Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisa Jehova ka ho ba Mosa le ka ho Nahanela ba Bang

Etsisa Jehova ka ho ba Mosa le ka ho Nahanela ba Bang

“Ho thaba mang kapa mang ya nahanelang motho ya tlase.” —PES. 41:1.

DIPINA: 130, 107

1. Lerato le bonahahala jwang hara bahlanka ba Modimo?

BAHLANKA ba Modimo lefatsheng lohle ke lelapa le leholo mme ba bonahala ka lerato. (1 Joh. 4:16, 21) Ke nnete hore ka nako tse ding ba etsetsa barababo bona dintho tse kgolo. Empa maemong a mangata, ba bontshana lerato ka ho etsetsana esita le dintho tse nyenyane feela. Ka hona, haeba re tshwara ba bang ka mosa le ho ba nahanela, re tla be re le “baetsisi ba Modimo, jwalo ka bana ba ratwang.”—Baef. 5:1.

2. Jesu o ile a bontsha jwang hore o rata batho jwalo ka Modimo?

2 Jesu o ile a etsisa mohlala wa Ntate wa hae ka ho phethahetseng. Re bona sena ha a ne a re: “Tloong ho nna, lona bohle ba sehlang le ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla . . . , ka ha ke na le maikutlo a bonolo mme ke ikokobeditse pelong.” (Mat. 11:28, 29) Ha re etsisa mohlala wa Kreste ka ho ‘nahanela motho ya tlase,’ seo se tla thabisa Ntate wa rona ya mahodimong mme o tla re amohela. (Pes. 41:1) A re ke re boneng hore na ke jwang re ka bontshang ho nahanela ka lapeng, ka phuthehong le ha re le tshebeletsong ya tshimo.

BONTSHA HO NAHANELA KA LAPENG

3. Monna a ka bontsha jwang hore o utlwisisa mosadi wa hae ebile o a mo nahanela? (Sheba setshwantsho se qalong.)

3 Banna ba lokela ho etella pele tabeng ya ho bontsha ho nahanela ba bang ka lapeng. (Baef. 5:25; 6:4) Ka mohlala, ba eletswa hore ba dule le basadi ba bona “ho ya ka tsebo.” Mantswe ana a ka boela a fetolelwa e le “ho ba nahanela kapa ho ba utlwisisa.” (1 Pet. 3:7) Ho nahanela le ho utlwisisa ho a tsamaisana. Ka mohlala, monna ya utlwisisang, o a tseba hore mosadi wa hae ke motlatsi wa hae le hore ke nnete hore maemong a mang ha ba tshwane. Empa seo ha se bolele hore o betere ho feta mosadi wa hae. (Gen. 2:18) Ka lebaka leo, o nahanela mosadi wa hae, o mo siela seriti ebile o a mo hlompha. Ha Mme e mong wa Canada a bua ka monna wa hae o re: “Ha ho mohla a nyenyefatsang maikutlo aka kapa a re: ‘Ha o a tshwanela ho ikutlwa ka tsela eo.’ O mamela ka hloko mokgwa hae. Ha a nthusa hore ke fetole pono ya ka dinthong tse itseng, o etsa seo ka mosa.”

4. Monna a ka bontsha jwang hore o nahanela maikutlo a mosadi wa hae ha a sebedisana le basadi ba bang?

4 Monna ya nahanelang, o nkela maikutlo a mosadi wa hae hloohong ha a sebedisana le basadi ba bang. Le ka mohla, ha a tsamaye a ntse a bonya bonya le bona kapa a ba bontsha ka tsela e itseng hore o a ba thahasella. O etsa se tshwanang le metjheng ya phatlalatso haesitana le maqepheng a Inthanete ao a kenang ho ona. (Jobo 31:1) O etsa sohle seo a ka se kgonang ho tshepahalla mosadi wa hae. Empa o boetse o etsa sena hape hobane a rata Jehova mme a hloile se sebe.—Bala Pesaleme ya 19:14; 97:10.

5. Mosadi yena a ka bontsha jwang hore o nahanela monna wa hae?

5 Ha monna a ikokobelletsa hlooho ya hae e leng Jesu Kreste, ka ho tshwanang mosadi wa hae le yena o tla mo hlompha ka ho tebileng. (Baef. 5:22-25, 33) Tlhompho ena e tla thusa Mme enwa hore a nahanele monna wa hae, mohlomong ha a hlokomela hore o na le mesebetsi ya phutheho eo a lokelang ho e phetha kapa mathata a itseng ao a lokelang ho a rarolla. Ntate e mong wa Britain o re: “Ka nako tse ding mosadi wa ka o ne a elellwa ka tsela eo ke neng ke ye ke etse dintho ka yona ha ho na le ho hong ho ntshwenyang. O ne a tla sebedisa molaomotheo o ho Liproverbia 20:5 le hoja seo se ne se tla bolela hore a lete ho fihlela ke kgona ho bua, le teng haeba taba ena e se sephiri seo a sa lokelang ho se tseba.”

6. Kaofela ha rona re ka thusa bana jwang hore ba nahanele batho ba bang, hona ba tla rua molemo jwang ha ba etsa jwalo?

6 Ha batswadi ka bobona ba nahanelana, ba behela bana mohlala o motle. Batswadi ke bona ba nang le boikarabelo bo ka sehloohong ba ho ruta bana ba bona ho nahanela batho ba bang. Ka mohlala, ba lokela ho ruta bana ba bona hore ba se ke ba matha ka Holong ya Mmuso. Ha ba le dimmokeng batswadi ba ka nna ba bolella bana ba bona hore ba fe batho ba hodileng sebaka sa pele ha ba le moleng wa ho ngwathela dijo. Kaofela ha rona ka phuthehong re ka thusa batswadi tabeng ya ho ruta bana. Ka mohlala, haeba ngwana a entse ntho e ntle, jwalo ka ho bulela batho monyako, re ka mo babatsa. Bana ba a thaba ha re ba babatsa, ebile ba tla ithuta hore “ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.”—Lik. 20:35.

“A RE NAHANELANENG” RE LE DITHO TSA PHUTHEHO

7. Jesu o ile a bontsha jwang hore o nahanela monna ya neng a sa utlwe ditsebeng, hona re ithutang mohlaleng ona wa Jesu?

7 Ka tsatsi le leng ha Jesu a ne a le Dekapolise, batho ba ile “ba mo tlisetsa monna ya sa utlweng ditsebeng le ya nang le leleme le rarahaneng.” (Mar. 7:31-35) Ho e na le hore a mo fodisetse hona pela bongata bona, o ile a “mo tlosa ho” bona. Hobaneng? Lebaka ke hore e ka nna yaba boemo ba motho enwa bo ne bo etsa hore a utlwe a le dihlong ha a le hara batho. Mohlomong Jesu o ile a nahana ka taba ena, ke ka hona a ileng a kgetha ho mo fodisetsa thoko ho batho. Ke nnete hore rona ha re na matla a ho etsa mehlolo. Empa le ha ho le jwalo, re lokela ho nahanela ditlhoko le maikutlo a badumedimmoho le rona hobane re ka kgona ho etsa jwalo. Moapostola Pauluse o ile a re: “A re nahanelaneng hore re susumelletsane leratong le mesebetsing e metle.” (Baheb. 10:24) Ho hlakile hore Jesu o ne a utlwisisa hantle ka moo monna yane ya sa utlweng ditsebeng a neng a ikutlwa ka teng. Ke ka hoo a ileng a mo nahanela. Ka sebele ona ke mohlala oo re ka o etsisang.

8, 9. Ke ka tsela efe re ka nahanelang ba hodileng le ba fokollwang ke bophelo? (Fana ka mehlala.)

8 Nahanela ba hodileng le ba fokollwang ke bophelo. Phutheho ya Bokreste ha e a ameha feela ka ho etsa dintho hantle le ka ho di etsa ka nako. Empa e tsebahala ka lerato. (Joh. 13:34, 35) Lerato lena le re susumelletsa hore re thuse bao ka lebaka la ho hola ba sa kgoneng ho iketsetsa letho hore ba tle ba tsebe ho ya dibokeng le tshimong. Re ka etsa jwalo ho sa tsotellehe hore na ke ho hokae hoo ba ka ho etsang. (Mat. 13:23) Michael ya tsamayang ka wheelchair, o ananela thuso eo a e fumanang ka lapeng kapa ho bara le baradibabo ba sehlopheng sa hae sa tshimo. O re: “Jwale hangata ke se ke bile ke kgona le ho ba teng dibokeng mme ka mehla ke teng tshimong. Ke ye ke utlwe ho bolela molaetsa wa Bibele ka ditoroli ho le monate haholo.”

9 Ho na le ba hodileng le ba fokollwang ke bophelo mahaeng a mangata a Bethele. Ka hona, ba etellang pele ba bontsha lerato le ho nahanela ka ho hlophisetsa bahlanka bana ba tshepahalang mokgwa wa ho bolela molaetsa wa Bibele ka ho ngola mangolo le ka thelefono. Bill ya dilemo di 86 o tlwaetse ho romella batho ba dulang dibakeng tse hole molaetsa wa Bibele ka mangolo. O re: “Re ananela monyetla ona haholo.” Nancy ya habang ho ba dilemo di 90 o re: “Ha ke tadime ho bolela molaetsa ka mangolo e le feela ho tlatsa dienfolopo ka dipampri. Empa ke nka ehlile e le karolo ya tshimo. Batho ba lokela ho tseba nnete.” Ethel ya hlahileng ka 1921 o re: “Ho opelwa ke karolo ya bophelo ba ka. Ka nako tse ding ebile ke hloleha le ho ikapesa feela.” Le ha ho le jwalo, Ethel o ntse a thabela ho bolela molaetsa wa Bibele ka thelefono mme ho na le batho ba mmalwa ba thabelang hore a nne a bue le bona kgafetsa. Barbara ya dilemo di 85 o re: “Ke thatafallwa ke ho ya tshimong ka lebaka la maemo a bophelo. Ke a o leboha Jehova.” Nakong e ka tlase ho selemo feela, bara le baradibabo rona ba hodileng ba ile ba sebetsa dihora tse 1 228 tshimong. Ba ile ba ngola le mangolo a 6 265 mme ba founela batho ka makgetlo a fetang a 2 000 ba ba ba fana ka dingolwa tse 6 315. Ha ho potang hore Jehova o ile a thabiswa ke seo haholo.—Liprov. 27:11.

10. Re ka thusa bara le baradibabo rona jwang hore ba rue molemo ha ba le dibokeng?

10 Bontsha ho nahanela ha o le dibokeng. Re batla hore bara le baradibabo rona ba rue molemo ka ho felletseng ha ba le dibokeng. Ka hona, haeba re ba nahanela, re tla ba thusa haholo. Empa jwang? Tsela e nngwe ke ka ho fihla ka nako dibokeng e le hore re se ke ra baka tshitiso e sa hlokahaleng. Ke nnete hore ka nako tse ding ho ka hlaha maemo ao re sa a lebellang a ka re diehisang. Empa haeba ho fihla lata e se e le tlwaelo ya rona, re tla lokela re ke re nahanisise ka taba ena mme re nahanele ba bang haholwanyane. Hopola hore ke Jehova le Mora wa hae ba re memetseng dibokeng. (Mat. 18:20) Ka hoo, re lokela ho ba hlompha ka ho tebileng.

11. Ke hobaneng ha ba nang le dikabelo dibokeng ba lokela ho sebedisa tataiso e fumanwang ho 1 Bakorinthe 14:40?

11 Ho nahanela ba bang ho boetse hape ho bolela ho mamela tataiso e reng: “Dintho tsohle di ke di etsahale ka mokgwa o hlomphehang le ka tlhophiso. (1 Bakor. 14:40) Barababo rona ba abetsweng dikabelo dibokeng ba mamela tataiso ena ka ho di phetha hantle ka nako eo ba e abetsweng. Ha ba etsa jwalo, ba tla be ba sa nahanele sebui se latelang feela empa ba tla be ba nahanela le bohle ba tlileng dibokeng. Taba ke hore bara le baradibabo rona ba bang ba lokela ho tsamaya maeto a malelele ho kgutlela hae. Ba bang bona ba itshetlehile ka dipalangwang tsa setjhaba. Athe ha e le ba bang ba na le balekane bao e seng Dipaki Tsa Jehova ba ka nnang ba teneha haeba ba kgutla lata.

12. Ke hobaneng ha re lokela ho fa baholo tlhompho e ikgethang le lerato ka lebaka la mosebetsi wa bona o tswileng matsoho? (Sheba lebokose le reng “ Bontsha Hore o Nahanela ba Etellang Pele.”)

12 Re lokela ho hlompha baholo ka ho kgetheha ka ha ba sebetsa ka thata mme ba tjhesehela ho etella pele tshebeletsong ya tshimo. (Bala 1 Bathesalonika 5:12, 13.) Ntle ho pelaelo o ananela boiteko boo baholo ba bo etsang molemong wa hao. Ka lebaka leo he, etsa sohle seo o ka se kgonang ho ba tshehetsa le ho sebedisana le bona. Etswe “ba dula ba lebetse meya ya lona jwalo ka ba tla ikarabella.”—Baheb. 13:7, 17.

AMEHA KA MAIKUTLO A BATHO HA O LE TSHEBELETSONG

13. Re ka ithutang tseleng eo Jesu a neng a tshwara batho ka yona?

13 Esaia o ile a profeta tjena mabapi le Jesu: “Ha ho lehlaka le tletleraneng leo a tla le roba; ha e le kgwele ya lebone e lerootho ya folakse, a ke ke a e tima.” (Esa. 42:3) Lerato leo Jesu a neng a rata batho ka lona le ile la mo susumelletsa hore a ba utlwele bohloko. O ne a utlwisisa hantle maikutlo a batho bao ka tshwantshetso ba neng ba le jwalo ka lehlaka le tletleraneng kapa kgwele ya lebone ya folakse e mothating wa ho tima. Ke ka lebaka leo a ileng a ba nahanela, a ba tshwara ka mosa a ba a ba mamella. Esita le bana ba ne ba rata ho ba le yena. (Mar. 10:14) Ke nnete hore ha re na temohisiso le bokgoni ba ho ruta bo tshwanang hantle le ba Jesu. Empa le ha ho le jwalo, re ka kgona ho nahanela batho ba tshimong ya habo rona ebile ha e le hantle re tlamehile ho etsa jwalo. Sena se akarelletsa le taba ya hore na re bua le bona jwang, neng le ka nako e kae.

14. Ke hobaneng ha re lokela ho ela hloko tsela eo re buang le batho ka yona?

14 Re lokela ho bua le batho jwang? Kajeno, batho ba dimilione ba ‘sohlokehile mme ba qhalakane’ ka lebaka la bobodu, maemo a putlameng a moruo, dipolotiki le baetapele ba bodumedi. (Mat. 9:36) Ka lebaka leo, batho ba bangata ha ba sa na tshepo ka bophelo. Ka hona, ke ha bohlokwa hore mantswe ao re a sebedisang le tsela eo re buang ka yona di bontshe mosa le ho nahanela. Ka sebele, batho ba bangata ha ba rate molaetsa wa rona feela hobane re tseba Bibele kapa ho e hlalosa ha monate. Empa ba o rata hobane re ba bontsha hore re a ba thahasella le ho ba nahanela.

15. Ke ka ditsela dife re ka nahanelang batho bao re ba bolellang molaetsa wa Bibele?

15 Ho na le ditsela tse ding tseo ka tsona re ka bontshang hore re nahanela batho bao re ba bolellang molaetsa wa Bibele. Ka mohlala, ho botsa dipotso ke e nngwe ya tsona. Re lokela ho botsa dipotso ka mosa le ka tlhompho. Moradi e mong wabo rona wa pulamadiboho ya sebetsang tshimong eo batho ba bangata ba moo ba sa kgoneng ho ntsha maikutlo kapa ba leng dihlong, o ithutile hore ha a a lokela ho botsa dipotso tse tla ba hlabisa dihlong. Sena se akarelletsa dipotso tseo motho a ke keng a kgona ho di araba kapa a ka nnang a di fosa. Ka mohlala, o ne a qoba dipotso tse kang, ‘Na o a tseba hore na lebitso la Modimo ke mang?’ kapa ‘Na o a tseba hore na Mmuso wa Modimo ke eng?’ O ne a ka mpa a re: “Ke ithutile hore Bibele e re Modimo o na le lebitso. Na nka o bontsha lona?” Ke nnete hore ditso le batho ba a fapana, ke ka hoo re sa hlokeng letoto la melao. Le ha ho le jwalo, re lokela hore ka mehla re nahanele batho le ho ba hlompha mme seo se akarelletsa le ho tseba batho ba sebakeng sa habo rona.

16, 17. Tsela eo re nahanelang baahelani ba rona ka yona e lokela ho re susumetsa jwang (a) ha re ya ka ntlo le ntlo? (b) ka nako eo re e qetang re bua le monngantlo?

16 Re lokela ho etela baahelani ba rona neng? Ha re ya ka ntlo le ntlo, re baeti ba sa lebellwang. Ka hona, ke ha bohlokwa hore re ye ka ntlo le ntlo ka nako eo re tsebang hantle hore batho ba tla ba le nako ya ho qoqa le rona. (Mat. 7:12) Ka mohlala, na batho ba tshimo ya heno ba tlwaetse ho itsohela motshehare mafelobeke? Haeba ho jwalo, o ka nna wa qala tshebeletso ya hao ka ho etsa street work, ho bolela molaetsa wa Bibele ka toroli kapa wa kgutlela ho batho bao o buileng le bona nakong e fetileng mme o kgodisehile hore o tla kgona ho bua le bona ka nako eo.

17 Re lokela ho dula nako e kae ha monngantlo? Hopola hore batho ba bangata ba maphathaphathe, jwale e ka ba hantle hore o mpe o se ke wa dula nako e telele, haholoholo qalong. Ka hoo, o se ke wa bua lolololo. (1 Bakor. 9:20-23) Ha batho ba bona hore re a ba nahanela ha re ba thola ba phathahane, ba ka nna ba re re kgutle hape. Ka sebele, re lokela ho bontsha ditholwana tsa moya wa Modimo ha re le tshebeletsong ya tshimo. Haeba re etsa jwalo, re tla ba “basebetsimmoho le Modimo” mme a ka ba a re sebedisa hore re thuse motho e mong hore e be Paki ya hae.—1 Bakor. 3:6, 7, 9.

18. Re lebelletse ka tjantjello e kgolo ho fumana moputso ofe haeba re nahanela ba bang?

18 Ka hoo, a re etseng boiteko bohle ba ho nahanela ba bang ka lapeng, ka phuthehong le ha re le tshebeletsong ya tshimo. Ha re etsa jwalo, re tla fumana ditlhohonolofatso tse ngata hona jwale le nakong e tlang. Etswe Pesaleme ya 41:1, 2 e re: “Ho thaba mang kapa mang ya nahanelang motho ya tlase; Jehova o tla mo pholosa letsatsing la tlokotsi. . . . Ho tla phatlalatswa hore o thabile lefatsheng.”