Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Thaba ba Sebeletsang “Modimo ya Thabileng”

Ho Thaba ba Sebeletsang “Modimo ya Thabileng”

“Ho thaba batho bao Modimo wa bona e leng Jehova!”—PES. 144:15.

DIPINA: 44, 125

1. Ke hobaneng ha bahlanka ba Jehova e le batho ba thabileng? (Sheba setshwantsho se qalong.)

KA SEBELE Dipaki Tsa Jehova ke batho ba thabileng. Re bona bopaki ba sena ha ba le dibokeng, dikopanong, dimmokeng le ha ba iqoqela feela ba tsheha ho le monate. Ke hobaneng ha ba thabile hakaale? Lebaka le ka sehloohong ke hore ba tseba Jehova, ba a mo sebeletsa ebile ba leka ka matla ho mo etsisa jwalo ka ha e le “Modimo ya thabileng.” (1 Tim. 1:11; Pes. 16:11) Ka ha Modimo ke Mohlodi wa thabo, o batla hore le rona re thabe mme o re fa le mabaka a mangata a hore re thabe.—Deut. 12:7; Moek. 3:12, 13.

2, 3. (a) Ha e le hantle thabo keng? (b) Ke hobaneng ha ho ka ba thata hore re thabe?

2 Ho thweng ka wena? Na o thabile? Ho thaba ho ka bolela ho ikutlwa hantle le ho kgotsofalla seo o nang le sona bophelong. Bibele e bontsha hore motho a ka thaba e le kannete ha feela a na le kamano e ntle le Jehova. Empa mehleng ena, ho ka ba thata hore motho a thabe. Hobaneng?

3 Ho ka ba thata hore re thabe ha re hlokahallwa kapa motho eo re mo ratang a kgaolwa. Ntho e nngwe e ka re amohang thabo, ke ha lenyalo la rona le fela kapa re lahlehelwa ke mosebetsi. Ho ka boela ha ba boima hore re thabe haeba re dula re qabana ka tlung mme ho se na kgotso. Ha re hlaselwa mme re kenngwa teronkong ka lebaka la ho sebeletsa Jehova, re sonngwa ke basebetsimmoho le baithutimmoho le rona, seo se ka re hlokisa botsitso le thabo. Ha re sa bua ka ho fokollwa ke bophelo, ho tshwarwa ke lefu le sa foleng le ho tepella maikutlo. Le ha ho le jwalo, Jesu Kreste “ya thabileng le eo e leng yena feela Mmusi ya Matla a Maholo,” o ikemiseditse ho kgothatsa le ho etsa hore batho ba thabe. (1 Tim. 6:15; Mat. 11:28-30) Ha Jesu a ntse a ruta Thutong ya hae ya Thabeng, o ile a bua ka dintho tse ka etsang hore re thabe ho sa tsotellehe diteko tse tepelletsang tseo re kopanang le tsona lefatsheng lena la Satane.

KAMANO YA RONA LE JEHOVA E LOKELA HO BA MATLA E LE HORE RE THABE

4, 5. Re ka etsa jwang hore re thabe re be re dule re thabile?

4 Ntho ya pele le ya bohlokwa eo Jesu a ileng a bua ka yona ke hore: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ya bona ya moya, ka ha mmuso wa mahodimo ke wa bona.” (Mat. 5:3) Re ka bontsha jwang hore re hloka ho ba le kamano e ntle le Modimo? Re ka etsa jwalo ka ho ithuta Bibele, ho mamela ditaelo tsa hae le ka ho etsa hore ho mo sebeletsa ho tle pele bophelong ba rona. Haeba re etsa dintho tseo, thabo ya rona e tla kgapatseha. Re tla ba le tshepo e tiileng ya hore ditshepiso tsa Modimo di tla phethahala. Ho feta moo, re tla kgothatswa ke “tshepo e thabisang” eo Lentswe la Modimo le re tshepisang yona.—Tite 2:13.

5 Haeba re batla ho thaba e le kannete bophelong, re lokela ho etsa hore kamano ya rona le Jehova e dule e tiile. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka mehla thabang Moreneng. Ke tla boela ke re, Le thabe!” (Bafil. 4:4) E le hore re be haufi le Jehova, re hloka bohlale ba hae. Etswe Bibele e re: “Ho thaba motho ya fumaneng bohlale, le motho ya fumanang temoho. Ke sefate sa bophelo ho ba bo tshwarang, mme ba dulang ba bo tshwere ka tiyo ba tla bitswa ba thabileng.”—Liprov. 3:13, 18.

6. Keng hape eo re e hlokang e le hore re dule re thabile?

6 Le ha ho le jwalo, e le hore re dule re thabile, ha re a lokela ho bala feela empa re lokela ho sebedisa seo re ithutang sona Lentsweng la Modimo. Ha Jesu a bua ka bohlokwa ba sena o ile a re: “Haeba le tseba dintho tsena, le a thaba haeba le di etsa.” (Joh. 13:17; bala Jakobo 1:25.) Ka sebele, ho sebedisa seo re ithutileng sona Bibeleng, ke senotlolo sa thabo e tshwarellang. Empa re ka thaba jwang ka ha ke mona re potolohilwe ke dintho tse ngata tse re amohang thabo? A re ke re hlahlobeng seo Jesu a ileng a boela a se bua Thutong ya hae ya Thabeng.

DINTHO TSE KA ETSANG HORE RE THABE

7. Batho ba utlwileng bohloko ba ka thaba jwang?

7 “Ho thaba ba siameng [kapa ba utlwileng bohloko], ka ha ba tla tshediswa.” (Mat. 5:4) Ba bang ba ka nna ba ipotsa hore na: ‘Ebe ho ka etsahala jwang hore motho ya utlwileng bohloko a thabe?’ Mona Jesu o ne a sa bue ka motho e mong le e mong ya utlwileng bohloko. Etswe le batho ba kgopo ba utlwiswa bohloko ke mathata a tetebetsang a ‘dinako tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Tim. 3:1) Ka ha ba inahana bobona feela, ha ho mohla ba ka bang le kamano e ntle le Jehova. Ka hoo, ba ke ke ba thaba. Empa Jesu o ne a bua ka ba utlwang le ba bolokang seo ba se badileng. Ba utlwiswa bohloko ke taba ya hore ha ba a phethahala le ditlamorao tse tliswang ke ho se phethahale. Jehova o ba utlwela bohloko mme o ba tshedisa a sebedisa Bibele e le hore ba ka thabela bophelo.—Bala Ezekiele 5:11; 9:4.

8. Hlalosa hore na ke jwang ho ba le maikutlo a bonolo ho ka etsang hore motho a thabe.

8 “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, ka ha ba tla rua lefatshe.” (Mat. 5:5) Ke jwang ho ba le maikutlo a bonolo ho ka etsang hore motho a thabe? Batho ba a fetoha ka mora hore ba fumane tsebo e nepahetseng ya nnete. E ka nna yaba pele ba ithuta nnete e ne e le batho ba bohale, ba ratang seteraeke le ba leqhoko. Empa hona jwale ba apere “botho bo botjha” mme ba bontsha “lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakol. 3:9-12) Ka lebaka leo, ba phela ka kgotso, ba a ratana ebile ba thabile. Ho phaella ho seo, Bibele e tshepisa hore batho ba jwalo “ba tla rua lefatshe.”—Pes. 37:8-10, 29.

9. (a) Ke ka tsela efe ba maikutlo a bonolo ‘ba ruang lefatshe’? (b) Ke hobaneng ha ho ka thwe “ba lapelang le ba nyorelwang ho loka” ba tla thaba?

9 Empa ke ka tsela efe ba maikutlo a bonolo ba ruang lefatshe? Nakong eo ka yona batlotsuwa ba tla beng ba busa lefatshe e le marena le baprista, ke hona ha ba tla be ba rua lefatshe. (Tšen. 20:6) Athe ba bang kaofela ba tla rua lefatshe ka hore ba phele ho lona ka ho sa feleng ba phethahetse. Bona bana ke bona bao ho thweng ba thabile hobane ‘ba lapela le ho nyorelwa ho loka.’ (Mat. 5:6) Tlala le lenyora la bona, di tla kgotsofatswa ka ho felletseng lefatsheng le letjha. (2 Pet. 3:13) Ha Modimo a se a fedisitse bokgopo, batho ba thabileng le ba lokileng ba ke ke ba hlola ba utlwiswa bohloko ke batho ba sa lokang, hobane ba tla be ba fedisitswe.—Pes. 37:17.

10. Ho ba mohau ho bolelang?

10 “Ho thaba ba mohau, ka ha ba tla bontshwa mohau. (Mat. 5:7) Leetsi la Seheberu le fetoletsweng e le mohau mona, le na le moelelo wa “ho ba le boikutlo bo mofuthu; . . . le ho ba le qenehelo.” Ka lehlakoreng le leng, leetsi la Segerike lona le akarelletsa boikutlo ba ho qenehela motho. Le ha ho le jwalo, ho ba mohau ha se boikutlo feela tjee. Empa Bibele e bontsha hore motho ya mohau o bontsha seo ka diketso.

11. Re ka ithutang ka ho ba mohau papisong ya Mosamaria ya nang le moya wa boahelani?

11 Bala Luka 10:30-37. Papiso ya Jesu ya Mosamaria ya nang le moya wa boahelani, e bontsha ka ho hlaka se bolelwang ke ho ba mohau. Monna enwa wa Mosamaria o ile a susumetswa ke kgauho le kutlwelobohloko mme a thusa monna ya neng a kgakgathuwe. Ka mora hore Jesu a etse papiso eo, o ile a re: “Tsamaya mme o nne o etse ho tshwanang.” Ka hona, re ka nna ra ipotsa: ‘Na ebe le nna ke etsa se tshwanang? Na ke etsa seo Mosamaria enwa ya nang le qenehelo a ileng a se etsa? Kapa na mohlomong ho hlokahala hore ke ntlafatse haholwanyana ka hore ke be mosa ho batho ba hlokang thuso? Ka mohlala, na nka thusa Bakreste ba hodileng, bahlolohadi kapa bana bao bo ntata bona e seng Dipaki? Na nka ikemisetsa ho bua “ka mokgwa o tshedisang le [batho ba] tepelletseng maikutlo”?’—1 Bathes. 5:14; Jak. 1:27.

Haeba o batla ho thaba, nka mohato wa pele wa ho bontsha ba bang mohau (Sheba serapa sa 12)

12. Ke jwang ho ba mohau ho ka etsang hore re thabe?

12 Jwale ke jwang ho ba mohau ho ka etsang hore re thabe? Ha re bontsha ba bang mohau, re a thaba hobane re a fana ka ho etsa jwalo. Ka hodima tsohle, re a tseba hore re thabisa Jehova. (Lik. 20:35; bala Baheberu 13:16.) Ha Morena Davida a bua ka motho ya nahanelang ba bang, o ile a re: “Jehova o tla mo lebela mme a mo boloke a phela. Ho tla phatlalatswa hore o thabile lefatsheng.” (Pes. 41:1, 2) Ha re qenehela ba bang ka diketso e seng ka dipuo feela, Jehova o tla re hauhela mme re fumane thabo ya moshwelella.—Jak. 2:13.

KE HOBANENG HA BATHO “BA DIPELO DI HLWEKILENG” BA THABILE?

13, 14. Ke hobaneng ha batho “ba dipelo di hlwekileng” ba thabile?

13 Jesu o ile a re: “Ho thaba ba dipelo di hlwekileng, ka ha ba tla bona Modimo.” (Mat. 5:8) Haeba re batla ho ba jwalo, re lokela ho nahana ka dintho tse hlwekileng. Ha re a lokela ho nahana ka dintho tse ditshila haeba re batla hore Jehova a re amohele.—Bala 2 Bakorinthe 4:2; 1 Tim. 1:5.

14 Batho ba dipelo di hlwekileng ba ka thabela ho amohelwa ke Jehova, ka ha o ile a re: “Ho thaba ba hlatswang diaparo tsa bona tse telele tsa ka hodimo.” (Tšen. 22:14) Ba ‘hlatswa diaparo tsa bona tse telele tsa ka hodimo’ ka kutlwisiso efe? Batlotsuwa ‘ba hlatswa diaparo tsa bona’ ka kutlwisiso ya hore ba hlwekile mahlong a Jehova le hore ba tla thaba ka ho sa feleng ba se ba sa shwe lehodimong. Bongata bo boholo le bona, bo tla thabela ho phela ka ho sa feleng e le metswalle ya Modimo. Hona jwale, ba ntse ba hlatswa ‘diaparo tsa bona tse telele tsa ka hodimo mme ba di sweufatsa mading a Konyana.’—Tšen. 7:9, 13, 14.

15, 16. Batho ba dipelo di hlwekileng ba ka “bona Modimo” jwang?

15 Jwale he ho tla jwang hore ebe ho thwe ba dipelo di hlwekileng ba tla “bona Modimo,” ka ha Bibele e re “ha ho motho ya ka bonang [Modimo] mme le ha ho le jwalo a phela”? (Ex. 33:20) Lentswe la Segerike le fetoletsweng mona e le “bona” le na le moelelo wa “ho bona ka mahlo a kelello, ho lemoha le ho tseba.” Ka hona, ho “bona Modimo” ho bolela ho utlwisisa hore na ke motho wa mofuta ofe le ho rata makgabane a hae. (Baef. 1:18) Jesu o ile a bonahatsa botho ba Modimo ka tsela e phethahetseng, ke ka hona a neng a ka re: “Ya mponeng o bone le Ntate.”—Joh. 14:7-9.

16 Ho phaella tabeng ya ho tseba makgabane a Modimo, barapedi ba nnete ba ka “bona Modimo” ka ho lemoha dintho tseo a ba etseditseng tsona. (Jobo 42:5) Ba boetse ba tsepamisa maikutlo dinthong tseo Modimo a ba tshepisitseng tsona haeba feela ba dula ba mo tshepahalla ebile ba hlwekile. Ke nnete hore batlotsuwa ba tla bona Jehova ka tsela ya sebele ha ba se ba le lehodimong.—1 Joh. 3:2.

RE KA THABA LE HA RE NA LE MATHATA

17. Ho ba le kgotso ho ka re thusa jwang hore re thabe?

17 Jesu o ile a boela a re: “Ho thaba ba nang le kgotso.” (Mat. 5:9) Batho ba etsang boiteko ba ho bopa kgotso ba tla thaba. Morutuwa Jakobo o ile a re: “Ditholwana tsa ho loka peo ya tsona e jalwa tlasa maemo a kgotso bakeng sa ba etsang kgotso.” (Jak. 3:18) Haeba re thatafallwa ke ho phedisana hantle le ba bang, e bang ke ka phuthehong kapa ka lapeng, re lokela ho kopa Jehova hore a re thuse re bope kgotso. Ka lebaka leo, moya o halalelang, boitshwaro bo botle le thabo di tla rena. Jesu o ile a hatisa bohlokwa ba hore re nke mohato wa pele e le hore re bope kgotso, ha a ne a re: “Jwale, haeba o tlisa mpho ya hao aletareng mme o hopola hore moreno o na le ho hong kgahlanong le wena, o siye mpho ya hao moo ka pela aletare, mme o tlohe; etsa kgotso le moreno pele, mme jwale, ha o kgutlile, o nyehele mpho ya hao.”—Mat. 5:23, 24.

18, 19. Ke hobaneng ha Bakreste ba ka thaba le ha ba hloriswa?

18 “Ho thaba lona ha batho ba le [nyefola] mme ba le hlorisa mme ka leshano ba bua ntho ya mofuta o mong le o mong e kgopo ka lona ka lebaka la ka.” Hantlentle Jesu o ne a bolelang mona? O ile a tswela pele a re: “Thabang mme le tlole ke thabo, ka ha moputso wa lona o moholo mahodimong; etswe ba ile ba hlorisa baprofeta ka tsela eo pele ho lona.” (Mat. 5:11, 12) Ha batho ba ne ba shapa baapostola ba bile ba ba thibela ho bolela ditaba tse molemo, baapostola ba ile “ba tloha ka pela Sanhedrine, ba thabile.” Ke nnete hore seo ha se bolele hore ba ne ba thabetse ho otlwa. Empa ho thwe ba thabile “hobane ba ne ba nkilwe e le ba tshwanelwang ke ho hlomphollwa ka lebaka la lebitso la [Jesu].”—Lik. 5:41.

19 Le mehleng ena ya rona, bahlanka ba Jehova ba mamella ka thabo ha ba hloriswa bakeng sa lebitso la Jesu kapa ha ba hlahelwa ke diteko. (Bala Jakobo 1:2-4.) Jwalo ka baapostola, le rona ha se hore re thabela ho hloriswa. Haeba re tshepahalla Modimo ha re hlahelwa ke diteko, o tla re thusa hore re thule diteko tseo ka phatla. Ka mohlala, ka August 1944 ba boholong ba ile ba isa Henryk Dornik le Abuti wa hae dikampong tsa mahloriso. Le ha ho le jwalo ba ile ba re: “Ho thata ho kgelosa batho bana. Etswe ba thabiswa ke ho shwela tumelo ya bona.” Morabo rona Dornik o ile a re: “Le hoja ke ne ke sa batle ho ba moshwelatumelo, ho utlwa bohloko ka lebaka la ho tshepahalla Jehova ho ile ha ntlisetsa thabo. . . . Ho rapela ka tiyo ho ile ha etsa hore ke atamele haufi le Jehova mme e ile ya ba Mothusi wa ka wa sebele.”

20. Ke hobaneng ha re thabela ho sebeletsa “Modimo ya thabileng”?

20 Ebang re a hloriswa, re a hanyetswa, re a kula kapa re a tsofala, re ntse re ka thaba ka ho tseba hore re amohelwa ke “Modimo ya thabileng.” (1 Tim. 1:11) Re boetse re thabiswa ke ho tseba hore dintho tseo Modimo “ya ke keng a bua leshano” a re tshepisitseng tsona, di tla phethahala. (Tite 1:2) Ha Jehova a phethahatsa ditshepiso tsa hae, bophelo bo tla ba monate hoo re ke keng ra hlola re hopola le mathata a tetebetsang ao re tobanang le ona mehleng ena. Lefatsheng le letjha le tlang, Jehova o tla re etsetsa dintho tseo re neng re so ka re di nahana. Ka sebele thabo ya rona e tla kgaphatseha. Ruri re “tla fumana thabo e phethehileng kgotsong e ngata.”—Pes. 37:11.