Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha re sa Lwane le Hoja Baiseraele ba Mehleng ya Kgale ba ne ba Lwana?

Ke Hobaneng ha re sa Lwane le Hoja Baiseraele ba Mehleng ya Kgale ba ne ba Lwana?

Ka Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, ofisiri ya Manazi e ile ya halefela Dipaki Tsa Jehova ya re: “Haeba e mong wa lona a hana ho kenella ntweng ha re lwantsha Fora le Engelane le lokela ho shwa kaofela.” Le hoja masole a Manazi a hlometseng a ne a eme pela barababo rona bana, ha ho le ya mong wa bona ya ileng a dumela ho tlola melao ya Jehova. Barababo rona ba ile ba bontsha sebete e le ka nnete. Ona ke mohlala o motle o bontshang hore na Dipaki Tsa Jehova di ikutlwa jwang ka ho lwana. Re hana ho kenella dintweng tsa lefatshe lena, esita le ha batho ba re tshosa ka hore ba tla re bolaya.

Le ha ho le jwalo, ha se bohle ba ipitsang Bakreste ba dumellanang le taba ya ho se nke lehlakore. Batho ba bangata ba dumela hore Mokreste o lokela ho sireletsa naha ya habo. Ba ka nna ba beha mabaka ka ho re: ‘Mehleng ya kgale Baiseraele ba ne ba lwana dintwa tse ngata le hoja e ne e le setjhaba sa Modimo. Jwale, ke hobaneng ha Bakreste ba mehleng ee ba sa lokela ho lwana?’ O ne o ka araba jwang? O ne o tla lokela ho hlalosa hore maemo a Baiseraele ba mehleng ya kgale a ne a fapane haholo le a batho ba Modimo mehleng ena. Re tlo hlahloba hore na a ne a fapane le a batho ba Modimo mehleng ena ka ditsela dife tse hlano.

1. BATHO BA MODIMO E NE E LE SETJHABA SE LE SENG

Nakong e fetileng, Batho ba Jehova e ne le setjhaba se le seng seo a se kgethileng, e leng Baiseraele. O ile a bitsa Baiseraele “thepa . . . e kgethehileng hara ditjhaba tsohle.” (Ex. 19:5) Modimo o ile a boela a ba fa naha e kgethehileng. Ka hoo, ha Modimo a ne a laela Baiseraele hore ba ye ntweng, ba ne ba sa lwantshe le ho bolaya bahlanka ba Jehova e leng barapedimmoho le bona. *

Mehleng ena, barapedi ba Jehova ke “batho ba ditjhaba tsohle, maloko ohle, merabe yohle le dipuo tsohle.” (Tshen. 7:9) Haeba batho ba Modimo ba ne ba ka kenella dintweng, ba ne ba ka lwantsha le ho bolaya barapedimmoho le bona.

2. JEHOVA O NE A LAELA BAISERAELE HORE BA YE NTWENG

Nakong e fetileng, Jehova o ne a etsa qeto ya hore na Baiseraele ba ya ntweng neng le hore na ba tla ya ntweng ka lebaka lefe. Ka mohlala, Modimo o ile a ahlola Bakanana ka hore a dumelle Baiseraele ho ba lwantsha. O ile a ahlola Bakanana bao hobane ba ne ba tumme ka boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano, ho etsa mahlabelo ka bana le ho rapela bademona. Modimo o ile a boela a laela Baiseraele hore ba fedise batho ba neng ba etsa dintho tse mpe Naheng e Tshepisitsweng e le ho ba sireletsa hore ba se ke ba susumetswa ke batho bao. (Lev. 18:24, 25) Ha Baiseraele ba se ba dula naheng e tshepisitsweng, ka dinako tse ding Modimo o ne a ba dumella hore ba lwane e le hore ba ka itshireletsa direng tsa bona tse ba hatellang. (2 Sam. 5:17-25) Le ha ho le jwalo, ha ho mohla Baiseraele ba ileng ba ikgethela ho ya ntweng. Empa ka mehla ha ba ne ba iketseditse qeto ya ho ya ntweng, ho ne ho eba le ditlamorao tse bohloko.​—Num. 14:41-45; 2 Dikron. 35:20-24.

Mehleng ena, Jehova ha a laele batho ho ya ntweng. Ditjhaba di lwana ho ya ka thato ya batho eseng ya Modimo. Di lwana hobane di batla ho hapa dinaha tse ding, ho ba le tjhelete e ngata le ho ntshetsa pele merero ya dipolotiki. Empa re ka reng ka ba ipolelang hore ba lwana ka lebitso la Modimo ho sireletsa bodumedi ba bona kapa ho bolaya dira tsa Modimo? Jehova o tla sireletsa barapedi ba nnete mme a timetse dira tsa hae ntweng e tlang ya Armagedone. (Tshen. 16:14, 16) Ntweng eo, lebotho la Modimo le tla be le entswe ka dibopuwa tsa moya feela, eseng ka batho.​—Tshen. 19:11-15.

3. BAISERAELE BA NE BA SA BOLAYE BATHO BA BONTSHANG HORE BA NA LE TUMELO

Na mehleng ee batho ba bontshang tumelo ho Jehova ba a hauhelwa jwalo ka ha Jehova a ile a hauhela Rahaba le ba lelapa la hae ha ho timetswa Jeriko?

Nakong e fetileng, masole a Baiseraele a ne a hauhela batho ba bontshang hore ba na le tumelo ho Modimo. Empa a ne a ahlola batho bao Jehova a ba ahloletseng lefu. Hlokomela mehlala ena e mmedi. Le hoja Jehova a ne a laetse hore Jeriko e timetswe, Baiseraele ba ile ba hauhela Rahaba ha mmoho le ba lelapa la hae hobane o ile a bontsha hore o na le tumelo. (Josh. 2:9-16; 6:16, 17) Ha morao Bagibeone ba ile ba hauhelwa hobane ba ile ba bontsha hore ba hlompha Modimo.​—Josh. 9:3-9, 17-19.

Mehleng ena, ha ditjhaba di lwana ha di hauhele batho ba bontshang hore ba na le tumelo. Ka dinako tse ding batho ba se nang molato ba a bolawa dintweng tsena.

4. BAISERAELE BA NE BA LOKELA HO MAMELA DITAELO TSA MODIMO MABAPI LE NTWA

Nakong e fetileng, Jehova o ne a lebelletse hore masole a Iseraele a mamele ditaelo tsa hae mabapi le ntwa. Ka mohlala, ka dinako tse ding Modimo o ne a re Baiseraele ba bolelle batho ba motse wa direng “seo ba lokelang ho se etsa e le hore ho be le kgotso.” (Deut. 20:10) Jehova o ne a boetse a lebelletse hore masole a Iseraele a ipoloke a hlwekile mmeleng le boitshwarong. Hape o ne a lebelletse hore ba boloke dikampo tseo ba dulang ho tsona di hlwekile. (Deut. 23:9-14) Masole a ditjhaba tse potolohileng Baiseraele a ne a atisa ho hlekefetsa basadi ba dinaha tseo ba di hapileng. Empa Jehova o ne a sa dumelle Baiseraele ho etsa jwalo. Ha e le hantle ba ne ba sa dumellwa ho nyala mosadi ya tswang naheng e hapuweng ho fihlela ho feta nako e ka etsang kgwedi.​—Deut. 21:10-13.

Mehleng ena, dinaha tse ngata di lwana ho latela melao ya ntwa eo di dumellaneng ka yona. Ka maswabi dinaha tse ngata ha di boloke melao ena le hoja e reretswe ho sireletsa batho ba se nang molato.

5. MODIMO O NE A LWANELA SETJHABA SA HAE

Na Modimo o lwanela setjhaba le ha e le sefe kajeno jwalo ka ha a ile a etsa ha Iseraele e lwantshana le Jeriko?

Nakong e fetileng, Jehova o ne a lwanela Baiseraele mme hangata o ne a etsa mehlolo e le ho ba thusa ho hlola ntwa. Ka mohlala, Jehova o ile a thusa Baiseraele jwang ho hapa naha ya Jeriko? Ka tataiso ya Jehova, Baiseraele ba ile ba “qala ho etsa mohoo o moholo wa ntwa, yaba lerako le qala ho wa putla!” Sena se ile sa ba nolofalletsa ho hapa motse. (Josh. 6:20) Ha ba lwana le Baamore teng ba ile ba hlola jwang? ‘Jehova o ile a nesa sefako se seholo . . . Ha e le hantle, ba bolailweng ke sefako ba ne ba le bangata ho feta bao Baiseraele ba ba bolaileng ka sabole.’​—Josh. 10:6-11.

Mehleng ena, ha ho setjhaba le ha e le sefe seo Jehova a se lwanelang mona lefatsheng. Mmuso wa Modimo oo Jesu e leng Morena wa wona “ha se wa lefatshe lena.” (Joh. 18:36) Ho fapana le hoo, Satane ke yena ya nang le bolaodi hodima mebuso yohle ya lefatshe. Dintwa tse sehloho tsa lefatshe lena di bontsha ka moo Satane a leng kgopo ka teng.​—Luka 4:5, 6; 1 Joh. 5:19.

BAKRESTE BA NNETE BA LEKA KA HOHLE HO ETSA KGOTSO LE BATHO BA BANG

Jwalo ka ha re bone, maemo a rona a fapana haholo le a Baiseraele ba mehleng ya kgale. Le ha ho le jwalo, ho fapana hona ha se hona feela ho etsang hore re se ke ra ya ntweng. Ho na le mabaka a mang. Ka mohlala, Modimo o ile a bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela batho ba rutwang ke yena “ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa” le ho nka karolo ntweng. (Esa. 2:2-4) Ho ekeletsa moo, Kreste o ile a re balatedi ba hae e ‘ke ke ya eba karolo ya lefatshe’ mme ba ke ke ba kenella dintweng tsa lefatshe.​—Joh. 15:19.

Kreste o ile a boela a kgothalletsa balatedi ba hae ho etsa ho fetang hoo. O ile a ba laela hore ba qobe boitshwaro le ha e le bofe bo ka bakang lehloyo, kgalefo le ntwa. (Mat. 5:21, 22) O ile a boela a laela balatedi ba hae hore e be “ba bopang kgotso” le hore ba rate dira tsa bona.​—Mat. 5:9, 44.

Taba ee e re ama jwang re le batho ka bomong? Ha re batle ho kenella dintweng, empa na ho ka etsahala hore re nke mora kapa moradiwabo rona e le sera sa rona? Boemong boo re lokela ho tswela pele ho lwantsha maikutlo a jwalo.​—Jak. 4:1, 11.

Ha re kenelle dintweng tsa ditjhaba. Ho e na le hoo, re sebetsa ka thata hore ho dule ho ena le lerato hara rona. (Joh. 13:34, 35) A re duleng re sa nke lehlakore ho fihlela nakong eo Jehova a tla fedisa dintwa ka ho felletseng.​—Pes. 46:9.

^ Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding Baiseraele ba ne ba lwantshana le hoja dintwa tse jwalo di ne di sa thabise Jehova. (1 Mar. 12:24) Ka dinako tse ding, Jehova o ne a dumella maloko a Baiseraele ho lwantshana hobane maloko a mang a sa mo tshepahalle kapa a entse dibe tse tebileng.​—Baahl. 20:3-35; 2 Dikron. 13:3-18; 25:14-22; 28:1-8.