Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 41

Ke Eng e ka o Thusang Hore o Thabe?

Ke Eng e ka o Thusang Hore o Thabe?

“Ho thaba bohle ba tshabang Jehova, ba phelang ka tsela e mo kgahlisang.”​—PES. 128:1.

PINA YA 110 “Thabo ya Jehova”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ho hlokomela hore o hloka Modimo ho bolelang, hona ho amana jwang le ho thaba?

 HO THABA ha se boikutlo feela bo tlang bo feta. Motho a ka kgona ho thaba bophelo bohle ba hae. Ke eng e ka re thusang hore re thabe? Thutong ya Thabeng, Jesu o ile a re: “Ho thaba ba hlokomelang hore ba hloka Modimo.” (Mat. 5:3) Jesu o ne a tseba hore batho ba bopilwe ka tsela e tla etsa hore ba batle ho tseba le ho sebeletsa Mmopi wa bona Jehova Modimo. Ha ba etsa jwalo ke hona ha ba ‘hlokomela hore ba hloka Modimo.’ Ka ha Jehova ke “Modimo ya thabileng” le batho ba mo sebeletsang le bona ba ka thaba.​—1 Tim. 1:11.

“Ho thaba ba hlorisitsweng ka lebaka la ho loka.”​—Mat. 5:10 (Sheba serapa sa 2 le 3) *

2, 3. (a) Jesu o ile a re ke batho bafe hape ba ka kgonang ho thaba? (b) Re tlo bua kang sehloohong see, hona ke hobaneng ha e le ha bohlokwa?

2 Na re ka thaba feela ha re se na mathata? Tjhe. Thutong ya Thabeng, Jesu o ile a bua ntho e nngwe e makatsang. O ile a re batho ba utlwileng bohloko hobane ba ikutlwa ba le molato ka lebaka la dibe tseo ba di entseng kapa ba nang le mathata le bona ba ka thaba. O ile a boela a re batho “ba hlorisitsweng ka lebaka la ho loka” kapa ba ileng ba utlwiswa bohloko ke ho rohakwa hobane e le balatedi ba hae le bona ba ka thaba. (Mat. 5:4, 10, 11) Ke jwang re ka thabang ha re le maemong aa?

3 Jesu o ne a re ruta hore ho thaba ha ho a itshetleha ka maemo a rona empa re ka thaba ha re sebeletsa Modimo le ha re ena le kamano e ntle le Yena. (Jak. 4:8) Re ka etsa seo jwang? Sehlooho sena se tlo bua ka dintho tse tharo tseo re lokelang ho di etsa e le hore re thabe.

HO BALA BIBELE

4. Mohato wa pele oo re lokelang ho o nka ke ofe e le hore re thabe? (Pesaleme ya 1:1-3)

4 MOHATO WA PELE: Re tlameha ho bala Bibele hore re thabe. Diphoofolo le batho ba hloka dijo e le hore ba phele. Empa ke batho feela ba ka kgonang ho ithuta Lentswe la Modimo mme ke ha bohlokwa hore ba etse jwalo. Ke ka hoo Jesu a ileng a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela empa o tla phela le ka lentswe le leng le le leng le tswang molomong wa Jehova.” (Mat. 4:4) Ka hoo, letsatsi ha le a lokela ho feta re sa bala Lentswe la Modimo, e leng Bibele. Mongodi e mong wa Pesaleme o ile a re: ‘Ho thaba motho ya thabelang molao wa Jehova, o bala molao wa Hae bosiu le motshehare.’​—Bala Pesaleme ya 1:1-3.

5, 6. (a) Re ithutang ka Bibeleng? (b) Ho bala Bibele ho re thusa jwang?

5 Jehova o a re rata ka hoo o re bontshitse ka Bibeleng hore na re ka etsang e le hore re thabe. Bibele e re ruta hore na ke hobaneng ha a re bopile. Re boetse re a ithuta hore na ke jwang re ka bang le kamano e ntle le yena le hore na keng eo re ka e etsang e le hore a re tshwarele dibe tsa rona. Hape re ithuta ka tshepo e babatsehang eo a re tshepisitseng yona ka bokamoso. (Jer. 29:11) Dintho tsena tseo re ithutang tsona Bibeleng di re thabisa haholo.

6 Bibele e boetse e na le dikeletso tseo re ka di sebedisang bophelong mme re tla thaba haeba re di mamela. Ha o ikutlwa o nyahamisitswe ke mathata ao o nang le ona, qeta nako e ngata o bala Lentswe la Jehova le ho nahanisisa ka lona. Jesu o ile a re: “Ho thaba ba mamelang lentswe la Modimo mme ba le boloka.”​—Luka 11:28.

7. Ke eng e ka o thusang hore seo o se balang Lentsweng la Modimo se o tswele molemo?

7 Thabela seo o se balang Lentsweng la Modimo. Ka mohlala, na o kile wa etsahallwa ke ntho ee? Motho e mong o pheha dijo tseo o di ratang. Ka lebaka la hore o potlakile kapa ho na le ntho eo o ntseng o nahana ka yona, o ja dijo tseo o tatile o sa kgone le ho utlwa monate wa tsona. Ka mora hore o qete ho ja o a hlokomela hore o jele ka pele mme o lakatsa eka o ka be o ile wa di thabela. Ka tsela e tshwanang, ka dinako tse ding re ka bala Bibele re tatile ebe ha re kgone ho utlwisisa le ho thabela seo re se balang. Iphe nako ya ho thabela ho bala Lentswe la Modimo, ipone o le moo, nahana ka medumo le mantswe a batho bao o ntseng o bala ka bona mme o nahanisise ka seo o se balang. Ha o etsa jwalo o tla thaba le ho feta.

8. “Mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” o etsa mosebetsi wa hae jwang? (Sheba le mongolo o botlaseng ba leqephe.)

8 Jesu o ile a kgetha “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” ho re fa dintho tse tla re thusa hore re be le kamano e ntle le Jehova ka nako e nepahetseng mme o fela a etsa jwalo. * (Mat. 24:45) Mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale o sebedisa Bibele ho etsa dintho tse re thusang hore re ithute ka Jehova haholwanyane. (1 Bathes. 2:13) Dintho tseo di boetse di re thusa ho tseba hore na Jehova o nahanang, e leng seo a re bolelletseng sona ka Bibeleng. Ke ka hoo re balang makasine ya Tora ya ho Lebela le Fadimehang! ha mmoho le dihlooho tse hlahang ho jw.org. Re itokisetsa diboka tsa hara beke le tsa mafelobeke. Hape kgwedi le kgwedi re shebella lenaneo la JW Broadcasting® ha le fumaneha. Ha re etsa bonnete ba hore re bala Bibele, re tla kgona ho nka mohato wa bobedi o tla re thusa hore re dule re thabile.

HO MAMELA MELAO YA JEHOVA

9. Ke mohato ofe wa bobedi o ka re thusang hore re thabe?

9 MOHATO WA BOBEDI: Re lokela ho mamela melao ya Jehova e le hore re thabe. Mongodi e mong wa Pesaleme o ile a re: “Ho thaba bohle ba tshabang Jehova, ba phelang ka tsela e mo kgahlisang.” (Pes. 128:1) Ho tshaba Jehova ho bolela ho mo hlompha haholo hoo re qobang ho etsa dintho tse mo utlwisang bohloko. (Diprov. 16:6) Ka hoo, re dula re etsa sohle seo re ka se kgonang ho mamela melao ya Jehova ya se nepahetseng le se fosahetseng, eo a re hlaloseditseng yona ka Bibeleng. (2 Bakor. 7:1) Re tla thaba haeba re etsa dintho tseo Jehova a di ratang mme re tlohela ho etsa tseo a sa di rateng.​—Pes. 37:27; 97:10; Bar. 12:9.

10. Ho ya ka Baroma 12:2, boikarabelo ba rona ke bofe?

10 Bala Baroma 12:2. Motho a ka nna a tseba hore Jehova ke yena ya nang le matla a ho etsa qeto ya hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe. Le ha ho le jwalo, motho eo ke yena ya tla ikgethela hore na o tla mamela melao ya Modimo kapa tjhe. Ka mohlala, motho a ka nna a tseba hore mmuso ke ona o fanang ka molao wa hore na koloi e lokela ho tsamaya ka lebelo le lekae. Mohlomong ha a batle ho mamela molao tabeng ena. Ka lebaka leo, o kganna ka lebelo leo a sa lokelang ho tsamaya ka lona. Re bontsha ka diketso hore re fela re kgodisehile hore ho phela ka melao ya Jehova ke yona tsela ya bohlokwa. (Diprov. 12:28) Davida o ne a ikutlwa ka tsela eo, o ile a re ka Jehova: “O ntsebisa tsela ya bophelo. Motho ya pela hao o thaba haholo, ya ka letsohong la hao le letona o dula a thabile.”​—Pes. 16:11.

11, 12. (a) Ha re ikutlwa re nyahame kapa re tshwenyehile re lokela ho hlokomela eng? (b) Bafilipi 4:8 e re thusa jwang ha re kgetha boithabiso?

11 Ha re ikutlwa re nyahame kapa re tshwenyehile, re ka nna ra batla ho etsa ntho e itseng e tla re thusa hore re kgaotse ho tshwenyeha ka mathata a rona. Sena se a utlwahala empa re lokela ho hlokomela hore re se ke ra etsa dintho tseo Jehova a di hloileng.​—Baef. 5:10-12, 15-17.

12 Lengolong leo moapostola Pauluse a ileng a le ngolla Bakreste ba Filipi, o ile a ba kgothaletsa ho tswela pele ba nahana ka dintho ‘tse lokileng, tse hlwekileng, tse ratehang, . . . le tse molemo.’ (Bala Bafilipi 4:8.) Le hoja Pauluse a ne a sa bue ka ho toba ka boithabiso, seo a se ngotseng se lokela ho susumetsa tsela eo re kgethang boithabiso ka yona. O ka leka sena: Moo o bonang lentswe “dintho” le hlaha temaneng ena o ka kenya lentswe “dipina,” “dimovie,” “dipale” kapa “dipapadi tsa divideo.” Ho etsa sena ho tla o thusa hore o bone hore na keng e amohelehang ho Modimo. Re batla ho mamela melao ya Jehova e phahameng. (Pes. 119:1-3) Ka hoo, re tla ba le letswalo le letle mme re ka kgona ho nka mohato o latelang o tla etsa hore re thabe.​—Dik. 23:1.

HO ETSA HORE HO SEBELETSA JEHOVA EBE NTHO E TLANG PELE

13. Ke mohato ofe wa boraro o ka re thusang hore re thabe? (Johanne 4:23, 24)

13 MOHATO WA BORARO: Etsa hore ho sebeletsa Jehova e be yona ntho e tlang pele bophelong ba hao. Re lokela ho sebeletsa Jehova ka ha o re bopile. (Tshen. 4:11; 14:6, 7) Ntho ya bohlokwa e lokelang ho tla pele bophelong ke ho sebeletsa Jehova ka tsela eo a batlang re mo sebeletse ka yona, e leng ka “moya le nete.” (Bala Johanne 4:23, 24.) Re batla hore moya wa Modimo o halalelang o re thuse ho mo sebeletsa ka tsela e dumellanang le seo re ithutang sona Lentsweng la hae. Ho sebeletsa Jehova e lokela e be yona ntho e tlang pele le haeba re dula sebakeng seo mosebetsi wa rona o thibetsweng. Hona jwale bara le baradibabo rona ba fetang lekgolo ba kwalletswe ka lebaka la hore ke Dipaki Tsa Jehova. * Ho ntse ho le jwalo, ba thabela ho etsa sohle seo ba ka se kgonang ho rapela, ho ithuta le ho bolella batho ba bang ka Modimo wa rona le ka Mmuso wa hae. Ha batho ba re tlotlolla kapa ba re hlorisa, re ka thabiswa ke ho tseba hore Jehova o na le rona hape o tla re putsa.​—Jak. 1:12; 1 Pet. 4:14.

MOHLALA OO RE KA O LATELANG

14. Ho ile ha etsahalang ka morabo rona e motjha wa Tajikistan, hona hobaneng?

14 Bara le baradibabo rona ba bang ba ile ba hlahelwa ke mathata. Ho ntse ho le jwalo, ba ne ba thabile haholo ka lebaka la hore ba ile ba nka mehato e meraro eo re buileng ka yona. Nahana ka se ileng sa etsahalla Morabo rona Jovidon Bobojonov ya dilemo di 19 ya dulang Tajikistan ka lebaka la ho hana ho kenela sesole. Ka la 4 October 2019 o ile a tloswa lapeng, a kwallwa teronkong ka dikgwedi tse mmalwa mme o ne a tshwerwe jwalo ka setlodi sa molao. Ho hloka toka hoo ho ile ha tlalehwa metjheng ya phatlalatso dinaheng tse ngata. Tlaleho e nngwe e ne e bua ka hore o ile a shapuwa e le ha ba mo qobella a ikane hore o tla tshepahalla sesole le ho apara diaparo tsa sona. Ka mora hore lekgotla le re o molato, o ile a iswa kampong ya mahloriso ho fihlela mopresidente wa naha eo a mo tshwarela mme a re a lokollwe. Nakong ena kaofela, Morabo rona Jovidon o ile a dula a tshepahala hape a thabile. O ile a thuswa keng? Ke hore a dule a bala Bibele.

Morabo rona Jovidon o ne a bala Bibele, a phela ka melao ya Modimo a bile a etsa hore ho sebeletsa Jehova e be yona ntho e tlang pele bophelong ba hae (Sheba serapa sa 15-17)

15. Ke jwang Morabo rona Jovidon a ileng a tswela pele a ithuta ka Jehova ha a ntse a le teronkong?

15 Ha Morabo rona Jovidon a ntse a le teronkong, o ile a tswela pele a ithuta ka Jehova le hoja a ne a se na Bibele kapa dingolwa. Seo se etsahetse jwang? Bara le baradibabo rona ba dulang moo ba ne ba mo isetsa dijo mme ba mo ngolla temana ya letsatsi mekotleng eo ba neng ba mo isetsa dijo ka yona. Ka hoo, letsatsi le letsatsi o ne a kgona ho bala Bibele le ho nahanisisa ka dintho tseo a di badileng. Ka mora hore a lokollwe teronkong o ile a fana ka keletso ho batho ba eso ka ba hlahelwa ke mathata ao. O ile a re: “Ke ha bohlokwa hore o sebedise bolokolohi boo o nang le bona hona jwale ho bala Lentswe la Jehova le dingolwa hore o mo tsebe haholwanyane.”

16. Morabo rona Jovidon o ne a dula a nahana kang?

16 Morabo rona Jovidon o ne a phela ka melao ya Jehova. Ho ena le ho nahana ka dintho tse mpe kapa ho di etsa, o ne a dula a nahanne ka dintho tseo Jehova a nkang e le tsa bohlokwa. O ne a tsota botle ba popo ya Modimo. Hoseng ho hong le ho hong o ne a tsoswa ke dinonyana tse binang. Bosiu o ne a sheba kgwedi le dinaledi. O re: “Dimpho tsena tse tswang ho Jehova di ne di nthabisa mme di nkgothatsa.” Ha re ananela dintho tseo Jehova a re fang tsona le tataiso eo re e fumanang ka Bibeleng, seo se etsa hore re thabe ebile thabo eo e re thusa hore re mamelle.

17. Motho eo e ka nnang yaba o boemong bo tshwanang le ba Morabo rona Jovidon a ka thuswa jwang ke 1 Petrose 1:6, 7?

17 Morabo rona Jovidon o ne a boetse a etsa hore ho sebeletsa Jehova ho tle pele bophelong ba hae. O ne a tseba hore ke ha bohlokwa hore a dule a tshepahalla Modimo wa nnete. Jesu o ile a re: “Ke Jehova Modimo wa hao eo o lokelang ho mo rapela ebile ke yena feela eo o lokelang ho mo sebeletsa.” (Luka 4:8) Molaodi wa masole le masole a mang a ne a batla hore Morabo rona Jovidon a kgaotse ho ba Paki ya Jehova. Ho ntse ho le jwalo, o ne a dula a rapela bosiu le motshehare a kopa Jehova hore a mo thuse hore a se ke a tela le hore a dule a tshepahala. Le hoja Morabo rona Jovidon a ne a tshwarwa hampe o ile a dula a tshepahalla Jehova. Hona jwale o se a thabile ebile tumelo ya hae e se e le matla ka ha e ile ya lekwa ka hore a tloswe lapeng, a shapuwe a be a iswe teronkong.​—Bala 1 Petrose 1:6, 7.

18. Re ka etsang e le hore re dule re thabile?

18 Jehova o a tseba hore na keng eo re e hlokang hore re thabe. Ntho e ka re thusang hore re thabe le haeba re ena le mathata, ke haeba re latela mehato e meraro eo re buileng ka yona. Ka hoo le wena o tla kgona ho bua mantswe a reng: “Ho thaba batho bao Modimo wa bona e leng Jehova.”​—Pes. 144:15.

PINA YA 89 Mamela Mme o Putswe

^ Ha ho bonolo hore batho ba bangata ba thabe hobane ba batla thabo ka ditsela tse fosahetseng. Ba e batla boithabisong, maruong, ka hore ba tume kapa ba be matla. Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a bolella batho hore na ba lokela ho etsang e le hore ba thabe. Sehlooho sena se tlo bua ka dintho tse tharo tse tla re thusa hore re thabe.

^ Sheba sehlooho se reng “Na o Fumana ‘Dijo ka Nako e Tshwanetseng’?” ho Molula-Qhooa wa August 15, 2014.

^ Sheba sehlooho se reng, “Di Tshwarwa ka Lebaka la Tumelo ya Tsona” ho jw.org e le hore o fumane dintlha tse ding.

^ SETSHWANTSHO: Setshwantsho sena se bontsha se ileng sa etsahala ha morabo rona a tshwarwa, a nkelwa lekgotleng ho yo ahlolwa mme Bakrestemmoho le yena ba tlile ho mo tshehetsa.