Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 40

“O Lebele se Behilweng Tlhokomelong ya Hao”

“O Lebele se Behilweng Tlhokomelong ya Hao”

“Timothea, o lebele se behilweng tlhokomelong ya hao.”​—1 TIM. 6:20.

PINA YA 29 Ho Phelela Lebitso la Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Ho ya ka 1 Timothea 6:20, Timothea o ne a lokela ho etsang?

HANGATA re beha dintho tsa rona tsa bohlokwa ho batho ba bang hore ba di hlokomele. Ka mohlala re boloka tjhelete ya rona bankeng. Re etsa seo hobane re kgodisehile hore tjhelete ya rona e sireletsehile le hore e ke ke ya utsuwa. Ka hoo sena se bontsha hore re a utlwisisa hore na ho bolelang ho tshepa hore motho e mong o tla hlokomela dintho tsa rona tseo re di nkang e le tsa bohlokwa.

2 Bala 1 Timothea 6:20. Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Timothea hore o fumane ntho ya bohlokwa e leng ho tseba seo Modimo a tla se etsetsa batho. Jehova o ile a boela a fa Timothea monyetla wa hore a ‘bolele lentswe’ le hore “a etse mosebetsi wa moevangedi.” (2 Tim. 4:2, 5) Pauluse o ile a re Timothea o lokela ho sireletsa se behilweng tlhokomelong ya hae. Le rona jwalo ka Timothea, ho na le dintho tsa bohlokwa tseo Jehova a lebeletseng hore re di hlokomele. Ke dintho dife? Hona ke hobaneng ha re lokela ho sireletsa mpho eo Jehova a re fileng yona?

JEHOVA O A RE TSHEPA

3, 4. Ke hobaneng ha Bibele e le ya bohlokwa?

3 Jehova o re file nnete ya bohlokwa e tswang Lentsweng la hae. Bibele e re ruta hore na ke jwang re ka bang metswalle ya Jehova le hore na re ka etsang hore re thabe. Haeba re dumela seo Bible e se rutang re ke ke ra thetswa ke dithuto tsa bohata hape re tla ba le boitshwaro.​—1 Bakor. 6:9-11.

4 Lebaka le leng leo ka lona re ka reng nnete e tswang ka Bibeleng ke ya bohlokwa ke hobane Jehova o entse hore batho ba ikokobeditseng le ba nang le “tshekamelo e nepahetseng” ba e tsebe. (Lik. 13:48) Batho bana ba ikokobeditseng ba dumela hore Jehova o sebedisa lekgoba le tshepahalang le le masene ho re ruta Bibele. (Mat. 11:25; 24:45) Re ke ke ra utlwisisa Bibele ntle le hore Jehova a re thuse mme ha ho ntho ya bohlokwa ho feta ho e utlwisisa.​—Liprov. 3:13, 15.

5. Ke eng hape eo Jehova a re tshepetseng hore re e etse?

5 Jehova o bontshitse hore o a re tshepa ka hore a re fe mosebetsi wa ho ruta batho Bibele le ho ba bolella seo a batlang ho se etsetsa batho. (Mat. 24:14) Molaetsa ona wa Jehova ke wa bohlokwa hobane o thusa batho hore e be karolo ya lelapa la hae le ho ba fa monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. (1 Tim. 4:16) Ho sa tsotellehe hore na re etsa mosebetsi o mo kae tshebeletsong re tshehetsa mosebetsi ona wa bohlokwa. (1 Tim. 2:3, 4) Ke ntho e thabisang hore re basebetsimmoho le Modimo.​—1  Bakor. 3:9.

TSHWARELLA KA TIYO HO SEO O SE FUWENG

Nakong eo batho ba bang ba ileng ba kgaotsa ho sebeletsa Jehova, Timothea o ile a tswela pele ho mo sebeletsa. (Sheba serapa sa 6)

6. Ho ile ha etsahalang ka batho ba ileng ba hloleha ho ananela ho sebetsa le Modimo?

6 Bakreste ba bang mehleng ya Timothea ba ne ba sa ananele ho ba basebetsimmoho le Modimo. Ka ha Demase o ne a rata dintho tse lefatsheng o ile a kgaotsa ho sebetsa le Pauluse. (2 Tim. 4:10) Ho bonahala e ka Figelase le Hermogenese ba ile ba kgaotsa ho bolela ditaba tse molemo hobane ba ne ba tshaba hore ba tla hloriswa jwaloka Pauluse. (2 Tim. 1:15) Hymenea, Alexandere le Filetase e ile ya e ba bakwenehi mme ba kgaotsa ho sebeletsa Jehova. (1 Tim. 1:19, 20; 2 Tim. 2:16-18) Batho bana kaofela ba ne ba rata Jehova empa ba ile ba nka dintho tseo Jehova a ba fileng tsona e se e se tsa bohlokwa.

7. A mang a maraba ao Satane a a sebedisang ke afe?

Satane o leka jwang ho etsa hore re se ke ra ananela dintho tseo Jehova a re fileng tsona? Hlokomela a mang a maraba ao a a sebedisang. O sebedisa boithabiso le metjha ya phatlalatso e le hore re nahane le ho etsa dintho tseo Jehova a sa di thabeleng. O leka ho re tshosa ka hore a sebedise batho hore ba bue hampe ka rona le ho re hlorisa hore re se ke ra bolela ditaba tse molemo. O boetse o sebedisa bakwenehi hore susumetsa ho mamela dithuto tseo ‘ka bohata di bitswang tsebo’ e le hore re kgaotse ho sebeletsa Jehova.​—1 Tim. 6:20, 21.

8. Re ithutang ho morabo rona Daniel?

8 Haeba re sa hlokomele re ka kgaotsa ho sebeletsa Jehova. Nahana ka mohlala wa Daniel * ya neng a rata dipapadi tsa elektronike. O re: “Ke qadile ho bapala dipapadi tsa elektronike ha ke le dilemo di leshome. Pele ke ne ke bapala dipapadi tse seng kotsi. Empa ha nako e ntse e ya ke ile ka qala ho bapala dipapadi tse nang le ntwa le bodemona.” Ha morao o ne a se a qeta dihora tse 15 ka letsatsi a bapala dipapadi tsa elektronike. Daniel o boetse o re: “Ke ne ke tseba hore dipapadi tseo ke di bapalang le nako eo ke neng ke e qeta ke di bapala di ne di senya setswalle sa ka le Jehova. Ke ile ka ipolella hore ha ke ya lokela ho etsa seo Bibele e reng ke se etse.” Haeba re sa hlokomele tsela eo re ithabisang ka yona ho ka ba bonolo hore re kgaotse ho sebeletsa Jehova. Ka hoo ha seo se etsahala re ka nna ra lahlehelwa ke dintho tsa bohlokwa tseo Jehova a re fileng tsona.

KE JWANG RE KA SIRELETSANG SEO RE ITHUTILENG SONA BIBELENG?

9. Ho ya ka 1 Timothea 1:18, 19, Pauluse o ile a bapisa Timothea le eng?

9 Bala 1 Timothea 1:18, 19. Pauluse o ile a bapisa Timothea le lesole mme a mo kgothalletsa hore a “lwane ntwa e molemo.” Pauluse o ne a sa bue ka ntwa ya sebele ya masole. Ke ka ditsela dife Bakreste ba lwanang jwalo ka masole? Ke makgabane afe ao re lokelang ho ba le o na jwalo ka masole a Kreste? Ha re hlahlobeng dintlha tse hlano tseo re ka ithutang tsona papisong ya Pauluse. Dintlha tsena di tla re thusa ho sireletsa dintho tseo re ithutang tsona Bibeleng.

10. Ho tshepahala ho Modimo ho bolelang, hona ke hobaneng ha re lokela ho etsa seo?

10 Ho tshepahala ho Jehova. Lesole la nnete le ya tshepahala mme le sebetsa ka thata ho sireletsa motho eo le mo ratang kapa ntho eo e leng ya bohlokwa. Pauluse o ile a kgothalletsa Timothea hore a tshepahale ho Modimo. (1 Tim. 4:7) Ha re rata Jehova haholo re tla batla ho sireletsa seo re ithutileng sona Bibeleng.​—1 Tim. 4:8-10; 6:6.

Re tlameha ho etsa boiteko ba hore re be teng dibokeng, le haeba re kgathetse ka mora hore re sebetse letsatsi lohle. Ka hoo ha re etsa jwalo Jehova o tla re hlohonolofatsa. (Sheba serapa sa 11)

11. Ke hobaneng ha re hloka ho ba le boitshwaro?

11 Ikwetlisetse ho etsa se nepahetseng. Lesole le lokela ho ikwetlisa e le hore le dule le itokiseditse ntwa. Timothea o ile a hlola tshusumetso ya Satane hobane o ile a mamela keletso ya Pauluse mme a sebetsa ka thata hore a be le makgabane a matle le ho qeta nako le bara le baradibabo rona. (2 Tim. 2:22) Re hloka ho ba le boitshwaro e le hore re hlole ditakatso tsa rona tse fosahetseng. (Bar. 7:21-25) Re lokela ho fetola tsela eo re phelang ka yona mme re be le makgabane a matle. (Baef. 4:22, 24) Re tlameha ho etsa boiteko ba hore re be teng dibokeng, le haeba re kgathetse ka mora hore re sebetse letsatsi lohle.​—Baheb. 10:24, 25.

12. Ke ka ditsela dife re ka ntlafatsang tsela eo re sebedisang Bibele?

12 Lesole le lokela ho ikwetlisetsa ho sebedisa dibetsa tsa lona. Haeba a batla ho sebedisa dibetsa tsa hae hantle o lokela ho ikwetlisa ka mehla. Le rona re lokela ho tseba ho sebedisa Lentswe la Modimo hantle. (2 Tim. 2:15) Re ka ithuta ho etsa sena dibokeng. Empa haeba re batla ho thusa batho ho dumela hore Bibele ke Lentswe la Modimo re lokela ho le bala ka mehla. Re lokela ho sebedisa Bibele ho matlafatsa tumelo ya rona. Sena ha se bolele hore re lokela ho bala Bibele feela empa se akarelletsa ho nahanisisa, ho etsa dipatlisiso dingolweng e le hore re ka utlwisisa haholwanyane seo re se balang le ho sebedisa seo re ithutang sona. (1 Tim. 4:13-15) Jwale seo se tla etsa hore re kgone ho ruta batho ba bang Lentswe la Modimo. Hape sena se bolela hore ha re a lokela ho ba balla Bibele feela. Re batla ba utlwisise temana mme ba bone hore na ba ka e sebedisa jwang bophelong ba bona. Haeba re bala Bibele ka mehla re tla ntlafatsa bokgoni ba rona ba ho ruta batho ba bang Bibele.​—2 Tim. 3:16, 17.

13. Ho ya ka Baheberu 5:14, ke hobaneng ha re lokela ho ba le temoho?

13 Eba le temoho. Lesole le lokela ho hlokomela kotsi mme le e qobe. Le rona re lokela ho hlokomela boemo bo ka re ntshang kotsi mme re bo qobe. (Liprov. 22:3; bala Baheberu 5:14.) Ka mohlala, re lokela ho kgetha boithabiso ka bohlale. Hangata boitshwaro bo bobe re bo bona mananeong a thelevishene le difiliming. Boitshwaro bo jwalo bo kotsi mme bo halefisa Modimo. Re lokela ho qoba boithabiso bo jwalo hobane bo ka senya setswalle sa rona le Jehova hanyane hanyane. Re a tseba hore Jehova o hloile boitshwaro bo bobe mme batho ba bo etsang ba utlwisa bona le batho ba bang bohloko.​—Baef. 5:5, 6.

14. Ho ba le temoho ho ile ha thusa Daniel jwang?

14 Daniel eo re buileng ka yena qalong o ile a hlokomela hore dipapadi tseo a neng a di bapala di ne di fosahetse. O ile a etsa dipatlisiso ho Watchtower Library ho fumana se ka mo thusang ho hlola bothata bona. Sena se ile sa mo thusa jwang? O ile a kgaotsa ho bapala dipapadi tseo. O ile a boela a kgaotsa ho bapala le batho bao a neng a tlwaetse ho bapala le bona. Daniel o re: “Ke ile ka kgaotsa ho bapala dipapadi tseo mme ke ile ka qeta nako le metswalle ya ka e ka phuthehong.” Hona jwale Daniel ke pulamadiboho ebile ke moholo.

15. Ke hobaneng ha ho le kotsi ho mamela mashano a bakwenehi?

15 Jwalo ka Timothea re lokela ho lemoha kotsi e ka bakwang ke dintho tse fosahetseng tseo bakwenehi ba di buang. (1 Tim. 4:1, 7; 2 Tim. 2:16) Ka mohlala ba ka bua mashano ka bara le baradibabo rona kapa ba etsa hore re belaele mokgatlo wa Jehova. Mashano a jwalo a ka etsa hore tumelo ya rona e fokole. Ha re a lokela ho dumela mashano a jwalo. Hobaneng? Hobane mashano ana a buuwa “ke batho ba bodileng kelellong le ba tlatlapuweng nnete.” Ba ikemiseditse ho qala “ditsekisano le ho pheha kgang.” (1 Tim. 6:4, 5) Ba batla hore re kgolwe mashano ana a bona le hore re se ke ra tshepa bara le baradibabo rona.

16. Re lokela ho qoba ditshitiso dife?

16 Qoba ditshitiso. Jwalo ka “lesole le kgabane la Kreste Jesu” Timothea o ile a ameha haholo ka ho etsa mosebetsi wa boboledi ho e na le ho batla maruo kapa dintho tse ding. (2 Tim. 2:3, 4) Jwalo ka Timothea re lokela ho qoba ho ameha haholo ka ho batla maruo. “Matla a thetsang a maruo” a ka etsa hore re se ke ra rata Jehova, re se ke ra ananela Lentswe la hae le ho bolella ba bang ka lona. (Mat. 13:22) Re lokela ho phela bophelo bo bobebe mme re qete nako le matla a rona re batla Mmuso pele.​—Mat. 6:22-25, 33.

17, 18. Re ka etsang ho sireletsa setswalle sa rona le Jehova?

17 Ikemisetse ho nka bohato ka potlako. Lesole le lokela ho itokisa e sa le pele hore na le tla etsang ho itshireletsa. E le hore re sireletse dintho tseo Jehova a re fileng tsona re lokela ho etsa seo ka potlako ha re bona kotsi. Ke eng se ka re thusang ho etsa seo? Re lokela ho itokisa hona jwale hore na re tla etsang ha re kopana le boemo bo kotsi.

18 Hangata ha batho ba ile holong moketeng o itseng ntho ya pele eo ba e botsang ke hore na lemati la ho tswa le ho kae. Hobaneng? E le hore ha ho ka ba le boemo ba tshohanyetso ba ka tseba hore na ba tswa le ho kae. Re lokela ho tseba esale pele hore na re tla etsang haeba ha re shebeletse Thelevishene kapa re le inthaneteng ho hlaha dintho tse mpe tse kang boitshwaro bo bobe, dintwa kapa ho hlaha dintho tsa bakwenehi. Haeba re itokisa esale pele ka se ka nnang sa etsahala, re ka nka bohato ka pele bakeng sa ho sireletsa setswalle sa rona le Jehova mme ra dula re hlwekile.​—Pes. 101:3; 1 Tim. 4:12.

19. Ke ditlhohonolofatso dife tseo re tla di fumana ha re sireletsa dintho tsa bohlokwa tseo Jehova a re fileng tsona?

19 Re lokela ho sireletsa dintho tsa bohlokwa tseo Jehova a re fileng tsona tse kang Lentswe la hae Bibele le monyetla wa hore re e rute batho ba bang. Haeba re etsa jwalo re tla tseba hore na re phelelang, re be le letswalo le hlwekileng mme re thabele ho thusa batho ba bang hore ba tsebe Jehova. Ka thuso ya hae re tla kgona ho sireletsa dintho tseo a di behileng tlhokomelong ya rona.​—1 Tim. 6:12, 19.

PINA YA 127 Ke Tshwanetse ho ba Motho wa Mofuta Ofe?

^ par. 5 Jehova o re file mpho e babatsehang ya ho tseba nnete le ho ruta batho ba bang ka yona. Sehlooho sena se tlo re thusa hore re sireletse mpho ena mme re se ke ra e dumella hore e re lahlehele.

^ par. 8 Mabitso a fetotswe.