Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 39

“Bonang! Bongata bo Boholo”

“Bonang! Bongata bo Boholo”

“Bonang! bongata bo boholo, boo ho seng motho ya neng a kgona ho bo bala . . . bo eme ka pela terone le ka pela Konyana.”​—TŠEN. 7:9.

PINA YA 60 Ba Tla Phela

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Bophelo ba moapostola Johanne bo ne bo le jwang ka selemo sa 95?

KA SELEMO sa bo 95, moapostola Johanne o ne a le maemong a thata ka ho fetisisa. O ne a tsofetse, a le sehlekehlekeng se senyane se bitswang Patmose ebile ho ka etsahala hore e ne e le yena feela moapostola ya ntseng a phela. (Tšen. 1:9) O ne a tseba hore bahanyetsi ba ruta dithuto tse fosahetseng le ho arola diphutheho. Ka hoo, ho ne ho bonahala e ka haufinyane bodumedi ba nnete bo tla fela.​—Juda 4; Tšen. 2:15, 20; 3:1, 17.

Moapostola Johanne o ile a bona “bongata bo boholo” bo apere diaparo tse telele tsa ka hodimo tse tshweu; mme ho ne ho ena le makala a palema matsohong a bona (Sheba serapa sa 2)

2. Ho ya ka Tšenolo 7:9-14, ke pono efe ya boprofeta bo thabisang eo Johanne a ileng a e bona? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

2 Ha Johanne a ntse a le maemong ana a thata, Modimo o ile a mo bontsha pono e thabisang ka bokamoso. Ponong eo, lengeloi le ile la bolella mangeloi a mang a 4 hore a tshware meya ya timetso ya matshwenyeho a maholo, ho fihlela ho tiiswa sehlopha sa makgoba. (Tšen. 7:1-3) Sehlopha seo se entswe ka batho ba 144 000, ba tla busa le Jesu lehodimong. (Luka 12:32; Tšen. 7:4) Johanne o ile a boela a bona sehlopha se seng se seholo mme o ile a re: “Bonang!” e leng se bontshang hore o ne a makalletse seo a se bonang. Ebe Johanne o ne a bonang? O ne a bona “Bongata bo boholo, boo ho seng motho ya neng a kgona ho bo bala, bo tswa ditjhabeng tsohle le melokong yohle le bathong bohle le malemeng ohle, bo eme ka pela terone le ka pela Konyana.” (Bala Tšenolo 7:9-14.) Ha ho pelaelo hore Johanne o ile a thabiswa ke ho tseba hore nakong e tlang, batho ba tla rapela Modimo ka tsela e nepahetseng.

3. (a) Ke hobaneng ha pono ya Johanne e matlafatsa tumelo ya rona? (b) Re tlo ithutang sehloohong sena?

3 Re ka kgodiseha hore pono eo e ile ya matlafatsa tumelo ya Johanne. Ka hoo, pono ena e lokela ho matlafatsa tumelo ya rona le ho feta ka ha re phela nakong eo e phethahalang ka yona. Re phela nakong eo batho ba bangata ba rapelang Jehova ebile ba ena le tshepo ya ho pholoha matshwenyeho a maholo le ho phela ka ho sa feleng lefatsheng. Sehloohong sena, re tlo ithuta ka moo Jehova a ile a senolela batho ba hae dilemong tse fetang 80 tse fetileng hore na bongata bo boholo ke bo mang. Hape re tla hlahloba dintlha tse pedi ka bongata bona: (1) palo ya bona (2) bo tswa ho kae? Dintlha tsena di lokela ho matlafatsa tumelo ya batho bohle ba nang le tshepo ya ho ba karolo ya sehlopha sena.

BONGATA BO BOHOLO BO TLA PHELA HOKAE?

4. Ke nnete efe ya Bibele eo Bakreste ba bohata ba sa e utlwisiseng, hona Diithuti Tsa Bibele di ne di fapane jwang le bona?

4 Bakreste ba bohata ha ba rute nnete ya hore batho ba mamelang Modimo ba tla phela ka ho sa feleng lefatsheng empa ba ruta hore ha batho ba hlokahala ba ya lehodimong. (2 Bakor. 4:3, 4) Sena se ne se fapane le thuto ya Diithuti Tsa Bibele tse ileng tsa hatisa Tora ya ho Lebela ya senyesemane ho tloha ka selemo sa 1879, ka ha di ne di utlwisisa hore Modimo o tla etsa hore lefatshe ebe Paradeise hape. Diithuti tsena tsa Bibele di ne di boetse di dumela hore batho ba mamelang Modimo, ba tla phela mona lefatsheng e seng lehodimong. Le ha ho le jwalo ho ba nkile nako ho hlakelwa hore na, batho bana ba mamelang Modimo ke bo mang.​—Mat. 6:10.

5. Diithuti Tsa Bibele di ne di dumelang ka ba 144 000?

5 Kennete hore Diithuti Tsa Bibele di ne di hlokometse hore Bibele e re ho tlaba le sehlopha sa batho “ba rekilweng lefatsheng,” se tla busa le Jesu lehodimong. (Tšen. 14:3) Sehlopha seo se ne se tla etswa ka batho ba 144 000, e leng Bakreste ba inehetseng ho Modimo le ba mo sebeletsang ka tjheseho le ka botshepehi. Jwale Diithuti Tsa Bibele di ne di dumelang ka bongata bo boholo?

6. Diithuti Tsa Bibele di ne di dumelang ka bongata bo boholo?

6 Ponong Johanne o ile a bona sehlopha sena se “eme ka pela terone le ka pela Konyana.” (Tšen. 7:9) Mantswe ao a ile a etsa hore Diithuti Tsa Bibele di etse qeto ya hore bongata bo boholo ha mmoho le ba 144 000, ba tla phela lehodimong. Jwale haeba dihlopha tsena tse pedi di tla phela lehodimong, phapang e ne e tla ba efe pakeng tsa tsona? Diithuti Tsa Bibele di ne di nahana hore e tlameha e be bongata bo boholo ke Bakreste ba neng ba itshwere hantle empa ba sa mamele Modimo ka ho felletseng, ka ha ba ne ba ntse ba ya dikerekeng tsa bohata ha ba le lefatsheng. Ka hoo, di ile tsa etsa qeto ya hore bongata bo boholo bo rata Modimo empa e seng haholo hoo bo ka busang le Jesu. Ka ha bo ne bo sa rate Jehova haholo, bo ne bo tla tshwaneleha ho ema ka pela terone empa e seng e be babusi.

7. Diithuti Tsa Bibele di ne di dumela hore ke bo mang ba neng ba tla phela lefatsheng nakong ya Puso ya Dilemo tse Sekete, hona di ne di dumela hore ho tla etsahalang ka bahlanka ba Modimo ba mehleng ya kgale ba shweleng ba tshepahala?

7 Jwale ke bomang ba neng ba tla phela lefatsheng? Diithuti Tsa Bibele di ne di dumela hore ka mora hore ba 144 000 le bongata bo boholo ba nkelwe lehodimong, batho ba bang ba dimilione ba ne ba tla thabela ditlhohonolofatso tsa Puso ya Jesu ya Dilemo tse Sekete. Di ne di sa nahana hore batho bana ba dimilione, ba ne ba tla sebeletsa Jehova pele Puso ya Jesu ya Dilemo tse Sekete e qala. Empa di ne di nahana hore ba ne ba tla ithuta ka Jehova nakong ya Puso eo. Ka mora moo, ba neng ba tla phela ka melao ya Jehova, ba ne ba tla fumana bophelo bo sa feleng mme ba sa mo mameleng ba fediswe. Diithuti Tsa Bibele di ne di nahana hore batho ba neng ba tla sebeletsa e le “dikgosana” lefatsheng, ba akarelletsa bahlanka bang ba Modimo ba mehleng ya kgale ba shweleng ba tshepahala, ba neng ba tla tsoswa nakong ya Puso ya Dilemo tse Sekete le hore ba ne ba tla ya lehodimong qetellong ya puso eo.​—Pes. 45:16.

8. Ke dihlopha dife tse tharo tse neng di bonahala e ka di tla ba teng morerong wa Modimo?

8 Diithuti Tsa Bibele di ne di nka hore ho na le dihlopha tse tharo: (1) Batho ba 144 000 ba tla busa le Jesu lehodimong, (2) Bongata bo boholo e leng Bakreste ba sa tjheseheng ka ho felletseng, ba tla ema ka pela terone le ka pela Konyana, (3) batho ba dimilione ba tla rutwa ka Jehova lefatsheng nakong ya Puso ya Jesu ya Dilemo Tse Sekete. * Empa ha nako e ntse e ya, Jehova o ile a thusa Diithuti Tsa Bibele hore di hlakelwe ke taba ena haholwanyane.​—Liprov. 4:18.

LESEDI LA NNETE LE KGANYA HAHOLWANYANE

Batho ba bangata ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ba ile ba kolobetswa kopanong ka 1935 (Sheba serapa sa 9)

9. (a) Ke ka tsela efe bongata bo boholo bo lefatsheng, bo tla ema “ka pela terone le ka pela Konyana”? (b) Ke hobaneng ha mantswe a ho Tšenolo 7:9 a utlwahala?

9 Ka 1935 Dipaki Tsa Jehova di ile tsa utlwisisa hore na bongata bo boholo bo hlahang ponong ya Johanne ke bo mang. Di ile tsa hlokomela hore ha ho hlokahale ho re bongata bo boholo bo ye lehodimong, e le hore bo eme “ka pela terone le ka pela Konyana.” Ho ena le hoo, bo etsa sena ka tsela ya tshwantshetso. Le hoja bongata bo boholo bo ka phela lefatsheng, bo tla ema “ka pela terone” ka hore bo nke Jehova e le yena Mmusi wa lehodimo le lefatshe mme bo mo mamela. (Esa. 66:1) Bo boetse bo ema “ka pela Konyana” ka hore bo bontshe tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo. Ka tsela e tshwanang, ho Matheu 25:31, 32 hothwe “Ditjhaba tsohle” tse akarelletsang batho ba kgopo, di tla “bokellwa ka pela [Jesu]” teroneng ya hae e kganyang. Ho a hlaka hore ditjhaba tsena, ha di lehodimong empa di lefatsheng. Kutlwisiso ena e ileng ya hlakiswa ka selemo sa 1935 e ya utlwahala. E hlakisa hantle hore na ke hobaneng ha Bibele e sa re bongata bo boholo bo tla nkelwa lehodimong. Ke sehlopha se le seng feela se nang le tshepo ya ho phela lehodimong, e leng sa ba 144 000 se tla “busa [le Jesu] e le marena hodima lefatshe.”​—Tšen. 5:10.

10. Ke hobaneng ha ho hlokeha hore bongata bo boholo bo ithute ka Jehova pele ho Puso ya Dilemo Tse Sekete?

10 Ho tloha ka selemo sa 1935, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa utlwisisa hore bongata bo boholo bo hlahang ponong ya Johanne, bo entswe ka Bakreste ba tshepahalang ba nang le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng. E le hore bongata bona bo pholohe mahlomola a maholo, bo lokela ho ithuta ka Jehova pele ho Puso ya Dilemo Tse Sekete. Bo boetse bo lokela ho ba le tumelo e matla e le hore bo ‘atlehe ho phonyoha dintho tsena tsohle tse reretsweng hore di etsahale,’ pele ho Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete.​—Luka 21:34-36.

11. Ke hobaneng ha Diithuti tse ding tsa Bibele di ne di nahana hore batho ba bang ba ne ba tla tsosetswa lehodimong ka mora Puso ya Dilemo Tse Sekete?

11 Ho thweng ka batho ba bang bao Diithuti Tsa Bibele di neng di nahana hore ba tla tsosetswa lehodimong ka mora Puso ya Dilemo tse Sekete? Sena se ile sa buuwa ho Tora ya ho Lebela ya senyesemane ya February 15, 1913. Motho e mong o ne a ka nna a ipotsa hore na ke hobaneng ha bahlanka ba bang ba Modimo ba tshepahalang ba mehleng ya kgale, ba ka tsosetswa ho phela lefatsheng empa Bakreste ba neng ba sa tshepahale ka ho felletseng ba tla putswa ka ho ilo phela lehodimong. A mang a mabaka a neng a etsa hore Diithuti Tsa Bibele di etse qeto eo, ke hobane di ne di nahana hore: (1) bongata bo boholo bo tla nkelwa lehodimong, (2) bo entswe ka Bakreste ba sa tshepahaleng ka ho felletseng.

12, 13. Keng seo bongata bo boholo le batlotsuwa ba se tsebang ka moputso wa bona?

12 Jwalo ka ha re se re bone hore ho tloha ka selemo sa 1935, Dipaki tsa Jehova di ile tsa utlwisisa hore bongata bo boholo bo hlahang ponong ya Johanne, ke bona bo tla pholoha Armagedone. Bo tla ‘tswa matshwenyehong a maholo’ mona lefatsheng, “bo ntse bo hweletsa ka lentswe le phahameng, bo re: ‘Poloko ya rona e tswa ho Modimo wa rona, ya dutseng teroneng, le Konyana.’” (Tšen. 7:10, 14) Ho feta moo, Mangolo a ruta hore batho ba tla tsosetswa ho ya phela lehodimong, ba fumana “ho hong ho molemo” ho feta bahlanka ba Modimo ba tshepahalang ba mehleng ya kgale. (Baheb. 11:40) Kutlwisiso ena ya 1935, e ile ya susumetsa bara le baradibabo rona hore ka mafolofolo, ba rute batho Bibele e le hore ba sebeletsa Jehova le ho ba le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng mona lefatsheng.

13 Bongata bo boholo bo thabela tshepo eo bo nang le yona. Bo a utlwisisa hore ke Jehova ya kgethang hore na bahlanka ba hae ba tshepahalang ba tla mo sebeletsa ho kae, e bang ke lehodimong kapa lefatsheng. Sehlopha sa batlotsuwa le sa bongata bo boholo, ka bobedi di a hlokomela hore di fumana moputso ka lebaka la mosa o sa tshwanelang wa Jehova oo a o bontshitseng ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste.​—Bar. 3:24.

PALO YA BONA

14. Ka mora selemo sa 1935, ke hobaneng ha batho ba bangata ba ile ba ipotsa hore na boprofeta bo buang ka bongata bo boholo bo tla phethahala jwang?

14 Ka mora hore bahlanka ba Jehova ba hlakelwe ka 1935, batho ba bangata ba ne ba ntse ba ipotsa hore na ke jwang palo ya batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng e tla bang bongata bo boholo. Ka mohlala, Ronald Parkin o ne a le dilemo di 12 ha a ne a hlakelwa ke hore na bongata bo boholo ke bo mang. O re: “Ka nako eo, ho ne ho ena le bahweletsi ba 56 000 lefatsheng lohle mme bongata ba bona e ne e le batlotsuwa. Ka hoo, bongata bo boholo bo ne bo sa bonahale e ka bo bongata.”

15. Ke jwang ho bokellwa ha bongata bo boholo ho ntseng ho tswelapele?

15 Dilemo tse mashome ka mora moo, baromuwa ba ile ba romelwa dinaheng tse ngata mme palo ya Dipaki Tsa Jehova e ile ya nna ya eketseha. Ka hoo, ka 1968 ho ile ha eba le tokisetso ya ho ruta batho Bibele ho sebediswa buka ya ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Tsela e bonolo eo buka ena e neng e hlalosa Bibele ka yona, e ile ya etsa hore batho ba bangata ba batle ho ithuta ka Jehova ho feta le ha e le neng pele. Le pele ho feta dilemo tse 4, batho ba fetang halofo ya milione ba ile ba kolobetswa. Ha kereke ya Khatholike e fellwa ke matla Latin America le dinaheng tse ding mme ho se ho sa thibelwe mosebetsing wa rona Eastern Europe le dibakeng tse ding tsa Africa, ho ile ha kolobetswa batho ba fetang dimilione. (Esa. 60:22) Morao tjena, mokgatlo wa Jehova o fane ka di thulusi tse mmalwa tse sebetsang ho thusa batho ho ithuta seo Bibele e se rutang. Ha ho pelaelo hore Jehova o bokella bongata bo boholo boo hona jwale bo leng ka hodimo ho dimilione tse 8.

BONGATA BO BOHOLO BO TSWA HOKAE?

16. Bongata bo boholo bo bokeletswe ho tswa hokae?

16 Ha Johanne a ne a ngola seo a se boneng ponong, o ile a re bongata bo boholo “bo tswa ditjhabeng tsohle le melokong yohle le bathong bohle le malemeng ohle.” Moprofeta Zakaria le yena o ile a bua se tshwanang ha a re: “Ho tla etsahala matsatsing ao hore banna ba leshome ba tswang dipuong tsohle tsa ditjhaba ba tla tshwara, e, ba tla tshwara moleka wa seaparo sa monna wa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaya le lona, etswe re utlwile hore Modimo o na le lona.’”​—Zak. 8:23.

17. Keng se entsweng ho thusa batho ba ditjhaba tsohle le maleme ohle?

17 Dipaki Tsa Jehova di hlokometse hore e le ho re batho ba dipuo tsohle ba bokellwe, ditaba tse molemo di lokela ho bolelwa ka dipuo tse ngata. Esale re fetolela dingolwa tse thehilweng Bibeleng ka dilemo tse fetang tse 130 mme hona jwale re fetolela tse eketsehileng ho feta le ha e le neng pele ka dipuo tse makgolo. Ho hlakile hore ka mohlolo, Jehova o bokella bongata bo boholo bo tswang ditjhabeng tsohle. Ka ha Bibele le dingolwa tse thehilweng Bibeleng di fumaneha ka dipuo tse ngata, sena se etsa hore le hoja bongata bo boholo bo tswa ditjhabeng tsohle, bo rapele Jehova bo le bonngweng. Hape, bahlanka ba Jehova ba tsebahala ka ho bolela ditaba tse molemo ka mafolofolo le ho ba le lerato la bara ba motho. Ka nnete sena se re matlafatsa tumelo.​—Mat. 24:14; Joh. 13:35.

PONO YA JOHANNE E BOLELANG HO RONA?

18. (a) Ho ya ka Esaia 46:10, 11, ke hobaneng ha ho sa makatse hore Jehova o phethahaditse boprofeta bo buang ka bongata bo boholo? (b) Ke hobaneng ha batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ba sa ikutlwe e ka ha se ba bohlokwa?

18 Re thaba haholo ha re utlwa ka boprofeta bo buang ka bongata bo boholo. Ha re makale hore Jehova o ile a phethahatsa boprofeta bona ka tsela e hlollang. (Bala Esaia 46:10, 11.) Bongata bo boholo bo ananela tshepo eo Jehova a bo fileng yona. Ka hoo, ha bo ikutlwe e ka ha se batho ba bohlokwa hobane e se batlotsuwa. Ka Bibeleng re ithuta ka banna le basadi ba tshepahalang ba neng ba tataiswa ke moya o halalelang le ha ho le jwalo e se karolo ya ba 144 000. Ba bang ba bona ke Johanne Mokolobetsi le Davida. (Mat. 11:11; Lik. 2:34) Bona le ba bang ba bangata ba tla tsosetswa lefatsheng la paradeise. Bona ha mmoho le bongata bo boholo ba tla fumana monyetla wa ho bontsha botshepehi ba bona ho Jehova le ho Mmuso wa hae.

19. Re tseba jwang hore re phela matsatsing a ho qetela ha re bona pono ya Johanne e phethahala?

19 Lena ke lekgetlo la pele leo ka lona Modimo a bokellang batho ba dimilione ba tswang ditjhabeng tsohle hore ba mo rapele ba momahane. Ho sa tsotellehe hore na re na le tshepo ya ho phela lehodimong kapa lefatsheng, re lokela ho thusa batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang ka teng hore e be karolo ya bongata bo boholo ba “dinku tse ding.” (Joh. 10:16) Hobane haufinyane Jehova o tla tlisa mahlomola a maholo a tla fedisa mebuso le madumedi a baketseng batho mathata. Ka hoo, batho ba bongata bo boholo ba na le monyetla o thabisang wa ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng mona lefatsheng.​—Tšen. 7:14.

PINA YA 139 Ipone o le Teng ha Tsohle di se di le Ntjha

^ par. 5 Sehloohong sena re tlo ithuta ka pono ya Johanne, e neng e boletse ka ho bokellwa ha “bongata bo boholo.” Ha ho pelaelo hore sena se tla matlafatsa tumelo ya bohle ba nang tshepo ena e thabisang ya ho ba karolo ya sehlopha sena.

^ par. 8 Sheba buka ya Lipaki Tsa Jehova​—Baboledi ba ’muso oa Molimo, maq. 159-163.