Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 36

Armagedone e ya Thabisa

Armagedone e ya Thabisa

‘Tsa a bokellela . . . Armagedone.’​—TŠEN. 16:16.

PINA YA 150 Batlang Modimo Hore le Lopollwe

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. (a) Ke hobaneng ha Armagedone e le ketsahalo e thabisang ho batho? (b) Re tla tshohla dipotso dife sehloohong sena?

BATHO ba bangata ba nka hore ha ho eba le dintwa tsa nyutlelie kapa tshisinyeho ya lefatshe, hoo ke Armagedone. Ho fapana le hoo, Bibele e re Armagedone ke ketsahalo e thabisang. (Tšen. 1:3) Ka hoo, ntwa ya Armagedone e ke ke ya fedisa batho kaofela, ho ena le hoo e tla pholosa ba bang. Sena se tla etsahala jwang?

2 Bibele e bontsha hore ntwa ya Armagedone, e tla pholosa batho ka ho fedisa mebuso ya lefatshe lena. Hape e boetse e re ntwa ena e tla fedisa batho ba kgopo le ba senyang lefatshe mme ho sale ba lokileng. (Tšen. 11:18) E le hore re utlwisise taba ena hantle, a re ke re tshohleng dipotso tsena tse 4: Armagedone keng? Ke diketsahalo dife tse tla lebisa ho yona? Re ka etsang e le hore re be hara batho ba tla pholoha Armagedone? Ke jwang re ka dulang re tshepahala ha Armagedone e ntse e atamela?

ARMAGEDONE KENG?

3. (a) Armagedone e bolelang? (b) Ke jwang Tšenolo 16:​14, 16, e bontshang hore Armagedone ha se sebaka sa sebele?

3 Bala Tšenolo 16:14, 16. Lentswe “Armagedone” le hlahella ha nngwe ka Bibeleng mme le tswa lentsweng la Seheberu le bolelang “Thabeng ya Megido.” (Tšen. 16:16) Megido e ne e le motse o neng o le Iseraele ya boholoholo. (Josh. 17:11) Empa Armagedone ha se lebitso la sebaka se itseng se teng mona lefatsheng. Haele hantle e bolela boemo ba ha “marena a lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona” a ikopanya ho lwantsha Jehova. (Tšen. 16:14) Ho feta moo, sehloohong sena re tla sebedisa lentswe “Armagedone” ha re bua ka ntwa e tla latela hanghang ka mora hore marena a lefatshe a ikopanye. Re tseba jwang hore Armagedone ke sebaka sa tshwantshetso? Ntlha ya pele, thaba ya Megido ha se ya sebele. Ntlha ya bobedi, motse wa Megido ha o moholo haholo hoo “marena a lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona,” mabotho a ntwa le dibetsa tsa ona di ka fellang ho ona. Ntlha ya boraro eo re tlo ithuta yona sehloohong sena, ke hore ntwa ya Armagedone e tla qala ha “marena” a lefatshe a hlasela batho ba Modimo lefatsheng lohle.

4. Ke hobaneng ha Modimo a reheletse ntwa ya hae ya makgaolakgang ka motse wa Megido?

4 Ke hobaneng ha Jehova a reheletse ntwa ya hae ya makgaolakgang ka motse wa Megido? Lebaka ke hore mehleng ya Bibele, dintwa tse ngata di ne di lwanelwa motseng wa Megido le haufi le phula ya Jezriele. Ka dinako tse ding Jehova o ne a thusa batho ba hae ho hlola dintwa tseo. Ka mohlala, Modimo o ile a thusa Moahlodi wa Moiseraele Barake “metsing a Megido,” ho hlola lebotho la Bakanana le neng le etellwa pele ke morena Sisera. Barake le moprofeta wa mosadi Debora, ba ile ba leboha Jehova hore ebe o ile a ba thusa ka mohlolo. Ka hoo, ba ile ba bina ba re: “Dinaledi tsa lwana lehodimong . . . tsa lwantsha Sisera. Molapo o phoroselang wa Kishone wa ba hohola.”​—Baahl. 5:19-21.

5. Ke ka tsela efe ya bohlokwa ntwa ya Armagedone e fapaneng le eo Barake a ileng a e lwana?

5 Barake le Debora ba ile ba qetella pina ya bona ka mantswe ana a reng: “Ka hoo dira tsohle tsa hao di ke di timele, Jehova, mme ba o ratang ba be jwalo ka letsatsi ha le hlaha ka matla a lona.” (Baahl. 5:31) Ho hlakile hore ka ntwa ya Armagedone, Modimo o tla timetsa dira tsa hae mme a pholose batho ba mo ratang. Empa ho na le ntho ya bohlokwa e sa tshwaneng ka dintwa tsena tse pedi. Ka ntwa ya Armagedone batho ba Modimo ba ke ke ba itwanela kapa hona ho tshwara dibetsa. “Matla a bona e tla ba ho dula ba sa kgathatseha mme ba ena le tshepo” ho Jehova le mabotho hae a lehodimo.​—Esa. 30:15; Tšen. 19:11-15.

6. Jehova o tla etsang ho fedisa dira tsa hae ka ntwa ya Armagedone?

6 Jehova o tla etsang ho fedisa dira tsa hae ka ntwa ya Armagedone? Aka sebedisa dintho tse ngata tse fapaneng. Ka mohlala, a ka nna a sebedisa ditshisinyeho tsa lefatshe, sefako kapa lehadima. (Jobo 38:​22, 23; Ezek. 38:​19-22) A ka boela a etsa hore dira tsa hae di lwantshane ka bo tsona. (2 Likron. 20:​17, 22, 23) Hape a ka sebedisa mangeloi ho bolaya batho ba kgopo. (Esa. 37:​36) Ka hoo ho sa tsotellehe ho re na Jehova o tla sebedisang, o tla hlola. Ka nnete dira tsohle tsa Modimo di tla fediswa mme ba lokileng ba tla sireletswa.​—Liprov. 3:25, 26.

KE DIKETSAHALO DIFE TSE TLA LEBISA HO ARMAGEDONE?

7, 8. (a) Ho ya ka 1 Bathesalonika 5:1-6, baetapele ba lefatshe ba tla etsa tsebiso efe e sa tlwaelehang? (b) Ke hobaneng ha tsebiso eo e tla be e le leshano le kotsi?

7 Ho tla ba le phatlalatso e reng “kgotso le tshireletseho” pele ho “letsatsi la Jehova.” (Bala 1 Bathesalonika 5:1-6.) Ho 1 Bathesalonika 5:2, “letsatsi la Jehova” le amana le “matshwenyeho a maholo.” (Tšen. 7:14) Jwale re ka tseba jwang ha matshwenyeho a maholo a le haufi le ho qala? Bibele e re ho tla ba le tsebiso e sa tlwaelehang. Tsebiso eo e tla ba letshwao la ho re matshwenyeho a maholo a tla tloha a qala.

8 Tsebiso eo e tla be e le e reng “kgotso le tshireletseho.” Ke hobaneng ha baetapele ba lefatshe ba tla be ba re jwalo? Na baetapele ba bodumedi ba tla kenella tabeng ena? Mohlomong. Le ha ho le jwalo, re ya tseba hore ha baetapele ba lefatshe ba etsa tsebiso e reng “kgotso le tshireletseho,” sena e tla be e le leshano le tswang ho bademona. Lena e tla be e le leshano le kotsi haholo, ka ha batho ba tla be ba nahana hore ba sireletsehile, athe ke nako eo mahlomola a maholo historing ya batho a leng haufi le ho qala. Ka nnete “timetso ya tshohanyetso e tla ba hodima bona hanghang feela jwalo ka bohloko ba mahlomola ho mosadi wa moimana.” Jwale ho tla etsahalang ka bahlanka ba Jehova ba tshepahalang? Ka ha ha ba tsebe hore na mahlomola a maholo a tla qala neng, ba tla makala ha sena se etsahala, empa ba tla be ba itokiselleditse nako eo.

9. Jehova o tla fedisa lefatshe la Satane ka mekgahlelo jwang? Hlalosa.

9 Jehova a ke ke a fedisa lefatshe lena la Satane ka nako e le nngwe jwalo ka ha a ile a etsa mehleng ya Noe. Ho ena le hoo, o tla fedisa karolo e itseng ya lefatshe la Satane pele mme e nngwe a e fedise ha morao. Karolo ya pele eo a tla e fedisa ke Babylona e Moholo, e leng madumedi ohle a bohata. Ebe ka ntwa ya Armagedone o fedisa karolo e nngwe ya lefatshe la Satane, e akarelletsang dipolotiki, sesole le dikgwebo. A re ke re tshohleng diketsahalo tsena tse pedi tsa bohlokwa.

10. Tšenolo 17:1, 6 le 18:24, e re ke hobaneng ha Jehova a tlo fedisa Babylona e Moholo?

10 “Kahlolo ya seotswa se seholo.” (Bala Tšenolo 17:1, 6; 18:24.) Babylona e moholo e entse hore batho ba bangata ba se ke ba hlompha lebitso la Modimo, ka ha e ba rutile leshano ka yena. Jwalo ka mosadi wa seotswa, bodumedi ba bohata ha bo a ka ba tshepahala ho Jehova empa bo ile ba tshehetsa mebuso ya batho. Hape bo ile ba hatella batho le ho ba nkela tjhelete ya bona. Bodumedi bona ba bohata bo boetse bo bolaile batho ba bangata ba akarelletsang bahlanka ba Modimo. (Tšen. 19:⁠2) Jwale Jehova o tla bo fedisa jwang?

11. “Sebata se mmala o sekareleta” keng, hona Modimo o tla se sebedisa jwang kgahlanong le Babylona e moholo?

11 Jehova o tla fedisa “seotswa se seholo” a sebedisa “sebata se mmala o sekareleta” se “dinaka tse leshome.” Sebata sena se emela mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng, ha dinaka tse leshome di emela mebuso e tshehetsang mokgatlo ona. Ka nako eo Jehova a e behileng, mebuso ena e tla hlasela Babylona e Moholo, e ‘e ripitle le ho e hlobodisa’ ka ho nka maruo a yona le ho bontsha batho bokgopo ba yona. (Tšen. 17:3, 16) Timetso eo e tla ka e etsahetse ka letsatsi le leng mme batshehetsi ba Babylona e Moholo, ba tla makala ka ha e ne e hlotse e ithorisa e re: “Ke dutse ke le mofumahadi, mme ha ke mohlolohadi, mme le ka mohla nke ke ka bona ho siama.”​—Tšen. 18:7, 8.

12. Jehova a ke ke a dumella ditjhaba hore di etseng, hona hobaneng?

12 Jehova a ke ke a dumella ditjhaba ho fedisa batho ba hae. Lebaka ke hore ha ba tshabe ho bitswa ka lebitso la hae, ebile ba ile ba mamela taelo ya hore ba tswe ho Babylona e Moholo. (Lik. 15:16, 17; Tšen. 18:4) Hape ba sebeditse ka thata ho thusa batho ba bang hore ba tswe ho yona. Ka hoo, bahlanka ba Jehova e ke ke ya e ba “karolo ya dikotlo tsa hae.” Ho ntse ho le jwalo, ba hloka ho ba le tumelo e matla e le hore ba mamelle mathata a tla ba hlahela ka mora moo.

Batho ba Modimo ba tla dula ba mo tshepile ho sa tsotellehe hore na ba hlaselwa ba le hokae (Sheba serapa sa 13) *

13. (a) Gogo ke mang? (b) Ho ya ka Ezekiele 38:2, 8, 9, keng e tlisa Gogo sebakeng sa tshwantshetso se bitswang Armagedone?

13 Tlhaselo ya Gogo. (Bala Ezekiele 38:2, 8, 9.) Ka mora hore Jehova a fedise bodumedi bohle ba bohata, ho tla sala bodumedi bo le bong feela lefatsheng, e leng bahlanka ba Jehova. Ke nnete hore sena se tla etsa ho re Satane a tuke ke bohale. Ka hoo, o tla sebedisa “dipolelo tse buduletsweng . . . tse sa hlwekang” e leng leshano le tswang ho bademona le tla etsa ho re ditjhaba di hlasele bahlanka ba Jehova. (Tšen. 16:13, 14) Ditjhaba tsena di bitswa “Gogo wa naha ya Magogo.” Ha ditjhaba tsena di hlasela batho ba Modimo, ntwa ya Armagedone e tla qala.​—Tšen. 16:16.

14. Gogo o tla hlokomelang?

14 Gogo o tla tshepa “letsoho la nama” e leng lebotho la hae la ntwa. (2 Likron. 32:⁠8) Empa rona re tla tshepa Jehova Modimo wa rona, e leng se tla bonahala e ka ke bowatla ho Gogo. Hobaneng ha seo se ka bonahala e ka ke bowatla? Hobane Babylona e Moholo e ne e le matla empa medimo ya yona ha e ya ka ya e pholosa ho “sebata” le ho “dinaka tse leshome” tsa sona. (Tšen. 17:​16) Ka hoo, Gogo o tla nahana hore o tla re fedisa ha bonolo. O tla hlasela batho ba Modimo “jwalo ka maru a kwahelang naha.” (Ezek. 38:​16) Empa Gogo o tla hlokomela hore jwale o wetse lerabeng. Jwalo ka Faro lewatleng le lefubedu, o tla hlokomela hore o lwana le Jehova.​—Ex. 14:1-4; Ezek. 38:3, 4, 18, 21-23.

15. Keng seo Jesu a tla se etsa ka ntwa ya Armagedone?

15 Kreste le mabotho a hae a lehodimo ba tla sireletsa batho ba Modimo mme ba fedise Gogo le mabotho a hae. (Tšen. 19:​11, 14, 15) Empa ho tla etsahalang ka sera se seholo sa Jehova Modimo e leng Satane Diabolose, ya ileng a bua leshano le ileng la etsa hore ditjhaba di hlasele batho ba Modimo, e leng se ileng sa etsa hore ho be le Armagedone? Jesu o tla mo tshwara ha mmoho le bademona ba hae mme a ba lahlele ka mohohlong, e leng moo ba tla ba kwalla ka dilemo tse sekete.​—Tšen. 20:1-3.

O LOKELA HO ETSANG E LE HORE O PHOLOHE NTWA YA ARMAGEDONE?

16. (a) Re ka bontsha jwang hore re ‘tseba Modimo’? (b) Ho tla etsahalang ka batho ba tsebang Jehova ka ntwa ya Armagedone?

16 Ho sa tsotellehe hore na o na le nako e kae o kolobeditswe, o lokela ho ‘tseba Modimo’ o be o ‘mamele ditaba tse molemo tse mabapi le Morena wa rona Jesu,’ e le hore o pholohe Armagedone. (2 Bathes. 1:7-9) Re bontsha hore re ‘tseba Modimo’ haeba re tseba melao ya hae, dintho tseo a di ratang le tseo a sa di rateng. Re boetse re bontsha hore re a mo tseba haeba re mo rata le ho mo mamela ebile re rapela yena feela. (1 Joh. 2:3-5; 5:3) Ha re bontsha hore re tseba Modimo, re tla “tsejwa ke yena” e leng se tla re pholosa ntweng ya Armagedone. (1 Bakor. 8:3) Sena se tla etsahala jwang? Ha re “tsejwa ke [Modimo]” ho bolela hore o re amohetse.

17. Ho bolelang ho mamela “ditaba tse molemo tse mabapi le Morena wa rona Jesu”?

17 “Ditaba tse molemo tse mabapi le Morena wa rona Jesu” di akarelletsa dintho tsohle tseo Jesu a ileng a di ruta, tse hlahang ka Lentsweng la Modimo. Ka hoo, re mamela ditaba tse molemo haeba re di sebedisa bophelong ba rona. Ho mamela ho akarelletsa hore tshebeletso ya Jehova e be yona ntho e tlang pele bophelong ba rona, ho phela ka melao le ho bolela ka Mmuso wa hae. (Mat. 6:33; 24:14) Ho boetse ho akarelletsa ho tshehetsa bara ba bo Kreste ha ba ntse ba etsa mosebetsi wa bona wa bohlokwa.​—Mat. 25:31-40.

18. Bara ba bo Kreste ba tla kgutlisa mosa oo ba ileng ba o bontshwa jwang?

18 Haufinyane bahlanka ba Modimo ba tlotsitsweng, ba tla putsa “dinku tse ding” ka ha di ile tsa ba thusa. (Joh. 10:16) Ba tla etsa seo jwang? Pele ho Armagedone, ba 144 000 ba tla be ba se ba nketswe lehodimong e le dibopuwa tsa moya. E tlaba karolo ya lebotho la lehodimo le tla fedisa Gogo mme le pholose “bongata bo boholo” ba batho ba Jehova. (Tšen. 2:26, 27; 7:9, 10) Ruri bongata bo boholo bo tla thaba haholo hore ebe bo ile ba tshehetsa bahlanka ba Modimo ba tlotsitsweng ha ba sa ntse ba le mona lefatsheng.

KE JWANG RE KA DULANG RE TSHEPAHALA HA ARMAGEDONE E NTSE E ATAMELA?

19, 20. Ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ona, ke jwang re ka dulang re tshepahala ha Armagedone e ntse e atamela?

19 Matsatsing ana a ho qetela a thata, bahlanka ba bangata ba Jehova ba kopana le diteko. Le ha ho le jwalo, re ka kgona ho di mamella ka thabo. (Jak. 1:2-4) Ntho e ka re thusang ka ho fetisisa ke ho phehella thapelong. (Luka 21:36) Re boetse re tlameha ho bala Lentswe la Modimo ka mehla le ho nahanisisa ka lona le ka boprofeta ba dintho tse tla etsahala haufinyane. (Pes. 77:12) Haeba re etsa dintho tsena ebile re etsa sohle seo re ka se kgonang tshimong, tumelo le tshepo ya rona di tla ba matla.

20 Nahana ka moo o tla thaba ka teng ha Babylona e Moholo e se e fedisitswe ebile le Armagedone e fetile. Ho feta tse ding tsohle nahana ka thabo eo o tla ba le yona, ha batho bohle ba hlompha lebitso la Modimo le tokelo ya hae ya ho busa. (Ezek. 38:23) Ka nnete Armagedone ke taba e thabisang ho batho ba tsebang Modimo, ba mamelang mora wa hae le ba mamelletseng ho isa qetellong.​—Mat. 24:13.

PINA YA 143 Dulang le Sebetsa le Bile le Letile

^ par. 5 Ha e sa le bahlanka ba Modimo ba emetse Armagedone. Sehloohong sena, re tlo ithuta ho re na Armagedone keng le hore na ke diketsahalo dife tse tla lebisa ho yona. Re tla boela re bone ho re na ke jwang re ka dulang re tshepahala ha e ntse e atamela.

^ par. 71 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Dintho tse tla re hlahela. (1) Re tla bolela ditaba tse molemo ka hohle ka moo re ka kgonang, (2) re tla tswelapele re ithuta Bibele, (3) le ho tshepa hore Modimo o tla re sireletsa.

^ par. 85 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Mapolesa a itokiselletsa ho kena ka mahahapa lelapeng la Mokreste ya nang le tshepo ya hore Jesu le mangeloi a hae, ba hlokomela se etsahalang.