Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 38

Sebedisa Nako eo o Nang le Bolokolohi ba ho Sebeletsa Jehova ha Molemo

Sebedisa Nako eo o Nang le Bolokolohi ba ho Sebeletsa Jehova ha Molemo

“Naha ha ya ka ya kgathatswa; ho ne ho se na ya mo lwantshang dilemong tsena, ka ha Jehova o ile a mo fa phomolo.”​—2 LIKRON. 14:6.

PINA YA 60 Ba Tla Phela

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke maemong afe moo ho ka bang thata ho sebeletsa Jehova?

KE MAEMONG afe moo ho ka bang thata ho sebeletsa Jehova? Na ke ha o na le mathata a mangata kapa ke ha o se na mathata a mangata? Ha re na le mathata ho ba bonolo hore re tshepe Jehova. Empa re etsang ha ho se na ntho e re tshwenyang? Na ka dinako tse ding re a lebala hore na ho bohlokwa hakae ho sebeletsa Modimo? Jehova o ile a bolella Baiseraele hore sena se ka nna sa etsahala.​—Deut. 6:10-12.

Morena Asa o ile a fedisa borapedi ba bohata (Sheba serapa sa 2) *

2. Morena Asa o re behetse mohlala ofe?

2 Morena Asa o re behetse mohlala o motle wa ho tshepa Jehova ka ho feletseng. O ile a sebeletsa Jehova nakong tse monate le tse thata. Qalong “Asa o ile a sebeletsa Jehova ka pelo yohle.” (1 Mar. 15:14.) Asa o ile a bontsha hore o sebeletsa Jehova ka pelo yohle ha a ne a fedisa borapedi ba bohata Juda. Bibele e re “a tlosa dialetare disele le dibaka tse phahameng mme a qhaqha ditshiya tse halalelang le ho rema dipalo tse halalelang.” (2 Likron. 14:3, 5) O ile a boela a tlosa nkgono wa hae Maaka hore e se ke ya hlola e ba mofumahadi mmusong. Hobaneng? Hobane o ne a kgothalletsa batho hore ba rapele ditshwantsho.​—1 Mar. 15:11-13.

3. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

3 Asa ha a a ka a fedisa borapedi ba bohata feela. Empa o ile a thusa batho ba Juda hore ba boele ba rapele Jehova. Modimo o ile a hlohonolofatsa Asa le batho ba dulang Juda mme ka dilemo tse ka bang leshome Asa a busa, “naha ha ya ka ya kgathatswa.” (2 Likron. 14:1, 4, 6) Sehloohong sena re tlo bua ka moo Asa a ileng a sebedisa nako eo ha molemo. Ebe re bua ka mohlala wa Bakreste ba mehleng ya pele bao jwalo ka Asa ba ileng ba sebedisa bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova ha molemo. Qetellong re tlo araba potso ena: Haeba o dula naheng eo mmuso o dumellang Dipaki Tsa Jehova ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi o ka sebedisa nako eo ha molemo jwang?

KA MOO ASA A ILENG A SEBEDISA BOLOKOLOHI BA HO SEBELETSA JEHOVA KA TENG

4. Ho ya ka 2 Likronike 14:2, 6, 7, Asa o ile a sebedisa bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova ha molemo jwang?

4 Bala 2 Likronike 14:2, 6, 7Asa o ile a bolella batho hore ke Jehova a ileng a ba fa “phomolo ka hohle.” Asa ha a a ka a nka nako ena e le ya ho iketla. Ho e na le hoo, o ile a qala ho haha metse, mabota, ditora mme a etsa diheke. O ile a re ho batho ba Juda: “Re sa ntse re e na le naha.” Asa o ne a bolelang? O ne a bolela hore ho ne ho se na dira naheng eo tse neng di ka ba thibela ho haha kapa ho etsa ntho le ha e le efe. O ile a kgothalletsa batho hore ba sebedise nako ena ha molemo.

5. Ke hobaneng ha Asa a ile a tiisa lebotho la hae la sesole?

5 Asa o ile a boela a sebedisa nako eo ya phomolo ho tiisa lebotho la hae la sesole. (2 Likron. 14:8) Na seo se bolela hore o ne a sa tshepe Jehova? Tjhe. Ho e na le hoo, Asa o ne a tseba hore ke boikarabelo ba hae jwalo ka morena ho thusa batho hore ba itokisetse mathata ao ba ka nnang ba kopana le ona nakong e tlang. Asa o ne a tseba hore ba ke ke ba dula ba na le bolokolohi mme seo e ne e le nnete.

BAKRESTE BA MEHLENG YA PELE BA ILE BA ETSANG HA BA NE BA NA LE BOLOKOLOHI BA HO SEBELETSA JEHOVA?

6. Bakreste ba mehleng ya pele ba ile ba sebedisa nako eo ba neng ba na le bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova jwang?

6 Le hoja Bakreste ba pele ba ne ba hloriswa hangata ba ne ba ntse ba na le bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova. Barutuwa ba ile ba etsang ka nako eo? Banna bao ba tshepahalang le basadi ba ile ba bolela ditaba tse molemo ba sa kgaotse. Lengolo la Liketso le re ba ile ba “tsamaya tshabong ya Jehova.” Hape ba tswela pele ho bolela ditaba tse molemo mme phutheho e ile ya “tswela pele ho ata.” Sena se bontsha hore Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oo ba neng ba o etsa wa ho bolela ditaba tse molemo ka mafolofolo nakong eo ba neng ba na le bolokolohi.​—Lik. 9:26-31.

7, 8. Pauluse le ba bang ba ile ba etsang ha ba fumana monyetla wa ho bolela ditaba tse molemo? Hlalosa.

7 Barutuwa ba mehleng ya pele ba ile ba sebedisa monyetla le ha e le ofe ho bolela ditaba tse molemo. Ka mohlala, ha Pauluse a hlokomela hore a ka kgona ho bolella batho ba bangata ditaba tse molemo Efese o ile a dula moo mme a bolella batho ditaba tse molemo.​—1 Bakor. 16:8, 9.

8 Ka selemo sa 49, Pauluse le Bakreste ba bang ba ile ba fumana monyetla wa ho bolella batho ba bangata ditaba tse molemo nakong eo baapostola le baholo Jerusalema ba neng ba etsa qeto mabapi le lebollo. (Lik.15:23-29) Ka mora hore Pauluse le ba bang ba bangata ba bolelle phutheho ka qeto ena ba ile ba sebetsa ka thata ho bolela “ditaba tse molemo tsa lentswe la Jehova.” (Lik. 15:​30-35) Ho ile ha etsahalang ka mora moo? Bibele e re “diphutheho tsa tswela pele ho tiiswa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.”​—Lik. 16:4, 5.

HO SEBEDISA BOLOKOLOHI BA HO SEBELETSA JEHOVA KAJENO

9. Ke eng seo dinaheng tse ding re kgonang ho se etsa, hona re ka ipotsa potso efe?

9 Dinaheng tse ngata kajeno re kgona ho bolela ditaba tse molemo ntle le kganyetso. Na o dula ho e nngwe ya dinaha tseo? Haeba ho jwalo ipotse, ‘Ke sebedisa bolokolohi boo jwang?’ Matsatsi ana a ho qetela ke a thabisang ho bahlanka ba Jehova hobane ba amehile ka ho ruta le ho bolella batho ba bangata ditaba tse molemo ho feta le ha e le neng pele. (Mar. 13:10) Ho na le dintho tse ngata tseo re ka di etsang ho tshehetsa mosebetsi ona.

Batho ba bang ba thabela ho bolela ditaba tse molemo naheng e nngwe kapa ho pakela batho ba bang ka puo e nngwe (Sheba serapa sa 10-12) *

10. Lengolo la 2 Timothea 4:⁠2 le re kgothalletsa hore re etseng?

10 O ka sebedisa nako eo o nang le yona ya ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi jwang? (Bala 2 Timothea 4:2.) Ke hobaneng ha o sa hlahlobe maemo a hao kapa a e mong wa lelapa ho bona hore na le ka se eketse nako ya lona ya ho bolella batho ditaba tse molemo kapa mohlomong la ba bopulamadiboho? Ena ha se nako ya ho batla ho ba le maruo hobane a ke ke a o thusa nakong ya matshwenyeho a maholo.​—Liprov. 11:4; Mat. 6:31-33;1 Joh. 2:15-17.

11. Ke eng seo batho ba bang ba se entseng e le hore batho ba bang ba utlwe ditaba tse molemo?

11 Bahweletsi ba bangata ba ithutile puo e nngwe e le hore ba thuse batho ba bang hore ba ithute ka Jehova. Mokgatlo wa Modimo o fana ka dithulusi tse re thusang hore re bolele ditaba tse molemo ka dipuo tse ngata. Ka mohlala, ka 2010 ho ne ho e na le dingolwa tse fumanehang ka dipuo tse ka bang 500 mme hona jwale di se di fumaneha ka dipuo tse ka hodimo ho 1 000.

12. Batho ba rua molemo ofe haeba ba utlwa molaetsa wa Mmuso wa Modimo ka puo ya bona? Fana ka mohlala.    

12 Batho ba ikutlwa jwang ha ba ithuta ka Jehova ka puo ya bona? Nahana ka moradiwabo rona e mong ya ileng a ya kopanong ya setereke Memphis, Tennessee e United State e neng e tshwerwe ka puo ya hae Kinyarwanda e leng puo e buuwang dikarolong tse itseng tsa Afrika. Ha kopano e fela o ile a re: “Ka mora dilemo tse 17 ke le mona United State lena ke lekgetlo la pele ke utlwisisa lenaneo lohle la kopano.” Ho hlakile hore lenaneo lena le ile la finyella moradiwabo rona hobane le ne le fanwa ka puo ya hae. Haeba maemo a hao a o dumella na o ka ithuta puo e nngwe e le hore o thuse batho tshimong ya heno? Na ha o kgahlwe ke ho bona ha batho ba tshimong ya heno ba ithuta puo e nngwe? Boiteko boo o bo etsang ba ho ithuta puo e nngwe bo tla etsa hore o thabe haholo.

13. Bara le baradibabo rona ba Russia ba ile ba sebedisa bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova jwang?

13 Ha se bara le baradibabo rona kaofela ba nang le bolokolohi ba ho bolela ditaba tse molemo. Dinaheng tse ding bara le baradibabo rona ha ba kgone ho bolela ditaba tse molemo ka bolokolohi hobane ba boholong ba thibetse mosebetsi wa boboledi. Ka mohlala nahana ka bara le baradibabo rona ba Russia. Ba ile ba hloriswa ka dilemo tse ngata empa ka March 1991 mmuso o ile wa ba dumella hore ba sebeletse Jehova ka bolokolohi. Ka nako eo ho ne ho na le Dipaki tse ka bang 16 000 Russia. Dilemo tse 20 ha morao ho ile ha e ba le Dipaki tse ka hodimo ho 160 000. Ho hlakile hore bara le baradibabo rona ba ile ba sebedisa monyetla wa ho ruta batho Bibele ha molemo. Empa monyetla oo wa ho ruta batho Bibele ha o a ka wa nka nako e telele. Le hoja maemo a ile a fetoha naheng eo ba ile ba tswela pele ho sebeletsa Jehova ka mafolofolo.

HO SEBELETSA JEHOVA KA BOLOKOLOHI KE NTHO YA NAKWANA

Ka mora hore Morena Asa a rapele Jehova o ile a pholosa Juda ho dira tsa yona (Sheba serapa sa 14 le 15)

14, 15. Ke jwang Jehova a ileng a sebedisa matla a hae ho thusa Asa?

14 Asa le Baiseraele ha ba a a ka ba dula ba na le bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova. Lebotho la sesole le ka hodimo ho 1 milione le tswang Ethiopia le ile la ba hlasela. Molaodi wa Baethiopia e leng Zera o ne a kgodisehile hore lebotho la hae la sesole le tla hlola Juda. Le ha ho le jwalo, Morena Asa o ne a tshepile Jehova. O ile a rapela a re: “Re thuse, Jehova Modimo wa rona, etswe re itshetlehile ka wena, mme re futuhetse bongata bona ka lebitso la hao.”​—2 Likron. 14:11.

15 Le hoja masole a ba Baethiopia a ne a le mangata ho feta a Asa, Asa o ne a tseba hore Jehova o matla ebile o tla thusa bahlanka ba Hae. Ka hoo Jehova o ile a thusa bahlanka ba Hae ka hore a hlole lebotho la sesole la Baethiopia.​—2 Likron. 14:8-13.

16. Re tseba jwang hore re ke ke ra dula re na le bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova?

16 Ha re tsebe hantle hore na ho tla etsahalang ka e mong le e mong wa rona nakong e tlang empa seo re se tsebang ke hore bahlanka ba Jehova ba ke ke ba dula ba mo sebeletsa ka bolokolohi. Ha e le hantle Jesu o ile a re matsatsing a ho qetela barutuwa ba hae ba ne tla “hlouwa ke ditjhaba tsohle.” (Mat. 24:9) Moapostola Pauluse le yena o ile a re “bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomodimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hloriswa.” (2 Tim. 3:12) Ka ha Satane o “halefile haholo,” re ke ke ra qoba bohale ba hae.​—Tšen. 12:12.

17. Tumelo ya rona e ka lekwa ka ditsela dife?

17 Haufinyane kaofela ha rona re tla lekwa tumelo. Hape ho tla ba le “matshwenyeho a maholo ao a kang ona a eso ka a eba teng ho tloha tshimolohong ya lefatshe ho fihlela jwale.” (Mat. 24:21) Ka nako eo ba malapa a rona ba ka nna ba re fetohela mme mosebetsi wa rona wa boboledi wa thibelwa. (Mat. 10:35, 36) Na e mong le e mong jwalo ka Asa o tla tshepa Jehova hore o tla mo thusa le ho mo sireletsa?

18. Ho ya ka Baheberu 10:​38, 39 ke eng e tla re thusa ho itokiselletsa nakong eo re seng re sa kgone ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi?

18 Jehova o re matlafatsa tumelo hona jwale ho re thusa ho itokiselletsa se tla etsahala nakong e tlang. O sebedisa “lekgoba le tshepahalang le le masene” ho re fa dijo “ka nako e tshwanetseng” e le hore tumelo ya rona e ka dula e le matla. (Mat. 24:45) Empa kaofela ha rona re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang e le hore re be le tumelo e matla ho Jehova.​—Bala Baheberu 10:38, 39.

19, 20. Ka mora ho bala 1 Likronike 28:​9, ke dipotso dife tseo re lokelang ho ipotsa tsona, hona hobaneng?

19 Jwalo ka Morena Asa re lokela ho ‘batla Jehova.’ (2 Likron. 14:4; 15:1, 2) Re qala ho batla Jehova haeba re ithuta ka yena mme re kolobetswa. Re etsa sohle seo re ka se kgonang e le hore re rate Jehova le ho feta. Ka hoo re lokela ho ipotsa, ‘Na ke ya dibokeng ka mehla?’ Ha re le dibokeng re a matlafatswa e le hore re tswele pele re sebeletsa Jehova le ho fumana dikgothatso tse tswang ho bara le baradibabo rona. (Mat. 11:28) Re ka boela ra ipotsa, ‘Na ke bala Bibele ka mehla?’ Haeba o dula le ba lelapa na le tshwara borapedi ba lelapa beke le beke? Haeba o dula o le mong na o ipehetse nako ya ho ithuta Bibele? Hape na o etsa sohle seo o ka se kgonang ho ruta batho ba bang Bibele?

20 Ke hobaneng ha re lokela ho ipotsa dipotso tsee? Bibele e re bolella hore Jehova o hlahloba dipelo tsa rona ebile o tseba le seo re se nahanang mme le rona re lokela ho etsa se tshwanang. (Bala 1 Likronike 28:9.) Haeba re hlokomela hore re hloka ho fetola boitshwaro ba rona, dintho tseo re batlang ho di finyella le tsela eo re nahanang ka yona, re lokela ho kopa Jehova hore a re thuse. Ena ke nako ya hore re itokiselletse diteko tse tla re etsahalla nakong e tlang. Ha o a lokela ho dumella ntho le ha e le efe ho o sitisa hore o sebedise bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova ha molemo.

PINA YA 62 Pina e Ntjha

^ par. 5 Na o dula naheng eo o kgonang ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi? Haeba ho jwalo nako eo o e sebedisa jwang? Sehlooho sena se tlo o thusa ho bona ka moo o ka etsisang mohlala wa Morena Asa wa Juda le Bakreste ba mehleng ya pele. Ba ile ba sebedisa nako ya bona ka bohlale nakong eo ho neng ho se na ntho e ba sitisang ho sebeletsa Jehova.

^ par. 56 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Morena Asa o ile a tlosa nkgono wa hae hore e se ke ya hlola e ba mofumahadi hobane o ne a kgothalletsa borapedi ba ditshwantsho. Batshehetsi ba tshepahalang ba Asa ba ile ba latela mohlala wa hae ka hore ba fedise ditshwantsho.

^ par. 58 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Banyalani ba phela bophelo bo bobebe e le hore ba ka sebetsa ka mafolofolo moo ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi.