di hlokang. Ka hoo o ne a utlwisisa hore na ho jwang ho kgathala ka mora ho sebetsa ka thata letsatsi lohle.

Batswadi, thusang bana ba lona hore ba tshepe dikeletso tse tswang ka Lentsweng la Modimo (Sheba serapa sa 7) *

7. (a) Ke dipotso dife tse ka thusang banyalani ba nang le bana? (b) Liproverbia 2:1-6 e ka thusa batswadi jwang ho kwetlisa bana ba bona?

7 Haeba le banyalani ba batlang bana ipotseng dipotso tse latelang: ‘Na re ikokobeditse mme re rata Jehova le Lentswe la hae? Na Jehova o ne a ka kgetha rona hore re hodise ngwana?’ (Pes. 127:3, 4) Haeba o motswadi ipotse: ‘Na ke ruta bana ba ka hore ho bohlokwa ho sebetsa ka thata?’ (Moek. 3:12, 13) ‘Na ke etsa sohle seo nka se kgonang ho sireletsa bana ba ka dinthong tse kotsi lefatsheng lena la Satane?’ (Liprov. 22:3) O ka tswela pele o ba ruta hore na ba ka sebetsana jwang le mathata bophelong ka hore ba tshepe keletso e tswang Lentsweng la Modimo. (Bala Liproverbia 2:1-6.) Ka mohlala, haeba e mong wa leloko a kgaotsa ho sebeletsa Jehova thusa bana ba hao ho ithuta Lentswe la Modimo le hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho dula ba tshepahala ho Modimo. (Pes. 31:23) Haeba motho eo le mo ratang a ka hlokahala bontsha bana ba hao ditemana tse ka ba thusang ho hlola bohloko ba ho shwelwa mme ba fumane kgotso.​—2 Bakor. 1:3, 4; 2 Tim. 3:16.

ITHUTE HO JOSEFA LE MARIA

8. Ho ya ka Deuteronoma 6:6, 7, ke eng seo Josefa le Maria ba neng ba lokela ho se etsa?

Josefa le Maria ba ile ba thusa Jesu hore a amohelwe ke Modimo hobane ba ile ba mamela tataiso eo Jehova a neng a e fa batswadi ya ho hodisa bana. (Bala Deuteronoma 6:6, 7.) Josefa le Maria ba ne ba rata Jehova haholo mme ntho ya bohlokwa eo ba neng ba e batla e ne e le ho thusa bana ba bona hore le bona ba rate Jehova.

9. Josefa le Maria ba ile ba etsa diqeto dife tsa bohlokwa?

Josefa le Maria ba ile ba kgetha ho dula ba sebeletsa Jehova le bana ba bona. Ha ho pelaelo hore ba ne ba dula ba ya dibokeng beke le beke synagogeng Nazaretha, hape ba ya Pasekeng selemo le selemo Jerusalema. (Luka 2:41; 4:16) E ka nna ya ba ha ba ne ba ya Jerusalema ba ne ba ruta Jesu le bana babo ka se ileng sa etsahalla batho ba Jehova nakong e fetileng, mohlomong le ho etela dibaka tseo ho builweng ka tsona ka Mangolong. E ka nna yaba Josefa le Maria ha ba se ba na le bana ba bangata ho ne ho se bonolo ho tswela pele ba sebeletsa Jehova. Empa ba ile ba putswa ka lebaka la seo ba ileng ba se etsa. Ka ha ba ne ba nka ho sebeletsa Jehova e le ntho e tlang pele bophelong ba bona lelapa la bona le ile la dula le na le setswalle le Jehova.

10. Batswadi ba Bakreste ba ka ithutang ho Josefa le Maria?

10 Batswadi ba Bakreste ba ka ithutang ho Josefa le Maria? Ntho ya bohlokwa eo o ka e etsang ke ho bontsha bana ba hao hore o rata Jehova ka seo o se buang le seo o se etsang. Hape o ka ba thusa hore ba rate Jehova. Dintho tsa bohlokwa tseo o ka ba rutang tsona ke ho ba bontsha hore na ba ka tswela pele jwang ho ithuta Bibele, ho ya dibokeng le tshimong. (1 Tim. 6:6) Ke nnete hore o lokela ho fa bana ba hao dintho tseo ba di hlokang tse kang dijo le diaparo. (1 Tim. 5:8) Hopola hore ntho e tla thusa bana ba hao hore ba pholohe ha Modimo a fedisa lefatshe lena mme ba fumane bophelo ba sa feleng lefatsheng le letjha, ke ho ba le setswalle le Modimo eseng maruo.​—Ezek. 7:19; 1 Tim. 4:8.

Ke ntho e thabisang ho bona batswadi ba Bakreste ba etsa diqeto tsa ho sebeletsa Jehova e le lelapa. (Sheba serapa sa 11) *

11. (a) Keletso e hlahang ho 1 Timothea 6:17-19 e ka thusa batswadi jwang ho etsa diqeto tse molemo ha ba hodisa bana? (b) Lelapa la hao le ka nahana ho finyellang, hona le tla fumana ditlhohonolofatso dife? (Sheba lebokose le reng, “ Ke Eng Seo o Batlang ho se Finyella?”)

11 Ke ntho e thabisang hakaakang ho bona batswadi ba Bakreste ba bangata ba etsa diqeto tse molemo ho thusa bana ba bona hore e be metswalle ya Jehova. Ka mehla ba sebeletsa Jehova ha mmoho. Ba ya dibokeng le dikopanong. Hape ba bolela ditaba tse molemo. Malapa a mang a bolela ditaba tse molemo tshimong e sa sebetsweng ka mehla. A mang a etela Bethele kapa a thusa kahong. Ho ka nna ha ba thata ka ha ba sebedisa tjhelete ho etsa dintho tsena. Empa Jehova o tla ba hlohonolofatsa ka lebaka la sena. (Bala 1 Timothea 6:17-19.) Hangata bana ba hodisitsweng malapeng a jwalo ba tswela pele ho sebeletsa Jehova le ha ba se ba hodile mme ba ananela hore batswadi ba bona ba ile ba ba hodisa ka tsela eo. *​—Liprov. 10:22.

ITHUTE HO JESU

12. Ke eng seo Jesu a neng a lokela ho se etsa ha a ntse a hola?

12 Ntate wa Jesu e leng Jehova ka mehla o etsa diqeto tse molemo mme Maria le Josefa le bona ba ile ba etsa diqeto tse molemo. Empa ha Jesu a se a hodile o ile a tlameha ho iketsetsa diqeto. (Bagal. 6:5) Feela jwalo ka rona Jesu o ne a ka kgetha hore na o batla ho etsang. O ne a ka kgetha ho se etse thato ya Modimo. Ho e na le hoo, o ile a kgetha ho dula e le motswalle wa Jehova. (Joh. 8:29) Mohlala wa hae o ka thusa batjha jwang kajeno?

Batjha, mamelang batswadi ba lona (Sheba serapa sa 13) *

13. Jesu o ile a etsa qeto efe ha a ntse a le monyane?

13 Jesu o ile a kgetha ho mamela batswadi ba hae ha a ntse a le monyane. Ha a a ka a kgetha ho se mamele batswadi ba hae hobane a nahana hore o tseba ho ba feta. Ho e na le hoo, o ile a tswela pele ho “ipeha tlasa bona.” (Luka 2:51) Ka ha Jesu e ne e le mora e moholo, ha ho pelaelo hore o ne a nka boikarabelo ba hae ka ho teba. O ile a sebetsa ka thata ho ithuta mosebetsi wa mapolanka ho ntate wa hae Josefa e le hore a ka thusa lelapa labo ka dintho tseo ba di hlokang.

14. Re tseba jwang hore Jesu o ne a rata ho bala Lentswe la Modimo?

14 E ka nna yaba batswadi ba Jesu ba ile ba mo bolella hore na o hlahile jwang le ho mo bolella seo Modimo a se buileng ka yena. (Luka 2:8-19, 25-38) Jesu ha a a ka a kgotsofalla seo a se bolelletsweng feela empa o ile a ithuta Mangolo ka boyena. Re tseba jwang hore Jesu o ne a rata ho bala Lentswe la Modimo? Hobane ha a ne a le monyane mesuwe e Jerusalema e ne ne e “makatswa ka nako yohle ke kutlwisiso ya hae le dikarabo tsa hae.” (Luka 2:46, 47) Jesu ha a ne a le dilemo di 12 o ne a kgodisehile hore Jehova ke Ntate wa hae.​—Luka 2:42, 43, 49.

15. Jesu o ile a bontsha jwang hore o kgethile ho etsa thato ya Jehova?

15 Ha Jesu a qeta ho ithuta hore Jehova o batla hore a etseng o ile a etsa sona seo. (Joh. 6:38) Le hoja a ne a tseba hore o ne a tla hlouwa ke batho ba bangata ebile e le ntho eo a neng a sa e batle o ile a kgetha ho mamela Jehova. Ha Jesu a ne a qeta ho kolobetswa ka selemo sa 29, ntho ya bohlokwa ho yena e ne e le ho etsa seo Jehova a neng a batla hore a se etse. (Baheb. 10:5-7) Jesu o ile a tswela pele a ikemiseditse ho etsa thato ya Ntate wa hae le hoja a ne a shwa thupeng ya tlhokofatso.​—Joh. 19:30.

16. Bana ba ka ithutang ho Jesu?

16 Mamela batswadi ba hao. Feela jwalo ka Josefa le Maria batswadi ba hao le bona ha ba phethahala. Le ha ho le jwalo Jehova o file batswadi ba hao boikarabelo ba hore ba o hlokomele ba be ba o kwetlise. Haeba o mamela le ho hlompha batswadi ba hao “o ka tswella hantle.”​—Baef. 6:1-4.

17. Ho ya ka Joshua 24:15, ke qeto efe eo batjha ba lokelang ho e etsa?

17 Kgetha hore na o tla sebeletsa mang. O lokela ho tseba hore na Jehova ke mang le hore na o batla ho etsang ka lefatshe lena mme seo se o ama jwang. (Bar. 12:2) Jwale o tla kgona ho etsa qeto ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba hao e leng ho sebeletsa Jehova. (Bala Joshua 24:15; Moek. 12:1) Haeba o bala Bibele ka mehla o tla rata Jehova le ho feta mme tumelo ya hao e tla ba matla.

18. Ke qeto efe eo batjha ba ka e etsang, hona ditlamorao ke dife?

18 Etsa hore Jehova a tle pele bophelong ba hao. Lefatshe la Satane le tshepisa hore haeba o na le maruo o tla thaba empa rona re a tseba hore haeba o etsa jwalo o tla be o ‘itlhaba ka bohloko bo boholo.’ (1 Tim. 6:9, 10) Haeba o mamela Jehova mme o etsa hore a tle pele bophelong ba hao o “etsa ka bohlale” mme o tla thaba.​—Josh. 1:8

O TLA KGETHA HO ETSANG?

19. Batswadi ba lokela ho hopolang?

19 Batswadi, etsang sohle se matleng a lona ho thusa bana ba lona ho sebeletsa Jehova. Tshepa Jehova mme o tla o thusa hore o etse diqeto tse nepahetseng. (Liprov. 3:5, 6) Hopola hore bana ba hao ba tla susumetswa ke seo o se etsang ho feta seo o se buang. Ka hoo etsa diqeto tse tla thusa bana ba hao hore ba amohelwe ke Jehova.

20. Ke ditlhohonolofatso dife tseo batjha ba tla di fumana haeba ba kgetha ho sebeletsa Jehova?

20 Batjha, batswadi ba lona ba ka le thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng. Empa ke lona ba lokelang ho di etsa e le hore le thabise Modimo. Ka hoo etsisang Jesu mme le kgethe ho sebeletsa Ntate wa rona ya lerato Jehova. Haeba le etsa jwalo, le tla tseba hore na le phelelang ebile le tla thaba. (1 Tim. 4:16) Hape nakong e tlang le tla thaba le ho feta lefatsheng le letjha la paradise.

PINA YA 133 Sebeletsa Jehova Botjheng

^ par. 5 Batswadi ba Bakreste ba batla hore bana ba bona ba thabe mme ba sebeletse Jehova le ha ba se ba hodile. Batswadi ba lokela ho etsang e leng se tla thusa bana ho sebeletsa Jehova? Ke eng seo batjha ba Bakreste ba lokelang ho se etsa e le hore ba atlehe bophelong? Sehlooho sena se tla araba dipotso tseo.

^ par. 11 Sheba lebokose le reng, “Ke na le Batswadi ba Molemo” Ho Tsoha ya October 2011, leq. 20 le sehlooho se reng, “Lengolo le Kgethehileng le Yang ho Batswadi ba Bona” ho Tsoha ya 8 March 1999, leq. 25.

^ par. 65 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Maria o ile a ruta Jesu ho rata Jehova a sa le monyane. Bomme le bona kajeno ba ka etsa se tshwanang ka ho ruta bana ba bona ho rata Jehova ba sa le banyane.

^ par. 67 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Josefa o ne a nka ho ya synagogeng le lelapa la hae e le ntho ya bohlokwa. Bontate kajeno le bona ba lokela ho nka ho ya dibokeng le lelapa la bona e le ntho ya bohlokwa.

^ par. 69 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Jesu o ile a ithuta mosebetsi wa matsoho ho ntate wa hae. Batjha le bona ba ka ithuta dintho tse ngata ho bontate ba bona.