Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 42

O ka Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Jwang Hore a Kolobetswe?​—Karolo ya Bobedi

O ka Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Jwang Hore a Kolobetswe?​—Karolo ya Bobedi

“Ikele hloko ka mehla mme o ele hloko le ho ruta ha hao.”​—1 TIM. 4:16.

PINA YA 77 Lesedi Lefatsheng le Lefifing

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Re tseba jwang hore mosebetsi oo re o etsang wa ho etsa batho barutuwa ke o pholosang?

MOSEBETSI oo re o etsang wa ho etsa batho barutuwa, ke o pholosang. Re tseba seo jwang? Ha Jesu a ne a fana ka taelo e hlahang ho Matheu 28:19, 20, o ile a re: “E yang, . . . le etse batho barutuwa . . . , le ba kolobetse.” Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore motho a kolobetswe? Ke ha bohlokwa hobane motho o tla phela ka ho sa feleng. Motho ya batlang ho kolobetswa o lokela ho dumela hore a ka fumana bophelo bo sa feleng hobane Jesu a ile a re shwela mme a tsoswa. Ke ka hoo moapostola Petrose a ileng a bolella Bakrestemmoho le yena a re: “Sena le sona jwale se a le pholosa, e leng, kolobetso . . . ka tsoho ya Jesu Kreste.” (1 Pet. 3:21) Ha mohweletsi a qeta ho kolobetswa a ka ba le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng.

2. 2 Timothea 4:1, 2 e re re lokela ho etsang?

2 E le hore re etse batho barutuwa re lokela ho ba le “tsebo ya ho ruta.” (Bala 2 Timothea 4:1, 2.) Hobaneng? Hobane Jesu o ile a re ho rona: “E yang, . . . le etse batho barutuwa. . . , le ba rute.” Moapostola Pauluse o ile a re, “dula” mosebetsing ona, “ka ha ka ho etsa sena o tla ipholosa mme o pholose le ba o mamelang.” Ke ka hoo Pauluse a ileng a re: “Ikele hloko ka mehla . . . le ho ruta ha hao.” (1 Tim. 4:16) Haeba re batla ho etsa batho barutuwa, re lokela ho ba le bokgoni ba ho ruta.

3. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

3 Re ruta batho ba bangata Bibele lefatsheng lohle. Empa jwalo ka ha sehlooho se fetileng se bontshitse, re batla ho tseba hore na re ka thusa batho ba eketsehileng jwang hore ba kolobetswe mme e be barutuwa ba Jesu Kreste. Sehloohong sena re tlo bua ka dintho tse hlano tseo bahweletsi ba lokelang ho di etsa ho thusa batho bao ba ithutang Bibele le bona hore ba kolobetswe.

SEBEDISA BIBELE HA O RUTA

Kopa mohweletsi ya nang le bokgoni ba ho ruta hore a o thuse ho sebedisa Bibele ha o ruta (Sheba serapa sa 4-6) *

4. Ke hobaneng ha re sa lokela ho bua haholo ha re ruta motho Bibele? (Sheba naletsana.)

4 Re rata dintho tseo re di rutang tse hlahang ka Lentsweng la Modimo. Jwale re ka iphumana re batla ho bua haholo ka tsona. Le ha ho le jwalo, ha o a lokela ho bua haholo nakong eo o kgannang Tora ya ho Lebela, Thuto ya Bibele ya Phutheho kapa ha o badisa motho. Haeba o batla hore Bibele e be yona e rutang motho, o lokela ho ela hloko hore o se ke wa bua haholo le ho leka ho hlalosa ntho e nngwe le e nngwe eo o e tsebang ka temana kapa sehlooho se itseng. * (Joh. 16:12) Nahana hore na o ne o tsebang ha o ne o qeta ho kolobetswa le hore na o se o tsebang hona jwale ka Bibele. Bapisa ka moo o neng o utlwisisa Bibele ka teng ha o ne o qeta ho kolobetswa le ka moo o e utlwisisang ka teng hona jwale. Mohlomong ha o ne o kolobetswa o ne o tseba dithuto tsa motheo feela. (Baheb. 6:1) E ka nna yaba o nkile dilemo tse ngata ho tseba seo o se tsebang kajeno. Ka hoo o se ke wa leka ho ruta motho eo o ithutang le yena dintho kaofela ka nako e le nngwe.

5. (a) Ho ya ka 1 Bathesalonika 2:13, re batla hore motho eo re ithutang Bibele le yena a utlwisiseng? (b) O ka kgothalletsa motho eo o ithutang Bibele le yena jwang hore a bue ka dintho tseo a ithutang tsona?

5 Re batla hore motho eo re ithutang Bibele le yena a utlwisise hore seo a ithutang sona se tswa ka Lentsweng la Modimo. (Bala 1 Bathesalonika 2:13.) Re ka etsa seo jwang? Kgothalletsa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a bue ka dintho tseo a ithutang tsona. Ho e na le hore ka mehla o mo hlalosetse ditemana, mo kope hore a o hlalosetse tse ding tsa tsona. Thusa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a utlwisise hore na dintho tseo a ithutang tsona ka Lentsweng la Modimo, di mo thusa jwang bophelong ba hae. Mo botse dipotso tse tla mo thusa hore a hlalose hore na o nahana le ho ikutlwa jwang ka ditemana tseo a di badileng. (Luka 10:25-28) Ka mohlala, mo botse: “Lengolo lena le o thusitse jwang ho bona a mang a makgabane a Jehova?” “Dintho tseo o ithutileng tsona Bibeleng, di o thusitse jwang?” “O ikutlwa jwang ka seo o ithutileng sona?” (Liprov. 20:5) Ntho ya bohlokwa ha se hore na motho eo o ithutang Bibele le yena o tseba dintho tse ngata hakae, empa ke hore na o di rata hakae le hore na o di sebedisa jwang.

6. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore o tsamaye le mohweletsi ya nang le bokgoni ba ho ruta ha o ilo ithuta Bibele le motho?

6 Na o na le ho tsamaya le bahweletsi ba nang le bokgoni ba ho ruta ha o ilo ithuta Bibele le motho? Haeba ho jwalo, o ka ba botsa hore na o ne o ruta le ho sebedisa Bibele jwang. Haeba o batla ho ba le bokgoni ba ho ruta o lokela ho ikokobetsa. (Bapisa le Liketso 18:24-26.) Botsa mohweletsi eo o ntseng o tsamaya le yena hore na motho eo le ithutileng Bibele le yena, o bone e ka o utlwisisitse seo a ithutileng sona kapa tjhe. O ka kopa mohweletsi eo o ntseng o tsamaya le yena hore a badise motho eo o ithutang Bibele le yena nakong eo o tla ba siyo beke kapa ho feta. Sena se tla thusa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a dule a thabela ho ithuta le ho bona bohlokwa ba ho etsa seo. O se ke wa ba le boikutlo ba hore motho enwa o lokela ho ithuta le wena feela. Hopola hore o batla hore motho eo o ithutang Bibele le yena a tswele pele ho ithuta mme qetellong a kolobetswe.

BONTSHA HORE O RATA LE HO DUMELA SEO O SE RUTANG

Bolella motho eo o ithutang Bibele le yena ka batho ba kileng ba ba boemong ba hae e le hore a ka sebedisa seo a ithutang sona (Sheba serapa sa 7-9) *

7. Ke eng e ka thusang motho eo o ithutang Bibele le yena hore a rate seo a ithutang sona?

7 Motho eo o ithutang Bibele le yena o hloka ho bona hore o rata le ho dumela seo Bibele e se rutang. (1 Bathes. 1:5) Haeba o etsa jwalo motho eo o ithutang Bibele le yena o tla thabela ho ithuta. Mohlomong o ka mo bolella ka moo Bibele e o thusitseng ka teng bophelong ba hao. Jwale le yena o tla hlokomela hore Bibele e ka mo thusa.

8. Ke eng hape eo o ka e etsang ho thusa motho eo o ithutang Bibele le yena, hona ke hobaneng ha o lokela ho etsa seo?

8 Ha le ntse le bala le motho eo o ithutang Bibele le yena, mo bolella ka bara le baradibabo rona ba bileng le mathata a tshwanang le a hae le hore na ba ile ba a hlola jwang. O ka tla le mohweletsi ya kileng a ba boemong ba motho eo o ithutang Bibele le yena, mohlomong seo se ka mo thusa. Kapa o ka bala seo bara le baradibabo rona ba se buang ho jw.org tlasa dihlooho tse hlahang ho “Bibele e Fetola Batho.” * Dihlooho tse hlahang moo le divideo di tla thusa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a fetole tsela eo a phelang ka yona.

9. O ka kgothalletsa motho eo o ithutang Bibele le yena jwang hore a bue le ba lelapa labo le metswalle ya hae ka seo a ithutang sona?

9 Haeba motho eo o ithutang Bibele le yena a na le molekane, na le molekane wa hae o a bala? Haeba ha ho jwalo, o ka mo kopa hore a tlo bala le lona. Kgothalletsa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a bolelle ba lelapa labo le metswalle ya hae dintho tseo a ntseng a ithuta tsona. (Joh. 1:40-45) O ka etsa seo jwang? O ka mo botsa dipotso tse kang: “O ka hlalosa seo o ithutileng sona jwang ho ba lelapa leno?” kapa “Ke lengolo lefe leo o ka le sebedisang ho kgodisa motswalle wa hao seo o mo hlalosetsang sona?” Haeba o etsa jwalo, o tla be o thusa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a kgone ho ruta. Haeba a tshwaneleha, o tla qala ho bolela ditaba tse molemo e le mohweletsi ya sa kolobetswang. O ka botsa motho eo o ithutang Bibele le yena hore na ha ho na motho eo a mo tsebang eo le yena a ka thabelang ho ithuta. Haeba a le teng, mo founele hanghang mme o kope ho ithuta Bibele le yena. Mo bontshe video e reng Ho Etsahala Eng Thutong ya Bibele? *

KGOTHALLETSA MOTHO EO O ITHUTANG BIBELE LE YENA HORE A BE LE METSWALLE KA PHUTHEHONG

Kgothalletsa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a etse metswalle ka phuthehong (Sheba serapa sa 10 le 11) *

10. Ho latela 1 Bathesalonika 2:7, 8, re ka etsisa mohlala wa Pauluse jwang?

10 Re lokela ho kgathalla batho bao re ithutang Bibele le bona. Re ba nke e le batho bao haufinyane e tla ba Dipaki Tsa Jehova. (Bala 1 Bathesalonika 2:7, 8.) Ha ho bonolo hore ba tlohele metswalle ya bona ya pele le ho etsa diphetoho tse hlokahalang ho sebeletsa Jehova. Re lokela ho ba thusa hore ba fumane metswalle e nepahetseng ka phuthehong. Eba motswalle wa motho eo o ithutang Bibele le yena mme o qete nako o na le yena eseng feela ha le bala Bibele. Ha o mo founela, o mo ngolla molaetsa kapa o mo etela, o tla be o bontsha hore o a mo kgathalla.

11. Re batla batho bao re ithutang Bibele le bona ba fumaneng ka phuthehong, hona hobaneng?

11 Ho na le mantswe a reng: “Ke boikarabelo ba setjhaba sohle ho hodisa ngwana.” Ke ka hoo re ka reng: “Mohweletsi e mong le e mong ka phuthehong a ka thusa ho etsa batho barutuwa.” Haeba re thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba tsebe bara le baradibabo rona seo se tla ba thusa hore e be metswalle ya Jehova. Batho bao re ithutang Bibele le bona ba tla thabela ho qeta nako ba na le batho ba Modimo mme bara le baradibabo rona ba tla ba thusa hore e be metswalle ya Jehova le ho ba kgothatsa ha ba na le mathata. Re batla hore motho e mong le e mong eo re ithutang Bibele le yena a ikutlwe a amohelehile ka phuthehong. Re batla hore a kgahlwe ke lerato leo bara le baradibabo rona ba nang le lona. Seo se tla etsa hore ho be bonolo hore a kgaotse ho tsamaya le batho ba sa mo thuseng ho rata Jehova. (Liprov. 13:20) Haeba batho bao e neng e le metswalle ya hae ba se ba sa mo thabele, o tla tseba hore o na le metswalle e nepahetseng ka mokgatlong wa Jehova.​—Mar 10:29, 30; 1 Pet. 4:4.

KA MEHLA DULA O BUA KA HO INEHELA LE HO KOLOBETSWA

Hanyane hanyane motho ya ithutang Bibele ya ikemiseditseng, a ka kgona hore a kolobetswe. (Sheba serapa sa 12-13)

12. Ke hobaneng ha re lokela ho bua ka ho inehela le ho kolobetswa ho motho eo re ithutang Bibele le yena?

12 O lokela hore ka mehla o bolele ka moo ho leng bohlokwa ka teng hore motho a inehele ho Jehova mme a kolobetswe. Ho feta moo, lebaka leo re ithutang Bibele le motho ka lona ke ho mo thusa hore a sebeletse Jehova mme a kolobetswe. Ka mora hore o ithute le motho dikgwedi tse seng kae, le ka mora hore a tle dibokeng, motho eo o lokela ho utlwisisa hore o batla ho mo thusa hore e be e mong wa Dipaki Tsa Jehova.

13. Ke eng seo motho a lokelang ho se etsa hore a kolobetswe?

13 Ho na le dintho tseo motho ya batlang ho kolobetswa a lokelang ho di etsa. Ntho ya pele eo a lokelang ho e etsa ke ho tseba le ho rata Jehova mme a be le tumelo ho yena. (Joh. 3:16; 17:3) Ka mora moo e tla ba motswalle wa Jehova le bara le baradibabo rona ka phuthehong. (Baheb. 10:24, 25; Jak. 4:8) Qetellong o tla bakela dibe tsa hae, mme a kgaotse ho etsa dintho tse mpe tseo a neng a di etsa. (Lik. 3:19) Hape o tla bolella batho ba bang seo a seng a se dumela. (2 Bakor. 4:13) Ka mora moo o tla inehela ho Jehova mme a kolobetswe. (1 Pet. 3:21; 4:2) Leo ke letsatsi le thabisang ho batho bohle ka phuthehong. Ha motho a ntse a etsa dintho tseo a lokelang ho di etsa hore a kolobetswe, dula o mo babatsa mme o mo kgothalletse hore a tswele pele a di etsa.

HLAHLOBA TSWELOPELE YA HAE

14. Re ka etsang ho hlahloba tswelopele ya motho eo re ithutang Bibele le yena?

14 Re lokela ho ba le mamello ha re ntse re thusa motho eo re ithutang Bibele le yena hore a tshwanelehe ho kolobetswa. Empa re lokela ho tseba hore na ehlile o batla ho sebeletsa Jehova Modimo kapa tjhe. Na motho eo o ithutang Bibele le yena o bontsha hore o batla ho mamela melao ya Jesu? Kapa e mpa feela a batla ho ithuta Bibele?

15. Ke eng se tla o thusa hore o bone hore motho eo o ithutang Bibele le yena o se a tshwaneleha ho kolobetswa?

15 Ka mehla sheba hore na ke hokae moo motho eo o ithutang Bibele le yena a ntseng a ntlafatsa teng. Ka mohlala, na o hlalosa ka moo a ikutlwang ka teng ka Jehova? Na o a rapela? (Pes. 116:1, 2) Na o rata ho bala Bibele? (Pes. 119:97) Na o ya dibokeng ka mehla? (Pes. 2222) Na o fetotse tsela eo a neng a phela ka yona? (Pes. 119:112) Na o se a qalelletse ho bolella ba lelapa labo le metswalle ya hae seo a ntseng a ithuta sona? (Pes. 9:1) Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa, na o batla ho ba Paki ya Jehova? (Pes. 40:8) Haeba motho eo o ithutang Bibele le yena o sa bone a etsa diphetoho dinthong tsena, leka ho fumana lebaka mme ka mosa o bue le yena ka taba ena. *

16. Ke dintho dife tse tla o bontsha hore o lokela ho kgaotsa ho ithuta le motho Bibele?

16 Nako le nako ipotse hore na ho ntse ho hlokahala hore o ithute le motho eo o ntseng o bala le yena kapa tjhe. Ipotse dipotso tsena tse latelang: ‘Na motho eo ke balang le yena o a lokisetsa? Na ha a batle ho tla dibokeng? Na o ntse a etsa dintho tse mpe tseo a neng a tlwaetse ho di etsa? Na e ntse e le setho sa bodumedi ba bohata?’ Haeba karabo ke eya, ho tswela pele o ithuta le motho eo, ho tshwana le ha o ntse o ruta motho ho tola empa a sa batle ho ba metsi. Ha ho thuse ho bala le motho ya sa rateng seo a ntseng a ithuta sona mme a sa ikemisetsa ho etsa diphetoho bophelong ba hae.

17. Ho latela 1 Timothea 4:16, ke eng seo bahweletsi bohle ba lokelang ho se etsa?

17 Re nka e le ha bohlokwa ho etsa batho barutuwa mme re batla ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba tswele pele mme ba kolobetswe. Ke ka hoo re rutang ka mafolofolo le kgodiseho mme re sebedisa Bibele. Re tla kgothalletsa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba etse metswalle ka phuthehong. Hape re tla hatisa bohlokwa ba ho inehela le ho kolobetswa re be re hlahlobe hore na batho bao re ithutang Bibele le bona ba ntse ba tswela pele jwang. (Sheba lebokose le reng, “ Ke Eng Seo Bahweletsi ba Lokelang ho se Etsa ho Thusa Batho Bao ba Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetswe?”) Re a thaba hore ebe re etsa mosebetsi ona o pholosang batho. Re batla ho etsa sohle se matleng a rona ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba tshwanelehe ho kolobetswa.

PINA YA 79 Di Ruteng ho Ema di Tiile

^ par. 5 Ha re ruta batho Bibele, re kgona ho ba thusa hore ba ithute hore na Jehova o batla hore ba nahane, ba ikutlwe jwang le hore ba etse dintho ka tsela eo a batlang hore ba di etse ka yona. Sehlooho sena se tla re hlalosetsa haholwanyane hore ke jwang re ka ntlafatsang tseleng eo re rutang ka yona.

^ par. 4 Sheba sehlooho se reng “Qoba ho Etsa Diphoso Tsena ha o Kganna Thuto ya Bibele” se hlahang Bukaneng ya Bophelo le Tshebeletso ya September 2016.

^ par. 8 Kena ho MABAPI LE RONA > DINTHO TSE ETSWANG KE DIPAKI TSA JEHOVA.

^ par. 9 Ho JW Library®, kena ho MEDIA > OUR MEETINGS AND MINISTRY > TOOLS FOR THE MINISTRY.

^ par. 15 Sheba dihlooho tse reng “O Tla Susumelletseha ho Kolobetswa ha o Rata Ebile o Ananela Jehova” le se reng “Na o se o Itokiseditse ho Kolobetswa?” tse hlahang ho Tora ya ho Lebela ya March 2020.

^ par. 77 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Mohweletsi o ntse a bua haholo ha a ntse a ruta, mme ka mora thuto eo, mohweletsi ya nang le bokgoni ba ho ruta o a mo thusa hore na a ka qoba ho etsa seo jwang.

^ par. 79 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Motho ya ntseng a ithuta o nahana ka moo e ka bang mosadi ya molemo ka teng. Ha morao o bolella monna wa hae seo a ithutileng sona.

^ par. 81 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Mme ya ithutang Bibele o na le monna wa hae ntlong ya moradiwabo rona e mong eo ba kopaneng le yena dibokeng.