Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 37

Ke Jwang re ka Mamelang Jehova, Hona Hobaneng?

Ke Jwang re ka Mamelang Jehova, Hona Hobaneng?

“Na haholo ka ho eketsehileng re ke ke ra ipeha tlasa [mamela] Ntate?”​—BAHEB. 12:9.

PINA YA 9 Jehova ke Morena wa Rona!

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke hobaneng ha re lokela ho mamela Jehova?

RE LOKELA ho mamela * Jehova hobane ke Mmopi wa rona. Ka lebaka leo, o na le tokelo ya ho re bolella hore na re etseng. (Tšen. 4:​11) Lebaka le leng leo re mo mamelang ka lona, ke hobane ke Mmusi ya molemo. Ho theosa le dilemo, esale batho ba busa batho ba bang. Empa ha re bapisa tsela eo Jehova le batho ba busang ka yona, Jehova ke Mmusi ya bohlale ka ho fetisisa, ya lerato, ya mosa le ya mohau.​—Ex. 34:6; Bar. 16:27; 1 Joh. 4:8.

2. Baheberu 12:9-11, e re ke hobaneng ha re lokela ho mamela Jehova?

2 Jehova o batla hore re mo mamele, e seng hobane re mo tshaba empa hobane re mo rata jwalo ka Ntate wa rona ya lerato. Ha Pauluse a ngolla Baheberu, o ile a re ba ikemisetse ho “ipeha tlasa Ntate” hobane o re kwetlisa “molemong wa rona.”​—Bala Baheberu 12:9-11.

3. (a) Re ka bontsha jwang ho re re mamela Jehova? (b) Re tlo tshohla dipotso dife?

3 Re bontsha hore re mamela Jehova haeba re etsa sohle seo re ka se kgonang ho etsa dintho tseo a lebelletseng hore re di etse. Re boetse re bontsha hore re a mo mamela haeba re hanela takatso ya rona ya ho iketsetsa qeto ya se nepahetseng le se fosahetseng. (Liprov. 3:⁠5) Ho ka ba bonolo hore re mamele Jehova haeba re ithuta ka ho eketsehileng ka makgabane a hae. Hobaneng? Hobane ntho e nngwe le e nngwe eo a e etsang, e susumetswa ke makgabane a hae. (Pes. 145:9) Ha re tswelapele ho ithuta ka Jehova re tla dula re mo rata. Hape ha re rata Jehova, ha re hloke melao e mengata e re bolellang hore na re etseng le hore re se ke ra etsang. Ka hoo, re leka ho ithuta ho nahana le ho ikutlwa ka tsela e kgahlang Jehova le ho qoba ho etsa dintho tse fosahetseng. (Pes. 97:​10) Empa ka dinako tse ding ha ho bonolo ho mamela Jehova. Ke hobaneng ha ho se bonolo? Hona ke sefe seo baholo, bontate le bomme ba ka ithutang sona ho Mmusisi Nehemia, Morena Davida le Maria Mme wa Jesu? Sehloohong sena ho tla arajwa dipotso tsena.

KE HOBANENG HA HO KA BA THATA HO MAMELA JEHOVA?

4, 5. Ho ya ka Baroma 7:21-23, ke hobaneng ha ho ka ba thata ho mamela Jehova?

4 Lebaka leo ka lona ho ka bang thata ho mamela Jehova, ke hobane re futsitse sebe mme ha re a phethahala. Ka hoo, ha se ka mehla re batlang ho mamela Jehova. Ha Adama le Eva ba fetohela Modimo ka ho ja tholwana e hanetsweng, ba ile ba etsa qeto ya ho ikgethela hore na ke sefe se nepahetseng le se fosahetseng. (Gen. 3:22) Le kajeno, batho ba bangata ha ba batle ho mamela Modimo empa ba batla ho iketsetsa qeto ya se nepahetseng le se fosahetseng.

5 Esita le bahlanka ba Jehova ba mo tsebang le ba mo ratang, ho ka ba thata hore ba mo mamele ka mehla. Pauluse le yena o ile a feta boemong bona. (Bala Baroma 7:21-23.) Le rona jwalo ka Pauluse, re batla ho etsa dintho tse nepahetseng mahlong a Jehova. Empa re lokela ho dula re lwantsha takatso ya ho etsa dintho tse fosahetseng.

6, 7. Lebaka le leng leo ho ka bang thata hore re mamele Jehova ka lona ke lefe? Fana ka mohlala.

6 Le leng la mabaka ao ho ka bang thata hore re mamele Jehova ka ona, ke sebaka le tsela eo re hodisitsweng ka yona. Batho ba bangata ba ka re bolella dintho tse fapaneng le tseo Jehova a reng re di etse. Ka hoo, re lokela ho leka ka matla hore re se ke ra nahana jwalo ka bona. Nahana ka mohlala ona.

7 Ke ntho e tlwaelehileng hore dibakeng tse ding batjha, ba be tlasa kgatello ya ho batla ho ba le tjhelete e ngata. Moradiwabo rona ya bitswang Mary *, o ile a ba boemong bona. Pele a ithuta ka Jehova, o ne kena sekolo se itlhommeng pele naheng ya habo. Lelapa labo le ile la leka ho mo hatella hore a batle mosebetsi o patalang hantle le o tla etsa hore batho ba mo hlomphe. Le yena o ne a batla seo. Le ha ho le jwalo, ka mora hore a ithute nnete ka Jehova o ile a mo rata mme a fetola seo a neng a batla ho se finyella. Ho ntse ho le jwalo ho ne ho se bonolo ho yena, ka ha o re: “Ka dinako tse ding ke fumana tsela ya ho etsa tjhelete e ngata empa ke ya tseba hore seo se tla ntshitisa ho sebeletsa Jehova, jwalo ka ha ke etsa hona jwale. Ka lebaka la tsela eo ke hodisitsweng ka yona, ho ntse ho le thata ho nna ho hanela ho batla tjhelete. Ka hoo, ke lokela ho rapela Jehova ka tiyo hore a nthuse ho hanela mosebetsi o tla ntshitisa ho etsa sohle seo nka se kgonang tshebeletsong ya hae.”​—Mat. 6:24.

8. Keng seo re tlo ithuta sona?

8 Jwalo ka ha re se re ithutile, ho mamele Jehova ho molemong wa rona. Ha ba nang le boikarabelo jwalo ka baholo, bontate le bomme ba mamela Jehova, ba ka thusa batho ba bang. A re ke re hlahlobeng mehlala e hlahang ka Bibeleng, e tla re ruta hore na ke jwang re ka sebedisang bolaodi ka tsela e tla thabisa Jehova.

BAHOLO BA KA ITHUTANG HO NEHEMIA?

Baholo ba kenya letsoho mosebetsing o etswang Holong ya Mmuso jwalo ka ha Nehemia a ile a thusa ho tsosolosa marako a Jerusalema (Sheba serapa sa 9-11) *

9. Nehemia o ile a kopana le mathata afe?

9 Jehova o file baholo boikarabelo ba bohlokwa ba ho hlokomela batho ba hae. (1 Pet. 5:2) Baholo ba ka ithuta ho hongata tseleng eo Nehemia a neng a tshwara batho ba Jehova ka yona. Ka ha e ne e le Mmusisi wa Juda, Nehemia o ne a ena le boikarabelo bo bongata. (Neh. 1:11; 2:7, 8; 5:14) A ko nahane ka a mang a mathata ao Nehemia a ileng a kopana le ona. O ile a hlokomela hore Bajuda ba sebedisa tempele ka tsela e neng e hlompholla borapedi ba Jehova. Ba ne ba boetse ba sa fe Balevi monehelo jwalo ka ha molao wa Jehova o ne o laetse. Bajuda ba ne ba sa mamele molao wa Modimo wa Sabatha mme banna ba bang ba ne ba nyala basadi ba neng ba sa rapele Jehova. Mmusisi Nehemia o ile a lokela ho sebetsana le maemo ana a thata.​—Neh. 13:4-30.

10. Nehemia o ile a sebetsana jwang le mathata ao a ileng a kopana le ona?

10 Nehemia ha a ka a sebedisa bolaodi ba hae ho hatella batho ba Modimo ho mamela maikutlo a hae. Ho ena le hoo, o ile a kopa tataiso ho Jehova ka thapelo mme a ba ruta molao wa Jehova. (Neh. 1:4-10; 13:1-3) Ka boikokobetso Nehemia o ile a boela a ba thusa ho tsosolosa marako a Jerusalema.​—Neh. 4:15.

11. 1 Bathesalonika 2:7, 8, e re baholo ba lokela ho tshwara phutheho jwang?

11 Le hoja baholo ba ke ke ba kopana le mathata a tshwanang le a Nehemia, ba ka ithuta ho hongata ho yena. Ka mohlala, ba sebetsa ka thata ho thusa bara le baradibabo rona. Ebile ha ba ikutlwe ba phahametse ba bang hobane feela ba ena le boikarabelo. Ho ena le hoo, ba tshwara bara le baradibabo rona ka mosa. (Bala 1 Bathesalonika 2:7, 8.) Ka ha ba ikokobeditse ebile ba rata batho ba bang, ba bua le bona ka tsela e bonolo. Andrew eo e seng e le moholo ka nako e telele o re: “Ke hlokometse hore ha baholo ba le mosa ebile ba le botswalle, seo se etsa hore bara le baradibabo rona ba phutholohe mme ho ba bonolo hore ba sebedisane le baholo.” Tony eo le yena e seng e le moholo ka nako e telele o re: “Ke leka ho sebedisa keletso e hlahang ho Bafilipi 2:3 mme ke dula ke nka batho ba bang ba mphahametse. Ka hoo, sena se nthusa hore ke se ke ka leka ho ba hatella hore ba mmamele.”

12. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore baholo ba ikokobetse?

12 Baholo ba lokela ho ikokobetsa jwalo ka Jehova. Le hoja Jehova e le Mmusi ya Phahameng ka ho fetisisa lehodimong le lefatsheng, o “itheola boemong” ba hae, e le hore a phahamise “ya tlaase leroleng.” (Pes. 18:35; 113:6, 7) Ha e le hantle, Bibele e re Jehova o hloile batho ba ikgohomosang.​—Liprov. 16:5.

13. Ke hobaneng ha moholo a lokela hore a “laole leleme la hae jwalo ka ha e ka ke ka tomo”?

13 Moholo ya mamelang Jehova o lokela hore a “laole leleme la hae jwalo ka ha e ka ke ka tomo.” Ho seng jwalo, o tla bua ka tsela e sa bontsheng mosa ha motho e mong a sa mo bontshe tlhompho. (Jak. 1:26; Bagal. 5:14, 15) Andrew eo re seng re buile ka yena o re: “Ka dinako tse ding ke ne ke batla ho bua hampe le mora kapa moradi wa bo rona ya neng a sa bontshe tlhompho. Le ha ho le jwalo, ke ile ka nahana ka mehlala ya banna ba tshepahalang ba hlahang ka Bibeleng. Sena se ile sa nthusa hore ke ithute bohlokwa ba ho ba motho ya ikokobeditseng le ya bonolo.” Ka hoo, baholo ba bontsha hore ba mamela Jehova haeba ba bua le bara le baradibabo rona le baholo ba bang, ka tsela e lerato le e mosa.​—Bakol. 4:6.

BONTATE BA KA ITHUTANG HO MORENA DAVIDA?

14. Ke boikarabelo bofe boo Jehova a bo fileng bontate, hona o lebeletse hore ba etseng?

14 Jehova o file bontate boikarabelo ba ho ba dihlooho tsa malapa mme o lebelletse hore ba kwetlise le ho kgalemela bana ba bona. (1 Bakor. 11:3; Baef. 6:4) Empa sena ha se bolele hore bontate ba lokela ho sebedisa bolaodi ba bona ka tsela eo ba e batlang. Ka ha Jehova ke yena ya thehileng malapa, bontate ba tla ikarabella ho yena ka tsela eo ba tshwarang malapa ka yona. (Baef. 3:14, 15) Bontate ba bontsha hore ba mamela Jehova, ha ba sebedisa bolaodi ba bona ka tsela e mo thabisang. Hape ba ka ithuta ho hongata ho Morena Davida.

Tsela eo ntate wa Mokreste a rapelang ka yona, e lokela ho bontsha hore o ikokobeditse (Sheba serapa sa 15 le 16) *

15. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore bontate ba latele mohlala wa Davida?

15 Jehova ha a ka a kgetha Davida hore e be hlooho ya lelapa la hae feela empa le ya setjhaba sa Iseraele. Davida o ne a ena le matla a maholo ka ha e ne e le morena. Ka dinako tse ding o ne a sebedisa matla a hae hampe hoo a ileng a etsa diphoso tse tebileng. (2 Sam. 11:14, 15) Empa o ile a bontsha hore o mamela Jehova ka hore a amohele kgalemelo. O ile a rapela Jehova mme a mo bolella ka moo a ikutlwang ka teng, ya ba o leka ka hohle ho mamela keletso ya hae. (Pes. 51:1-4) Hape o ile a bontsha boikokobetso ka hore ebe ha a ka a mamela keletso ya banna feela empa le ya basadi. (1 Sam. 19:11, 12; 25:32, 33) Davida o ile a ithuta diphosong tsa hae mme a etsa hore ntho ya bohlokwa bophelong ba hae, ebe ho sebeletsa Jehova.

16. Keng seo bontate ba ka ithutang sona ho Davida?

16 A re ke re boneng tse ding tsa dintho tseo bontate ba ka ithutang tsona ho Morena Davida: Ya pele, o se ke wa sebedisa bolaodi boo Jehova a o fileng bona hampe. Ya bobedi, amohela diphoso tsa hao mme o mamele keletso ya mangolo eo batho ba bang ba o fang yona. Haeba o etsa jwalo lelapa la hao le tla o hlompha hobane o motho ya ikokobeditseng. Hape ha o rapela le lelapa la hao, bolella Jehova se ka pelong ya hao e le hore ba utlwe ho re o itshetlehile ka yena. Ka hodima tsohle, etsa hore ntho ya bohlokwa bophelong ba hao, e be ho sebeletsa Jehova. (Deut. 6:​6-⁠9) Mohlala wa hao o motle ke e nngwe ya dimpho tsa bohlokwa tseo o ka di fang lelapa la hao.

BOMME BA KA ITHUTANG HO MARIA?

17. Jehova o file bomme boikarabelo bofe?

17 Jehova o boetse o file bomme boikarabelo ba bohlokwa ka lapeng, hape o ba file bolaodi bo itseng ho bana ba bona. (Liprov. 6:20) Ha e le hantle seo Mme a se buang le ho se etsa, se ka ama bophelo bohle ba bana ba hae. (Liprov. 22:6) Hlokomela seo bomme ba ka ithutang sona mohlaleng wa Maria Mme wa Jesu.

18, 19. Bomme ba ka ithutang mohlaleng wa Maria?

18 Maria o ne a tseba Mangolo hantle. O ne a hlompha Jehova haholo mme a ena le setswalle se haufi le yena. Hape a ikemiseditse ho etsa sohle seo Jehova a reng a se etse le hoja sena se ne se bolela hore bophelo ba hae bo tla fetoha.​—Luka 1:35-38, 46-55.

Ha Mme a kgathetse kapa a halefile o lokela ho etsa sohle seo a ka se kgonang ho bontsha lerato ho ba lelapa la hae (Sheba serapa sa 19) *

19 Bomme ba ka etsisa Maria ka ditsela tse ngata. Ba ka etsa seo jwang? Ya pele, o lokela ho dula o matlafatsa setswalle sa hao le Jehova, ka hore o rapele le ho ithuta Bibele o le mong. Ya bobedi, o lokela ho ikemisetsa ho fetola bophelo ba hao, e le hore o thabise Jehova. Ka mohlala, e ka nna ya ba o hodisitswe ke batswadi ba neng ba nkwa ke maikutlo mme ba bua mantswe a seng hantle ho bana ba bona. Ka hoo, o ka nna wa nahana hore ke yona tsela e nepahetseng eo bana ba lokelang ho hodiswa ka yona. Le hoja o se o ithutile melao ya Jehova, ho ka nna ha eba thata hore o kgobe matshwafo kapa o be le mamello ha bana ba hao ba sa o mamele, haholoholo ha o kgathetse. (Baef. 4:31) Maemong ana ke ha bohlokwa le ho feta hore o rapele Jehova hore a o thuse. Mme e mong ya bitswang Lydia o re: “Ka dinako tse ding ke ne ke hloka ho rapela hangata e le hore ke se ke ka bua ke halefile le mora wa ka ya sa mameleng. Ha ke utlwa eka ke tla bua ntho e seng hantle, ke ne ke thola ebe ke rapela ka pelong hore Jehova a nthuse. Ho rapela ho nthusa hore ke kgobe matshwafo.”​—Pes. 37:5.

20. Bomme ba bang ba kopana le mathata afe, hona ba ka a hlola jwang?

20 Bothata bo bong boo bomme ba bang ba ka kopanang le bona ke ho bontsha bana ba bona lerato. (Tite 2:3, 4) Ba bang ba bomme bana, ba hodisitswe ke batswadi ba senang nako ya bana ba bona. Haeba ena ke tsela eo o hodisitsweng ka yona, o se ke wa etsa phoso e tshwanang le ya batswadi ba hao. Mme ya mamelang Jehova o lokela ho ithuta hore na ke jwang a ka bontshang bana ba hae lerato. Ke nnete hore ho ka ba thata hore a fetole tsela eo a nahanang, a ikutlwang le ho etsa dintho ka yona. Empa ho ka kgonahala mme diphetoho tseo di ka thusa yena le lelapa la hae.

TSWELAPELE HO MAMELA JEHOVA

21, 22. Esaia 65:13, 14, e re re tla fumana melemo efe haeba re mamela Jehova?

21 Morena Davida o ne a tseba melemo ya ho mamela Jehova. O ile a ngola a re: “Ditaelo tse tswang ho Jehova di lokile, di thabisa pelo, taelo ya Jehova e hlwekile, e etsa hore mahlo a kganye. Hape, mohlanka wa hao o lemositswe ke tsona ho di boloka ho na le moputso o moholo.” (Pes. 19:8, 11) Kajeno re kgona ho bona phapang pakeng tsa batho ba mamelang Jehova le ba sa batleng ho mo mamela. Batho ba mamelang Jehova ba “hweletsa ka thabo ka lebaka la boemo bo botle ba pelo.”​—Bala Esaia 65:13, 14.

22 Haeba baholo, bontate le bomme ba ikemiseditse ho mamela Jehova, ba tla atleha le malapa a bona a tla dula a thabile mme le phutheho e tla momahana le ho feta. Ha bohlokwa le ho feta ke hore ba thabisa pelo ya Jehova. (Liprov. 27:11) Ruri ha hona thabo e fetang ena eo batho ba ka bang le yona.

PINA YA 123 Ikokobelletse Taolo ya Modimo ka Botshepehi

^ par. 5 Sehloohong sena re tlo ithuta hore na ke hobaneng ha re lokela ho mamela Jehova. Re tla boela re hlokomele hore na ke jwang baholo, bontate le bomme ba ka sebedisang bolaodi boo Jehova a ba fileng bona ha molemo. Le hore na ke sefe seo ba ka ithutang sona ho Mmusisi Nehemia, Morena Davida le Maria Mme wa Jesu.

^ par. 1 TLHALOSO YA LENTSWE: Lentswe ho mamela le ka utlwahala e ka ke lentswe le seng hantle ho batho ba qobellwang ho mamela motho ya itseng. Le ha ho le jwalo, batho ba Modimo ha ba nke lentswe ho mamela e le ntho e mpe, ka ha ba ikgethela ho mo mamela.

^ par. 7 Sehloohong sena mabitso a fetotswe.

^ par. 62 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moholo o sebetsa le mora wa hae ho lokisa Holo ya Mmuso jwalo ka ha Nehemia a ile a thusa ho tsosolosa marako a Jerusalema.

^ par. 64 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ntate o rapela Jehova le lelapa la hae.

^ par. 66 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moshanyana o qeta dihora a ntse a bapala dipapadi tsa elektronike empa ha so etse mosebetsi wa sekolo le wa ka tlung. Mme wa hae ya tswang mosebetsing ebile a kgathetse, o bua le yena ka bonolo a sa mo omanye.