Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Haeba le Tseba Dintho Tsena, le a Thaba Haeba le di Etsa”

“Haeba le Tseba Dintho Tsena, le a Thaba Haeba le di Etsa”

“Dijo tsa ka ke hore ke etse thato ya ya nthomileng le hore ke qete mosebetsi wa hae.”—JOH. 4:34.

DIPINA: 80, 35

1. Ke hobaneng ha ho le thata hakaale hore re ikokobetse?

KE HOBANENG ha ho le thata hakaale hore re latele ditaelo tseo re di fumanang Lentsweng la Modimo? Lebaka ke hobane batho bao re phelang le bona ha ba re kgothalletse hore re ikokobetse mme re hloka boikokobetso e le hore re latele ditaelo tsa Modimo. ‘Matsatsing ana a ho qetela,’ re potapotilwe ke batho bao e leng “baithati, ba ratang tjhelete, ba ikgopolang ho tlola, ba ikgohomosang.” (2 Tim. 3:1-3) Jwalo ka bahlanka ba Modimo, re a tseba hore tsela ena ya bophelo ha e a loka. Empa ka dinako tse ding ho ka bonahala eka batho bana ba a atleha mme ba thabela bophelo ho re feta. (Pes. 37:1; 73:3) Re ka nna ra ipotsa: ‘Na ebe ho a hlokahala hore ke behe ditlhoko tsa ba bang pele ho tsa ka?’ Haeba ke ‘itshwara jwalo ka e monyenyane,’ na batho ba tla ntlhompha? (Luka 9:48) Haeba re dumella ho hahlamelwa ke mekgwa ya batho ba boletsweng ka hodimo, kamano eo re nang le yona le badumedimmoho le rona e tla senyeha. Ebe jwale batho ha ba sa bona le ho bona hore re Bakreste. Empa haeba re bala re bile re etsisa mehlala e metle ya ba boletsweng ka Bibeleng, re tla hlohonolofatswa.

2. Bahlanka ba Modimo ba tshepahalang ba ka re susumetsa jwang?

2 Haeba re batla ho etsisa tumelo ya bahlaka ba Modimo ba tshepahalang, re lokela ho batlisisa tsela eo ba entseng dintho ka yona nakong e fetileng. Mohlomong re ka etsa sena ka ho ipotsa dipotso tsena tse latelang: Keng e ba thusitseng hore e be metswalle ya Modimo? Ba ile ba thabisa Modimo jwang? Hona ba ile ba fumana matla hokae a hore ba etse se nepahetseng? Ha re bala le ho nahanisisa ka mehlala ena, tumelo ya rona e tla ba matla.

RE KA ETSANG HORE TUMELO YA RONA E DULE E LE MATLA?

3, 4. (a) Jehova o sebedisa eng ho re ruta? (b) Ke hobaneng ha re hloka ho fetang tsebo feela hore tumelo ya rona e dule e le matla?

3 Jehova o re ruta a sebedisa Bibele, dingolwa tsa Bokreste, websaete ya rona, JW Broadcasting, diboka le dikopano tsa rona. Empa Jesu o ile a bontsha hore re hloka ho fetang tsebo feela. O ile a re: “Dijo tsa ka ke hore ke etse thato ya ya nthomileng le hore ke qete mosebetsi wa hae.”—Joh. 4:34.

4 Jesu o ne a tadima ho etsa thato ya Modimo e le dijo tsa hae. Ka kutlwisiso efe? Feela jwalo ka ha ho ja dijo tse nang le phepo e ntle ho ka etsa hore mmele wa rona o shahle, ho etsa thato ya Modimo ho tla etsa hore re be le tumelo e matla. Ka mohlala, ke ka makgetlo a makae o kileng wa ya sebokeng sa tshimo o sa phela hantle, empa e re ha o qeta ho bolela, o ikutlwe o hlasimolohile ebile o thabile le ho feta?

5. Ke molemo ofe oo re tla o fumana ha re sebedisa seo re ithutang sona Bibeleng?

5 Haeba re etsa seo Jehova a reng re se etse, re tla be re bontsha hore re bohlale. (Pes. 107:43) Ho na le molemo oo re tla o fumana ha re bontsha hore re bohlale. Bibele e re: “Tse ding tsohle tseo o di thabelang di ke ke tsa lekanngwa le bona . . . Ke sefate sa bophelo ho ba bo tshwarang, mme ba dulang ba bo tshwere ka tiyo ba tla bitswa ba thabileng.” (Liprov. 3:13-18) Etswe le Jesu o itse: “Haeba le tseba dintho tsena, le a thaba haeba le di etsa.” (Joh. 13:17) Baapostola ba ne ba tla thaba ka ho sa feleng haeba ba ne ba etsa seo Jesu a ba laetseng sona. Empa ha ba a ka ba mamela feela ka nako eo. Ho mamela le ho etsa thato ya Modimo e ile ya ba tsela ya bona ya bophelo.

6. Ke hobaneng ha re lokela ho dula re sebedisa seo re ithutileng sona?

6 Le kajeno, re lokela ho dula re sebedisa seo re ithutileng sona. Ho etsa mohlala, mekhenike o na le dithulusi, disebediswa le tsebo ya mosebetsi wa hae. Empa dintho tsena ha di na mo thusa ka letho haeba a sa di sebedise. Haeba o se a kile a kheneka bophelong mme jwale o se a na le boiphihlelo, o lokela ho dula a ntse a sebetsa e le hore bokgoni ba hae bo ka ntlafala le ho feta. Ka ho tshwanang, ha re ne re qala ho ithuta Bibele, re ne re thabile ha re sebedisa seo re ithutang sona. Le ha ho le jwalo, e le hore thabo eo e be e tshwarellang, re lokela hore kamehla re sebedise seo Jehova a re rutang sona.

7. Re lokela ho etsang ha re bala ka ditlaleho tsa bahlanka ba Modimo ba hlahang ka Bibeleng?

7 A re ke re hlahlobeng maemo a mang ao ho ona boikokobetso ba rona bo ka lekwang mme re bone hore na bahlanka ba Modimo ba nakong e fetileng ba ile ba hlola diteko tse tshwanang le tsena jwang. Le ha ho le jwalo, ha ho a lekana ho bala feela ka ditlaleho tsa bahlanka ba Modimo ba hlahang ka Bibeleng. Empa o lokela ho ikenya dieteng tsa bona, o bone hore na o ka sebedisa seo o se balang ka bona jwang bophelong ba hao mme o etse seo ka potlako.

EBA LE PONO E LOKETSENG KA BATHO

8, 9. Ditlaleho tse hlahang ho Liketso 14:8-15 di bontshang ka boikokobetso ba moapostola Pauluse? (Sheba setshwantsho se qalong.)

8 Thato ya Modimo ke hore “batho ba mefuta yohle ba pholohe mme ba fihle tsebong e nepahetseng ya nnete.” (1 Tim. 2:4) O ikutlwa jwang ka batho ba bangata ba so kang ba tseba thato ya Modimo? Ke nnete hore moapostola Pauluse o ile a bolela molaetsa wa Bibele ho Bajuda ba neng ba na le lesedinyana ka Modimo. Empa o ne a sa tlodise mahlo hodimo batho ba neng ba rapela medimo esele. Ho bolela molaetsa wa Bibele ho batho bana, ho ne ho tla bontsha hore na Pauluse o ne a ikokobeditse hakae.

9 Ka mohlala, ha Pauluse le Barnabase ba le leetong la pele la boromuwa, batho ba Lystra ba ile ba ba nkela hodimo jwalo ka ha ba ne ba etsa ka Zeuse le Hermese e leng medimo ya bona ya bohata. Na Pauluse le Barnabase ba ile ba ya le kgongwana hodimo yaba ba thabela ho tuma? Na ba ne ba tla nka sena e le monyetla wa ho tswa mahlorisong ao ba ileng ba tobana le ona ditoropong tse pedi tseo ba neng ba tswa ho tsona? Kapa na ebe ba ile ba nahana hore botumo bona bo tla ba thusa ho ntshetsa ditaba tse molemo pele? Le hanyenyane! Ho e na le hoo, ba ile ba halefa yaba ba a hweletsa ba re: “Ke hobaneng ha le etsa dintho tsee? Le rona re batho ba nang le mefokolo e tshwanang le eo le nang le yona.”—Lik. 14:8-15.

10. Ke ka tsela efe Pauluse le Baranabase ba neng ba inka ba tshwana le batho ba Lystra?

10 Pauluse le Barnabase ba ne ba dumela hore ka ha le bona e ne e le batho, ba ne ba sa phethahala. Le ha ho le jwalo, ba ne ba sa bolele hore tsela ya bona ya ho rapela e tshwana le ya batho ba moo. Na ha se nnete hore e ne e le baromuwa mme ba fuwe kabelo e kgethehileng? (Lik. 13:2) Na ha se nnete hore ba ne ba boetse ba tlotsitswe ka moya o halalelang ebile ba tshepisitswe le ho ya phela lehodimong? Empa sena e ne e se lona lebaka la hore ba iphahamisetse ba bang. Ba ne ba utlwisisa hore le batho ba Lystra le bona ba ka fumana monyetla wa ho ya phela lehodimong haeba ba ne ba ka amohela ditaba tse molemo.

11. Re ka ba le boikokobetso jwalo ka Pauluse jwang ha re le tshimong?

11 Re ka ba le boikokobetso jwalo ka Pauluse jwang? Ntlha ya pele, ha re a lokela ho lekeha ho amohela thoriso e fetelletseng hobane sohle seo re se finyellang, ke ka thuso ya Jehova. E mong le e mong wa rona o tla be a etsa hantle hore a ipotse: ‘Ke tadima batho bao ke ba bolellang ditaba tse molemo jwang? Na ke sa hlokomele ke kgetholla batho ba morabe o itseng jwalo ka ha ho tlwaelehile sebakeng sa heso?’ Ho a babatseha ho bona hore Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle, di etsa ka hohle hohle ho bolella batho ditaba tse molemo. Ebile ba bang ba etsa le boiteko ba ho ithuta puo le mekgwa ya batho bao ka tlwaelo sebakeng seo, ba kgellwang fatshe. Empa ha ho mohla Dipaki Tsa Jehova di iponang di le betere ho feta batho bana. Ho e na le hoo, di leka ho ba utlwisisa e le hore di kgone ho ba thusa hore ba amohele molaetsa wa Mmuso.

BITSA BATHO KA MABITSO HA O BA RAPELLA

12. Epafrase o ile a bontsha jwang hore ha a itjhebe boyena feela?

12 Tsela e nngwe eo re ka bontshang ka yona hore re ikokobeditse, ke ka ho rapella “ba fumaneng tumelo, eo e leng tokelo e lekanang le ya rona.” (2 Pet. 1:1) Epafrase o ne a etsa sona seo. O hlaha ka makgetlo a mararo feela ka mangolong a ngotsweng ke Pauluse. Ha Pauluse a ne a tshwerwe Roma, o ile a re Epafrase ‘kamehla o ne a ikitlaetsa molemong wa bona dithapelong tsa hae.’ (Bakol. 4:12) Epafrase o ne a tseba bara le baradibabo a bile a sa batle letho ka bona. Pauluse o ile a mo bitsa ‘motshwaruwammoho’ le yena, e leng se bontshang hore Epafrase le yena o ne a ntse a na le mathata a hae. (Filem. 23) Empa ho ntse ho le jwalo, o ne a ntse a thusa le ba bang. Na ruri sena hase pontsho ya hore Epafrase o ne a sa itjheba boyena feela? Haeba re bitsa Bakrestemmoho le rona ka mabitso ha re rapela, re tla be re bontsha hore re amehile ka bona ebile re a ba rata. —2 Bakor. 1:11; Jak. 5:16.

13. O ka etsisa mohlala wa Epafrase jwang ha o rapela?

13 Nahana ka bao o ka ba rapellang mme o ba bitse ka mabitso ha o rapela. Bara le baradibabo rona ba etsisa Epafrase ka ho rapella badumedimmoho le bona, malapa a jereng boikarabelo bo boima le batho ba tobaneng le diteko tse matla. Ba bangata ba rapella bao mabitso a bona a thathamisitsweng ho jw.org sehloohong se reng: “Dipaki Tsa Jehova di Tshwaretswe Tumelo ya Tsona.” (Kena ho DITABA > DITABA TSA MOLAO.) Ho phaella moo, re tla be re etsa hantle haeba re hopola ba ileng ba hlokahallwa, kapa ba ileng ba pholoha dikoduwa le dintwa le ba mamelletseng maemo a hlobaetsang a ditjhelete. Ho hlakile hore ho na le bara le baradibabo rona ba hlokang hore re ba rapelle. Ha re ba rapella, re tla be re bontsha hore ha re a ameha ka ditlhoko tsa rona feela. (Bafil. 2:4) Ka hona, re ka kgodiseha hore Jehova o mamela dithapelo tse jwalo.

‘POTLAKELA HO UTLWA’

14. Jehova o behile mohlala o motle jwang wa ho mamela?

14 Tsela e nngwe eo re ka bontshang ka yona hore re ikokobeditse, ke ka ho ikemisetsa ho mamela batho ba bang. Jakobo 1:19 e re re lokela ho ‘potlakela ho utlwa.’ Jehova ka boyena o re behetse mohlala o babatsehang tabeng ena. (Gen. 18:32; Josh. 10:14) Ako nahane ka seo re ka ithutang sona puisanong e tlalehilweng ho Exoda 32:11-14. (E Bale.) Le hoja Jehova a ne a sa hloke tlhahiso ya Moshe, o ile a mo fa monyetla wa hore a ntshe maikutlo a hae. Ebe ke mang ya ka nkang ditlhahiso tsa motho ya neng a fositse ebe o a di sebedisa? Ho a thabisa ho tseba hore Jehova yena, o mamela batho a sa ba tenehele ha ba mo rapela ka tiyo.

15. Re ka etsisa Jehova jwang ka ho hlompha ba bang?

15 E mong le e mong wa rona o lokela ho ipotsa: ‘Haeba Jehova a ile a ikokobetsa mme a mamela batho ba kang Abrahama, Ragele, Moshe, Joshua, Manowa, Elia le Ezekiele, jwale nna ke mang hore ke se ke ka hlompha le ho mamela ditlhahiso tse molemo tsa banabeso? Na ebe ho na le motho ka phuthehong kapa wa lelapa ya hlokang hore ke mo mamele? Ebe ke ikemiseditse ho etsang ka taba eo?’—Gen. 30:6; Baahl. 13:9; 1 Mar. 17:22; 2 Likron. 30:20.

MOHLOMONG JEHOVA O TLA BONA MAHLOMOLA A KA

Davida o ile a re: “Mo tloheleng.” Wena o ka be o ile wa etsang? (Sheba serapa sa 16, 17)

16. Morena Davida o ile a etsang ha Shimei a ne a mo qala?

16 Boikokobetso bo re thusa hore re ithibe ha batho ba re qala. (Baef. 4:2) Mohlala o babatsehang wa sena o hlaha lengolong la 2 Samuele 16:5-13. (E Bale.) Davida le bahlanka ba hae ba ile ba mamella ha Shimei, e leng mong ka Morena Saule a ba hlasela. Davida o ile a kgoba matshwafo le hoja a ne a na le matla a ho thiba Shimei. Ebe Davida o ile a fumana matla hokae a ho ithiba? Re tla fumana karabo ya sena ka ho hlahloba Pesaleme ya 3.

17. Ke eng e thusitseng Davida hore a ithibe, hona re ka mo etsisa jwang?

17 Sehloohwana sa Pesaleme ya 3 se bontsha hore Davida o e ngotse “ha a ne a baleha ka lebaka la mora wa hae Absalome.” Temana ya 1 le 2, di bontsha diketsahalo tse boletsweng kgaolong ya 16 ya Samuele wa Bobedi. Athe ho Pesaleme ya 3:4 teng, re bona kgodiseho eo Davida a neng a na le yona ha a re: “Ke tla hweletsa ho Jehova ka lentswe la ka, o tla nkaraba a le thabeng ya hae e halalelang.” Le rona re ka rapela ha re lekwa. Ha re etsa jwalo, Jehova o tla re fa moya wa hae o halalelang mme a re thuse ho mamella diteko. Na o se o kile wa iphumana o lokela ho ithiba boemong bo itseng kapa o lokela ho tshwarela motho ya o utlwisitseng bohloko? Na o kgodisehile hore Jehova o bona mahlomola a hao le hore haufinyana o tla o hlohonolofatsa?

“BOHLALE KE NTHO YA BOHLOKWA KA HO FETISISA”

18. Re tla rua molemo jwang ha re mamela ditaelo tsa Modimo?

18 Re a tseba hore Modimo o tla re hlohonolofatsa haeba re mamela ditaelo tsa hae. Ha ho makatse hore ebe Lengolo la Liproverbia 4:7 le re: “Bohlale ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa.” Le hoja bohlale bo itshetlehile ka tsebo, ke ha bohlokwa hore tsebo eo, re e utlwisise hantle mme re kgone ho e sebedisa ha re etsa diqeto. Esita le dikokonyaneng, re bona bohlale ka tsela e itseng. Dikokonyana di bontsha bohlale ba tlhaho ka ho bokella dijo lehlabula. (Liprov. 30:24, 25) Kreste eo Bibele e mo bitsang “bohlale ba Modimo,” ka mehla o dula a etsa dintho tse thabisang Ntate wa hae. (1 Bakor. 1:24; Joh. 8:29) Le rona Modimo o tla re putsa haeba re ikokobeditse mme re bontsha bohlale ka ho kgetha ho etsa se nepahetseng. (Bala Matheu 7:21-23.) Ka hoo, etsa sohle seo o ka se kgonang ho bopa kgotso ka phuthehong le ho susumelletsa badumedimmoho le wena hore ba ikokobetse. Re se re bone hore ho sebedisa seo re ithutileng sona ho hloka mamello. Empa re ka kgodiseha hore haeba re etsa seo ka boikokobetso, re tla fumana thabo ya moshwelella hona jwale le nakong e tlang.