Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 42

Na o Kgodisehile Hore o Fumane Nnete?

Na o Kgodisehile Hore o Fumane Nnete?

“Nepisisang dintho tsohle; le tshwarelle ka tiyo ho se setle.”​—1 BATHES. 5:21.

PINA YA 142 Ho Tshwarella ka Tiyo Tshepong ya Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke hobaneng ha batho ba bangata ba ferekane?

HO NA le madumedi a mangata haholo a ipitsang a Bokreste a reng a rapela Modimo ka tsela e nepahetseng. Ha se feela batho ba bangata ba ferekaneng hakana. Ka hoo ba a ipotsa, “Na ho na le bodumedi bo le bong feela ba nnete kapa madumedi ohle a amoheleha ho Modimo?” Na re kgodisehile hore dintho tseo re di rutang ke nnete le hore tsela eo Dipaki Tsa Jehova di sebeletsang Jehova ka yona mehleng ee ke yona feela e amohelehang ho yena? Na ho ka kgoneha hore re kgodisehe ka taba ee? A re ke re inweseng ka nkgo.

2. Ho ya ka 1 Bathesalonika 1:5, ke hobaneng ha moapostola Pauluse a ne a kgodisehile hore o fumane nnete?

2 Moapostola Pauluse o ne a kgodisehile hore o fumane nnete. (Bala 1 Bathesalonika 1:5.) Kgodiseho ya hae e ne e sa thehwa hodima maikutlo a hae feela. Pauluse e ne e le moithuti ya hlwahlwa wa Lentswe la Modimo. O ne a dumela hore “lengolo lohle le buduletswe ke Modimo.” (2 Tim. 3:16) O ile a ithutang? Ka Mangolong, Pauluse o ile a fumana bopaki bo ke keng ba hanyetswa ba hore Jesu e ne e le Mesia ya tshepisitsweng, e leng taba eo baetapele ba bodumedi ba Bajuda ba ileng ba iphapanyetsa yona. Baetapele bao ba bodumedi ba baikaketsi ba ne ba bolela hore ba ruta batho ka Modimo empa mesebetsi ya bona e ne e ba latola. (Tite 1:16) Ho fapana le bona, Pauluse ha a ka a kgetha hore na ke dikarolo dife tsa Lentswe la Modimo tseo a ka di dumelang. O ne a ikemiseditse ho ruta le ho mamela “morero wohle wa Modimo.”​—Lik. 20:27.

3. Na re lokela ho ba le dikarabo tsa dipotso tsohle pele re ka kgodiseha hore re fumane nnete? (Bala le lebokose le reng “Mesebetsi ya Jehova le Menahano ya Hae e ‘ Mengata ho Feta ka Moo Nka e Phetang.’”)

Batho ba bang ba dumela hore bodumedi ba nnete bo lokela ho araba dipotso tsohle esita le tseo Bibele e sa bueng ka tsona ka ho toba. Empa na taba ee e a utlwahala? A re ke re bueng ka mohlala wa moapostola Pauluse. O ile a kgothalletsa badumedimmoho le yena hore ba ‘nepisise dintho tsohle’ empa a boela a dumela hore le yena ho na le dintho tseo a neng a sa di utlwisise. (1 Bathes. 5:21) O ile a re: “Re na le tsebo e sa fellang . . . re bona ka setshwantsho se lerootho ka seipone sa tshepe.” (1 Bakor. 13:9, 12) Pauluse o ne a sa utlwisise ntho e nngwe le e nngwe mme ho jwalo le ka rona. Empa o ile a utlwisisa dintho tsa bohlokwa ka Jehova. Dintho tseo a neng a di tseba di ne di lekane ho mo kgodisa hore o fumane nnete.

4. Re ka kgodiseha jwang hore re fumane nnete, hona sehlooho see se tlo bua ka eng mabapi le Bakreste ba nnete?

4 Tsela e nngwe eo ka yona re ka kgodisehang hore re fumane nnete ke ka hore re bapise tsela eo Jesu a neng a sebeletsa Jehova le eo Dipaki Tsa Jehova di etsang dintho ka yona mehleng ena. Sehloohong sena re tlo bona hore Bakreste ba nnete (1) ha ba rapele ditshwantsho, (2) ba hlompha lebitso la Jehova, (3) ba rata nnete le hore (4) ba ratana ho tswa pelong.

HA RE RAPELE DITSHWANTSHO

5. Re ithutang ho Jesu mabapi le tsela e nepahetseng ya ho rapela Modimo, hona re ka sebedisa dintho tseo a re rutileng tsona jwang?

5 Ka ha Jesu o ne a rata Jehova haholo, o ne a rapela yena feela ha a ne a le lehodimong esita le ha a le lefatsheng. (Luka 4:8) O ile a ruta barutuwa ba hae ntho e tshwanang. Ha ho le ka mohla Jesu le barutuwa ba hae ba ileng ba sebedisa ditshwantsho borapeding. Ka ha Jehova ke Moya, ha ho na ntho le ha e le efe eo motho a ka e etsang e ka tshwanang le yena. (Esa. 46:5) Na batho ba iketsetsang ditshwantsho tsa batho bao ba ba nkang e le bahalaledi ebe ba a di rapela ba etsa phoso? Molaong wa bobedi ho e leshome Jehova o ile a re: “O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng kapa sebopeho se tshwanang le ntho le ha e le efe e hodimo mahodimong kapa e tlaase lefatsheng . . . O se ke wa di inamela kapa wa hlohlelletswa hore o di sebeletse.” (Ex. 20:4, 5) Mantswe ao a hlakile ho batho ba batlang ho thabisa Modimo.

6. Dipaki Tsa Jehova di etsisa bomang tabeng ya borapedi mehleng ee?

Batho ba ithutang histori ba a dumela hore Bakreste ba mehleng ya pele ba ne ba sebeletsa Modimo feela. Ka mohlala, buka e nngwe ya histori e bontsha hore Bakreste bao ba mehleng ya pele ba ne ba sa batle ho utlwa letho ka ditshwantsho borapeding ba bona. Mehleng ena, Dipaki Tsa Jehova di etsisa Bakreste bao ba mehleng ya pele. Ha re rapele ditshwantsho tsa bahalaledi kapa mangeloi esita le Jesu le yena ha re mo rapele. Ha re dumedise folakga kapa ho etsa ntho le ha e le efe e ka etsang hore re rapele mmuso. Ho sa tsotellehe hore na batho ba tla leka hore re etse eng, re ikemiseditse ho mamela mantswe a Jesu a reng: “Ke Jehova Modimo wa hao eo o tla mo rapela.”​—Mat. 4:10.

7. Ke dintho dife tseo ka ho kgetheha di kgethollang Dipaki Tsa Jehova ho madumedi a mang?

7 Mehleng ena, batho ba bangata ba rata ho mamela baruti ba tummeng. Ka dinako tse ding ho rata baruti bao haholo ho ka qetelletse ho entse hore batho bao ba ba rapele. Batho ba bangata ba ya dikerekeng tsa bona, ba reka dibuka tsa bona hape ba fana ka tjhelete e ngata e tshehetsang dintho tseo baruti bao ba di etsang. Ba bang ba mamela ntho e nngwe le e nngwe eo ba e buang. Tsela eo batho bana ba ratang baruti ba bona ka yona, ba ba thabela jwalo ka ha eka ba bona Jesu. Ho fapana le hoo, barapedi ba nnete ba Jehova ha ba na baruti. Le hoja re mamela ba etellang pele, re mamela taelo ya Jesu e hlakileng e reng: “Lona bohle le bara ba motho.” (Mat. 23:8-10) Ha re rapele batho, ebang ke baruti kapa baetapele ba dipolotiki hape ha re ba tshehetse. Ho feta moo, ha re ikamahanye le lefatshe. Maemong ana ohle, re hlaha re fapane le madumedi a mangata a ipitsang a Bokreste.​—Joh. 18:36.

RE HLOMPHA LEBITSO LA JEHOVA

Bakreste ba nnete ba motlotlo ho bolella batho ba bang ka Jehova (Sheba serapa sa 8-10) *

8. Re tseba jwang hore Jehova o batla hore lebitso la hae le halaletswe le be le tsejwe ke bohle?

8 Ka nako e nngwe Jesu o ile a rapela a re: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Jehova o ile a arabela thapelo eo ka boyena ka ho bua a le lehodimong a tshepisa hore o tla halaletsa lebitso la hae. (Joh. 12:28) Jesu o ile a tlotlisa lebitso la Ntate wa hae tshebeletsong yohle ya hae. (Joh. 17:26) Ka hoo, ho a utlwahala hore ebe Bakreste ba nnete le bona ba ka ba motlotlo hore ba sebedise lebitso la Modimo le ho le tsebisa batho ba bang.

9. Bakreste ba mehleng ya pele ba ile ba bontsha jwang hore ba hlompha lebitso la Modimo?

9 Nakwana ka mora hore phutheho ya Bokreste e thehwe, Jehova o ile a “lebisa tlhokomelo ya hae ditjhabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae.” (Lik. 15:14) Bakreste bao ba mehleng ya pele ba ne ba le motlotlo ho sebedisa lebitso la Modimo le ho le tsebisa batho ba bang. Ba ne ba sebedisa lebitso la Modimo mosebetsing wa boboledi le ha ba ne ba ngola dibuka tsa Bibele. * Ba ile ba paka hore ke bona feela ba tsebisang batho lebitso la Modimo.​—Lik. 2:14, 21.

10. Ke bopaki bofe bo bontshang hore Dipaki Tsa Jehova di tsebahatsa lebitso la Jehova?

10 Na Dipaki Tsa Jehova di tsebahatsa lebitso la Jehova? A re ke re bone. Mehleng ena, baetapele ba bangata ba bodumedi ba entse boiteko bohle hore ba pate taba ya hore Modimo o na le lebitso. Ba tlositse lebitso la Modimo diphetolelong tsa bona tsa Bibele mme maemong a mang ba le thibetse hore le se ke la sebediswa le ditshebeletsong tsa bona tsa kereke. * Na ho na le motho ya ka iphapanyetsang nnete ya hore Dipaki Tsa Jehova ke tsona feela tse hlomphang lebitso la Modimo ka tsela eo le lokelang ho hlomphuwa ka yona? Re tsebisa batho lebitso la Modimo ho feta bodumedi le ha e le bofe bo bong. Ka hoo, re leka ka hohle hore re phelele lebitso la rona la Dipaki Tsa Jehova. (Esa. 43:10-12) Re hatisitse Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka dikopi tse ka hodimo ho dimilione tse 240 mme e sebedisa lebitso la Jehova dibakeng tseo le tlositsweng ho tsona diphetolelong tse ding tsa Bibele. Hape re hatisitse dingolwa tse thehilweng Bibeleng tse tsebahatsang lebitso la Jehova ka dipuo tse ka hodimo ho sekete.

RE RATA NNETE

11. Bakreste ba pele ba ile ba bontsha jwang hore ba rata nnete?

11 Jesu o ne a rata nnete, e leng ditaba tse amanang le Modimo le merero ya hae. O ile a phela tumellanong le nnete eo a ba a tsebisa batho ba bang ka yona. (Joh. 18:37) Balatedi ba nnete ba Jesu le bona ba ne ba rata nnete haholo. (Joh. 4:23, 24) Esita le moapostola Petrose o ile a bua ka Bokreste e le “tsela ya nnete.” (2 Pet. 2:2) Ka lebaka la hobane ba ne ba rata nnete haholo, Bakreste ba pele ba ne ba sa dumellane le dithuto tsa bodumedi, meetlo le maikutlo a batho a neng a sa dumellane le nnete eo. (Bakol. 2:8) Ka tsela e tshwanang, Bakreste ba nnete mehleng ena ba leka ka matla ho “tswela pele ho tsamaya nneteng” ka hore ba etse bonnete ba hore tumelo ya bona le tsela eo ba phelang ka yona e dumellana le Lentswe la Jehova.​—3 John 3, 4.

12. Ho etsahalang ha ba etellang pele ba hlokomela hore tsela eo re utlwisisang dintho ka yona e tlameha ho ntlafatswa, hona ke hobaneng ha ba etsa diphetoho tseo?

12 Mehleng ena, batho ba Modimo ba dumela hore ha ba na tsebo e felletseng ya Bibele. Ka dinako tse ding, ba ne ba etsa diphoso ha ba hlalosa Bibele kapa ha ba fana ka ditaelo tsa hore na mokgatlo o tlameha ho tsamaiswa jwang. Taba eo ha e re makatse. Mangolo a hlakisa taba ya hore tsebo e nepahetseng e hlaka le ho feta ha nako e ntse e ya. (Bakol. 1:9, 10) Jehova o senola nnete butlebutle mme re lokela hore re ikemisetse ho mo letela ka mamello ha re ntse re emetse hore lesedi la nnete le eketsehe. (Liprov. 4:18) Ha ba etellang pele ba hlokomela hore tsela eo re utlwisisang taba e itseng ka yona e lokela ho ntlafatswa kapa ho hlakiswa, ha ba qeaqee ho etsa diphetoho. Le ha ho le jwalo, dikereke tse ngata mehleng ena di etsa diphetoho ho kgahlisa ditho tsa tsona kapa hore di amohelwe ke lefatshe. Empa diphetoho tse etswang ke mokgatlo wa Jehova di etseditswe ho thusa batho hore ba atamele haufi le Modimo le ho mo sebeletsa ka tsela eo Jesu a neng a mo sebeletsa ka yona. (Jak. 4:4) Diphetoho tse etswang ha di etswe ho ipapisitswe le hore na lefatshe le fetohile hakae kapa batho ba ratang empa di etswa hobane re se re utlwisisa Bibele haholwanyane. Re ikotla sefuba ka nnete!​—1 Bathes. 2:3, 4.

RE RATANA HO TSWA PELONG

13. Bakreste ba mehleng ya pele ba ne ba tsebahala ka eng ya bohlokwa ka ho fetisisa, hona Dipaki Tsa Jehova di e bontsha jwang mehleng ee?

13 Bakreste ba mehleng ya pele ba ne ba tsebahala ka lerato ho feta makgabane a mang ohle. Jesu o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuwa ba ka, haeba le ena le lerato hara lona.” (Joh. 13:34, 35) Mehleng ena, Dipaki Tsa Jehova di a ratana ebile di na le bonngwe lefatsheng lohle. Ha ho na mokgatlo o tshwanang le wa rona hobane rona re a ratana ho sa tsotellehe hore na re ba morabe ofe kapa re tswa dinaheng dife. Re bona bopaki bo totobetseng ba lerato leo ha re le dibokeng le dikopanong tse nyane le tse kgolo. Bopaki boo bo matlafatsa kgodiseho eo re nang le yona ya hore borapedi ba rona bo amohelwa ke Jehova.

14. Ho ya ka Bakolose 3:12-14, ke ntho efe ya bohlokwa eo re lokelang ho e etsa ho bontsha hore re ratana ho tswa pelong?

14 Mangolo a re kgothalletsa hore re “bontshane lerato le matla haholo.” (1 Pet. 4:8) Tsela e nngwe eo ka yona re bontshang hore re a ratana ke ka ho tshwarelana le ho mamellana mefokolo ya rona. Re boetse re leka ho batla menyetla ya ho fana le ho mema bohle malapeng a rona esita le bao ho ka etsahalang hore ba ile ba re utlwisa bohloko. (Bala Bakolose 3:12-14.) Ha re bontsha lerato le jwalo re tla be re paka hore re feela re le Bakreste ba nnete.

“TUMELO E NNGWE”

15. Ke ka ditsela dife hape re etsisang mokgwa oo Bakreste ba pele ba neng ba sebeletsa Jehova ka wona?

15 Re etsisa mokgwa oo Bakreste ba pele ba neng ba rapela Jehova ka wona le ka ditsela tse ding hape. Ka mohlala, tsela eo mokgatlo wa rona o hlophisitsweng ka yona e tshwana hantle le eo baapostola ba neng ba hlophisitswe ka yona. Re na le bapotolohi, baholo le bahlanka ba sebeletsang jwalo ka bona. (Bafil. 1:1; Tite 1:5) Hape re hlompha melao ya Jehova e mabapi le thobalano, lenyalo, ho sebedisa madi le ho sireletsa phutheho ho baetsadibe ba sa bakeng.​—Lik. 15:28, 29; 1 Bakor. 5:11-13; 6:9, 10; Baheb. 13:4.

16. Re ithutang ho Baefese 4:4-6?

16 Jesu o ile a re batho ba bangata ba tla ipolela hore ke barutuwa ba hae empa diketso tsa bona di tla ba latola. (Mat. 7:21-23) Mangolo le ona a ile a bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela batho ba bangata ba tla ba le “ponahalo ya boinehelo ba bomodimo” feela. (2 Tim. 3:1, 5) Empa Bibele e hlakisa taba ya hore ho na le “tumelo e [le] nngwe” feela eo Modimo a e amohelang.​—Bala Baefese 4:4-6.

17. Ke bomang ba latelang Jesu mehleng ee ba bile ba ena le tumelo e le nngwe?

17 Ke bomang ba sebeletsang Modimo ka tsela eo a e amohelang mehleng ee? Ke Dipaki Tsa Jehova. Hobane re hlahlobile bopaki mme re bone mohlala wa Jesu wa hore na borapedi ba nnete bo lokela ho ba jwang le hore Bakreste ba pele ba ile ba latela mohlala oo. Ka nnete re motlotlo hore ebe re batho ba Jehova le hore ebe re tseba nnete ka yena le merero ya hae. E se eka re ka tswela pele re ikgodisa hore re fumane nnete.

PINA YA 3 Matla, Tshepo le Kgodiseho ya Rona

^ par. 5 Sehloohong sena re tlo hlahloba mohlala oo Jesu a re behetseng wona ka hore na bodumedi ba nnete bo lokela ho ba jwang, re be re bone hore na barutuwa ba hae ba ile ba mo etsisa jwang. Re tlo boela re bone hore Dipaki Tsa Jehova di latela mohlala oo wa bodumedi ba nnete jwang mehleng ena.

^ par. 9 Bala lebokose le reng, “Na Bakreste ba Pele ba ne ba Sebedisa Lebitso la Modimo?” ho Molula-Qhooa wa July 1, 2010 leq. 6.

^ par. 10 Mohlala, ka 2008 Mopapa Benedict wa bo16 o ile a laela hore lebitso la Modimo ha le a lokela ho sebediswa ditshebeletsong tsa kereke ya Khatholike, difeleng esita le thapelong.

^ par. 63 SETSHWANTSHO: Mokgatlo wa Jehova o hatisitse Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka dipuo tse ka hodimo ho 200 e le hore batho ba ka bala Bibele e nang le lebitso la Modimo ka puo ya bona.