Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 38

“Tloong ho Nna, . . . Mme ke Tla le Kgatholla”

“Tloong ho Nna, . . . Mme ke Tla le Kgatholla”

“Tloong ho nna, lona bohle ba sehlang le ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.”​—MAT. 11:28.

PINA YA 17 “Ke a Batla”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Keng seo Jesu a se tshepisitseng ho Matheu 11:28-30?

JESU o ile a etsa tshepiso e thabisang ho bongata bo neng bo mo mametse. O ile a re ho bona “Tloong ho nna mme ke tla le kgatholla.” (Bala Matheu 11:28-30.) Ena e ne e se tshepiso feela. Nahana ka mohlala wa seo a ileng a se etsetsa mosadi ya neng a kutse ka nako e telele.

2. Keng seo Jesu a ileng a se etsetsa mosadi ya neng a kula?

2 Mosadi eo o ne a le tsietsing mme a hloka thuso e le ka nnete. Ene e se e le dilemo tse 12 a kula mme o ile a ya dingakeng tse ngata hobane a nahana hore di tla mo thusa hore a fole. Empa ha di a ka tsa mo thusa. Ho ya ka molao oo Jehova a neng a o file Moshe, mosadi eo o ne a sa hlweka. (Lev. 15:25) Le ha ho le jwalo ha a utlwela hore Jesu o kgona ho fodisa batho ba kulang, o ile a batla ho kopana le yena. Ha a mo bona, o ile a ama mophetho o ditjellane wa seaparo sa hae sa ka ntle mme hanghang a fola. Hape tsela eo Jesu a ileng a mo tshwara ka yona e ile ya etsa hore a ikutlwe a ratwa ebile a hlomphuwa. Ka mohlala, ha a ne a bua le yena o ile a sebedisa lentswe “moradi.” Ka nnete mosadi eo o ile a ikutlwa a kgatholohile ebile a na le matla.​—Luka 8:43-48.

3. Re tlo tshohla dipotso dife?

3 Hlokomela hore mosadi eo o entse boiteko ba ho ya ho Jesu. Ka ho tshwanang le rona re lokela ho etsa boiteko ba ho ya ho Jesu. Ke nnete hore mehleng ena ya rona Jesu ha a fodise batho ka mohlolo. Le ha ho le jwalo o ntse a re mema a re: “Tloong ho nna, . . . mme ke tla le kgatholla.” Sehloohong sena re tlo araba dipotso tsena tse 5: Ke jwang re ka yang ho Jesu? Jesu o ne a bolelang ha a ne a re: “Jarang joko ya ka”? Re ka ithutang ho Jesu? Ke hobaneng ha mosebetsi oo a re fileng ona o kgatholla? Hona ke jwang re ka tswelang pele re kgatholohile tlasa joko ya Jesu?

“TLOONG HO NNA”

4, 5. Tse ding tsa ditsela tseo re ka yang ho Jesu ka tsona ke dife?

4 Tsela eo re ka yang ho Jesu ka yona ke ka ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho ithuta dintho tseo a di buileng le tseo a di entseng. (Luka 1:1-4) Ka hoo, ke boikarabelo ba rona hore re ithute seo Bibele e se buang ka Jesu. Re boetse re ya ho Jesu ha re etsa qeto ya ho kolobetswa le hoba balatedi ba hae.

5 Tsela e nngwe hape eo re yang ho Jesu ka yona, ke ka ho ya ho baholo ha re hloka thuso. Jesu o sebedisa “dimpho [tseo e leng] banna” ho hlokomela dinku tsa hae. (Baef. 4:7, 8, 11; Joh. 21:16; 1 Pet. 5:1-3) Ka hoo, re lokela ho etsa boiteko ba ho ilo kopa thuso ho bona. Ha re a lokela ho lebella hore ka mohlolo baholo ba tla tseba seo re se nahanang le seo re se hlokang. Nahana ka seo morabo rona Julian a ileng a se bua, o re: “Ke ile ka lokela ho tloha Bethele hobane ke ne ke kula mme motswalle wa ka e mong o ile a nkgothalletsa ho kopa baholo hore ba nketsetse leeto la bodisa e le hore ba nkgothatse. Ke nnete hore pele ke ne ke sa nahane hore ke hloka ho etelwa. Empa ha morao ke ile ka ya ho bona ho kopa thuso mme ba ile ba nketsetsa leeto la bodisa e leng mpho ya bohlokwa ho feta tseo nkileng ka di fumana.” Ka botshepehi baholo ba tshwanang le ba ileng ba etela Julian, ba ka re thusa ho ba le “kelello ya Kreste” e leng ho utlwisisa le ho etsisa tsela eo a nahanang le ho etsa dintho ka yona. (1 Bakor. 2:16; 1 Pet. 2:21) Ka nnete ena ke e nngwe ya dimpho tsa bohlokwa tseo ba ka re fang tsona.

“JARANG JOKO YA KA”

6. Jesu o ne a bolelang ha a re “jarang joko ya ka”?

6 Ha Jesu a ne a re “jarang joko ya ka,” e ka nna yaba o ne a re “amohelang bolaodi ba ka.” E ka nna yaba o ne a boetse a re “kenang le nna jokong ya ka e le hore re ka sebeletsa Jehova ha mmoho.” Ho sa tsotellehe hore na o ne a bolelang, ditlhaloso tsena tse pedi di bolela hore re lokela ho sebetsa.

7. Ho latela Matheu 28:18-20 ke mosebetsi ofe oo re o fuweng, hona re kgodisehile kang?

7 Re amohela memo ya Jesu ha re inehela ho Jehova mme re kolobetswa. Jesu o amohela e mong le e mong ya batlang ho tla ho yena mme a ke ke a latola le ha e le mang ya ikemiseditseng ho sebeletsa Jehova. (Joh. 6:37, 38) Ka hoo, balatedi bohle ba Kreste ba fuwe monyetla wa ho etsa mosebetsi oo Jehova a mo kopileng hore a o etse. Ka lebaka leo, re ka kgodiseha hore Jesu o tla dula a re thusa ho etsa mosebetsi ona.​—Bala Matheu 28:18-20.

“ITHUTE HO NNA”

Kgatholla ba bang jwalo ka Jesu (Sheba serapa sa 8-11) *

8, 9. Ke hobaneng ha batho ba ikokobeditseng ba batla ho atamela haufi le Jesu, hona re ka ipotsa dipotso dife?

Batho ba ikokobeditseng ba ne ba atamela ho Jesu. (Mat. 19:13, 14; Luka 7:37, 38) Hobaneng? Nahana ka phapang e neng e le teng pakeng tsa Jesu le Bafarisi. Baetapele bao ba bodumedi ba ne ba sena lerato ebile ba ikgohomosa. (Mat. 12:​9-14) Empa Jesu o ne a le lerato ebile a ikokobeditse. Bafarisi ba ne boetse ba rata maemo ebile ba batla ho nkwa e le batho ba bohlokwa. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a re balatedi ba hae ha ba a lokela ho ba ka tsela eo, ho ena le hoo ba lokela ho ikokobetsa mme ba sebeletse batho ba bang. (Mat. 23:2, 6-11) Bafarisi ba ne ba hatella batho mme batho ba ne ba tshaba hore ho na le ntho e tla ba hlahela haeba ba sa ba mamele. (Joh. 9:13, 22) Jesu yena o ne a kgatholla batho ka diketso tsa hae tse lerato le ka mantswe a hae a bonolo.

9 Na le wena ho na le seo o ithutileng sona ho Jesu? Ipotse: ‘Na batho ba tseba ke le motho ya bonolo le ya ikokobeditseng? Na ke ikemiseditse ho etsa mesebetsi e nkelwang fatshe ho thusa batho ba bang? Na ke bontsha batho ba bang mosa?’

10. Batho ba ne ba ikutlwa jwang ka ho sebetsa le Jesu?

10 Jesu o ne a etsa hore batho ba thabele ho sebetsa le yena, hape a thabela ho ba kwetlisa. (Luka 10:1, 19-21) Ka hoo, o ne a botsa barutuwa ba hae dipotso e le hore a utlwe hore na ba ikutlwa jwang. (Mat. 16:13-16) Jwalo ka ha dimela tse sireletsehileng maemong a fapaneng a lehodimo di atleha, barutuwa ba Jesu le bona ba ne ba atleha.

Eba motho ya atamelehang le ya botswalle

Eba mafolofolo

Ikokobetse hape o sebetse ka thata *

11. Ke dipotso dife tseo re lokelang ho ipotsa tsona?

11 Na o na le bolaodi bo itseng? Haeba ho jwalo, ipotse: ‘Ke tshwara batho ba bang jwang ha ke le lapeng le ha ke le mosebetsing? Na ke na le kgotso mme batho ba thabela ho ba le nna? Na ke kgothalletsa hore batho ba bang ba botse dipotso? Hona na ke ikemiseditse ho mamela maikutlo a bona?’ Ha re batle ho tshwana le Bafarisi, ba neng ba kwata ha batho ba sa kgodiseha ka seo ba ba bolellang sona. Ba ne ba boetse ba tshwara batho ka sehlooho ha ba ena le maikutlo a fapaneng le a bona.​—Mar. 3:1-6; Joh. 9:29-34.

‘LE TLA FUMANA . . . KGATHOLOHO’

12-14. Ke hobaneng ha mosebetsi oo Jesu a re fileng ona o kgatholla?

12 Ke hobaneng ha e le ho kgathollang ho etsa mosebetsi oo Jesu a re fileng ona? Le hoja ho na le mabaka a mangata, a re ke re hlahlobeng a seng makae.

13 Re na le balebedi ba molemo. Le hoja Jehova e le motho ya phahameng ka ho fetisisa, o tshwara bahlanka ba hae ka mosa ebile o ananela mosebetsi oo ba o etsang. (Baheb. 6:10) O boetse o re fa matla a ho etsa mosebetsi oo a re fileng ona. (2 Bakor. 4:7; Bagal. 6:5) Ha e le hantle, Jesu o re behetse mohlala wa hore re tshware ba bang jwang. (Joh. 13:15) Ka hoo, baholo le bona ba leka ho etsisa Jesu, e leng “modisa e moholo.” (Baheb. 13:20; 1 Pet. 5:2) Ba etsa sohle seo ba ka se kgonang hore ba be mosa le ho re kgothatsa, ha ka sebete ba re hlokometse le ho re sireletsa.

14 Re na le metswalle e molemo. Ha hona motho le ha e le ofe ya nang le metswalle e molemo le mosebetsi wa bohlokwa jwalo ka rona. Nahana ka sena, re sebetsa le bara le baradibabo rona ba itshwereng hantle empa ba sa nahane hore ke ba bohlokwa ho feta batho ba bang. Le hoja ba na le bokgoni bo bongata, ha ba ikgohomose. Ha ba re nke re le basebetsimmoho feela empa re le metswalle. Hape lerato leo ba re ratang ka lona le matla hoo ba ikemiseditseng ho re shwela.

15. Re lokela ho ikutlwa jwang ka mosebetsi oo re o etsang?

15 Re na le mosebetsi o molemo. Re ruta batho nnete ka Jehova le ho pepesa mashano a Diabolose. (Joh. 8:44) Satane o hatella batho ka mashano a etsang hore ba se ke ba ba le tshepo. Ka mohlala, o batla hore re dumele hore Jehova ha a re rate le hore a ke ke a tshwarela dibe tsa rona. Lena ke leshano le etsang hore batho ba ikutlwe ba nyahame. Nnete ke hore Jehova o re rata haholo le hore ha re ya ho Kreste re tla tshwarelwa dibe. (Bar. 8:32, 38, 39) Ka nnete ke ho thabisang ho thusa batho ho itshetleha ka Jehova le ho bona ba fetola bophelo ba bona.

TSWELAPELE HO KGATHOLOHA TLASA JOKO YA JESU

16. Boikarabelo boo Jesu a re fileng bona bo fapana jwang le boikarabelo bo bong boo re nang le bona?

16 Boikarabelo boo Jesu a re kopileng hore re bo phethe bo fapana le bo bong boo re nang le bona. Ka mohlala, batho ba bang ha ba tswa mosebetsing wa boiphediso, ba ikutlwa ba kgathetse ebile ba sa thaba. Ho fapana le hoo, re a thaba ka mora hore re qete nako re sebeletsa Jehova le Jesu. Ka dinako tse ding, re ka nna ra ikutlwa re kgathetse ka mora mosebetsi ebe re tlameha ho iqobella hore re ye dibokeng mantsiboya. Empa hangata re kgutla re kgatholohile ebile re na le matla ha re tswa ho tsona. Ho etsahala se tshwanang haeba re etsa mosebetsi wa boboledi le ha re ithuta Bibele re le bang, le hoja ho le thata ho etsa dintho tsena empa ka mora hore re di etse re ikutlwa re le matla ebile re kgatholohile.

17. Re lokela ho utlwisisang ka boemo ba rona, hona keng eo re lokelang ho e ela hloko?

17 Re lokela ho utlwisisa hore re na le matla a lekanyeditsweng. Ka hoo, re lokela ho ela hloko hore na re a sebedisa jwang. Ka mohlala, re ka qeta matla a mangata re batla maruo. Hlokomela seo Jesu a ileng a se bua ho mohlankana e mong ya neng a ruile. O ile a botsa Jesu a re: “Ke etseng hore ke rue bophelo bo sa feleng?” Mohlankana eo o ne a se a ntse a mamela Molao. E ka nna yaba o ne a itshwere hantle ka ha Kosepele ya Mareka e re Jesu o ile ‘a utlwa a mo rata.’ Ka hoo, Jesu o ile a mema mohlankana eo a re: “E ya, o rekise dintho tseo o nang le tsona o tle mme o be molatedi wa ka.” Mohlankana eo o ne a batla ho latela Jesu empa o ne a sa ikemisetsa ho tlohela “matlotlo a [hae a] mangata.” (Mar. 10:17-22) Qetellong o ile a hana joko ya Jesu mme a tswelapele e le lekgoba la “Maruo.” (Mat. 6:24) O ka be o ile wa etsa qeto efe?

18. Ka dinako tse ding re lokela ho etsang, hona hobaneng?

18 Nako le nako re lokela ho hlahloba hore na keng e tlang pele bophelong ba rona. Hobaneng? E le ho etsa bonnete ba hore re sebedisa matla a rona ka bohlale. Hlokomela seo motjha e mong ya bitswang Mark a ileng a se bua. O re: “Ka dilemo tse ngata ke ne ke nahana hore ke phela bophelo bo bobebe. Ke ne ke le pulamadiboho, empa ke ne ke dula ke nahana ka tjhelete le hore na nka ntlafatsa bophelo ba ka jwang. Ke ipotsa hore na ke hobaneng ha ke phela ka thata. Empa ke ile ka hlokomela hore ke etsa hore dintho tseo ke di batlang di tle pele bophelong ba ka mme Jehova yena ke mo fa matla le nako e setseng.” Mark o ile a fetola bophelo ba hae e le hore a ka etsa ho eketsehileng tshebeletsong ya Jehova. Mark o re: “Ka dinako tse ding ke tshwenyeha ka tjhelete empa ka thusa ya Jehova le tshehetso ya Jesu, ke kgona ho beha kelello ya ka tshebeletsong.”

19. Ke hobaneng ha ho ba le pono e nepahetseng e le ntho ya bohlokwa?

19 Re tla tswelapele ho fumana kgatholoho tlasa joko ya Jesu haeba re etsa dintho tsena tse 3. Ya pele, eba le pono e nepahetseng. Ka ha re etsa mosebetsi wa Jehova, re lokela ho o etsa ka tsela eo a reng re o etse ka yona. Re basebetsi mme Jehova ke Monghadi. (Luka 17:10) Haeba re leka ho etsa mosebetsi ona ka tsela ya rona o tla re thatafalla. Esita le poho e matla e ka ikgathatsa yaba ya intsha kotsi haeba e leka ho tsamaya ka tsela e fapaneng le eo monga yona a reng e tsamaye ka yona. Ka lehlakoreng le leng, re ka etsa dintho tseo re neng re sa nahana hore re ka di etsa haeba re latela tataiso ya Jehova. Hopola hore ha hona motho ya ka thibelang thato ya hae hore e phethahale.​—Bar. 8:31; 1 Joh. 4:4.

20. Sepheo sa rona sa ho ba tlasa joko ya Jesu e lokela ho ba sefe?

20 Ya bobedi, sebeletsa Jehova ka sepheo se nepahetseng. Sepheo sa rona ke ho halaletsa Ntate wa rona ya lerato Jehova. Batho ba mehleng ya Jesu ba neng ba le meharo ha ba a ka ba thaba mme qetellong ba ile ba lahla joko ya Jesu. (Joh. 6:25-27, 51, 60, 66; Bafil. 3:18, 19) Ka lehlakoreng le leng, batho ba neng ba rata Modimo le baahelani ba ile ba thaba bophelo bohle ba bona mme ba ba le tshepo ya ho sebetsa le Jesu lehodimong. Le rona re ka dula re thabile haeba re tswelapele ho jara joko ya Jesu ka sepheo se nepahetseng.

21. Ho ya ka Matheu 6:31-33, keng seo re ka lebellang hore Jehova a se etse?

21 Ya boraro, o se ke wa lebella mohlolo. Re kgethile ho itela le ho sebetsa ka thata mme Jesu o ile a re lemosa hore re tla hloriswa. Empa re ka lebella hore Jehova o tla re fa matla a ho mamella mathata le ha e le afe. Ka hoo ha re tswelapele ho mamella, re tla ba matla le ho feta. (Jak. 1:2-4) Re ka boela ra lebella hore Jehova o tla re fa dintho tseo re di hlokang, hore Jesu e tla ba modisa wa rona le hore bara le baradibabo rona ba tla re kgothatsa. (Bala Matheu 6:31-33; Joh. 10:14; 1 Bathes. 5:11) Na tsee ha se tsona dintho tseo re di hlokang ho re re mamelle mathata?

22. Keng seo re ka se thabelang?

22 Mosadi eo Jesu a ileng a mo fodisa o ile a ikutlwa a kgatholohile hang ka mora hore a fodiswe. Le ha hole jwalo, o ne a tla dula a kgatholohile ka ho sa feleng haeba e ne e ka ba molatedi ya tshepahalang wa Kreste. O nahana hore o ile a etsang? Nahana ka moputso oo a neng a tla o fumana ha ene e ka ba molatedi wa Jesu, e leng wa ho busa le yena lehodimong. Dintho tseo a neng a tla di tela hore ebe molatedi wa Jesu e ne e sa tlo ba letho ha di bapiswa le tlhohonolofatso eo. Ho sa tsotellehe hore na re na le tshepo ya ho phela lehodimong kapa lefatsheng, re thabiswa ke hore re amohetse memo ya Jesu e reng: “Tloong ho nna.”

PINA YA 13 Kreste, Mohlala wa Rona

^ par. 5 Jesu o re mema hore re tle ho yena. Keng seo re lokelang ho se etsa ho amohela memo ya hae? Sehlooho sena se tla araba potso eo mme se tla boela se re hopotse hore na ke jwang, ho sebetsa le Jesu ho ka re kgathollang.

^ par. 60 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Jesu o ile a kgatholla batho ka ditsela tse ngata.

^ par. 66 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ka tsela e tshwanang, morabo rona o kgatholla ba bang ka ditsela tse ngata.