Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le Nne le Hahe ba Bang ka Lerato

Le Nne le Hahe ba Bang ka Lerato

“Lerato le a haha.”—1 BAKOR. 8:1.

DIPINA: 109, 121

1. Jesu o ile a bua ka ntlha efe ya bohlokwa bosiung ba ho qetela a na le barutuwa ba hae?

BOSIUNG ba ho qetela ha Jesu a ne a na le barutuwa ba hae, o ile a bua ka lerato ka makgetlo a ka bang 30. O ile a bua ka ho kgetheha hore barutuwa ba hae ba lokela ho ‘ratana.’ (Joh. 15:12, 17) Tsela eo ba neng ba lokela ho ratana ka yona, e ne e tla ba kgetholla hore ke balatedi ba Jesu ba nnete. (Joh. 13:34, 35) Empa lerato lena ha se ho nkeha maikutlo feela tjee. Mona Jesu o ne a bua ka lerato le tsamaisanang le boitelo. O ile a re: “Ha ho ya nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moya wa hae molemong wa metswalle ya hae. Le metswalle ya ka haeba le etsa seo ke le laelang sona.”—Joh. 15:13, 14.

2. (a) Bahlanka ba Modimo ba bonahala ka eng? (b) Re tlo araba dipotso dife sehloohong sena?

2 Bahlanka ba Modimo kajeno ba bonahala ka bonngwe le lerato la sebele le nang le boitelo. (1 Joh. 3:10, 11) Ho a thabisa hore ebe bahlanka ba Jehova ba bontsha lerato lena la Bokreste ho sa tsotellehe morabe, setso, puo kapa semelo sa bona. Re ka nna ra ipotsa: ‘Ebe ke hobaneng ha e le habohlokwa hore kajeno re ratane le ho feta? Jehova le Jesu ba re haha jwang ka lerato? Hona re le batho ka bomong, re ka bontsha lerato jwang mme ra “haha” ba bang?’—1 Bakor. 8:1.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HORE KAJENO RE RATANE LE HO FETA

3. Dinako tsena tse thata tseo re phelang ho tsona, di ama batho jwang?

3 Ka ha bophelo bo tletse mathata le mesarelo, batho ba bangata ‘dinakong tsena tse mahlonoko’ ba a sotleha ebile ba imetswe maikutlong. (Pes. 90:10; 2 Tim. 3:1-5) Batho ba bangata ba nahana le ho ipolaya. Diphuphutso di bontsha hore batho ba fetang 800 000 ba a ipolaya selemo le selemo. E leng se bolelang hore metsotswaneng e meng le e meng e 40 ho shwa motho a le mong. Ka maswabi, esita le Bakreste ba bang ba ile ba inehela kgatellong ena mme ba ipolaya.

4. Bibele e re ke bomang ba neng ba na le maikutlo a ho batla ho shwa?

4 Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele kwana, bahlanka ba Modimo ba ile ba nyotobetswa ke mathata hoo ba neng ba bile ba utlwa hore le ho shwa ho betere. Ka mohlala, ka lebaka la ho hatellwa ke bohloko, Jobo o ile a re o hloile bophelo ba hae ebile ha a sa batla le ho phela. (Jobo 7:16; 14:13) Athe ka mora hore dintho di se ke tsa tsamaela Jonase hantle kabelong ya hae, o ile a re: “Jwale, Jehova, ka kopo, o tlose moya wa ka ho nna, etswe ho shwa ha ka ho molemo ho feta ho phela ha ka.” (Jon. 4:3) Hape mathata a ile a nyahamisa moprofeta ya tshepahalang Elisha hoo a ileng a kopa hore a mpe a shwe. O ile a re: “Ho lekane! Jwale, Jehova, tlosa moya wa ka.” (1 Mar. 19:4) Le ha ho le jwalo, Jehova o ne a ntse a nka bahlanka bao ba hae e le ba bohlokwa mme a batla hore ba phele. Ho e na le hore a ba nyatse ka hore ebe ba ile ba ikutlwa jwalo, o ile a ba thusa hore ba hlole maikutlo ao mme a ba haha ka lerato e le hore ba nne ba mo sebeletse ka botshepehi.

5. Ke hobaneng ha bara le baradibabo rona ba hloka hore re ba rate haholoholo kajeno?

5 Kajeno bara le baradibabo rona ba bangata ba tobana le mathata a ba sithabetsang mme ba hloka hore re ba rate. Ba bang ba hloka ho mamella ho hloriswa le ho sonngwa. Ha ba bang ba kgethollwa kapa ba buuwa hampe mosebetsing. Athe ba bang bona ba kgathatswa ke ho sebetsa dihora tse telele kapa ka tlasa kgatello. Ho phaella moo, ba bang ba kgathatswa ke mathata a lelapa, mohlomong ka lebaka la ho ba le molekane eo e seng Paki ya Jehova. Ka lebaka la dintho tsena le tse ding, ba bangata ka phuthehong ba ikutlwa ba tepelletse mmeleng le maikutlong. Jwale ebe ba tla thuswa ke mang hore ba mamelle?

DUMELLA JEHOVA HORE A O HAHE KA LERATO

6. Jehova o haha bahlanka ba hae ka lerato jwang?

6 Jehova o haha bahlanka ba hae ka lerato ka hore a ba kgodise hore o a ba rata. E tlameha ebe Baiseraele ba tshepahalang ba ile ba kgothala hakakaang ha ba utlwa Jehova a re: “Ka lebaka la hore o bile bohlokwa mahlong a ka, o tadimilwe o hlompheha, mme ke o ratile. . . . O se ke wa tshoha, etswe ke na le wena.” (Esa. 43:4, 5) Ka ha o e mong wa bahlanka ba Jehova, o ka kgodiseha hore le wena o o rata haholo. * Bibele e tshepisa bahlanka ba Modimo hore: “Jwalo ka ya matla, [Modimo] o tla pholosa. O tla thaba ka lebaka la hao ka nyakallo.”—Sof. 3:16, 17.

7. Ke ka tsela efe Jehova a re ratang jwalo ka ha Mme a rata ngwana wa hae? (Sheba setshwantsho se qalong.)

7 Jehova o tshepisa bahlanka ba hae hore o tla ba thusa le ho ba tshedisa, ho sa tsotellehe mathata ao ba tobanang le ona. O re: “Le tla sikwa lehlakoreng, mme le phaphathwe mangoleng. Jwalo ka motho eo Mmae a ntseng a mo tshedisa, ka hoo le nna ke tla nne ke le tshedise.” (Esa. 66:12, 13) O se o ka inahanela feela hore na lesea le ikutlwa jwang ha Mme wa lona a le nkile, a ntse a le bapabapadisa. Ha Jehova a etsa papiso ena, o ne a batla ho re kgodisa ka moo a re ratang ka teng. Ka hoo, le ka mohla o se ke wa ba le dipelaelo, wa nahana hore Jehova ha a o nke o le wa bohlokwa.—Jer. 31:3.

8, 9. Lerato leo Jesu a re ratang ka lona le ka re matlafatsa jwang?

8 Ho na le lebaka leo Bakreste ba nnete ba tsebang ka lona hore Modimo o fela a ba rata. Bibele e re: Modimo “o ratile lefatshe haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi, e le hore e mong le e mong ya bontshang tumelo ho yena a se ke a timetswa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Jesu o re bontshitse hore o a re rata ka hore a re shwele mme ho tseba seo ho a re matlafatsa. Ke ka lebaka leo Bibele e reng esita le ha e ka ba “matshwenyeho kapa mahlomola,” a ke ke a re “arohanya le lerato la Kreste.”—Bar. 8:35, 38, 39.

9 Ho tseba hore Kreste o a re rata ho tla re thusa hore re mamelle ha re tobana le diteko tse re thefulang mmeleng, maikutlong le tumelong. (Bala 2 Bakorinthe 5:14, 15.) Lerato leo le re thusa hore re se ke ra nyahama ha re tobane le mathata a kang ho hloriswa, dikoduwa, ho swetseha le ha re sebetsana le matshwenyeho a sa yeng moriting.

BARA LE BARADIBABO RONA BA HLOKA HORE RE BA RATE

Ho ithuta ka mohlala wa Jesu ho ka o susumetsa hore o kgothatse ba bang (Sheba serapa sa 10 le 11)

10, 11. Hantlentle ke mang ya nang le boikarabelo ba ho haha bara le baradibabo rona ba nyahameng? Hlalosa.

10 Tsela e nngwe eo Jehova a re hahang ka yona ka lerato ke ka phutheho ya Bokreste. Re ka mo etsisa ka bomong ka hore re rate re be re hahe bara le baradibabo rona, eseng feela tumelong, empa le maikutlong. (1 Joh. 4:19-21) Etswe le moapostola Pauluse o ile a re kgothatsa a re: “Le nne le tshedisane le ho hahana, feela jwalo ka ha le etsa.” (1 Bathes. 5:11) Hase boikarabelo ba baholo feela ho kgothatsa ba bang. Kaofela ha rona re ka etsisa Jehova le Jesu ka ho tshedisa le ho haha bara le baradibabo rona ka lerato.—Bala Baroma 15:1, 2.

11 Ba bang ka phuthehong ba a kula maikutlong mme ke nnete hore ba hloka thuso ya dingaka. (Luka 5:31) Le hoja baholo le ba bang ka phuthehong e se dingaka, ba ntse ba ka fana ka thuso ya bohlokwa. Etswe le Bibele e re: “Le bue ka mokgwa o tshedisang le meya e tepelletseng maikutlo, le tshehetse ba fokolang, le be le tiisetso ho bohle.” (1 Bathes. 5:14) Bakreste bohle ba lokela ho bontsha qenehelo le mamello, ba bue ka mokgwa o tshedisang e le hore ba hahe ba nyahameng. Na o tshedisa ba bang le ho ba kgothatsa? Boiteko ba hao bo tla atleha haeba o utlwisisa hore na o lokela ho etsa seo jwang.

12. Ditho tsa phutheho di ile tsa kgothatsa moradi e mong wabo rona jwang?

12 Re ka haha ba tepelletseng maikutlong jwang ka lerato? Moradi e mong wabo rona ya dulang Europe o re: “Ka nako tse ding ke ye ke utlwe ho re ke ipolaye. Le ha ho le jwalo, ditho tsa phutheho eo ke kopanelang ho yona di ntshehetsa haholo. Le hoja e le ba mmalwa feela ba tsebang ka bokudi ba ka ba ho tepella maikutlo, bohle ba dula ba nkgothatsa ka mofuthu. Banyalani ba bang ba ntlhokometse hantle, ba dula ba na le nna neng kapa neng ha ke ba hloka, ke hore e ka re ke batswadi ba ka.” Ke nnete hore ha se bohle ba ka thusang ho isa boholeng boo. Empa ha re tshehetsa ba nyahameng ka lerato, seo se tla etsa phapang e kgolo mme ba ikutlwe e le ba bohlokwa. *

KA MOO O KA HAHANG BA BANG KA LERATO KA TENG

13. Ho hlokahala hore o etseng hore o tle o hahe ba bang?

13 Mamela ka hloko. (Jak. 1:19) Ha o mamela motho ka tsela e bontshang hore o a mo qenehela, seo ke bopaki ba hore o a mo rata. O ka nna wa botsa motho eo o buang le yena dipotso ka tsela e bontshang hore o batla ho utlwisisa hore na o ikutlwa jwang. Jwale o tla nolofallwa ke ho ipeha boemong ba hae le ho mo haha ka lerato. Bontsha kutlwelobohloko ka ponahalo ya hao ya sefahleho. Haeba motho enwa a batla ho o bolella dintlha kaofela tse amehang, eba le mamello mme o se ke wa mo raha qoqotho. Ka ho mamela ka hloko, o tla utlwisisa hantle tsela eo a ikutlwang ka yona. Sena se tla etsa hore mora kapa moradiwabo rona a o tshepe a be a o mamele ha o ntse o leka ho mo haha. Batho ba tla kgothala ele ka nnete ha ba bona hore ehlile o a ba kgathalla.

14. Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshwayatshwaya ba bang diphoso?

14 Qoba ho tshwayatshwaya ba bang diphoso. Ha re tshwayatshwaya ba tepelletseng maikutlo diphoso, seo se ka ba nyahamisa le ho feta, sa ba sa etsa hore ba se ke ba tshepa hore re ka kgona ho ba haha ka lerato. Bibele e re: “Ho na le ya buang a sa nahane jwalo ka ha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke phodiso.” (Liprov. 12:18) Ha se hore ho itlela feela ka tlhaho hore re ikemisetse ho “hlaba” ba nyahameng ka mantswe. Ho hlajwa ka mantswe ho bohloko esita le ha ho sa etswa ka boomo. Ka hona, ele hore re hahe ba bang ka lerato le ho ba kgothatsa, re lokela ho ba le kutlwelobohloko re be re leke ho ikenya dieteng tsa bona.—Mat. 7:12.

15. Ke thulusi efe hape eo re ka e sebedisang ho haha ba bang ka lerato?

15 Kgothatsa ba bang ka Lentswe la Modimo. (Bala Baroma 15:4, 5.) Mangolo a Halalelang ke letlotlo la bohlokwa leo re ka tshedisang le ho kgothatsa ba bang ka lona. Bibele e tswa ho “Modimo ya fanang ka mamello le matshediso.” Re boetse hape re na le dithulusi tsa ho ithuta Bibele tseo re ka di sebedisang. Re ka sebedisa Watch Tower Publications Index le Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Dithulusi tsena di ka re thusa hore re fumane Mangolo a hahang, a ka thusang batho hore ba rarolle mathata a mefuta yohle. Jwale ha re di sebedisa re tla kgona ho thusa batho ka lerato mme re ba utlwele bohloko.

16. Ke eng e ka re thusang hore re kgothatse Bakrestemmoho le rona ba nyahameng?

16 Eba bonolo. Jehova ke “Ntate wa mehauhelo e bonolo le Modimo wa matshediso ohle” hape o na le “qenehelo e bonolo.” (Bala 2 Bakorinthe 1:3-6; Luka 1:78; Bar. 15:13) Pauluse o ile a beha mohlala o motle tabeng ena. O ile a re: “Re ile ra ba bonolo hara lona, jwalo ka ha Mme ya anyesang a baballa bana ba hae. Ka hoo, re na le lerato le mofuthu bakeng sa lona, ha re a ka ra kgahlwa ke ho le fa ditaba tse molemo feela tsa Modimo, empa le meya ya rona, hobane le bile ba ratwang ho rona.” (1 Bathes. 2:7, 8) Ha re le bonolo ho tshwana le Jehova, re ka nna ra iphumana re fana ka thuso eo Mokrestemmoho a ntseng a e rapella.

17. Re lokela ho tadima Bakrestemmoho le rona jwang ele hore re kgone ho ba kgothatsa?

17 O se ke wa lebella hore barabeno ebe batho ba phethahetseng. Tadima bara le baradibeno ka tsela e nepahetseng. O tla swetseha haeba o lebella hore Bakrestemmoho le wena ba se ke ba etsa diphoso. (Moek. 7:21, 22) Hopola hore Jehova ha a lebella hore bahlanka ba hae ebe batho ba sa etseng diphoso. Haeba re mo etsisa, re tla kgona ho mamella diphoso tsa ba bang. (Baef. 4:2, 32) Ho e na le ho etsa hore ba ikutlwe eka ha ba etse ho lekaneng, o ka ba babatsa ka dintho tse ntle tseo ba di etsang. Seo se ka ba kgothatsa haholo. Ha re babatsa batho ka pelo yohle, seo se ka ba thusa hore ba fumane “sesosa sa thabo” tshebeletsong ya bona. Ena ke ntho e ntle hakakaang, ho e na le hore re ba bapise le batho ba bang.—Bagal. 6:4.

18. Keng e re susumelletsang hore re hahe ba bang ka lerato?

18 Mohlanka e mong le e mong wa Jehova ke wa bohlokwa ho yena le ho Jesu ya ileng a fana ka bophelo ba hae e le thekollo. (Bagal. 2:20) Re rata bara le baradibabo rona e le kannete. Ke ka hoo re batlang ho ba hlokomela. Ele hore re be batho ba kgathollang ba bang, “a re phehelleng dintho tse tlisang kgotso le dintho tseo re ka hahanang ka tsona.” (Bar. 14:19) Ruri re lebelletse lefatshe le letjha ka tjantjello e kgolo, moo ho tla beng ho se na motho ya nyahameng. Ka nako eo, ho tla be ho se ho se na motho ya kulang, dintwa, lefu, ho hloriswa, ho swetseha le dintwa tsa ka lapeng. Ka mora dilemo tse 1 000, batho e tla be e se e le ba phethahetseng. Jehova Modimo o tla amohela batho bohle ba tla hlola teko ya ho qetela hore ebe bara ba hae ba lefatsheng mme ba tla thabela ho ba le “tokoloho e kganyang ya bana ba Modimo.” (Bar. 8:21) E se e ka kaofela ha rona re ka tswela pele ho bontsha ba bang lerato le ho ba haha, e le hore le bona ba tle ba fihle lefatsheng le letjha.

^ par. 6 Sheba kgaolo ya 24 bukeng ya Atamela ho Jehova.

^ par. 12 E le hore o fumane ditlhahiso tse eketsehileng tsa ka moo o ka hlolang maikutlo a ho batla ho ipolaya ka teng, sheba dihlooho tse latelang tsa Fadimehang! Ke sa Phelelang? Mabaka a Mararo a Hore o Tswele Pele ho Phela” (April 2014); “Ha o Tlelwa ke Maikutlo a Hore o Ipolaye” (January 2012) le sa “Ho Phela ke ha Bohlokwa” (October 8 2001).