Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 36

Ananela Batjha ba ka Phuthehong

Ananela Batjha ba ka Phuthehong

“Botle ba bahlankana ke matla a bona.”​—LIPROV. 20:29.

PINA YA 88 Ntsebise Ditsela Tsa Hao

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Re ka ikemisetsa ho etsa eng ha re ntse re hola?

HA RE ntse re hola re ka nna ra utlwa re tshaba hore Jehova a ke ke a re sebedisa jwalo ka pele. Ke nnete hore ha re sa na matla ao re neng re ena le ona ha re ne re le batjha. Le ha ho jwalo, re ka sebedisa bohlale le boiphihlelo boo re nang le bona ho thusa batjha hore ba sebediswe mokgatlong wa Jehova le hore ba amohele mesebetsi e eketsehileng. Moholo e mong o ile a re: “Ha ke hlokomela hore ha ke sa kgona ho etsa dintho tseo ke neng ke tlwaetse ho di etsa ka lebaka la botsofadi, ke ile ka ananela hore ebe ho na le barababo rona ba batjha ba kgonang ho etsa mosebetsi.”

2. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

2 Sehlooho se fetileng se bontshitse ka moo batjha ba ka ithutang dintho tse ngata ka teng ha ba eba metswalle ya batho ba baholo. Sehloohong sena re tlo bona ka moo makgabane a kang boikokobetso, boinyenyefatso, kananelo le ho fana a ka thusang batho ba baholo hore ba sebedisane le batjha, e leng se tla thusa batho bohle ka phuthehong.

IKOKOBETSE

3. Ho ya ka Bafilipi 2:​3, 4, Mokreste ya ikokobeditseng o lokela ho etsang, hona ho etsa jwalo ho tla mo thusa jwang?

Batho ba hodileng ba lokela ho ikokobetsa haeba ba batla ho thusa batjha. Motho ya ikokobeditseng o nka batho ba bang ba mo phahametse. (Bala Bafilipi 2:​3, 4.) Batho ba hodileng ba ikokobeditseng ba a utlwisisa hore ho na le ditsela tse ngata tsa ho etsa mosebetsi ka phuthehong tse dumellanang le Mangolo le tse sebetsang. Ka hoo, ha ba a lebella hore batho ba etse dintho ka tsela eo ba neng ba di etsa ka yona kgale. (Moek. 7:​10) Le hoja ho na le dintho tse ngata tseo ba ka di rutang batjha, ba a utlwisisa hore “boemo ba lefatshe lena bo a fetoha” le hore ho ka nna ha hlokahala hore ba ithute ditsela tse ntjha tsa ho etsa dintho.​—1 Bakor. 7:31.

Ba hodileng ba ruta ba bang dintho tseo ba ithutileng tsona (Sheba serapa sa 4 le 5) *

4. Balebedi ba potoloho ba etsisa Balevi jwang?

Batho ba hodileng ba ikokobeditseng ba a hlokomela hore ha ba ntse ba hola ba ke ke ba kgona ho etsa dintho jwalo ka pele. Ka mohlala, nahana ka balebedi ba potoloho. Ha ba eba dilemo di 70 ba kopuwa hore ba etse mosebetsi o fapaneng. Ho ka nna ha eba thata hore ba etse jwalo. Ba ne ba thabela ho thusa Bakrestemmoho, ba rata mosebetsi oo wa bona ebile ba ntse ba batla ho o etsa. Le ha ho le jwalo, ba a utlwisisa hore ho ka ba molemo hore mosebetsi oo o etswe ke barababo rona ba batjha. Ka hoo, ba etsisa Balevi ba Baiseraele ba neng ba lokela ho kgaotsa ho sebeletsa tabernakeleng ha ba eba dilemo di 50. Balevi bao ba hodileng ba ne ba thabile ho sa tsotellehe hore na ba etsa mosebetsi ofe. Ba ne ba etsa mesebetsi eo ba e fuweng ka mafolofolo mme ba thusa batjha ka hohle ka moo ba ka kgonang ka teng. (Num. 8:​25, 26) Mehleng ena, le hoja barababo rona ba hodileng bao e neng e le bapotolohi ba sa etele diphutheho, ba ntse ba thusa le ho kgothatsa diphutheho tseo ba leng ho tsona.

5. O ithutang mohlaleng wa morabo rona Dan le moradiwabo rona Katie?

5 Nahana ka mohlala wa morabo rona Dan ya sebeleditseng e le molebedi wa potoloho ka dilemo tse 23. Ha a eba dilemo di 70, yena le mohatsa wa hae Katie ba ile ba kopuwa hore e be bopulamadiboho ba kgethehileng. Ebe ba ntse ba eya jwang mosebetsing wa bona o motjha? Morabo rona Dan o re hona jwale o maphathaphathe ho feta le ha e le neng pele. O na le mesebetsi eo a e etsang ka phuthehong, o thusa barababo rona hore e be bahlanka ba sebeletsang hape o kwetlisa bahweletsi hore ba bolele molaetsa wa Bibele ditoropong le diteronkong. Lona ba hodileng, ho sa tsotellehe hore na le tshebeletsong ya nako e tletseng kapa tjhe le ka etsa dintho tse ngata ho thusa batho ba bang. Le ka etsa jwalo jwang? Leka ho tlwaela maemo a hao a matjha, ipehele dintho tseo o batlang ho di finyella mme o amehe ka dintho tseo o kgonang ho di etsa eseng tseo o sa kgoneng ho di etsa.

INYENYEFATSE

6. Etsa mohlala o bontshang hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re inyenyefatse.

6 Motho ya inyenyefaditseng o tseba dintho tseo a ke keng a kgona ho di etsa. (Liprov. 11:2) Ka ha o inyenyefaditse ha a lebella ho etsa dintho tseo a ke keng a kgona ho di etsa. Ka hoo, o tla dula a thabile le ho sebetsa ka thata. Re ka bapisa motho ya inyenyefaditseng le ya kgannang koloi moepeng. Mokganni o lokela ho fokotsa lebelo la koloi e le hore a kgone ho hlwa moepa oo. Ke nnete hore koloi e tla tsamaya butle empa e tla tswela pele e tsamaya. Ka ho tshwanang, motho ya inyenyefaditseng o a tseba ha e le nako ya hore a etse diphetoho le hore a etse dintho butle e le hore a tswele pele a sebeletsa Jehova le ho thusa batho ba bang.​—Bafil. 4:5.

7. Barzilai o ile a bontsha jwang hore o inyenyefaditse?

7 Nahana ka mohlala wa Barzilai ya neng a le dilemo di 80 ha Morena Davida a mo kopa hore a sebeletse ntlong ya borena. Ka ha Barzilai o ne a inyenyefaditse ha a ka a amohela kopo eo ya morena. Barzilai o ne a tseba hore ho na le dintho tseo a ke keng a kgona ho di etsa ka lebaka la ho hola, ka hoo o ile a buella Kimhame ya neng a ntse a le motjha hore e be yena ya sebeletsang ntlong ya borena. (2 Sam. 19:​35-37) Jwalo ka Barzilai, barababo rona ba hodileng ba thabela ho dumella batjha hore e be bona ba etsang mosebetsi.

Morena Davida o ile a amohela qeto ya Modimo ya hore mora wa hae o ne a tla haha tempele (Sheba serapa sa 8)

8. Morena Davida o ile a bontsha jwang hore o inyenyefaditse ha a ne a batla ho haha tempele?

8 Morena Davida le yena ke mohlala o motle wa motho ya neng a inyenyefaditse. O ne a batla ho hahela Jehova ntlo ka pelo ya hae yohle. Le ha ho le jwalo, ha Jehova a mo bolella hore mosebetsi oo o ne o tla etswa ke Solomone ya neng a ntse a le motjha, Davida o ile a amohela qeto ya Jehova mme a tshehetsa mosebetsi oo wa ho haha ka hohlehohle. (1 Likron. 17:4; 22:5) Davida ha a ka a nahana hore ke yena ya neng a tshwaneleha ho etsa mosebetsi ona hobane Solomone a ne a le motjha ebile a se na boiphihlelo. (1 Likron. 29:1) Davida o ne a tseba hore tempele e ne e tla hahuwa hobane Jehova a hlohonolofaditse mosebetsi oo eseng ka lebaka la dilemo kapa boiphihlelo ba ba etellang pele. Batho ba hodileng mehleng ena ba etsisa Davida ka hore ba sebetse ka thata esita le ha ba fumana mesebetsi e fapaneng mokgatlong wa Modimo. Ba a tseba hore Jehova o tla hlohonolofatsa batjha ba etsang mosebetsi oo ba neng ba o etsa pele.

9. Morabo rona wa setho sa Komiti ya Lekala o ile a bontsha jwang hore o inyenyefaditse?

9 Morabo rona Shigeo ke mohlala wa motho ya ileng a bontsha hore o inyenyefaditse mehleng ena. Ka 1976 ha a le dilemo di 30, o ile a kgethwa hore e be setho sa Komiti ya Lekala. Ka 2004 o ile a eba mohokahanyi wa Komiti ya Lekala. Ha morao o ile a hlokomela hore o ne a se a se na matla jwalo ka pele le hore o ne a sa kgone ho etsa mosebetsi wa hae kapele. O ile a rapela ka taba ena mme a nahanisisa ka melemo e ka bang teng ha morabo rona e motjha e eba mohokahanyi. Le hoja morabo rona Shigeo e se e se mohokahanyi, o ntse a sebedisana hantle le ditho tsa Komiti ya Lekala. Mohlala wa Barzilai, Morena Davida le morabo rona Shigeo o bontsha hore motho ya ikokobeditseng le ya inyenyefaditseng o nahana haholo ka dintho tseo batjha ba kgonang ho di etsa eseng tseo ba lokelang ho ithuta tsona. O tadima batjha e le basebetsimmoho eseng batho bao a hlodisanang le bona.​—Liprov. 20:29.

E BA MOTHO YA ANANELANG

10. Batho ba hodileng ba ikutlwa jwang ka batjha ba ka phuthehong?

10 Batho ba hodileng ba nka batjha e le dimpho tse tswang ho Jehova ebile ba a ba ananela. Ha ba ntse ba fellwa ke matla, ba a ananela hore ebe batjha ba ikemiseditse ebile ba kgona ho etsa mesebetsi ka phuthehong.

11. Ruthe 4:​13-16 e bontsha jwang hore batho ba baholo ba fumana molemo ha ba dumela ho thuswa ke batjha?

11 Ka Bibeleng re fumana mohlala o motle wa Naomi ya neng a se a hodile ya ileng a dumela hore motjha a mo thuse. Qalong Naomi o ile a kgothalletsa ngwetsi ya hae Ruthe eo e neng e le mohlolohadi hore a kgutlele ho batho ba habo. Le ha ho le jwalo, ha Ruthe a tsitlella ho kgutlela le yena Bethlehema, Naomi o ile a dumela hore a mo tshehetse. (Ruthe 1:​7, 8, 18) Qeto eo e ile ya tswela basadi bao ba babedi molemo. (Bala Ruthe 4:​13-16.) Batho ba hodileng ba ikokobeditseng ba etsisa mohlala wa Naomi.

12. Moapostola Pauluse o ile a bontsha jwang hore ke motho ya ananelang?

12 Moapostola Pauluse o ne a ananela hore ebe barababo ba ile ba mo thusa. Ka mohlala, o ile a leboha Bakreste ba Filipi ka dimpho tseo ba ileng ba mo romella tsona. (Bafil. 4:​16) O ile a bontsha hore o ananela thuso ya Timothea. (Bafil. 2:​19-22) Hape Pauluse o ile a leboha Modimo ka batho ba ileng ba mo kgothatsa ha a ne a iswa teronkong Roma. (Lik. 28:​15) Pauluse e ne e le motho ya mafolofolo, ya neng a e ya dibakeng tse hole ho bolela ditaba tse molemo le ho matlafatsa diphutheho. Le ha ho le jwalo, o ne a ikokobeditse mme a dumella bara le baradibabo hore ba mo thuse.

13. Ba hodileng ba ka bontsha jwang hore ba ananela batjha?

13 Lona ba hodileng le ka bontsha hore le ananela batjha ba ka phuthehong ka ditsela tse ngata. Haeba ba batla ho le lata ka koloi, ho ya dishopong kapa ho le thusa ka dintho tse ding tseo le di hlokang, amohelang thuso ya bona. Nka thuso ya bona e le tsela eo Jehova a bontshang hore o a o rata. Batho ba o thusang e ka ba metswalle ya hao e meholo. O ka dula o thusa metswalle ya hao ya batjha hore e be le kamano e ntle le Jehova mme wa e bolella ka moo o thabelang ho e bona e sebetsa ka thata ka phuthehong. Ikemisetse ho qeta nako le bona le ho ba qoqela ka bophelo ba hao. Ha o etsa jwalo o tla iponahatsa o le ‘ya lebohang’ Jehova ka batjha bao a ba huletseng ka phuthehong.​—Bakol. 3:​15; Joh. 6:​44; 1 Bathes. 5:18.

E BA MOTHO YA FANANG

14. Morena Davida o ile a bontsha jwang hore ke motho ya fanang?

14 Mohlaleng wa Morena Davida re a hlokomela hore ke ha bohlokwa hore ba hodileng e be batho ba fanang. O ile a fana ka monehelo o mongata ho tshehetsa mosebetsi wa ho haha tempele. (1 Likron. 22:​11-16; 29:​3, 4) O ile a etsa jwalo le hoja thoriso e ne e tla fumanwa ke mora wa hae Solomone. Haeba ha re sa na matla a ho thusa ha ho etswa mesebetsi ya ho haha mokgatlong wa Jehova, re ka tshehetsa mesebetsi ena ka ho tswela pele re nehela ka moo re ka kgonang. Hape re ka thusa batjha ka dintho tseo re ithutileng tsona ka dilemo tse ngata.

15. Ke eng eo Pauluse a ileng a e fa Timothea?

15 Nahana hape ka mohlala wa moapostola Pauluse wa ho fana. O ile a mema Timothea hore a tsamaye le yena maetong a hae a boromuwa mme o ile a mo ruta mekgwa ya ho bolela le ho ruta. (Lik. 16:​1-3) Pauluse o ile a kwetlisa Timothea hore a kgone ho bolela le ho ruta ditaba tse molemo ka tsela e atlehang. (1 Bakor. 4:​17) Ka mora moo, Timothea o ile a sebedisa dintho tseo a ithutileng tsona ho Pauluse ho kwetlisa batho ba bang.

16. Ke hobaneng ha morabo rona Shigeo a kwetlisa ba bang?

16 Batho ba hodileng kajeno ha ba tshabe hore ba ke ke ba hlola ba sebediswa ha ba kwetlisa batjha hore ba etse mosebetsi oo ba neng ba o etsa ka phuthehong. Ka mohlala, ka dilemo tse ngata morabo rona Shigeo eo re buileng ka yena o ne a kwetlisa barababo rona ba batjha ba ditho tsa Komiti ya Lekala. O ile a etsa jwalo e le hore a tshehetse mosebetsi wa Mmuso o etswang naheng eo a sebeletsang ho yona. Ka hoo, ha nako ya hore a tlohele ho ba mohokahanyi e fihla, ho ne ho ena le morabo rona ya kwetlisitsweng hantle eo e neng e tla ba mohokahanyi. Morabo rona Shigeo e bile setho sa Komiti ya Lekala ka dilemo tse fetang 45 mme o ntse a tswela pele a sebedisa dintho tseo a ithutileng tsona ho thusa barababo rona ba batjha. Barababo rona ba tshwanang le morabo rona Shigeo ke tlhohonolofatso e kgolo ho batho ba Modimo.

17. Ho ya ka Luka 6:​38 batho ba baholo ba ka fa batjha eng?

17 Bara le baradibabo rona ba hodileng le mehlala e metle e bontshang hore ho ba le tumelo le ho sebeletsa Jehova ka botshepehi ke ntho e molemo ka ho fetisisa bophelong. Mohlala wa lona o bontsha hantle hore ke ntho e ntle ho ithuta melaomotheo ya Bibele le ho e sebedisa bophelong. Le hoja le tseba ka moo dintho di neng di etswa ka teng nakong e fetileng, le bona bohlokwa ba hore le itlwaetse ho etsa dintho ka tsela e ntjha. Barababo rona ba hodileng ba sa tswa ho kolobetswa, le lona le ka thusa ba bang ka ditsela tse ngata. Le ka ba bolella ka moo ho ithuta ka Jehova le se le hodile ho le thabisitseng ka teng. Batjha ba tla thabela ho le mamela ha le ba qoqela ka bophelo ba lona le dintho tseo le ithutileng tsona. Haeba o ‘itlwaetsa ho fana’ ka ho sebedisa dintho tseo o ithutileng tsona bophelong ho kwetlisa ba bang, Jehova o tla o hlohonolofatsa haholo.​—Bala Luka 6:38.

18. Ba hodileng le batjha ba ka thusana jwang?

18 Ba hodileng ba ratehang, ha le ntse le eba metswalle ya batjha le tla kgona ho kgothatsana. (Bar. 1:​12) Batho ba baholo ba na le dintho tseo batjha ba se nang tsona, ka ho tshwanang ho na le dintho tseo batjha ba nang le tsona tseo batho ba baholo ba se nang tsona. Batho ba baholo ba na le bohlale le boiphihlelo boo ba bo fumaneng ha ba ntse ba hola. Batjha bona ba mahlahahlaha ebile ba na le matla. Ha batjha le batho ba baholo e eba metswalle, ba rorisa Ntate wa rona mme e eba tlhohonolofatso ka phuthehong.

PINA YA 90 Le Kgothatsane

^ par. 5 Diphutheho tsa habo rona di hlohonolofaditswe ka batjha ba bangata ba sebetsang ka thata ho tshehetsa mokgatlo wa Jehova. Ho sa tsotellehe hore na batho ba baholo ba tswa setsong sefe, ba ka thusa batjha hore ba sebedise matla a bona ka botlalo tshebeletsong ya Jehova.

^ par. 55 DITSHWANTSHO: Ha molebedi wa potoloho a eba dilemo di 70, yena le mosadi wa hae ba ile ba fuwa mosebetsi o motjha. Dintho tse ngata tseo ba ithutileng tsona di ba thusa hore ba kwetlise ba bang phuthehong eo ba leng ho yona hona jwale.