Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le Hoja Jehova a le Matla Ohle, o Nahanela Batho

Le Hoja Jehova a le Matla Ohle, o Nahanela Batho

“[Jehova] o tseba sebopeho sa rona hantle, o a hopola hore re lerole.”—PES. 103:14.

DIPINA: 30, 10

1, 2. (a) Tsela eo Jehova a tshwarang batho ka yona e fapane jwang le ya batho ba nang le matla a bolaodi? (b) Re tlo tshohla eng sehloohong sena?

HANGATA batho ba nang le bolaodi “ba rena ka thata” hodima ba bang ebile ba iketsa diboso. (Mat. 20:25; Moek. 8:9) Empa Jehova o fapane le bona hole. Le hoja e le Modimo ya Matla Ohle, o nahanela batho ba sa phethahalang ho feta motho le ha e le ofe. Ebile o mosa. O nkela maikutlo a rona hloohong mme o kgotsofatsa le ditlhoko tsa rona. Ha a re batle se fetang seo re ka se kgonang, hobane “o a hopola hore re lerole.”—Pes. 103:13, 14.

2 Bibele e fana ka mehlala e mengata e bontshang ka moo Jehova a ileng a nahanela bahlanka ba hae ka teng. A re ke re bueng feela ka e meraro. (1) Ka moo Jehova a ileng a bontsha ka teng hore o nahanela Samuele ka ho mo thusa hore a fe Eli, Moprista ya Phahameng molaetsa wa kahlolo. (2) Tsela eo Jehova a ileng a mamella ka yona ha Moshe a ne a hana thomo ya ho ya lata Baiseraele Egepeta. (3) Le tsela eo ka yona Jehova a ileng a bontsha hore o a nahanela ha a ne a ntsha Baiseraele Egepeta. Jwale, ha re ntse re tshohla mehlala ena, a re boneng hore na re ithutang ka Jehova le hore na re ka sebedisa seo re tla ithuta sona mona jwang.

JWALO KA HA NTATE A NAHANELA MORA WA HAE

3. Samuele o ile a etsahallwa keng e sa tlwaelehang bosiung bo bong, hona seo se hlahisa potso efe? (Sheba setshwantsho se qalong.)

3 Samuele o ile a qala ho “sebeletsa Jehova” tabernakeleng a sa le monyenyane haholo. (1 Sam. 3:1) Bosiung bo bong tjena ha Samuele a qeta ho robala, ho ile ha etsahala ntho e nngwe e sa tlwaelehang. * (Bala 1 Samuele 3:2-10.) O ile a utlwa motho a bitsa lebitso la hae. A tsoha mme a mathela ho Moprista ya Phahameng Eli hobane a ne a nahana hore ke yena ya ntseng a mo bitsa, yaba o re: “Ke nna enwa, ka ha o mpitsitse.” Empa Eli a re ha se yena ya ntseng a mo bitsa. Eitse ha ntho e tshwanang e etsahala ka makgetlo a mang hape a mabedi, jwale Eli a hlokomela hore ke Modimo ya neng a ntse a bitsa Samuele. Yaba o bolella Samuele hore na a arabe a reng mme Samuele a mamela. Ebe ke hobaneng ha Jehova a sa ka a bolella Samuele di sa tloha feela hore ke yena? Bibele ha e fane ka lebaka. Empa tsela eo dintho di ileng tsa etsahala ka yona, e bontsha hore Jehova o ne a nahanela Samuele. Ke hobaneng ha re tjho jwalo?

4, 5. (a) Samuele o ile a arabela jwang kabelong eo Modimo a ileng a mo fa yona hona dintho di ile tsa mo tsamaela jwang tsatsing le latelang? (b) Tlaleho ena e re rutang ka Jehova?

4 Bala 1 Samuele 3:11-18. Molao wa Jehova o ne o laela bana hore ba hlomphe batho ba hodileng haholoholo marenana. (Ex. 22:28; Lev. 19:32) Na ebe Samuele o ne a tla ba le sebete sa ho tsohella Eli mme a mo fe molaetsa wa kahlolo o tswang ho Modimo? Ha ho jwalo. Ha e le hantle tlaleho ya Bibele e re “Samuele o ne a tshaba ho bolella Eli se hlahileng.” Le ha ho le jwalo, Modimo o ile a etsa hore Eli a hlokomele hore ke yena ya neng a ntse a bitsa Samuele. Ka lebaka leo, Eli a re Samuele a tswe ka tsona. Yaba o re ho yena “[O se ke wa] mpatela lentswe mantsweng ohle ao [Modimo] a o boleletseng ona.” “Ka hoo, Samuele a mo bolella mantswe ohle.”

5 E tlameha ebe molaetsa ona ha o a ka wa makatsa Eli. Hobane o ne o tsamaisana hantle le seo “Monna wa Modimo” ya sa bolelwang ka lebitso a ileng a mo bolella sona pejana ho moo. (1 Sam. 2:27-36) Tlaleho ena e re bontsha ka moo Jehova a leng bohlale a bileng a nahanelang batho ka teng.

6. Re ka ithuta dithuto dife tseleng eo Jehova a ileng a thusa Samuele ka yona?

6 Na o motjha? Haeba ho jwalo, tlaleho ya Samuele e bontsha hore Jehova o utlwisisa hantle diphephetso le diteko tseo o tobanang le tsona esita le ka moo o ikutlwang ka teng. Mohlomong mokgwa hao o motho ya dihlong mme o fumana ho le thata ho bua ka molaetsa wa Mmuso le batho ba baholo kapa o tshaba ho ba mokgelo ho dithaka tsa hao. Kgodiseha hore Jehova o ikemiseditse ho o thusa. Ka hona, mo tshollele se ka pelong ya hao ka thapelo. (Pes. 62:8) Nahanisisa ka mehlala e tlalehilweng ka Bibeleng ya batjha ba kang Samuele. Ho phaella moo, o ka bua le Bakrestemmoho ba hodileng kapa ba batjha ba ileng ba hlola diteko tse tshwanang le tseo o tobanang le tsona. Ba ka ba ba o bolella ka moo Jehova a ileng a ba thusa ka teng, mohlomong ka tsela eo ba neng ba sa e lebella.

O NAHANELA MAEMO A MOSHE

7, 8. Jehova o ile a bontsha jwang hore o nahanela maikutlo a Moshe?

7 Ha Moshe a ne a le dilemo di 80, Jehova o ile a mo fa boikarabelo bo boima. Moshe o ne a lokela ho ntsha Baiseraele bokgobeng kwana Egepeta. (Ex. 3:10) Ka ha e ne e bile modisana feela ka dilemo tse 40 Midiane, o ile a utlwa ka nnete kabelo ena e sa mo tshwanele. Ke ka hona a ileng a re: “Nna ke mang hore ke ye ho Faro le hore ke ntshe bara ba Iseraele Egepeta?” Yaba Modimo o kgodisa Moshe o re: “Ke tla ba le wena.” (Ex. 3:11, 12) A ba a mo tshepisa a re: Banna ba baholo ba Iseraele “ka sebele ba tla mamela lentswe la hao.” Hodima ho ntse ho le jwalo, Moshe a re ho Modimo: “Empa a re re ha ba . . . mamele lentswe la ka.” (Ex. 3:18; 4:1) Ha e le hantle Moshe o ne a sa tshepe hore le jwale Modimo e tla ba motho wa mantswe a hae. Empa Jehova o ile a mo mamella. Ho phaella moo, o ile a ba a mo fa le matla a ho etsa mehlolo. Sena se ile sa etsa hore Moshe e be motho wa pele historing wa ho fuwa matla a makaalo.—Ex. 4:2-9, 21.

8 Ho sa le jwalo, Moshe o ile a leka ho ipuella hape, kgetlong lena a re ehlile yena ka nnete ha a motle puong. Yaba Modimo o re ho yena: “Ke tla ba le molomo wa hao mme ke tla o ruta seo o tshwanetseng ho se bua.” Na jwale Moshe o ne a se a kgodisehile hore Modimo o tla ba le yena? Ha ho bonahale jwalo, hobane ke mona o ile a kopa hore Modimo a mpe a romele motho e mong. Sena se ile sa halefisa Jehova. Empa seo ha se bolele hore o ne a ke ke a ba mohau. Ho e na le hoo, o ile a ikenya dieteng tsa Moshe mme a kgetha Arone hore e be mmuelli wa Moshe.—Ex. 4:10-16.

9. Tsela eo Jehova a ileng a tshehetsa Moshe ka yona e ile ya mo thusa jwang kabelong ya hae?

9 Tlaleho ena e re rutang ka Jehova? Ka ha Jehova ke ya Matla Ohle, a ka be a ile a qobella Moshe hore a mo mamele. Empa Jehova ha a a ka a etsa jwalo. Ho e na le hoo, ka mosa o ile a mamella Moshe mme a mo thusa hore a phethe boikarabelo ba hae. Na see se ile sa atleha? Hantle haholo. Moshe e ile ya ba moetapele ya ipabolang mme a leka ka matla ho etsisa Jehova ka hore a be bonolo le ho nahanela Baiseraele.—Num. 12:3.

Na o etsisa Jehova ha o sebedisana le ba bang? (Sheba serapa sa 10)

10. Re ka rua molemo ofe ha re etsisa Jehova ka ho nahanela ba bang?

10 Re ithutang tabeng ena? Na o monna, motswadi kapa moholo? Haeba ho jwalo, o na le boikarabelo bo bongata. Ka lebaka lena, ke ha bohlokwa hore o etsise Jehova ka ho nahanela, ho ba mosa le ho mamella ha o ntse o sebedisana le ba tlasa tlhokomelo ya hao. (Bakol. 3:19-21; 1 Pet. 5:1-3) Ha o etsa sohle seo o ka se kgonang ho etsisa Jehova le Jesu Kreste, e leng Moshe e Moholo, o tla ba motho ya atamelehang le ya kgathollang. (Mat. 11:28, 29) Ka ho etsa jwalo, tla be o behela batho mohlala o motle oo ba ka o etsisang.—Baheb. 13:7.

MOPHOLOSI YA TSHABEHANG EMPA E LE YA NAHANELANG

11, 12. Jehova o ile a etsa hore Baiseraele ba ikutlwe ba sireletsehile jwang ha a ba ntsha Egepeta?

11 E ka nna yaba ha Baiseraele ba tloha Egepeta ka selemo sa 1513, ba ne ba feta 3 milione. Ho bona moo, e ne e le bana, batho ba hodileng, ba kulang le ba sa itekanelang. Ka sebele lebotho le lekalo la batho le ne le hloka Moetapele ya utlwisisang le ya nahanelang batho. Jehova e bile moetapele ya jwalo a sebedisa Moshe. Ka lebaka leo, Baiseraele ba ile ba tswa Egepeta ba sireletsehile.—Pes. 78:52, 53.

12 Keng eo Jehova a ileng a e etsa hore Baiseraele ba ikutlwe ba sireletsehile? Ntlha ya pele, o ile a ba ntsha Egepeta “ka tlhophiso ya ntwa.” (Ex. 13:18) Tlhophiso e jwalo ke yona e ileng ya kgodisa Baiseraele hore Modimo ke yena ya neng a laola dintho. Ntlha ya bobedi, Jehova o ile a ba bontsha hore ruri o na le bona ka “leru motshehare . . . [le] ka kganya ya mollo” bosiu. (Pes. 78:14) Ha e le hantle ho ne ho tshwana le ha eka Jehova o re ho bona: “Le se ke la tshoha. Kena le lona ho le tataisa le ho le sireletsa.” Ka sebele Baiseraele ba ne ba hlile ba hloka mantswe ao a kgodisang.

Keng eo Jehova a ileng a e etsetsa Baiseraele Lewatleng le Lefubedu ho bontsha hore o a ba nahanela? (Sheba serapa sa 13)

13, 14. (a) Jehova o ile a etsang ho bontsha hore o nahanela Baiseraele ha ba le Lewatleng le Lefubedu? (b) Jehova o bontshitse jwang hore o na le matla ho Baegepeta?

13 Bala Exoda 14:19-22. Ako ipone o le moo, o qabelletswe pakeng tsa Faro le Lewatle le Lefubedu. Ebe jwale Modimo o a kenella. Topallo ya leru e neng e le ka pela lona, e ya ka mora tente ya lona mme e se e ba pakeng tsa lona le Baegepeta. Jwale ba ba lefifing ha lona le ba le kganya e hlollang ya mohlolo. Ha o re mahlo tloha, o bona Moshe a otlollela letsoho lewatleng mme moya o matla o hlahang ka botjhabela o bula tsela e kgolo. Ka tsela eo e hlophisehileng, wena le lelapa la hao ha mmoho le mohlape wa hao le tsamaya botebong ba lewatle le batho ba bang. Hanghang o bona ntho e nngwe e makatsang. Botebong ba lewatle moo le tsamayang teng, ha ho na tebetebe ya seretse kapa lona leqhwa. Empa ho omme ngo! Ebile ho tiile mme le kgona ho itsamaela ha bonolo feela. Sena se etsa hore esita le batho ba tsamayang butle, ba fihle ka nqane ba sireletsehile.

14 Bala Exoda 14:23, 26-30. Ka nako e tshwanang, ka bowatla Faro o itahlela ka lewatleng a leka ho le lelekisa, a loloma ke bohale. Moshe o boetse o otlollela letsoho la hae hodima lewatle. Jwale kgetlong lena, metsi ane a neng a emisitswe ka mahlakoreng, a a kopana. A fihla a lwebehlana jwalo ka ditsunami tse pedi tse thulanang sa dipheleu. Ebe jwale ke tshomo ka mathetho ka Faro le lebotho la hae.—Ex. 15:8-10.

15. Tlaleho ena e o rutang ka Jehova?

15 Tlaleho ena e re thusa ho bona hantle hore Jehova ke Modimo wa tlhophiso, e leng se etsang hore re ikutlwe re sireletsehile. (1 Bakor. 14:33) Jehova o boetse o bontshitse hore ke modisa ya lerato le ya hlokomelang bahlanka ba hae. O ba boloka ba sireletsehile ho dira tsa bona. Taba ena e a re kgothatsa le ho re tshedisa haholo ka ha re bona bofelo bo ntse bo atamela.—Liprov. 1:33.

16. Re ka rua molemo jwang ka ho nahanisisa ka tsela eo Jehova a ileng a pholosa Baiseraele ka yona?

16 Le kajeno Jehova o hlokomela bahlanka ba hae mmeleng le tumelong. O tla tswela pele ho etsa jwalo esita le nakong ya matshwenyeho a maholo a ntseng a atamela ka potlako e tshabehang. (Tšen. 7:9, 10) Ka hona, ebang bahlanka ba Modimo ba banyenyane kapa ba baholo, ba phetse hantle mmeleng kapa ha ba a itekanela, ba ke ke ba tshoha ka matshwenyeho a maholo. * Ha e le hantle ba tla ba sebete. Ba tla hopola mantswe a Jesu Kreste a reng: “Le eme tswee! Mme le phahamise dihlooho, hobane topollo ya lona e a atamela.” (Luka 21:28) Le ha ba se ba hlaselwa ke Gogo, e leng ditjhaba tse ikopantseng bakeng sa ho hlasela bahlanka ba Modimo le tse tla be di le kgopo ho feta Faro, ba tla dula ba le sebete ba tshepile hore Jehova o tla ba pholosa. (Ezek. 38:2, 14-16) Keng e tla thusa bahlanka ba Modimo hore ba dule ba le sebete? Ba tla thuswa ke ho tseba hore Jehova ha a fetohe. Hape ba a tseba hore o tla ba hlokomela, a ba nahanele, a be a ba pholose.—Esa. 26:3, 20.

17. (a) Re ka rua molemo jwang ditlalehong tsa Bibele tse bontshang ka moo Jehova a hlokomelang bahlanka ba hae ka teng? (b) Re tlo tshohla eng sehloohong se latelang?

17 Mehlala eo re buileng ka yona sehloohong sena ke e meng ya e mengata e bontshang ka moo Jehova a nahanelang, a tataisang le ho pholosa bahlanka ba hae ka teng. Ha o ntse o nahanisisa ka ditlaleho tse kang ena, ela hloko esita le dikarolo tse nyenyane tse totobatsang botho ba Jehova. Ho etsa jwalo, ho tla o thusa hore o mo rate le ho feta mme tumelo ya hao e tla ba matla. Sehloohong se latelang re tlo tshohla ditsela tseo re ka etsisang Jehova ka tsona ka ho nahanela ba bang. Re tlo bona ka moo re ka bontshang ho nahanela ka teng ka lapeng, ka phuthehong le ha re le tshimong.

^ par. 3 Rahistori e mong wa Mojuda ya bitswang Josephus o re Samuele o ne a le dilemo di 12 ka nako eo.

^ par. 16 Ho a utlwahala ho fihlela qeto ya hore batho ba bang ba tlang ho pholoha Armagedone ba tla be ba holofetse. Ha Jesu a sa ntse a le lefatsheng mona, o ne a fodisa batho ba nang le “mefokolo ya mofuta o mong le o mong.” Ka ho etsa jwalo, o ne a bontsha seo a neng a tla se etsetsa batho ba pholohileng Armagedone, eseng ba tsositsweng. (Mat. 9:35) Hobane ha ho potang hore batho ba tlang ho tsoswa ba tla be ba phetse hantle mmeleng.