Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 45

Ananela Monyetla wa ho Rapela Jehova Tempeleng ya Hae ya Tshwantshetso

Ananela Monyetla wa ho Rapela Jehova Tempeleng ya Hae ya Tshwantshetso

“Le rapele ya entseng lehodimo [le] lefatshe.”—TSHEN. 14:7.

PINA YA 93 Hlohonolofatsa ho Bokana ha Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Lengeloi le reng, hona re lokela ho ikutlwa jwang ka molaetsa wa lona?

 NA O ne o tla mamela lengeloi haeba le ne le ka bua le wena? Mehleng ena lengeloi le bua le batho “ba merabe yohle, ditjhaba tsohle, maloko ohle le dipuo tsohle.” Le reng? Le re: “Hlomphang Modimo mme le mo tlotlise . . . le rapele ya entseng lehodimo [le] lefatshe.” (Tshen. 14:​6, 7) Jehova ke yena feela Modimo wa nnete eo motho e mong le e mong a lokelang ho mo rapela. Re ananela haholo hore ebe o re file monyetla wa hore re mo rapele tempeleng ya hae e kgolo ya tshwantshetso.

2. Tempele ya Jehova ya tshwantshetso ke eng? (Sheba lebokose le reng “ Tempele ya Tshwantshetso ha se Eng?”)

2 Tempele ya tshwantshetso ke eng, hona re ka fumana dintlha tse e hlalosang hokae? Tempele ya tshwantshetso ha se mohaho. Ke borapedi ba nnete boo Jehova a bo hlophisitseng le bo bileng teng ka lebaka la sehlabelo sa Jesu. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa tlhophiso eo lengolong leo a ileng a le ngolla Bakreste ba Baheberu ba neng ba dula Judea. b

3, 4. Ke eng e neng e tshwenya Pauluse ka Bakreste ba Baheberu ba neng ba dula Judea mme o ile a ba thusa jwang?

3 Ke hobaneng ha Pauluse a ile a ngolla Bakreste ba Baheberu ba neng ba dula Judea lengolo? Mohlomong ke ka mabaka ana a mabedi. Lebaka la pele e ne e le ho ba kgothatsa. Bongata ba bona ba ne ba le bodumeding ba Sejuda pele e eba Bakreste. E ka nna yaba baetapele ba Bajuda ba ne ba ba soma hobane e se e le Bakreste. Hobaneng? Ke hobane Bakreste ba ne ba se na tempele eo ba neng ba ya ho yona ho yo rapela, ba se na aletare eo ba neng ba ka etsetsa Modimo mahlabelo ho yona ebile ba se na baprista ba ba rutang. Dintho tsena di ne di ka nyahamisa barutuwa ba Kreste, tsa ba tsa etsa hore tumelo ya bona e fokole. (Baheb. 2:1; 3:​12, 14) E ka nna yaba ba bang ba ne ba bile ba batla ho kgutlela bodumeding ba Sejuda.

4 Lebaka la bobedi ke hore Pauluse o ne a bolella Bakreste ba Baheberu hore ha ba etse boiteko ba ho utlwisisa dithuto tse ntjha le tse tebileng e leng “dijo tse tiileng” tse ka Lentsweng la Modimo. (Baheb. 5:​11-14) Ho bonahala ba bang ba bona ba ne ba ntse ba latela Molao wa Moshe. Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a ba hlalosetsa hore mahlabelo ao Molao wa Moshe o neng o re ba lokela ho a etsa, a ne a sa etse hore ba tshwarelwe dibe ka ho feletseng. Ke ka hoo Molao o ‘fedisitsweng.’ Pauluse o ile a ba ruta dithuto tse ding tse tebileng. O ile a hopotsa Bakrestemmoho le yena ka ‘tshepo e molemo’ eo ba nang le yona ka lebaka la sehlabelo sa Jesu se neng se tla ba thusa hore ba ‘atamele ho Modimo.’—Baheb. 7:​18, 19.

5. Re lokela ho utlwisisa eng lengolong la Baheberu, hona hobaneng?

5 Pauluse o ile a hlalosetsa Bakrestemmoho le yena ba Baheberu hore na ke hobaneng ha tsela eo ba rapelang Jehova ka yona e ne e le molemo ho feta eo ba neng ba mo rapela ka yona ha ba ne ba le bodumeding ba Sejuda. Tsela eo Bajuda ba neng ba rapela Jehova ka yona ho latela Molao e ne e le “seriti sa dintho tse tlang empa ntho ya sebele ke Kreste.” (Bakol. 2:17) Ka ha seriti se tshwantshetsa ntho ya sebele, ka ho tshwanang tsela eo Bajuda ba neng ba rapela Jehova ka yona nakong e fetileng, e ne e tshwantshetsa tsela e molemo le ho feta eo Modimo a neng a tla rapelwa ka yona. Re lokela ho utlwisisa tsela eo Jehova a hlophisitseng hore re tshwarelwe dibe e le hore re ka mo rapela ka tsela e nepahetseng. A re bapiseng “seriti” (e leng tsela eo Bajuda ba neng ba rapela ka yona) le “ntho ya sebele” (e leng tsela eo Bakreste ba rapelang ka yona), tseo ho buuwang ka tsona lengolong la Baheberu. Ha re etsa jwalo re tla utlwisisa tempele ya tshwantshetso le hore na e re ama jwang.

TABERNAKELE

6. Ho ne ho etswang tabernakeleng?

6 Tsela eo Bajuda ba neng ba rapela ka yona. Pauluse o ne a bua ka tabernakele eo Moshe a neng a e entse ka selemo sa 1512 pele ho mehla ya Jesu (Sheba tjhate e reng, “Tsela eo Bajuda ba Neng ba Rapela ka Yona—Tsela eo Bakreste ba Rapelang ka Yona.”) Tabernakele e ne e le tente eo Baiseraele ba neng ba tsamaya ka yona hohle moo ba neng ba ya teng. Ba ile ba e sebedisa ka dilemo tse ka bang 500 ho fihlela ho hahwa tempele Jerusalema. (Ex. 25:​8, 9; Num. 9:22) ‘Tente eo ya pokano’ e ne e le sebaka seo Baiseraele ba neng ba rapela Modimo ho sona le ho mo etsetsa mahlabelo. (Ex. 29:​43-46, nal.) Empa tabernakele e ne e boetse e tshwantshetsa tsela e molemo le ho feta eo Bakreste ba neng ba tla rapela Modimo ka yona.

7. Tempele ya tshwantshetso e bile teng neng?

7 Tsela eo Bakreste ba rapelang ka yona. Tabernakele ya mehleng ya Bajuda e ne e le “setshwantsho sa dintho tse lehodimong” mme e ne e tshwantshetsa tempele ya Jehova e kgolo ya tshwantshetso. Pauluse o ile a re: “Tente ena [kapa tabernakele] e tshwantshetsa dintho tse etsahalang ka nako ena.” (Baheb. 8:5; 9:9) Ka nako eo Pauluse a neng a ngolla Bakreste ba Baheberu ka yona, tempele ya tshwantshetso e ne e se e ntse e le teng. E bile teng ka selemo sa 29 mehleng ya Jesu. Ka selemo seo, Jesu o ile a kolobetswa, a tlotswa ka moya o halalelang a ba a qala ho sebeletsa e le ‘moprista ya phahameng’ tempeleng ya Jehova ya tshwantshetso. cBaheb. 4:14; Dik. 10:​37, 38.

MOPRISTA YA PHAHAMENG

8, 9. Ho latela Baheberu 7:​23-27, baprista ba phahameng ba Iseraele ba fapane jwang le Moprista ya Phahameng ka ho fetisisa e leng Jesu Kreste?

8 Tsela eo Bajuda ba neng ba rapela ka yona. Moprista ya phahameng o ne a emela batho ka pela Modimo. Moprista ya phahameng wa pele Iseraele e ne e le Arone mme Jehova o ile a mo kgetha ha tabernakele e ne e kgakolwa. Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a re “baprista ba ile ba hloleha ho tswela pele ka mosebetsi wa bona wa boprista hobane ba ile ba shwa yaba ba nkelwa sebaka ke baprista ba bang.” d (Bala Baheberu 7:​23-27.) Ka ha baprista bao ba phahameng ba ne ba sa phethahala, ba ne ba lokela ho etsa mahlabelo bakeng sa dibe tsa bona. Tabeng ena re bona phapang e kgolo pakeng tsa baprista ba phahameng ba Iseraele le Moprista ya Phahameng ka ho fetisisa e leng Jesu Kreste.

9 Tsela eo Bakreste ba rapelang ka yona. Moprista wa rona ya Phahameng e leng Jesu Kreste ke “mohlanka ya sebeletsang setjhaba . . . tenteng ya nnete e hlonngweng ke Jehova eseng motho.” (Baheb. 8:​1, 2) Pauluse o ile a re “ka ha Jesu o tla phela ka ho sa feleng, ha ho na motho ya tla mo hlahlama bopristeng.” Pauluse o ile a boela a re Jesu ke moprista “ya sa silafalang, ya fapaneng hole le baetsadibe” le hore ho fapana le baprista ba phahameng ba Iseraele, “ha a hloke ho etsa mahlabelo letsatsi le leng le le leng” bakeng sa dibe tsa hae. A re shebeng phapang e teng pakeng tsa dialetare le mahlabelo a neng a etswa borapeding ba Bojuda le borapeding ba Bokreste.

DIALETARE LE MAHLABELO

10. Mahlabelo a neng a etswa aletareng ya koporo a ne a tshwantshetsang?

10 Tsela eo Bajuda ba neng ba rapela ka yona. Ka ntle ho monyako wa tabernakele ho ne ho ena le aletare ya koporo eo Bajuda ba neng ba etsetsa Jehova mahlabelo a diphoofolo ho yona. (Ex. 27:​1, 2; 40:29) Le ha ho le jwalo, mahlabelo ao a ne a sa bolele hore batho ba ne ba tla tshwarelwa dibe tsa bona ka ho feletseng. (Baheb. 10:​1-4) Mahlabelo a diphoofolo a neng a dula a etswa tabernakeleng, a ne a tshwantshetsa sehlabelo se le seng se neng se tla etsa hore batho ba tshwarelwe dibe ka ho feletseng.  

11. Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo aletareng efe? (Baheberu 10:​5-7, 10)

11 Tsela eo Bakreste ba rapelang ka yona. Jesu o ne a tseba hore Jehova o mo rometse lefatsheng e le hore a tlo fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho. (Mat. 20:28) Ka hoo ha Jesu a ne a kolobetswa, o ne a ikemiseditse ho etsa thato ya Jehova. (Joh. 6:38; Bagal. 1:4) Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae aletareng ya tshwantshetso e neng e emela “thato” ya Modimo. Thato ya Jehova e ne e le hore Mora wa hae a fane ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le sehlabelo bakeng sa batho. Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae “hanngwe ebile e le la ho qetela” e le hore batho bohle ba dumelang ho Kreste ba ka tshwarelwa dibe ka ho sa feleng. (Bala Baheberu 10:​5-7, 10.) A re bueng ka hore na dintho tse neng di le ka hara tabernakele di ne di emelang.

SEHALALELO LE SEHALALEDISISO

12. Ke mang ya neng a ka kena dikamoreng tsohle tse tabernakeleng?

12 Tsela eo Bajuda ba neng ba rapela ka yona. Tabernakele le ditempele tse ileng tsa hahwa Jerusalema di ne di tshwana ka hare. Di ne di ena le dikamore tse pedi tse neng di arotswe ke kgaretene. Kamore e nngwe e ne e bitswa “Sehalalelo” mme e nngwe e bitswa “Sehalaledisiso.” (Baheb. 9:​2-5; Ex. 26:​31-33) Ka hara Sehalalelo ho ne ho ena le sedulwana sa lebone sa kgauta, aletare eo ho neng ho tjhesetswa dibano ho yona le tafole ya bohobe ba pontsho. Ke “baprista ba tlotsitsweng” feela ba neng ba dumeletswe hore ba kene ka Sehalalelong e le hore ba etse mesebetsi ya bona e halalelang. (Num. 3:​3, 7, 10) Ka Sehalaledisisong ho ne ho ena le areka ya selekane ya kgauta e neng e bontsha hore Jehova o teng sebakeng seo. (Ex. 25:​21, 22) Ke moprista ya phahameng feela ya neng a dumeletswe hore a fete kgareteneng mme a kene ka Sehalaledisisong hanngwe ka selemo ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe. (Lev. 16:​2, 17) O ne a kena sebakeng seo selemo le selemo ka madi a diphoofolo e le hore a tshwarelwe dibe le hore setjhaba sohle se tshwarelwe dibe. Ha nako e ntse e ya, Jehova o ile a sebedisa moya wa hae o halalelang ho hlalosa hore na dintho tse tabernakeleng di bolelang.—Baheb. 9:​6-8. e

13. Sehalalelo le Sehalaledisiso sa tabernakele di tshwantshetsang ho latela tsela eo Bakreste ba rapelang ka yona?

13 Tsela eo Bakreste ba rapelang ka yona. Ke barutuwa ba mmalwa feela ba Kreste ba tlotsitsweng ka moya o halalelang mme ba na le setswalle se ikgethang le Jehova. Batlotsuwa bana ba 144 000 e tlo ba baprista lehodimong le Jesu. (Tshen. 1:6; 14:1) Karolo ya Sehalalelo e neng e le tabernakeleng e tshwantshetsa hore batlotsuwa ba kgethilwe hore e be bana ba Modimo ha ba ntse ba le lefatsheng. (Bar. 8:​15-17) Karolo ya Sehalaledisiso e neng e le tabernakeleng e emela lehodimo e leng moo Jehova a dulang teng. “Kgaretene” e neng e arola Sehalalelo le Sehalaledisiso e emela mmele wa Jesu wa nama, o neng o etsa hore a se ke a kgona ho kena lehodimong e le Moprista ya Phahameng ka ho fetisisa wa tempele ya tshwantshetso. Ha Jesu a fana ka mmele wa hae wa nama e le sehlabelo bakeng sa ho lopolla batho, o ile a bulela Bakreste bohle ba batlotsuwa monyetla wa ho phela lehodimong. Le bona ba lokela ho siya mmele ya bona ya nama e le hore ba ka fumana moputso wa bona wa ho phela lehodimong. (Baheb. 10:​19, 20; 1 Bakor. 15:50) Ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, o ile a kena Sehalaledisisong sa tempele ya tshwantshetso e leng moo batlotsuwa bohle ba tla ba le yena.

14. Ho latela Baheberu 9:​12, 24-26, ke hobaneng ha tsela eo re rapelang ka yona tempeleng ya Jehova ya tshwantshetso e le molemo ho feta tsela eo Baiseraele ba neng ba mo rapela ka yona?

14 Re kgona ho bona ka moo borapedi ba nnete boo Jehova a bo hlophisitseng bo phahameng ka teng. Borapedi bona bo bile teng ka lebaka la sehlabelo sa Jesu Kreste le boprista ba hae. Moprista ya phahameng wa Iseraele o ne a kena Sehalaledisisong se entsweng ke batho ka madi a mahlabelo a diphoofolo empa Jesu o ile a kena “lehodimong la sebele” e leng sebaka se halalelang ka ho fetisisa e le hore a ka hlaha ka pela Jehova. O ile a hlahisa bophelo ba hae bo phethahetseng molemong wa rona e le hore “a tlose sebe ka sehlabelo sa hae.” (Bala Baheberu 9:​12, 24-26.) Sehlabelo sa Jesu se etsa hore re tshwarelwe dibe ka ho feletseng. Hona jwale re tla ithuta hore kaofela ha rona re ka kgona ho rapela Jehova tempeleng ya hae ya tshwantshetso, ho sa tsotellehe hore na re na le tshepo ya ho phela lehodimong kapa lefatsheng.

MABALA

15. Ke bomang ba neng ba sebeletsa lebaleng la tabernakele?

15 Tsela eo Bajuda ba neng ba rapela ka yona. Tabernakele e ne e ena le lebala le le leng. Lebala leo le ne le le leholo ebile le kampetswe mme baprista ba ne ba etsetsa mesebetsi ya bona moo. Aletare e kgolo ya koporo ya nyehelo ya setjheso e ne e le lebaleng le beisine ya metsi e entsweng ka koporo, eo baprista ba neng ba e sebedisetsa ho itlhwekisa pele ba etsa mosebetsi o halalelang. (Ex. 30:​17-20; 40:​6-8) Le ha ho le jwalo, ditempele tse ileng tsa hahwa ha morao le tsona di ne di ena le lebala le ka ntle moo batho bao e seng baprista ba neng ba ka ema teng mme ba rapela Modimo.

16. Ke bomang ba sebeletsang mabaleng a tempele ya tshwantshetso?

16 Tsela eo Bakreste ba rapelang ka yona. Pele batlotsuwa ba ya lehodimong ho yo sebeletsa e le baprista le Jesu, ba sebetsa ka botshepehi lebaleng le ka hare la tempele ya tshwantshetso. Beisine e kgolo ya metsi e neng e le tabernakeleng e hopotsa Bakreste bohle hore ba lokela ho phela ka tsela e thabisang Modimo le ho mamela melao ya hae. “Bongata bo boholo ba batho” ba tshehetsang batlotsuwa e leng bara ba bo Kreste, bona ba rapela Modimo hokae? Moapostola Johanne o ile a ba bona ba “eme ka pela terone . . . ba sebeletsa [Modimo] bosiu le motshehare ka tempeleng ya hae.” Bongata bo boholo bo sebeletsa Modimo lebaleng le ka ntle la tempele ya tshwantshetso. (Tshen. 7:​9, 13-15) Ka nnete re ananela ho sebeletsa Jehova borapeding ba nnete boo a bo hlophisitseng.

RE THABELA HO RAPELA JEHOVA

17. Ke dintho dife tseo re ka di fang Jehova?

17 Mehleng ena Bakreste bohle ba na le monyetla wa ho sebedisa nako ya bona, matla le dintho tseo ba nang le tsona ho sebeletsa Modimo. Jwalo ka ha Pauluse a ile a bolella Bakreste ba Baheberu, le rona re lokela ho “dula re rorisa Modimo. Ho etsa jwalo ho tshwana le ho mo etsetsa sehlabelo. Re bolela lebitso la hae phatlalatsa ka melomo ya rona.” (Baheb. 13:15) Re ananela monyetla oo re nang le wona wa ho sebeletsa Jehova ka pelo yohle.

18. Ho latela lengolo la Baheberu 10:​22-25, ke dintho dife tseo re sa lokelang ho kgaotsa ho di etsa le tseo re sa lokelang ho di lebala?

18 Bala Baheberu 10:​22-25. Ha Pauluse a le haufi le ho phethela lengolo la Baheberu, o ile a bua ka dintho tseo re sa lokelang ho kgaotsa ho di etsa. Dintho tsena di akareletsa ho rapela Jehova, ho bolela ditaba tse monate tsa Bibele, ho ya dibokeng le ho kgothatsana. Re lokela ho etsa “dintho tsena le ho feta hobane re a bona hore letsatsi [la Jehova] le ntse le atamela.” Dikgaolong tsa ho qetela tsa lengolo la Tshenolo, ka makgetlo a mabedi lengeloi la Jehova le ile la re: “Rapela Modimo” ho bontsha hore ke ha bohlokwa hore re rapele Jehova. (Tshen. 19:10; 22:9) E se eka re ka dula re hopola dintho tse tebileng tseo re ithutileng tsona ka tempele ya Jehova e kgolo ya tshwantshetso mme re dule re ananela monyetla oo re nang le wona wa ho rapela Modimo wa rona ya matla.

PINA YA 88 Ntsebise Ditsela Tsa Hao

a Thuto e nngwe ya bohlokwa eo Lentswe la Modimo le buang ka yona ke tempele ya Jehova e kgolo ya tshwantshetso. Tempele eo ke eng? Sehlooho sena se tlo re thusa hore re ithute dintlha tse hlahang lengolong la Baheberu tse buang ka tempele eo. E se eka sehlooho sena se ka o thusa hore o ananele monyetla oo o nang le wona wa ho rapela Jehova.

b E le hore o tsebe hore na lengolo la Baheberu le bua kang, shebella video e reng Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Baheberu ho jw.org/st-za.

c Lengolo la Baheberu ke lona feela Mangolong a Segerike a Bakreste le reng Jesu ke Moprista ya Phahameng.

d Buka e nngwe ya dipatlisiso e re e ka nna yaba palo yohle ya baprista ba phahameng ba kileng ba phela e ne e le 84 pele tempele e Jerusalema e fediswa ka selemo sa 70 mehleng ya baapostola.

e E le hore o bone hore na dintho tseo moprista ya phahameng a neng a di etsa ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe di bolelang, shebella video e reng The Tent ho jw.org.

g Sheba lebokose le reng “Moya o Ile wa Senola se Bolelwang ke Tempele ya Moya Jwang?” ho Molula-Qhooa wa July 15, 2010, leq. 22.