Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 37

“O se ke wa Dumella Letsoho la Hao Hore le Phomole”

“O se ke wa Dumella Letsoho la Hao Hore le Phomole”

“Jala peo ya hao hoseng mme o se ke wa dumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shwalane.”​—MOEK. 11:6.

PINA YA 68 Ho Jala Peo ya Mmuso

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Moeklesia 11:6 e amana jwang le ho bolelwa ha ditaba tse molemo tsa Mmuso?

DINAHENG tse ding batho ba bangata ba batla ho ithuta ho eketsehileng ha ba utlwa ka molaetsa wa rona. Ke sona seo e leng kgale ba se batla. Ho tse ding teng batho ha ba thabele ho ithuta ka Modimo kapa ka Bibele. Moo o dulang teng batho ba ikutlwa jwang ka ditaba tse molemo? Ho sa tsotellehe hore na ba a mamela kapa tjhe, Jehova o batla hore mosebetsi wa boboledi o tswele pele ho fihlela a re o fedile.

2 Jehova o se a ntse a behile nako ya hore na mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo o tla fela neng mme ka mora moo “bofelo bo tla tla.” (Mat. 24:14, 36) Pele nako eo e fihla ke jwang re ka mamelang mantswe ana a reng:“O se ke wa dumella letsoho la hao hore le phomole”? *​—Bala Moeklesia 11:6.

3. Re tlo ithutang sehloohong see?

3 Sehlooho se fetile se buile ka dintho tse nne tseo re lokelang ho di etsa e le hore re atlehe ho bolela ditaba tse molemo. (Mat. 4:19) Sehlooho sena se tla bua ka dintho tse tharo tse tla re thusa ho bolela ditaba tse molemo ho sa tsotellehe hore na re ba le mathata afe. Re tla ithuta hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa (1) hore re amehe ka ho ruta batho Bibele, (2) re be le mamello le (3) re dule re matlafatsa tumelo ya rona.

AMEHA KA HO RUTA BATHO BIBELE

4. Ke hobaneng ha re lokela ho ameha ka mosebetsi oo Jehova a re fileng ona?

4 Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae hore na batho ba ne ba tla ba jwang matsatsing a ho qetela. O ne a tseba hore sena se ne se ka nna sa etsa hore barutuwa ba hae ba kgaotse ho ameha ka ho ruta batho Bibele. Ka hoo o ile a ba bolella hore ba ‘dule ba lebetse.’ (Mat. 24:42) Mehleng ya Noe ho ne ho na le dintho tse ngata tse neng di etsa hore batho ba se ke ba mamela ha Noe a ne a ba lemosa mme le rona re ka etsahallwa ke se tshwanang kajeno. (Mat. 24:37-39; 2 Pet. 2:5) Ke ka hoo re lokelang ho ameha haholo ka mosebetsi oo Jehova a re fileng ona.

5. Liketso1:6-8 e re mosebetsi wa boboledi o ne o tla bolelwa ho ya boholeng bofe?

5 Kajeno re lokela ho ameha haholo ka ho bolela ditaba tse molemo. Jesu o ile a re balatedi ba hae ba ne ba tla tswela pele ho ruta batho Bibele ka mora lefu ka hae mme ba etse mosebetsi o fetang oo a neng a o entse. (Joh. 14:12) Ka mora hore Jesu a shwe, ba bang ba barutuwa ba hae ba ile ba kgutlela mosebetsing wa ho tshwasa ditlhapi. Ha a se a tsositswe bafung o ile a etsa mohlolo wa hore a thuse ba bang ba barutuwa ba hae hore ba tshwase ditlhapi tse ngata. Ka mora ho etsa mohlolo oo Jesu o ile a tiisa hore mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo o bohlokwa ho feta mosebetsi le ha e le ofe. (Joh. 21:15-17) Pele Jesu a ya lehodimong o ile a bolella barutuwa ba hae hore mosebetsi wa boboledi o ne o tla etswa Iseraele le dibakeng tse ding. (Bala Liketso 1:6-8.) Dilemo ha morao, Jesu o ile a bontsha moapostola Johanne pono ya se neng se tla etsahala ka ‘letsatsi la Morena.’ * E nngwe ya dintho tseo Johanne a ileng a di bona ponong eo ke lengeloi le neng le “ena le ditaba tse molemo tse sa feleng hore le di bolele ho setjhaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Tšen. 1:10; 14:6) Ho hlakile hore thato ya Jehova ke hore re bolele ditaba tse molemo ho fihlela a re mosebetsi o fedile.

6. Ke jwang re ka dulang re amehile ka ho ruta batho ka Mmuso wa Modimo?

6 Re ka dula re amehile ka ho ruta batho Bibele haeba re nahana ka dintho tseo Jehova a di etsang ho re thusa. Ka mohlala Jehova o fana ka dingolwa, dikgatiso tse rekotilweng, divideo le lenaneo la JW Broadcasting mme di fumaneha websaeteng ya rona ka dipuo tse fetang 1 000. (Mat. 24:45-47) Batho ba bangata lefatsheng ha ba utlwane hobane ba tshehetsa mekgatlo e fapaneng ya dipolotiki, ba bodumeding bo sa tshwaneng ebile ba bang ba ruile ha ba bang ba futsanehile. Empa bahlanka ba Modimo ba ka hodimo ho 8 milione bona ba na le kgotso. Ka mohlala ka Labohlano la 19 April 2019, Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle di ne di shebile video e neng e hlalosa temana ya letsatsi. Bosiung boo batho ba 20 919 041 ba ile ba ikgopotsa lefu la Jesu. Ka hoo ha re nahana ka dintho tsena tse hlollang sena se etsa hore re amehe haholo ka ho ruta batho ka Mmuso wa Modimo.

Jesu ha a a ka a dumella ntho le ha ele efe ho mo sitisa ho ruta batho nnete (Sheba serapa sa 7)

7. Mohlala wa Jesu o ka re thusa jwang hore re dule re amehile ka ho etsa mosebetsi wa boboledi?

7 Tsela e nngwe eo ka yona re ka amehang ka ho bolela ditaba tse molemo ke ka hore re latele mohlala wa Jesu. Ha a a ka a dumella letho hore le mo sitise ho bolela ditaba tse molemo. (Joh. 18:37) Hape ha a a ka a dumela ha Satane a ne a re o tla mo fa “mebuso yohle ya lefatshe le kganya ya yona” kapa hona ho dumela ha batho ba ne ba batla ho mo etsa morena. (Mat. 4:8, 9; Joh. 6:15) O ne a sa batle ho rua ebile a sa tshoswe ke batho ba neng ba mo hanyetsa. (Luka 9:58; Joh. 8:59) Ha tumelo ya rona e lekwa re lokela ho hopola keletso ena ya moapostola Pauluse. O ile a kgothalletsa Bakreste hore ba latele mohlala wa Jesu e le hore ba se ke ba ‘kgathala yaba ba fellwa ke matla’.​—Baheb. 12:3.

EBA LE MAMELLO

8. Motho ya nang le mamello ke ya jwang, hona ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re be le yona hona jwale?

Batho ba nang le mamello ba dula ba kgobile matshwafo ho fihlela maemo a fetohile. Ka mohlala e ka nna ya ba re na le mathata ao re batlang hore a fele kapa ho na le dintho tse molemo tseo re lebelletseng hore di etsahale, ka hoo ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe re lokela ho ba le mamello. Moprofeta Habakuke o ne a batla hore boitshwaro bo bobe ba Bajuda ba bang bo fele. (Hab. 1:2) Barutuwa ba Jesu ba ne ba tshepile hore Mmuso wa Modimo o ne o tla “iponahatsa hanghang” mme o ba lokolle tlasa mmuso wa Roma o neng o ba hatelletse. (Luka 19:11) Re batla hore Mmuso wa Modimo o fedise bokgopo mme o tlise lefatshe le letjha moo ho tla be ho phela batho ba mamelang Modimo. (2 Pet. 3:13) Le ha ho le jwalo re lokela ho ba le mamello ha re ntse re emetse hore Jehova a etse dintho tsena ka nako eo a e behileng. Hlokomela tse ding tsa ditsela tseo Jehova a di sebedisang ho re ruta hore re be le mamello.

9. Ke mehlala efe e bontshang hore Jehova o na le mamello?

9 Jehova o re behetse mohlala wa ho ba le mamello. O ile a fa Noe nako e lekaneng e le hore a hahe areka le hore e be “mmoledi wa ho loka.” (2 Pet. 2:5; 1 Pet. 3:20) Jehova o ile a mamela ha ka makgetlo Abrahama a ne a mo botsa ka qeto eo a e entseng ya ho fedisa batho ba kgopo ba Sodoma le Gomora. (Gen. 18:20-33) Ka dilemo tse ngata Jehova o ne a mamelletse setjhaba sa Iseraele se neng se sa tshepahale. (Neh. 9:30, 31) Kajeno re bona bopaki ba hore Jehova o na le mamello ka ha o file batho bohle ba batlang ho ba metswalle ya hae nako e lekaneng ya hore “ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9; Joh 6:44; 1 Tim. 2:3, 4) Jehova o re behetse mohlala o motle wa hore re be le mamello ha re ntse re tswela pele ho ruta batho Bibele. O boetse o re ruta ho ba le mamello a sebedisa Bibele.

Jwalo ka molemi ya sebetsang ka thata le ya nang le mamello le rona re lokela ho ba le mamello ha re ntse re bolela ditaba tse molemo (Sheba serapa sa 10-11)

10. Re ithutang ho molemi ya hlahang ho Jakobo 5:7, 8?

10 Bala Jakobo 5:7, 8Mohlala wa sehwai kapa molemi o re ruta ho ba le mamello. Ke nnete hore dijalo tse ding di hola kapele. Le ha ho le jwalo, dijalo tse ngata haholoholo tse hlahisang dijo di nka nako ho hola. Iseraele dijalo di ne di nka dikgwedi tse ka bang tse tsheletseng e le hore di hole. Molemi o ne a lema ka mora hore pula e ne pele maria a kena mme a kotula ka mora hore pula e ne pele lehlabula le kena. (Mar. 4:28) E ka ba hantle hore re etsise mohlala wa molemi wa ho ba le mamello, le ha ho le jwalo ho ke ke ha ba bonolo.

11. Ho ba le mamello ho re thusa jwang ha re le tshimong?

11 Hangata batho ba sa phethahalang ba batla ho bona ditlamorao tsa mosebetsi oo ba o etsang hanghang. Empa haeba re batla hore dijalo tsa rona di hole hantle re lokela ho dula re di hlokomela ka hore re di hlaolele le ho di nosetsa. Haeba re batla ho etsa batho barutuwa le teng re lokela ho sebetsa ka thata. Ho nka nako hore re thuse batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba be lerato mme ba se ke ba ba le kgethollo. Ho ba le mamello ho tla re thusa hore re se ke ra nyahama ha batho ba sa re mamele. Re boetse re lokela ho bontsha mamello ha batho ba bang ba ikemiseditse ho ithuta kapa ho re mamela. Re ke ke ra qobella motho eo re ithutang Bibele le yena hore a be le tumelo. Ka dinako tse ding le barutuwa ba Jesu ba ne ba dieha ho utlwisisa seo Jesu a neng a ba ruta sona. (Joh. 14:9) Re lokela ho hopola hore rona re ruta batho empa Modimo o ba thusa ho ba le tumelo.​—1 Bakor. 3:6.

12. Ke jwang re bang le mamello ha re bolella ba leloko bao e seng Dipaki ditaba tse molemo?

12 Ho ka nna ha ba thata hore re be le mamello ha re bolella ba leloko bao e seng Dipaki ditaba tse molemo. Molaomotheo o ho Moeklesia 3:1, 7 o ka re thusa hore re be le mamello. O re: “Ho na le . . . nako ya ho kgutsa le nako ya ho bua.” Haeba re itshwere hantle ba leloko ba ka mamela molaetsa wa rona. Hape re lokela ho dula re ikemiseditse ho ba ruta ka Jehova. (1 Pet. 3:1, 2) Re lokela ho bolela ditaba tse molemo ka mafolofolo. Empa re lokela ho dula re na le mamello ho motho e mong le e mong ho akarelletsa le ho ba leloko.

13, 14. Ke mehlala ya batho bafe ba ileng ba bontsha mamello eo re ka e etsisang?

13 Re ka ithuta ho ba le mamello ho bahlanka ba Jehova ba tshepahalang ba hlahang ka Bibeleng le ba mehleng ya kajeno. Habakuke o ne a batla hore bokgopo bo fele empa o ile a bontsha hore o na le mamello ha a ne a re: “Ke tla nne ke eme sebakeng sa ka sa ho lebela.” (Hab. 2:1) Moapostola Pauluse o ile a re o ne a batla ho “qeta” tshebeletso ya hae. Le ha ho le jwalo ka mamello o ile a tswela pele “ho pakela ka ho phethahetseng ditaba tse molemo.”​—Lik. 20:24.

14 Nahana ka mohlala wa banyalani ba bang ba ileng ba ya sekolong sa Gileade mme ba abelwa ho ilo sebeletsa nahang eo ho neng ho na le Dipaki tse seng kae ebile bongata ba batho ba moo e se Bakreste. Ke batho ba mmalwa feela ba neng ba batla ho ithuta Bibele. Ho ntse ho le jwalo, batho bao ba neng ba kena sekolo le bona Gileade ba sebeletsang nahang e nngwe ba ne ba ba bolella ka moo ba atlehang ho thusa batho ba bang hore e be Dipaki. Ka mamello banyalani bao ba ile ba tswela pele ho bolela ditaba tse molemo le hoja batho ba bangata ba ne ba sa ba mamele. Ka mora ho bolela ditaba tse molemo ka dilemo tse robedi moo e neng e le batho ba seng bakae feela ba neng ba ba mamela, qetellong ba ile ba thaba ha ba bona ba bang ba batho bao ba neng ba ithuta Bibele le bona ba kolobetswa. Re ithutang mehlaleng ena ya bahlanka ba tshepahalang ba Modimo ba nakong e fetileng le ya ba mehleng ya kajeno? Bahlanka bana ba tshepahalang ha ba a a ka ba kgaotsa ho ba mafolofolo kapa ba tlohela hore letsoho la bona le phomole mme Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka lebaka la mamello ya bona. E se e ka re ka ba “baetsisi ba bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang ditshepiso.”​—Baheb. 6:10-12.

DULA O NA LE TUMELO

15. Ho ba le tumelo ho re thusa jwang hore re bolelle batho ditaba tse molemo?

15 Re na le tumelo ka molaetsa oo re o rutang batho mme sena se etsa hore re batle ho bolella batho ba bangata ka hohle ka moo re ka kgonang ka ona. Re na le tshepo ya hore dintho tseo Jehova a re tshepisang tsona ka Lentsweng la hae di tla phethahala. (Pes. 119:42; Esa. 40:8) Kajeno re a bona ha boprofeta ba Bibele bo phethahala. Hape re bona ka moo batho ba fetolang bophelo ba bona mme ba sebedisa seo ba ithutileng sona Bibeleng. Ka hoo sena se re kgodisa le ho feta hore motho e mong le e mong o hloka ho utlwa ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo.

16. Pesaleme ya 46:1-3, e re thusa jwang ho utlwisisa hore re tla ikemisetsa le ho feta ho bolela ditaba tse molemo haeba re na le tumelo ho Jehova le Jesu?

16 Re boetse re na le tumelo ho Jehova e leng yena monga mosebetsi oo re o bolellang batho le ho Jesu eo a mo kgethileng hore e be Morena wa Mmuso wa hae. (Joh. 14:1) Ho sa tsotellehe mathata ao re bang le ona, Jehova o tla dula a re sireletsa le ho re matlafatsa. (Bala Pesaleme ya 46:1-3.) Re kgodisehile hore Jesu a le lehodimong o tataisa mosebetsi wa boboledi ka matla ao Jehova a mo fileng ona.​—Mat. 28:18-20.

17. Fana ka mohlala o bontshang hore na ke hobaneng ha re lokela ho tswela pele re bolela ditaba tse molemo.

17 Ho ba le tumelo ho ka re kgodisa hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rona mme ka dinako tse ding a ka etsa seo le ka ditsela tseo re sa di lebellang. (Moek. 11:⁠6) Ka mohlala batho ba bangata letsatsi le letsatsi ba feta moo ho nang le diteroli kapa ditafole tse nang le dingolwa tsa rona. Mokgwa ona wa ho bolela ditaba tse molemo o a atleha. Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ya November 2014 e ile ya bua ka moithuti wa yunivesithi ya neng a batla ho ngola ka Dipaki Tsa Jehova. O ne a sa kgone ho fumana Holo ya Mmuso empa ha ntse a le sekolong o ile a bona tafole e nang le dingolwa tsa rona mme a fumana seo a ka se ngolang ka Dipaki. Qetellong o ile a kolobetswa mme hona jwale ke pulamadiboho ya ka mehla. Ditlaleho tsena di re kgothatsa hore re tswele pele ho bolela ditaba tse molemo hobane di a bontsha hore ho na le batho ba ntseng ba hloka ho ithuta ka Mmuso wa Modimo.

O SE KE WA DUMELLA HORE LETSOHO LA HAO LE PHOMOLE

18. Ke hobaneng ha re kgodisehile hore mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso o tla fela ka nako eo Jehova a batlang o fele ka yona?

18 Re ka kgodiseha hore mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo o tla kgaotsa ka nako e itseng. Nahana ka se ileng sa etsahala mehleng ya Noe. Jehova o ile a bontsha hore o dula a etsa dintho ka nako e loketseng. Jehova o ile a etsa qeto ya hore na o tla tlisa Morwallo neng dilemo tse ka bang 120 pele Morwallo o tla. Ha nako e ntse e ya Jehova o ile a bolella Noe hore a hahe areka. Dilemo tse ka bang 40 kapa 50 pele ho Morwallo Noe o ile a tswela pele a sebetsa ka thata. Le hoja batho ba ne ba sa mo mamele o ile tswela pele ho ba lemosa ho fihlela Jehova a re ke nako ya hore a kenye diphoofolo ka arekeng. Ka nako e loketseng ‘Jehova o ile a kwala monyako.’​—Gen. 6:3; 7:1, 2, 16.

19. Ke tlhohonolofatso efe eo re tla e fumana haeba re sa tlohele letsoho la rona hore le phomole?

19 Haufinyane Jehova o tla fana ka taelo ya hore re se ke ra hlola re bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso: Ka mora moo o tla fedisa lefatshe lena le buswang ke Satane mme a tlise lefatshe le letjha leo ho lona ho tla phela batho ba mo mamelang. Ha re ntse re emetse seo ho etsahala e se e ka re ka etsisa Habakuke le ba bang ba sa kang ba tlohela letsoho la bona hore le phomole. Ha re tsweleng pele ho ameha ka bolela ditaba tse molemo, ho ba le mamello le ho dula re na le tumelo ho Jehova le ditshepisong tsa hae.

PINA YA 75 “Ke Nna Enwa! Roma Nna!”

^ par. 5 Sehlooho se fetileng se kgothalleditse batho ba ntseng ba ithuta Bibele hore ba amohele kopo ya Jesu ya hore e be batshwasi ba batho. Sehlooho sena se tla bua ka dintho tse tharo tseo bahweletsi bohle ebang ke ba batjha kapa ke ba kgale ba lokelang ho di etsa e le hore ba tswele pele ho bolela ditaba tse molemo ho fihlela Jehova a re mosebetsi o fedile.

^ par. 2 TLHALOSO YA LENTSWE: Sehloohong sena ha hothwe, “o se ke wa dumella letsoho la hao hore le phomole” ho bolela hore o lokela ho etsa sohle seo o ka se kgonang ho bolela ditaba tse molemo ho fihlela Jehova a re mosebetsi o fedile.

^ par. 5 “Letsatsi la Morena “ le qadile ha Jesu e ne e ba Morena ka 1914 mme le tla tswela pele ho fihlella qetellong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete.