Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 40

Ho Baka e le ka Nnete ho Bolelang?

Ho Baka e le ka Nnete ho Bolelang?

“Ke tlilo bitsetsa baetsadibe pakong.”​—⁠LUKA 5:⁠32.

PINA YA 36 Re Lebela Dipelo Tsa Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Ke eng eo marena a mabedi a neng a fapane ka yona, hona re tlo araba dipotso dife?

A RE ke re bueng ka marena a mabedi a phetseng mehleng ya kgale. Morena e mong o ne a busa mmuso wa meloko e leshome wa Iseraele, ha e mong yena a ne a busa mmuso wa meloko e mmedi wa Juda. Le hoja marena ana a phetse dinakong tse sa tshwaneng, ho na le dintho tse ngata tseo a tshwanang ka tsona. Marena ana ka bobedi ha a ka a mamela Jehova mme a ile a etsa hore batho ba etse dibe. A ne a rapela ditshwantsho ebile a bolaya batho. Le ha ho le jwalo, ho ne ho ena le ntho eo banna bana ba babedi ba neng ba fapane ka yona. E mong wa bona o ile a tswela pele a etsa dintho tse mpe ho fihlela a hlokahala empa e mong yena o ile a baka mme a tshwarelwa ka lebaka la dintho tse mpe tseo a ileng a di etsa. Banna bao e ne e le bomang?

2 E ne e le Akabe morena wa Iseraele le Manase morena wa Juda. Re ka ithuta ntho ya bohlokwa haholo ka pako ha re sheba phapang e teng pakeng tsa banna bana ba babedi. (Lik. 17:​30; Bar. 3:​23) Ho baka ho bolelang, hona re ka bontsha jwang hore re bakile? Re lokela ho fumana dikarabo tsa dipotso tsena hobane re batla hore Jehova a re tshwarele ha re entse sebe. E le hore re di fumane, re tla bua ka marena ana a mabedi mme re bone hore na re ka ithutang dinthong tseo a ileng a di etsa. Ka mora moo, re tla bona hore na Jesu o ile a ruta eng ka ho baka.

RE KA ITHUTANG MOHLALENG WA MORENA AKABE?

3. Akabe e ne e le morena ya jwang?

3 Akabe e ne e le morena wa bosupa wa mmuso wa meloko e leshome wa Iseraele. O ile a nyala Jezebele moradi wa morena wa Sidone, e leng naha e ka leboya e neng e ruile. E ka nna yaba lenyalo la bona le ile la etsa hore naha ya Iseraele e rue. Le ha ho le jwalo, le ile la senya kamano eo setjhaba se neng se ena le yona le Jehova le ho feta. Jezebele e ne e le morapedi wa Baale mme o ile a susumelletsa Akabe hore a kgothalletse borapedi boo bo nyonyehang bo neng bo akarelletsa botekatse ba tempele le ho etsa mahlabelo ka bana. Ha Jezebele e ne e le mofumahadi, baprofeta bohle ba Jehova ba ne ba le kotsing. O ile a bolaya ba bangata ba bona. (1 Mar. 18:​13) Akabe o ile “a etsa ho hobe mahlong a Jehova ho feta bohle ba neng ba bile teng pele ho yena.” (1 Mar. 16:​30) Jehova o ne a bona dintho tseo Akabe le Jezebele ba di etsang. Le ha ho le jwalo, ka ha Jehova o mohau, o ile a romela moprofeta Elia hore a lemose batho ba hae hore ba fetole ditsela tsa bona pele a nka kgato. Empa Akabe le Jezebele ba ile ba hana ho mamela.

4. Akabe o ile a bolellwa hore o tlo fumana kotlo efe, hona o ile a itshwara jwang?

4 Qetellong mamello ya Jehova e ile ya fela. O ile a romela Elia ho Akabe le Jezebele ho ba bolella ka kotlo eo a neng a tlo ba fa yona. Lelapa la bona kaofela le ne le tla bolawa. Mantswe a Elia a ile a utlwisa Akabe bohloko haholo. Ho makatsang ke hore monna eo ya ikgohomosang o ile a ‘ikokobetsa.’​—⁠1 Mar. 21:​19-⁠29.

Morena Akabe o ile a lahlela moprofeta wa Modimo teronkong mme ntho eo e ne e bontsha hore o ne a sa baka ka ho felletseng (Sheba serapa sa 5 le 6) *

5, 6. Ke eng e bontshang hore Akabe o ne a sa baka e le ka nnete?

5 Le hoja Akabe a ile a ikokobetsa ka nako eo, dintho tseo a ileng a di etsa ka mora moo di ile tsa bontsha hore o ne a sa baka e le ka nnete. Ha a ka a fedisa borapedi ba Baale mmusong wa hae. Hape ha a ka a kgothalletsa batho hore ba rapele Jehova. Ho na le dintho tse ding tseo Akabe a ileng a di etsa tse bontshang hore o ne a sa baka.

6 Ha morao, Akabe o ile a kopa Morena Josafate wa Juda hore a mo thuse ho lwantsha Baasyria empa Josafate o ile a re ba qale ka ho botsa moprofeta wa Jehova hore na ba lokela ho etsang pele ba ka ya ntweng. Qalong Akabe o ne a sa batle ho etsa jwalo. O ile a re: “Ho sa ntse ho ena le monna a le mong eo ho ka botswang Jehova ka yena; empa ka sebele ke mo hloile, ka ha ha a profete dintho tse molemo malebana le nna empa o profeta tse mpe.” Le ha ho le jwalo, ba ile ba botsa moprofeta Mikaia hore ba lokela ho etsa jwang. Moprofeta wa Modimo o ile a feela a bolella Akabe dintho tse mpe tse neng di tla mo etsahalla. Ho ena le hore Akabe ya neng a le kgopo a bake mme a kope hore Jehova a mo tshwarele, o ile a lahlela moprofeta eo teronkong. (1 Mar. 22:​7-9, 23, 27) Le hoja Akabe a ile a lahlela moprofeta eo wa Jehova teronkong, ha a ka a kgona ho thibela boprofeta boo hore bo phethahale. Ka mora moo, Akabe o ile a bolawa ntweng.​—⁠1 Mar. 22:​34-⁠38.

7. Jehova o ile a hlalosa Akabe jwang ka mora hore a hlokahale?

7 Ka mora hore Akabe a hlokahale, Jehova o ile a bontsha hore na o ikutlwa jwang ka yena. Ha Morena Josafate a kgutla a sireletsehile ntweng, Jehova o ile a romela moprofeta Jehu ho mo bolella hore o ne a fositse ka ho thusa Akabe. Moprofeta wa Jehova o ile a re: “Na ke ba kgopo ba lokelang ho thuswa, mme na ke ba hloileng Jehova bao o lokelang ho ba rata?” (2 Likron. 19:​1, 2) Jwale nahana ka taba ena: Hoja Akabe a ne a bakile e le ka nnete, moprofeta eo o ne a ke ke a re ke monna ya kgopo eo Jehova a mo hloileng. Le hoja Akabe a ile a bontsha hore o bakile ho ya boholeng bo itseng, o ne a sa baka ka ho felletseng.

8. Re ka ithutang mohlaleng wa Akabe ka ho baka?

8 Re ka ithutang mohlaleng wa Akabe? Qalong Akabe o ile a ikokobetsa ha a utlwa molaetsa wa Elia o neng o bontsha hore lelapa la hae le ne le tlo fumana kotlo. O ne a entse hantle empa ha morao diketso tsa hae di ile tsa bontsha hore o ne a sa baka e le ka nnete. Ka hoo, re ithuta hore ho baka ha ho bolele feela hore motho a bontshe hore o utlwile bohloko ka nakwana. A re boneng mohlala o mong o tla re thusa hore re utlwisise hore na ho baka e le ka nnete ho bolelang.

RE KA ITHUTANG MOHLALENG WA MORENA MANASE?

9. Manase e ne e le morena ya jwang?

9 Dilemo tse ka bang 200 ha morao, Manase e ile ya eba morena wa Juda. Ho ka etsahala hore dibe tsa hae di ne di le mpe ho feta tsa Akabe. Bibele e re: “A etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e kgolo, ho mo sitelwa.” (2 Likron. 33:​1-⁠9) Manase o ile a hahela medimo ya bohata dialetare mme a beha setshwantsho sa palo e halalelang se neng se tshwantshetsa modimotsana ka tempeleng ya Jehova. O ile a sebedisa boselamose, bonohe le boloi. O ile a boela a “tsholla madi a mangata haholo a hlokang molato.” O ile a bolaya batho ba bangata a ba a fetisa “bara ba hae mollong” e le hore a ka nyehela ho medimo ya bohata.​—⁠2 Mar. 21:​6, 7, 10, 11, 16.

10. Jehova o ile a kgalemela Manase jwang, hona morena eo o ile a etsang?

10 Jwalo ka Akabe, Manase o ile a ba manganga mme a hana ho mamela ditemoso tse tswang ho baprofeta ba Jehova. “Qetellong Jehova a tlisa kgahlanong le [Juda] balaodi ba lebotho la morena wa Assyria, ka hoo ba hapa Manase dikoting mme ba mo tlama ka ditlamo tse pedi tsa koporo yaba ba mo isa Babylona.” Nakong eo a neng a tshwerwe naheng eo, ho bonahala Manase a ile a nahanisisa ka dintho tseo a di entseng. O ile “a nna a ikokobetsa haholo ka lebaka la Modimo wa baholoholo ba hae.” O ile a ba a “nolofatsa sefahleho sa Jehova Modimo wa hae.” Ha e le hantle, Manase o ile “a nna a mo rapela.” Dintho tseo monna enwa ya kgopo a neng a di etsa di ne di bontsha hore o ne a se a fetoha. O ile a qala ho bona Jehova e le “Modimo wa hae” mme a tswela pele ho mo rapela.​—⁠2 Likron. 33:​10-⁠13.

Morena Manase o ile a bontsha hore o bakile ka ho felletseng ka hore a fedise borapedi ba bohata (Sheba serapa sa 11) *

11. Ho ya ka 2 Likronike 33:​15, 16, Manase o ile a bontsha jwang hore o bakile e le ka nnete?

11 Ka mora nako Jehova o ile a araba dithapelo tsa Manase. O ile a bona hore Manase o fetohile ka lebaka la dintho tseo a neng a di rapella. Jehova o ile a mamela Manase ha a ne a mo kopa hore a mo tshwarele mme a mo dumella hore e be morena hape. Manase o ile a sebetsa ka thata hore a bontshe hore o bakile e le ka nnete. O ile a etsa ntho eo Akabe a sa kang a e etsa. O ile a fetola boitshwaro ba hae. O ile a hanyetsa borapedi ba bohata mme a kgothalletsa batho hore ba rapele Jehova. (Bala 2 Likronike 33:​15, 16.) Manase o ne a hloka ho ba sebete le ho ba le tumelo hobane ka dilemo tse ngata e ile ya eba mohlala o mobe ho lelapa la hae, bahlomphehi le setjhaba sa hae. Le ha ho jwalo, ha Manase a se a hodile, o ile a leka ho lokisa dintho tse ding tse mpe tseo a ileng a di etsa. Ho ka etsahala hore e ile ya eba mohlala o motle ho setloholo sa hae Josiase, eo ha morao e ileng ya eba morena ya molemo.​—⁠2 Mar. 22:​1, 2.

12. Re ka ithutang ka ho baka mohlaleng wa Manase?

12 Re ka ithutang mohlaleng wa Manase? O ile a ikokobetsa a ba a rapela Jehova, a kopa hore a mo bontshe mohau. Manase o ile a fetola boitshwaro ba hae. O ile a sebetsa ka thata ho lokisa mathata ao a ileng a a baka mme a rapela Jehova le ho thusa batho ba bang hore ba mo rapele. Mohlala wa Manase o thusa batho ba entseng dintho tse mpe haholo. O re bontsha hore Jehova Modimo “o molemo mme o itokiseditse ho tshwarela.” (Pes. 86:⁠5) Jehova o tla tshwarela batho ba bakileng e le ka nnete.

13. Etsa mohlala o re thusang ho utlwisisa ntho ya bohlokwa mabapi le ho baka.

13 Manase ha a ka a swabela dibe tsa hae feela. Re ithuta thuto ya bohlokwa ka ho baka mohlaleng wa hae. Nahana ka papiso ena: A re re o ya shopong o ilo reka dikuku. Empa ho ena le hore motho ya rekisang a o fe dikuku, o o fa mahe. Na taba eo e ne e tla o kgotsofatsa? Ho hang! Na ho ne ho tla ba le phapang haeba a ne a ka o hlalosetsa hore mahe ke a bohlokwa haholo ha dikuku di bakwa? Ka nnete ho ne ho ke ke ha etsa phapang. Ka ho tshwanang, Jehova o lebelletse hore moetsadibe a bake ka ho felletseng. Haeba moetsadibe a swabela dibe tsa hae, o etsa hantle hobane boikutlo boo ke ba bohlokwa ho bontsha hore o bakile empa ha bo a lekana. Ke eng hape eo a hlokang ho e etsa? Re ithuta dintho tse ngata papisong e amang maikutlo eo Jesu a ileng a e etsa.

MOTHO YA BAKILENG E LE KA NNETE A KA BONAHALA JWANG?

Ka mora hore mora ya lahlehileng a hlokomele hore o entse qeto e fosahetseng, o ile a tsamaya leeto le le telele ho kgutlela lapeng (Sheba serapa sa 14 le 15) *

14. Papisong ya Jesu, mora ya neng a lahlehile o ile a qala ho bontsha jwang hore o bakile?

14 Jesu o ile a bua ka pale e amang maikutlo ya mora ya neng a lahlehile ho Luka 15:​11-32. Mora eo ha a ka a mamela ntate wa hae, o ile a tloha lapeng mme a ya “naheng e hole.” Ha a le moo o ile a inehella ditakatso tsa nama. Le ha ho le jwalo, ha bophelo ba hae bo qala ho nyolosetsa, o ile a nahanisisa ka dintho tse mpe tseo a di entseng. O ile a hlokomela hore bophelo bo ne bo le monate ha a ntse a le ntlong ya ntate wa hae. Jesu o ile a re mora eo o ile a “hlaphohelwa kelellong.” O ile a etsa qeto ya ho kgutlela lapeng mme a kopa ntate wa hae hore a mo tshwarele. Ho ne ho le bohlokwa hore mora eo a hlokomele hore o entse diqeto tse ngata tse fosahetseng empa ho ne ho sa lekana. O ne a boetse a lokela ho fetola boitshwaro ba hae.

15. Mora ya lahlehileng eo Jesu a buileng ka yena papisong ya hae, o ile a bontsha jwang hore o bakile?

15 Mora ya lahlehileng o ile a bontsha hore o baketse dibe tsa hae e le ka nnete. O ile a tsamaya nako e telele ho ya lapeng. Ha a kopana le ntate wa hae o ile a re: “Ke sitetswe lehodimo le wena. Ha ke sa tshwanelwa ho bitswa mora wa hao.” (Luka 15:​21) Taba ya hore mora eo o ile a bolela dibe tsa hae, e bontsha hore o ne a batla ho lokisa kamano ya hae le Jehova. Hape o ile a hlokomela hore boitshwaro ba hae bo ile ba utlwisa ntate wa hae bohloko. O ne a ikemiseditse ho sebetsa ka thata hore a boele a be le kamano e ntle le ntate wa hae le ho tshwarwa jwalo ka e mong wa banna ba hirilweng ba ntate wa hae. (Luka 15:​19) Papiso ena ha se pale feela e amang maikutlo. E ka thusa baholo ba phutheho haholo ha ba batla ho bona hore na motho o baketse dibe tsa hae e le ka nnete.

16. Ke hobaneng ha ho ka nna ha eba thata hore baholo ba tsebe hore na motho o bakile e le ka nnete?

16 Ha ho bonolo hore baholo ba tsebe hore na motho ya entseng sebe se tebileng o se a bakile e le ka nnete. Hobaneng? Baholo ha ba tsebe se ka pelong ya motho, ka hoo ba itshetlehile ka bopaki boo ba tla bo fumana ba hore na motho eo o se a fetotse tsela eo a ikutlwang ka yona ka sebe seo a se entseng. Maemong a mang, e ka nna yaba motho o entse sebe se tebileng hoo baholo ba sebetsang taba ya hae ba ka nnang ba se kgodisehe hantle hore o bakile e le ka nnete.

17. (a) Ke mohlala ofe o bontshang hore ho swabela phoso ha ho a lekana ho bontsha hore motho o bakile? (b) Ho ya ka 2 Bakorinthe 7:​11, motho o lokela ho etsang ho bontsha hore o bakile e le ka nnete?

17 Nahana ka mohlala ona. Morabo rona o etsa bofebe ka makgetlo a mangata ka dilemo tse ngata. Ho ena le hore a kope thuso, o patela mosadi wa hae, metswalle le baholo dintho tseo a ntseng a di etsa empa qetellong o a senoleha. Ha baholo ba mo bolella hore ba na le bopaki ba dintho tseo a ntseng a di etsa, o a dumela hore o di entse ebile o bonahala eka o di swabetse empa hoo ha ho a lekana. Baholo ba sebetsang taba eo ba lokela ho ba le bopaki bo fetang boo. Ha se hore motho eo o ile a etsa sebe se tebileng hanngwe hobane a ile a hloleha ho etsa qeto e nepahetseng empa o ile a se etsa ka dilemo. Ha a ka a ithaopela ho bolela dibe tsa hae empa o ile a pepeseha. Ka hoo, baholo ba tla lokela ho bona bopaki bo kgodisang ba hore o fetotse tsela eo a nahanang ka yona, a ikutlwang ka yona le boitshwaro ba hae. (Bala 2 Bakorinthe 7:​11.) Ho ka nna ha nka nako e telele hore motho eo a etse diphetoho tse hlokahalang. A ka nna a tloswa ka phuthehong ya Bokreste ka nakwana.​—⁠1 Bakor. 5:​11-13; 6:​9, 10.

18. Motho ya kgaotsweng a ka bontsha jwang hore o bakile e le ka nnete, hona ho tla etsahalang ka mora moo?

18 E le hore motho ya kgaotsweng a bontshe hore o bakile e le ka nnete, o lokela ho tla dibokeng ka mehla mme a mamele keletso ya baholo ya hore a rapele le ho bala Bibele ka mehla. Hape o tla etsa ka hohle hore a qobe maemo a ileng a etsa hore a etse sebe. Haeba a sebetsa ka thata hore a lokise kamano ya hae le Jehova, a ka kgodiseha hore Jehova o tla mo tshwarela mme baholo ba tla mo thusa hore a kgutlisetswe ka phuthehong. Ha baholo ba batla ho bona hore na mofosi o bakile e le ka nnete, ba sebetsana le boemo ba hae ka tsela e fapaneng hobane ba a tseba hore maemo ha a tshwane mme ba qoba ho ahlola ka ho hloka toka.

19. Ho baka e le ka nnete ho bolelang? (Ezekiele 33:​14-⁠16)

19 Re se re ithutile hore ho baka e le ka nnete ha ho bolele feela ho kopa tshwarelo ka sebe seo re se entseng. Empa ho akarelletsa hore mofosi a fetole tsela eo a nahanang le ho ikutlwa ka yona le ho etsa dintho tse bontshang hore o bakile. Ho etsa jwalo ho bolela ho kgaotsa ho etsa dintho tse mpe le ho mamela melao ya Jehova hape. (Bala Ezekiele 33:​14-16.) Motho ya entseng sebe o lokela ho ameha haholo ka ho lokisa setswalle sa hae le Jehova.

THUSA BAETSADIBE HORE BA BAKE

20, 21. Re ka thusa motho ya entseng sebe se tebileng jwang?

20 Jesu o ile a hlalosa karolo ya bohlokwa ya tshebeletso ya hae ha a re: “Ke tlilo bitsetsa baetsadibe pakong.” (Luka 5:​32) Le rona re lokela ho ikemisetsa ho etsa jwalo. Re lokela ho etsang haeba re tseba hore motswalle wa rona o entse sebe se tebileng?

21 Re tla be re beha motswalle wa rona kotsing haeba re leka ho pata sebe sa hae. Ha ho mohla re tla atleha ho pata sebe hobane Jehova o shebile. (Liprov. 5:​21, 22; 28:​13) O ka thusa motswalle wa hao ka ho mo hopotsa hore baholo ba batla ho mo thusa. Haeba a sa bolelle baholo ka sebe sa hae, o lokela ho ba bolella sona. Ka ho etsa jwalo o tla be o bontsha hore o batla ho mo thusa. Taba ena ke ya bohlokwa hobane a ka lahlehelwa ke kamano ya hae le Jehova.

22. Re tlo bua ka eng sehloohong se latelang?

22 Ho thweng haeba motho a entse sebe se tebileng ka nako e telele hoo baholo ba entseng qeto ya hore o lokela ho kgaolwa? Na taba eo e bolela hore ha ba a mo bontsha mohau? Sehloohong se latelang, re tlo bua ka tsela eo Jehova a bontshang baetsadibe mohau ha a ba kgalemela le hore na re ka mo etsisa jwang.

PINA YA 103 Modimo o re File Badisa

^ par. 5 Ho baka e le ka nnete ha ho bolele feela ho kopa tshwarelo ka sebe seo re se entseng. Sehloohong sena re tlo ithuta ka mehlala e tla re thusa ho utlwisisa hore na ho baka ho bolelang, e leng mohlala wa Morena Akabe, Morena Manase le mora ya lahlehileng eo Jesu a buileng ka yena papisong ya hae. Re tlo boela re ithute ka dintho tseo baholo ba lokelang ho nahana ka tsona ha ba lokela ho etsa qeto ya hore na motho ya entseng sebe se tebileng o bakile e le ka nnete.

^ par. 60 DITSHWANTSHO: Morena Akabe o kwatile mme o laela balebedi ba hae hore ba lahlele moprofeta wa Jehova e leng Mikaia teronkong.

^ par. 62 DITSHWANTSHO: Morena Manase o laela basebetsi ba hae hore ba senye ditshwantsho tseo a ileng a di beha ka tempeleng.

^ par. 64 DITSHWANTSHO: Mora ya lahlehileng o kgathetse ka mora ho tsamaya nako e telele mme o ikutlwa a imolohile ha a bona hore o haufi le ho fihla lapeng.