Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o Tseba Nako?

Na o Tseba Nako?

HANGATA haeba o batla ho tseba hore na ke nako mang o etsang? Ka tlwaelo o tla nyarela watjhe ya hao ya letsoho kapa e leboteng. Haeba motswalle wa hao a ne a ka o botsa nako, o ne o tla re ke nako mang? Batho ba bitsa nako ka ditsela tse sa tshwaneng. Empa jwang?

Ha re re nako ke metsotso e mashome a mararo ka mora hora ya pele motshehare o moholo. O ne o ka nna wa re ke 1:30. Mohlomong moo o dulang teng ka tlwaelo bona ba re ke 13:30. Mokgwa ona wa 13:30, o teng ka lebaka la hore batho ba bang ba bala nako ka dihora tse 24 tsa letsatsi. Dibakeng tse ding ho ka thwe yona nako ena ke metsotso e mashome a mararo pele ho hora ya bobedi.

Jwalo ka motho ya balang Bibele ka mehla, e ka nna yaba o ntse o ipotsa hore na ebe batho ba mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, bona ba ne ba bitsa nako jwang. Ba ne ba bitsa nako ka tsela tse sa tshwaneng. Mangolo a ngotsweng ka Seheberu a bua ka “hoseng,” “motshehare o moholo,” “hara motshehare” le “mantsiboya.” (Gen. 8:11; 19:27; 43:16; Deut. 28:29; 1 Mar. 18:26) Le ha ho le jwalo, ke maemong a itseng feela moo Bibele e buang ka nako e itseng ka ho toba.

Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, ho ne ho tlwaelehile hore ho sebediswe balebedi. Ba ne ba sebediswa haholo bosiu. Dilemo tse makgolo pele Jesu a hlaha, Baiseraele ba ne ba arotse nako ka mekgahlelo e meraro, e neng e bitswa nako ya ho lebela. (Pes. 63:6) Baahloli 7:19 e bua ka “tebelo ya hara bosiu.” Empa mehleng ya Jesu, Bajuda ba ne ba se ba qapile mokgwa wa Bagerike le wa Baroma wa ho bala nako ka mekgahlelo e mene bosiu.

Hangata mokgwa ona wa ho bala nako, ho buuwa ka ona Dikosepeleng. Ka mohlala, e ne e le ka “nako ya tebelo ya bone ya bosiu” ha Jesu a ne a tsamaya hodima metsi a lebile seketswaneng seo barutuwa ba hae ba neng ba le ka hara sona. (Mat. 14:25) Jesu o ile a re: “Haeba monga ntlo a ne a tsebile hore na leshodu le tla ka tebelo efe, a ka be a ile a dula a fadimehile mme a se ke a dumella hore ntlo ya hae e thuhuwe.”—Mat. 24:43.

Jesu o ile a akarelletsa mekgahlelo ena e mene ya nako ha a ne a bua le barutuwa ba hae. O ile a re: “Ka hona le dule le lebetse, ka ha ha le tsebe hore na monga ntlo o tla neng, ebang ke ha e se e le mantsiboya kapa hara mpa bosiu kapa ha mokoko o lla kapa hoseng haholo.” (Mar. 13:35) Mokgahlelo wa pele ho ena e mene e leng “mantsiboya,” ha e le hantle o qala ho tloha ha tsatsi le dikela ho fihlela hoo e ka bang ka 9 bosiu. Mokgahlelo wa bobedi e leng “hara mpa bosiu,” ona o tloha hoo e ka bang ka 9 bosiu ho fihlela ka 12 hara mpa bosiu. Wa boraro ona, e leng “ha mokoko o lla” kapa “pele mafube a hlaha,” o qala ho tloha ka 12 hara mpa bosiu ho fihlela hoo e ka bang ka 3 hoseng. Ho ka etsahala hore ebe e ne e le ka yona nako ena, ha mokoko o tla be o lle bosiung boo Jesu a tshwerweng ka bona. (Mar. 14:72) Mokgahlelo wa bone e leng “hoseng haholo,” o qala ho tloha ka 3 hoseng ho fihlela ha letsatsi le tjhaba.

Ka lebaka leo he, le hoja batho ba mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele ba ne ba se na diwatjhe tseo re nang le tsona kajeno, empa le ha ho le jwalo, ba ne ba ntse ba kgona ho nepa nako ha e le bosiu le ha e le motshehare.