Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 35

Jehova o Nka Bahlanka ba Hae ba Ikokobeditseng e le ba Bohlokwa

Jehova o Nka Bahlanka ba Hae ba Ikokobeditseng e le ba Bohlokwa

“Jehova . . . o bona ya ikokobetsang.”​—PES. 138:6.

PINA YA 48 Re Tsamayeng le Jehova Kamehla

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Jehova o ikutlwa jwang ka batho ba ikokobeditseng? Hlalosa.

JEHOVA o rata batho ba ikokobeditseng. Ke bona feela ba bang le kamano e haufi le yena. Ka lehlakoreng le leng, batho ba ‘iphahamisang o ba tsebella hole.’ (Pes. 138:6) Kaofela ha rona re batla ho thabisa Jehova le ho ba le kamano e haufi le yena, ka lebaka leo re lokela ho ithuta ho ba batho ba ikokobeditseng.

2. Re tlo tshohlang sehloohong sena?

2 Sehloohong sena re tlo araba dipotso tsena tse tharo: (1) Motho ya ikokobeditseng ke ya jwang? (2) Ke hobaneng ha re lokela ho ikokobetsa? (3) Ke maemong afe moo re ka thatafallwang ke ho bontsha boikokobetso? Jwalo ka ha re tla bona, ho ikokobetsa ho thabisa pelo ya Jehova ebile ho re tswela molemo.​—Liprov. 27:11; Esa. 48:17.

MOTHO YA IKOKOBEDITSENG KE YA JWANG?

3. Motho ya ikokobeditseng ke ya jwang?

3 Motho ya ikokobeditseng ha a nahane hore ke wa bohlokwa ho feta batho ba bang ebile ha a ithorise ka bokgoni boo a nang le bona kapa dintho tseo a nang le tsona. Bibele e re motho ya ikokobeditseng o a tseba hore Jehova o mo phahametse ebile o nka batho ba bang ba mo phahametse ka tsela e itseng.​—Bafil. 2:3, 4.

4, 5. Ke hobaneng ha tjhebahalo ya motho e ke ke ya re bolella hore o ikokobeditse kapa tjhe?

Batho ba bang ba bonahala eka ba ikokobeditse empa ba sa ikokobetsa. E ka nna yaba ka tlhaho ke batho ba thotseng kapa ba dihlong. Kapa ke batho ba hlomphang hobane ba hodisitswe ka tsela eo. Le ha ho le jwalo, e ka nna yaba botebong ba pelo ke batho ba ikgohomosang mme ha nako e ntse eya ba hlahisa seo ba leng sona.​—Luka 6:45.

5 Ka lehlakoreng le leng, ho na le batho ba sa tshabeng batho le ba buang seo ba se nahanang empa seo ha se bolele hore ke batho ba ikgohomosang. (Joh. 1:​46, 47) Le ha ho le jwalo, batho ba seng dihlong ba lokela ho hlokomela hore ba se ke ba tshepa bokgoni ba bona. Ka hoo, ho sa tsotellehe hore na re batho ba dihlong kapa tjhe, kaofela ha rona re lokela ho lwanela ho ba batho ba ikokobeditseng.

Moapostola Pauluse o ne a ikokobeditse mme a sa ikutlwe e le wa bohlokwa ho feta batho ba bang (Sheba serapa sa 6) *

6. Keng seo re ithutang sona mohlaleng wa moapostola Pauluse ho 1 Bakorinthe 15:⁠10?

6 Nahana ka mohlala wa moapostola Pauluse. Jehova o ne a mo file boikarabelo bo boholo ba ho theha diphutheho tse ntjha dibakeng tse fapaneng. Ho ka etsahala hore o entse mosebetsi o mongata tshebeletsong ho feta baapostola ba bang ba Jesu Kreste. Le ha ho le jwalo, ha a ka a ikutlwa e le wa bohlokwa ho ba feta. Ka boikokobetso o ile a re: “Ke e monyenyane ho baapostola, mme ha ke tshwanelehe ho bitswa moapostola, hobane ke ile ka hlorisa phutheho ya Modimo.” (1 Bakor. 15:9) Ka mora moo, Pauluse o ile a re ke ka lebaka la mosa o sa tshwanelang wa Jehova a nang le kamano e ntle le yeng, eseng ka lebaka la dintho tse ngata tseo a di entseng. (Bala 1 Bakorinthe 15:10.) Pauluse o re behetse mohlala o motle wa ho bontsha boikokobetso. Ha a ne a ngolla phutheho e Korinthe, ha a ka a ithorisa ka dintho tseo a di entseng le hoja ho ne ho ena le ba bang ka phuthehong ba neng ba mo nyatsa.​—2 Bakor. 10:10.

Morabo rona Karl F. Klein ya ikokobeditseng, e ne e le setho sa Sehlopha se Busang (Sheba serapa sa 7)

7. Morabo rona e mong ya neng a tsebahala, o ile a bontsha boikokobetso jwang?

7 Bahlanka ba bangata ba Jehova ba ile ba kgothatswa ke pale ya bophelo ya morabo rona Karl F. Klein, eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang. Paleng ya hae ya bophelo, morabo rona Klein o ile a bontsha boikokobetso ka hore a bue ka mefokolo le mathata ao a ileng a kopana le ona. Ka mohlala, ka lekgetlo la pele ka 1922, o ile leka ho bolela ditaba tse molemo ka ntlo le ntlo empa a thatafallwa. Ka hoo, o ile a nka dilemo tse pedi pele a ka ya ka ntlo le ntlo hape. Ha morao ha a se a sebeletsa Bethele, morabo rona e mong o ile a mo fa keletso mme seo se ile sa etsa hore a mo kwatela ka nakwana. O ile a boela a ba le bothata ba ho nyahama empa ha nako e ntse eya a ba hantle. Le ha ho le jwalo, o ne a ena le dikabelo tse ngata tsa bohlokwa le tse thabisang. Ka nnete morabo rona Klein o ile a bontsha boikokobetso, ka hore ebe o ile a bua ka mefokolo ya hae le hoja e ne e le motho ya tsebahalang. Bara le baradibabo rona ba bangata, ba hopola pale ena ya bophelo ya morabo rona Klein. *

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO IKOKOBETSA?

8. 1 Petrose 5:⁠6 e re bontsha jwang hore Jehova o thabiswa ke batho ba ikokobeditseng?

8 Lebaka le etsang hore re batle ho ba batho ba ikokobeditseng ke hobane seo se thabisa Jehova. Moapostola Petrose o ile a hlakisa sena. (Bala 1 Petrose 5:⁠6.) Ha buka ya ‘Tloo U be Molateli oa Ka’ e hlalosa mantswe a Petrose e re: “Boikakaso bo tshwana le tjhefo. Bo ka ba le diphello tse kotsi. Ke tshobotsi e ka etsang hore batho ba nang le bokgoni ka ho fetisisa e be ba se nang thuso ho Modimo. Ka lehlakoreng le leng, boikokobetso bo ka etsa hore esita le motho ya se nang bokgoni hakaalo e be ya molemo haholo mahlong a Jehova.  . . [O] tla . . . thabela ho o putsa ha o ikokobeditse.” * Ka hoo, ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re lokelang ho e etsa ke ho thabisa Jehova.​—Liprov. 23:15.

9. Ke jwang boikokobetso bo ka etsang hore batho ba bang ba batle hoba hara rona?

9 Ha re bontsha boikokobetso ha re thabise Jehova feela empa seo le rona se re tswela molemo. Haeba re le batho ba ikokobeditseng, ho tla ba bonolo hore batho ba bang ba re atamele. E le hore o utlwisise sena, a ko nahane hore na ke batho ba mofuta ofe bao o thabelang ho ba hara bona. (Mat. 7:12) Hangata ha re thabele ho ba hara batho ba batlang ho re re dule re etsa dintho tseo ba di batlang empa bona ba sa mamele maikutlo a rona. Ho fapana le hoo, re thabela ho ba le bara le baradibabo rona ha ba bontsha kutlwelobohloko, boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, qenehelo e bonolo le boikokobetso. (1 Pet. 3:8) Ka ho tshwanang, haeba le rona re ikokobeditse, batho ba bang le bona ba tla thabela ho ba hara rona.

10. Ke hobaneng ha batho ba ikokobeditseng ho le bonolo hore ba mamelle mathata?

10 Ho ikokobetsa ho re thusa ho mamella mathata. Ka dinako tse ding, re ka nna ra kopana le maemo ao ho ona re ka bonang eka re tshwerwe hampe. Morena Solomone ya bohlale o ile a re: “Ke bone bahlanka ba palame dipere empa dikgosana di tsamaya fatshe feela jwalo ka bahlanka.” (Moek. 10:7) Hangata batho ba nang le bokgoni ha ba roriswe empa ba senang bokgoni bona, ba elwa hloko. Empa Solomone o ile a bontsha hore ke ha bohlokwa ho amohela maemo ka tsela eo a leng ka yona, ho ena le ho tshwenyeha ka se etsahalang bophelong. (Moek. 6:9) Ka hoo, haeba re le batho ba ikokobeditseng, ho tla ba bonolo ho amohela maemo a bophelo ka tsela eo a leng ka yona.

KE MAEMONG AFE MOO RE KA THATAFALLWANG KE HO BONTSHA BOIKOKOBETSO?

Ke hobaneng ha ho ka ba thata ho bontsha boikokobetso boemong bo kang bona? (Sheba serapa sa 11 le 12) *

11. Re lokela ho itshwara jwang ha re fuwa keletso?

11 Letsatsi le leng le le leng, re fumana menyetla ya ho bontsha hore re batho ba ikokobeditseng. Nahana ka mehlala ena. Ha re fuwa keletso. Re lokela ho hopola hore ha motho a etsa boiteko ba ho re fa keletso, ke hobane a hlokometse hore re entse phoso e kgolo le hoja re sa e hlokomela. Ka dinako tse ding, ha motho a re fa keletso, re ka nna ra se e mamele, ra mo nyatsa kapa ra nyatsa tsela eo a e faneng ka yona. Empa haeba re le batho ba ikokobeditseng, re tla ba le boikutlo bo nepahetseng.

12. Ho ya ka Liproverbia 27:​5, 6, ke hobaneng ha re lokela ho ananela motho ya re fang keletso? Hlalosa.

12 Motho ya ikokobeditseng o thabela keletso. Ka mohlala, a ko nahane o le dibokeng, ka mora hore o bue le batho ba mmalwa, e mong wa bona o o bitsetsa ka thoko mme o o bolella hore o na le dijo menong. Ha ho pelaelo hore o tla ikutlwa o swabile. Empa na o ke ke wa thabela hore ebe o o bolelletse? Ha e le hantle, o ka ba wa lakatsa eka ho ka be ho ena le motho ya ileng a o bolella e sale pele. Ka ho tshwanang, re lokela ho bontsha boikokobetso haeba mora kapa moradiwabo rona a re fa keletso. Re lokela ho nka motho eo a re rata eseng a re hloile.​—Bala Liproverbia 27:5, 6; Bagal. 4:16.

Ke hobaneng ha re lokela ho bontsha boikokobetso ha batho ba bang ba fuwa boikarabelo bo eketsehileng? (Sheba serapa sa 13 le 14) *

13. Re ka bontsha jwang hore re batho ba ikokobeditseng ha ba bang ba fuwa boikarabello ka phuthehong?

13 Ha batho ba bang ba fuwe boikarabelo bo eketsehileng. Moholo e mong ya bitswang Jason o re: “Ka dinako tse ding, ha ke bona batho ba bang ba fuwa boikarabelo bo eketsehileng, ke a ipotsa hore na ke hobaneng ha ho sa kgethwa nna.” Na le wena o kile wa ikutlwa jwalo? Ha ho phoso ho“hahamalla” boikarabelo bo eketsehile. (1 Tim. 3:1) Le ha ho le jwalo, re lokela ho ela hloko seo re se nahanang. Ho seng jwalo, boikgohomoso bo ka hola dipelong tsa rona. Ka mohlala, morabo rona a ka nahana hore ke yena feela ya nang le bokgoni ba ho etsa mosebetsi o itseng ka phuthehong. Kapa moradiwabo rona a ka nna a nahana hore monna wa hae a ka etsa mosebetsi ha molemo ho feta morabo rona e mong. Le ha ho le jwalo, haeba re le batho ba ikokobeditseng, re ke ke ra nahana ka tsela ena.

14. Re ka ithutang tseleng eo Moshe a ileng a itshwara ka yona ha ba bang ba fuwa boikarabelo bo eketsehileng?

14 Ho na le seo re ka ithutang sona tseleng eo Moshe a ileng a itshwara ka yona ha ba bang ba fuwa boikarabelo. Moshe o ne a ananela boikarabelo ba ho etella setjhaba sa Iseraele pele. O ile a itshwara jwang ha Jehova a fa batho ba bang mesebetsi e meng eo a neng a e etsa? Ha a ka a ba mona. (Num. 11:24-29) Ka boikokobetso, o ile a dumella ba bang hore ba mo thuse ka mosebetsi wa boahlodi. (Ex. 18:13-24) Sena se ne se bolela hore ho ne ho tlaba le baahlodi ba bangata ba neng ba tla thusa Baiseraele ka mathata a bona. Sena se bontsha hore Moshe o ne a kgathalla batho ho feta ho ba le boikarabelo bo eketsehileng. Ka nnete o re behetse mohlala o motle. Ka hoo, e le hore re be batho ba bohlokwa ho Jehova, boikokobetso e lokela hoba ntho e ka sehloohong ho feta bokgoni boo re nang le bona. Le hoja “Jehova o phahame, le ha ho le jwalo o bona ya ikokobetsang.”​—Pes. 138:6.

15. Maemo a bara le baradi ba bang babo rona a ile a fetoha jwang?

15 Ha maemo a bophelo a fetoha. Dilemong tsa ho feta, bara le baradibabo rona ba bangata ba sebeleditseng Jehova ka nako e telele, ba ile ba fuwa dikabelo tse ntjha. Ka mohlala, ka 2014 mokgatlo o ile wa etsa qeto ya hore ho se ke ha eba le balebedi ba setereke. Ka hoo, bara bao babo rona le balekane ba bona, ba ile ba fuwa dikabelo tse ntjha. Hona selemong seo, mokgatlo o ile wa boela wa etsa qeto ya hore ha morabo rona a se a le dilemo tse 70, e ke ke ya hlola e eba molebedi wa potoloho le hore barababo rona ba dilemo di 80 ho ya hodimo, ba ke ke ba hlola ba sebeletsa jwalo ka bahokahanyi ba sehlopha sa baholo. Ho feta moo, bara le baradibabo rona ba bangata ba Bethele, ba ile ba fuwa kabelo e ntjha ya hore e ilo ba bopulamadiboho. Ha ba bang bona ba ile ba lokela ho tlohela tshebeletso ya nako e tletseng ka lebaka la ho kula, ho hlokomela lelapa le tse ding.

16. Bara le baradibabo rona ba ile ba bontsha boikokobetso jwang ka ho amohela ha maemo a fetoha?

16 Ho ne ho se bonolo ho bara le baradibabo rona ho re ba amohele diphetoho. Ho hlakile hore ba ne ba rata dikabelo tseo ba neng ba le ho tsona pele, ka ha ba bile ho tsona ka nako e telele. Ka hoo, ba bang ba ile ba utlwiswa bohloko haholo ke ho ya dikabelong tse ntjha. Le ha ho le jwalo ha nako e ntse eya, ba ile ba tlwaela dikabelo tsa bona tse ntjha. Ba ile ba thuswa keng? Ba ile ba thuswa ke lerato leo ba ratang Jehova ka lona. Ba ne ba tseba hore ba inehetse ho Jehova eseng ho kabelo e itseng ka ho kgetheha. (Bakol. 3:23) Ka lebaka leo, ba thabela ho sebeletsa Jehova kabelong le ha e le efe eo ba e fuwang mme ha ba ikutlwa ba imetswe, ba “lahlela matshwenyeho ohle a [bona] ho yena” hobane ba a tseba hore o a ba kgathalla.​—1 Pet. 5:6, 7.

17. Ke hobaneng ha e le ho thabisang hore ebe Bibele e re kgothalletsa ho ba batho ba ikokobeditseng?

17 Re a thaba hore ebe Bibele e re kgothalletsa ho ba batho ba ikokobeditseng. Haeba re le batho ba ikokobeditseng, seo se tla tswela rona le batho ba bang molemo. Hape re tla kgona le ho mamella mathata a re hlahelang. Ka hodima tsohle, re tla kgona ho atamela haufi le Ntate wa rona ya lehodimong. Ka nnete ho a thabisa ho tseba hore le hoja e le Modimo “Ya Hodimo le Ya Phahameng,” o rata bahlanka ba hae ba ikokobeditseng ebile o ba nka e le ba bohlokwa.​—Esa. 57:15.

PINA YA 45 Ho Thuisa ha Pelo ya Ka

^ par. 5 Ke ha bohlokwa hore re be batho ba ikokobeditseng. Motho ya ikokobeditseng ke ya jwang? Ke hobaneng ha re lokela ho ba batho ba ikokobeditseng? Hona ho fetoha ha bophelo ho ka etsa hore re se ke ra ba batho ba ikokobeditseng jwang? Sehloohong sena re tlo arabela dipotso tsena tsa bohlokwa.

^ par. 7 Sheba sehlooho se reng “Jehovah Has Dealt Rewardingly With Me” ho Tora ya ho Lebela ya Senyesemane ya October 1, 1984.

^ par. 8 Sheba kgaolo 3, ser. 23.

^ par. 53 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ha moapostola Pauluse a le ntlong ya Mokrestemmoho, ka boikokobetso o thabela botswalle le batho ba bang ho akarelletsa le bana ba banyane.

^ par. 57 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Morabo rona o amohela keletso ya mangolo ya morabo rona ya monyane.

^ par. 59 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Morabo rona ya hodileng ha a jelle morabo rona ya motjha mona hobane a na le boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong.