Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DINTHO TSE KA O THUSANG HA O ITHUTA

Ikgopotse Dintlha Tsa Sehlooho

Ikgopotse Dintlha Tsa Sehlooho

Na o kile wa bala sehlooho yaba ha o sa hopola hore na se bua ka eng? Haeba ho jwalo, ha o mong. Ebe re ka thuswa keng? Ikgopotse dintlha tsa sehlooho.

Ha o ntse o ithuta, kgafetsa ema hanyane o ikgopotse na o ithutileng. Moapostola Pauluse le yena o ne a thusa batho ba balang mangolo a hae ka hore a re: “Ntlha ya sehlooho . . . ke ena.” (Baheb. 8:1) Ka ho tjho jwalo o ne a ba hopotsa hore na o ntse a bua ka eng le hore na taba eo e amana jwang le sehlooho.

Mohlomong o ka etsa hore ha o beha nako ya ho ithuta o kenyeletse le ya ho nahana ka dintho tseo o ithutileng tsona. Haeba o se o sa di hopole, sheba dihloohwana kapa polelo e jereng mokotaba. Ntho e ntjha eo o ithutang eona, leka ho e hlalosa ka mantswe a hao. Ha o ikgopotsa ntlha ya sehlooho o ka dula o hopola taba wa ba wa bona na o ka e kenyeletsa jwang bophelong ba hao.