Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 41

O ka Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Jwang Hore a Kolobetswe?​—Karolo ya Pele

O ka Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Jwang Hore a Kolobetswe?​—Karolo ya Pele

“Le bonahatswa le le lengolo la Kreste le ngotsweng ke rona re le basebeletsi.”​—2 BAKOR. 3:3.

PINA YA 78 Ho “Ruta Lentswe la Modimo”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

Batho bohle ka phuthehong ba thaba haholo ha ba bona motho ya ithutang Bibele a rata Jehova ebile a kolobetswa. (Sheba serapa sa 1)

1. 2 Bakorinthe 3:1-3 e reng, ho re thusa ho utlwisisa hore mosebetsi oo Jehova a re fileng ona wa ho ruta batho Bibele le ho bona ba kolobetswa ke wa bohlokwa? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

O IKUTLWA jwang haeba o bona motho ya ithutang Bibele a kolobetswa phuthehong ya heno? Ka nnete e tlameha e be seo se a o thabisa. (Mat. 28:19) Haeba ke wena ya neng a ithuta Bibele le yena e tlameha e be o ile wa thaba haholo ha a kolobetswa. (1 Bathes. 2:19, 20) Hore ebe o ile a etsa diphetoho bophelong ba hae mme a kolobetswa ho bontsha ka moo wena le ba bang ka phuthehong le ileng la sebetsa ka thata ka teng ho mo thusa. Ka hoo re ka re bahweletsi bohle ba sa tswa kolobetswa ke “mangolo a puello” ho batho ba neng ba ithuta Bibele le bona le ho ditho tsohle tsa phutheho.​—Bala 2 Bakorinthe 3:1-3.

2. (a) Ke potso efe eo re lokelang ho nahana ka yona, hona hobaneng? (b) Motho e ba thuto ya Bibele neng? (Sheba naletsana.)

2 Ke ntho e thabisang ho bona hore dilemo tse nne tse fetileng ho ile ha tlalehwa batho ba ithutang Bibele ba ka bang 10 000 000 lefatsheng lohle kgwedi le kgwedi. * Dilemong tseo tse nne batho ba ka bang 280 000 ba ile ba kolobetswa selemo le selemo. Ke jwang re ka thusang batho bao ba dimilione ba ithutang Bibele hore ba kolobetswe? Jehova o ntse a file batho monyetla wa hore e be Dipaki tsa hae, ke ka hoo re etsang sohle seo re ka se kgonang ho ba thusa hore ba kolobetswe ka pele ka moo ho ka kgonehang hobane nako e setseng e fokotsehile. 1 Bakor. 7:29a; 1 Pet. 4:7.

3. Re tlo bua kang sehloohong sena mabapi le hore na ke jwang re ka ithutang Bibele le batho?

3 Ka ha ke ha bohlokwa hore re etse batho barutuwa hona jwale, Sehlopha se Busang se botsitse diofisi tsa makala hore na ho ka etswang ho re thusa hore re atlehe ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba kolobetswe. Sehloohong sena le se latelang re tla bona hore na re ka ithutang ho bopulamadiboho bao e leng kgale ba le tshebeletsong ya nakong e tletseng, baromuwa le balebedi ba potoloho. * (Liprov. 11:14; 15:22) Ba hlalosa hore na bahweletsi le batho bao ba ithutang Bibele le bona ba lokela ho etsang e le hore thuto e ka ba e atlehileng. Sehloohong sena re tlo bua ka dintho tse hlano tseo batho ba ithutang Bibele ba lokelang ho di etsa e le hore ba kolobetswe.

BALANG BEKE LE BEKE

Kopa motho eo o ithutang Bibele le yena hore le ke le ithute le dutse fatshe (Sheba serapa sa 4-6)

4. Ho tla etsahalang haeba motho a sa iphe nako ya ho ithuta Bibele?

4 Ka dinako tse ding bara le baradibabo rona ba tshwara thuto ba eme monyako ka nakwana. Le hoja e le mokgwa o motle wa ho qadisa thuto ya Bibele, hangata ha batle beke le beke. E le ho etsa hore batho ba thabele ho utlwa haholwanyane ka Bibele, bara le baradibabo rona ba ba kopa dinomoro tsa founu e be ba ba romella molaetsa o nang le ditemana tsa Bibele. Ka dinako tse ding ba tswela pele ho bua le bona nako e ka etsang dikgwedi empa ba sa ithute Bibele. Ho ntse ho le jwalo, haeba motho a sa iphe nako ya ho ithuta Lentswe la Modimo a ke ke a inehela ho Jehova le ho kolobetswa.

5. Ho Luka 14:27-33, Jesu o itse keng eo re ka e etsang ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona?

5 Ketsahalong e nngwe, Jesu o ile a hlalosa a sebedisa mohlala hore na motho o lokela ho etsang e le hore e be morutuwa wa hae. O ile a bua ka motho ya batlang ho haha tora le morena ya neng a batla ho ya ntweng. Jesu o ile a re motho ya hahang o lokela hore a ‘dule fatshe pele mme a bale ditshenyehelo’ e le hore a qete ho haha tora le morena o lokela hore a ʼdule fatshe pele mme a tshware therisano’ ho bona hore na yena le masole a hae ba ka kgona ho finyella seo ba batlang ho se etsa. (Bala Luka 14:27-33.) Ka tsela e tshwanang Jesu o ne a tseba hore e le hore motho e be morutuwa wa hae o tlameha ho hlahloba ka hloko hore na o lokela ho etsang ho mo latela. Ka lebaka leo re lokela ho kgothalletsa batho bao re ithutang Bibele le bona ho bala beke le beke. Re ka etsa seo jwang?

6. Ho ka nna ha hlokahala hore re etseng e le hore re be le dithuto tse atlehang?

6 Eketsa nako eo o ithutang Bibele le batho ka yona. Ho e na le ho bua ka temana e le nngwe mohlomong le ka bua ka tse pedi nako le nako ha o mo etetse. Ha motho eo o ithutang Bibele le yena a se a tlwaetse nako eo le e qetang le buisana ka Bibele o ka mo botsa hore na ha ho na moo le ka dulang teng e le hore le tswele pele le ithuta. Tsela eo mongantlo a tla araba ka yona e tla bontsha hore na o nka ho ithuta Bibele e le ha bohlokwa kapa tjhe. Haele hantle e le ho mo thusa hore a ithute kapele o ka mo botsa hore na a ka se thabele ho ithuta habedi ka beke. Le ha ho le jwalo, ho na le ho hong ho hlokahalang ho feta feela ho ithuta habedi ka beke.

LOKISETSA PELE O ILO ITHUTA LE MOTHO

Lokisetsa hantle pele o ya ho motho eo o ithutang Bibele le yena mme o mo bontshe hore na ho lokisetswa jwang (Sheba serapa sa 7-9)

7. Mohweletsi a ka lokisetsa hantle jwang bakeng sa karolo ka nngwe eo ba tlo ithuta yona?

7 Mohweletsi o lokela ho lokisetsa hantle pele a ilo ithuta le motho. A ka qala ka ho bala seo ba tlo ithuta sona ha mmoho, ho sheba mangolo le ho tshwarella dintlha tsa bohlokwa. A ka boela a nahana ka sehlooho seo ba tlo ithuta sona, dihlohwana, dipotso, mangolo a reng bala le divideo tse ka mo thusang ho hlalosa sehlooho seo ba ntseng ba ithuta ka sona. Hape a ka nahana ka motho eo a ithutang Bibele le yena le hore na ke jwang a ka mo hlalosetsang ka tsela e bonolo, ya tla e utlwisisa le hore a sebedise seo a ithutang sona bophelong ba hae.​—Neh. 8:8; Liprov. 15:28a.

8. Ke eng seo re ithutang sona mantsweng a moapostola Pauluse a ho Bakolose 1:9, 10 mabapi le ho rapella batho bao re ithutang Bibele le bona?

8 Ha o ntse o lokisetsa kopa Jehova hore a thuse motho eo o ithutang Bibele le yena ka dintho tseo a di hlokang. Hape o mo kope hore o rute dithuto tse tswang ka Bibeleng ka tsela e tla etsa hore motho eo o ithutang le yena a utlwisise. (Bala Bakolose 1:9, 10.) Ipotse hore na ho na le ntho eo ho ka bang thata hore motho eo o ithutang Bibele le yena a e utlwisise kapa a se ke a dumellana le yona. Hopola hore ntho ya bohlokwa ke hore o thuse motho eo o ithutang Bibele le yena hore a kolobetswe.

9. Ke jwang mohweletsi a ka kgothalletsang motho eo a ithutang Bibele le yena ho lokisetsa seo ba tlo ithuta sona? Hlalosa.

9 Re na le tshepo ya hore haeba re ithuta Bibele le motho ka mehla, ho tla mo thusa hore a ananele dintho tseo Jehova le Jesu ba di entseng mme o tla batla ho ithuta ho eketsehileng. (Mat. 5:3, 6) E le hore motho ya ithutang Bibele a thabele seo a ithutang sona o lokela ho nka seo e le sa bohlokwa. Hlalosetsa motho eo o ithutang Bibele le yena hore na ho bohlokwa hakae ho lokisetsa karolo eo le tlo e bala le ho nahana hore na a ka sebedisa seo a ithutileng sona jwang bophelong ba hae. Mohweletsi a ka thusa motho eo a ithutang Bibele le yena jwang hore a lokisetse? Lokisetsa le yena mme o mo bontshe ho re na seo se etswa jwang. * Mo bontshe hore na a ka fumana dikarabo jwang le hore ho tshwaya mantswe a mmalwa a bohlokwa ho ka mo thusa jwang hore a hopole karabo. Ebe o mo kopa hore a fane ka karabo a sebedisa mantswe a hae. Haeba o etsa jwalo o tla hlokomela hore na o utlwisisa seo le ntseng le se etsa kapa tjhe. Hape ho na le ntho eo o lokelang ho e kgothalletsa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a e etse.

MO RUTE HO BUA LE JEHOVA KA MEHLA

Ruta motho eo o ithutang Bibele le yena hore na a ka bua le Jehova jwang (Sheba serapa sa 10 le 11)

10. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho bala Bibele ka mehla, hona motho ya ithutang Bibele o lokela ho etsang e le hore a thabele seo a ithutang sona?

10 Motho ya ithutang Bibele a ka thabela ho ithuta beke le beke, hape ho na le dintho tse ka mo tswelang molemo tseo a ka di etsang a le mong. O lokela ho bua le Jehova. A ka etsa seo jwang? Ka hore a mamele Jehova le ho bua le yena. Hape a ka mamela Modimo ha a bala Bibele ka mehla. (Josh. 1:8; Pes. 1:1-3) Mo bontshe hore na ke jwang a ka sebedisang “Lenaneo la ho Bala Bibele” leo o ka le hatisang le hlahang ho jw.org. * Ho mo thusa hore a thabele seo a ithutang sona mo kgothalletse hore a nahanisise ka seo Bibele e mo rutang sona ka Jehova le hore na a ka sebedisa seo jwang bophelong ba hae.​—Lik 17:11; Jak. 1:25.

11. Motho ya ithutang Bibele a ka ithuta ho rapela Jehova jwang, hona ke hobaneng ha a lokela ho etsa seo ka mehla?

11 Kgothalletsa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a bale le ho rapela ka mehla. Rapela ho tswa pelong ha thuto e qala le ha e fela mme o kenyelletse motho eo o ithutang le yena thapelong. Ha a ntse a o mametse ha o rapela o tla ithuta hore o lokela ho rapela ho tswa pelong le hore a bue le Jehova a sebedisa lebitso la Jesu Kreste. (Mat. 6:9; Joh. 15:16) Ho bala Bibele ka mehla le ho rapela ho ka thusa motho eo o balang le yena hore e be motswalle wa Jehova. (Jak. 4:8) Haeba a etsa jwalo ka mehla, seo se ka mo thusa hore a fetole tsela eo a phelang ka yona mme a inehele ho Jehova le ho kolobetswa. Keng hape e ka mo thusang?

MO THUSE HORE E BE MOTSWALLE WA JEHOVA

12. Mohweletsi a ka thusa motho eo a ithutang Bibele le yena jwang hore e be motswalle wa Jehova?

12 Motho ya ithutang Bibele o lokela ho rata le ho nahanisisa ka seo a ithutang sona. Hobaneng? Re batla hore motho eo re ithutang Bibele le yena a tsebe Jehova empa seo a ithutang sona se lokela ho mo finyella pelo e le hore a ka se sebedisa bophelong ba hae. Jesu o ne a ruta batho dintho tse ngata mme ba ne ba thabela ho ithuta ho yena. Empa batho ba ne ba latela Jesu hobane o ne a ba finyella dipelo. (Luka 24:15, 27, 32) Motho eo o ithutang Bibele le yena o lokela ho nka Jehova e le Motho wa sebele, Ntate wa hae, Modimo le Motswalle. (Pes. 25:4, 5) Nakong eo le ntseng le ithuta, mo thuse ho bona makgabane ao Jehova a nang le ona. (Ex. 34:​5, 6; 1 Pet. 5:6, 7) Etsa sena ka mehla ha le ntse le ithuta. Mo thuse ho bona makgabane a Jehova a kang lerato, mosa le qenehelo. Jesu o ile a re “taelo e kgolo le ya pele” ke hore “o rate Jehova Modimo wa hao.” (Mat. 22:37, 38) Ka hoo thusa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a rate Jehova.

13. Bontsha ka moo o ka thusang motho eo o ithutang Bibele le yena ka makgabane a Jehova.

13 Ha le ntse le bala thusa motho eo o balang le yena hore a utlwisise hore na ke hobaneng ha o rata Jehova. Sena se tla mo thusa hore a hlokomele hore o hloka ho rata Jehova le ho ba motswalle wa hae. (Pes. 73:28) Ka mohlala, na ho na le polelo sengolweng e buang ka lerato la Jehova, bohlale, toka le matla a hae tseo o di ratang? Haeba ho jwalo bolella motho eo o ithutang Bibele le yena hore tsena ke tse ding tsa dintho tse entseng hore o rate Ntate wa rona ya lehodimong. Ka hoo sena ke seo motho ya ithutang Bibele a lokelang ho se etsa e le hore a ka kolobetswa.

MO KGOTHALLETSE HO TLA DIBOKENG

Kgothalletsa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a ye dibokeng hanghang (Sheba serapa sa 14 le 15)

14. Baheberu 10:24, 25 e re diboka di ka thusa batho bao re ithutang Bibele le bona jwang e le hore qetellong ba etse diphetoho?

14 Kaofela ha rona re batla hore batho bao re ithutang Bibele le bona ba kolobetswe. Tsela e nngwe ya bohlokwa eo re ka ba thusang ka yona ke ho ba kgothalletsa ho tla dibokeng. Bahweletsi bao e leng kgale ba ithuta le batho ba re batho bao ba ithutang Bibele le bona ba etsa diphetoho ka pele ha ba tla dibokeng. (Pes. 111:1) Ba bang ba hlalosetsa batho bao ba ithutang Bibele le bona hore ho na le dintho tse ngata tseo ba ka ithutang tsona ha ba le dibokeng tseo ba sa ithuteng tsona ha ba bala. Bala Baheberu 10:24, 25 le motho eo o ithutang le yena mme o mo hlalosetse hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho ya dibokeng. Mo bapalle video ya Ho Etsahalang Holong ya Mmuso? * Thusa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a tle dibokeng ka mehla.

15. Re ka etsang ho kgothalletsa motho eo re ithutang Bibele le yena hore a tle dibokeng ka mehla?

15 Ke eng seo o ka se etsang haeba motho eo o ithutang Bibele le yena a e so ka a tla dibokeng? Mo bolelle hore na o ithutileng dibokeng ka tsela e tla etsa hore le yena a batle ho ya. Haeba a hlokomela hore na o ikutlwa jwang ka diboka le yena a ka batla ho tla. Ka hoo mo fe Tora ya ho Lebela kapa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebetso tse ntseng di balwa dibokeng. Mo bontshe hore na ho tlo buuwa kang dibokeng le hore na ke karolo efe eo a utlwang a e thabela. Seo motho eo o ithutang Bibele le yena a tla se utlwa ha a qala ho ya dibokeng se tla fapana le seo a kileng a se utlwa kapa a se bona bodumeding le ha e le bofe boo a kileng a ya ho bona. (1 Bakor. 14:24, 25) O tla kopana le batho bao a ka etsisang mohlala wa bona le ba tla mo thusa hore a kolobetswe.

16. Re ka etsang ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba kolobetswe, hona re tlo ithutang sehloohong se latelang?

16 Re ka etsang ho thusa motho eo re ithutang Bibele le yena hore a kolobetswe? Re ka mo thusa hore a nke ho ithuta Bibele e le ntho ya bohlokwa ka ho mo kgothalletsa hore a ithute beke le beke le ho lokisetsa karolo e nngwe le e nngwe eo le tlo ithuta yona. Hape re ka mo kgothalletsa hore a buisane le Jehova letsatsi le letsatsi mme e be motswalle wa hae. Re batla ho kgothalletsa motho eo re ithutang le yena hore a tle dibokeng. (Sheba lebokose le reng, “ Keng Seo Motho ya Ithutang Bibele a Lokelang ho se Etsa e le Hore a Kolobetswe?”) Sehlooho se latelang se tla bua ka dintlha tse hlano tseo bahweletsi ba ka di etsang ho thusa batho bao ba ithutang Bibele le bona hore ba kolobetswe.

PINA YA 76 Na ha ho Thabise?

^ par. 5 Ho ruta motho ntho e itseng ho bolela ho mo thusa hore a “nahane, a ikutlwe le ho etsa dintho ka tsela e fapaneng.” Temana ya rona ya selemo ya 2020 e leng Matheu 28:19, e re hopoditse ka moo ho leng bohlokwa ka teng ho ruta batho Bibele le ho ba thusa hore ba kolobetswe mme e be barutuwa ba Jesu Kreste. Sehlohong sena le se latelang re tlo bona ka moo re ka ntlafatsang ka teng mosebetsing ona wa bohlokwa.

^ par. 2 TLHALOSO YA LENTSWE: Motho e ba thuto ya Bibele haeba o buisane le yena ka makgetlo. O ka tlaleha motho hore e be thuto ya Bibele haeba o ile wa mo bontsha hore na le tlo ithuta jwang mme o ithutile le yena ka makgetlo a ka bang a mabedi ebile o kgodisehile hore le tla tswela pele le ithuta.

^ par. 3 Tse ding tsa dihlooho tse ka re thusang ho etsa sena ke karolo ya “Ho Kganna Dithuto Tsa Bibele Tse Tswelang Pele” tse hlahang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ya July 2004 ho ya ho May 2005.

^ par. 9 Sheba video ya metsotso e mene e reng, Ho Ruta Baithuti ho Lokisetsa. Kena ho JW Library®, e ya ho MEDIA > OUR MEETINGS AND MINISTRY > IMPROVING OUR SKILLS.

^ par. 10 E ya ho DITHUTO TSA BIBELE > DITHULUSI TSE KA O THUSANG HO ITHUTA BIBELE.

^ par. 14 Ho JW Library®, e ya ho MEDIA > OUR MEETINGS AND MINISTRY > TOOLS FOR THE MINISTRY.