Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

1921—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng

1921—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng

“KE MOSEBETSI ofe o potlakileng oo re lokelang ho o etsa selemong see?” Tora ya ho lebela ya January 1, 1921 e ile ya botsa Diithuti Tsa Bibele potso ena. Karabo ya potso eo e ne e qotsitswe lengolong la Esaia 61:​1, 2, e neng e ba hopotsa ka mosebetsi wa bona wa ho bolela ditaba tse molemo. “Jehova o ntlotseditse hore ke bolelle ba bonolo ditaba tse molemo . . . , ho phatlalatsa selemo sa Jehova sa kamohelo le letsatsi la phetetso la Modimo wa rona.”

BABOLEDI BA SEBETE

Diithuti Tsa Bibele di ne di lokela ho ba sebete e le hore di etse mosebetsi wa boboledi. Mosebetsi wa tsona e ne e le ho bolella batho ba bonolo “ditaba tse molemo” le ho bolella batho ba kgopo ka “letsatsi la phetetso.”

Morabo rona J. H. Hoskin ya neng a dula Canada, o ile a bolela ditaba tse molemo ka sebete ho sa tsotellehe kganyetso. Maqalong a selemo sa 1921, o ile a kopana le moruti wa kereke ya Wesele. Morabo rona Hoskin o ile a qadisa moqoqo wa hae ka ho re: “Re lokela ho dumellana ka Mangolo empa haeba re sa dumellane dinthong tse ding, re lokela ho qetella moqoqo wa rona re ntse re ena le kgotso.” Empa ha ho a ka ha eba jwalo. Morabo rona Hoskin o hopola se ileng sa etsahala, o re: “Re buile nako e seng kae feela yaba moruti eo o kgahlela lemati hoo ke neng ke nahana hore kgalase ya lemati e ne e tla ptjhatleha.”

Moruti eo o ile a mo omanya a re: “Ke hobaneng ha o sa bue le bahetene?” Morabo rona Hoskin o ile a itholela yaba ha a ntse a tsamaya o a ipotsa hore na ebe o ntse a sa bue le mohetene na.

Letsatsing le latelang ha moruti eo a ntse a rera kerekeng ya hae, o ile a bua Morabo rona Hoskin hampe. Morabo rona Hoskin o re: “Moruti eo o ile a bolella ditho tsa kereke ya hae hore ke motho ya leshano ho feta batho ba motseng oo kaofela ebile ke lokela ho bolawa.” Ho sa tsotellehe taba eo, o ile a tswela pele a bolella batho ba bangata ditaba tse molemo. O re: “Ha ke eso thabele mosebetsi wa boboledi hakaalo. Hape batho ba bang ba ne ba re: ‘Re a tseba hore o etsa mosebetsi wa Modimo.’ Ba ne ba boela ba ithaopela ho mpha dintho tseo ke neng ke di hloka.”

BORAPEDI BA LELAPA LE HO ITHUTA BIBELE

E le ho thusa batho hore ba utlwisise Bibele haholwanyane, Diithuti Tsa Bibele di ne di hatisa makasine wa The Golden Age * o neng o ena le dipotso tse arajwang ke Bibele. Makasineng oo ho ne ho ena le dipotso tsa Bibele bakeng sa batjha tseo batswadi ba neng ba ka buisana le bana ba bona ka tsona. Batswadi ba ne ba “botsa bana ba bona dipotso tsena mme ba ba thusa hore ba fumane dikarabo ka Bibeleng.” Ho ne ho ena le dipotso tse ding tse ba rutang ka Bibele tse kang, “Bibele e na le dibuka tse kae?” Le “Na Mokreste e mong le e mong o lokela ho lebella hore o tla hloriswa ka tsela e itseng?” Dipotso tsena di ne di hlomella bana hore e be baboledi ba sebete.

Ho ne ho boetse hape ho ena le dipotso tsa Bibele le dikarabo bakeng sa batho ba neng ba ena le tsebo e eketsehileng ka Bibele. Dikarabo di ne di fumaneha bukeng ya pele ya Studies in the Scriptures. Babadi ba bangata ba ile ba ithuta dintho tse ngata ho tswa dipotsong tseo empa ka di 21 tsa December 1921, makasine wa The Golden Age o ile wa tsebisa hore dipotso tseo ha di sa tla hlola di eba teng. Ke hobaneng ha ho entswe phetoho eo?

BUKA E NTJHA!

Buka ya The Harp of God

Karete e bontshang moo o lokelang ho bala teng

Dikarete tse nang le dipotso

Barababo rona ba etellang pele ba ile ba hlokomela hore baithuti ba Bibele ba batjha ba ne ba hloka ho ithuta nnete ya Bibele ka tsela e hlophisehileng. Ka hoo, ka November 1921 buka e ntjha ya The Harp of God e ile ya lokollwa. Batho ba neng ba nka buka eo ba ne ba boela ba ngodisa hore ba kenele lenaneo la ho ithuta Bibele ba le bang la The Harp Bible Study Course. Lenaneo lena la ho ithuta o le mong le ne le thusa batho hore ba utlwisise hore “Modimo o ne a batla hore batho ba phele lefatsheng ka ho sa feleng.” Lenaneo leo le ne le hlophisitswe ka tsela efe?

Ha motho a ne a nka buka eo, o ne a boetse a fumana le karete e nyane e mo bolellang hore na a bale maqephe afe bukeng eo. Ebe bekeng e latelang, o fumana karete e nngwe hape e nang le dipotso mabapi le dintho tseo a di badileng. Qetellong ya karete eo ho ne ho ngotswe maqephe a latelang ao a neng a lokela ho a bala bukeng.

Lenaneo lena le ne le nka dibeke tse 12 mme moithuti o ne a fumana karete beke le beke e rometsweng ke phutheho e haufi. Hangata mosebetsi ona wa ho romela dikarete o ne o etswa ke batho ba seng ba hodile kapa ba neng ba se ba sa kgone ho etsa mosebetsi wa ntlo le ntlo. Ka mohlala, moradiwabo rona Anna K. Gardner wa Millvale Pennsylvania, U.S.A., o re: “Ha buka ya The Harp of God e lokollwa, e ile ya thusa ausi wa ka Thayle haholo ya neng a ena le bothata ba ho tsamaya hore le yena a kgone ho etsa ho eketsehileng hobane o ne a kgona ho romela dikarete tse nang le dipotso beke e nngwe le e nngwe.” Ha motho a ne a se a qetile lenaneo la ho ithuta Bibele a le mong, ho ne ho romelwa motho ho tswa phuthehong hore a mo etele le ho mo thusa hore a ithute Bibele ka ho eketsehileng.

Moradiwabo rona Thayle Gardner o dutse hodima wheelchair

MOSEBETSI O LARILENG KA PELE

Ha selemo se fela, Morabo rona J. F. Rutherford o ile a romela lengolo diphuthehong. O ile a re: “Mosebetsi wa Mmuso o fihlile le dibakeng tse hole mme o thusitse batho ba bangata ho feta selemo le ha e le sefe pele.” Yaba o eketsa ka ho re: “Empa mosebetsi o mongata o ntse o lokela ho etswa. Ka hoo, kgothalletsang ba bang hore le bona ba inwese ka nkgo mosebetsing ona.” Diithuti Tsa Bibele di ile tsa kenya seo tshebetsong hanghang. Ka selemo sa 1922 di ile tsa phatlalatsa molaetsa wa Mmuso ka sebete ho feta le ha e le neng pele.

^ par. 9 Makasine wa The Golden Age o ile wa fuwa lebitso la Consolation ka selemo sa 1937 yaba ka 1946 o bitswa Fadimehang!